24
MEHLALA YA MESEBETSI YA HARA SELEMO YA KEREITI YA 10 BAKENG SA 2012 1. Ho mamela bakeng sa kutlwisiso 2. Ho ngola: Moqoqo wa phetelo/kgang/hlalosang 3. Ho ngola: tema ya kgokahano 4. Teko: Tekokutlwisiso 5. Puo e hlophisitsweng 6. Dingolwa 7. Tlhahlobo 8. Puo e hlophisitsweng/e sa hlophiswang 9. Teko: Dingolwa 10. Puo e hlophisitsweng 11. Tlhahlobo 1

GRADE 10 EXEMPLAR SBA TASKS FOR 2012 · Web viewEtsa hore o romele phasele eo ka poso ya inshorense. Ke batla ho amohela lephetjhana le ntsebisang hore e se e le posong ka Labohlano

  • Upload
    others

  • View
    6

  • Download
    0

Embed Size (px)

Citation preview

MEHLALA YA MESEBETSI YA HARA SELEMO YA KEREITI YA 10 BAKENG SA 2012

1. Ho mamela bakeng sa kutlwisiso2. Ho ngola: Moqoqo wa phetelo/kgang/hlalosang3. Ho ngola: tema ya kgokahano4. Teko: Tekokutlwisiso5. Puo e hlophisitsweng6. Dingolwa7. Tlhahlobo8. Puo e hlophisitsweng/e sa hlophiswang9. Teko: Dingolwa10. Puo e hlophisitsweng11. Tlhahlobo

1

1. HO MAMELA

Titjhere e kgothaletswa ho bapalla baithuti pina le ha e le efe ebe e hlakola mantswe a itseng e le hore baithuti ba tle ba tsebe ho a tlatseletsa jwalo ka mohlaleng o fanweng. Tlhokomediso ke ya hore baithuti ba ka mamediswa makgetlo a mmalwa ho latela boemo ba baithuti ba tsebo ya puo ka kakaretso. Ha se setlamo hore baithuti ba tshwanela ho mamediswa hararo feela. O tla laolwa ke ditlhoko tsa baithuti ba hao.

Ndiphendule ka Caiphus Semenya le Letta Mbuli

Hela mmanyeo, Hela ngwaneso, Ke kgale ke kokota monyako,………… di tla loka neng?

Ke o tjheketse ……………..,Se ke ………….. le masimong, Kgomo di tletse …………… la ntate,Tlohela ho …………….. .

Thula ndivile mfowamSukindixheshaNdinikixesha lokicingaSukunxamaThula ndivile, nzok’phendula

Chorus:Ndiphendule, Ndiphendule

Uthando lwam no lwakho……

Matsatsi a a re siya,Ha le ……………………….,Ha le boela ……………………., Nako ha e …………………… wena.

Ke ……………… le wena,Ke nnete nako ha e …………….. motho,Empa …………….. ha se papadi.Jo nna ke tla …………………………?

Thembi mta kwethu, Ke tla o ……………………….,Re fumana bana,…………………………….. marameng.

2

2. MOQOQO

Ngola moqoqo wa bolelele ba mantswe a dipakeng tsa a 300 – 350 ka ditaba tsa setshwantsho se latelang:

(50)

3

3. TEMA TSA KGOKAHANO

Ngola e nngwe ya ditema tse latelang ka mantswe a dipakeng tsa a 180 – 200.

3.1 RISEPE

Boha risepe e latelang o ntano bala seo o tshwanelang ho se etsa:

O moithuti ya nang le thahasello ho tsa mopheho. Ho na le motho ya ileng a sebedisa papa bakeng raese ho etsa soufflé.

Ngola risepe ya papa eo o iqapetseng yona. Risepe ya hao e bontshe papa e kgahlang mahlo o e shebile feela, e be le tatso e monate o dutlisang mathe, e be e ka thabelwang ke bohle ka lebaka la dinoko tse tshetsweng hammoho le disebediswa tse ding tse tlisang lebejana le siyang motho a iteka menwana kapa hona ho kopa ho ekeletswa.

4

3.2 DITSHUPISO

Boha mmapa o latelang ka hloko o ntano fana ka ditshupiso tse kgutshwanyane ka ho fetisisa ho motho ya tlohang disababong tsa Fourways a ya ho le leng la mabenkele a balellwang dipakeng tsa 72-73.

5

3.3 PHATLALATSO

O sa tswa fumana sebaka sa ho rekisetsa tsohle tseo motho a ka di sebedisang ho ntlafatsa maemo a kamore ya hae ya ho robala, hona mona Fourways kaha sebaka sena se sa tswa bula menyako ho barekisi ba dihlahiswa ka ho fapana. O e mong wa ba sa tswa fumana sebaka se setjha hona mona.

Rala papatso e fanang ka tlhahisoleseding e feletseng ho moreki ya ka kgahlwang ke tseo o di rekisang.

6

3.4 INTHAVIU E NGOLWANG

Kgetha motho ya tummeng eo o mo ratang. Etsa lethathamo la dipotso tseo o ka thabelang ho mo botsa tsona. Etsa dipatlisiso ka motho eo ya tummeng ho fumana dikarabo tsa dipotso tseo mme o ikuke o le moqolotsi wa ditaba ya tla mo botsa dipotso tseo. Rala inthaviu e ngolwang ya hao ya makasine ka thempoleite eo o e ratang kapa o sebedise eo o seng o e etseditswe mohlaleng oo o o fuweng leqepheng la 10. Kenyeletsa ditshwantsho tsa motho ya tummeng eo o tla mo inthaviuwa e le hore ditaba tsa hao di kgolwehe le hore babadi ba mo tsebe haholwanyane. O ka sebedisa dipotso tseo o di filweng mohlaleng mme wa di eketsa kapa wa rala tse ding tse ntjha. Inthaviu ya hao e tlangwe ka khomputa kaofela ha yona, ho se be le moo o ngotseng ka letsoho. Mosebetsi wa hao o tlale Leqephe le le leng feela o kopantse le ditshwantsho.

Mosebetsi wa hao wa pele ke ofe, hona o ne o o fumana jwang?

 

 

 

Ke dintho dife tseo o neng o di rata le tseo o neng o sa di rate ka mosebetsi oo?

Bonang Matheba o buisana le Karabo Mojaki ka tsa mosebetsi

 

Tjhelete e ne e le bohlokwa hakae nakong eo hao

bapisa le hona jwale?

  Ke eng ya bohlokwa eo o ileng wa ithuta yona mosebetsing oo?

 

 

Na seo o ithutileng sona o tseba ho se sebedisa mosebetsing oo o o etsang hona jwale?

 

 

  Ha o se o sheba, o bona eka ba ne ba o patala ka nepo?

7

 

 

Ke sefe se ka o kgutlisetsang mosebetsing oo kajeno?

 3.5 ATIKELE YA KORANTA

Mokgatlo wa ‘Hire Me’ o leka ho lwantshana le tlhokeho ya mesebetsi mme o kgothaletsa batho ba nang le boitsebelo ho ithekisa dikhamphaning tse hlokang batho.

Ngolla dikhamphani o araba potso e reng ‘Hobaneng o tshwanela ho nkgira?’

3.6 BOIKGOPOTSO

BA SEBAKA SA HO JELA

O sa tswa etela tulong e tswileng ka mahetla thekisong ya tlhapi mane V & A Waterfront. Ha ko ngole boikgopotso ka tseo o thulaneng le tsona letsatsing leo la ketelo e le ho leka ho kgothaletsa batho ba bang ho a inwesa ka nkgo.

KAPA

BA FILIMI

O sa tswa shebella filimi ya ‘A Million Colours’ haufinyane kaha ho ne ho na le letlole la ho e phatlalatsa ka ho fa babohi le bathahaselli monyetla wa ho fumana letekete la mahala la ho ya shebella ka la 1 Motsheanong monongwaha mme o kopilwe ho etsa boikgopotso ya yona.

8

________________ Letsatsi

Motswalle ________________________________________,

Wa tsena,

________________________

Setempe

Ho:

_______________________________________________

_______________________________________________

_______________________________________________

_______________________________________________

3.7 Baithuti ba bangata mehleng ya kajeno ba atisa ho nka selemo sa kgefu pele ba ya sekolong sa boemo ba dithuto tse phahameng. Le wena o ile wa fuwa ditekete tse mmalwa ke batswadi ba hao ha o qeta ho pasa ba re o ke o hahlaule le dithota ho ithuta dibaka le ho o fa monyetla wa ho ba le kgetho e pharaletseng ya seo o batlang ho ba sona pele o ka itlama bophelo ba hao kaofela. Ngolla ba lelapa la hao posokarete ka tsa sebaka seo o bileng le thahaselllo e kgolo ka sona leetong la hao. selemong se fetileng. (25)

10

11

4. TEKO

4.1 SEBALLWA-KUTLWISISO

12

E fumanwa webosaeteng ya Capitec.

13

4.1.1 Ke eng eo papatso ee e e rekisang? Nnetefatsa karabo ya hao. (2)

4.1.2 Hobaneng ha mantswe a mang a ngotswe ka mongolo o moholo empa a mang a ngotswe ka

mongolo o monyane? (2)

4.1.3 Ebe lebaka ke lefe le etsang hore dibanka di tlatse maqephe ho na le ho sebedisa sebaka se

senyane feela haholo ha ditjeho tsa ho bapatsa di balwa ka boholo ba sebaka seo moreki wa sona

a se batlang? (2)

4.1.4 Hlalosa molaetsa wa bohlokwa oo banka ena e lekang ho o fetisetsa ho babadi mme o

tshehetse karabo ya hao ka lebaka le utlwahalang. (3)

4.1.5 Hobaneng ha banka ee e sebedisa mantswe ‘tharollo e le nngwe’? E ipapisitse le eng? (3)

4.1.6 Karolo ya pele ya papatso e na le mantswe a reng ‘fetola dibanka mme o boloke’, e bolelang? (2)

4.1.7 Karolo ya bobedi ya papatso e na le mebala e fapaneng. Karolwana ya boraro e

ngotsweng ‘sekoloto’ e na le mmala o mofubedu kaofela ha tse ding di na le mebala e

meputswa. Kgetho ya mmala o mofubedu e o bolellang o le mmadi? (2)

KAPA

4.2 KAKARETSO

Bolela mabaka a supileng a ka o etsang hore o iphumane o tlohela ho banka le dibanka tse ding tse

kgolo tse tsebisahalang ebe o se o banka le Capitec feela. Mabaka ana o ka a ngola ka tsela ya

dintlha kapa wa a ngola ka tsela ya seratswana. Ditaba tsa hao di se fete tshebediso ya mantswe a

dipakeng tsa a 80 – 90. (10)

14

4.3 TSHEBEDISO YA PUO

4.3.1 Boha papatso e latelang o ntano araba dipotso:

4.3.1.1 Papatso ee e reretswe bomang? (1)

4.3.1.2 Hobaneng mongodi a sebedisitse mongolo o moholo qalong ya papatso? (2)

4.3.1.3 Molaetsa wa papatso ee o phethahatswa jwang ke setshwantsho? (2)

4.3.1.4 ‘SKRRRRRRRR’ ke lentswe le ngotsweng ka mongolo o mofubedu, o tshekaletseng. Hoo ho

bolelang? (4)

4.3.1.5 Bolela mofuta wa koloi e setshwantshong. Hlalosa hore hobaneng ha mongodi a

kgethile ho sebedisa mofuta wa koloi eo a e kgethileng? (3)

4.3.1.6 Ke tshekamelo efe ya maikutlo e tliswang ke ha mongodi a sebedisa bahlankana moo

papatsong? (2)

(14)

15

5. PUO E HLOPHISITSWENG

Kgetha motho eo o mo ratang jwalo ka Oprah Winfrey setshwantshong se ka tlase. Etsa lethathamo

la dipotso tse kang tseo o di filweng ka tlase tseo o ka thabelang ho mo botsa tsona. Etsa dipatlisiso

ka motho eo ya tummeng ho fumana dikarabo tsa dipotso tseo mme o ikuke o le moqolotsi wa ditaba

ya tla mo botsa dipotso tseo. Rala inthaviu e le hore ditaba tsa hao di kgolwehe le hore babadi ba

mo tsebe haholwanyane. O ka sebedisa dipotso tseo o di filweng mohlaleng mme wa di eketsa kapa

wa rala tse ding tse ntjha.

Mosebetsi wa hao wa pele ke ofe, hona o ne o o fumana jwang?

Ke dintho dife tseo o neng o di rata le tseo o neng o sa di rate ka mosebetsi oo?

Tjhelete e ne e le bohlokwa hakae nakong eo hao bapisa le hona jwale?

Ke eng ya bohlokwa eo o ileng wa ithuta yona mosebetsing oo?

Na seo o ithutileng sona o tseba ho se sebedisa mosebetsing oo o o etsang hona jwale?

Ha o se o sheba, o bona eka ba ne ba o patala ka nepo?

Ke sefe se ka o kgutlisetsang mosebetsing oo kajeno?

KAPA

16

O etse puo e hlophisitsweng moo o arolelanang le baithuti mmoho ka tseo o ithutileng tsona ka

Oprah mabapi le hore o entse dintho dife hore a be a qetelle a balellwa hara batho ba nang le tjhelete

e ngata ka ho fetisisa ba bang lefatsheng ka bophara. Tse ding tsa dintho tseo o ka ratang ho bua ka

tsona ke matlole ao a bang le seabo ho ona lefatshe ka bophara, mme o lokodise hore o thusa jwang

matloleng ao.

(10)

17

6. DINGOLWA: PEO ENA E JETSWE KE WENA

6.1 DIPOTSO TSE KGUTSHWANE

Bala qotso e latelang o ntano araba dipotso tse e latelang:

Ka letsatsi le hlahlamang, hoseng, Kgwapo a amohela lengolonyana. A hla a tseba hore le tswa ho Samina ka ha a ne a se a tlwaetse mongolo wa hae. A le amohela ka matshwafo a ubang, e seng jwale ka a pele, ao a neng a a amohela ka tjheseho e makatsang le thabo e kgolo, ha a a fumana. Ha fela ha eba jwalo, ditaba tsa lona tsa mo hlaba ha bohloko, tsa mo kgitla ka bohloko bo fetisang ba tsenene e tshesane le hona e tjhesang. Kgele! A tla a le bona ngwana batho, Kgwapo. Hobaneng a ile a itshepisa hore Samina ha a sa tla mo kgathatsa? Kgalefonyana yane ya hae ho bonahala hore ha e a mo thusa le letho feela. Ditaelo tsa lengolonyana leo ke tsena:

‘Romela tjhelete eo ka poso. Reka bokesana ya dipompong mme o kenye tjhelete ka hare o nto e etsa phasele e makgetha mme o e posetse ho nna mona, ha Mmangwane. Etsa hore o romele phasele eo ka poso ya inshorense. Ke batla ho amohela lephetjhana le ntsebisang hore e se e le posong ka Labohlano mantsiboya, ke tle ke kgone ho e lata ka Moqebelo. Ha le sa fihle ke tla bonana le mohatsae ka Sontaha, motsheare ha tadi e nyantsha’.

A shobashoba lengolonyana leo mme a le Kenya ka harehare mokotleng wa borikgwe ba hae. Mahlo a hae a fifala ha hlooho yona e qala ho tsekela, ha a ntse a dutse nnqa e le nngwe eka o kgokgothetswe teng. A hototse mahlo a shebile ka pele ho yena feela. O ne a ka etsang? A ipolella hore ha ho thuse letho ho leka ho lwana le Samina, o tshwanela ho fumana tjhelete eo le ha ho ka ba jwang. Empa, oho! Mahlomola a makaalo! O tla e fumana kae, hona ho mang? Mofufutso wa thunya phatleng ho yena ha a nahana seo a ka se etsang ho phema tsietsi ena – ho bolaya Samina. Hanghang a thothomela a tlalwa ke ho tshaba ho makatsang, ho tebileng, a utlwa masapo a hae a hatsela.

6.1.1 Fana ka sehlooho sa kgaolo eo qotso ena e nkuweng ho sona? (1)

6.1.2 Ho ya ka wena, na ditaba tse neng di ngotswe lengolong lena di ile tsa fetola bophelo ba Kgwapo

lapeng? Nnetefatsa karabo ya hao. (3)

6.1.3 Hlalosa difuperweng tsa lengolo lena. (2)

6.1.4 Motho eo a neng a ngolletswe lengolo lena ke mang? (1)

6.1.5 O ile a etsa mekutu efe ho phethisa ditaba tsa lengolo lena? (2)

6.1.6 Ke thuto efe eo o e fumanang ho sehlooho sena ‘Peo ena e jetswe ke wena’? (3)

KAPA

6.2 POTSO E TELELE

Ngola moqoqo o ka etsang mantswe a 300 – 400 ka sehlooho sena:

‘O YA KAE KGWAPO’. Mantswe ana a buuwa ke mang, ha ho ne ho etsahalang ka menahano,

mehopolo le metsamao ya Kgwapo? Qoqa ka diketsahalo tsa sehlooho sena. (25)

18

7. PUO E SA HLOPHISWANG

Titjhere a ka fana ka dihlooho tse mmalwa tseo baithuti ba ka kgethang ho tsona mme a fa moithuti

ka mong motsotswana wa ho itokisa mabapi le sehlooho seo moithuti a se kgethang. Dihlooho e be

tse nang le mooko le hona ho bontsha boiphihlelo ba baithuti mabapi le ditaba tse ba potileng tse

akgang tse latelang:

1. Tokoloho e mpa feela e le ntho e fumanwang ke batho ba mmalwa, eseng ke setjhaba ka

kakaretso.

2. Sehlooho le bokgopo ba mapolesa matsatsing a kajeno di bakwa ke sekgahla sa mosebetsi wa

bona esita le ho nyoloha ha botlokotsebe. Dumellana kapa o hanane le sehloho sena.

3. Manyofonyofo a bonahalang ho baokamedi ba naha ya Afrika Borwa a tla fela ka le leng la

matsatsi.

4. Moloko o motjha ke ona feela o ka tlisang phetoho e betere bophelong ba bohle.

(15)

8. TEKO: DINGOLWA

‘KE TLA ROTHA MONO HO WENA NENG KAPA NENG’. E ne e le ha ho etsahalang ka

bophelo ba Samina? Qoqa ka sehlooho o ikamahantse le boitshwaro ba Samina le pheletso ya hae.

KAPA

‘KE MANG YA ITSENG DIKGATHATSO HA DI BITSANE?’ Qoqa ka diketsahalo tsa sehlooho

sena, o bontshe kamoo Samina a neng a sotla Kgwapo moyeng le kamoo Kgwapo a ileng a leka ho

bontsha bohale ba hae bo sa kang ba mo thusa le ka letho.

(25)

19