Upload
others
View
0
Download
0
Embed Size (px)
Citation preview
“Ke laetsoe hore ho likereke tsa rona, Balang lingoliloeng tsena. Li
ngolletsoe ho re khalema le ho re khothatsa” – 3 Selected
Messages 358358.
Karolo e kholo ea liqotsulo tsena e hlaha Likhaolong tsa Buka
e bitsoang “Liketso tsa Baapostola” ea Ellen G White
Botoloki bo hlophisitsoe ke lefapha la Moea oa Boporofeta - Lesotho Conference
Bahlophisi: J. Mahao, B. Rakolobe, T. Letuka le P. Thinyane
Mohala: (+266) 5812 3017 | (+266) 5714 4982 | (+266) 5684 5820 | (+266) 5990 0806) 5990
0806
THUTO EA 1 *Phuptjane 30- Phupu 6
THUTO EA 1: Le Tla Ba Lipaki Tsa Ka ..................................................................................... 1
THUTO EA 2: Pentakonta ......................................................................................................... 4
THUTO EA 3: Kereke Mehleng Ea Baapostola ........................................................................ 8
THUTO EA 4: Baetapele Ba Kereke Ba Pele .......................................................................... 12
THUTO EA 5: Tṧokoloho Ea Paulose ..................................................................................... 14
THUTO EA 6: Bosebeletsi Ba Petrose ................................................................................... 16
THUTO EA 7: Leeto La Pele La Borumuoa La Paulose ........................................................ 18
THUTO EA 8: Lekhotla La Jerusalema .................................................................................. 20
THUTO EA 9: Leeto La Bobeli La Borumuoa ........................................................................ 22
THUTO EA 10: Leeto La Boraro La Borumuoa ...................................................................... 24
THUTO EA 11: Ho Ts’oaroa Jerusalema ................................................................................ 27
THUTO EA 12: Ho Tlamelloa Sesarea .................................................................................... 30
THUTO EA 13: Leeto Le Eang Roma ..................................................................................... 33
****************
TLHOKOMELISO!!!
Bukana ena ha e behelle ka thoko ts’ebeliso ea Buka ea Sabatha Sekolo e hlophisitsoeng ke
seboka se seholo sa kereke ea Masala ka lefats’e lohle, empa e fana ka manollo feela ea lihlooho
tseo tse hlahang bukeng ea Sabatha Sekolo ka leseli la lingoloa tsa mopororeta oa Molimo Ellen
Gould White. Ka mantsoe amang ha ho kamoo eka sebelisoang kantle le hore re bale buka e
kholo ea Sabatha Sekolo
TATAISO
AA – The Acts of the Apostles
LP – Sketches from the Life of Paul
i
THUTO EA 1 *Phuptjane 30- Phupu 6
LE TLA BA LIPAKI TSA KA
“Ke lōna lipaki tsa ka, ho bolela Jehova, le eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng, hore le
tle le tsebisise, ’me le ntumele, ’me le ikutloele hobane ke ’na. Ha ho Molimo o bileng teng pele
ho ’na, ’me o mong o ke ke oa e-ba teng ka morao ho ’na. Ke ’na, ke ’na Jehova; ha ho ’moloki
e mong, ha e se ’na. Ke ’na ea boletseng pele, ka ntoo pholosa, ka ba tsebisa taba tseo; har’a
lōna ho no ho se Molimo o mong; ka baka leo, le lipaki tsa ka, ho bolela Jehova, ke ’na Molimo.”
”Na, Jehova, ke u bilelitse ho lokeng, ke u tšoere ka letsoho, ke u bolokile, ’me ke u entse
selekane sa sechaba sa ka le leseli la lichaba, ho tutubolla mahlo a lifofu, ho ntša ba
holehiloeng kholehong, le ba lutseng lefifing teronkong.”- Esaia 43:10-12; 42:6,7.
Kereke ke qhobosheane ea Molimo, tulo ea hae ea bots’abelli, eo a e ts’epileng lefats’eng lena
le mo furalletseng. Ho se ts’epahale ha kereke ke khopiso ho Eena ea rekileng moloko oa batho
ka mali a mora oa Hae ea inotsi. Ho tloha ts’imolohong, meea e ts’epahalang esale e le litho tsa
kereke lefats’eng. Nakong eohle, esale balula-qhooa ba Morena ba beha bopaki bo tiileng
malokong ao ba neng ba phela le oona. Bats’epuoa bana ba ile ba fana ka molaetsa oa
tlhokomeliso; ‘me ha ba beha lihlomo fats’e, ba bang ba nka lesokoana hana moo ‘me ba tsoela
pele ka mosebetsi. Molimo Oa tlisa lipaki tsena kamanong ea selekane le Eena, a kopanya
kereke e lefats’eng le e leholimong. O romelletse mangoloi a hae ho sebeletsa kereke ea Hae,
‘me likhoro tsa lihele ha li so atlehe ho ema khahlanong le bana hae. [Acts of Apostles 11.2].
Ho nts’etsa mosebetsi oa Hae pele, Kreste ha a ka a khetha libali-bali le likheleke tsa lekhotla la
Sanehendrine la Bajuda kapa bo ramatla ba Roma. O ile a tlolisa mahlo baitokafatsi ba litichere
tsa Bajuda, Morena oa rona a khetha baikokobetsi, banna ba sa kang ba ruteha ho phatlalatsa
linnete tse ileng tsa sisinya lefats’e. O ile a nka khato ea ho ba ruta le ho ba koetlisa e le
baetapele ba kereke ea Hae. Hamorao le bona ba ne ba lokela ho rupela ba bang ‘me ba
rongoe ho hasa Evangeli hohle lefats’eng. Hore katleho e be teng mosebetsing oa bona, ba ne
ba lokela ho amohela matla a Moea O Halalelang. Evangeli ena e ne e sa lokele ho
phatlalatsoa ka matla kapa bohlale ba botho, empa ka matla a Molimo. . [Acts of Apostles 17.1].
Kamor’a lefu la Kreste barutuoa ba ile ba nyahama. Mong’a bona a ne a furaletsoe, a ahlotsoe
a bile a thakhisitsoe. Baprista le babusi ba phatlalatsa ka bosomi, “O pholositse ba bang, eena
o sitoa ho ipholosa! Ha e le eena morena oa Iseraele, a ke a theohe joale sefapanong, ’me re
tla lumela ho eena.”- Matheu 27:42
Tsepo ea Baapstle e ne e phirimelletsoe ke letsatsi, ‘me lipelo tsa bona tsa khasa har’a lefifi la
bosiu. Ka makhetlo ba meketsa mantsoe ana, “Ha e le rōna, re ne re tšepile hobane ke eena ea
tla lopolla Iseraele; leha ho le joalo, e se e le letsatsi la boraro taba tseo li hlahile.”- Luka 24:21.
Ba le bang ‘me ba hlorile, ba hoopla mantsoe a hae, “hobane ekare ha ba etsa tseo ho sefate
se setala, ho tla etsoa joang ho se omileng?”-Luka 23:31.
Ba tletse ka ho nyahama, ho sibathela ha lipelo, le ho lahleheloa ke ts’epo, Baapostola ba
phutheha hammoho phaphusing e kaholimo, ba koala le hona ho notlela mamati, ba ts’ohile
hore pheletso ea bona e tla ts’oana le ea Tichere ea bona e ratehang. Ke mona moo Mopholosi,
kamor’a tsoho ea hae, a ileng a itlhahisa ho bona. [The Acts of Apostles 26.1].
1
THUTO EA 1 *Phuptjane 30- Phupu 6
Kreste o hlotse lefatséng matsatsi a mashome a mane, a koetlisetsa Barutuoa mosebetsi o
neng o ba emetse a bile a ba hlalosetsa tseo ba sa kang ba li utloisisa nakong ea hofeta. O ile a
manolla tsa boprofeta ba ho tla ha hae, ho furalloa ke Bajuda, le lefu la Hae, a ba bonts’a hore
boprofeta boo bo phethahetse kahohle-hohle. O ile a ba bolella hore ba lokela ho nka
phethahalo ea boprofeta bona e le netefaletso ea matla ao ba tlang ho sebetsa ka oona nakong
e tlang:
Ea e-ba hona a bulang kutloisiso ea bona, hore ba utloisise Mangolo. A ntoo re ho bona: Ho no
ho ngoliloe joalo, ’me ho no ho tšoanela hore Kreste a utloisoe bohloko, ’me a tsohe bafung ka
letsatsi la boraro; ho tle ho boleloe ka lebitso la hae pako le tšoarelo ea libe ho lichaba tsohle,
ho qala ka Jerusalema. Lōna, le lipaki tsa taba tseo.”- Luka 24:45-48.
Nako ena eo Kreste a e qetileng le barutuoa ba hae, ba ile ba fumana maiphihlelo a macha. Ha
ba mametse Mong’a bona ea ratehang a hlolosa tsohle tse etsahetseng ho ea kamoo mangolo
a hlalosang ka teng, tumelo ea bona ho eena e ile ea tiea ka ho phethahala. Ba ile ba fihlela
moo ba buang ka sebete ba reng, “Ke tseba eo ke lumetseng ho eena.”-2Timothea 1:12.
Ke mona moo ba ileng ba qalella ho ela hloka semelo le bophara ba mosebetsi oa bona, ba
lemoha hore ba lokela ho phatlalletsa lefats’e ‘nete eo ba e ts’epetsoeng. Liketsahalo tsa
bophelo ba Kreste, lefu la Hae, le tsoho ea Hae, boprofeta bo supang liketsahalo, sephiri sa
leano la topollo, matla a Jesu a ho lopolla libeng – ba ne ba lokela ho paka lintho tsena kaofela,
‘me ba ne ba lokela ho li tsebisa lefats’e. ba ne ba lokela ho phatlatsa Evangeli ea khotso le
poloko ka ts’okoloho le matla a Mopholosi oa bona. [The Acts of Apostles 27.1]
Thomo ea Boevangeli ke mosebetsi o moholo ka ho fetisisa oa bosebeletsi ba ho isa litaba tsa
‘Muso oa Moholimong lefats’eng la sebe. Barutuoa ba ne ba lokela ho sebeletsa meea ka ‘nete
eohle, ba fana ka memo ea mohau ho bohle. Ba ne ba sa emele hore batho ba itlise ho bona;
ba ne ba lokela ho ea bathong ka molaetsa oa bona. Baapostola ba ne ba lokela ho nts’etsa
mosebetsi pele ka lebitso la Jesu. Lipuo le liketso tsa bona tsohle li ne lokela ho tsepama
lebitsong la Hae, le nang le matla a ho boloka baetsalibe. Tumelo ea bona e ne e lokela ho
its’etleha ka Eena eo e leng mohloli oa mohau le matla. Ka lebitso la hae bane ba lokela ho
fetisetsa likopo tsa bona ho Ntate, Mora le Moea o Halalelang. Lebitso la Kreste le ne e lokela
ho ba lona lentsoe le ba alositseng, lona le ba hlalohanyang, lona le ba tlamellang ‘moho, lona
le ba nehang matla a bosebeletsi bo hlollang ebile e le mohloli oa katleho ea bona. Ho ne ho se
letho le ka eloang hloka ‘Musong oa hae ntle le ho manehuoa lebitso la hae. [The Acts of
Apostles 28.2]
Nakoana fela pele a arohana le Barutuoa ba Hae, Kreste o ile a boela a bolela ka ho hlaka
sebopeho sa ‘Muso oa Hae. O ile a ba hopotsa hape lintho tseo a ba boleletseng tsona pele tse
amanang le ‘Muso oa Maholimo. O ile a phatlalatsa hore e ne e se seo a se tletseng lefats’eng
ho tla hlomamisa ‘Muso oa nakoana. O ne a sa tlotsetsoa ho tla busa e le khosana ea terone ea
Davida. Ha baapostola ba mmotsa,
“Morena, na u re, e se e le joale u tla tsosa ’muso oa Iseraele na? A re ho bona: Ha hoa le
lokela ho tseba mehla, leha e le linako tseo Ntate a itaoletseng tsona a ’notši.- Liketso 1:6,7
2
THUTO EA 1 *Phuptjane 30- Phupu 6
Ho ne ho sa hlokahale hore ba bonele pele hofeta lits’enolo tseo a neng a se a ba sibolletse
tsona. Mosebetsi oa bona e ne e le ho phatlalatsa molaetsa o molemo. Boteng ba Kreste ka
nama bo ne bo se bo le haufi le ho nyamella barutuoa ba Hae, empa polulelo ea matla a macha
e ne e tla ba moputso oa bona. Ba ne ba tla amohela Moea o Hlalaleng ka ho fella ha oona, ho
tiisa mosebetsi oa bona. “Bonang”, ho bolela Mopholosi,
“’na ke tla le romela pallo ea Ntate; le mpe le sale motseng oa Jerusalema, le tle le be le
apesoe ka matla a tsoang holimo.”- Luka 24:49.“hobane Johanne o fela a kile a kolobetsa ka
metsi; empa lōna le tla kolobetsoa ka Moea o Halalelang, ha ho fetile matsatsi a se makae.””
Empa le tla fuoa matla mohla Moea o Halalelang o tlang ho lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka
Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.”-Liketso
1:5,8 [The Acts of Apostles 30.
3
THUTO EA 2 *Phupu 7- Phupu 13
PENTAKONTA
Nakong eo Baapostola ba neng ba thoha thabeng ea Mehloare ho ea Jerusalema, batho ba ba
sheba ka tebello ea ho bona ho nyahama, ho utloa bohloko, ho hloloa, le pherekano lifahlehong
tsa bona; empa bona ho fapaneng, ba lemoha thabo e khaphatsehang le tlholo. Baaposola ba
ne ba se ba sa llele ts’epo e ileng ea pshatleha. Ba ne ba bone Molopolli ea tsohileng, ‘me
mantsoe a hae a neng a tletse ka ts’epo ha a ba siea Thabeng a lumaela ka litsebeng tsa bona.
{AA 35.1}
Ba ela hloka ka tlhompho eohle taelo ea Kreste, ‘me ba letela ts’episo ea Ntate Jerusalema –
ho ts’oloha ha Moea o Halalelang. Ha ba ka ba lula ho se letho leo ba le etsang. Tlaleho e
bonts’a hore “Ba ne ba le tempeleng ka mehla, ba ntse ba boka Molimo, ba o rorisa.”- Luka
24:53. Ba ile ba boela ba bokana hammoho ho beha kopo ea bona ho Ntate ka lebitso la Jesu.
Ba ne ba tseba hore ba na le Moemeli Leholimong, ebile e le ‘Muelli teroneng ea Molimo. Ka
boikokobetso bo hlollang ba inama ‘me ba rapela, ba pheta netefaletso, “ntho tsohle tsee le tla li
qela ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le fa tsona. Ho fihlela joale, ha le e-so ho kōpe letho ka
lebitso la ka; kōpang, ’me le tla fuoa, thabo ea lōna e tle e tlale.”-Johanne 16:23,24. Letshoho la
bona la tumelo la nna la nyolohela Leholimong ho ts’oara ka tiea lits’episo tsa Ntate, “Kreste ke
eena ea shoeleng, a bileng a tsoha, hape ke eena ea leng ka letsohong le letona la Molimo,
hape-hape e sa le eena ea re rapellang.”-Baroma 8:34. {AA 35.2}
Ha ba ntse ba nahanisisa ka bophelo ba hae bo hloekileng bo tletseng khalalelo, ba utloisisa
hore ha ho mosebetsi o ka ba imelang, ha ho sehlabelo seo ba ke keng ba iketsa sona ‘me sa
ba imela, haeba feela ba ka beha bopaki bo bonts’ang ho rateha ha semelo sa Kreste
bophelong ba bona. Ba ne ba labalabela hore eke nako e ka khutla ba phela lilemo tse ling
hape tse tharo le Morena oa bona, ba ikoahlaha ‘me ba lemoha le hore phaphang e ka be e le
kholo hoja ba ile ba utloisisa mantsoe a Mopholosi. Haeba ba ne ba ka bona Mongahali oa
bona hape, ke hakaakang ba neng ba ka mo kholisa botebo ba lerato la bona ho eena, ba ne
ba bile ba hlabahile lipelo habohloko ha ba lemoha ho se lumele ha bona nakong eo ba neng ba
ntse ba tsamaea le Eena. Empa ba ne ba ts’elisehile hobane ba ne ba ts’oaretsoe. Ba ba
ipolella hore hafela ho khonahala, ba tla phetetsa ho se lumela hoo ha bona ka ho bolela ka
sebete tsa Molopolli oa bona lefats’eng. {AA 36.1}
Baapostola ba ile ba rapela ka mefehelo hore ba tle ba fumane matla a ho kopana le batho ‘me
ba ba bolelle ka sebete kamehla ka Kreste ea pholosang hore baetsalibe ba sokolohe. Ba
behella ka thooko liphapano tsohle le ho batla borena, batla hammoho ‘me ba khumanela ‘Mopi.
Ba atamela ho Molimo kamehla, ka ho etsa seo ba hlokomela monyetla o babatsehang oo
esaleng ba ena le oona ka ho khema le Mopholosi. Lipelo tsa bona li ile tsa sithabela ha ba
lemoha makhetlo ao ba Mo utloisitseng bohloko ka teng ka ho lieha ho utloisisa ha bona, ho
hloka kutlo lithutong tse neng li le molemong oa bona Ha a ntse a leka hoba ruta. {AA 37.1}
Mehleng ea baholo-holo ba Iseraele, ts’usumetso ea Moea o Halalelang e ne e iponahatsa ka
tsela e itseng, empa eseng ka ho fella. Hajoale, ka ho mamela matsoe a Mopholosi, barutuoa
ba ile ba isa kopo ea bona hore ba tle ba fumane mpho ena, ‘me Kreste o ile a tlatsetsa ka
bobuelli ba Hae Leholimong. O ile a kopa mpho ea Moea o Halalelang hore a tle a o ts’ollele
bathong bo Hae. {AA 37.3}
4
THUTO EA 2 *Phupu 7- Phupu 13
“Letsatsi la Pentekonta ha le se le fihlile, ba ne ba lutse bohle nǵalong e le ’ngoe, ba le khopolo
e le ’ngoe. Joale hang, ha utluoa molumo o tsoang leholimong, o kang oa moea o fokang ka
sefefo; ntlo eohle eo ba lutseng ho eona ea tlala oona.” {AA 37.4}
Moea o ile oa tsolehela barutuoa ba neng ba letile, ba rapela ka ho tlala ho neng ho fihlela lipelo
tsohle. Ea hlolang ka ho sa feleng o its’ibolla ka matla lithong tsa kereke ea Hae. E ne eka ka
lilemo ts’usumetso ena e ne e ts’oeroe, ‘me hajoale Leholimo le tletse ka thabo hobane le
ts’olletse letlotlo la Moea oa mohau holim’a kereke. ‘Me ka tlas’a ts’usumetso ea Moea,
mantsoe a ts’okoloho le ho ipolela libe a kopana le lipina tsa thoriso hobane libe li ne li
ts’oaretsoe. Mantsoe a teboho le a boprofeta a utloahala. Leholimo lohle la talima lefats’eng ho
boha le ho khahlisoa ke bohlale bo sa lekangoeng, bo sa utloisiseheng ba lerato la Molimo. Ho
hlolloeng ha bona, baapostola ba tlerola, “Mona ke botlalo ba lerato.” Ba utloisisa mpho e
fanoeng. Ha latela eng? Sabole ea moea, e leolitsoeng bocha ka matla ‘me ea hloekisoa kahare
ho mahalima a Leholimo, e phunyetsa ho se lumeleng ha bona. Liketekete tsa sokoloha ka
letsatsi. {AA 38.1}
“Ho molemo ho lōna ha nka ikela,” Kreste o ne a ile a bolella baapostola ba hae; “hobane ha ke
sa ee, Moemeli a ke ke a tla ho lōna; empa ha ke e-ea, ke tla mo romela ho lōna.” “Empa etlare
hobane eo a tle, e leng Moea oa ’nete, o tla le tsamaisa ’neteng eohle; hobane o ke ke oa bua o
iqalla tsa oona; empa tsohle tsee o li utloileng, o tla li bolela; le hona o tla le tsebisa tse tla tla.”-
Johanne 16:7, 13. {AA 38.2}
“Maleme a arohaneng, a kang malakabe a mollo, a ba hlahela, a lula holim’a e mong le e mong
oa bona. ’Me bohle ba tlala Moea o Halalelang, ’me ba qala ho bua ka lipuo lisele, kamoo Moea
o ba buisang kateng.” Moea o Halalelang, ka sebopeho sa maleme a malakabe, oa fumana tulo
ho ba neng ba phuthehile. Sena e ne e le sesupo sa mpho e neng e fuoe baapostola e ileng ea
ba fa bokhoni ba ho bua ka maleme ka ho hlaka ka lipuo tse ba neng basa li tseba pele. Ho
hlaha ha malakabe ho ne ho emela cheseho e hlollang eo baapostola ba neng batla sebetsa ka
eona le matla a neng a tla tsamaea le bona ha ba ntse ba sebetsa. {AA 39.1}
“Ho no ho le ba-Juda ba aheletseng Jerusalema, banna ba tšabang Molimo, ba tsoang
lichabeng tsohle tse tlas’a leholimo.” Nakong ea ho hasana ha sechaba sa Israele, Bajuda ba ile
ba tlala-tlala le likorolo tsohle tsa lefats’e leo ho ahiloeng ho lona, ke moo bophaphathehing ba
bona ba ileng ba ithuta lipuo tse fapaneng. Bangata ba Bajuda bana bo ne ba le moketeng o
neng o tsoela pele oa Pentakonta Jerusalema. Maleme oohle a neng a tsejoa a ne a emetsoe
ke ba neng ba bokane. Ho fapana hona ha lipuo e ne e tla ba ts’itiso e kholo phatlalatsong ea
Evangeli; kahona Molimo ka ketso ea mohlolo a thusa barutuoa ho koala sekheo seo. Moea o
Halalelang o ile oa ba etsetsa se neng se tla ba nka bophelo bohle ba bona. Ba ne ba se ba le
boemong boo ba ka phatlalatsang ‘nete ea Evangeli mafats’eng a Balichaba, ba bua ka ho topa
lipou tsa bao ba neng ba ba sebeletsa. Mpho ena ea mohlolo e ne e le bopaki bo matla
lefats’eng, ho bonts’a hore thomo ea bona e ts’oauoe ka lets’oao la Leholimo. Ho tloha nakong
eo, puo ea barutuoa e ne e hloekile, e utloisiseha e bile e topile, ho sa khathalletsehe hore na
ba bua ka puo ea selehae kapa ea balichaba. {AA 39.2}
“Eare hobane molumo oo o utluoe, ha bokana batho ba bangata hammoho, ’me ba tšoha,
kahobane e mong le e mong a na a ba utloa ba bua puo e leng ea habo. Ba ne ba hlolloa bohle,
5
THUTO EA 2 *Phupu 7- Phupu 13
ba makala, ’me ba ne ba botsana, ba re: Bonang, bao ba buang na hase ba-Galelea kaofela ha
bona na?” {AA 40.1}
Bapriesta le Babusi ba ile ba tlala khalefo ha ba lemoha phethahalo ena e babatsehang, empa
ha ba ka ba furalla ho baba ha lipelo tsa bona, hobane ba ne ba ts’aba batho hore ba tla
pepeseha ‘me batho ba ba lemohe, ba ba halefele. Ba ile ba bolaea Monazare, empa joale
bahlanka ba hae ke bana, banna ba sa rutehang ba Galelea, ba bolela molaetsa ka lipuo tsohle
tse neng li sebelisoa nakong eo, ba bolela tsa bophelo ba hae le bosebeletsi ba hae. Bapriesta
ba ne ba ikemiselitse ho fana ka mabaka a sele a khahlonong le matla a mohlolo a Baapstola,
ba phatlalatsa hore ba tahiloe ke veine eo ba neng ba itlopile eona e neng e hlophetsoe
mokete. Ba bang ba batho ba sa tsotelleng ba neng ba phuthehile moo ba nka tlhahiso eo e le
ea ‘nete, empa ba nang le kutloisiso ba lemoha hore hase ‘nete; ‘me ba utloisisang lipuo tse
fapaneng ba paka ka ho hlaka ha lipuo tseo barutuoa ba neng ba li sebelisa. {AA 40.2}
Ha a araba qosa ea Bapriesta, Peterose a bots’a hore sena se etsahetseng ke phethahalo ea
boprofeta ba Joele, moo a neng a bolele hore matla a joalo a tla tlela batho ho ba lokisetsa
mosebetsi o khethehileng oo ba lokelang ho o phethahatsa: “Banna ba Judea, le lōna bohle ba
aheletseng Jerusalema,” o rialo “tsebang, ’me le mamele litaba tsa ka hantle. Batho bana ha ba
tahoa joalo ka ha le lekanya; etsoe e sa le hora ea boraro ea letsatsi. Empa hona ke taba e
neng e boleloe ke moporofeta Joele, ha a re: Mehleng ea bofelo, ho bolela Molimo, ke tla tšèla
nama eohle ka Moea oa ka; bara ba lōna le barali ba lōna ba tla porofeta; ba bacha ba lōna ba
tla bona lipono, ’me maqheku a lōna a tla lora litoro. Mehleng eo, ke fela ke tla tšèla bahlanka
ba ka ba batona le ba batšehali ka Moea oa ka, ’me ba tla porofeta.” {AA 41.1}
Ka ho hlaka le ka matla oohle Peterose a beha tsa bopaki ba lefu le tsoha tsa Kreste: “Banna
ba Iseraele, utloang taba tsena: Jesu oa Nasaretha, monna eo le mo supisitsoeng ke Molimo ka
liketso tse matla, le ka meeka, le ka mehlolo eo Molimo o e entseng ka eena har’a lōna, joalo ka
ha le tseba le lōna Eena… ’me le mo thakhisitse ka matsoho a bakhopo, le ’molaile. Molimo o
mo tsositse oa mo lokolla litlamong tsa lefu, kahobane ho no ho se kamoo a ka tiisoang kateng,
ke lona ruri.” {AA 41.2}
Peterose ha a ka a supa lithutong tsa Kreste ho netefatsa lehlakore la hae, hobane o ne a tseba
hore qoso ea ba mo mametseng e boima hoo mantsoe a hae tabeng ena a ne a ke ke a sisinya
letho. Ho ena le hoo, o ile a bua le bona ka Davida, ea neng a nkuoa ke Bajuda e le e mong o
baholo-holo ba sechaba sa bona. “Davida o ile a bua ka eena,” o tsoela pele: “Ke beile Morena
ka mehla pel’a mahlo a ka, hobane o letsohong la ka le letona, ke tle ke se ke ka sisinngoa.
Pelo ea ka e thabile ke hona, le leleme la ka le nyakaletse; esita le eona nama ea ka e tla
phomola ka tšepo. Hobane u ke ke ua tlohela moea oa ka nǵalong ea bafu; mokhethoa oa hao
u ke ke ua mo lesa hore a bone ho bola…{AA 41.3}
“Banna ba heso, ha nke ke le bolelle phatlalatsa hore mopatriareka Davida o na a shoe, a ba a
patoa; ’me lebitla la hae le sa ntse le le teng har’a rōna ho fihlela letsatsi la kajeno.”… “O
boletse tsoho ea Kreste, a re, moea oa hae o ke ke oa tloheloa nǵalong ea bafu, le nama ea
hae e ke ke ea bona ho bola. Molimo o tsositse Jesu eo; ’me rōna kaofela re lipaki tsa taba eo.”
{AA 42.1}
6
THUTO EA 2 *Phupu 7- Phupu 13
Ketsahalo eo e ne e tletse ka thahasello. Batho ba ne ba hlahile ka nqa tsohle ho tla mamela
barutuoa ha ba paka ka ‘nete e ho Jesu. Ba phallela ka tempeleng‘me ea tlala tsoete! Bapriesta
le Babusi ba ne ba le teng. Lipelo tsa bona li ntse li tletse ka lehloeo le tebileng khahlonong le
Kreste, matsoho a bona a ntse a khenathetse mali a ts’olohileng ha ba ne ba thakhisa Molopolli
oa lefats’e. Ba ne ba nahanne hore batla fumana Baapostola ba tletse ts’abo tlas’a puso ea
polao le khatello. Empa ba ba fumana matsoalo a bona a khutsitse ‘me ba tletse ka Moea o
Halalelang, ba phatlalatsa ka matla bomolimo ba Jesu oa Nazeratha. Ba ba utloa ba bolela ka
sebete hore ea sa tsoa tlontloloa, a rohakoa, a shapuoa ke matsoho a ba tletseng bokhopo
lipelong tsa bona, a ba a thakhisoa, ke Eena Khosana ea bophelo, ‘me o se a le letsohong le
letona la Molimo. {AA 42.2}
Ba bang ba batho ba neng ba mametse Baapostola ba ne ba nkile karolo e batsi qosong le
lefung la Kreste. Mantsoe a bona a ne a tletse bosooto mohla ba hooang ba reng, “ha tharisoe”.
Mohla Jesu le Banabase ba emeng kapel’a bona lekhotleng la kahlolo, Pilato o ne a botse: “Le
rata ha ke le lokollela ofe?’’ Ba hooa, “E seng eena; e mpe e be Barabase!”- Matheu
27:17;Johanne 18:40. Ha Pilato a ba lokollela Kreste, a re, “Mo thakhise, mo thakhise! Pilato a
re ho bona: Mo nkeng e le lōna, le mo thakhise; hobane ’na ha ke fumane molato ho eena;” ”Ha
ke na molato maling a motho eo ea lokileng; ho iponele lōna.” Ba hooa ba re, “Mali a hae a be
holim’a rōna, le holim’a bana ba rōna.”-Johanne 19:6; Matheu 27:24.25. {AA 42.3}
Joale ba utloa barutuoa ba se ba phatlalatsa hore eo ba mo thakhisitseng e ne e le Mor’a
Molimo. Bapriesta le babusi ba tlaloa ke thothomelo. Batho ba nkuoa ke setsokotsane sa
kholiseho ea litaba tsa barutuoa. “ba hlajoa lipelo, ’me ba re ho Petrose le ho baapostola ba
bang: Banna ba heso, re tla etsa joang?” Har’a ba neng ba mametse barutuoa ho ne ho le teng
Bajuda ba sebele, ba neng ba ithukhubelitse ka matla tumelong ea bona. Matla a puo ea
Petrose le barutuoa ba bang a ba kholise hore efela Jesu e ne e le Mesia. {AA 43.1}
“Petrose a re ho bona: Bakang, ’me e mong le e mong oa lōna a kolobeletsoe ka lebitso la Jesu
Kreste tšoarelong ea libe, ’me le tla nka neo ea Moea o Halalelang. Hobane pallo eo e
etselitsoe lōna, le bana ba lōna, le ba leng hole kaofela, ba sa tlang ho bitsoa ke Morena,
Molimo oa rōna.” {AA 43.2}
7
THUTO EA 3 *Phupu 14- Phupu 20
KEREKE MEHLENG EA BAAPOSTOLA
“Baapostola ba ne ba paka tsoho ea Morena Jesu Kreste ka matla a maholo, ’me
hlohonolofatso e kholo e ne e lula holim’a bona bohle.”-Liketso 4:33. Bosebeletsing ba bona, ho
ile ha tlisoa kahare ho kereke banna ba khethiloang, bao, ereng ha ba amohela lentsoe la ‘nete,
ba nehelana ka bophelo ba bona bohle mosebetsing oa ho bolella ba bang ka ts’epo e lipelong
tsa bona moo ho ts’olohang khotso le nyakallo teng.ba ne basa nyahamisoe kapa hona ho
thibeloa ke lits’oso. Morena o ne a bua ka bona, ba tsamaea motse le motse, bafumanehi ba
famana Evangeli, ‘me mehlolo ea mohau oa Leholimo e etsoa. [The Acts of The Apostles 48.2].
Liteko le liqholotso ha lia ka tsa pota ka thooko ba ileng ba amohela matla a tsoang Leholimong
ka Pentakonta. Ha ba ntse ba paka ka ‘nete le ho loka, sera se khahlanong le ‘nete eohle se ile
sa ba sala morao, se ikemiselitse ho ba khelosa Bokresteng ba bona. Ba ile ba tlameha ho
sebetsa ka matla oohle ao ba a filoeng ke Molimo ho fihlela boholo ba banna le basali ba
phethehileng, le tekano ea boemo bo phethehileng ba Kreste. Kamehla ba ne ba rapella
khaphatseho ea mohau o mocha, hore batle ba finyelle phetheho e hlokoang ke Leholimo.
Tlasa Moea o Halalelang, le ba fokolang ka ho fetisisa, ha ba ne leka ho phela ka tumelo ea
Molimo, ba ile ba matlafatsa matla ao ba a ts’epetsoeng ‘me ba halaletsoa, ba hloekisoa ba ba
tlotsoa. Ka boikokobetso ba ne ba ipeha tlas’a ts’usumetso ea Moea o Halalelang, ba ile ba
amohela botlalo ba Bomolimo ‘me ba betloa ka sets’oano sa Molimo.[The Acts of The Apostles
49.3].
Barutuoa ba Kreste ba ne ba ananela hore ba na le bohloki bo tebileng ‘me ha ho letho leo ba
ka le etsang ka bobona, ‘me ka boikokobetso le thapelo ba hokahanya bofokoli ba bona le
matla a Kreste, bothoto ba bona le bohlale ba Hae, bofela ba bona le ho loka ha Hae,
bofumanehi ba bona le matlotlo a Hae a hlolang ka ho sa feleng. Ha ba se ba tiile ba bile ba
hlometse joalo, eaba ha ba sa qeea-qeea ho tsoela pele ka sebete bosebeletsing ba mong’a
bona. kamor’a nakoana ea ho ts’oloha ha Moea o Halalelelang, hang kamor’a nakoana ea
thapelo ea ‘nete eohle, Peterose le Johanne, ba ea Tempeleng ho ea khumama, ke moo ba
ileng ba bona seritsa, se lilemo tse mashome a mane, seo bophelo ba sona, ho tloha tlhahong
ea hae, e bileng ba bohloko le tlokotsi. Monna enoa, ka lilemo lemo o ne a labalebela ho bona
Jesu, hore a tle a phekolehe, empa ho ne ho se seo a ka se etsang, hobane o ne a le hole le
bosebeletsi ba Ngaka e kholo. Lithapelo tsa hae qetollong li ile tsa susumetsa e meng ea
metsoalle ea hae ho ‘meha likhorong tsa Tempele, empa ha fihla moo, a fumana Eo ts’epo ea
hae e neng e le holim’a hae a bolouoe lefu le sehloho.[The Acts of The Apostles 57.2].
Ho nyahama ha hae ho ile ha tsosa khauho le qenehelo ho ba neng ba tseba hore na ke halele
hakae a neng a labalabela ho phekoloa ke Jesu, ‘me kamehla ba mo tlisa Tempeleng, hore
mofeta-ka-tsela a mpe ba hauoe ‘me a mo imolle litlhokong tsa hae. Ha Peterose le Johanne ba
feta, a ba kopa hore ba mpe ba mo fe lithuso. Barutuoa ba mo talima ka qenehelo, eaba
Peterose o re, “Re talime. Eo a ba talimisisa, a lebella hore ba tla mo nea ho hong. Ha ke na
silefera le khauta.” Nakong eo Peterose a phatlalatsang bohloki ba hae, chebehalo ea seritsa
ea tlala ho nyahama; empa ea tlala khanya le ts’epo a moapostola a tsoela pele, “empa seo ke
nang le sona, ke u fa sona: Ka lebitso la Jesu oa Nasaretha, ema, u tsamaee.”
8
THUTO EA 3 *Phupu 14- Phupu 20
“A ntoo mo tšoara ka letsoho le letona, a mo emisa, ’me maoto le maqaqailane a hae a hla a
tiea kapele. A tlōlela holimo, a ema, a tsamaea; a ba a kena tempeleng le bona, a ntse a
tsamaea, a tlōla, a boka Molimo. Batho kaofela ba ’mona a tsamaea, a boka Molimo. Ba mo
tseba hore ke eena ea neng a lulela thuso monyakong o Motle oa tempele; ’me ba tlala ho
babatsa le ho makala ka se entsoeng ho eena.”[The Acts of the A postles p58]…
Ha Baapostola ba ntse ba tsoela pele ho phatlalatsa ‘nete Jersalema, Morena ka matla a hae a
pakele lentsoe la bona, ‘me mats’oelets’oele a lumela. Bangata ba balumeli bana ba kereke ea
pele bo ile ba furalloa ke metsoalle le ba leloko hang hoba ba lumela ka lebaka la khahlamelo
ea ts’ehollo ea Bajuda, ‘me ho ne ho hlokahala hore ba thusoe ka lijo le bolulo. Joalokaha ho
ngoliloe, “Ho ne ho se ea hlokang har’a bona,” ‘me re bolellloa komoo litlhoko tsa bona li neng li
fihleloa ka teng. Ba neng ba ena le matlotlo har’a bolumeli ba nyehella ka oona ka thabo ho
rarolla bothata bona. ba rekisa matlo le masimo a bona. ba tlisa pokello ea chelete maotong
baapostola, “e mong le e mong a fuoa ho latela tlhoko ea hae”
Sena e ne e le litholoana tsa ts’oloho ea Moea o Halalelang. Balumeli ba ne ba le pelo-ngoe ba
bile ba le moea-mong. Ba ne ba susumetsoa ke thahasello e ts’oanang- hore thomo eo ba e
ts’epetsoeng e atlehe; ‘me lerato la leruo le ne le se na sebaka maphelong a bona. Lerato ho
baena ba bona ‘moho le mosebetsi oo ba neng ba o fuoe, le ne le phahametse lerato la chelete
le maruo. Mesebetsi ea bona e ne e paka hore ba ne ba nka meea ea batho bohle e le
bohlokoa ho feta matlotlo a lefats’e lena. [The Acts of the A postles p70]
Sesupo se hlakileng sa phano e lokolohileng e ileng ea bonts’oa ke balumeli, se ile sa bonahala
boits’oarong ba Ananiase le Safira, bao mangolo a halalelang a supang hore boits’oaro ba bona
bo ile ba siea letheba le ileng la silafatsa mosebetsi o motle oa kereke. Joaloka balumeli ba
bang bohle, Ananiase le Safira ba ile ba amohela matla a Moea o Halalelang ‘me le bona ka ho
ts’oana ba ikana kapel’a Molimo hore batla nyehelana ka sohle. Kamoroa ho moo, Ananiase le
Safira ba soabisa Moea o Halalelang ka ho inehela ho lerato la maruo. Ba qalella ho ikoahlaha.
Ba bona eka ts’episo eo ba e entseng ha ea nepahala, hang sena sa silafatsa ts’usumetso e
ntle ea litlhohonolofatso tse neng li futhumalitse lipelo tsa bona ka tjantjello ea ho nts’esa
mosebetsi oa Kreste pele…
Ba lemoha hore balumeli ba ileng ba nyehela ka maruo a bona molemong oa bahloki, ba ne ba
fuoa tlhompho e itseng har’a balumeli; eaba, ka ho soabela hore baena ba bang ba tla lemoha
boikhohomoso ba bona ba ho tsetselela seo ba neng ba se ba nyehetse ka sona , ba rakisa
sohle sa bona ‘me ba ikhakanya, eaka ba isitse pokello moketleng oa Kereke athe karolo e
kholo ba ipoloketse eona… [The Acts of the A postles p71.1]
Empa Molimo o hloile boikaketsi le leshano. Ananiase le Safira ba ile ba etsa bomenemene
mosebesing oa Molimo; ba thetsa Moea o Halalelang, ‘me sebe sa bona sa fuoa kahlolo hang.
Ha Ananiase a tlisa nyehelo ea hae, Peterose a re “Ananiase, na Satane o hapile pelo ea hao
joang, hore u etse leshano ho Moea o Halalelang, le ho ikarolela theko ea tšimo ka nǵa e ’ngoe
na? Ha ke re, tšimo leha e be e ituletse, e ne e le ea hao? ’me leha u no u rekile ka eona, theko
ea eona e ne e sa ntse e le ea hao na? Ho ile ka’ng ha u hopotse taba eo pelong ea hao?
Leshano leo ha ua le etsa ho batho, empa u le entse ho Molimo.”
9
THUTO EA 3 *Phupu 14- Phupu 20
“Eare ha Ananiase a utloa mantsoe ao, a oela fatše, a shoa; ’me bohle ba utloileng taba tseo,
ba tšoaroa ke tšabo e kholo.”
“Ak’u mpolelle hore na le rekile ka tšimo ho le hokalo na?” Peterose a botsa. Qeto ea Ananiase
ea ho nyehela e ne e sa susumetsoa ke maikutlo a hae a botho. Eena ka boeena o ile a
ikhethela ho thetsa Moea o Halalelang. Empa ka ho leka ho tsetsa barutuoa, o ne a se a
thetsitse Ea Matla Oohle. [The Acts of the A postles p71.2]
Ketsahalo ena e ne e se tlhokomeliso ho Kereke ea pele fela, empa le ho meloko e neng e tla
latela, mohlala oona o bonts’a lehloeo la Molimo ho lerato la maruo, bomenemene le boikaketsi,
e ne e le tlhokomeliso ho bohle. E ne e le lerato la leruo leo Ananiase le Safira ba ileng ba le
lamella lipelong tsa bona pele. Takatso ea ho khutlisetsa ka ho bona karolo ea seo ba
ts’episitseng ho se fa Morena, e ile ea ba khannele bomenemeneng le boikaketsing. [The Acts
of the Apostles p74.1]
E ne e le sefapanong, sebakeng sa ts’oabo le tlhokofatso, moo lefats’e le ileng la fumana ts’epo
le pholoho teng. Barutuoa e ne e le batho ba ikokobelitseng, ba ne ba sa rua matlotlo a lefats’e
lena, ba ne ba sena libetsa, haese lentsoe la Molimo fela; ke matleng a Kreste moo ba ileng ba
ileng ba tsoela pele ho bolella lefats’e ka litaba tse molemo tsa sefapano sa Kreste, le ho sala
ba hlotse sohle se khahlanong le bona.. lefats’e ha lea ka la ba ela hloko kapa hona ho ba tlotla,
e ne e le bahale ba tumelo. Malemeng a bona ba bolela mantsoe a bohlale ba Leholimo a ileng
a sisinya lefats’e. Ke Jerusalema moo ho hloka kutloisisano ho tebileng ho ileng ha etsahala, le
moo maikutlo a ferekaneng a ileng a tlola ka Eena eo a ileng a thakhisetsoa lefats’e, barutuoa
ba ile ba tsoela pele ho bua mantsoe a bophelo ka sebete sohle, kapele ho Bajuda, mosebetsi
le thomo ea Kreste, thariso ea Hae, tsoho le nyoloho tsa Hae. Baperiesta le Babusi ba mamela
ka ho makala hohle bopaki bo hlakileng ba Kreste ho tsoa ho Barutuoa. [The Acts of Apostles
p77.2].
Bapriesta le babusi ba lemoha hore Kreste O phahamisetsoa kaholimo ho bona. Joaloka
Basaduse, ba neng ba sa lumele tsohong, ba utloa Baapostola ba phatlalatsa hore Kreste O
tsohile bafung, ba tlala khalefo ha ba lemoha hore haeba baapostola ba ka lamelloa ho ruta ka
Mopholosi ea tsohileng , le ho etsa mehlolo ka lebitso la Hae, ha ho le joalo, thuto ea hore tsoho
ha e eo e tla furalloa ke bohle ‘me sehlots’oana sa Baseduse se ne se tla nyamela hang.
Bafarisi ba ile ba tlokoma ka khelefo ha ba lemoha hore ts’ekamelo ea thuto ea Barutuoa ke ho
nyenyefatsa litloahelo tsa Bajuda ‘me ba etse hore mahlabela a se ke a bolela letho… [The Acts
of Apostles p78.2].
Ho fihlela nako eo, methati eohle e ileng ea etsoa ho hatella thuto ena e ncha ha ea ka ea
atleha; empa hajoale Baseduse ‘moho le Bafarasi ba nka khato e matla hore mosebetsi o joalo
o emisoe, hobane o ne o ba beha peoaneng hore ke bona ba molato oa lefu la Jesu. Ba tletsoe
ke khalefo, Bapriesta ba beha letsoho le matla la litlhoriso ho Petrose le Johanne, ‘me ba ba
akhela chankaneng e le ngoe … [The Acts of Apostles p78.2].
Barutuoa ha ba ka nyenyefala kapa hona ho nyahama moeeng. Moea o Halalelang o ile oa
tlisa likelellong tsa bona mantsoe a Kreste; “Mohlanka ha a moholo ho morena oa hae. Ha ba
ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lōna; ha ba bolokile lentsoe la ka, ba tla boloka le la lōna. Empa
10
THUTO EA 3 *Phupu 14- Phupu 20
ba tla le etsa tsohle tseo ka baka la lebitso la ka, kahobane ha ba tsebe ea nthomileng.” “Ba tla
le leleka masinagogeng; esita le nako ea tla, eo e mong le e mong ea le bolaeang a tla hlōma
eka o sebeletsa Molimo.” “Ke mpa ke le boleletse taba tseo, hore nako ea tsona ha e tlile, le tle
le hopole hobane ke na be ke le boleletse tsona. Ha ke sa ka ka le bolella tsona e sa le ho
qaleng, ke hobane ke ne ke sa na le lōna…”[Johanne 15:20,21; 16:2,4].
11
THUTO EA 4 *Phupu 21-27
BAETAPELE BA KEREKE BA PELE
“Mehleng eo, ha barutuoa ba se ba atile haholo, ba-Juda ba ba-Gerike ba korotla ka ba-Juda ba
ba-Heberu, ka ho re, basali ba bahlolohali ba bona ha ba hlokomeloe phepong ea letsatsi le
leng le le leng.” {AA 87.1}
Kereke ea pele ene e hauoe ka batho ba bangata ba maemo a sa ts’oaneng le merabe e
fapakaneng. Ka nako ea ts’ollo ea Moea O Halalelang ka Pentekonta, “Ho no ho le ba-Juda ba
aheletseng Jerusalema, banna ba tšabang Molimo, ba tsoang lichabeng tsohle tse tlas’a
leholimo” Hara ba neng ba le tumelong ea Se-Heberu ba bokane Jerusalema ho ne ho le teng
le karolo e tloaelehileng ka hore ke Ba-Juda ba Ba-Gerike, bao ka nako e telele honeng hona le
litutlatutlano le lehloeo pakeng tsa bona le Ba-Juda ba Palestina. {AA 87.2}
Lipelo tsa ba ileng ba sokoloha ka tlasa ts’ebetso ea Baapostola, li ile tsa nolofatsoa, ‘me tsa
tlamahana ka lerato la Bokreste. Ka ho lebala liphapanyetsano tsa mehla ea ho feta bohle ba ile
ba fetoha setlama se le seng. Satane o ile a tseba hore ha fela bonngoe bo kanna ba tsoela
pele, o tlo hloka matla a ho hlahloba kholo ea Evangeli ea ‘nete; ‘me eaba moo a nkang
monyetla ka mehopolo e kileng eaba teng ea litloaelo tsa khale, sepheo ele hore atle a jale
likhaohano kahara kereke. {AA 87.3}
Mehleng eo, ha barutuoa ba ntse ba ata, eaba moo sera se atlehang ho tsosa lipelaelo tsa ba
bang ba kileng ba ba le tloaelo ea ho shalima baena ‘moho le bona tumelong ka mona, ‘me ba
khoasana le selope seo ba ka ts’oasang mefokolong ea baetapele ba bona ka sona eaba moo
“ba-Juda ba ba-Gerike ba korotla ka ba-Juda ba ba-Heberu”. Sesosa sa ho korotla se ne se
tlisoa ke hore basali ba bahlolohali ba Ba-Gerike ha ba hlokomeloe phepong ea letsatsi le
letsatsi. Khethollo ea maemo eneng eka ba teng ene etla hohlana le moea oa Evangeli empa
Satane o ile a rata ho tsosa lipelaelo, ‘me a atleha. Likhato tse potlakileng joale li lokela ho nkoa
ele ho hlakola maemo oohle a ho se khotsofale, esere mohlaope sera sa atleha ka maqiti a
sona ho tlisa likhaohano kahara balumeli. {AA 88.1}
Barutuoa ba ila ba thulana le tlokotsi maiphihlelong a bona. Ka tlasa ketapele e hloahloa ea
Baapostola, ba ne ba sebetsa ba tlamahane ‘moho ka matla a Moea O Halalelang. Mosebetsi o
neng o ts’epetsoe barumuoa ba Evangeli o ile oa hola ka sekhahla se phahameng. Kereke e ne
e ntse e tsoela pele ho eketseha, ‘me kholo ena ea litho e ile ea tlisa mojaro o boima haholo ho
batsoka-sephali. Ho ne ho se monna kapa sehlots’oana sa banna se neng se ka jara boima boo
kantle le hore se ka tutla katleho ea bokamoso ba kereke. Ho ne ho hlokahala hore ho ajoe
mesebetsi joalo kaha ho kile ha etsehala matsatsing a pele a kereke ka baneng ba ts’epahala.
Joale Baapostola ba lokela ho nka khato e bohlokoa eleng ea ho phethisisa tsamaiso ea
Evangeli kahara kereke ka ho abela ba bang mojaro oo esaleng ba o jarile. {AA 88.2}
Ha bitsoa ‘moka oa balumeli, ‘me Baapostola ba ne ba tsamaisoa ke Moea O Halalelang ho
qaqisa moralo oa hoba le tlhophiseho e nepahetseng bakeng sa ts’ebetso eohle ea kereke.
Nako e tlile, Baapostola ba bolela, eo joale baetapele ba hlokometseng kereke ba lokelang ho
imulloa mesebetsing ea ho abela bafumanehi le ba hlokang lithuso, ele hore batle ba lokolohe
ho nts’etsa pele mosebetsi oa ho hasa Evangeli. “Ha ho le joalo, lōna banab’abo rōna”, ba re, “a
le ke le khetheng banna ba supileng har’a lōna, e leng ba tšepjoang, ba tletseng Moea o
12
THUTO EA 4 *Phupu 21-27
Halalelang le hlalefo, bao re ka ba beang tšebeletsong eo. Ha e le rōna, re tla ’ne re tiisetse
thapelong, le tšebeletsong ea lentsoe” Keletso ena e ile ea lateloa, ‘me ka thapelo le ka peho ea
matsoho, banna ba supileng ba ile ba hlohonolofatsoa ka tsela e khethehileng sebakeng sa ho
nka mosebetsi oa botikone. {AA 89.1}
Setefane, ea neng a leka sehloohong hoba supileng, e ne e le monna ea tletseng matla le
tumelo e kholo. Le hoja ele Mo-Juda ka tlhaho, one a bua puo ea Se-Gerike, ‘me a tseba
meetlo le litloaelo tsa Ba-Gerike. Eaba moo a fumanang monyetla oa ho ruta Evangeli
Masinagogeng a Ba-Juda ba Ba-Gerike. O ne a le sehlahlo ts’ebetsong ea Kreste, ‘me a
phatlalatsa taba tsa tumelo ea hae ka sebete. Bo-Rabbi ba rutehileng le litsibi tsa molao ba ile
ba kena le eena lipuisanong moo ho bokaneng bongata ba ts’epile hore ba tla mo hlola ka
bobebe feela. Empa, “ba mpa ba sitoa ho hanyetsa bohlale ba hae le Moea oo a buang ka
oona.” Hase fela hore one a bua ka matla a Moea O Halalelang, empa ho hlakile hore e ne e le
moithuti oa boporofeta, ‘me o ne a ithutile litaba tsohle tsa molao. Ka matla a hlollang o ile a
sireletsa linnete tseo a neng a li ruta, ‘me a hlola bahanyetsi ba hae. Ho eena ts’episo ena e ile
ea phethahala, “Ka baka leo, ikenyeng pelong tsa lōna taba ea hore ha le na ho rera pele seo le
tla ikarabela ka sona; hobane ’na, ke tla le nea molomo le bohlale boo ba ipeileng lira ho lōna
ba tla sitoa ho bo fetola le ho bo hanyetsa.” Luka 21:14, 15. {AA 97.1}
Ha Setefane ane a talimane le baahloli ba hae ho arabela qoso ea hae ea ho nyefola, khanya e
halalelang e ile ea phatsima sefahlehong sa hae, ‘me “bohle ba lutseng khotla ha ba mo hlaba
ka mahlo, ba bona sefahleho sa hae se le joalo ka sefahleho sa lengeloi.” Ba bangata ba ileng
ba bona khanya ena ba ile ba thothomela, ‘me ba ikoahela lifahleho empa manganga a ho
hloka tumelo le maikutlo a lits’ekamelo a marena a bona ha aka a tloha mehopolong ea bona.
{AA 99.1}
Baprista le balaoli bane ba tletse khalefo. Joalo ka libatana tse tsomanang le namanyatsana ea
tsona ba raohela Setefane ka khalefo e tlhokomang, ‘me ba mo tsikitlanyetsa meno. Ka har’a
lifahleho tse khopo eaba ea litlamong o bala pheletso ea bophelo ba hae, empa ha aka a
sisingoa ke letho. Ho eena ts’abo ea lefu e ne e le sieo. Ha hoa ka hoa ba le ts’abo ea letho ho
eena ha bona baprista ba halefileng le phiphitha ea batho ba tletseng ntoa. Ketsahalo ena e ile
ea baleha ponong ea hae. O ile a buleloa liheke tsa leholimo hanyane, ‘me a talima kahare,
eaba moo a bonang khanya ea makhotla a Molimo le Kreste eka o sa tsoa ema teroneng ea
hae, a eme a le malala-a-latsoe ho ts’ehetsa mohlanka oa hae. Ka mantsoe a bonts’ang tlholo
eaba Setefane o tlerola a re , “Bonang! ke bona maholimo a phetliloe, le Mor’a motho a eme ka
letsohong le letona la Molimo.” {AA 100.3}
13
THUTO EA 5 *Phupu 28 – Phato 3
TṧOKOLOHO EA PAULOSE
Ea neng a hlahelletse ka mahetla baetapeleng ba Ba-Juda eleng Saule oa Tarese o ile a
fihleloa ke Evangeli e ileng ea phatlalatsoa ka katleho e kholo. E ne e le moahi oa Roma ho
tloha kholisong ea hae, leha hole joalo Saule ene ele Mo-Juda ka tsoalo, ‘me one a rutiloe
Jerusalema ke bo-Rabbi ba hlomphehang haholo. “Ke bololitsoe ka letsatsi la boroba meno e le
’meli, ke oa mofuta oa Iseraele, oa leloko la Benyamine, ke mo-Heberu oa ba-Heberu; ka nǵa
ea molao ke mofarisi. Ha e le ka cheseho ke ’na ea hlorisitseng kereke; ha e le ka ho loka ha
molao, ke ne ke se na ho nyatsuoa.” Bafipi 3:5, 6. One a nkuoe ke bo-Rabbi ele mohlankana ea
ts’episang haholo, ‘me mehopolo ene ele e phahameng mabapi le eena ea hore ke mosireletsi
oa tumelo ea boholo-holo ea nang le cheseho le matla. Phahamiso ea botho ba hae kahara
lekhotla la Sanhedrine e ile ea ‘meha boemong ba matla. {AA 112.1}
Saule o ile a nka karolo e kholo litekong le liqosong tsa Setefane, ‘me mapaki a topileng a
boteng ba Molimo ka moshoela-tumelo enoa a ile a etsa hore Saule a belaelle ho loka hoo
aneng ale khahlanong le hona ha balateli ba Jesu. Kelello ea hae e ile ea fehleha. Likhanyetso
tsa baprista le marena qetelong li ile tsa mo kholisa hore Setefane ke monyefoli, le hore
morutuoa enoa a ileng a tela bophelo ba hae ona ruta Kreste ‘motoana, ‘me ka hona a ananela
hore bana ba khotlana la habo ba nepile. {AA 112.2}
Ha se le ka thata Saule a ileng a etsa qeto ena. Empa kamorao phethela lithuto tsa hae, le ka
ho hlonepha matichire a hae a khale le ka lebaka la boikhohomoso bo neng bo tlisoa ke botumo
o ile a ikoala litsebe, ‘me a loants’a ka matla oohle lentsoe le kholisang le mohau oa Molimo. Ka
ho kholiseha ka botlalo hore baprista le bangoli ba nepile, Saule o ile a fetoha mohanyetsi ea
bohale oa lithuto tse rutoang ke barutuoa ba Jesu. Ketsahalo tse ileng tsa hlahela banna le
basali ba halalelang, tse kang ho huleloa makhotleng, ba bang ba akheloa literonkong, ‘me ba
bang ba bolaoa ka lebaka feela la tumelo ea bona ho Jesu li ile tsa etsa hore kereke e ncha ene
sa tsoa hlophisoa e apareloe ke bofifi le mahloko a ileng a etsa hore ba bangata ba batle
polokeho ka ho baleha. {AA 113.1}
Letsatsing la ho qetela la leeto la hae, “ka thapama” ha liparola-thota li atamela Damaseka, tsa
bonela masimo a nonts’itsoeng haufinyana le tsona, lirapa tse khahlehang le lirapa tsa merara e
atlehileng e noesetsoang ke melatsoana e kopotsang mabapa le lithaba. Ponahalo ena e ile ea
ba khatholla haholo leetong leo la bona le lelele. Ha Saule le balekane ba hae ba ntse ba bohile
lehoatata le nosetsehileng tlasana ho motse o moholo, “hang hang” joalo ka ha a ile a bolela, ho
phatsima, “leseli le tsoang leholimong, le fetisang la letsatsi ka ho khanya, le nteela hare le bao
ke tsamaeang le bona.” (Liketsi 26:13), khanya ea eona ene e phahame hoo ho seng motho
eaka talimanang le eona. Eaba ka ho ferekana le ka ho foufala Saule o ilibana fats’e. {AA
114.1}
Ha ba ntse ba okametsoe ke khanya ena, eaba Saule o utloa, “lentsoe le re ho ’na, ka puo ea
se-Heberu” (Liketso 26:14) “ Saule, Saule, u ntlhorisetsa’ng na? Ho thata ho uena ho raha
litsenene.” {AA 114.2}
Ka ho tlaloa ke ts’abo, le ke ho foufatsoa ke matla a khanya, balekane ba Saule ba utloa
lentsoe empa ba sitoa ho bona mong’a lona. Empa Saule o ile a utloa mantsoe a neng a
14
THUTO EA 5 *Phupu 28 – Phato 3
boleloa, ‘me ho eena ho ile hoa totobala hore ea buang le eena ke Mor’a Molimo ka sebele.
Khanyeng a bona sebopuoa se emeng ele ea ileng a thakhisoa. Kahara moea oa Mo-Juda
enoa aneng a tsielehile ho ile hoa takoa ka ho sa e kae sefahlaho sa Mopholosi. Mantsoe a
ileng a boleloa a khitla ka matla a ts’abehang pelong ea hae. Kahara mehopolo ea hae e neng e
aparetsoe ke bofifi hoana hoa ts’oloha khanya e khaphatsehang, e ileng ea senola bophelo ba
hae ba khale bo neng bo tletse ka limpe le boiphapanyo le boemo ba hae nakong eo, ea
tlhokahalo ea ho bonesetsoa ke Moea O Halalelang. Spirit. {AA 115.1}
Saule o bona joale hore ka ho bolaea balateli ba Jesu ona hlile a etsa mosebetsi oa Satane ka
kotloloho. A bona hore liqeto tsa hae tsa hore o nepile le tse amanang le ts’ebetso eohle ea hae
li ne li susumelitsoe ke ho beha ts’epo eohle ea hae holim’a baprista le marena. O ile a
lumellana le bona ha bane ba mo phetela hore pale ea tsoho ea Jesu ke thetso e lohiloeng ke
barutuoa ba hae. Joale Jesu osa iponahalitse ho eena, Saule o ile a kholiseha ka botlalo
thutong ea barutuoa. {AA 115.2}
Leseli le hlollang le ileng la phatsima kahara lefifi leo Saule aneng ale kahare ho lona ene ele
mosebetsi oa Morena; empa hone ho boetse hona le mosebetsi o lokeloang ho etsoa ke
barutuoa ba hae. Kreste o entse mosebetsi oa ts’enolo le ho kholisa, ‘me joale mohlanka oa
Molimo ona sa le boemong boo a ka rutoang ke bao Molimo o ba tlotselitseng ts’ebetso ea ho
ruta ‘nete. {AA 121.1}
Ha ane a ntse a le kahara bofufo ba thetso le bohanyetsi, Saule o ile a fuoa ts’enolo ea Kreste
eo esaleng a mo hlorisa, o ile a beoa ka kotloloho kahara kereke eo eleng leseli la lefats’e.
Boemong bona Ananiase one a ts’oants’a Kreste e bile a ts’oants’a basebeletsi ba Kreste
lefats’eng, ba khethetsoeng ho sebetsa bakeng sa Hae. Bakeng sa Kreste Ananiase a ts’oara
mahlo a Saule, ele hore a tle a fumane pono. Bakeng sa Kreste a beha matsoho a hae holima
hae, ‘me ka ho rapela ka lebitso la Kreste, Saule o amohela Moea O Halalelang. Tsohle li etsoa
ka lebitso le matla a Kreste. Kreste ke eena seliba; kereke ke ona mocha oa ho fetisa litaba.
{AA 122.4}
15
THUTO EA 6 *Phato 4 -10
BOSEBELETSI BA PETROSE
Bosebeletsing ba moapostola Petrose balumeli ba Lida ba ile ba eteloa. Mona o ile a folisa
Enea eo ka lilemo tse robileng meno ele ‘meli a neng a robetse liphateng tsa hae a omelletse
litho. “Enea, Jesu Kreste oa u folisa” moapostola o ile are; “tsoha, u alole liphate tsa hao.” “’Me
a phakisa a tsoha. Bohle ba ahileng Lida le Sarone ba ’mona, ba ba ba sokolohela ho Morena."
{AA 131.1}
Ha ele Joppa eneng ele haufinyane le Lida, hone ho phela mosali ea bitsoang Dorkase eo
liketso tsa hae li ileng tsa etsa hore ebe ea ratoang haholo. Ene ele morutuoa ea khabane oa
Kreste, ‘me bophelo ba hae bo ne bo tletse ka liketso tsa mosa. One a tseba ea hlokang liaparo
le ea hlokang ho qeneheloa, ‘me one a sebeletsa mafutsana le ba hlophehileng. Matsoho a hae
ane a koetlisehile ho feta leleme la hae. {AA 131.2}
“A tšoaroa ke bohloko mohlang oo, a shoa. Eaba Petrose o tloha, a tla le bona. Eare ha a fihla,
ba mo isa phaposing e kaholimo; basali ba bahlolohali kaofela ba itlhahisa pel’a hae, ba ntse ba
lla, ba ’montša mese le liaparo tseo Dorkase a neng a ba etsetsa tsona, ha a sa na le bona.” Ka
ho talima bophelo ba bosebeletsi ba Dorkase ene ese taba eka makatsang hore ebe ruri batho
ba ne ba its’ela ka menyepetsi. {AA 131.3}
Pelo ea moapostola e ile ea ameha haholo ha talima ho sieama ho neng ho le teng. Eaba moo
joale a laelang metsoalle e llang ho romeloa kantle ho phaphosi, ‘me a khumama fats’e a rapela
Molimo ka matla a maholo hore Dorkase a khutlisetsoe bophelong le maemong a
phethahetseng. A retelehela ho setopo are, “Tabitha, tsoha! Eaba eo o tutubolla mahlo, ’me ha
a bona Petrose, a lula.” Dorkase e ne ele mosebeletsi e moholo oa kereke, eaba Molimo o bona
ho lokeleha hore aka mo khutlisetsa lefats’eng la sera, ele hore litsebo tsa hae le matla a hae e
tlebe tlhohonolofatso ho ba bang, ‘me ka ponahalo ea matla a Hae mosebetsi oa Kreste o tlo
matlafale. {AA 132.1}
Ebile ha Petrose a ntse ale Joppa a ileng a bitsoa ke Molimo hore a isetse Kornele evangeli
Sesarea. {AA 132.2}
Kornele ene ele molaoli oa lekholo lekhotleng. Ene ele monna oa morui ea hlahileng ka
bokhabane, ‘me boemo ba hae ene ele bo ts’eptjoang e bile ele bo tlotleha. Ene ele molichaba
ka tsoalo, ka koetliso, le ka thuto o ile a hokahana le Ba-Juda, ‘me eaba moo a unang tsebo ka
Molimo, ‘me a mo rapele ka pelo ea ‘nete, ‘me a bonts’a tumelo ea hae ka ho utloela mafutsana
bohloko. O ile a tsebahala ka ho thusa batho le ka bophelo ba hae bo hloekileng, ‘me eaba o ba
le setumo se setle hara Ba-Juda le Balichaba. Ts’usumetso ea hae e bile tlhohonolofatso ho
bohle bao aneng a kopana le bona. Lentsoe le halalelang le mo hlalosa “E ne e le motho oa
borapeli, ea tšabang Molimo, eena le ba ntlo ea hae bohle; o na a thusa haholo-holo
bafumanehi ba har’a sechaba, ’me o na a sa phetse ho rapela Molimo.” {AA 132.3}
Liponong tsa Petrose “A bona leholimo le phetliloe, ’me ho theohela ho eena ntho e kang lesela
le leholo, le tlamiloeng linthleng tse ’ne, le lepellelang fatše. Le ne le nkile tsohle tsa lefatše tse
maoto a mane, le tse hahabang, le linonyana tsa leholimo. Eaba lentsoe le fihla ho eena, la re:
Petrose, ema, u hlabe, u je. Empa Petrose a re: Ho se be joalo, Morena; hobane ha ke e-so ho
16
THUTO EA 6 *Phato 4 -10
je ntho e litšila, leha e le e sa hloekang. Lentsoe la eketsa la re ho eena la bobeli: Tseo Molimo
o li hloekisitseng, u se ke ua re, li litšila. Hoo ha etsoa hararo, lesela la ntoo boela le
nyolosetsoa leholimong." {AA 135.2}
Pono ena ene e fupere molaetsa oa khalemo le taeo. E ile ea mo senolela morero oa Molimo –
hore ka lefu la Kreste balichaba e lokela hoba majalefa hammoho le Ba-Juda
litlhohonolofatsong tsa pholoho. Barutuoa bane ba soka ba bolela Evangeli ho hang ho
Balichaba. Likelellong tsa bona lerako le neng le arohantse mehlobo le ileng la rapalatsoa fats’e
ke lefu la Kreste lene le ntse le le teng, ‘me bosebeletsing ba bona ba ne ba shebane feela le
Ba-Juda, haele Balichaba ba ne ba ba nka ba sena kabelo mahlohonolong a evangeli. Joale ke
moo Morena a ileng a batla ho ruta Petrose leano la Hae la ho pholosa lefats’e ka moka. {AA
135.3}
Balichaba ba bangata ba ne ba na le thahasello e kholo ho mameleng lithuto tsa Petrose le
baapostola ba bang, ‘me Ba-Juda ba bangata ba Ba-Gerike e ile eaba balumeli ba Kreste,
empa ts’okoloho ea Kornele e bile qalo e hlollang e bileng bohlokoa kahara Balichaba. {AA
136.1}
Joale nako e se e tlile ea hore ho thakholoe ts’ebetso e ncha kahara kereke ea Kreste. Lemati
leo Ba-Juda ba bangata ba sokolohileng esaleng ba le koalla Balichaba joale lene le lokeloa ho
buloa. ‘Me Balichaba ba neng ba amohela evangeli ba ile ba nkoa ba lekana hantle le barutuoa
ba Ba-Juda ho sa hlokahale hore ba ka latela melao ea lebollo. {AA 136.2}
“Mehleng eo, morena Heroda a qala ho hlorisa ba bang ba kereke.” ‘Muso oa Judea one ole
liatleng tsa Heroda Agipa ka tlasa bolaoli ba Sesare Klaude, ‘musisi oa Roma. Heroda one a
boetse a le boemong ba moteterareke Galilea. Ene e le ea ipolelang hore ke moporoselite oa
tumelo ea Ba-Juda, ‘me hoa bonahala hore one a na le cheseho e kholo ea ho etsa lits’ebeletso
tsa molao oa Ba-Juda. Ka ho nyorela bots’ehetsi ba Ba-Juda, o ile a ba le ts’epo ea hore aka
sireletsa boemo ba hae pusong ka ho tsoellisa pele mesebetsi ea litakatso tsa Ba-Juda eleng
ho hlokofatsa kereke ea Kreste, ho rinya matlo le thepa ea balumeli le ho akhela ntloana-
ts’oana baetapele ba kereke. O ile a hlahlela Jakobo, abuti oa Johanne teronkong, ‘me a romela
moahloli hore a ‘molae ka sabole, joaloka ha Heroda e mong a ile a susumetsa hore ho khaoloe
Johanne (Mokolobetsi) hlooho. Ka ho bona hore ketso tsena tsa hae li khahlile Ba-Juda a laela
hore ho hlahleloe le Petrose teronkong. {AA 143.1}
17
THUTO EA 7 *Phato 11-17
LEETO LA PELE LA BORUMUOA LA PAULOSE
“Eare hobane Moea o Halalelang o ba rome,” Paulosi le Banabase hobane ba tlotsuoe ke
baena ba bang Antioke, “ba theohela Selesia; teng ba kena sekepeng, ba tšelela Sipera.”
Ke moo Baapostola ba ileng ba simulla leeto la bona la pele la borumuoa. Sipera ke se seng sa
libaka tseo balumeli ba ileng ba balehela ho sona ka lebaka la litlhoriso tse ileng tsa latela lefu
la Setefane. Ke moo banna ba ‘maloa ba ileng ba nka leeto la Boevangeli ho tloha Sipera ho
leba Antioke, “ba bolela litaba tsa Morena Jesu.”-Liketso 11:20. Banabase ka boeena e ne e le
“ea tsoaletsoeng Sipera,” (Liketso 4:36); ‘me joale eena le Paulosi, ba felehetsoa ke Johanne
ea rehiloeng Mareka, monna oa habo Banabase, ba etele sebaka sena. [The Acts of the
Apostles 166.2].
Eare hobane ba fihle Salamise, Baapostola, “ba fihlela monna oa senohe, moporofeta ea
leshano oa mo-Juda, lebitso la hae e le Bare-Jesu. O na a na le ’musisi Sergiuse Pauluse,
monna ea hlalefileng. Eo a bitsa Barnabase le Saule, a lakatsa ho utloa lentsoe la Molimo.
Empa Elimase — ke ho re, senohe, ha lebitso la hae le fetoloa — a ba hanyetsa, a leka ho
khelosa ’musisi tumelong.” Ka matla oohle, Satane a leka ho thibela hore ‘Muso oa Maholimo o
tsebahatsoe lefats’eng. Mabotho a hae a kene ntoeng e totang kamehla ‘me a loants’a ba
khethetsoeng hasa Evangeli, matla ana a lefifi hangata a sebetsa ka matla a fetisisang ha ‘nete
e bolelloa banna ba tummeng ba bile ba hlompheha sechabeng… [The Acts of the Apostles
167.2].
Kamor’a hore Mareka, Paulosi le Banabase ba furalle Sipera, Paulosi le Banabase ba etela
Antioke e Pisidia eaba ka letsatsi la Sabbatha ba ea Sinagogeng ea Bajuda ‘me ba lula. “Eitse
hobane ho baloe mangolong a molao le a baporofeta, babusi ba sinagoge ba romella ho bona,
ba re: Banna ba heso, ekare ha le na le taba ea khothatso ho batho, le ka bua.” Eare ha se ba
memetsoe ho bua, “Eaba Pauluse oa ema, ’me eare ha a ba hoehlile ka letsoho hore ba khutse,
a re: Banna ba Iseraele, le lōna ba tšabang Molimo, mamelang!” Eaba ho latela manollo e
hlakileng ea litaba. A tsoela pele ho fana ka nalane ea kamoo Molimo a sebeliseng ka teng le
Bajuda ho tloha ha ba lokolloa bokhobeng Egepeta, a tsoela pele ho ba bolella le ka moo
Mopholosi a ts’episitsoeng ka teng, ka lehlomela la Davida, ‘me a phatlalatsa ka sebete hore
“Lelokong la eo, ka pallo ea oona, Molimo o hlahiselitse Iseraele ’Moloki Jesu. Enere ha a e-so
ho hlahe, Johanne o na a se a boleletse sechaba sa Iseraele kaofela kolobetso ea
pako.Johanne ha a se a ea qeta leeto la hae, a re: Le hlōma ke le mang? Ha ke eena. Empa
bonang, e mong o ea tla ka morao ho ’na, eo ke sa lokelang ho lokolla lieta maotong a hae.”
Eaba o ruta ka matla hore Jesu ke Mopholosi oa batho, eena Messia ea ts’episitsoeng
borofeteng. [The Acts of the Apostles 170.3].
Kamor’a hore a etse phatlalatso ena, Paulosi a tsoela pele, “Banna ba heso, bana ba leloko la
Abrahama, le ba har’a lōna ba tšabang Molimo, lentsoe lena la poloko le rometsoe ho lōna.
Hobane ba ahileng Jerusalema le baholo ba bona, ereka ha ba sa ka ba tseba Jesu, litaba tsa
baporofeta tse baloang ka Sabatha e ’ngoe le e ’ngoe ba li phethile ka ho mo ahlola.”
Paulosi ha a ka a qeea-qeea ho bua linnete tse topileng ka phurallo ea Mopholosi ea baetaple
ba Bajuda. “Leha ba sa ka ba fumana ho eena molato o tšoanetsoeng ke lefu, ba qela ho Pilato
18
THUTO EA 7 *Phato 11-17
hore a bolaoe. Eitse hobane ba phethe litaba tsohle tse ngoliloeng bakeng sa hae, ba mo
fanyolla sefateng, ba mo kenya lebitleng. Empa Molimo o mo tsositse bafung; ’me o bile a
bonoa ka matsatsi a mangata ke ba neng ba tlohe Galelea, ba tla Jerusalema le eena, bao e
leng lipaki tsa hae pel’a sechaba.” [The Acts of the Apostles 171.2]…
Ho tloha Antioke, Pisisdia, Paulosi le Banabase ba leba Ikone. Sebakeng sena, joaloka
Antioke, ba qalella mosebetsi oa bona Sinagogeng ea batho ba bona. mosebetsi oa bona e ile
ea ba katleho e kholo; “ha ba ha lumela bongata bo boholo ba ba-Juda le ba ba-Gerike.” Empa
Ikone, joaloka libaka tse ling moo Baapostola ba ileng ba bolela lentsoe teng, “ba-Juda ba sa
kang ba lumela, ba tsosa balichaba, hore lipelo tsa bona li tle li halefele baena.”
Leha ho le joalo, Baapostola ha ba ka ba furalla thomo ea bona, hobane bongata bo ne bo
amohela Evangeli ea Kreste. Ho sa khathalletsehe khanyetso, lipelo tse babang, le liketselletso,
ba tsoela pele ka mosebetsi oa bona, “ba bua ka sebete ka litaba tsa Morena,” ‘me Molimo “a
tiisa lentsoe la mohau oa hae ka ho etsa mehlolo le meeka ka matsoho a bona.” Bopaki bona
ba kananelo ea matla a Leholimo bo ne bo jere ts’usumetso e matla ho bao likelello tsa bona li
neng li bulehilehetse kholiseho, ‘me bongata ba sokoloha. [The Acts of the Apostles 177.2]
Baapostola ba hlorisoa haholo Ikone, ba khannoa ke litlhoriso, ba tšabela metseng e meng ea
Likaonia, e leng Listra le Derba, le linaheng tsa teng. Metseng ena ho ne ho ahile Bahetene,
batho ba linohe, empa har’a bona ho ne ho le teng ba neng ba ikemiselitse ho mamela le ho
amohela molaetsa oa Evangeli. Baapostola ba ikemisetsa ho sebetsa metseng ena ‘moho le
libakeng tse e potileng, ka khopolo ea ho qoba lithohako le litlhoriso tsa Bajuda. Lystra ho ne ho
se Sinagoge ea Bajuda, laha Bajuda ba ‘maloa ba ne ba fumaneha metseng e meng. Bongata
ba baahi ba Lystra ba ne ba khumana tempeleng ea Jupitere. Ha Paulosi le Silase ba fihla
mapatlelong a motse, ba bakella baahi, ba ba hlalosetsa ka bonolo linnete tsa Evangeli, ba
bangata ba leka ho kopanya lithuta tsa bo Paulosi le litumelo tsa bona tsa Bohetene borapeling
ba Jupitere… [The Acts of the Apostles 180.1]
Boteng ba lets’oele le bokaneng ba sechaba sa Bahetene Paolosi a laela hore seritsa se seng
se eme ka maoto a sona. Hang sa mamela taelo ea Paulosi ‘me ka lekhetlo la pele bophelong
ha hae a ema ka maoto. Matla a tsamaea ‘moho le khato ena ea tumelo, ‘me eo e sa leng e le
siritsa “a tlola a tsamaea” “Eare ha bongata bo bona se entsoeng ke Pauluse, ba qala ho hooa
ka puo ea seLikaonia, ba re: Melimo e nkile sebopheho sa batho, e theohetse ho rōna.” Polelo
ena e lumellana le tloaelo ea bona ea hore melimo ea bona e atisa ho etela lefats’e. Ba bitsa
Banabase Jupitere, ntat’a melimo e meng, ka lebaka la ponahalo ea hae, seriti sa hae, le
boikokobetso bo neng bo bonahala chalimong ea hae. Pauluse eena, ba re, ke Merkure,
kahobane e ne e le eena “mong a lipolelo,”a bua ka matla, ka boikokobetso, a bile a fana ka
mantsoe a tlhokomeliso le khalemelo… [The Acts of the Apostles 181.2]
Leeto la pele la borumuoa ba Evangeli le ne le se le tla fela. Ka nako eo, ho ne ho se ho ena le
likereke tse ncha tse hlophisitsoeng tsa Morena, ‘me Baapostola ba leba Pamfilia “Ba bolela
lentsoe Perge, ba ntoo theohela Attalia
19
THUTO EA 8 *Phato 18-24
LEKHOTLA LA JERUSALEMA
Ha ba fihla Antioke e Seria, ba tsoa sebakeng seo ba neng ba romiloe ho sona, Paulosi le
Banabase ba nka monyetla ‘me ba bokella balumeli ho ba fa koetliso “ba bolela tse kholo tseo
Molimo o li entseng ka bona, le kamoo o buletseng lichaba monyako oa tumelo kateng.”-Liketso
14:27. Kereke e Antioke e ne e le kholo ‘me e hola ka potlako. E ne ele teng khubung ea
liketsahalo tsa borumuoa, ‘me kahare ho eona ho ne ho le teng lihlots’oana tse bohlokoa haholo
tsa balumeli ba Bakreste. Litho tsa kereke ena e ne e le lihlopha tse ngata tse akaretseng
Bajuda le Balichaba. Ha baapostlola ba ntse ba tlamahana le basebeletsi ba kereke ba bile ba
isa litho tse ncha Antioke ka sepheo sa ho hapela Kreste meea e meng e mengata, Balumeli ba
bang ba Bajuda ba neng ba tsoa Judea “bao e neng e le karoloana ea Bafarisi” ba atleha ho
hlahisa potso eo hamorao e ileng ea tsosa likhang tse telele ka hare ho Kereke le ho sisinya
metheo ea tumelo ea balichaba ba neng ba sa tsoa lumela. Bajuda bana ba tiisa hore motho o
bolokeha hafela a ka bolla le ho boloka melao eohle ea mahlabelo. [The Acts of The Apostles,
leqephe 188]
Paulosi le Banabase ba khahlana le thuto ena e fosahetseng ba bile basa e labella ‘me ba
hanana le hore taba ena e hlahisoe kapel’a balichaba. Ka lehlakoreng le leng, bongata ba
Bajuda ba lumetseng ba neng ba phela Antioke ba lumellana le lehlakore la baena bane ba
neng ba tsoa Judea….[The Acts of The Apostles 189.1]
Bajuda ba ne ba se ba tloaetse hore e be tlotla ho bona ho latela litloaelo tsa Leholimo ho tsoa
melaong ea mahlabelo, ‘me ba bangata ba fetohetseng ho tumelo ea Kreste ba ne ba ntse ba
utloa hore e re kaha Molimo o behile ka ho hlaka tsela ea Seheberu ea ho mo sebeletsa, ho ne
ho ke ke ha khonahala hore a fetole leha e le e le ngoe fela ea likateng tsa lits’ebeletso tseo. Ba
hlahisa hore mekhoa le litloehelo tsa Bajuda e be karolo ea tumelo ea Bokreste. Ho ba nkile
nako hore ba utloisose hore melao eohle ea mahlabelo e ne e le seriti seo phethahalo ea sona
e bileng ka lefu la Mor’a Molimo, ‘me kamoroa ho moo, melao eohle ea Moshe ea Mahlabelo e
ne e se e sa tlame. ….[The Acts of The Apostles 189.3]
Kerekeng e Antioke, taba ea lebollo ea tlisa lipuisano tse telele tse kentseng likhang. Qetollong,
litho tsa Kereke, ka ho ts’oha hore ho se utloisisane hoo ho tla tlisa likhaohano, ba nka qeto ea
ho romella Paulosi le Banabase Jerusalema, ba ena le banna ba boikarabello ho tsoa moo
Kerekeng. Sepheo e le ho beha qaka ena ea taba kapele ho Baapostlola le baholo ba Israele.
Ke moo ba neng ba ilo kopana le barumuoa ho tsoa likerekeng tse fapaneng le ba neng ba
emetse mekete e neng e se e atametse. Liphapang li ne li lokela ho emisa hofihlela lekhotla le
akaretseng le nkile qeto Jerusalema. Qeto eo e ne e lokela ho amoheloa ke bohle likerekeng
tsohle linaheng tsohle. ….[The Acts of The Apostles 190.2]
Eitse hoba barumuoa ba tsoang Antioke ba fihle Jerusalema, ba kopane le baena ba tsoang
likerekeng tse fapaneng ba neng ba tlile sebokeng seo se akaretsang. Ba ba bolella ka katleho
ea bosebetsi ba Evangeli ho balichaba. Ba fana ka litaba tse hlakileng hore na pherekano e tlile
joang ka liquloana la Bafarisi ba lumetseng bao e itseng ha ba fihla Antioke ba phatlalatsa hore,
balichaba ba lokela ho bolotsoa le ho boloka molao oa Moshe hore batle ba bolokehe.
20
THUTO EA 8 *Phato 18-24
Taba ena e ile ea ts’ets’ethoa ka mofuthu ‘mokeng moo. Lintlha tse ling tse neng li hokahane le
lebollo tse neng li hloka boithuto bo tebileng le tsona tsa eloa hloko. E ngoe ea tsona e ne e le
hore na ke joang balumeli ba jang linama te hlabetsoeng melingoana ba ka atameloang ka
eona. Bongata ba balumeli ba balichaba ba ne ba phela har’a lichaba tsa bahetene tse neng li
etsetsa melingoana mahlabelo. Bapriesta bao ba borapeli ba bohetene ba ne ba kholisitse
batho hore ha ba tlisa mahlabelo ho melingoana ba tla hlohonolofala. Sena se ne se etsa hore
Bakreste ba Bajuda ba be letsoalong la hore Bakreste ba balichaba ba tla silafatsa Bokreste
haeba ba ka sebelisa tse hlabetsoeng melingoana ‘me ka seo ba lamella hore ka tsela e itseng
litloahelo tsa bohetene li kene kahare ho kereke. Balichaba hape ba ne ba sena bothata ba ho
ja nama ea phoofolo e shoeleng, empa Bajuda ba ne ba fuoe taelo ea Leholimo hore ka nepa
phoofolo e lokela ho ts’oloha mali pele e ka jeoa ho seng joalo nama e joalo e ne e nkuoa e sa
hloeka. Molimo o ne a file Bajuda litaelo tsena molemong oa bophelo ba bona bo botle. E ne e
le sebe ho Bajuda ho fumana lerotholi la mali lijong tsa bona.Ba ne ba kholisehile hore mali ke
bophelo ‘me mali a ts’oloha ka lebaka la sebe. ….[The Acts of The Apostles,leqephe 191]
“Eitse hobane ba fetolane haholo, Petrose a ema, a re ho bona: Banna ba heso, lea tseba
hobane e se e le khale Molimo o nkhethile har’a rōna, hore lichaba li utloe lentsoe la Evangeli
ka molomo oa ka, ’me li lumele.” O ile a fana ka mabaka a utloahalang ‘me qetollong a ba
bolella hore qeto ea Moea o Halalelang sesoseng sa ngangisano ke hore Oona Moea o
Halalelang o ts’olohile ka matla a lekanang holim’a balichaba ba sa bollang ‘moho le Bajuda ba
lebollo. O ile a hopola toro ea hae moo Molimo a neng a ‘monts’e lesela le phuthetseng
liphoofolo ts’ohle tse maoto-mane ‘me a laela hore a hlabe a je. Moo a hananang le seo ka ho
bolela hore ha so je se silafetseng, karaba eaba “Tseo Molimo o li hloekisitseng, u se ke ua re, li
litšila.”-Liketso 10:15[The Acts of The Apostles, 192.4]
Moea o Halalelang oa bona ho lokeleha hore ho se imetsoe balumeli ba Balichaba ka melao ea
mahlabelo, ‘me likello tsa Baapostola tsa nka taba ena e le e tsoang ho Ntate ea Maholimong.
Jakobo a ile a fana ka maikutlo moo lekhotleng, ‘me qeto ea hae ea moshoelella e ile eaba hore
“Ke ahlola ke hona, hore balichaba kaofela ba sokolohelang ho Molimo, ba se ke ba
khathatsoa.”[The Acts of The Apostles,194.3]
21
THUTO EA 9 *Phato 25 – 31
LEETO LA BOBELI LA BORUMUOA
Nako e ne se fihlile ea hore Evangeli e phatlalatsoe le ho feta libakeng tsa Asia. Monyetla o ne
o se o buleha oa hore Paulose le basebetsi ‘moho le eena ba ts’elele Europa. Paulose ha a le
Troase, mabopong a leoatle la Meditaranea, “pono e ile ea mo hlahela bosiu: ho ne ho eme
monna oa Masedonia, a mo rapela, a re, Ts’elela Masedonia u tlo re thusa.”
Pitso ena e ne e le bohlokoa, ‘me e sa hloke ho senyetsoa nako. “Kamora hore a bone pono,”
ho bolela Luka, ea neng a fehelelitse Paulose, le Silase le Timothea leetong la bona la Europa,
“hang ra phehella ho ea Masedonia, re lumela hore Morena O re bilelitse ho lo ruta Evangeli
sebakeng seo. Joale ea re ha re furalla Troase, ra fihla Samothracia, le hlahlamang ra fihla
Nepolis, ho tloha moo ra fihla Filipi, e leng eona motse-moholo oa karolo eo ea Masedonia."
(Acts of the Apostles page 211).
Ha barumuoa bana ba sefapano ba ntse ba tsoela pele ka mosebetsi ona oa ho ruta, mosali ea
neng a ena le moea oa bo thuela a ba latela, a ntse a meketsa, “banna bana ke bahlanka ba
Molimo, ba re bonts’ang tsela ea topollo. Hona o ile a ho etsa matsatsi a mangata.” Mosali enoa
e ne e le sesebelisoa se khethehileng sa Satane, ‘me o ne a ruisitse ba bangata ka boloi ba
hae. Ts’usumetso ea hae e tiisitse bokhumameli ba lits’oants’o. Satane o ile a hlokomela hore
‘muso oa hae oa hlaseloa, eaba o leka ho loants’a mosebetsi oa Molimo, a ts’epa hore o tla
tsoaka thetso ea hae le linnete tsa ba neng ba phatlalatsa molaetsa oa Evangeli. (Acts of the
Apostles page 212).
Ha nakoana, ba-apostola ba ile ba mamella litlhoriso; hamorao Paulose ka ts’uts’umetso ea
Moea O halalelang a laela moea o mobe ho tsoa ho mosali. Ka mora hore moea o lits’ila o tsoe
ho eena, mosali a khetha ho ba molateli oa Kreste. Eaba beng ba hae ba tlala ka ho t’soha. Ba
hlokomela hore ts’epo eohle ea bona ea ho ruha ka bo-upelli le boloi ba mosali enoa e se e le
pheletsong, ‘me mokhoa oa bona oa ho etsa chelete o se o tla fela ha feela ba-apostola ba ka
lumelloa ho tsoela pele ka mosebetsi oa Evangeli.
Lets’oele eaba le tsohela ba-apostola matla. Ba pusong le bona ba nka lehlakore, hoo ba ileng
ba tabola liaparo tsa ba-apostola, hape ba laela hore ba hlokofatsoe. “Eitse ha ba qeta ho ba
shapa, ba ba akhela chankaneng, ba laela hore molebeli a ba lebele ka thata: Molebeli eitse ha
a fumana taelo ena, eaba o ba akhela ka chankaneng e ka hare, a tlama maoto a bona ka
liketane.” (Acts of the Apostles page 213).
Ba-ts’oaruoa ba bang ba makala ha ba utloa molumo oa thapelo le pina ho tsoa chankaneng e
ka hare. Ba ne ba se ba tloaetse ho utloa lillo le likomang, le lithohako bosiu; empa ba ne ba e-
so ho utloe mantsoe a thapelo le lipoko tse tsoang ka chankaneng ka moo. Balebeli ba makala,
ba botsana hore na banna bana ke bo mang, bao le hara mohatsela, tlala le tlhokofatso ba
ntseng ba thabile.
Molebeli oa chankane o ile a makala haholo ha a utloa lithapelo le lipina tsa ba-apostola bana.
Melumo ena ea koeetsa molebeli hoo a ileng a tsosoa ke ho reketla ha mabota a
chankane.Hang molebeli a lahlela sabole fats’e , a khants’a, eaba o potlakela ka chankaneng e
ka hare. Ka boikokobetso bo boholo, a kopa ba-apostola ho mo bonts’a tsela ea bophelo.
22
THUTO EA 9 *Phato 25 – 31
“Lumela ho Morena Jesu Kreste, ‘me u tla bolokeha le ba ntlo ea hau,” ba araba; eaba “ba bua
le eena, le ho bohle ba neng ba le ka tlung lentsoe la Morena.” Eaba molebeli o hlatsoa maqeba
a ba-apostola, a ba sebeletsa, eaba ka morao ho tseo, ba-apostola ba mo kolobetsa, hammoho
le ba ntlo ea hae. (Acts of the Apostles page 214-216).
Ka mora ho tloha Filipi, Paulose le Silase ba leba Thesalonika. Mona Thesalonika ba ile ba fuoa
monyetla oa ho ruta mats’oele sinakhokheng ea Ma-Juda. Lifahlelo tsa bona li ne li paka hore
ba hlokofalitsoe, ‘me ba ne ba lokela ho fana ka tlhalosetso ea se etsahetseng. Sena ba ile ba
se etsa ba sa iphahamise, empa ba phahamisa ea ba loanetseng.
Ka ho ruta Ba-Thesalonika, Paulose a hlahisa mangolo a Testamente ea khale mabapi le
Mesia. Kreste bosebeletsing ba hae o ile a bula likelello tsa barutuoa ba hae ho boporofeta
bona; “ho qala ka Moshe le baporofeta bohle, eaba u ba manollela mangolo a buang ka eena. “
Luka 24:27. Peterose ha a ruta Kreste o ne a fana ka bopaki ho hlaha Testamenteng ea khale.
Setefane le eena o latetse mohlala ona. (Acts of the Apostles page 221).
Ha a le Berea, Paulosi a fumana Ma-Juda a neng a ikemiselitse ho tsoma linnete tseo a neng a
li ruta. Luka o re ka bona: “bao ba fetisa Ba-Thesalonika ka bokhabane, ba amohela lentsoe ka
cheseho e kholo, ba botsisisa Mangolo ka matsatso ‘ohle, ho tseba hore na litaba tseo li joalo
ruri na? Ba bangata hara bona ba ba ba lumela, le basali ba hlomphuoang ba ba-Gerike, le
banna ba bangatanyana.” Hohle moo Evangeli e boleloang, ba nang le cheseho ea ho etsa ho
nepahetseng ba tsoma Mangolo ka boitelo.
Ka lebaka la ho tloha Berea ka lephehlo-phehlo, Paulose a hloka monyetla oa ho etela baena
Thesalonika. Ha a fihla Athene, moapostola a romela molaetsa ho baena ba Berea hore Silase
le Timothea ba tle ho eena kapele. Timothea o ne a ile a tla Berea pele Paulose a tloha teng,
‘me ba sala ho tsoelisa pele mosebetsi o neng o se o thakhotsoe, le ho tataisa ba bacha
tumelong. (Acts of the Apostles page 232-233).
Teropo ea Athene e ne e le setsiketsi sa bohetene. Mona Paulose ha a ka a kopana le sechaba
se sa rutehang joaloka sa Lystra, empa o kopane le batho ba neng ba le bohlale setsong sa
bona. Ha hoa nka nako e telele hore banna ba baholo ba Athene ba ithute hore ho na le tichere
e rutang batho lithuto tse makatsang. Ba neng ba le khahlanong le eena ba mo hlokomelitse
hore Sokratese o ile a bolaoa ka lebaka la ho ruta ka melimo e sele, ‘me ba eletsa Paulose hore
a se ke a ipeha kotsing e ts’oanang. Empa lithuto tsa moapostola tsa hapa maikutlo, ‘me
bohlale ba hae ba etsa hore a hlomphuoe le ho ratoa.
Eaba ba nkela Paulose ‘Mars Hill’. Mona eaba moapostola o utloahala hantle, ka ha ho ne ho
thotse ho se na lerata. O ne a pota-potiloe ke liroki bataki le barutehi ba Athene, ba ileng ba re
ho eena, “Ako re bolelle hore na thuto ena ea hau e ncha ke eng? Hobane o re ruta lintho tse
makatsang: re batla ho tseba hore na lintho tsena li bolela eng.” Ka nako ena, moapostola a
kokobela. Pelo ea hae e ne e imetsoe ke molaetsa o bohlokoa, ‘me mantsoe ao a ileng a a bua
eaba a kholisa ba mametseng hore ha se sebui se sa hlakang. Paulose eaba o tlosa likelello tsa
bona ho melimo esele, a li lebisa ho Molimo oa nnete. (Acts of the Apostles page 235-237).
23
THUTO EA 9 *Phato 25 – 31
Nakong ea lilemo tse lekholo tsa pele nalaneng ea bokreste, Korinthe e ne e le e nngoe ea
literopo tse kholo, eseng ho Gerike feela, empa ho lefats’e kaofela. Ba-Gerike, Ba-Juda le
Baroma, le ba neng ba hlaha lefats’eng ka kakaretso ba ne ba lula Korinthe, ho thaba le ho etsa
khoebo teng. E ne e le setsiketsi sa khoebo, ‘me e fihleleha habonolo.
Ha a ruta Evangeli Korinthe, moapostola o ile a sebelisa mokhoa o fapaneng le oa Athene. Ha a
ne a le Athene, o ne a ipapisa le ba neng ba mo mamela; o ne a toba kelello ka kelello, filosofi
ka filosofi. Empa Ba-Juda ba Korinthe ba ne ba ikoala mahlo ho nnete eo Paulose a neng a e
ruta, ‘me ba hana ho e mamela. Moea o e ntseng hore ba latole Kreste, ke ona o ileng oa etsa
hore ba tlale ka khalefo khahlanong le Paulose; hoja Molimo Oa se ke Oa mo sireletsa, e le
hore a tsoele pele ho bolela Evangeli ho Ba-Gerike, ba ka be ba ‘molaile. (Acts of the Apostles
page 243, 248).
23
THUTO EA 10 * Loetse 2-7
LEETO LA BORARO LA BORUMUOA
EFESE: KHAOLO EA 1
APOLLOS
Kamor’a ho tloha Korinthe, mokhahlelo o mong oa Mosebetsi oa Paulosi o ne o le Efese. O ne a le
tseleng e lebang Jerusalema ho nka karolo moketeng o tlang, ‘me ho khefutsa ha hae Efese ho bile ho
khuts’oane. O ile a ngangisana le baJuda synagogeng, ‘me ts’usumetso eo a bileng le eona ho bona e
bile ntle hoo ba ileng ba mo qela hore a tsoelepele ho sebetsa har’a bona. Morero oa hae oa ho etela
Jerusalema o ile oa mo sistisa ho lula nako e telele, empa a etsa tshepiso ea ho boela ho bona, “ha
Molimo o ratile.” Akila le Prisilla ba ile ba mo felehetsa ho ea Efese, ‘me o ile a ba siea moo ho nts’etsa
pele mosebetsi oo a ileng a o khakola. {AA 269.1}
Ka eona nako eo “mo-Juda e mong, ea bitsoang Apolose, ea tsoaletsoeng Aleksandria, monna ea
hlalefileng, ea tsebang Mangolo haholo, a fihla Efese.” O ne a ile a utloa ho ruta ha Johanne
mokolobetsi, a fumana kolobetso ea pako, ‘me ea e ba bopaki bo phelang hore moprofeta ha a ka
sebeletsa lefeela. Mangolo a paka Apolose ka hore “Monna eo o na a rutiloe tsela ea Morena; o na a
bua ka moea o nang le cheseho, a ruta ka kelello litaba tsa Morena, leha a na a tseba kolobetso ea
Johanne feela.” {AA 269.2}
Ha a sa le Efese, Apolose “a qala ho bua sinagogeng a sa tšabe letho.” Har’a ba ileng ba mo utloa e ne
e le Akila le Prisilla, bao, ho elelloeng hore ha e so ho fumane leseli la evangeli ka botlalo, “ba mo
nkela ha bona, ’me ba mo hlalosetsa tsela ea Molimo, ho feta kamoo a neng a e tseba pele kateng.” Ka
thuto ea bona o ile a fumana kutloisiso e batsi ea mangolo ‘me ea eba kheleke ea ntamolane tumelong
ea seKreste. {AA 270.1}
Apolose o na a e na le takatso ea ho ea Akaia ‘me baena ba Efese “ba ngolla barutuoa, ba ba
khothatsa hore ba mo amohele” e le moruti ea khemang ka botlalo le kereke ea Kreste. A ea Korinthe,
moo, ka tshebetso e pepeneneng le ho ea ntlo ka ntlo, a ileng “a hlōla ba-Juda pontšeng ka matla a
maholo, a ba bontša ka Mangolo hore Jesu ke Kreste.” Paulosi o ile a jala peo ea ‘nete, joale Apolose a
e noesetsa. Katleho e ileng ea tlela Apolose ha ruta evangeli e ile ea susumetsa ba bang ba lumetseng
ho babatsa mesebetsi ea hae kaholim’a ea Paulosi. Papiso ena ea motho ka e mong e ile ea tlisa ka
hare ho kereke moea oa karohano o ileng oa beha tlokotsing kholo ea evangeli. {AA 270.2}
EFESE: KHAOLO EA 2
Ho ne ho le teng lebaka le leng la ho se khotsofale. Khoebo e kholo e hafang ka nkatana e ne e ile ea
hloma Efese ka ho bopa le ho rekisa lialetara tse nyane le lits’oants’o, li entsoe ka ho ts’oana le
tempele le lits’oants’o tsa molimotsana Diana. Ba neng ba thahasella khoebo ena ba ile ba bona lisiu
tsa letlotlo la bona li fokotseha, ‘me bohle ba iketsa khokanyana-phiri ho rehella phethoho ena e
khesehang ka mesebtsi ea Paulosi. {AA 292.2}
Demetriues, mohlahisi oa litempelana tsa selivera, ka ho etsa pitso le bo-mphato ba hae, a re “Banna,
lea tseba hobane mosebetsi ona ke leruo la rōna. Lea bona, lea utloa, hoba Pauluse eo o se a
24
THUTO EA 10 * Loetse 2-7
kholisitse batho ba bangata, e seng Efese feela, e batla ho ba Asia kaofela; o bile o ba khelositse ka ho
re, melimo e etsoang ka matsoho hase melimo: Kotsi ea taba eo, hase feela hore mosebetsi oa rōna o
tla nyeliseha; empa le eona tempele ea mofumahali Diana, molimo o moholo, e tla etsoa lefeela; ’me
eena ka sebele ea hlomphuoang ke Asia kaofela le lefatše lohle o tla timelloa ke khanya ea hae.”
Mantsoe a na ile a tsosa khalefo e tukang ea batho. “Ba tlala bohale, ba hooa, ba re: O moholo, Diana
oa ba-Efese!” {AA 292.3}
TROASE
Leeto la Filipi le ile la thibeloa ke meea e matla, hoo matsatsi a mahlano ho e na le a mabeli, e leng
nako e tloaelehileng, a ileng a hlokahala ho fihla Troase. Mona Pulosi o ile a lula matsatsi a supileng,
‘me joalo ka ha e ne e le mokhoa oa hae, a nka monyetla oa ho khothatsa le ho matlafatsa baena. {LP
196.3}
Mantsiboeng a ho qetela a lula le bona, baena “ba phuthehile ho ngoatha bohobe.” Taba ea hore
moruti oa bona ea ratoang o ne a ea ba furalla, e ne e ile e mema bongata bo fetang ba mehla. Ba ile
ba bokana kamoraneng e ka holimo mokatong oa boraro, sebakeng se pholileng ka ho fetisisa
mantsiboeng ao a selemo a neng a futhumetse. Masiu a ne a se a roalellana, empa maseli a mangata
a ne a tuka ka kamoraneng. Kelello ea Paulosi e ne e sisintsoe ke boikutlo ba tlokotsi tse mo
emetseng, le ho hloka bonnete bah ore na o tla boela a kopana le baena bana ba hae; o ne a na le
litaba tse kholo tsa bohlokoa ho li hlahisa ho bona; ka cheseho ea lerato la hae le qenehelo ho bona, a
ruta ho fihlela ka khitla. {LP 196.4}
Maballong a sephara a sefensetere se neng se butsoe, ho ne ho rethebane lephura-khoahla le
bitsoang Eutike. Sebakeng sena se kotsi o ile ea le sephume sa boroko, ‘me qetellong a oa moo a
neng a lutse, a tsubella tlase lepatlelong. Se neng se ntse se tsoela pele sa emisa. Hohle ea eba ts’oho
le pherekano. Lephophojana lena le ile la nkoa e se le mofu, ‘me bongata ba mo bokanela ka lillo le
mefehelo. Empa Paulosi, a fohla sehlopha sena se ts’ohileng, a phamola mofu, ‘me a hoelehetsa ho
Molimo ka thapelo e neng e tla tsosetsa mofu enoa bophelong. Thapelo e ile ea arajoa. Ka holim’a
melumo ea lillo le ho meketsa lentsoe la moapostola la utloahala, le re, “se tšoheng, hobane moea oa
hae o sa le ka ho eena.” Ka nyakallo, empa ka boikokobetso le boithobo ka baka la ponts’o ena ea
matla le mohau oa Molimo, balumeli ba boela phapusing e ka holimo. Ba ja bohobe ha ‘moho, ‘me
Paulosi a tsoela pele ho fihlela mafube a hlaha. Eutike eena o ne boetsa bo-eeneng, ‘me ba mo tlisa
phuthehong ba ts’elisehile haholo. {LP 197.1}
TIRE LE SESAREA
Ha ba ntse ba le leetong la bona nga boroa, bahahlauli bana ba fihla Sesarea, ‘me ba “kena tlung ea
Filipi, moevangeli, eo e neng e le e mong oa ba supileng, ’me [ba] lula ha hae.” Mona Paulosi o ie a lula
ho fihlela mantsiboea a etellang mokete pele. Ana a fokolang empa a tletseng ka khotso, matsatsi a
thabo e ne e le a ho qetela a tokoloho e phethahetseng eo a neng a tlo nka nako e telele a sa natefeloe
ke eona. Pele a khahlana le liketsahalo tsa mats’abeho tse mo emetseng Jerusalema, Morena o ile a
hlasimolla moea oa hae ka nako ena ea phomolo le kopano e monate le baena. {LP 203.3}
25
THUTO EA 10 * Loetse 2-7
Filipi oa Moevangeli e ne e le tlama se le seng le Pulosi ka maqhama a kutloelo bohloko e tebileng.
Monna ea hlaphohetsong ea nang le bokhabane, Filipi ke eena oa pele oa ho roba joko ea lenyatso la
baJuda, ‘me ka hoo a thusa ho hlekela tsela ea mosebetsi oa baapostola. Ke Filipi ea ileng a hasa
evangeli ho baSamaria; ke Filipi ea ileng a kolobetsa letona la Kandase. {LP 204.1}
Hamoraonyana moapostola a fihlile Sesarea, moprofeta Agabuse a fihla a etsoa Judea. O ne a ile a
nyenyeletsoa ke moea o halalelang , ka tse tla hlahela Paulosi, ‘me ka tsela ea ho ts’oants’a ea
baprofeta ba khale a nka senyepa sa Paulosi, ‘me ka sona a itlama matsoho le maoto, ‘me a re,
“Monna eo senyepa sena e leng sa hae, ba-Juda ba tla mo tlama joalo Jerusalema, ba be ba mo neele
matsohong a balichaba.” Ba tsamaea le Paulosi ba ne ba elelletsoe hore ketelo ea hae Jerusalema e
ne e bilietsa tlokotsi; empa ba ne ba so bone botebo ba kotsi. Joale khopolo-taba ea fetoha ‘nete; ‘me
homim’a mats’oenyeho a tsoang ho baJuda ha eketsoa matsoalo a ho hlahleloa ntloana-ts’oana ke
baRoma. Ba ile ba rapela Paulosi ka pheello hore a mpe a itulele moo a teng, ‘me bona ba mpe ba
fetele Jerusalema ho isa menyehelo ea likereke tsa Balichaba. Baena ba Sesarea ba kopanya thapelo
tsa bona le lillo tsa bona le ba tsameang le Pulosi: hobaneng a tlameha ho tobana le tlokotsi e kale?
Hobaeng a pepesa bophelo ba hae bo bohlokoa lehloeong la baJuda? Ebe e k eke ea eba khakanyo e
kotsi feela ho e aka mor’a hore a fumane tlhokomeliso ho tsoa ho Moea oa Molimo? {LP 204.2}
Moapostoala o ile a sismoha ha bohloko ke maipiletso a na a baena bah ae ba ratoang. Kahlolong ea
motho o ne a na le mabaka a utloahalang a ho resela morero oo oa hae e se o bohlale. Empa o ile a
ikutloa hore o khannoa ke ho etsa thato ea Molimo, ‘me o ne a ke ke a beheloa sekhoqetsane ke
lentsoe la metsoalle, leha e le tlhokomeliso ea moprofeta. O ne a ke ke a monyola hlooho jokong ho ea
ho le letona kapa le lets’ehali. O tlameha ho latela Kreste, ha ho hlokahala, teronkong le lefung. Likeleli
tsa hae li ne li sa keleketle ka baka la hae, empa ka ho utloela baena bana ba hae bohloko, bao ho
tsitlalla hona ha hae ho ba tliselitseng masisapelo. "Le etsa’ng ha le lla joalo, le ho tepeletsa pelo ea
ka?” a botsa, “athe ke itokiselitse, e seng ho tlangoa feela, empa e le le ho shoela lebitso la Morena
Jesu Jerusalema.” Ka ho elelloa hore bam o utloisa bohloko, ntle le ho mofetolisa maoa, baena ba
khaotsa ho mo emella, ba re feela, “Ho etsoe se ratoang ke Morena!” {LP 205.1}
Nako ea fihla e sa hane eo phomolo ena e khuts’oane Sesarea e lokelang ho feela, ‘me, ba felehelitsoe
ke baena ba Sesarea, Pulosi le moifo oa hae ba leba nga Jerusalema, lipelo tsa bona li ile mafisa ka
baka la bobe bo tlang. Lets’oele ka mokete ona oa selemo le ne le le lengata hoo balichaba ba ileng ba
hloleha ho fumana bolulo ka har’a motse, ‘me ba tlameha ho iketsetsa metlotloane ka ntle ho marako.
Empa, ho latela tlhopho ea pejana, moapostola le moifo oa hae ba ne ba lokela ho amoheloa tlung ea e
mong “Mnasone, morutuoa oa khale, ea tsoang Sipera.” {LP 206.1}
26
THUTO EA 11 *Loetse 8-14
HO TS’OAROA JERUSALEMA
Ho tloha mohla a sokolohang, ketelo ea Pulosi Jerusalema e sale e le e nang le khathatseho, le
boikoahlaeo ha a hoopla liketsahalo tsa bophelo ba hae bo fetileng. Moo ho ne ho le teng
sekolo ka Gamliele, moo a ileng a fumana thuto ea hae teng, ntlo ea moo moprista e moholo a
ileng a mo fa thomo ea hae, setsiketsi sa moo mali a Setefane a ileng a pakela Kreste. Ha
moapostola a talima sebaka sa polao, ketsahalo eo ka ho hlaka ea shekhema kellong ea hae. A
ebe o tlo oeloa ke lefu le ts’oanang? Ha hona nako eo a kileng a ts’aba litsela tsa Jerusalema
ka tsela ena. O ne a tseba hore o tlo fumana metsoalle e mecha le lira tse ngata. Har’a
mats’oele ho ne ho le teng bao mali a bona a tl’o bela ha ba utloa lebitso la hae. O ne a le
motseng oo baprofeta ba ileng ba bolaeloa ho oona, motse o ile oa latola oa ba oa bolaea mor’a
Molimo, ‘me o neng o okametsoe ke khalefo ea Molimo. Ha a hopola hore na o ne a ena le
nyoko e babang ha kae khahlanong le balateli ba Kreste, o ile a utloela banna ba habo bohloko
bo makatsang. Empa leha ho le joalo e ne le ts’epo e seng kae ho eena hore a ka ba tsoela
molemo. Khalefo ea bofofu e ts’oanang le e neng e fifalitse pelo ea hae, joale e ne hotetsa ka
matla a ke keng a boleloa lipelo tsa sechaba sohle khahlanong le eena. {LP 206.2}
KOPANO LE BAHOLO
Joale monyetla oa bohlokoa bakeng sa baetapele bana ho phatlalatsa pepenene hore Molimo o
sebelitse ka Pulosi le hore ba ne ba fositse ho lamella litlaleho tsa lira ho tsosa mona le lefufa
khahlanong le eena. Empa ho ena le ho etsetsang eo ba mo sitetsoeng toka, ba bonahala ba
mo ngosa bakeng sa lenyatso le teng, joalo kaha eka ho na le seo a se entseng ho baka
boikutlo boo. Ha ba ka bae ma ka bokhabane ho mo sireletsa, le ho bontsha lehlakore le phoso
la ba neng bam o tsoa; empa ba ile ba akhela moroalo holim’a Paulosi, ba mo eletsa ho etsa se
ka tlosang maikutlo ana a ba neng ba mo tsoa. {LP 211.3}
Baena ba ne ba ts’epile hore ka ketso ena, Paulosi o ne a tla fana ka khanyetso e topileng
khahlanong le liketseletso tsa bona. Empa ha Jakobo a ile a tiisetsa Paulosi hore qeto eo ba
ileng ba e nka lekhotleng le fitileng (Liketso 15) malebana le balichaba le melao ea mahlabehlo
e ntse etsoe hloko, keletso e fanoeng e ne sa nyalane le qeto e ileng ea ts’ehetsoa ke moea o
halalelang. Moea oa Molimo ha oa ka oa susumetsa keletso ena. E bile tholoana ea bokoala.
Ka ho se ikobele melao ea mahlabelo, baKreste ba ne ba ipitsetsa lehloeo la baJuda ba sa
lumelang, le ho ipitsetsa litlhoriso tse kholo. {LP 212.1}
MOFEREFERE TEMPELENG
Letsatsing le hlahlamang Paulosi a tsoela pele ho imatahanya le keletso ea. {LP 214.2}
Ho eena ho kena Tempeleng ka nako eo ho bakanoeng ka bongata e ne e le ho beha bophelo
bah ae tlokotsing. Matsatsi a se ma kae o ile a tsoa, a kena, ka har’a ba phuthehileng ka
khopolo ea ho se bonoe; empa pele nako e beiloeng e feela, ha a ntse a bua le mopritsa
mabapi le sehlabelo se tla fanoa, o ile a elelloa ke moJuda e mong oa Asia. Banna bana ba ile
27
THUTO EA 11 *Loetse 8-14
ba hloloa ngangisanong le eena Synagogeng e nngoe Efese, ‘me ba nna ba tlokoma ka khalefo
khahlanong le eena ha ba bona katleho ea hae ho holisa kereke ra boKreste motseng oo. Ba
mmona moo ba neng ba sa nahana hore a ka ipeha teng,--ka har’a mapatlelo a tempele. Joale
o ne a le matleng a bona, ‘me ba ikemisetsa ho mo khoathisa ka lebaka la bobelete ba hae. {LP
215.1}
Ka khalefo ea bademona ba mo rurela, ba hooa, “Banna ba Iseraele, tlatsang; suna motho ea
ntseng a ruta batho kaofela kahohle thuto e loantšang sechaba, le molao, le nǵalo ena; o bile o
ekelitse ka ho tlisa ba-Gerike tempeleng, o bile o silafalitse nǵalo ena e halalelang.” {LP 216.1}
Ka molao oa baJuda, e ne le tlolo ea molao eo motho a tlemehang ho e bolaeloa hore leqai le
kene mapatlelong a tempele a ka hare. Joalo ka ha Pulosi a ile a bonoa ka har’a motse a ena le
Trofime oa Efese, ho ile ha hakangoa hore o mo tlisitse tempeleng. Sena o na a sa se etsa, ‘me
ka ho bam o Juda ka boeena, ho kena ha hae tempeleng e ne e se tlolo ea molao, le hoja qoso
e ne e le leshano, e ile ea hlohlelletsa lenyatso la bongata ba batho. Ha lerata le tlatsoa
mapatlelong, bongata ba bokana moo ka bohale bo sele. Litaba ka potlako tsa hasana
Jerusalema, “Eaba motse kaofela oa ferekana; batho ba phallela hammoho.” {LP 216.2}
Ke lebaka feela la ho hlompha tempele ha bona le ileng la boloka Paulosi hore ba se ranthanye
joalo ka linyamatsana hona moo. Ka mehoo le melumo ea tlholo, bam o tosetsa hojana le ngalo
e halalelang. Joale o ne a le matleng a bona ‘me ba ikemiselitse ho se tlohele phofu ena ea
bona ho phonyoha. O tlameha ho tlepeletsoa lefu, joalo ka Stefane lilengoana tse fetileng. Ba
na sa ba batla ba fihlile lepatlelong la balichaba, ‘me baLevi ba se ba keoetse liheke ka mor’a
bona , hore sebaka se halalelang se se silafale ka ho qaphaletsoa mali, ke moo ba ileng ba
khaoletsoa morerong ona oa bona oa polao. {LP 216.3}
KA PEL’A LETS’OELE
Ka ho se tsebe sesosa sa morusu, empa ka ho elelloa hore lets’oele le lebile ho Paulosi,
molaoli oa mabotho a Roma a hakanya hore ke le-hana-puso la mo-Egepeta le ileng la atleha
ho ba phonyoha. O ile a laela hore Pulosi a ts’oaroe, ‘me a tlamelloe pakeng tsa masole a
mabeli, letsoho ka leng le tlamelloe lesoleng ka leng. Eaba ke moo a botsang ba bonahalang e
le baetapele ba morusu ona hore na mots’oaruoa enoa ke mang, le hore na o molato tabeng
efe. Mantsoe a mangata a tlerola hang ka lerata le qoso e tletseng khalefo; empa ha e le seo e
leng sesosa sa molumo ona, molaoli oa mabotho ha a ka a fumana karabo e khotsofatsang,
‘me a laela hore mots’oaruoa eo a tlosetsoe moahong o molelele, moo e neng e le motebo oa
sesole sa Roma. {LP 217.1}
Ka hare ho moferefere ona moapostola o ne a imametse ‘me a ntse a ikokobelitse. Kelello ea
hae e ne e tsepame ho Molimo, ‘me o ne a tseba hore o potiloe ke mangeloi a Leholimo. O ne a
keke a siea tempele a sa siela banna ba habo ‘nete. Ke moo a ileng a retelehela ho molaoli oa
mabotho, ‘me ka tsela e fapaneng le ea ba bang a mo buisa ka seGerike, a re, “na nka lumelloa
ho bua taba le uena na?” Ka makalo e kholo Lisiase o ile a botsa na ebe o ne a fositse ka ho
hloma eka mots’oaruoa enoa enele mots’oara-teu oa lequloana la litlokotsebe le babolai bao
28
THUTO EA 11 *Loetse 8-14
nakong ea ho feta ba ileng ba fetoha marabele. Ha a araba, Pulosi o ile a phatlalatsa hore che
ha se moEgepeta, empa moJuda oa “Tarese, motse oa Silisia o tumileng,” ‘me a kopa tumello
ea ho bua le sechaba. Morena o ne a file mohlanka oa hae tshusumetso holima molaoli oa
mabotho a Roma, ‘me kopo ea ananeloa. {LP 218.1}
Pauluse ha a ntse a eme methating, a hoehla batho ka letsoho.” Ketso ena ea hohela mahlo a
bona, ha seemo sa hae se bonahala se lokeloa ke tlhompho. Maemo a fetoha hang sa mohla
Kreste a phephethelang bahoebi tempeleng. Ho khutsa ha oela leoatleng la lihlooho tsa batho
ba neng ba le ka tlasana, ‘me Paulosi a bua le ‘melimeli ka puo ea seHeberu, a re, “banna ba
heso le bo-ntate, mamelang joale meitatolo ea ka ho lōna.” Ka molumo oa leleme le halalelang,
“ba eketsa ho khutsa,” mme ka khutso e kaalo e renang, a tsoela-pele:-- {LP 218.2}
“’Na, ke mo-Juda, ea tsoaletsoeng Tarese oa Silisia; ke mpa ke hōletse motseng ona maotong
a Gamaliele; ka rutoa ka mokhoa o fetisisang ho ea ka molao oa bo-ntat’a rōna, ka ba le
cheseho ho Molimo joalo ka lōna kaofela kajeno.” Ha ho le e among ea neng a ka hanyetsa
polelo moapostola, ‘me ho ne ho le teng bongata bo ka netefatsang taba eo. ‘Me a ananela
cheseho ea hae ea pele ea ho hlorisa “thuto eo ho isa ho bolaeeng,” ‘me a lokolisa liketsahalo
tsa ts’okoloho ea hae e makatsang, a bolella ba mo mametseng kamoo pelo e tletseng
boikhohomoso ea hae e ileng ea kokobetsoa ke ea kileng a thakhisoa oa Nazaretha. Hoja o ile
a batla ho pheha khang le bam o mametseng, b aka be ba hanne ho mamela mantsoe a hae;
empa ho lotomanya hona ha maiphihlelo a hae ho ile ha tsamaea le matla a kholisang ao ha
nakoana a ileng a bonahala a nolofatsa a bile a hlola lipelo. {LP 219.1}
KA PEL’A LEKHOTLA LA SANHEDRINE
Paulosi o ne a kholisehile hore a ke ke a ts’epa ho fumants’oa kahlolo e hlokang leeme le qeto
e lokileng lekhotleng lena. ‘Me bokheleke ba hae ba hlaho le bohlale ba ho ahlola bam o beha
monyetleng o motle. Lekhotla la Sanhedrin le ne le theiloe ka bafarisi le basadusi, ba neng ba
lula ba hohlana holim’a thuto ea tsoho ea bafu. Ka ho tseba sena, moapostola a hoelehetsa, ka
lentsoe le phepa, le hlakileng, “Banna ba heso, ’na ke Mofarisi, mora oa Mofarisi, ke ahloloa ka
baka la tšepo le la tsoho ea bafu.” {LP 222.1}
Mantsoe a na, a ileng a tlisa kutloelo-bohloko ho ba lumaellanang le eena tabeng ea tsoho ea
bafu, a tlisa phapang lekhotleng. Karolo tsena tse peli tsa qalella ho itoants’a, ‘me matla a qoso
ea bona khahlanong le Pulosi ea notleha; hobane ho sa tsotellehe tsela eo ba neng ba entse
tlama-thata ka teng ho loants’a Evangeli, ba ne ba aroloa ke kibilitlahali ea lefika litabeng tsa
tumelo. Bafarisi ba ne ba ithorisa ka hore ho Paulosi ba fumane mohale khahlanong le
bahanyetsi ba bona ba matla; ‘me lehloeoe la bona ho basadusi la tota ho feta la bona ho
Kreste le baapostola ba hae. Ka matlaa a maholo ba qalella ho emela Paulosi, ba sebelisa
mantsoe a batlang a ts’oana le a sebelisitsoeng ke Gamaliele lilemo tse ngata tse fetileng: “Ha
re fihlele bobe leha bo le bong ho motho eo; ha ekaba moea o fela o buile le eena, kapa
lengeloi, a re se keng ra loantša Molimo.” {LP 222.2}
29
THUTO EA 12 * Loetse 15-21
HO TLAMELLOA SESAREA
KA PEL’A FELIX
Semelo sa Felikse se ne se eiseha ebile se kheseha. Ho thoe o na a “khannoa ke litakatso tsa
mefuta eohle le bokhopo ka matla a borena le maikutlo a lekhoba.” Ke ‘nete hore o na a ile a
etsetsa sechaba molemo o itseng oa ho fiela litlokotsebe naheng eo, ‘me a phephethela le ho
leleka moEgepeta eo Klaude Lisiase a ileng a mo fapanya le Paulosi; empa liketso tsa hae tsa
bokhopo le bokhoahlapa li ile tsa mo memela lehloeo la batho bohle. Bokakalope ba bokhopo
ba semelo sa hae bo ile ba its’enola ka polao e sehloho ea moprista e moholo Jonathane, eo a
neng a le molato ho eena oa setulo seo sa hae. Jonathane, le hoja a ne a le betere hanyane ho
feta Felikse, o ne a ile a leka ho ema khahlanong le tse ling tsa liketso tsena tsa hae tsa likhoka,
‘me ka lebaka lena, ‘musisi o ile a laela hore a bolaoe nakong eo a ntse a tsoela-pele ka
ts’ebeletso tsa tempele. {LP 235.1}
[Paulosi] ha a phunya seso, ka tsela e topileng, o ile a batalatsa morero oa ketelo ea hae
Jerusalema, le liketsahalo tsa ho ts’oaroa le ho ahloloa: “joale, ka mora’ lilemo tse ngata, ke tlile
ho etsa lithuso le liabo sechabeng sa heso. Ke moo ba-Juda ba bang ba Asia ba mphihletseng
tempeleng ke itlhoekisitse, e seng ka ho tsobokanya batho, leha e le ka lerata. Ke bona ba ka
beng ba tlile ho ’nǵosa pel’a hao ha ekaba ba ne ba na le taba le ’na. Le bona bana, a ba ke ba
bolele, ha ba fihletse bokhopo bo bong ho ’na mohla ke neng ke eme pel’a lekhotla; ha e se, ha
ba ka bolela lentsoe lena le le leng, leo ke le boletseng ka matla ke eme har’a bona, ka re:
Kajeno ke ahloloa ke lōna ka baka la tsoho ea bafu.” {LP 238.2}
KA PEL’A FESTUS
‘Musisi ea hloailoeng sebakeng sa Felikse, e ne e le Porsiuse Festuse, ‘musi ea fetisang ka
bokhabane. O ne a elelletsoe maikarabelo a tsamaeang le maemo a hae, ‘me, ka ho se
amohele masiba a limpshe, o ile a etsa matsapa a ho phethahatsa toka. Matsatsi a mararo a
fihlile Sesarea, Festuse o ile a ea Jerusalema. Mona ke moo a ileng a qekisoa ke baJuda, ba sa
kang ba senya nako ho hlahisa qoso tsa bona khahlanong le Paulosi. Ho ts’oaroa ho ho lelele
ha Paulosi ha oa ka ha nolofatsa lehloeo la bona le lonya, kapa hona ho sisinya pheello ea
bona ea ho nka bophelo ba hae. Ba ile ba khothaletsa hore a ahloloe ke lekhotla la
Sanhedrime, ‘me ba kopa hore hang a romeloe Jerusalema. Le hoja kopo ena e ne e utloahala,
e ne e le maholi a patile maeba. Ba na ba sa ikemisetsa ho mo tlohella le hore ho emeloe
kahlolo ea lekhotla la Sanhedrime, empa morero e le ho mo hlaha lesumatha le ho ‘molaea a sa
le tseleng. {LP 246.3}
Empa Festuse e ne e se monna ea ka rekisang ka toka bakeng sa botumo. baJuda ba elelloa
hore mona ba sebetsana le ea ts’oanang le Galieo eseng le Felikse. Ka bohlale bo fetisang a
phunyeletsa morerong o susumelitseng kopo ena, ‘me ka qenehelo a hana ho romela Paulosi.
A batalatsa, leha ho le joalo, hore haufi o tla boela Sesarea, ‘me moo o tla ba fa monyetla o
hlokang leeme oa ho hlahisa liqoso tsa bona khahlanong le eena. {LP 247.2}
30
THUTO EA 12 * Loetse 15-21
Potsong ea ‘musisi, Paulosi o ile a araba, ke ema lekhotleng la Sesare. Mona, eseng ka pel’a
lekhotla la Sanhedrime, ke lokela ho ahloloa. A retelehela ho ‘musi, a bua le eena sefahla-
mahlo: Ha ekaba ke entse ho khopo ho e mong, kapa ha ke entse ho hong ho tšoanelang lefu,
ha ke hane ho shoa; empa ha ho se ’nete tabeng tseo ba ’nǵosang ka tsona, ha ho motho ea ka
’neang bona; ke ipea ho Sesare. {LP 250.1}
KA PEL’A AGRIPPA
Ka ho tseba Agrippa o na le tsebo e batsi ea melao le mekhoa ea baJuda, Festuse nakong eo a
mo memela nyeoeng ea Paulosi, e le mots’oaruoa ea siuoeng mahlaahleleng ke Felikse.
Thahasello ea Agrippa e ile ea totisoa ke tsela eo Festuse a hlahistseng nyeoe ka eona; ‘me o
ile a bontsha takatso ea ho bona le ho utloa Paulosi ka setu. Ka hona letsatsi le hlahlamang la
hlomamisoa e le la lipotso. Paulosi o ne a sa tl’o itatola pel’a lekhotla le lecha, empa e le
khotsofatsa takatso ea ba tlo mo mamela ka lekunutu; e le feela ho nyakalatsa baeti bana ba
khethehielng, le sehlopha sa ba bang ba menngoeng ba emetse barui le likhabane tsa Sesarea.
Balaoli ba makhotla ba ne ba lokela ho ba teng, le baetapele ba motse, ‘me Festuse a rera ho e
etsa mokete oa mahali-hali, ho tlotla baeti ba hae. {LP 253.1}
A, ke phapang e kaakang eo re e hlahisoang! Agrippa le Bernise ba ne ba hloka lintlha tsa
semelo tseo Molimo o li nkang e le tsa bohlokoa. E ne e le batloli ba molao oa oona, ba bolile
ka pelong le bophelong. Molimo le manyeloi ba ne ba nyonya tsela ea bona ea sebe.
Empa kaha ba ne ba ruile, ka khakanyo, matla le maemo, e ne le melleloa ea lefats’e.
mots;oaruoa eale ea tsofetseng, ea emeng a tlamelletsoe lesoleng le mo lebetseng, ha a ka a
hlahisa letho le hapang kapa ho hohela moaparong kapa chebahalong, hore lefats’e le tle le mo
rolele khaebana. Empa monna enoa, ea bonahalang a sena le metsoalle kapa leruo leha e le
boemo, o ne a e na le balebeli bao lefats’e le ke keng la ba bona, Mangeloi a leholimo a ne a
eme lehlakoreng la hae. {LP 254.1}
HO IKARABELLA HA PAULOSI
Moapostola o ne a bua ka se mo nyakalatsang haholo, ka tsela eo e hlokolosi, e phehellang, e
tletseng lerato e neng e le sebetsa se matla sa thomo ea hae. Ka sena se hapang maikutlo seo
a buoang ka sona, o ile a qetella a se a sa bone marena le babusi le balaoli, leruo, boemo, le
mabitso. O na a batalatsa bopaki ba seo a se phelelang, ‘me o ne a ka bua ka netefaletso ea
seo a se tsebang le kholisehoe matla. Ha ho le ea mong ho bam o utloileng ea neng a ka
belaella bonnete ba litaba tsa hae. Empa ka hare ho leqhubu le tletseng la boqhetseke le
bokheleke ba puo, o ile a khaoletsoa a ba a tholisoa. Linnete tse beiloeng e ne e le se-tla-bocha
ho Festuse, joalo ka ho ba neng ba le teng. Bohle ba ne ba mametse ka tsela e maketseng
joalo kaha eka ba ts’oeroe ke lithakhisa litaba tsa maiphihlelo le lipono tsa Paulosi, tsa lits’enolo
le tsa boprofeta ba khale , le tsa moprofeta ea hannoeng a ba a thakhisoa, empa leha ho le
joalo ea tsositsoeng bafung ‘me a nyolohela leholimong; eo e leng eena feela e aka ts’oarelang
libe ‘me a bonesetsa lefifi la baJuda le balichaba. Taba ea ho qetela e ile ea eba boima haholo
31
THUTO EA 12 * Loetse 15-21
ho ananeloa ke Festuse. Hang ka maikutlo a phahameng a hoelehetsa “Ua hlanya, Pauluse,
tsebo e kholo ea hao e u fetohetse bohlanya {LP 258.2}
KA PEL’A BAETAPELE
Morena oa baJuda o n a lauoe molaong le baprofeteng, ‘me o ne a ithutile lipaking tse
tshepahalang tse ling tsa linnet tseo Paulosi a li buileng. Ka hona, likhang tse neng li le ncha
haholo litsebeng tsa Festuse, li ne hlakile ebile li kholisa ho Agrippa. ‘Me o na a ka angoa ke
cheseho eo e tukang eo maqeba kappa bots’oaruoa li neng li ke ke tsa e tima. Ha nakoana a
lebala ho hlompheha ha maemo a hae, a sa bone tse mo potileng, ‘me, letsoalo la linnet feela
tseo a li utlouileng , a iponela feela mots’oaruoa ea ikokobelitseng a eme e le lengosa la
Molimo, o ile a ikarabella fela ka hore, “U batla ho ntlhōla hore ke be mokreste.” {LP 259.2}
Ka pheello e hlokolosi, moapostola a araba: “Hoja Molimo o ka etsa, kapa haufi, kapa khale,
hore, e seng uena feela, empa le bohle ba ’mamelang kajeno, le be joalo ka ’na,” a eketsa, ha a
phahamisa matsoho a hae a mahlaahlela, “feela e seng ka litlamo tsena.” Bohle ba ileng bam o
utloa ba ile ba kholiseha hore Paulosi ha se mots’oaruoa feela. Ea ka buang joalo kaha a buile,
a lotomanya likhang ka tsela eo a li lotomantseng, ea tletseng ka tumela e phahamisang, ea
ruileng mohau oa Kreste, ea bonolo letsoalong le letle ho Molimo le ho batho; ea neng a lakatsa
hore bana ba boholong, ba khethehang ba ka ba le ts’epo le tumelo tse mo ts’ehelitseng, empa
eo, ka ho hloka boipheteso a neng a ka ba rapella hore ba bolokoe khahlanong le ntoa,
masoabi, le litlhopheho tseo a fetang ho tsona,--eo monna e ke ke ea eba mothetsi. {LP 259.3}
Takatso ea morena Agrippa e ne e khotsofalitsoe, ‘me ka ho raoha setulong sa hae, a bonts’a
hore nako ea lipotso e fihlile pheletsong. Ha lekhotla le qhalana, nyeoe ea Paulosi ea
sekasekoa, ‘me bohle ba lumellana hore, le hoja ekaba ea feteletsang lintho, o ne a ke ke a
nkoa e le setlokotsebe sa molao; ha ho letho le neng le ka mo isa lefung kapa terokong. {LP
260.2}
Le hoja Agrippa e ne e le moJuda, o ne a sena lehloeo le tukang le nyatso ea bafarisi. O ne a
sa lakatse ha letsoalo la motho le letle le ka hatelloa ka likhoka. “Motho eo a ka be a lokolloa,
hoja a se ke a ipea ho Sesare.” Empa kaha nyeoe e ne e se e fetetse blekhotleng la maipiletso,
e ne e se e se matleng a Festuse kapa Agrippa. Le ha ho le joalo, lilemo tse peli ka mora oho
moo, litholoana tsa kopano ea mohlang moo li ile tsa boloka bophelo bona bo bohlokoa
mahlong a Molimo. Festuse, ha a fumana hore kahlolo ea hae ea nyeoe, ka toka ea Roma, e ne
e ts’ehetsoa lehlakoreng seJuda ke mohlokomeli oa Tempele, a romela lengolo ho ‘musi, a
hlakisa hore ha ho qoso ea molao e emang khahlanong le mots’oaruoa. ‘me le Nero,
bokhopong bah ae, ha a ka bolaea eo Lisiase, Felikse, Festuse, le Agrippa ba phatlalalitseng a
se molato, eo le lekhotla la Sanhedrime le neng le keke la mo tsoa. {LP 260.3}
32
THUTO EA 13 *Loetse 22-28
LEETO LE EANG ROMA
Qetollong Paulosi o ne a le tseleng e eang Roma. “Eitse hobane ho laoloe”, ho bolela Luka,
“hore re ee Italia ka sekepe, ba neela Pauluse le batlamuoa ba bang ho molaoli e mong oa
lekholo, ea bitsoang Juliuse, oa lekhotla la Augusto. Ra kena sekepeng sa Adramitte, se neng
se tla leba nǵa mabopong a Asia, ra tloha, re e-na le Aristarke oa Thesalonika, motse oa
Masedonia.” Lekholong la pele la sehla sa Bokreste, leeto leoatleng ka sekepe le ne le tobana
le liqholotso le mathata a ikhethileng. Basesisi ba ne ba sebelisa letsatsi le khoeli hob a thusa
ho supa tsela, ha tsena li ne li nyametse e ne e le susupo sa lifefo maoatleng ‘me beng ba
likepe ba ne ba seoa ke letsoalo ha ba lokela ho sheba boemo kantle ho sekepe nakong ea
lifefo. Ka linako tse ling selemo ho ne ho sa khonahale ho nka leeto le bolokehileng. [The Acts
of the Apostles 439.2].
Ha ba qeta ho furalla Sidone, sekepe sa kopana le meea e puputlang; joalokaha se ne se
tsamaea tseleng e topileng, sa qalella ho tsamaea ka monyebe. Ha ba le Mira, motseng oa
Lisia, maetapele oa lekholo a fumana sekepe se seholo sa Aleksandria, se iphiphithile lebopong
la leoatle la Italia, ‘me hang a isa bats’oaruoa ba hae teng. Luka o li beha joana,
“Hobane re tsamaee ka ho nokoloha ka matsasi a mangatanyana, re fihla ka thata mabapa le
Genida, ’me ra pota Kreta katlase, ka nǵa Salmone, kahobane moea o no o re thibela. Eitse ha
re ntse re sika le lebopo ka thata, ra fihla moo lebitso la teng e leng Kou-e-ntle, haufi le motse
oa Lasea.” [The Acts of Apostles 440.2].
Sefefo sa tota bosiu bohle, ho sa khatlalletsehe kelo-hloko e enkiloeng, metsi a phunyetse ho
kena kahare ho sekepe. “Letsatsi le hlahlamang ba fokotsa moroalo ho imolla sekepe.” Ka
phirima hape, empa meea e nna ea tsoela pele ho puputla. Sekepe se ileng sa tsukutloa, se
bile se le haufi le ho sohlamana, sa thijoa ka hohle-hohle hore se ke sa teba. Ho ne ho se bile
ho bonahala eka mapolanka a sekepe a peperana, ‘me metsi a ken aka sekhahla ka sekepeng.
Basebetsi le bapalami ba sekepe ba sebetsa ka matla ho thibela sekepe ho teba.
“Ka la boraro”, Luka o tsoela pele, “ra lahlela mesebetsi ea sekepe leoatleng ka matsoho a
rōna. ’Me kahobane letsatsi le se le sa bonahale ka litšiu tse ngata, leha e le linaleli, le hobane
sefefo le sona se ne se ntse se befile, ra lahleheloa ke tšepo eohle ea ho pholoha.” [The Acts of
the Apostles 442.1].
Moifo oa sekepe se neng se le mothating oa ho sohlomana oa amoheloa ka mofuthu ke baahi
ba sehlekehleke Melita. “Ba re besetsa mollo o moholo,” ho bolela Luka, “ba re amohela bohle,
ba ba ba re ka baka la pula e neng e e-na, le ka baka la serame.” Paulosi o ne a leteng har’a ba
neng ba sebeletsa hore ba bang ba thobehe lipelo. Ha ba se ba bokeletse ngatana ea patsi, a
ba besetsa mollo, ke moo noha e ileng ea hlaha ha e utloa mofuthu ‘me ea ithatela letsohong la
hae. Ba neng ba eme pel’a hae ba tlaloa ke ts’abo le thothomelo, ke moo ba ileng ba lemoha
hore Paulosi ke mots’oaruoa kaha a ne a tlamiloe ka liketane, ba bolellana ba re, “Ruri motho
enoa ke ’molai; hobane, leha a pholohile metsing, tefetso ea leholimo e hana hoba a ka phela.”
Empa Paulosi a hlohlorela noha mollong ho se temalo ea letho. Ka ho tseba kotsi ea chefo ea
eona, ba ne ba lebeletse hore o tla bokolla habohloko a be a nehele moea. “empa eare ha ba
33
THUTO EA 13 *Loetse 22-28
lebeletse haholo, ’me ba bone hoba ha a jeoe ke letho, ba araba, ba re: Ke molimo.” [The Acts
of the Apostles 445.2]
Nakong ea likhoeli tse tharo tseo moifo oa sekepe o e qetileng Melita, Paulosi le balekane
‘moho le eena ba fumana monyetla o eketsehileng oa ho hasa Evangeli. Morena a sebetsa ka
bona ka tsela e hlollang. Ka lebaka la Paulosi, moifo oohle oa sekepe oa amoheloa ka mofuthu,
‘me lithloko tsa bona tsa khotsofatsoa, ha ba furalla Melita ba ne ba fuoe sohle seo ba se
hlokang leetong lohle la bona. Kakaretso ea lietsahala tsa nako ea bona Melita Luka o e beha
joana:
“Mabapa le moo, ho no ho le naha ea moholo oa sehleke-hleke, ea bitsoang Publiuse; le eena a
re amohela hantle, a re nkela tlung ea hae ka matsatsi a mararo. Ntat’a Publiuse o na a robetse
fatše, a jeoa ke febere le ke ho tšolla. Pauluse a mo chakela, ’me hobane a rapele, a ’mea
matsoho holimo, a mo folisa. Tseo ha li le joalo, bohle ba sehleke-hlekeng ba kulang ba tla, ’me
ba folisoa. Ba re hlonepha ka hlompho e kholo, ’me mohla re tlohang, ba re baballa ka tseo re li
hlokang.” [The Acts of the Apostles 446].
Ba simolla leeto ka ho batlisisa tsela e eang Roma ho tloha Sehleke-hlekeng, moetapele oa
lekholo le bats’oaruoa ba hae ba qalella leeto la bona ho ea Roma. Sekepe sa Aleksandria, se
neng se hlotse mariha sehleke-hlekeng seo tseleng ea sona ho leba nqa Bophirima, se e-na le
setšoantšo sa Kastore le Pollukse. Leha ho ile b aba le litiiso ka lebaka la lifefo, leeto le ile la
fihla pheletsong bohle ba bolokehile, ‘me qetollong sekepe sa fihla boema-kepe bo majabajaba
ba Puteoli, lebopong la Italia. [The Acts of the Apostles 447.1].
Bongata ba Bajuda ba neng ba lelekoe Roma lilemo tsa pejana, ba ne ba se ba lumelletsoe ho
khutla, ka hona palo ea bona e ne batla e le kholo moo. Paulosi a ikemisetsa ho itsebisa bona
le ho ba tsebisa thomo ea hae pele lira tsa hae li ka ba susumelletsa ho mo hloea. Matsatsi a
mararo a fihlile Roma, a bokeletsa ka bonolo baetapele ba bao, ‘me a ba tsebisa ka ho hlaka
lebaka leo a tlileng Roma e le mots’oaruoa ka lona. [The Acts of the Apostles 447.1].
“Banna ba heso, leha ke sa ka ka etsa letho ho siteloa sechaba leha e le mekhoa ea bo-ntat’a
rōna ka lona, ke ile ka tlangoa Jerusalema, ka ba ka neeloa matsohong a ba-Roma. Bao,
hobane ba mpotse, ba ne ba rata ho ntokolla, kahobane ho no ho se molato ho ’na o
tšoanelang lefu. Empa ba-Juda ha ba hana, ka ipea ho Sesare ka tsietsi eo, e seng kahobane
ke na le seo nka nǵosang sechaba sa heso ka sona. Ke ka baka leo ke le bitsitseng ho le bona
le ho bua le lōna; hobane ke tlamiloe ka lehlaahlela lena ka baka la tšepo ea Iseraele…” [The
Acts of the Apostles 447.1].
Kaha banna le basali bai ba Israele ba ne ba nyoretsoe ‘nete, Paulosi a ba kopa ho beha
letsatsi leo ka lona a tla ba hlaha leseling ka ‘nete ea Evangeli. Ka nako e behiloeng, bongata
ba bokana hammoho, “me a ba bolella, a paka tsa ’muso oa Molimo ho bona, a leka ho ba
kholisa bakeng sa Jesu, a isa ka molao oa Moshe le baporofeta, a qala hosasa ho fihlela
mantsiboea.” A ba bolella le hob a pakela ka tsohle tse mo hlahetseng ho tloha a tsebile Kreste,
a ba behele linnete tsa mangolo a Tastament ea Khale ka bonolo, boikokobetso le ka
matla…[The Acts of the Apostles 451.2].
34