64
Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, Monghadi? ` Ke o leboha, haholo, Moena Neville. Dumelang mantsiboyeng, metswalle ya ka e kgabane. Ke thabo ho kgutla hape, bosiung, tshebeletsong ya Morena, Modimo wa rona. 2 [Moena Neville o mabapi le maekrofone, “O sebetsang ke ona, mona.”_Mong.] Ona ke wona. Oh, ee. Ho lokile. 3 Ke le tshwareletse haholo, hoseng hona, hoo ke utlwang eka ke loketse ho potlaka ruri bosiung bona. Kgele, kamoo ho neng ho le hobe, mme ho engwe, mme ho hobe hakaalo bosiung bona. Ka baka leo, ho se ho se hokae re tla le etsetsa sebaka se itseng, le a bona, hang feela ha kereke e fedile. Tjhe, empa ha re lekanya ho dula nako e telele haholo bosiung bona. 4 Empa, hosane bosiu, re lekantse ho qeta nakwana. Hosane bosiu, ha ba bang ba lona ba ka kena, hosane bosiu, kgele, re lebeletse ho ba le monyaka o moholo Moreneng. Ho tla ba le ba bang ba banna ba kgabane mona hosane bosiu. Re tla, rona bohle re na le nako^ 5 [Monyane wa Moena Branham, Edgar Branham, o re, “O moratuwa, ema! Ke bile le kopo ho o kopa. Ke lebeletse ho o bolella. Empa, bongata ba batho mona ba re kamehla o be o ntse o potlakile, ho tswa tshebeletsong. Empa hosane o ka fumana nako yohle eo o e batlang, ho tloha ka hora ya bosupa ho isa ho leshome le metso e mmedi, ha feela o ka e nka. Jwale, ke seo mokgopi o mona o nkopileng ho o kopa sona. Ka baka leo jwale o ka nna wa ba hlalosetsa sona, ha o no sa hopole jwalo.”_Mong.] 6 Re tla jesa selallo ka kgitla bosiu, hosane bosiu. Ke a kgolwa le tla_le tla rata ho ba le^ho kena nthong eo. Nakong eo bohle ba hlabang ditlatse mme ba hweletsa, le ho thunya, le ho nwa, le ntho tse ka tseo, re tla inama feela ka tshabo pela Modimo [Sekgeo lebanteng_Mong.] mme re je selallo, le ho qala selemo ka dikano tsa rona, dipelo ho Modimo, boinehelong ho Yena. 7 Mme ho tla ba le dibui tse ding tse kgabane mona hosane bosiu, ehlile ruri. Ho na le ba bang ba kgabane^Moena ya tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson o tla ba teng mona hosane bosiu; Moena Beeler, Moena Neville. Oho, kgidi, kgidi! Ho ya jwalo le jwalo, banna ba batle ba Modimo ba tla ba teng mona, Moena Wilbur

SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

  • Upload
    others

  • View
    0

  • Download
    0

Embed Size (px)

Citation preview

Page 1: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 1

Na Ee Ke Pontsho Ya

Bofelo, Monghadi?

` Ke o leboha, haholo, Moena Neville. Dumelangmantsiboyeng, metswalle ya ka e kgabane. Ke thabo ho

kgutla hape, bosiung, tshebeletsong ya Morena, Modimo warona.

2 [Moena Neville o mabapi le maekrofone, “O sebetsang keona, mona.”_Mong.] Ona ke wona. Oh, ee. Ho lokile.

3 Ke le tshwareletse haholo, hoseng hona, hoo ke utlwangeka ke loketse ho potlaka ruri bosiung bona. Kgele, kamoo honeng ho le hobe, mme ho engwe, mme ho hobe hakaalo bosiungbona. Ka baka leo, ho se ho se hokae re tla le etsetsa sebaka seitseng, le a bona, hang feela ha kereke e fedile. Tjhe, empa hare lekanya ho dula nako e telele haholo bosiung bona.

4 Empa, hosane bosiu, re lekantse ho qeta nakwana. Hosanebosiu, ha ba bang ba lona ba ka kena, hosane bosiu, kgele, relebeletse ho ba le monyaka o moholo Moreneng. Ho tla ba le babang ba banna ba kgabane mona hosane bosiu. Re tla, ronabohle re na le nako^

5 [Monyane wa Moena Branham, Edgar Branham, o re, “Omoratuwa, ema! Ke bile le kopo ho o kopa. Ke lebeletse ho obolella. Empa, bongata ba batho mona ba re kamehla o be ontse o potlakile, ho tswa tshebeletsong. Empa hosane o kafumana nako yohle eo o e batlang, ho tloha ka hora ya bosupaho isa ho leshome le metso e mmedi, ha feela o ka e nka. Jwale,ke seo mokgopi o mona o nkopileng ho o kopa sona. Ka bakaleo jwale o ka nna wa ba hlalosetsa sona, ha o no sa hopolejwalo.”_Mong.]

6 Re tla jesa selallo ka kgitla bosiu, hosane bosiu. Ke akgolwa le tla_le tla rata ho ba le^ho kena nthong eo.Nakong eo bohle ba hlabang ditlatse mme ba hweletsa, le hothunya, le ho nwa, le ntho tse ka tseo, re tla inama feela katshabo pela Modimo [Sekgeo lebanteng_Mong.] mme re jeselallo, le ho qala selemo ka dikano tsa rona, dipelo hoModimo, boinehelong ho Yena.

7 Mme ho tla ba le dibui tse ding tse kgabane mona hosanebosiu, ehlile ruri. Ho na le ba bang ba kgabane^Moena yatswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle.Moena Junior Jackson o tla ba teng mona hosane bosiu; MoenaBeeler, Moena Neville. Oho, kgidi, kgidi! Ho ya jwalo le jwalo,banna ba batle ba Modimo ba tla ba teng mona, Moena Wilbur

Page 2: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

2 LENTSWE LE BUILWENG

Collins, le baena bao bohle ba nnileng ba re fa melaetsa emeholo hakana. Mme mohlomong le ba bang ba tla fihla, kahona re ka lebella nako e hlohonolofetseng hosane bosiu.8 Jwale, mosadi wa ka o itse, “O se bolele taba ena,” empa ketla e bua leha ho le jwalo. Ke maswabi ha ke itse “empire,”hoseng hona bakeng sa “umpire.” [Moena Branham lephutheho ba tsheha_Mong.]

Billy, o na dutse morao mane, a re, “Ke eo a e ya.”9 Ke itse, “Empire”; o loketse ho ba le “empire.” Ke ne kebolela, “umpire.”10 Ke tshwana leha ba boletse kaha moDatjhe, le a tseba. “Lese nkuke hodima seo ke se buang, empa seo ke se bolelang.”11 Ka re, “Ke nahana ba nkutlwisisa, ka mora dilemo tsenatsohle.” Le a tseba, ekaba^12 E se ka ba dilemo tse mashome a mararo ke le ka morao hosefala sena mona. Dilemo tse mashome a mararo katabernakeleng ena! Le loketse le be le ntseba jwale, na ha lelokela? Oho, kgidi! Ruri thuto yaka e lekantswe, e seetswemoedi. Empa ha ke_ke kgone ho bua, empa ke etsetsa Morenalerata la nnete.13 Mme, moena, ke kgolwa e ne e le Ngaka Lamsa, wa lefaphala Bibele ya Lamsa, ya neng a le phetolelong, ya itseng^14 Ka mohla o mong ke ne ke bua, mme ke sa tsebe o na leteng mono. Mme a kgutla mme ke bua ka Urime Thammime,mme he a bua ka Lesedi leo. Mme a re, “Molato ke eng kabatho bana kajeno?” Mme ka re^A re, “Lebaka leo batho,bafotoledi, ba hlolehileng ho fetola Bibele hantle, bafetoledi balekile ho fetolela ka seYiddishe se hodimo. Mme Jesu, hobueng, o buile boemong ba bo-eseng-mang, jwaloka ha bathoba seterateng ba ne ba bua.15 Mme, le a tseba, ho na le Lengolo mane ho Luka, le itseng,“Batho ba tlase ba ne ba Mo utlwa ka thabo.” O buile ka puoya bona. Ke a tshepa ho jwalo, hape.16 Re thabetse Morena. Jwale, ke a tseba, ke bonemafumahadi ao a eme hohle. Ho hobe ho bona banna ba eme,ha ke sa bua ka banana ba le bashanyana, le mafumahadi, lejwalo, ho engwe hohle maboteng, le bana ba banyenyane.Empa, feela re hloka sebaka se lekaneng sa ho dula. Ka bakaleo, re rapela hore, nako e tlang ha re tshwara dikopano, kamorao ho veke ena, ka mora nako ena^17 Le a tseba, ntho e latelang, ho ya ka tsebo ya rona, keDitiiso tseo tse Supileng. Mme, ha Morena a rata, re tla qala katsona hang feela hoba kereke e qetwe, ho hahuwa, re tle rekene ka mona. Re tlela ho kgakola hape. Mme mohlomong kae-kae ho tloha vekeng e le nngwe kapa ho ya ho tse tharo, mmemohlomong diveke tse tharo, kopano, ya letoto jwale, e tlang

Page 3: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 3

bakeng sa tseo_tseo Ditiiso tse Supileng. Ka baka leo, relebeletse nako e kgolo ho Morena, nakong eo. Mme re tla^Lona bohle batho ba tswang ka ntle ho motse, re tla le romellaka poso ditlankana le ntho e nngwe le e nngwe, le ho le tsebisahantle feela nako, mohlomong veke, kapa tse pedi, pele honako.18 Sehahi, ho latela kamoo ke utlwisisitseng Billy a bolelabosiung bona, o tlabe a qetile ka la leshome la Hlakola. Tjhe,haeba a qetile ka la leshome, mohlomong re tla qala ka laleshome le metso e mehlano, he. Ka hona, hang feela hoba baqete, re tla qalella hantle ka ntho eo.19 Motsofe Kgaitsedi Kidd o ile a ntetsetsa, nakwaneng ya hofeta, mme a batla a le makgatheng a ho lla. A re, “MoenaBranham, re lekile ka matla ho dumisa koloi eo ya kgale, mmee hanne ho duma. Ka baka leo,” a re, “o rapele hore e tle edume, mme ke tla tla hosane.” Mme a re, “Ke a ipotsa na nkafumana sebaka sa ho dula na?”20 Ka re, “O se tshwenyehe, re tla ba le_le phaposi, KgaitsediKidd, hang feela ha o fihla^”21 Wa re, “Ho hlohonolofatswe pelo ya hao.” Ha thwe, “O atseba, haeba o tla tshwara ditshebeletso ho fihlela hora yaleshome le metso e mebedi,” ha thwe, “ha ke batle ho tswelantle ka morao ho hora ya leshome le metso e mebedi.”22 Le a tseba, yena le Moena Kidd ba batla ba le dilemo tsemashome a robedi le metso e mehlano, e mong le e mong wabona, mme ba sa le tshebetsong ya efangeli. Le a tseba baetsang? Ba na le sehatisi sa mantswe, mme ba nka Melaetsayaka mme ba ye kokelong ho ya kokelong e nngwe, ho tswatlung e nngwe ho ya ho e nngwe, ba letsa ditheipi. Jwale, haseo e se, ho se tele! Ke hona ho se behe meja fatshe. Ke hoboloka Tumelo, ho isa pheletsong, ho shwa ka Sabole e leletsohong. Ke wona mokgwa wa ho tsamaya. Ke tsela eo kebatlang ho sebetsa ka yona. Uh-huh.23 Mme jwale he, mme a re, “O a tseba, ha nka tswela,mmileng kwana, ka hora ya leshome le metso e mmedi,” a re,“mme ka mora hora ya leshome le metso e mmedi bosiu, holeka ho fihla hae, homme matemona ao wohle a tahilweng, are, “a kgannang,” ha thwe, “a mathela mona le mane, honowa.” A re, “Matemona ao a tletse hohle,” a re, “Ke ne ke tlatshohela lefu.”24 Moena Pat, ruri ke nthwana batho ya kgale. Ke ba bakaeba tsebang Kgaitsedi Kidd? [Phutheho e re, “Amen.”_Mong.]Yena feela ke^Mothwana ya shebahalang a tletse kgalalelo!25 Mme, nakong ha, nahanang feela, dilemo le pele ke hlaha(mme ke motsofe), keha le hodima dithaba kwana, yena leMoena Kidd. O ne a ye a hlatswe, letsheare lohle, lepolankengla ho hlatswetsa, ho fumana disente tse leshome le metso e

Page 4: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

4 LENTSWE LE BUILWENG

mehlano kapa mashome a mabedi bakeng sa diphahlo, ho moromela ntle sebakeng se seng, siung boo, ho rera. Merafong eoya mashala hodimo mane Kentucky, moo o^motho e mong ona loketse ho o disa ka sethunya, ho ka nyoloha leralla, ho yamoo o neng o lokela ho rera. Oho, kgidi! Ke ntano, nahana:

A ke loketse ho nkelwa hae Lehodimong,moalong wa boiketlo wa dipalesa,

Ha ba bang ba lwanne ho hapa kgau le hosesisa mawatleng a madi?

Ke tshwanela ho lwana haeba ke tshwanelaho busa; totisa sebete saka, Morena!

26 Hoo ke hore, homme ke batla tshehetso ya Hae, ka Lentswela Hae. Ke seo ke se batlang siung bona. Jwale, ke kgolwadihatisi di se di tsweletse jwale.27 [Moena e mong o re, “O se lebale hlohonolofatso yalesea.”_Mong.] Oh, ee. Ke na le^Ke maswabi.28 Kgaitsedinyana o na nkile lesea mona, hoseng hona, abatlileng le hlohonolofatswe. Mme ka mmolella hore ruri re tlaetsa hono bosiung bona, homme jwale. Mme, hosane bosiu, retla ba le hlohonolofatso ya masea, ditshebeletso tsa phodiso,ntho e nngwe le e nngwe eo re ka kgonang ho feta ho yona. Retla ba le nako e ngata. Ka baka leo, haeba kgaitsedinyana eo ale teng mona, mme a tshwere mothwana wa hae.29 Mme ke a kgolwa ke na le batho ba itseng ba tswang holehaholo, mme ba ne ba le teng mona hoseng bakeng sa puisano eikgethileng, le bakeng sa ho hong. Mme eka ba ne ba loketse hokopana mono hoseng hona, mme Billy a lokela ho ba emisa hofihlela bosiung bona. Mme a se ke a kgona ho ba fumana kaekapa kae, le a bona, bosiung bona. Ha o le teng mona,kgaitsedi, ke bile morao mane nakwana e ngata, ke lebeletse, leho bona haeba a ne a ka fumana mofumahadi eo. E le bababedi ba bona, ke nahana jwalo, ba neng ba le puisanong eikgethileng ho hlaha hole kwana ntle ho naha. Ka baka leo,re_re a tshepa, ha nka le fosa, nka kgona ho finyella ho lonakapele kamoo nka kgonang, mohlomong hosane bosiung, hokeneng.30 Jwale, ke a kgolwa, na enwa ke yena mofumahadi, yatlang, ka leseanyana ka_ka jampara e boputswa ba lehodimo?31 “Jampara”? Meda, ke_ke_ke ne ke sa bolele hono,moratuwa, seo e ka bang sona. Eka mosenyana wa ntho^Jampara, ke ba bakae ba tsebang e_e jampara ke eng? Kgele,ehlile. Ke ofarolo ya kgale ya bakana, ho nna. Ka baka leo_kabaka leo^32 Kgele, ke leseanyana la Dallase. Be, ke hantle haholo.Moena, na o ka tla kwano hodimo. Ntshwareleng. [MoenaBranham o sutha maekeng mme o ya lehlakoreng le leng lasefala_Mong.]

Page 5: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 5

33 Tjhe, tjhe, eka ke rata leselanyana leno mono, leo o lekentseng. Lebitso la lona ke mang? [Ntate o re, “RebekahLynn.”_Mong.] Rebekah Lynn, L-y-n-n. Mme lebitso la_lahao le qetellang ke mang? Stayton. Rebekah Lynn Stayton. Naho nepahetse? Na nka mo nka? [“Ka sebele.”] Ke a tseba hobatla ho le boima, ho fana ka motho jwalo feela. Na ha hohotle? Ngwananyana e motle ke enwa. Rebekah Lynn Stayton.

34 Lapa lena le fetile hara tse ngata. Mofumahadi enwa, emonyenyane mona, le molekane wa hae, ba sa tswa bolokehanakwaneng le ho kenngwa tsebong ya Morena. Mme jwale,kopanong ya bona, Modimo o nehelane ka Rebekah enwa emonyenyane, mme ba le tlisa ho Morena.

35 Jwale, batho ba bangata, ba bitsa e sa feleng^kolobetsoya masea, kerekeng ya Methodise le tse ding tsa tsona tsengata, mme ba ba fafatsa ka e sa le masea. Jwale, hoo hoitoketse, ho ya kamoo ke lekanyang. Empa feela re leka hodula le seo Bibele e reng se etswe. Mme ka Bibeleng, mono (haho) le ho leka ntho e kang ho kolobetsa maseanyana; ha hosebaka ho theoseng ka hisetoti, ho fihlela kereke ya Katolikeya Pele, ho ya kamoo re tsebang kateng, eo e neng e le^holatela Evangedi.

36 [Ngwana o a lla, “Ngwee!”_Mong.] Ka hona, ke tsela feelaya ho re, “Amen.”^?^Ka hona, le a bona, le loketse hofumana tlhaloso.

37 Ka hona, empa, ka Bibeleng, ba tlisitse bana babanyenyane ho Jesu, A tle a ba hlohonolofatse. Mme A beamatsoho a Hae hodima bona le ho ba hlohonolofatsa. Mme,hono, re sa tswellisa hono.

Jwale a re inamiseng dihlooho tsa rona.

38 Ntata rona ya Mahodimong, mosadi enwa e motjha lemonna e motjha ba tla bosiung bona le Rebeka enwa emonyenyane e motle ya neilweng, tlhokomelong ya bona, hohodisetswa tshabong ya Modimo. Mme ba mo tlisa nehelong hoMorena. Mme ere mme a sa fetisa ho tswa matsohong a hae hoya ho a ka, jwale ke fetisetsa ho tswa matsohong a ka ho Wena,Rebeka enwa e monyenyane. Modimo eba le yena le ho mohlohonolofatsa. Hlohonolofatsa ntatae le mmae. A bohle baphele ka botshepehi, maphelo a malelele, mme, ha ho ka etswa,ba bone ho Tla ha Morena Jesu. A ngwana enwa a hole tsebongya Morena. Mme haeba, ho ena le hosasa, e ke e be paki e kgoloya Hao. Fana ka sena, Morena. Jwale, ha O no le lefatshengmona, mosadi enwa le banna ba ne ba tla tlisa bana ho Wena.Empa, rona, baboledi ba Evangedi, re baemedi ba Hao. Kabaka leo, re O neha lesea lena, bakeng sa bophelo batshebeletso Mmusong wa Hao, lebitsong la Mora wa Hao,Morena Jesu Kreste. Amen.

Page 6: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

6 LENTSWE LE BUILWENG

39 O hlohonolofatswe, Rebeka-nyana! Ke mothwana emosahakakang! Modimo o ke o le hlohonolofatse bobedi ba lona, lelesea, ho le abela maphelo a malelele, a thabileng,tshebeletsong ya Modimo.40 Atamela kwano, maoto a mmalwa. Ha ke tsebe haeba ke lematla a lekaneng, kapa tjhe. Enwa ke moshanyana kaofela.Lebitso la hae ke mang? [Mme o re, “Stanley Victor.”_Mong.]Stan^ [“Stanley.”] Stanley Victor^ [“Cleveland.”]Cleveland. Cleveland, Cleveland, Stanely e monyenyane. Kelebitsonyana le letle hakakang, mme ke moshanyana e motlehakakang! “Tjhe, ke nahana hore, nyoloha.” [Moshanyana o aema.] “Ke nahana ke tla ema feela.” Ke moshanyana yakgabane. Oh,^?^Ha re tlwaela ho etsa hona. Re mpa re hoetsa feela, o a tseba, mme ha ho ntho e tsepameng ka yona. Kennete. Ruri ke thakanyana le mosa. Mme ke_ke ke lebetselebitso le qetellang. Ha ke hopole ke le qapodisa hantle.[“Cleveland.”] Cleveland. Ho lokile.

A re inamiseng dihloho tsa rona.41 Ntate ya Lehodimong, ba babedi bana ba tlisa lesea lena,Stanley Cleveland e monyenyane, ho hlohonolofaletswa hoMorena Jesu. Mme jwaloka ha moruti wa kereke a sa ememona, le nna, ho ema mmoho kopanong mesebetsing yaMorena, re O fa ngwana enwa bakeng sa tshebeletsobophelong. O mo file mme le ntate; mme jwale ba mmeha honna, diatleng tsa ka; mme ke mo tlosa diatleng tsa ka ho ya hotsa Hao. Modimo, hlohonolofatsa ntate le mme. Hlohonolofatsamoshanayana e monyenyane, mme a bohle ba phele halelele,maphelo a thabileng bakeng sa Hao. A ngwana a hodisetswetshabong ya Modimo, ho Mo sebeletsa, le ho Mo tshaba, le hoMo rata, matsatsi ohle a bophelo ba hae. Jwale, ba tlisitse banaho Wena, O tle o ba hlohonolofatse; le rona, ka matsoho a ronahodima ngwana, O mo hlohonolofatse ka Lebitso la Morena.Mme a ke a phele halelele, bophelo bo thabileng bo atlehilengba ba mmele le matla, mosebetsing wa Hao. Lebitsong la Jesu.Amen.

Modimo a o hlohonolofatse, Stanley e monyenyane. Le nale moshanyana ya kgabane mono.42 Jwale ke sa tla kopa mohaunyana feela, ho mathaka amanyenyane homme ba dilemong tsa bo-leshome. Mme ke atseba ho thata. Le ke ke la ema tswe halelele, hoba ditho tsalona di a honyela. Empa ke atamela ntho bosiung bona eo ke soka ke e etsa pele. Mme ho na le ntho eo ke tla bua ka yona, eoke eso ka ke nahana ho bua ka yona ka ntho e jwalo.43 Ke ka hona, hoseng hona, ke sa batlang ho bea nako eo kapela Molaetsa, mme ha ke a qetella ho bua ka Nnete yaka yaMakoma, mme ha ke hopole nka kgona le ka mohla. Ke atshepa nke ke ho etse. O makatsa hakakang!

Page 7: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 7

44 Empa, bosiung bona, ke tlile ho bua ka ntho eo ke sa etsebeng. Mme jwale, ruri hoo ke tabahadi, ho moreri ho bolelaha a tlilo bua ka ntho eo a sa tsebeng ka yona. Empa keipelesitse tshwanelo, ho latela bokgoni bo botle ba tsebo ya ka,hape, e le hore kereke ena e tle e utlwisise. Mme nke ke, le holeka, ka le hanela ntho efe feela, e molemo.45 Mme jwale, lebanta lena, ke nahana bashanyana ba etsalebanta. Mme ha ho ka etsahala o fumane lebanta, mang lemang ya utlwang lebanta, hopola, ha ntho e nngwe e hlolla,ho wena, o se e bue ntle leha e le lebanteng. O se bolele taba ekgahlano le e lebanteng.46 Batho ba bangata ba ye ba ngole, hodima Peo Ya Noha,mme ho thwe ke itse tjena-le-tjenana. Ke ye ke nke lebanta, kele bapale hape hape. Ha ke a bua ka tsela eo. Le a bona, bathoba ahlola dintho ka phoso.47 Le a tseba, Jesu, ka mohla o mong, ka morao ho tsoho yaHae, ho theoseng ka lebopo, le baapostola, homme Johanne aitshetlehile sefubeng sa Hae. Mme ba re, “Ho tla etsahala engka monna enwa?”

Jesu a re, “Ekare ha a dula Ke be ke fihle ekaba eng holona?”

“Mme polelo ena ya nna ya tsamaya, e reng, ‘Johanne o tlaphela a be a bone Jesu a etla.’”49 Mme Lengolo le re, “Kanthebo, O ne a sa bolela ka tselaeo.” Le a bona, ha A_A rialo le ka mohla. O itse, “Ekare ha adula Ke be ke fihle ekaba eng ho lona?” Ha A re o tla dula.Empa, le a bona, ho eba ditsebe, ho bonolo haholo.50 Mme, jwale, ha_ha se hore ke ahlola motho ka baka la hoetsa hono. Hoba, ke e etsa, ka bonna. Mme batho bohle ba eetsa; ekare ha baapostola, ba tsamaileng le Morena wa rona, basa ka ba Mo utlwisisa. Mme le ka mohla ba ne ba sa Moutlwisise ka ho hlaka.51 Hantle pheletsong, ba ne ba re, “Bonang, jwale re autlwisisa. Jwale re a dumela. Mme jwale re kgodisehile haO tshwanelwa ho botswa letho ke motho, hoba O tsebatsohle.”52 Mme Jesu a re, “Jwale le a dumela?” Le a bona? Ka moranako ee e kaale, le a kgona qete-^Na qetellong ebile ya letjhabela, le a bona, la ba la dumela?”53 Mme hoo ke botho feela. Mme bohle re batho, ka baka leore tla nne re utlwisisa ka phoso.54 Empa ha eka e a o hlolla, bapala lebanta o boele morao.Mamela hantle he. Ke tiile Moya o Halalelang o tla o senolelayona he.55 Jwale he, mathaka a manyenyane, ha feela le ka kgina“di-amene,” lona bana. Be butleng feela ho se hokae, hobane

Page 8: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

8 LENTSWE LE BUILWENG

ke_ke batla taba ena e utluwe ruri, hoba ba bangata ba ke keba eba le lebanta. Ka hona, ke batla le etse bonnete ba hore lea e tshwara. Mme a re e atameleng, ka, nka re ka metsotso emashome a mararo a metso e mehlano, kapa mashome a mane,ka tshabo hakaalo feela kamoo re tsebang ho ho etsa.56 Hoba, ena ke nako e tshabehang ho nna. Ke moo ntho enngwe e etsahetseng, moo ke sa tsebeng ke etseng. Le a bona?Ke eme mokgamong wa metsi o patisaneng ka ho fetisisankileng ka ema ho ona, mehleng ya molaetsa wa ka, ho yakamoo ke tsebang.

Ka baka leo, a re inamiseng dihlooho tsa rona jwale, pelere atamela Lentswe.57 Ntate ya Lehodimong, hape, nako e fetileng e seng kaalo,ka rera ka sehlooho sa Ho Lekanya. Mme Ho Lekanya ke ho“sebetsa ntle le ho fuwa tokelo.” Mme mohlomong, bosiungbona, Morena, ke ipelesitse tshwanelo ya ho hlalosetsa bathontho e itseng, ntle le ho fumana pono ya yona. Ha ho le jwalo,Morena, mpee leihlo, moo dintlha di lokelwang ke hohlahlojwa; kwala molomo wa ka, Morena. O kile wa kwalamolomo wa tau, ka lemeneng mmoho le Daniele, hore e se mohlokofatse. Mme, Morena, ke a rapela, hore, ha nka leka hohlalosa ntho ka phoso, O sa ruile matla ho kwala molomo.Empa ha e le Nnete, he, Morena, E hlohonolofatse, le ho Eromela. Mme O tseba maemo le hore ntho e atamelang ke eng.Mme ke ka mokgwa oo ke tlang, ekasita le ho fihla motsotsongona wa ho qetela, sefaleng, le ho leka ho hlalosa dintho tsena.Mme ke O rapela ho re thusa.58 Hlohonolofatsa kereke ena e nyenyane. Sehlopha sena sekenang mona tlasa marulelo, se jakileng le rona mona motseng,ho tswa ditjhabeng tse ngata. Oh, ha meriti ya mantsiboya ethea, re thabetse jwang ho fumana sebaka seo re ka tlang hosona. Lefatshe le sa ferekane hakana mme ba sa tsebe moo baemeng teng, re thabile, ha, “Lebitso la Morena e le qhobosheanee matla, mme ba lokileng ba tshabela ho Yona mme babolokehe.” E seng hakaalo Mantswe a mangata, empa tshenolo!59 Ka baka leo, re a rapela, Ntate, jwaloka ha Masedi amantsiboya a ne a tla tla, ho dikeleng ha letsatsi; mme redumela ha eo e le nako eo re phelang ho yona, ho dikeleng haletsatsi. Mme re O leboha re hlabehile, Morena, ho tswadipelong tsohle tsa rona, ka baka la dintho tseo O reetseditseng tsona. Mme, Morena, ho theosa le mongwaha jwalo,ke O leboha ka ho dumella dipono tseo O faneng ka tsona, enngwe le e nngwe ya tsona ka ho phethahala hantle feela, mmetlhaloso e nngwe le e nngwe ya toro ya eba ka tsela eo hantlefeela. Ka baka leo, re a tseba e ne ekaba Wena feela, Morena;hoba re batho ba buswang ke lefu, bohle re tswaletswe sebeng,mme ha ho ntho e lokileng ka ho rona. Empa, ho nahana hore

Page 9: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 9

O ne o ka tshwara ntho e kang eo, e tshwanang le motho, le hoba hlatswa ka metsi a Lentswe le ka Madi a Kreste; le hootlolla letsoho leo ka tsela e jwaana, ho fihlela motho a sasebedise kelello ya hae, empa ho dumella Mohopolo wa Kreste,Ya tsebang tsohle, ho O dumella ho kena ka hare le ho bua leho sebedisa tabernakele. Re a O leboha, Ntate.60 Jwale re rorisa Lebitso la Hao le Halalehileng. Mme rehlohonolofatsa sehlopha sena, bosiung, ka Lebitso la Hao. Rehlohonolofatsa moruti, Moena Neville, mohlanka wa Modimoya kgabane. Re hlohonolofatsa bahlanka, bahlokomedi, sethoka seng sa Mmele wa Kreste, mona esita le lefatshe ho potahammoho, ka Lebitso la Morena Jesu.61 Oh, ha re sa bona seriti se lefifi, se entseng leswiti, setshabehang se feta pontsheng ya Bokreste, re a tseba nako entse e atamela. Ho tla ba le Tlhwibilo, mme Kereke e tlankelwa hodimo. Morena, a re hwanteng re ye pele, re shebileMaqadi le Mophethi, Kreste. Fana ka sena, Morena. Mme ere resa tswela pele jwale, ka Lebitso la Morena Jesu, ho ipelesadintho tsena tse behilweng pelong tsa rona, re rapela hore O tleo be le rona le ho re thusa. Le ho fumana thoriso ho yona,Morena hoba re itlamella ho Wena, ka Lentswe la Hae, kaLebitso la Jesu Kreste. Amen.62 Jwale, haeba le tshwere pensele le pampiri, ke lakatsa horele ngole dintho tse itseng fatshe, jwaloka^kapa ntho efe kapaefe eo le e lakatsang. E tshwareng feela e lokile. Mme hape,lebanteng, hape, ha le rata ho ngwapa Mangolo fatshe, nakoefe kapa efe, hoba ke dumela ha e le Lengolo le buang.63 Jwale re batla ho bala mohlodithero bosiung bona, kapa hobala palo ya Lengolo, ho tswa Bukeng ya Tshenolo ya JesuKreste. Mme ke dumela ha ena e le Tshenolo ya Jesu Kreste, kamokgwa wa ho ngolwa Bukeng. Mme Tshenolo efe feela e kathulanang le Tshenolo ena, e tla be e fosahetse. Mme ke kgolwaha hoo ho lokelwa ke ho phethwa^ho phethweng_hophethwa hape. Tshenolo efe kapa efe e ke keng ya kgohlelanale Tshenolo ena, le ho tlisa Tshenolo ena leseding, ke tshenolo efosahetseng. Mme e tshwanetse ho dumellana le Mangolo.64 Jwale, kgaoloong ya 10 ya Buka ya Tshenolo ya JesuKreste, ke ratile ho bala ditemana tsa pele tse mmalwa, temanatsa pele tse supileng, 1 ho isa ho 7. Mamelang ka hlokomelojwale, mme le nthapelle.

Yaba ke bona lengeloi le leng le matla_le leng le matlale theohang lehodimong, le ipopileng ka leru: le rwetsemookodi hloohong, sefahleho sa lona se^le jwalokaletsatsi, le maoto a lona e ne eka ditshiya tsa mollo:

Le ne le tshwere bukana e phetlilweng letsohong lalona: la bea leoto le letona la lona ho lewatle, le leoto leletshehadi hodima lefatshe,

Page 10: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

10 LENTSWE LE BUILWENG

Mme a howa ka lentswe le phahamileng, jwaloka tauha e puruma: eitse hobane le howe, diaduma tsesupileng tsa utlwahatsa mantswe a tsona.

Yare hobane diaduma tse supileng di utlwahatsemantswe a tsona, ka re ke a ngola: yaba ke utlwalentswe le tswang lehodimong le re ho nna, Kwahelase boletsweng ke diaduma tse supileng, mme o se kewa di ngola.

Mme lengeloi leo ke neng ke le bone le emenghodima lefatshe le hodima lewatle la emisetsa letsohola lona le letona nnqa lehodimong,

Mme la hlapanya ka ya phelang ka mehla le mehla,ya bopileng mahodimo, le se ho wona, le lefatshe, le tseho lona, le lewatle, le^ho lona, hore tieho ha e sa tlaba teng:

Empa mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa, haterompeta ya lona e tla lla, ke moo sephiri sa Modimose tla phetheha, ka moo o boleletseng bahlanka bawona, baporofeta kateng.

65 Mme sehlooho sa ka, haeba ke loketse ho e bitsa hono,bosiung bona, ke sena: Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, Monghadi?66 Bohle re tseba ha re phela e_e nakong e kganyang bakengsa Kereke, empa nako e bohloko bakeng sa mosadumeleng.Mme re phela ho e nngwe ya dinako tse kotsi ho tsohle, hotsohle tse kileng tsa eba teng, ha e sa le lefatshe le qala. Ha homoporofeta, ha ho moapostola, le kgale, nakong efe kapa efe,ya kileng a phela nakong e kang eo re phelang ho yona jwale.Bona ke bofelo.67 Bo ngotswe sebakeng. Bo ngotswe bophareng ba lefatshe.Bo ngotswe lehlaseding le leng le le leng la ditaba. Bona kebofelo, haeba le ka kgona ho bala mongolo. Baporofeta baphetse mehleng eo mongolo o neng o le leboteng bakeng sasetjhaba. Empa rona re phela mehleng eo mongolo o lengleboteng bakeng sa nako. Ditjhaba tsohle, lefatshe, ntho enngwe le e nngwe, nako e fihlile pheletsong. Ka baka leo, retshwanetse ho hlahloba Mangolo, ho fumana hora eo re phelang.68 Ka mehla, moporofeta wa nnete wa Modimo o tla yaMangolong. Haho le jwalo o kgodisehile hore e tla ba jwalo. KaTestamenteng ya Kgale, ha baporofeta ba ne ba bolela taba, kamehla teng moo, sebakeng se seng kae-kae, ho ne ho ena lemoporofeta ka Lentswe, ya neng a dula le Lentswe. O ne alebella Modimo bakeng sa dipono. Mme ha pono ya hae e ne ele kgahlano le Lentswe, eba pono ya hae e ne e fosahetse. Ke oomokgwa wa Modimo ho fihliseng Lentswe la Hae bathong baHae.69 Na le kgona ho nkutlwa, motsheo mono, ho lokile? [MoenaBranham o a thola_Mong.] Ke batla ke sa tsebe hore ke qale kae.

Page 11: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 11

70 Jwale, ebile monyetla o moholo ho nna, ho tseba hatabernakele ena ebile kereke yaka ya pele. Ke ntho etlotlehang. Mme nke ke ka hlola ke lebala, leha ke^Jesu a kadieha homme ka phela ka ba dilemo tse makgolo. Ke tla nne kehopola tsatsi leo ke neng ke hloma lejwe leo la sekgutlo, manesekgutlong; le pono eo A ileng a mpha yona hoseng hoo, yatabernakele ena. Mme le a e hopola lona bohle. E ngotswedibukeng. Mme ruri e phethilwe ho ya fihla letereng, ha hontlhana ya yona e fositseng.71 Mme, jwale, ha ke dumele ho na le ntho efe kapa eo Akileng a e bolela dilemong tsena tsohle tsa bophelo ba ka,dintho tseo ke di boleletseng batho, ha e se tse etsahetseng.Mme batho ba bangata ba tlile ka ditoro, tseo A ileng antumella, ka mohau wa Hae, ho ntumella ho di kwahollelabatho. Mme bongata bo tlile ka ditoro le mathata ao ke ilengka hloleha ho a kwaholla.72 Empa lona batho ting ha ke eso leke ho le hlahisetsamalepa a tshwereng dikarabo tsohle. Ke lekile ho tshepahala,le ho le bolella seo e neng e le Nnete, mme ke kgonne ho lebolella ho latela ka moo A neng a mpolella. Mme ha e ne emphihlela, ke hona ke neng nka le bolela.73 Mme ke batla ho le hlokomedisa. Tsatsing lena leo rephelang ho lona, ho na le tse ngata^Ha se_ha se feela ho buantho e itseng kgahlano le batho. Empa ha le bona motho yatshwereng karabo ntho e nngwe le e nngwe, hoo ho thulana leLentswe.74 Jesu o boletse, “Le balepera ba bangata ba ne ba ke tengmehleng ya Elia, empa a le mong feela a fodiswa.” Dilemo tsekaalo, mashome a robedi kapa ho feta, tseo Elia a di phetseng,mme molepera a le mong a fodiswa. Bahlolohadi ba ne ba lebangata mehleng ya Elia, empa a romelwa ho a le mong feela.Mme re fumana ho na le dintho tse ngata tseo Modimo o dietsang, homme tseo A sa di senoleleng bahlanka ba Hae. Mmemohlanka ha a moholo ho Morena wa Hae.75 Mme, le hona, Modimo o ke ke wa arolelana kganya yaWona le motho. Ke Modimo. Mme ha mohlanka a fetohelasebakeng seo a lekang ho nka sebaka sa Modimo, eba Modimoo nka bophelo ba hae, le ho mo isa hole kae-kae, kapa ho hong.Re tshwanetse ho hopola taba eo.76 Jwale, diponong tseo le dikwahollong, nke se bolelekwahollo pele ke bontshisisa hantle, ka pono, seo toro e neng ele sona. Mme bongata ba lona bo a tseba hore bo nnile bampolella ditoro tsa bona, mme mohlomong le ho bolelwa e sabolelwe. Mme ereha ke bona toro e kgutlela ho nna, ke kgutleke le bolelle hore ho na le ho hongata ha yona hoo le ho siileng,ke ntano le bolella hoo le ho siileng. Le a tseba hoo ke nnete.Haeba e le nnete, e reng, “Amen,” lona banna. [Banna ba

Page 12: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

12 LENTSWE LE BUILWENG

bangata ba re, “Amen.”_Mong.] Dintho tseo le sa kang lampolella tsona. Ka hona he, le a bona, haeba^JwalokahaNebukadnesare a boletse, “Ekare ha le sa ntsebise seo ke selorileng, ke tla tseba jwang hore le ka nnea kwahollo ya yona?”77 Empa ditshekamelo tsena tsohle, ha re a tshwanela ho clinka mme re re, “HO RIALO MORENA.” Ha re a tshwanela hoetsa hono. Re tshwanetse ho fumana lentswe ka ho otloloha, lekarabo e tswang ho Modimo, pele re ka re ke Modimo. E sengtshekamelo, e seng tshisimoho, ho sa tsotelehe e futha hakakang.

O ka re, “Ke dumela ekaba ka mokgwa ona.”78 Empa ha o bolela, “HO RIALO MORENA,” ha se wena.Hlokomelang kalaneng. Na le kile la e bona e hloleha? HORIALO MORENA e phethahetse, le ka mohla ha eso ho hlolehe.Mme ha feela e le HO RIALO MORENA, e ke ke ya hloleha.79 Empa, ha kana, O ntshireleditse, hoba ke nnile ka Mo emela.Ha ke a ka ka leka ho batla botumo, kapa kganya ya lefeela yabatho. Ke lekile ka bohohle baka ho phela ka boikokobetso, leho phela mofuta wa bophelo boo ke nahanang ho re Mokreste oloketse ho bo phela. Mme ha ke a kgona ho etsa hoo ka bonna kahare, empa O entse hono ho fihlela tsatsi lena le hodimo.Jwaloka ha ke bolela, hore ke Yena Ya ileng a nketella pele.80 Dintho tse ngata di ka bolelwa mokgweng ona, empa ho neho tla qeta nako e ngata haholo. Empa lona bohle le elellwadintho tsena. Mme lebaka leo feela ke le laetseng ho re “amen,”nakwaneng ya ho feta, lona batho ting ba mpoleletseng ditoro,mme ke tle ho le bolella seo le se siileng, hoba Molaetsa wona oa hatiswa. Batho ba ditjhaba tsohle ba tla utlwa sena. Mme haba utlwa “amen” eo, eba ba tseba ho na le mantswe mono, aneng a dutse tlasa thuto ena, ba tsebang haholwanyane ho kaetsa ntho efe feela e phoso, kapa ho re “amen” nthong e itsenge phoso. Amen ke “a ho be jwalo.” E a e tiisa.81 Jwale, bophelo bohle ba ka, ho tloha ke le moshanyana, hobile le ntho e ntlhophang. Mme ke bile le bophelo bo hlollanghaholo, bo thata ho utlwisiseheng. Esita le mosadi waka oingwaya hlooho mme o re, “Billy, ha ke kgolwe ho na le mothoya o utlwisisang.”82 Mme ka re, “Le nna ha ke ikutlwisise.” Hoba, ke a ineela,ka na ka itlamella ho Kreste, dilemong-lemong tse fetileng. KeYena ya etellang. Ha ke leke ho e utlwisisa. Ke ya moo Ampiletsang teng feela, ho latela tsebo yaka e ntle.83 Ke lebohela haholo bakeng sa mosadi ya kgabane le bana,le bakeng sa mosadi le bana ba nang le kgodiseho ya hore nkeke ka ba bolella ntho e phoso. Ho re, ba e dumela. Nako lenako ha o ba bolella ntho, ba itshwarella ho yona. Ba tsebatseba nke ke ka ba bolella taba e phoso.

Page 13: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 13

84 Mme na nka bolella e mong wa bana ba Modimo ntho ephoso, jwale he? E seng ka boomo. Tjhe, monghadi. Modimo obatla bana ba Wona ba kene kwetlisong ya mofuta o loketseng.Mme o tshepahale ho bona, mme o be le nnete ho bona, mme Otla e hlohonolofatsa, ke a kgolwa.85 Jwale, ho tsamayeng jwalo, ho theosa leetong, ho bile ledintho tse etsahalang, tseo ke sa kang ka di utlwisisa. Mme enngwe ya dintho tseo ke sa kang ka di utlwisisa, keha ke sa lemoshanyana mme dipono tseo di ntlela. Mme ke ne ke ye ke dibone mme ke bolelle batswadi ba ka ka dintho tse neng di tlaetsahala. Ba nahane hore ke tshwere feela ke methapo. Empa,ntho e makatsang, di etsahale jwalo feela kaha E di boletse.

O ka re, “Na e ne e le pele ho tshokoloho ya hao?” E.86 “Dineo le dipitso di tlile ntle le pako,” Bibele e itsalo. Otswalwa lefatsheng lena bakeng sa morero o itseng. Mme hao^Pako ya hao ha e tlise dineo; di reretswe ho wena.87 Jwale, tseleng jwalo, mme ha ke sa le moshanyana emonyenyane, tabatabelo yaka e le^ke sa kgotsofala nahengeo ke neng ke phela ho yona. Ke labalabetse, ka mokgwa oitseng, ho leba Bophirima.88 Mme ke ne ke sehwe, hoba ke thunngwe, ha ke sa lemoshanyana. Mme ho tleng ha ka, hoba ke hlaphohelwesethethefatsing sa pele [“anasetetiki”_Moft.], yaka hoja ke ledipabong, ke lepella. Ethere e ne e nkidibantse. Mme keidibane dihora tse robedi, ke lakanya jwalo. Ba ne batshwentswe ke ho nkgutlisetsa bothong baka hape. Ba ne baentse oporeishene e kgolo, ho se sebolaya dikwatsi[“peniselene”_Moft.]. Madi; meomo e batla e phatlotse kasethunya ka ho phethahala, ka sethunya se se lelele. Motswallee mong wa moshanyana a ile a kgwephetsa sethunya sa hae.89 Mme ha ho le jwalo dikgweding tse ka supang morao homoo, ka kenngwa tlasa sethethefatsi se seng. Mme yare ha keetswa tlasa sethethefatsi seo, yaka hoja ke ne ke ememakgulong a bophirima. Mme sefapano se seholo sa gauta se lesebakeng, le kganya ya Modimo, e tswa ho sona e tjhabetsefatshe. Nna ke eme mono ka mokgwa ona.90 Nakong eo Lesedi, leo le le bonang setshwantshong bosiungbona, le netefaditsweng e le Tlholeho e mohlolo, ka patlisiso tsamahlale; ho nna, e le lona Lesedi le otlileng Paulosi la mo dihelafatshe. E le lona Lesedi le eteletseng bana ba Iseraele, bosiu. Nale lemohile mona, Lengeloi lena? “Le ne le apere Leru.” Le abona, E ne e le “Leru motsheare.” Jwale, lona Lesedi leo.91 Jwaloka ho batho ba sa utlwisiseng, sethatong ha hopolwahore e ne e fosahetse, hore ke ne ke mpa ke rialo feela. Empaha etsahala hore Moya o Halalelang o pate disebediswa tsamahlale, le batho mono, bakeng sa netefatso, mme ba Le nkasetshwantsho, makgetlo a mmalwa.

Page 14: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

14 LENTSWE LE BUILWENG

92 Ka re, “Ke bona motho ya kgurumeditsweng ke botsho hoisa lefung,” seriti se setsho se ba okametseng. Dibekeng tsemmalwa tsa ho feta ha ke ne ke le motseng. Mme nakong eo rererang, le_ha le a lokela ho nka ditshwantsho, le a tseba, ha hontse ho rerwa mono. Mme yareha ha^Ke ntho e tshwanang lemohla ntho eo e katlatswang; empa ha etsahala hore motho emong o ne a nkile khamera. Mme ka re ho mosadi ya dutsengmono, moeti^Ke le kwana_kwana Southern Pines. Ke re,“Ho na le seriti hodima Mofn. Sekete-kete.” Mofumahadi eo keneng ke eso ho ka ke mmona bophelong ba ka. “O tswangakeng; mme mefetse e mebedi, o le mong letsweleng ka leng,o se o tetswe. O sirilwe ke leswiti le letsho, ho isa lefung.”

93 Mme Ntho ya re ho kgaitsedi ya dutseng haufi, ya neng ankile khamera e hadimisang lesedi, ha thwe, “Nkasetshwantsho.” Mme a sa batle ho etsa hono. Leha ho le jwalo,“Nka setshwantsho,” mme le jwale a nna a kganana. Mme latla hape, mme a nka setshwantsho^mme a katlatsasetshwantsho. Mme ke seo moo se leng teng, ho latela mahlale.Se letlapeng la ditsebiso; leswiti la katiba e ntsho.

94 Yaba, yare hoba mosadi a dumele mme le thapelo e etswa,setshwantsho sa katlatsa hantle ka morao ho seo, se hlakile. Kare, “Seriti se tlohile.” Le a bona? Mofumahadi eo o a phela, kamohau wa Modimo.

95 Le bona seo ke se bolelang? Ha o bolela nnete, o katshehwa ho se hokae, o ka utlwisiswa ka phoso ho se hokae,empa Modimo o tla netefatsa hono, hore ke nnete, ha feela o kadula le yona. Le a bona? Tiisetsa feela. Ho ka nka dilemo, empajwaloka ha ho no etsahale ho Abrahama le ba bang, empa kamehla O tla e netefatsa.

96 Ha Lengeloi leo mono^Mme ke nahana hore, ntle homosadi waka, ho na le batho mona bosiung bona, ho tswadilemong tse mashome a mararo tse fetileng, ba neng ba emehaufi ha Hoo ho theoha. Na ho na le motho ya hara mokgupijwale ya neng a le teng mono ha Lengeloi, le theohetsengnokeng kgetlo la ho qala, pontsheng ya batho? Phahamisangmatsoho a lona. E, ke bao moo ba leng teng. Le a bona? Jwale,ke bona Mof. Wilson a phahamisa letsoho la hae. O na ememono. Mosadi waka, mane, o ne a le teng mono. Mme ha ketsebe hore ba bang ba bona ke bomang, ba neng ba emelebopong mona, ka pela bongata, ngata, ba batho, ha ke ne kekolobetsa ka hora ya bobedi motsheare wa mantsiboya.

97 Mme ho tswa lehodimong le kang koporo, moo hohlokahetseng pula ka diveke, ke enwa A etla ka ho hoba, mmeha thwe, “Jwaloka ha Johanne Mokolobetsi a rometswe, hoetella ho tla pele ha Kreste, o romelwa ka Molaetsa, ho etellapele ho Tla ha Kreste la bobedi.”

Page 15: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 15

98 Banna ba bangata, ho tloha ho borakgwebo, motse, ba emelebopong, ba mpotsa na Le ne le bolelang. Ka re, “E ne e sebakeng sa ka. Ke bakeng sa lona. Nna ke a dumela.” Uh-huh.Mme La tswella. Mme yareha Lengeloi leo le tsamaya, ha lehopola, La leba nnqa bophirimela ha Le ne le nyoloha;hantle ka ntle, hodimo, ka hodima borogo, le ho ya nnqabophirimela.

99 Haisa-isa, ka kopana le setsebi sa dinaledi, e leng Molepi.Mme ba mpolella kaha lesihla la dinaledi tse ileng tsa kopanasenkgomeng sa mokgwa o itseng.

100 Ha banna ba bohlale Babilona ba ne ba bonela nnqa tlasePalestina, naledi tsena tse tharo senkgomeng, le nkutlwile hake e bolela hangata. Na le a tseba hoo ho pakilwe, vekeng tsenatse mmalwa tsa ho feta, ho beng nnete? Moena Sothmann, na otshwere lehlasedi leo bosiung bona, kae kapa kae moo a lengteng? E lehlaseding, leqephenyana la lehlasedi la Sontaha, yala robong la Tshitwe. Hono, moqolotsi o ile a ya mono, mme baepolla dintho tsena tsohle. Mme hantle-ntle re phela jwale, hopakilwe, hore re^Isao etlabe e le 1970. Re tswile nakong kadilemo tse supileng, ho latela majwe a epolotsweng, le hobontsha hore e phoso. Ho morao ho feta ka moo le lekanyang.Ha ke a bona Moena Fred, le hona. Moena Sothmann, na o tengmoo? Na lehlasedi leo le teng ho wena, Moena Sothmann? O letshwere. O tshwere lehlasedi leo. Mohlomong hosane bosiu ketla re o le bale. Ha re na nako, bosiung bona. Ka baka leo, le kakgona ho bona.

101 Mme, hlokomelang, hantle. Balepi bano, Balepi ba baJodehodimo Babilona, ho ithuta dinaledi, ba bona dinaledi tseo dikgohlela senkgomeng sa tsona. Mme, hoba a ho etse, ba tsebahore Messia o ne a le lefatsheng. Mme, ke bana ba etla, ho kenaka Jerusalema, ba bina. Leeto la dilemo tse pedi! “O kae Yatswetsweng Morena wa baJode?” Ho ya hodimo-le-tlase kaseterata. Mme, kgele, Iseraele ya ba tsheha, “Sekgakgatha seesa mahlanya!” Ha ba ka ba tseba letho kaha yona, empaMessia o ne a le lefatsheng. Mme, jwale, le tseba pale eo yohle,seo ba se boletseng. Jwale, re tla bala hoo, hosane bosiu.

102 Jwale, ho keneng tabeng ena, ya hore dipono ha di hlolehe,hoba di tswa ho Modimo. Mme ho tla jwalo leetong, ho bile lentho e nkgulang, e nthutlang.

103 Ya ntoo re he, yareha Molepi a mpolella ka dintho tsena, kesa le moshanyana, molebedi wa tlhaho; kapa le pele ho moo, kedumela e ne e le yona, kaha dintho tsena. Le jwale ya ntshosa,hoba ke ne ke tshaba seo Molepi a neng a le sona. Empahamamorao ka fumana hore Balepi ba Bibeleng ba ne banepile, hoba Modimo o e bonahatsa Lehodimong pele A ebonahatsa lefatsheng, ka ho lebella makgotla ao a lehodimo.

Page 16: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

16 LENTSWE LE BUILWENG

104 “Modimo ha o ye ka tshobotsi ya batho, hara ditjhabatsohle,” Petrose o itsalo. Jwale, empa ba O tshabang,hara ditjhaba tsohle, Modimo o ba amohela. [Sekgeolebanteng_Mong.]105 Mme re fumana hore, he, ka leka ho qhela mohopolo.Empa, oh, ho tla nka dihora, ho kena, ka moo e neng ekgannela nnqeng eo, ka ho se kgaotse ho kgannela nnqeng eo.Empa ke ne ke e tshaba.106 Molepi enwa a re ho nna, “O ke ke wa atleha kaBotjhabela.” Ha thwe, “O hlahetse tlasa pontsho.” Mme a re,“Wena^Pontsho eo, senkgome seo, ha di ne di fapana, ntlekwana, tsatsing la tswalo ya hao, di ne di lepeletse nqabophirima. Mme o tshwanetse ho ya bophirima.”

Ka re, “E lebale.”107 Ke_ke sa amane le yona kae kapa kae. Mme ho tlengjwalo, le hona, ho sa dutse ho le jwalo, ha ho a ka ha e tlosapelong yaka.108 Yare he, mohla ke neng ke le hodimo mono bosiung boo,mabapi le dipono tsena. Ke sa kgone ho di utlwisisa. Baenabeso ba Baptise ba mpolella ha ntho eo e ne e le Diabolosi.Mme yare ha Lengeloi leo le hlaha, La e maneha Lengolongruri, le ho re, “Jwaloka mehleng eo!”109 Nakong eo baprista ba ntseng ba tsekisana ka dintho, ho satswejwe hore ke mofuta ofe wa dipurapera tseo ba loketsengho di apara, le diaparo le ntho e nngwe le e nngwe, le ho phehakgang ka diqabang tsa bona; Balepi keha ba latetse naledi hoKreste.110 Nakong eo baboledi ba reng Jesu e ne e le moikaketsi,Belsebule; Diabolosi a ema a re, “Re a O tseba hoba O mang, OMohalaledi wa Modimo. Na O tlile ho re hlokofatsa pele honako?”111 Ha Paulosi le Silase ba ne ba theosa, ho rerwa Evangedi.Senosenyana se dutseng seterateng^Mme bareri ba naha eo bare, “Banna bana ke baikgakanyi. Ba pshatla dikereke tsa rona,le dintho tse jwalo, ba phethola lefatshe, ka tshilafalo ya bona.”112 Empa ha etsahalang? Molepi eo e monyenyane, senosenyanaseo, sa re, “Ke banna ba Modimo, ba re bolellang tsela yabophelo.” Mme Paulose a kgalema moya oo ka ho yena. O ne a sahloke thuso ya letho ho paka hore yena e ne e le mang.113 Ka mehla Jesu o na a kgalemela ho ikgutsetsa. Empa hooho bontsha ha ka nako tse ding matemona a tsebahaholwanyane ka ditaba tsa Modimo ho feta ka moo babolediba tsebang; ba kgomarela bokereke hona. Ho ne ho le jwalo, kaBibeleng, mme Modimo ha o fetohe.114 Ka tsatsi le leng, ho theoheng, dilemong tse hlano tsefetileng, ho tswa ha Moena Norman, ke ne ke qhoba ke theosa

Page 17: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 17

tseleng. Mme ke sa tswa tshwara tshebeletso mono, hodimo,homme Morena Modimo a itlhahisa ho nna ponong. Mme ke neke dutse ka pela keiti yaka, hodimo mona tlung yaka. Mmeyaka hoja maemo a lehodimo a ne a le mabe.115 Bongata ba lona batho ting le tla hopola pono eo. Engotswe bukeng yaka ya dipono. Ke di ngola fatshe ho etsabonnete ba hore ha ke di lebale.116 Mme ponong ena ka bona, ho ena le ntho e sa tswa fetatseleng, mme ho ena le majwe a neng a tletse hohle jaretengyaka. Mme ho ena le diheletsi le difadi [“dikreitata ledikeraporo”_Moft.], hodimo le tlase tseleng, homme difate dikgaotswe di tsomutswe. Yaba ke qala ke thinya ho kenakeiting, mme e ne e katilwe hohle ke majwe. Mme ka tswa, kaho re ho monna, “Hobaneng, ho le ka sebopeho see?” Mme ahla a kgohlahala ruri, a ntshutumeletsa morao, mme a re, “Kemokgwa wa lona bareri!”117 Ke re, “Ke ne ke mpa ke o botsa, ‘Hobaneng o etsa hona?’O_o tshelela ka kwano lehlakoreng laka la seterata, mona.Hobaneng o entse hona?” Mme a batla a ntjabela, mme antshutumeletsa morao.118 Mme ke nahane, “Ke tla mmolella hore ha a tsebe seo abuang ka sona.”119 Yaba Lentswe le a bua, ha thwe, “O se etse jwalo. Ommoledi.”

Mme ka re, “Hantle haholo.”120 Mme yaba ke a reteleha, mme, ka ho le letona la ka, ka pelakeiti ya ka ho ne ho eme, e le koloinyana ya makgulong. Le atseba ke eng, koloinyana e kgurumeditsweng, dipere diqhanehilwe ho yona. Mme lehlakoreng le kwana le bapileng lela mokganni e le mosadi wa ka. Mme ka hetla, homme bana baka ba dutse morao mono. Ka hlwella koloing. Ka re ho mosadiwa ka, “Honey, ke eme ka hohle ka moo nka emang.” Yaba keqhautsa diqhaana le ho thakgola pere e ka pele, mme kaqalella ho leba nqa bophirimela.121 Mme Lentswe la re ho nna, “Mohla sena se hlahang, o lebennqa bophirimela.”122 Moena Woods, sehahi se mona kerekeng, le mohlokomedi^Ke ba ba kae ba hopolang pono jwale, le hopola ha ke ne ke lebolella? Ehlile. E ngotswe pampiring. Mme ka re ho MoenaWoods^O rekile, kerekeng, sebaka sena se bohareng, mono.Mme o ne a batla ho haha ntlo ya majwe mono. Ka re, “O se hoetse, Moena Woods, hoba ba ke ke ba o buseletsa tjhelete ya hao.Mohlomong, ha ho ka etswa^” Moo ke dilemo-lemong tsefetileng, dilemo tse hlano tse fetileng. Ka re, “Ba tlilo,mohlomong, ho fetisa borogo boo le mona, mme mohlomongmajwe ao ke mokato wa ka o pshatlilweng, le ditselana tsa ka le

Page 18: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

18 LENTSWE LE BUILWENG

dintho, tse rapaletseng mona.” Bakeng sa majwe, e le makote akonkreite. “Mme ba ntano haha ntho eo tlase mona, hoba baboletse pampiring ke seo ba neng ba leka ho se etsa.” Tjhe, a seke a e haha. Qetellong ba etsa qeto, ntho e ka etsang selemomorao ho moo, kapa tse pedi, ba ne ba tlil’o e fetisa le mono, letlase ka nnqeng ena. Ka hona ha dula ho le jwalo, ka baka leo,homme ka e lebala feela, mme ka e lesa ya ya.

123 Jwale, ntho e hlollang e etsahetse nakong e ka bang selemoe fetileng. Ke ne ke tshwere ditshebeletso tlase bosiung bobong ha Moena Junior Jackson; ya dutseng mono hantle,moreri wa Methodise ya amohetseng Moya o Halalelang, le hokolobetswa Lebitsong la Jesu Kreste, mme o alosa e nngwe yadikereke tse tlatsang le rona.

124 Ho le bontsha feela ka moo Modimo o sebetsang ka bathobana, ke bolela taba ena ka pelo yohle ya ka. Ha ke tsebephutheho e nngwe lefatsheng lohle, phutheho e kopaneng hofeta, moo ke dumelang hore Moya wa Modimo o ka hare, hofeta phutheho ena. Ba na le diphapang tsa bona. Ruri ha bamoo ba loketseng ho ba teng, ha ho le a mong wa rona, empaba atametse hakaalo ka motho ofe kapa ofe eo ke mo tsebang.

Mme ke tla le bontsha, ka ho tseba se neng se tla etsahala.

125 Moena Jackson a lora toro. A sa kgone ho iphapanya yona;mme ke ne ke siya kereke ya hae, mme a sa kgone ho mamellataba eo.

126 Ekaba nako e kae e fetileng, Moena Jackson? [MoenaJackson o re, “Ke e lorile ka Hlakola ya ’61, MoenaBranham.”_Mong.] Hlakola ya ’61, a fumana toro.

127 Mme a tla ho nna, le ho re, “Ho na le ntho e dutseng pelongya ka. Ke tshwanetse ho o bolella, Moena Branham.”

Ka re, “Qhoba, Moena Jackson.”

128 Mme a re, “Ke lorile toro.” Mme ke eo moo e ne e le teng!Ka dula ke sa sisinyehe, mme ka mamela le ho lebella. A re,“Ke lorile ho ena le lerallahadi, le tshwanang le le ka ntlekwana naheng, moo ho neng ho ena le jwang bo boputswa balehodimo kapa moo ntho e itseng e neng e le teng.” Mme a re,“Hodima leralla leo, moo metsi a neng a hohotse mobu, ho enale lejwe le ka hodimo, kwana hodima hloro ya leralla, jwalokahloro ya thaba. E ne e le lefika; ho se jwang. Mme moo metsi aneng a hlatswitse, a ne a betlile mongolo wa mofuta o itsenghodima majwe ana. Mme o ne o eme mono, o kwahollamongolo ona o hodima majwe ana.” Mme a re, “Mme ronabohle,” mme mokgwa oo a e beileng ka wona ke ona, a re,“Baena ba tswang Georgia, le mathokong ho pota, re ne re emebohle mmoho, re o mametse o kwaholla mongolo oo o mohlolohodima majwe ao, thabeng eo.”

Page 19: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 19

129 Mme a re, “Yaba o nka ntho e itseng, e kang e tswa sebakeng,ntho e kang moqala o hlathang, kapa_moqala o kunyullang.”Na e ne e se yona, moena? “Ntho e kang eo, moqala o hlathang, obohale haholo. Mme a re, “Ntho eo, hore o kgonne jwang, ha ketsebe.” Mme a re, “Wa otla bokahodimo ba thaba eo, wa epetsola ka nqa tsohle, mme wa phahamisa sekwahelo sa yona.E ne e le sebopehong sa piramite [Moaho o kgutlo-tharo_moft.].Homme wa qothola bokahodimo ba yona.” Jwale, moo e ne ele dikgwedi le dikgwedi-kgwedi le pele Molaetsa wa piramideo rerwa. Mme a re, “Ka tlasa hono ena le lejwe le le sweu,kranaete. Mme wa re, ‘Letsatsi kapa lesedi, ha le eso ho ka letjhabela Hona pele. Shebang ntho Ena. Hlokomelang Hona.’”130 Mme hoo ke nnete, hoba, popong ya lefatshe, lefatshe lebopilwe pele lesedi le eba teng. Rona bohle re tseba hono.Modimo wa tsamaya hodimo metsi. Mme_mme ha ho le jwalo,tshimolohong, A bua bakeng sa lesedi. Mme, ka tlhaho, ka tlaseka mono, mongwaheng oo mmopo o neng o hlolwa, lesedi ha leeso tjhabele hodima lejwe leno.131 Mme a re, “Shebang Hona. Lesedi ha le eso ho ka le Hotjhabela pele.’” Mme yareha bao bohle ha ba etla, mme ke babolella ho ela Hoo hloko, mme bohle ba tla ho nyarela.132 Empa a re, nakong eo ba shebileng, a hlwedisa le khonengya leihlo la hae, ke dumela e ne e le yona, mme a ntjheba. Kathobela ka thoko, mme ka qalella ho theosetsa nqaBophirimela, nqa bodikela letsatsi; ho hlwa leralla, ho theosaleralla; ho hlwa leralla, ho theosa leralla; ke ntse ke nyenyefalale ho nyenyefala, ho fihlela ke nyamela ka botlalo.133 Mme a re, eitse, hoba ke etse hono, a re, “Yaba baena baretoloha, ka morao ho nakwana, mme a re, ‘Na o nyametse? Olebile kae?’” Mme a re, “Ba bang ba leba nnqeng yane, ha babang ba nkela nnqeng e nngwe, mme ba bang ho e nngwe.”Empa, ba mmalwa haholo ba sala mme ba shebana le seo ke baboleletseng sona.134 Jwale hlokomelang tlhaloso ya toro. Kwana, ha ke esommolelle ntho le e nngwe, ha ho letho la tsena leo ke leboleletseng, ofe kapa ofe wa bona. Empa, ka re, “E.” Mmepelong ya ka, ke thothomela. Ke ne ke shebile. Jwale, mongoloo makatsang^Be butleng, ke tla e tlohela ho se hokae.135 Nakong e seng kaalo ya ho feta, Moena Beeler^MoenaBeeler o na le rona ka tlwaelo. Na o teng moo, Moena Beeler?E, morao mona. Billy a re, “Moena Beeler o kgaohiledikotokoto. O fumane toro e makatsang.”136 Ke ile ka ya ho Moena Beeler, mme a re, tlase tlung ya haebosiung bo bong, ha ke ne ke arabela dimemo tse itseng. Mme are, “Moena Branham, ke fumane toro e makatsang.” Ha thwe,“Ke lorile ke theosa ka molapo wa metsi, ho ya nqa bophirimela.Mme ho ena le tsela ka ho le letshehadi. Homme nna ke le ka

Page 20: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

20 LENTSWE LE BUILWENG

letsohong le letshehadi, ke lebile nnqa bophirimela tseleng, eka,ke tsomana le makgomo. Mme ka tsohong le letona, hoba kefihle tlase moo ha etsahala ke hlokomele, ke wena eo moo o nengo le teng. Mme o thiba mohlapehadi wa makgomo, mme ho enale dijo tse ngata hodimo mono. Mme a re, “Mme yaba o nkadikgomo tseo mme wa di kganna o di kgutlisetsa hodimonokeng.” Mme yaka, eka ke ile ka mo qhwaya hore a hlokomeledikgomo tseo. Mme a re, “Jwale ho tla ba bonolo dikgomongtseo, ke a tseba di tla nka tsela e hlokang tshitiso e ngata. EmpaMoena Branham o batla di dule ka lehlakoreng le letona la nokaeo, ka baka leo ke tla kgutla ke nyolohe ka tsela ena mme ke dithibele ho tshelela mose o kwano, le ho di thibella lehlakorenglane.” Empa, a hlokomela, ha ke a ka ka sala dikgomo morao,empa ka tswella, nqa bophirima. A re, “O tlamehile a be atsomana le tse lahlehileng.”137 A sa phetha toro eo, ka e bona. Mme he, hlokomelang, a hlaa tshwenyeha ka nna, ka hona a kgutlela morao ho sheba. Mmea re ke ne ke tobile thabeng e thata, mme hang yaba ke anyamela. Mme a ipotsa hore molato e ne e le ofe. A theosa.Mme hape a ena le molatswana ka lehlakoreng la hae, o neng okgelohela letsohong le letshehadi. Ke nahana ho nepahetse,Moena Beeler. Eya. Mme a elellwa ho hlaha^Mme kalehlakoreng la ka e le diphororo tse kotsi. Mme a nahana horemohlomong nkabe ke wetse diphororong tseo le_le ho timela.Yaba o a elellwa, mme a re o ile a qamaka ka nqa tsohle, mmea hlokomela sephetho sa diphororo tseo, di ne di theohetse kannqeng ena mme di entse sediba sa nnete se tsaraletsang metsihodimo, empa metsi a sa kgutlele mobung hape. A sheba kannqane ho nokana ena kapa molatswana, mme a bonadiphoofotswa tse itseng tse tsebe di tjhitjana. Mme a re, “Ke akgolwa nka nka e nngwe.” Mme yaba o a tshela.138 Yaba o qala a nahana ka nna. Mme a hlwella hodimatutudunyana, ho bona ha ho ne ho ka ba le feranyana,motjhoporonyana o mosesane, le a tseba, ke tshohileng kepotetse ka yona. Empa, a re, “Ho ne ho se letho.” Mme a qala atshwenyeha. A re, “Ho etsahetse’ng ka moena rona? Ke a ipotsaho etsahetse’ng ka Moena Branham?” Mme eitse ha a se atshoha, a re a nkutlwa ke bua. Mme ke eme hodima thaba, leho bolella Moena Beeler kwahollo ya toro eo ke neng ke mofileng yona nakong e seng kaalo ya ho feta; le ho mmolella hoemela Morena, hore tsatsi le leng ke tla kopana le yenasehlekehlekeng. Mme ke eo moo a neng a le teng.139 Jwale, kwahollo ya toro ke ena. Ho latela boholo ba molapo,e ne e le molapo wa bophelo. Mme ke lebile bophirma ka wona,mme ho jwalo le ka yena; hobane, o ne a le tseleng, a mathahanyenyane^tseleng ena ho theosa. Mme ka lehlakoreng leleng e le jwang bo bongata, empa mefero e opaneng, le dibajwa,le dikgwa; empa ka hare ka mono ho ena le jwang bo bongata.

Page 21: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 21

Mme ke ka mokgwa oo re tsomang Morena, le Dijo tsa Morena,ka ho feta mathateng. Ho thiba dikgomo; e le kereke ena; ho dithibella ka lehlakoreng lane. Ka tlwaelo dikgomo di ye di yetseleng e boreledi, mokgatlong wa phutheho, ha di ka kgona;moo e leng hore, tsela e ne e tshwantsha mokgatlo wa phutheho.Ka di kgannela tseleng hape, ho bona hore ha di ye mokgatlongofe kapa ofe wa kereke.140 Jwalokaha o bone lerako le neng le ke ke la fetwa, lenthibetseng hore ke se ye bophirima, e ne e le tseko eo yalekgetho le mmuso. Ha ho motho ya utlwisisang hore kephonyohile jwang ho yona le ka mohla. E ne e le lerako lenthibeletseng, empa Morena a mphethisa ho lona, mme ka fetaho lona. Ke tla kopana le wena, Moena Beeler, sehlekehlekeng.141 Ka baka leo jwale, he, hang ka morao ho mono, Moena RoyRoberson. Moena Roy, na o teng bosiung boo? E, ke_kedumela^Eng? [Moena e mong o re, “Ka lehlakoreng kamane.”_Mong.] Ka lehlakoreng lane. O ile a mpitsa, mme abile le toro. Mme a lora re thiba dikgomo. (Jwale, ke ya boraroeo.) Ho thiba dikgomo. Mme ho ena le jwang, bo kgutlangdimpeng, mafulo a nonneng. Rona baena bohle re le mmoho.Mme ra fihla tulong e itseng bakeng sa dijo tsa motsheare,mme Moena Fred Sothmann a ema le ho re, “Elia, moporofetae moholo, o tla bua mona kajeno, ka hora ya leshome le metso emebedi.” Mme hoba rona bohle re je dijo tsa motsheare, mothoe mong le e mong a tsamaya, mme a ipotsa hobaneng ba saemela ho E utlwa e bolelwa.

142 Jwale, le bona ka moo e hokanang le Moena Jackson! Le abona, hoo ho otla hantle, hantle, seo Moena Beeler a seboletseng! Ha ho motho ya ileng a emela, ho fumana.143 Hlokomelang, hang ka morao ho moo, Kgaitsedi Collins (a oteng mona, Kgaitsedi Collins?) a lora toro ya ho beng monakerekeng, mme ho ena le lenyalo le mothathing wa ho tshwarwa.Mme hoba a etse jwalo, a bona ho kena Monyadi, a phethahetse;empa Monyaduwa a sa phethahala ha kaalo, leha ho le jwalo e leMonyaduwa; jwale, hoo ke Kereke. Mme ho ena le ho kangselallo, kapa e_e tshebeletso e tsweleng mona, eka ho tsholelwadijo tsa motsheare. Mme taba ena ya mo tjhabela ka hoba MoenaNeville o ne a tshola dijo tsa motsheare ka kerekeng, empa a re ele Dijo tse babatsehang ka ho feta tseo a kileng a di bona. O ne alapile hona. Empa yaka hoja, torong, o ne a sa lokela ho Ditshola, mme yena le Moena Willard ba ne ba tla nyolohela RanchHouse ho ya ja. Mme hoba ba ho etse, Lesedi le ka letsohong leletona la tima. Jwale, le a tseba na Hoo ke eng.144 Jwale, Dijo. Monyaduwa ha a phethahala, empa Monyadi ophethahetse. Monyaduwa ha a eso phethahale, empa kwanaDijo tse neng di abjwa e ne e se dijo tse tlwaelehileng, ke Dijotsa moya tseo le nnileng la di fumana, ho tla jwalo.

Page 22: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

22 LENTSWE LE BUILWENG

A ke emise torong eo ya bone, motsotso feela.145 Kana ha le hopole, Moena Fred Sothmann, Moena BanksWoods, mohla re leng ntle kwana Arizona ngwahola, re tswileho tsoma dikolobe tsa javelina, homme Morena a bua? Na ha letsebe dintho tseo A di entseng ka ho phethahala, ho bontsha seneng se tla etsahala, ha re ntse re tsamaya tseleng? Ha hoo e lennete, lona baena ba babedi e reng, “Amen.” [Baena bao ba re,“Amen.”_Mong.] Le ka mohla ha e hlolehe.146 Mme ka bona ponong nakong eo re ntseng re qhoba, katsatsi le leng, e_e pono ya Morena ya ntlela, mme ke ne keitokisetsa, nakong eo, ho kgutlela lapeng ha ka, ho ya mose homawatle. Mme eitse ha ke eya mose, tjhe, ka bona sekepeng^kapa pela lewatle, koung ya dikepe. Mme ho ena le monna emonyenyane, e mokgutshwane mono, mme a re, “Ke ohlophiseditse mokorwana, Moena Branham.” Mme e lesekweiti se senyenyane, se ka bang_se ka bang bolelele baleoto, empa se le se sweu twa. Mme a re ho nna, “Ke sa hao hotshela ka sona.”

“Oh,” ka re, “se_se_se ha se a lekana.”147 A re, “Se ka tsamaya dimaele tse mashome a mane ka hora,ho ya hodimo-le-tlase ka nnqeng ena. Hoo ke hore, hodimo-le-tlase lebopong.”148 “Empa,” ka re, “se ke ke sa ntshedisetsa mose wane.” Mmea ntoo sheba fatshe he, mme a re, “Tsamaya jwaloka bona.”Mme ka sheba, mme Moena Sothmann le Moena Banks Woodse le bao, ba dutse sekepeng se takilweng botala, se nkile thepaya ho kampa ka morao ho sona. Moena Banks ka katiba epenameng ka mokgwa ona; Moena Fred ka ya hae e tsipuwekapele. Mme a re, “Tsamaya jwaloka bona.”149 Ka re, “Tjhe. Nke ke.” Mme monna enwa a re ho bona,monna e monyenyane, a re, “Na le basesisi?”

Moena Banks a re, “E.” Moena Fred a re, “E.”150 Empa ka re, “Ha se bona. Nna ke mosesisi, mme ke a tsebao ke ke wa tsamaela hono, mme ke a kgolwa nke ke ka lebanqeng eno.”

Ha thwe, “Na o ka se tsamaye le bona?”Ka re, “Tjhe. Tjhe.”

151 Ha ho le jwalo, ka reteleha. Mme, hoba ke etse hono,monna e monyenyane boemelong ha mphihlela hore e ne e lemoena ka ya ratehang, Moena Arganbright.152 Mme ka kgutlela morao ponong ena, mme ho ena lemoahonyana, o molelele. Mme Lentswe la ntano re ho nna.(Homme lona bohle le hopola sena, kapa bongata ba lona.)Lentswe la re ho nna, “Kenya Dijo. Di bokelle ka hare. Kewona feela mokgwa wa ho ba dudisa mona, ke ho ba fa Dijo.”Mme ka kenya ka hare, ke kentse, dirotohadi tse tletseng

Page 23: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 23

dihwete tse kgabane le meroho e kgabane, le dintho, tseonkileng ka di bona. Na le a e hopola jwale, pono? [Phutheho ere, “Amen.”_Mong.]153 Jwale, mme ka le bolela hamamorao seo kwahollo e neng ele sona. Ke ne ke loketse ho ya Zurich, Switserlane, le MoenaArgabright, bakeng sa tshebeletso ya masiu a mahlano. Mmeka bolella baena pele ho etsahala, “Nke ke ka ya.” Mme ke neke le tlase le Moena Welch Evans tlase mono, ha ke ne ke ntshakwahollo.154 Bosiung bo bong, ke dumela Moena Welch o ne a tle hontata, re eya leetong la ho tshwasa dihlapi, mme a bolela haMoena Arganbright a ne a mpitsa. Ka re, “Ho lokile, ke enamoo e leng teng. Ba tlilo ntlhakola.” Mme hangata^155 E seng ka Moena Miner; ke e mong wa metswalle ekgabane. Empa ka dinako tse ding, ha feela ba ka^Ha ba kanahana hore o tlilo rera ntho e itseng kgahlano le thuto yabona, ba ye ba bolele feela hore o tlilo ba teng mono, e le horomella metswalle ya hao mono. Mme ba re^156 Moena Arganbright a ntetsetsa le ho re, “Moena Branham,”hantle feela seo Moya o se boletseng. Ha thwe, “O tle, tloo lemosadi wa hao,” ha thwe, “hoba ha o no lokela ho rerahakaalo,” ha thwe, “hoba ke a kgolwa ba o beetse bosiu bo lebong feela.” Le ho re, “Ho ka etsahala le bono o se bo rere.”

Mme ka re, “Tjhe.”157 “Ha ho le jwalo,” ha thwe, “tloo, wena le mohatsa’o, le tlebohle, o a bona, mme ha o entse hono, ke tla le nkela leetong labohahlaodi. Kgele, mohatsa ka le mohatsa’o, le bao bohle, retla feta le hodimo Switserlane le ho ya feta kwana Palestina.”

Ka re, “Tjhe.”158 Ke ne ke ena le kwahollo. Ka bolella Moena Welch, kapaMoena Fred le bao, “Ke tla le bolella hoseng, empa pele mosadiwaka o lokela ho bua ho hong.” Mme eitse ha ke mmitsa, yabao hana ho ya. Ka re, “Ke ena moo e leng teng.” Le a bona?159 Jwale, mokorwana oo, o mosweu e ne e le tshebeletso eo ele nngwe. Ho itoketse ho ya hohle mona, lebopong, katshebeletso e le nngwe, empa ha ho a lekana, leha o ne o lemosweu, ho mpiletsa mose ho mawatle.160 Moena Fred, le moena mono, ponong ba ne ba lekanya, baemetse, “Tsamaya jwaloka mohahlaudi, bakeng sa boithabiso.”Empa ha ke a ka ka tsotella ho etsa hono. Mme ho haneng horee ne e le basesisi, ho ne ho bolela e ne e se bareri. Empa, ke neke le moreri.161 Mme hape Dijo ka mohahonyaneng oo, o molelele. Ha ke aka ka ya mose; mme ka kgutlela mohahonyaneng ona, mme raetsa ditosene tsa ditheipi, tsa piramite le ntho e nngwe le enngwe, le ho bontsha batho hora eo re phelang.

Page 24: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

24 LENTSWE LE BUILWENG

162 Jwale e bapiseng le tse ding, ditoro. Ena e ne e le pono.Dijo, ke Ena moo e leng teng. Nnqalo ke ena.163 Hlokomelang. Yaba ho etsahalang? Hang hoba pono eo yabone e hlahe, kapa hoba ke bolellwe toro eo ya bone, yaba hotla Moena Parnell. O teng mona, kae-kae, mona hantle. MmeBilly o ne a le siyo mona, mme monna eo o ne a hlahafetse. Otswa Bloomington, ke a kgolwa, kapa Bedford? [Moena e mongo re, “Lafayette.”_Mong.] Lafayette, a tshwerwe dikopano.Mme a lora, mme a theohela ho Moena Woods. Mme a re, “Hake kgone ho e tlohela e fete. Ke loketse ho e phetha, ke loketseho phethela Moena Branham. E a ntlhopha.”164 Mme Modimo o a tseba, ha ho toro le e nngwe dipakeng tsatsona; di tlile feela nngwe, pedi, tharo, nne, hlano, tshelela.165 Moena Parnell a re, “Ke bile le toro e hlollang. Ke lorile ketlilo tshwara tshebeletso hodimo mono, mme ha ho le jwalo,kapa ho seng jwalo ho ena le tshebeletso mona kerekeng entjha, ntho e kang eo.” Le ho re, “Kereke ena e ntjha,” ka mooho etsahetseng, a ipotsa hobaneng ho ne ho se tshebedisanommoho pakeng tsa bobedi boo, kapa ntho e ka mokgwa oo.Mme a re o ne a eme mona, monahanong, “Tjhe, ke se ke lekahare, ke tla lebella feela, mme ke tla etela tshebeletso.” Hathwe, “Motho a tla a tsamaya ka mohahong, ka sutu e sootho,le bukana. Eka o ne a ngola.” Mme a bolella Moena Parnell,a re, “‘Ena ke kopano e seetsweng moedi. E bakeng sabatikone le bahlokomedi.’” Be, a ikutlwa hanyenyane eka ohlabehisitswe. Ka hona a tswa ka monyako wa kereke e ntjha,kapa yona ena e lokisitswe, e se hahilwe botjha hape. Mmeyareha a tswela ntle, le ne le kgetheha, maemo a mabe alehodimo, nako ya mariha.

Mme ha ho le a mong wa batho bana ya tsebileng letho kahona.166 Mme yareha a etswa ka monyako, keha ke eme mono, keshebile nqa bophirima. Ka re, “O se utlwe o hlabehisitswe,Moena Parnell. Ke tla o bontsha, seo o loketseng ho se etsa.”167 Mme Moena Parnell, leha e le mang kapa mang wa bona,ba tseba ha ke a ba bolella kwahollo ya letho. E hlahella honajwale hantle; leha, ke e bone ha ba ne ba e bolela. Na olemohile ke tswile ka potlako e kae mono, Moena Parnell? Hobalehela taba ya ho o bolella. Le ho tswela pele, ntle leho bualetho ho Moena Woods kapa motho ofe, ha ho motho. Ho etlohela feela, hoba ke ne ke batla ho bona moo e lebisang teng.Na le nkutlwile hamamorao ha ke re, “Ke kgathatsehile”? Keseo e neng e le sona.168 Mme ha ho le jwalo, Moena Parnell, o boletse ha ke itse hoyena, “Moena Parnell, qalella. Mme sebaka sa pele seo o tlafihla ho sona etlaba Sefora.” Sefora, “Sefora,” e bolelangtlami, kapa ho emisa, kapa ho hong. Ka re, “O se ke wa dula

Page 25: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 25

mono. O ntano tloseletsa, ntho e latelang, mme o tla fihlelamosadimoholo; mme o se eme mono. Tsamaya hape, o tlafihlela mosadimoholo ruri; o se eme mono.” Mme nakong enayohle ha re ne re, ha re ntse re buisana, re ntse re tsamaya haralehlwa. Mme ka re, “Tsamaya ho fihlela o fumana Mosadi waka. Mme ha o fumana Mosadi wa ka, ema mono!” Mme a re oile a sheba, mme re se re tswile lehlweng, ho kena lehwatateng.Mme ka nyamela. Mme a hetla, mme a bona mosadi wa hae akga metsi sedibeng, mme bareri ba itseng ba mo hula, ho morutla pompong ena. Mosadi a mo shebile. Mme a phaphama.169 Kwahollo ya toro ya hao ke ena. Mme nkabe ke o boleletseyona, bosiung boo, empa ka tloha ho tsamaya. JwalokahaSefora, le mosadimoholo e mong, mme le e mong,le mosadi wamosadimoholo ya hodileng ruri; ke dikereke. Le a bona? Mmehantle-ntle Sefora ka ho beng e_e mosadi wa Moshe, Sefora;mme re lemoha ha ke mmoleletse ho se eme ho bona, ho satsotelehe ba ne ba tsofetse ha kae. E ne e le mekgatlo. O se emeho tsona. Di se di phetse nako ya tsona. Empa ha a fihla hoMosadi waka, e leng Kereke yaka eo Jesu Kreste anthometseng ho yona, hona mona tsatsing la qetelo, mme keena moo E leng teng, “Ema mono!” Mme yaba ke yabophirima.170 Ya ntano ba Kgaitsedi Steffy. Mohlomong ha a yo mona,hoba o ne a le kokelong. Ha ke tsebe kae^Na KgaitsediSteffy^E, ke enwa moo a leng teng. Kgaitsedi Steffy o tlilelapeng laka bakeng sa thapelo, pele a eya kokelong bakeng sakaro, hore Modimo a tle a mo thuse le ho mo hlohonolofatsa.Mme ruri O ho entse.

Mmea re, “Ke bile le toro e makatsang, Moena Branham.”Ka re, “O reng?”

171 Mme a re, “Ke lorile ke le ntle kwana Bophirima. Mmeke^” Eo ke ya botshelela. Mme a re, “Ke lorile ke le ntle kwanaBophirima, naheng ya sekgalekgale. Mme eitse ha, hodimaleralla, ho ena le monnamoholo ya tsofetseng ruri ya emeng teng,ditedu tse tshweu tse telele, mme moririnyana oo a neng a ena lewona o hotse o lepeletse sefahlehong sa hae. Mme a ena le ntho etshweu e thatetsweng, ntho, seaparo,” mme a re, “moya o ne o sepheula.” Ke nahana ke nnete, Kgaitsedi Steffy, ka tsela eo. Le hore, “Ka nna ka atamela. O ne a eme, hodima thaba, a shebilennqa botjhabela.” Le ho re, “Ka ipotsa, ‘Monnamoholo enwa kemang?’” Mme a atamela haufi, haufi. Mme hoba a fihle haufi, aelellwa hore e ne e le mang. E ne e le Elia ya sa shweng,moporofeta, a eme mono a shebile Botjhabela.172 A re, “Ke tshwanetse ho mmona.” A ena le tlhoko. Mme amatha a nyoloha leralla le ho itihela mono, ho bua le yena, leka lebitso la Elia. Le ho re, ha a bua^A utlwa lentswe le re,“O batlang, Kgaitsedi Steffy?” Mme e le nna.

Page 26: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

26 LENTSWE LE BUILWENG

173 Toro ya hao e phethahetse hona moo, Kgaitsedi Steffy.Hoba, hang ka morao ho moo, ka ya Louisville. Seo a neng a sehloka e le thapelo. Le a bona? Mme a feta hantle ho itoketse,kokelong; mme pontsho ya ho ya ha ka bophirima ke shebilennqa botjhabela, mohlapeng wa ka. Hlokomelang. Eitse^174 Ka ya Louisville; mme ho ha ke kgutla, ke kena ka keiti, hone ho ena le thupa e kgokgothetsweng mono, keiting ya ka.Mong. Goynes, wa seterata sa motse mona, o ne a nyolosa katselana. A re, “Billy, tloo kwano mona.” A re, “O loketse hosuthisa keiti ya hao mmoho le dintho, motero, motero wamajwe, le keiti.”

Ka re, “Tjhe, ho itoketse, Bill.” Ka re, “Ke tla_ke tla hoetsa. Neng?”175 A re, “Ke tla o bolella. Ke tla o bolella neneng.” Ka re^“Hantle feela mathwasong a selemo, ba tla qala ho etsa hono.”

Ka re, “Ho lokile.”176 Ka baka leo ka qalella ho kgutlela ka tlung, mme mosadi are, “Ke loketse ho ya reka dikrosari hang.” Mme ka theosa katselana. Mme moshanyana, Raymond King, e leng moenjenerewa motse. Haesale ke mmitsa “Tsebe ya Letsopa,” hoba, ha resa le mmotlana, re sesa mmoho, o na otle thaka le leng tsebengka kgwabi ya letsopa, mme haesale re mmitsa, “Tsebe yaLetsopa.” O hahile hantle tlasana seterateng hojana le nna,ntho e ka etsang_ e ka etsang lemati la bobedi ka tlasa hoMoena Woods.

Mme ka hona ke re, “Letsopa, tloo mona motsotso.”A re, “Ho lokile, Billy.” Mme a tla mono.Ka re, “Thupa ee eo o e kgokgetheletseng mono?”

177 A re, “Billy, ho bolela hore, ba tlilo kenyeletsa ntho eoyohle.” Ha thwe, “Difate tsena tsohle, metero ena, le ntho enngwe le e nngwe feela, o loketse ho suthiswa.”178 Ka re, “Be, enjenere e mpoleletse hore sebaka sa ka se tlamahareng a tsela.”179 Ha thwe, “E, empa ba tlilo e atolosa. Ba tla se kenyeletsa lesona, leha ho le jwalo.” Ha thwe, “Le sa ka le sona.”180 Ka re, “Be, Moena Woods ke_ke sehahi sa majwe, mme,”ka re, “Ke tla_ke tla mo nka a e suthisetse morao.”181 Ha thwe, “Billy, o se e ame. E re rakonteraka e etse hono.Ke ntlo ya boruti, ha ke re?”

Ka re, “E, monghadi.”Ha thwe, “E re a etse hono.” Ha thwe, “O tseba seo ke se

bolelang.”Ka re, “E.”

Page 27: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 27

182 Mme yaba ke a tsamaya, mme, homme ka pele hakaalo,ntho e nngwe ya e tjhabisa. [Moena Branham o thantshamonwana wa hae_Mong.] Ka ya hae, ka kena ka phaposing yaho balla, ka nka buka eo, mme ke eo moo e neng e le teng. E nee se makote a samente; e ne e le majwe. Ka re, “Meda, itokise.”183 Ditoro tse hlahlamanang tse tsheletseng, mme pono yantano di kwahela. “Ha dintho tsena di hlaha, o ye nnqabophirimela.”184 Ka letsetsa Tucson. Moena Norman o na le sebaka. Ha ketsebe moo ke yang teng. Ha ke tsebe hore na ke etseng. Ke feelaka hare ho^Ke eme. Ha ke tsebe hore ke na ke etseng. Kesiya lehae leo ke sa tlamehang ho le lefella rente. Moputso waka ke lekgolo la didolara ka veke. Mme eka ke loketse ho lefalekgolo la didolara ka kgwedi bakeng sa ntlo. Ke mmoho lebaena le dikgaitsedi, moo ke ratwang. Mme ke a falla, ha ketsebe ho kae. Ha ke tsebe hobaneng. Ha ke kgone ho le bolellahobaneng. Empa ho na le ntho e le nngwe feela eo ke e tsebang,ke ho re o latele seo A reng se etswe. Ha ke tsebe, ho re ke lebennqeng efe, ho etsweng. Ha se taba ya ka ya^185 Ke kgolwa ha Abrahama a ile a ikutlwa jwalo seo ha A ne amo laela, “Tshelela, mose wane wa noka.” A sa tsebe a ka seetsang haese feela ho jaka, ho ikarola. Ke ne ke sa tsebe ke etseng.186 Hoseng ha Moqebelo o fetileng, veke e le nngwe ho tlohamaobane, ho ella horeng e batlileng ho ba ya boraro hoseng. Kene ke ile ka tsoha ho nwa metsi, le ho kgurumetsa Joseph, kaphaposing ya hae. Mme ka ntano kgutla, mme ke sa tswapaqama fatshe feela. Ka robala. Mme eitse ha ke robala^Kentsha ditoronyana tsena le dintho, le tle le bone motheo wa seoke ikemisetsang ho se bolela. Ka_ka kgurumetsa Joseph, mmeka kgutlela morao le ho paqama, mme ka robala. Homme kalora toro.187 Mme ka lora ke bona monna eo e kang ntate wa ka, leha ene e le monna e moholo. Mme ka bona mosadi eo e kang mmewa ka, feela a sa tshwane le mme wa ka. Mme monna enwa akgohlahetse haholo ho mosadi wa hae. Mme o ne a nkile thupae kgutlotharo, moo a neng a petsotse patsi ena. Mme eetsa^Le a tseba, leqhetso la patsi e rathilweng, bophareng basekoqo, le a tseba, le etsa thupa e kgutlotharo. Mme nako lenako ha mosadi enwa a qala ho ema, a mo qotse ka molalafeela, le ho mmata hloohong, le ho mo dihela fatshe. Mme arapalle mono, mme a habea le ho lla, mme a ntano leka hoiphumana hape. A pote ka kwana, ka boikgantsho, ka peta yahae e tomolotsweng, thaka la seqhobane. Mme enereha ha atsoha hape, a mo tshware ka molala, mme a nke thupa ena ekgutlotharo, mme a mo harinye ka yona hloohong, a mo dihelefatshe. A kgutlele morao a jere peta ya hae, jwaloka hoja aentse ntho e itseng e kgolo.

Page 28: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

28 LENTSWE LE BUILWENG

188 Mme ke ne ke eme thokwana kwana, ke shebile hona. Kenahane, “Nke ke ka betana le monna eo. O moholo haholo.Mme, hape le hona, eka ke ntate, empa ha se ntate.” Mme kere, “Ha a na lebaka la ho tshwara mosadi eo jwalo.” Mme kaya ke tenwa ke yena. Ka hona, he, hang feela, ka tlelwa kesebete se lekaneng, mme ka leba ho yena, le ho mo tshwara kamolala wa hempe, mme ka mo shebisa ka kwano. Mme ka re,“Ha o na tokelo ya ho mo otla.” Mme ha ke rialo, ditshika tsahlaha. Yaka ke seqhobane. Mme monna eo a sheba ditshikatseo, yaba o qala a ntshaba. Mme ka re, “Mo otle hape, o tlakopana le nna.” Mme a batla a eba lekgonono ho mo otla hape.Mme yaba ke a phaphama.

189 Homme ka robala mono ho se ho kae. Ke nahane, “Hoo keeng? Ho a makatsa hore ke lore kaha mosadi eo.” Mmemotsotswaneng feela, ke enwa A etla. Ka fumana kwahollo.

190 Mosadi o tshwantsha kereke ya lefatshe kajeno, lefatshenglohle. Ke hlahetse hantle ka hara modubadube ona, mme kenna enwa. Eka mosadi o ne a loketse ho ba e_e ho kang mmewa^le haeba e ne e le mma diotswa, empa leha ho lejwaloke hlahetse hantle ka hara yona. Mme seo^Monna wa haeke mekgatlo ya diphutheho e mo busang. Thupa e kgutlotharoeo a neng a e nkile, ke kolobetso e borarong ya mabitso abohata. Moo, nako le nako ha a ne a qalella ho tsoha,phutheho e Le amohela, a mo harinye ka yona a mo dihelefatshe. Mme, ehlile, ka ho ba boholo bo bokaalo, ke ile kareteleha, ke batla ke mo qwaya. Mme yaba ke kgorohela hoyena, leha ho le jwalo, mme ditshika e le ditshika tsa tumelo.Tse entseng hore ke nahane, “Ha Modimo o ena le nna, mme aka mpha ditshika, a nke ke ke Mo emele. ‘Kgaotsa ho Mootla.’”

191 Mohlomong e ne ekaba hora ya leshome ya letsatsi, hamosadi a ne a leka ho kena ka phaposing, mme ya etsahala. Kakena ponong hoseng hoo, mme ka mokgwa o itseng^Jwale,hopolang, e ne e se toro.

192 Ho na le phapang pakeng tsa ditoro le dipono. Ditoro dihlaha ha o robetse. Dipono, ha o sa robala. Re tswetswe kamokgwa oo. Motho wa ka mehla, ha a lora, ke boikutlong babobedi [“subconscious”_Moft.]. Mme boikutlo ba hae babobedi bo hole le yena. Dithokutlo tsa hae di a sebetsa, ha feelaa le boikutlong ba pele [“conscious”_Moft.]. Boikutlong bonaba pele, ke hore, o maemong a ka mehla, o a bona, latswa, ama,fofonela, utlwa. Empa ha o le boikutlong ba bobedi, okgalehile, ha o bone, latswe, ame, kapa ho utlwa. Empa ho nale ntho e nngwe, ha o lora, ke ena ya ho re, o kgutlelaboikutlong bona ba pele. Ho na le monahano, ke hore, o kgonaho hopola ntho eo o e lorileng, dilemo-lemong tse fetileng.Motho wa ka mehla o ka tsela seo.

Page 29: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 29

193 Empa Modimo ha a rera ntho e sa le pele, boikutlo bona babobedi ha bo hole kwana le mona, ho seboni, empa mafatshe aoa kopane hammoho, mme seboni, ponong, ha se robale. O sa ledithokutlong tsa hae, mme a e bone.194 Ke ne ke hlalosetsa dingaka tse itseng taba eo, tsatsi le leng.Mme tsa ema le ho re, “Ho a babatseha. Ha re eso ka re nahana leka ntho e jwalo.” Ha ke ne ke kentswe tlhahlobong ya leqhubu,mme ba re nna ke^Ha ba eso bone ntho e kang eo. Le a bona?“Be,” ha thwe, “ho na le ntho e etsahalang ka wena.” Mme kabolela. Ka e bolela. A re, “Ke yona, hantle.” Le a bona?195 Mafatshe a mabedi ao a dutse a bapile hammoho. Ha sentho ya letho eo ke neng nka e etsa, mme ha e nketse ntho ekgolwanyane ho motho ofe kapa ofe. Ke hore feela, Modimo o esebeditse ka tsela eo. Ha o robale. O sa le hona mona hantle,jwaloka borokong. O sa eme mona, o shebile ka ntle, kamokgwa wona.196 Mme lona bohle le e bone, lefatshe ho pota. Ha o robale. Hoemeng mona kalaneng, ho buisana le batho, le ye le nkutlwe kekena diponong le ho kgutla. Ha ke palame koloing le lona,hohle feela hape, mme ke le bolelle dintho tse tla hlaha; le honantle le ho hloleha, ha e-so ka e ho etsa. Ho na le motho yakileng a e bona e hloleha? [Phutheho e re, “Tjhe.”_Mong.]Tjhe, monghadi. E ke ke ya hloleha. E ke ke ya hlolela, ha feelae le Modimo. Hlokomelang, kalaneng hantle, diketeng, pelamashome a dikete tsa batho, esita le dipuong tse ding tseo kesa tsebeng le ho di bua, leha ho le jwalo ha e hlolehe. Le abona? Modimo!197 Jwale, ponong ena, kapa jwaloka ha ke ne ke bolela, kasheba mme ka bona ntho e makatsang.198 Jwale, yaka hojane moranyana wa ka, Josefa, o ne a lelehlakoreng la ka. Ke ntse ke qoqa le yena. Jwale, ha le kahlokomela pono hantle haholo, le tla bona hobaneng Josefa ane a eme mono.199 Mme ka sheba, mme ke moo ho ne ho ena le sehlahla seseholo. Mme hodima sehlahla sena, ka_ka senkgome sadinonyana, dinonyana tse nyenyane, tse ka bang bolelele babohare ba intjhi, le bophahamo ba bohare ba intjhi. E lemekaubere e meyenyane. Dipheonyana tsa tsona di manametsefatshe. Mme ho e na le tse ka bang pedi kapa tharo lekaleng leka hodimo, tse tsheletseng kapa tse robedi lekaleng le latelang,le leshome le metso e mehlano kapa mashome a mabedilekaleng le latelang; di theohela sebopehong sa piramite. Mmebaekanyana bao, baromuwanyana, mme ba ne ba kgathetseruri. Mme ba ne ba shebile nnqa botjhabela.200 Mme ke ne ke le Tucson, Arizona, ponong, hoba e entswejwalo ka morero hoba A ne a sa batle ke hlolehe ho ho bonahore e ne e le ho kae. Mme ke ne ke itlhomolla sehlabahlabane,

Page 30: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

30 LENTSWE LE BUILWENG

se tswang lehwatateng, mme ka re, “Jwale, ke a tseba hona kepono, mme ke a tseba hore ke Tucson. Mme ke a tsebadinonyana tseo di tshwantsha se seng. Mme di ne di shebilennqa botjhabela. Mme hang tsa fihlelwa ke mohopolo wa hofofa, mme ke tseo di thakgoha, nnqa botjhabela.201 Mme hang feela ha di tloha, senkgome sa dinonyana tsekgolwanyane sa tla. Eka maeba, ka dipheyo tse dintlhana dintjhotjho, tse batlang di le mmala o boputswa, mmalanyana ohlakileng ho feta oo baromuwanyana bana ba pele ba neng bale ona. Mme di ne di finyella nnqa botjhabela, ka lebelo.202 Mme hang feela hoba di nyamelle, ka reteleha ho shebannqa bophirima hape, mme teng ya etsahala. Ha eba le hoqhoma hantle-ntle ho sisintseng lefatshe lohle.203 Jwale, le se fose taba ena. Mme lona, ba teiping, etsangbonnete ba hore le e tshwara hantle.204 Pele, ho qhoma. Mme ha utlwahala jwaloka moedi wamodumo, e leng hore le se bitsang ha sefofane se tshelamodumo, modumo ha o kgutlela lefatsheng hape. Ha reketlafeela, ho kang, ho rora, ntho e nngwe le e nngwe. Hape, e ne ekaba e_e_e ho thwathwaretsa ho hoholo ha letolo, lelehadima, ntho e kang eo; ha ke a ka ka bona lehadima. Keutlwile feela ho phatloha hoo ho hoholo ho hlaha, yaka hoja ele ho ella ka borwa, ho nna, ho ella Mexico.205 Empa, ha reketlisa lefatshe. Mme hoba ho etsahale jwalo,ke ne ke shebile nnqa bophirimela. Mme hole kwanaBosafeleng, ka bona senkgome sa ntho e tlang. Mme habonahala e ka ba mathebana. Mme ho ka ba le a sa fetengbohlano, mme a sa fete bosupa ka bongata. Empa, a lesebopehong sa piramite, jwaloka baromuwa bana ba tlang.Mme, ha ho etsahetse, Matla a Modimo o Matlaohle amphahamisetsa hodimo ho kopana le Wona.206 Mme nka E bona. Ha eso ho ka e ntlohela. Matsatsi arobedi a se a fetile, mme ha ke kgone ho e lebala, le teng. Ha keeso fumane ntho e ntshwentseng jwaloka ha eo e entse. Lelapalaka le ka le bolella.207 Ka kgona ho bona Mangeloi ao, mapheyo ao a bopehetsengmorao, a tsamaya ka lebelo le fetisang leo modumo otsamayang ka lona. A etswa Bosafeleng, ka ho tshwedima,jwaloka ho panya ha leihlo. Ho panya ha leihlo la hao ha ho alekana; ho re feela tshwedi, keha A se a fihlile mono. Ha ke afumana le nako ya ho bala. Ha ke a e fumana, ha e se ho shebafeela. A le matla, Mangeloi a maholo, a matla, bosweu balehlwa; mapheyo a maname, le dihlooho. Mme a re feela,“Whew-whew!” Mme, hoba ho etswe jwalo, ka nkelwalesihleng lena la piramite.208 Mme ka nahana, “Jwale, ke ena moo e leng teng.” Keshwele bohatsu kahohle. Mme ka re, “Oho, kgidi! Hona ho

Page 31: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 31

bolela hore ho tla hlaha ho phatloha ho tla mpolaya. Ke fihlilepheletsong ya tsela ya ka jwale. Ha ke a lokela ho bolellabaheso, hoba pono ena e tlohe. Ha ke batle ba tsebe ka hona.Empa, Ntate ya Lehodimong o ntsebisise jwale hore nako ya kae fedile. Mme nke ke ka bolella lelapa la ka, ba tle ba toute kanna, ‘Hoba, o itokiseditse ho tsamaya.’ Mme Mangeloi ana a netletse nna, mme ke tla bolawa haufinyana ho phatloheng hamofuta o itseng.”209 Yaba ho a mphihlela, ha ke sa le lesihleng lena, “Tjhe, hase yona. Hola ho ne ho o bolaile, ho ka be ho bolaile le Josefa.”Mme ka utlwa Josefa a mpitsa.210 Be, ka ntoo reteleha hape, ke nahane, “Morena Modimo,pono ena e bolelang?” Mme ka ipotsa.211 Mme ha mphihlela, (e seng lentswe) ho mphihlela feela.“Oh! Ao ke Mangeloi a Morena, a tlileng ho mpha thomo ya kae ntjha.” Mme eitse ha ke nahana hono, ka phahamisa matsohoa ka, mme ka re, “Oho Morena Jesu, O batla ke etseng?” Mmepono ya ntlohela. Ntho e ka etsang hora, boikutlo bo le siyo.212 Jwale, lona batho ting le tseba seo ditlhonolofatso tsaMorena di leng sona. Empa, Matla a Morena a fapane ho hang,Matla Morena tulong tse kang tseo. Ke A utlwile, makgetlo amangata, ngata, pele, ponong empa le ka mohla e seng ka tselaeo. A utlwahala jwalo ka tshabo e kopaneng le hlompho. Ke neke tshohile hoo ke neng ke shwele bohatsu, moo botenng baDibopuwa tsena.213 Ke le bolella Nnete. Jwaloka ha Paulose a boletse, “Ha kebue leshano.” Ha le eso ka le mphumana ke bua ntho e phosomabapi le ntho e kang eo. Ntho e nngwe e mothating wa hohlaha.214 Yaba, ka mora nakwana, ka re, “Morena Jesu, haeba ke tlabolawa, nke ke tsebe, ke tle ke se bolelle baheso ka hona. Empaha e le ntho e nngwe esele, nke ke tsebe.” Empa, ha ho ntho eileng ya arabela.215 Hoba Moya o ntlohele, ntho e ka bang bohare ba hora, kelekanya jwalo, kapa ho feta, ka re, “Morena, ha e le yona, he,hore ke il’o bolawa, mme O qetile ka nna lefatsheng, mme_mme ke il’o nkelwa Hae jwale; e leng ho re, ha e le yona, hoitoketse, ke hantle. Ha ho le jwalo,” ka re, “hae le yona, nke ketsebe. Kgutlisetsa Matla a Hao hodima ka hape, mme ke tlatseba hore ke se bolelle baheso kapa motho e mong ka yona,hoba O mothating wa ho ntlosa.” Mme ka^Mme ha ho seileng sa etsahala. Mme ka lebella ho se ho kae.216 Yaba ke re, “Morena Jesu, ha ho sa bolele hono, mme hobolela hore O na le seo ke loketseng ho se etsa, se tla senolelwanna hamamorao, jwale he romela Matla a Hao.” Mme A batla antlosa ka phaposing!

Page 32: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

32 LENTSWE LE BUILWENG

217 Ka iphumana kae-kae, khoneng kwana. Ka kgona ho utlwamosadi wa ka, kae_kae, a leka ho tsukutla lemati. Lemati laphaposi ya ho robala le ne le notletswe. Mme ke ne ke butseBibele, mme e^Ke bala, ha ke tsebe, empa ke ne ke le ho, ke akgolwa, Baroma kgaolong ya 9, temaneng ya ho qetela.

^Bonang, ke bea Sione lejwe la sekgutlo, lejwe lekgothometsang, lejwe le letle la sekgutlo, mang le mangya dumelang ho yena a ke ke a swaba.

218 Mme ka nahana, “Ho a makatsa hore ebe ke bala hono!”Moya o ntse o nkukile, ka phaposing! Ka kwala Bibele mme kaema mono.

219 Ka ya kwana fensetereng. E ka ba hora ya leshome yaletsatsi; kapa ka morao. Mme ka phahamisa matsoho a ka, mmeka re, “Morena Modimo, ha ke utlwisise. Lena ke letsatsi lemohlolo, ho nna. Mme ke batla, ke se mehopolong ya ka.”

220 Ka re, “Morena, hoo ho bolelang? A nke ke bale hoo hape,haeba e le Wena.” Jwale, hona eka bongwana. Mme ka nkaBibele, ho e phetla. Ke eo moo e neng e le hape, sebakeng se leseng, Paulose o ne a bolella baJode hore ba lekile ho^hobolella Baroma hore baJode ba lekile ho E amohela kamesebetsi, empa re E dumela ka tumelo.

221 Tjhe, ebile nako e kgolo haesale. Jwale le bona moo keemeng. Ha ke tsebe se etsahalang. Ha ke tsebe seo nka sebolelang.

222 Empa jwale a nke ke, jwale, ho tloha jwale ho tswela pele,mohlomong, metsotso e ka bang leshome le metso e mehlano,mashome a mabedi, a nke ke leke ho bua se seng jwale mona.Hopolang, le ka mohla dipono tseo ha di eso ka di hloleha. Jwaleke tla nka Mangolo motsotso, ha le ka hlokomela, ho Tshenolokgaolong ya 10. Jwale a nke ke bolele sena. Haeba pono edumelana le Mangolo, e ka kwaholla feela ka Lengolo. Mme,hape he, ke batla hore le kopanye hona hammoho.

223 Mme, jwale, ho lona ba leng teng, le lona ba leng lebanteng,etsang bonnete ba hore le E bolela kamoo ke E buang, hoba ekautlwisiseha ka phoso ha bonolo haholo.

224 Na le potlakile? [Phutheho e re, “Tjhe.”_Mong.] Ho lokile.Feela^Ke le leboha ka ho kgutsa ha kana, ha monate.

Jwale, “Lengeloi la bosupa^”

225 Jwale, benghadi (jwalokaha ke o reile sehlooho sena) na eeke pontsho ya nako ya bofelo? Re phela ho kae? Ke nako efe yaletsatsi? Jwaloka selwani se imetsweng, nakong ya bosiu, setsohang mme se sheba tshupanako, ho sheba seo e leng sona, hokgantsha lesedi. Thapelo ya ka ke hore, “Modimo a rekgantsheng Lesedi.”

Page 33: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 33

226 Ke eme sebakeng se tshabehang, hola le ne le tsebile.Hopolang, ke le bolella ka Lebitso la Morena, ke le boleletsennete, mme ho na le ntho e makgatheng a ho etsahala.227 Ha ke tsebe. Jwale, ho lona ba leng theiping, tshwarangtaba eno. Ha ke tsebe. Ke tla leka. Se tlileng ho nna, maobane,ke dutse ka phaposing ya ka ya ho bala. Ha ke re taba ena kennete; e ne e le ntho eitseng feela e neng e futha pelong ya ka,moo ke neng ke tsamaya difulurung.228 Ke_ke ne ke loketse ho theoha, ho fumana nakwana kentoo tsamaya le Charlie, le ho ya tsoma le yena tsatsi le le leng,pele re tlameha ho arohana.229 A nke ke re, ho re, ka hobane ke eya bophirimela, ha se ho reke tlohela tabernakele ena. Ena ke kereke eo Morena Modimo amphileng yona. Ntlokgolo ya ka ke ena. Mona ke hona moo kedulang. Ke ya kutlong ya taelo eo ke e filweng, ka pono. Morawa ka, Billy Paul, o tla dula e le mongodi wa ka. Ofisi ya ka e tlaba kerekeng mona hantle. Ka thuso ya Modimo, ke tla ba tengmona mona ha e^ntho ena e fetile, ho rera Ditiiso tseSupileng. Mme lebanta lefe kapa lefe leo ke le etsang, kapa nthoe nngwe e sele, e tla etswa mona kerekeng hantle. Mme monahantle, ho ya kamoo ke tsebang, ke sebakeng seo nka rerang katokoloho ho feta kamoo nka kgonang sebakeng sefe kapa sefelefatsheng, hoba mona ho na le sehlopha sa batho ba dumelang,mme se lapile le ho tiisetsa. Mme hona eka lehae, ho nna. Senake sona sebaka. Mme ha le ka hlokomela dipono di buile nthoyona eo, le a bona, moo Dijo di leng teng.230 Jwale, empa, ha ke tsebe seo bokamoso bo se tshwereng,empa ke tseba Ya tshwereng bokamoso. Ke yona taba yasehlooho.231 Jwale, Modimo, ha ke le phoso, ntshwarele, mme esita le hokwala molomo wa ka, Morena, nthong efe kapa efe e sa tlo bathato ya Hao. Ke etsa hona feela hoba ke hatelleha, Morena. Abatho ba ke ba utlwisise; ho hatelleha feela.232 Lebaka leo ke nahanang ha kwahollo e sa tlang kapele, ebileho latela boholo ba Modimo bo sa lekanngweng, hoba ke dumelahore ke e ngoletswe ka mona ka Bibeleng. Mme haeba edumellana le Mangolo, ke Lengolo feela le ka e kwahollang.Mme haeba sena e le nnete, moena, kgaitsedi, ha ke a ikemisetsaho le tshosa, empa re tlamehile ho hlokomela haholo jwale. Reitokisetsa ho^Ntho e nngwe e makgatheng a ho etsahala. Mmeke bua sena ka tshabo le hlompho ya Modimo. Mme na lenahana nka ema mona^Ekasita lona batho ting le dumelahore ke moporofeta; ha ke ipolele ho ba yena.233 Tshisimoho ya ka e ne e le ena. Ngwahola, ke ile ka re,“Ke^Ntho feela eo ke e bonang, tsoseletso e fedile,matjhabeng, kapa setjhaba sena, le hona.” Ke ile ka nka leetola thero ya Evangedi. Bongata ba lona bo ne bo tsamaile le

Page 34: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

34 LENTSWE LE BUILWENG

nna. Kgidi, ho ne ho itoketse. Re bile le monyaka o moholo,dikopopano tse babatsehang, matshwele a mangata, empa feelaha e a otla botsekeng.234 Monongwaha, ke tla nka leeto la boromuwa. Kapele kamoonka kgonang, ke tla ya Afrika, India, le ho pota lefatshe, hanka kgona, leetong le leng hape la boromuwa.235 Ha hoo ho sa sebetse, nke ke ka nka metsi kapa dijo lehona, mme ke tla hlwella tse ding tsa dithaba tseo tsephahameng kwana, mme ke tla dula mono ho fihlela Modimo aarabela ka mokgwa o itseng. Nke ke ka phela ka mokgwa ona.Ha ke kgone feela ho tswella.236 Hona mona ekaba karabo. Ha ke tsebe. “Ho fihlela Omphetola,” na le hopola pono divekeng tse ka bang tharo tsefetileng, “ka ho ema letsatsing, ke rerela phutheho”? Bohle baneng le mona Sontaheng sa ho feta. Disontaha tse ngata, lonabatho ba sebaka sena ba fumanang dithepi, mme_mme le ne leteng ha di ne di etswa, le utlwisisa dintho tsena. Hobane, hobajwale ke tla ama dibaka tsena, mme le e hlokomele. Ekasita lekarolwana ya e nngwe le e nngwe e boletsweng, e bapa hantlele sena, ka baka leo e ka ba tlhaloso. Ha ke tsebe. Ke ka honake reng, benghadi, na ke yona?237 Ke dumela hore “Lengeloi la bosupa” la Tshenolo wa 10 kemoromuwa wa mongwaha wa phutheho ya bosupa waTshenolo 3:14. Hopolang. Jwale e reng ke bale. Bonang moonka balang. Jwale, lena e ne e le lengeloi la bosupa.

Empa mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa,(temana ya 7) ha terompeta ya lona e tla lla, ke moosephiri sa Modimo se tla phetheha, ka moo aboleletseng bahlanka ba wona baporofeta kateng.

238 Jwale, le a hlokomela, lena e ne e le lengeloi. Mme kelengeloi la mongwaha wa phutheho ya bosupa, hoba mona e re,ke “lengeloi la bosupa,” la mongwaha wa phutheho ya bosupa.Ho fumana hore, ha le batla ho bona na ke mang^moolengeloi le leng teng, Tshenolo 3:14, ke, “Lengeloi la phuthehoya Laodisea.”239 Jwale, le hopola ha seo se ne se bolelwa mono, mangeloi lemengwaha ya diphutheho. Mme jwale, tabeng ena, e tla kgohlelahantle Ditiisong tse Supileng tsena tseo re tlang ho bua ka tsona.Mme Ditiiso tse Supileng tseo re lekang ho bua ka tsona, ha dietla kgetlong lena, ke Ditiiso tse supileng tse ngotsweng. MmeDitiiso tsena tse tse Supileng, jwaloka ha le tseba, ke ponahatsoya mangeloi a supileng a diphutheho tse supileng; empa, ho na leDitiiso tse ding hape tse supileng ka morao ho Buka, Ke ka ntleho Bibele. Hlokomelang, re tla kena ho yona motsotsong.240 Jwale, pele ke qala ka sena, na le kgathetse? Na le ka rataho ema, ho fetola madulo? [Phutheho e re, “Tjhe.”_Mong.]Jwale mamelang ka hloko.

Page 35: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 35

241 Lengeloi la bosupa la Tshenolo 10:7 ke moromuwa wamongwaha-phutheho ya bosupa. Le a bona? Jwale, shebang.“Mme mehleng^” Jwale hlokomelang mona.

Empa mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa, haterompeta ya lona e tla lla, ke moo sephiri sa Modimose tla phetheha,^

242 Jwale, ho letswa, moromuwa enwa, lengeloi la bosupamona le utlwahatsa Molaetsa wa lona ho phutheho yaLaodisea. Hlokomelang mofuta wa Molaetsa wa lona. Jwale, ene e se lengeloi la pele, ha le a fuwa Hono; lengeloi la bobedi,la boraro, la bone, la bohlano, la botshelela. Empa ke lengeloila bosupa le neng le jere mofuta wona wa Molaetsa. E ne e leeng? Hlokomelang mofuta wa lona wa Molaetsa, “Ho phetheladiphiri tsohle tsa Modimo, tse ngodilweng ka Bukeng.”Lengeloi la bosupa le lohanya diphiri tsohle tseo ditlhana tsatsona di lokotsehang, hohle ho haola ka mekgatlo ena lediphutheho tse mabitso. Lengeloi la bosupa le a di bokella,mme le tla phethela sephiri sohle. Jwale, ke seo Bibele e seboletseng, “Ho phethela sephiri sa Buka e ngodilweng.”

243 Jwale a re hlokomeleng tse mmalwa tsa diphiri tsena, mmeha o batla ho di ngola fatshe. Pele, ke tla nka seo Scofield a sebolelang mona, ho Matheu 13. Haeba le batla ho bapisa tseding ho theosetsa tlase, ha le sena Bibele ya Scofield. Le kabala seo a nahanang hore tse ding tsa diphiri ke tsona. Jwale,temaneng ya 11.

Mme a ba araba a re, Ke hobane lona le neilwe(barutuwa ba hae), ke hobane lona le neilwe ho tsebadiphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa e seng bona,ha ba ka ba newa.

244 Diphiri, “sephiri” ke sena. Sephiri ke Lengolo, ke Nnete eneng e kwahetswe pele jwale e senotsweng ka Kgalalelo, empa(eo e leng) karolwana e mohlolo e sa saletse leha kwanatshenolo e entswe. Diphiri tse kgolo-kgolo le diphiri tsekgolwanyane ke tsena:

245 Sa pele, sephiri sa Mmuso wa Lehodimo. E leng seo rebuang ka sona jwale. 13, Mattheu 13:3 ho isa ho 50.

246 Jwale, sephiri sa bobedi ke sephiri sa phoufatso ya Iseraelekgabareng ya mongwaha wona. Baroma 11:25, le tse e amang.

247 Borarong, sephiri sa boraro ke sephiri sa ho fetolwa habahalaledi ba phelang nakong ya qetelo ya mongwaha ona.Bakorinthe ba Pele 15, hape le Bathessalonika 4:14 ho ya ho 17.

248 Sa bone, sephiri sa Kereke ya Testamente e Ntjha jwalokaMmele o le mong o bopilweng ka baJode le Baditjhaba mmoho.Baefese 3:1 ho ya ho 11, Baroma 16:25, hape le Baefese 6:19,Bakolose 4:3.

Page 36: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

36 LENTSWE LE BUILWENG

249 Sephiri sa bohlano, ke sa Kereke jwaloka Monyaduwa waKreste. Baefese 5:28 ho ya ho 32.250 Sephiri sa botshelela ke sa Kreste ya phelang, e sa le yenamaobane, kajeno, le ka ho sa feleng. Bagalata 2:20, le Baheberu13:8, le dibaka tse ngata jwalo.251 Sephiri sa bosupa ke sa Modimo, esita le Kreste jwalokabotlalo ba BoModimo bo aheleditsweng nameng, moo ka hoYena ho ahileng bohlale bohle bo Kgethehileng.

Mme bomodimo bo kgutlisetswa mothong.252 Sephiri sa borobong ke sephiri sa bokgopo, se fumanwangho Bathessalonika ba Bobedi, le jwalo-jwalo.253 Sephiri sa leshome ke sa dinaledi tse supileng tsa Tshenolo1:20. Re sa tswa feta mono, “Dinaledi tse supileng, tsadiphutheho tse supileng, baromuwa ba supileng,” le jwalo-jwalo.254 Mme sephiri sa leshome le motso o mong ke sephiriBabilona, seotswa. Tshenolo 17:5 ho ya ho 7.255 Ke tse ding tsa diphiri tseo lengeloi lena le loketseng ho dilohanya, “diphiri” tsohle, diphiri tsohle tsa Modimo.

Mme tse ding:256 Mme a nke ke bolele sena ka tshabo, mme ke sa lebise honna, empa ke lebisa ho Lengeloi la Morena.257 Peo ya noha, seo ebile sephiri se patilweng, haesaledilemong jwalo.258 Mohau, o a otlollwa; e seng tlotlollo, empa mohau wannete, wa sebele.259 Ha ho ntho e kang dihele tse hlolang ka Hosafeleng, tsetukang. O tla tjha ka dilemo tse dimilione. Empa, ntho efekapa efe e hlolang ka Hosafeleng, ha eso ka e-ba le qalo kapaqetelo; homme dihele di entswe.

Diphiri tsena tsohle!260 Sephiri sa kolobetso ya Moya o Halalelang, ntle lemaikutlo, empa Botho ba Kreste bo sebetsang ka ho wena yonamesebetsi eo A e entseng.261 Sephiri sa kolobetso ya metsi. Moo, batjhesehedi ba borarobo bong ba e tlisitseng ho maemedi-bitso a “Ntate, Mora,le Moya o Halalelang.” Le sephiri sa boModimo sephethahatswang kolobetsong ya Lebitso la “Jesu Kreste,” holatela Buka ya Tshenolo, seo Kereke ena e neng e loketse ho seamohela.

Tseo ke tse ding tsa diphiri.262 Ho kgutla ha Topallo ya Mollo. Amen! [Moena Branham oopa diatla tsa hae ka makgetlo a mararo_Mong.] Ke yona nthoe loketseng ho etsahala, mme re a e bona.

Page 37: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 37

Kgele, ka moo re neng re ka tswella, re ntse re bala diphiri!

263 Ho boneng Topallo eo ya Mollo e eteletseng bana baIseraele, Yona e dihetseng Saule fatshe tseleng e theohelangDamaseka; hape Yona e tlang ka ona Matla ano, ho sebetsatsona dintho tseo, le ho senola lona Lentswe leo, ho dulaLentswe-ka-Lentswe le Bibele.

264 Ho letswa ha terompeta, ho bolela “Evangedi” yaterompeta. Mme ho letswa ha terompeta, ka Bibeleng, hobolela, “Itokisetseng ntwa ya Mangolo.” Na le ntse le ngolahono? Ntwa ya Mangolo!

265 Paulose o boletse, ha le batla ho le ngola fatshe, Bakorintheba Pele 14:8. Paulose o boletse, “Ekare ha terompeta e letsamodumo o sa utlwahaleng, motho a ka itokisetsang?” Mme ha ese na modumo wa Mangolo, o netefaditsweng, e_e netefatso yaLentswe la Modimo le bonahaditsweng, re tla tseba jwang horere nakong ya qetelo?

266 Ha e bolela hore ba dumela ha Jesu Kreste e sa le yenamaobane, kajeno, le ka ho sa feleng, empa ho latolwadipontsho tsa Hae le meeka eo sedikadikwe sohle sa tlholeho sedumetseng ho Yena, le Kereke yohle e dumetse ho Yena kantho ena, re tla tseba jwang ho itokisa?

267 Motho e mong o tlile ka mmapa homme o se o takilwe; lemotho e mong o tlile, ntho e nngwe, mme a tshase ntho ena, ekgahlano le ena. Ba bang ba tlile mme ba re Ke ena, hokgutlela hape nthong ena. Homme ba bang ba ngotse dibuka,le dintho tse kang tseo.

268 Empa, Modimo o tla ka Matla a tsoho ya Hae! Mme kemang ya tla bua kgahlano le Yona? Ha Jesu Kreste e le yenamaobane, kajeno, le ka ho sa feleng, O etsa se tshwanang le seoA se entseng maobane, kajeno, le kahosafeleng. Ke seo lengeloilena le loketseng ho se etsa, ho nka diphiri tseo, dintlha tseo tselokotsehang tseo batho ba mathang ba lahleha ho tsona.

269 Hlokomelang, ha e letsa modumo o sa utlwahaleng, o sengmangolong, ke mang ya ka itokisang? Empa, terompeta, na lelemohile, o mong le o mong wa mengwaha, jwaloka ha keboletse kaha kereke e kenang, ho bile le terompeta e llang,Tiiso ya nto maonollwa. Mme terompeta e bolela ntwa. Ha e saletse modumo wa Mangolo, ho ka thweng ka yona?

Empa e reng ke le hopotse sena. Le se e fose jwale.

270 Hlokomelang, mongwaha o mong le o mong wa kereke obile le moromuwa wa ona. Re tseba seo. Paulose e ne e lemoromuwa wa pele. Mme ha terompeta ya pele e ne e letswa, leTiiso ya pele e ile ya manollwa. Paulose e ne e le moromuwawa pele, jwaloka ha re fihletse. Mme a etsang? A tumisa ntwahodima (eng?) kereke ya Molao [“Orthodox”_Moft.], ka ho se

Page 38: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

38 LENTSWE LE BUILWENG

dumele pontsho ya Messia eo Jesu a ba hlahiseditseng yona.Kgele, ba loketse ba be ba e tsebile. Ba loketse ba be ba Motsebile.271 Hopolang, Paulose o tlile pheletsong ya mongwaha.Baromuwa bohle ba tla pheletsong ya mongwaha. Ke nakongya qetelo, dintho tsena ha di_di tliswa.272 Paulose, ka ho tseba Mangolo, le ho tseba ha Jesu e ne e leMessia, mme a kgarumela masinagoge ao, ho tswa sebakeng seseng ho ya ho se seng, ka Mangolo ana, mme a ntshetswa ka ntleho e nngwe le e nngwe ya tsona. Ho fihlela, qetellong, ahlohlorile lerole le maotng a hae mme a retolohela hoBaditjhaba. E ne e le eng? Ho letswa ha terompeta; lengeloi,moromuwa, ya emeng mono ka Lentswe! Oho, kgidi! Le se fosehono jwale. Lentswe! Mme Paulose, ka tshenolo e sasilafatswang ya tlhaloso ya Lentswe la Modimo, a kgarumela enngwe le e nngwe ya masinagoge ao. Ha mo qosa bophelo ba hae.273 Kamoo re neng re ka theosetsa ho Ireneaese, yena eo,moromuwa wa mongwaha wa phutheho e latelang!274 Le Mohalaledi. Martini, mongwaheng wa phutheho elatelang, nakong eo ba qalang ho nka thuto ya Banikola, e qalaho kena. Mme bao ba kgarumela mongwaha oo. Mohalaledi.Martini a kgarumela mongwaha wa hae.275 Ya ntano ba Luthere, moromuwa wa bohlano, a kgarumelakereke eo ya Katolike, ka Lentswe la Modimo. “Ba lokileng batla phela ka tumelo,” a rialo. “Mme sena ha se Mmele waKreste ka seqo,” mme a lahlela selallo fatshe, le ho tswela ntlele ho kgarumela kereke eo ya Katolike. Terompeta eo e llilehantle. Ho nepahetse? [Phutheho e re,”Amen.”_Mong.]276 John Wesele a hlaha, mehleng ya kereke ya Engelane.Nakong eo, ba neng ba re, “Ha ho sa na lebaka la ho tshwaraditsoseletso,” mme ya fetoha peo. Empa John Wesele a ema kamolaetsa wa mosebetsi wa bobedi wa mohau, kgalaletso, mmea kgarumela kereke eo ya Engelane ka terompeta eo yaEvangedi, a hlophisetsa ntwa. Ho lokile. O e entse!277 Jwale re mongwaheng wa Laodisea, moo ba seng bahlophisitse diphutheho hape; Methodise, Baptise,Presbeteriene, Luthere, Mapetekosta. Mme re lebeletse ho tlaha moporofeta, ho kgarumela mongwaha ona, le ho ba tlosabokgopong ba bona.278 Jwale, ha eo ebile tsamaiso, ho theosa jwalo le mongwaha,na Modimo o ka fetola tsamaiso ya Wona tsatsing lee?[Phutheho e re, “Tjhe.”_Mong.] A ke ke a e fetola. O tlamehileho dula le kgato ya ka mehla.279 Mme hopolang, moromuwa enwa e ne e le lengeloi labosupa, mme o ne a loketse ho nka diphiri tsohle le ho dibokella hammoho. Hlokomelang, lengeloi la bosupa le ne le tla

Page 39: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 39

kgarumela kereke ya Laodisea, e ruileng. “‘Ke morui, kemononi, mme ha ke hloke letho.’” O boletse, “O madimabe o yasoto, mofutsana, sefofu, o ya feela, mme ha o ho tsebe.” E ne ele Molaetsa wa hae.280 O Modimo, re romelle moporofeta ya se nang tshabo ka HORIALO MORENA, hore Lentswe la Modimo le netefaditsweng letle le tsamaye ka yona le ho paka hore o rometswe ke Modimo.Mme ha a etla, o tla kgaruma kgahlano le mengwaha eo. Ehlileho tla etswa. O tla fetolela kereke eo ya Laodisea kgahlano leyena. Ruri, o tla ho etsa. Ba ho entse mengwaheng e meng. Ho keke ha fetoha mongwaheng wona. E loketse ho tshwana.281 Hlokomelang, jwale, kereke ya Laodisea. Moromuwa (o tlaphethela) wa Laodisea, lengeloi la bosupa, le tla phetheladiphiri tsohle tse lahlilweng ntweng, sethathong, bakeng saNnete.282 Luthere o ile a hlahella, empa a sa tshwara Nnete yohle. One a ena le tokafatso. Ke hantle.283 Yaba ho tla moromuwa e mong, ya bitswang John Wesele,ka tokafatso. O ne a se na Yona. Bibele e boletse. Kereke yaFiladelfia!284 Yaba ho tla mongwaha wa phutheho ya Laodisea, kakolobetso ya Moya. Empa ba E dubakanya ka hohle, mme bakgutlela bofofong hape jwaloka ha ba entse kgetlong la pele.285 Nakong eo, “O tla ba jwaloka Alfa le Omega,” letsoho laHae le beilwe ka mokgwa o mong, le ka mokgwa o mong, “WaPele le wa Morao.”

Moya wa Hae o ile wa tsholoha ka Letsatsi la Pentekosta leho tlatsa sehlopha seo.286 Ya nna ya tlhotleha butle-butle, ho fihlela e fihlamengwaheng e lefifi. Dikandelare tsa Gauta tse Supileng,mengwaha ya diphutheho tse supileng, ya ho qetela e ne e leyona e hole le Yena ka ho fetisisa. Moo e ne e le sek-^dilemotse ka bang seketse tsa mongwa o lefifi, tsa Kereke ya Katolike.287 Luthere a qala a hlahisa lesedi le latelang, haufi le Lentsweho feta.

Lesedi le latelang, la atamela haufi ho feta.288 Lesedi le latelang, la Laodisea. Yaba e kgutlela moraojwaloka a e entse sebakeng sa pele, ho kena hantlemodubadubeng oo e neng e le ho wona kgetlong la pele. Kanaha le bone seo ke se bolelang na? [Phutheho e re,“Amen.”_Mong.]289 Jwale bonang. Ho na le Nnete e ngata e lahlehileng ka ntlemono, (hobaneng?) moo ba bang ba qekileng ka Nnete. Empalengeloi lena la bosupa ha le ngwae-ngwaetse ka letho. Lebokella dintlhana tse lokotsehang, ho di kopanya tsohlehammoho. Mme ho letseng ha lona, “Sephiri tsohle tsa Modimo

Page 40: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

40 LENTSWE LE BUILWENG

di tla phethwa.” Kgidi! Modimo, mo romelle. Diphiri tsohle tsepatilweng di ile tsa phethelwa ha a^Di senolelwa yena. Kaeng? Haeba tsena e le diphiri tse patilweng, monna enwa o tlalokela ho ba moporofeta. Mme na ha re qete ho feta, le ho bonahore moporofeta, ya neng a tla tla mongwaheng wa ho qetela, ene etlaba Elia e moholo eo esale re mo shebeletse? [Phutheho ere, “Amen.”_Mong.] Hoba, diphiri tsena tse patilweng, kabaithuting ba thutamodimo, di tla tlameha ho senolwa; hoModimo. Mme Lentswe le tla feela ho moporofeta. [“Amen.”]Mme re a e tseba. Etlabe e le Elia wa bobedi, jwaloka ha hotshepisitswe. Oho, kgidi! Molaetsa oo a_a tla o tlisa etlabe e lediphiri, tsohle, dintho tsena tsohle.290 Re na le kolobetso ya metsi. E ferekane ka hohle. Honepahetse. E mong o a fafatsa; e mong o a horometsa. E mong onka “Ntate, Mora, Moya o Halalelang.” E mong o nka hona. Emong o kolobetsa ka makgetlo a mararo, sefahleho sekodumetse pele; bakeng sa, e nngwe bakeng sa Modimo obitswang “Ntate,” e nngwe bakeng sa Modimo o bitswang“Mora,” e nngwe bakeng sa Modimo o bitswang “Moya oHalalelang.” E mong o re, “O fositse. O tshwanetse hokolobetsa ka seetse, makgetlo a mararo, ka mokgwa oo.” Mme,oho, hlakantsutsu e kakang!291 Empa ntho yohle e kopantswe, hoba ho na le Modimo o lemong feela, mme Lebitso la Wona ke Jesu Kreste. “Mme ha hoLebitso le leng tlasa Lehodimo leo batho ba ka bolekehang keLona.” Ha ho le sehloho se le seng sa Lengolo, ha ho sebakakae kapa kae Bibeleng, moo motho a kileng a kolobetswa katsela efe e sele haese feela ka Lebitso la Jesu Kreste. Le kamohla ha ho moo Kereke e ntjha, kapa Kereke ya Jesu Kreste,e kileng ya fafatsa, ho horometsa, leha e le ntho efe kapa efe.Le ka mohla ha ho eso ho ka ho tshwarwa seboka, “Ke okolobetsa ka Lebitso la Ntate, Mora, Moya o Halalelang.” Kedihlomathiso le dintho.292 Mme ntweng bakeng sa Nnete, dintlhana tseo di ile tsalahleha, empa Modimo o boletse hore di tla kgutlisetswa hapetsatsing la ho qetela. “Ke tla kgutlisetsa,” ho bolela Morena.Re ile ra feta tabeng eo, nakong e seng kaalo ya ho feta, SefateSa Monyaduwa. Ho tla nka moporofeta. Bibele e bolela ha a tlaba teng mona. Ke nnete. Malakia 4, e bua hore o tla ba tengmona, mme re a dumela o tla ba teng. Re mo shebeletse. Mmere shebeletse ponahatso ya hae, mme re tla bona Lentswe laModimo le netefaditsweng.293 Ke ba mmalwa feela ba tla E utlwisisa. “Jwaloka mehlengya Noe, ho tla ba jwalo ho tleng ha Mora motho.” Ho ile habolokeha eng? Meya e mehlano^Matsatsing a Lota, hantle-ntle ha e ba le bararo ba bolokehang. Mosadi o ile a tswa,homme a lahlehelwa. “Ho tla ba jwalo ho tleng ha Mora motho.”Ho tla ba le ba mmalwa ba bolokehang, ba fetolelwang mohlang

Page 41: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 41

oo; se seng sa diphiri, e leng sa ho nkuwa ha Kereke eo. Jwalokaha Lota a nkilwe, jwaloka ha Lota a ntshitswe, ho tloswa; Noe ankelwa hodimo; mme le Kereke e tla nkelwa hodimo, le yona. Emong a kena; mme e mong a tswa; mme e mong a ya hodimo. Lea bona? Ke hantle, ka ho phethahala.294 Lentswe le a tla. “Buka e ngotsweng ka hare,” e tlaphethwa ha ntho ena, diphiri tsena tsohle di qetilwe houtlwahatswa. Jwale e reng ke le bale hape, jwale, le tle le be lebonnete. Jwale bonang.

Empa mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa(lengeloi la ho qetela), ha terompeta ya lona e tla lla,ke moo sephiri sa Modimo se tla phetheha,^

295 Jwale, ke eng “sephiri sa Modimo,” se seng sa tsona?Paulose o boletse ho Timothea wa Pele 3, ke kgolwa e ne e leyona, e itseng, “Ruri sephiri sa borapedi se seholo: hobaModimo o bonahetse nameng (re Mo amme, re Mo bone), hophahamisetswa Kganyeng, ho pakwa ke mangeloi, hobonahatswa mona lefatsheng.” Modimo a etswa jwalo! Ehlile,ke sephiri se seholo, empa se rarolotswe sohle. E seng “Ntate,Mora, Moya o Halalelang,” Medimo e meraro; empa, Modimo ole mongtshebetsong tse tharo. Ya bo-Ntate, tlasa Moshe; bo-Mora, tlasa Kereste; Moya o Halalelang, tlasa lekgathe lena.Makgathe a mararo a Modimo o le mong; e seng Medimo emeraro. Sephiri se phethilwe jwale. Bibele e boletse ho loketsejwalo ka sona. Mehleng eo^296 Ke bone tsatsi le leng, moo mahlale a lekang ho thulana lenna teng; hodima seo ba nnileng ba se bolela, ha ke ne ke re,“Motho ya dumetseng ha Eva a jele apole!” Jwale mahlale abona a re, le e bone lehlaseding ka tsatsi le leng, dihlooho tsekgolo tsa ditaba, “O jele aporikothe.” Mepoto. Na hoo_na hooho ne ho ka mo thetsa? [Phutheho e re, “Tjhe.”_Mong.] Ruri haho jwalo. Le a bona? Ba mpa feela ba^Ke_ke sona seo Kaine ase nahanneng, le a tseba, mme o ile a kgutlisetsa yona ntho eo,empa Modimo a se ke a amohela sehlabelo sa hae. Mme Abele,ya lokileng, a ho senolelwa, “E ne e le madi; mme o tlisitse madi.

O Modimo, kereke ena le mongwaha oo re phelang howona!”297 “Buka e ngotsweng kahare” e phethilwe nakong eo lengeloilena le kgaotsang, (jwale utlwisisang sena hle,) ka mora hobaMolaetsa wa lengeloi la bosupa o phethwe; sephiri saBoModimo, sephiri sa peo ya noha, diphiri tse ding tsohle tsadintho tsena tsohle.298 BoMora bo hlolang ka Hosafeleng, [“EternalSonship”_Moft.], jwaloka ha ba bua ka bona. Ekaba Mora kaHosafeleng jwang, haele moo Bosafeleng bo se na qalo le kamohla kapa bo ke ke ba fella; mme mora ke ntho e tswetswengke e nngwe. E ka etsa kelello jwang?

Page 42: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

42 LENTSWE LE BUILWENG

299 Ho ka ba le dihele ka Hosafeleng jwang, haele moo diheledi entswe? Ke dumela ho dihele tse tukang. Ehlile, Bibele eitsalo. Empa, ke ho timeletsa. Bibele e boletse, “Ho lehlohonoloya se nang kabelo lefung la bobedi.” Le a bona? Le a bona, o keke wa timeletswa, lefu la bobedi. La pele ke la nama. Labobedi ke lefu la moya, mohla ntho e nngwe le e nngwe efedileng. “Moya o etsang sebe, moya oo o tla shwa.” O tlaotlelwa dibe tsa hao, mohlomong ka makgolo^dikete tsadilemo. Empa ho ke ke ha eba le dihele tsa ka Hosafeleng, hobaBibele e boletse dihele di entswe. Di ka etswa jwang homme dihlole ka Hosafeleng? Haeba ho kile ha eba^Bibele e boletse,“Dihele di bopetswe Diabolosi le mangeloi a hae.” Mme, ha hole jwalo he, haeba di entswe, di ke ke tsa hlola ka Bosafeleng.Hoba, Bosafeleng, ntho eo e leng ya Bosafeleng, ha e ya ba leqalo le ka mohla kapa ho ba le pheletso.

300 Ke ka mokgwa oo re ke keng ra shwa, hoba haesale re leteng ka mehla. Re karolo ya Modimo, lehlomela la Modimo,mme ke Yena ntho e ka hlolang ka Hosafeleng e leng teng.[Moena Branham o kokota sefaleng hararo_Mong.] Amen. Le keke la shwa jwalokaha Modimo o ke ke wa shwa, hobane le hlolaka Hosafeleng, le Yena. Amen! A e ke e tle! Hallelua! Ke se kebatla ke kgathetse ke motlotlwana ona wa ditlokotsi, le hona.301 Hlokomelang, “Buka e ngotsweng,” ha lengeloi lena lephethela diphiri tsena tsohle tsa dintlhana tse lokotsehang,tseo ba di lwanetseng dintweng, Luthere o lwanne, le Wesele olwanne, le Mapentekosta a lwanne. “Empa ho na le e mong yatlang,” Bibele e boletse, “hore matsatsing a ho utlwahala hamodumo wa hae, diphiri tsena tsohle^” Ba thuto ya bonngweba mathile ka Lebitso Jesu; boraro bo bong bo tsamaile kaNtate, Mora, le Moya o Halalelang, jwaloka ha ba entseLekgotleng la Nicaea, ntho e tshwanang; bobedi ba ne bafosahetse. Empa, jwale, mahareng a tsela, Mangolong, teng hodutse Nnete. Le bona moo re leng teng? Lengeloi la Morena!302 Hlokomelang Tshenolo 5:1. Mamelang taba ena jwale.

Mme ka bona letsohong le letona la ya dutsengteroneng buka e ngodilweng ka hare (mongolo o ne ole ka hare) le ka ntle, e tiisitsweng ka ditiiso tsesupileng.

303 Jwale, ho na le mongolo ka hare ho Buka. Empa, ka ntle hoena le Ditiiso tse Supileng, ka ntle ho Yona, tse neng di sangolwa ka hara Buka. Jwale, ke mosenodi enwa ya buang,Johanne. Jwale, hopolang, O ne o sa ngolwa ka hara Buka.“Mme mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa, diphiri tsohletse ngodilweng ka hare di lokela ho phethwa.” Di loketse hoqetelwa tsatsing leo. Jwale na le bona seo ke se bolelang?[Phutheho e re, “Amen.”_Mong.] Na le ntse le ntatela?[“Amen.”] Jwale he e tla ba nako ya mantswe a supileng a

Page 43: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 43

Tshenolo wa 10 ho senolwa. Hoba Buka e phethwe, ho na lentho e le nngwe feela e saletseng, mme hoo ke mantswe amakatsang a supileng a seaduma a neng a ngodilwe ka ntle hoBuka, ao Johanne a thibetsweng ho a ngola. E reng ke e bale.

Yaba ke bona lengeloi, lengeloi le leng le matla letheohang lehodimong, le ipopileng ka leru: le rwetsemookodi hloohong, sefahleho sa lona se ne se lejwalo^letsatsi, le maoto a lona e ne e ka ditshiya tsamollo:

Le ne le tshwere bukana e phetlilweng letsohong lalona:^ (Bonang, jwale hlokomelang sena.) ^la bealeoto le letona la lona ho lewatle,^leoto leletshehadi^hodima lefatshe,

Mme la howa ka lentswe le phahamileng, jwaloka hatau e puruma: eitse hobane le howe, diaduma tsesupileng tsa utlwahatsa mantswe a tsona.(Hlokomelang.)

Yare hobane diaduma tse supileng di utlwahatsemantswe a tsona, ka re ke a ngola:^

304 Ho na le ntho e boletsweng. E ne e se lerata feela. Ntho enngwe e boletswe. O ne a re o a ngola.

^ke utlwa lentswe le tswang lehodimong le re honna,^

305 Bonang moo mantswe a neng a le teng, le Diaduma. E sengLehodimong; lefatsheng! Diaduma ha di a bua di etswamahodimong. Di buile di etswa lefatsheng.

^mme ka re ke a ngola: ha ke utlwa lentswe letswang lehodimong le re ho nna, Kwahela (tlhaku ekgolo K-w-a-h-e-l-a), Kwahela tse boletsweng kediaduma tse supileng, mme o se ke wa di ngola.

306 Ke ka ntle, ka mora hoba Buka e phethwe. E seng o itse,“Ka pele.” O itse, “Ka ntle,” ka mora hoba E qetwe yohle, ephethwe. Eba, mantswe ana a Diaduma tse Supileng ke yonafeela ntho e manehilweng Bukeng, e sa senolwang. Esita le kahara Buka ha e a ngolwa.307 Oho, kgidi! Eka nka fumana taba eo, hoo batho ba kakgonang ruri ho bo-^Le se hlolehe. Le se leke, le se hlolehe.Le se leke hleng, kgetlong lena. Ke itokisetsa ho le siya. Le sehlolehe. Haeba le kile la mamela, mamelang!308 Ditiiso tsena di ka morao ho Buka. “Mme mehleng eolengeloi la bosupa le letsang, diphiri tsohle tse ngodilweng kahara Buka di phethilwe.” Mme, hang-hang, Buka e neng ephetliwe, le ho ngolwa ka hare e kwetswe, “Diphiri tsaModimo di phethilwe.” Mme diphiri tsa Modimo ke tsena: hotsamaya ha Kereke, le dintho tsena tse ding tsohle. “Diphiri difedile.” Ha lengeloi leo la bosupa le utlwahatsa sephiri se seng

Page 44: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

44 LENTSWE LE BUILWENG

le se seng, ho fedile. Mang kapa mang eo e ka bang yena, seo eka bang sona. Lentswe la Modimo le ke ke la hloleha. Mme Oboletse:

Empa mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa, haterompeta ya lona e tla lla, ke moo sephiri sa Modimose tla phetheha, ka moo a boleleletseng bahlanka bawona baporofeta ka teng.

309 Dintho tseo tsohle, jwaloka, oh, Roma jwaloka e_e seotswa,le dikereke tsohle tsa Protestanta, diphutheho tsehlophisitsweng tse hlophisang jwalo ka yona, di fetohile dihlolatsa yona. Le a bona? Diphiri tseo tsohle baporofeta ba builengka tsona, di tla senolwa hantle mona horeng ena ya ho qetela.310 Mme ha lengeloi lena la bosupa le hlaha mongwaheng waLaodisea mme le qalella le letsa Terompeta ya nnete, kahobane E tla be e le kgahlano, ba ke ke ba E dumela. Ruri bake ke ba E dumela. Empa, etlaba moporofeta ya filwengtshusumetso, hoba ha ho mokgwa wa ho E lekanya.311 Batho ba leka ho lekanya boraro, homme ba pudufaledihlooho mme ba hlanye. Ha ho motho ya ka bo utlwisisang.Le jwale ba sa ntse ba dumela ha Eva a jele apole, le dinthotseo tsohle. Hobane, ke neeletsano eo batho ba ileng batshwarella ho yona, jwaloka Jesu a fumane kereke.312 Empa e tla tlameha ho ba moporofeta ya eteletsweng peleka Kgalalelo, hoba Lentswe la Modimo le tla ho yena, kakwahollo ya nnete ya tshenolo ya Jesu Kreste. Ka baka leo, he,e_e loketse ho ba ka mokgwa oo. Modimo o re thuse!313 Jwale, “Mehleng ya ho letsa ha hae,” jwale, hoo ke “HORIALO MORENA. Re hlakelwa ke hono. Ha a utlwahatsaMolaetsa wa hae, ho tumisa ntwa; jwaloka ha Paulose a entsekerekeng eo ya Molao, jwaloka ha ba bang bohle ba bona baentse, jwaloka Luthere, Wesele, kgahlano le mokgatlo. Ha atumisa ntwa, mme a ba bolella, “Ba leshano, mme ha se Nnete!Mme ba thetsa batho!” Ha a letsa Hono, le ke ke la hloleha. Leke ke la hloleha, hoba o tla be a netefatswa ke Lentswe laModimo. Le tseba hantle seo Le leng sona. Mme ha a etsajwalo, o letsetsa, ho bitsetsa ka ntle ho Babilona, “Tswang hoyena, setjhaba sa ka, le se tshohe le kenella dibe tsa hae.”Modimo mo romele! Le se e fose.314 Jwale, “Ha a qalella ho letsa, diphiri di tla phetheha.”Jwale, hlokomelang, eba jwale ke nako ya mantswe a Tiiso yaSupa, a Tshenolo 10, ho senolwa. Na le a utlwisisa? [Phutheho ere, “Amen.”_Mong.] Ha diphiri tsohle tsa Buka di se diphethilwe! Mme Bibele e boletse, mona, hore o tla phetheladiphiri.315 Ha, banna morao kwana mengwaheng e meng ba lwanetseNnete. Ba ile ba lwanela tokafatso. Ba tswela pele ho se ho kae.Kgalaletso! Ba lwanetse hona, mme ba lwanela hwane. Ba

Page 45: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 45

lwanetse hona. Ba entse’ng? Ba kgutlela ho yona hantle hohlophisetsa ka hara yona, ntho e tshwanang. Mapentekosta, leMabaptise, Presbeteriene, maLuthere, e nngwe le e nngwe, eentse ntho e tshwanang, ho boela hape le ho etsa ntho etshwanang.316 Mme Bibele e boletse, ho Tshenolo 17, ke sona seo ba tlangho se etsa, mme wa kgale wa seotswa mmoho le baradi ba hae,“SEPHIRI, BABILONA.” Bibele e boletse mona, hore seo e tlaba se seng sa diphiri tse tla manollwa. Maprotestanta, baboki,“ba etsang bohlola ba semoya,” ka ho etella batho kadiphutheho tse hlophilweng, ka “nkgo ya bokgopo,” ya bonaya dithuto tse entsweng ke batho; le ho ba tlosa sedibeng setletseng Madi, moo Matla a Modimo o Matlaohle a phallangfeela ho bonahatsa Jesu Kreste. Ke nnete. Le hona, Modimo otla E tshehetsa, mme O ho entse, mme O tla nne a tswelle.Empa, ha hoo ho etsahala, Lentswe le phethilwe.317 Jwale ho na le ntho e le nngwe feela e setseng, ke Diadumatse Supileng, tseo re sa di tsebeng. Homme ha di athwathwaretsa lefeela.318 Modimo ha o ke o etsa letho feela ho bapala. Re ye rebapale re etse bosawana, empa e seng Modimo. Ntho e nngwele e nngwe ho Modimo ke “E” le “Tjhe.” Ha A bapale feela. HaA swaswe. O tiile hodima seo A se buang. Mme ha A ke abolela taba ntle le hore ho be le letho, le bolelwang ke yona.319 Mme Diaduma tse Supileng, hantle mona tshenolong yaJesu Kreste, Ke sephiri se itseng. Na Bibele ha e bolele ha Enae le “Tshenolo ya Jesu Kreste”? [Phutheho e re,“Amen.”_Mong.] Kgele, ho na le sephiri se itseng se patilweng,he, sa Yona. Hum! Ke sefe? Diaduma tse Supileng di setshwere. Hoba, Johanne o na re wa ngola, mme Lentswe latswa Lehodimong, ha thwe, “O se ke wa Se ngola. Empa, Sekwahele. Se kwahele. Se bee ka morao ho Buka.” Se loketse hosenolwa. Ke diphiri.320 Jwale, re rarolotse dintho tsena ka Moya o Halalelang; reboleletswe, “E ne e se diapole. E bile thobalano.” Ho re bolelladintho tsena. Ha ho motho ya kgonang ho ema pela Yona. Hake e-so bone moreri, bophelong ba ka, ya ka dumelanang leYona. Empa, ke ba botsitse.321 Le a tseba, mane Chicago, mohla re emeng pela bona,bareri ba ka bang makgolo a mararo le mashome a mahlano.Lona basadi ba tswang Chicago mona, le ne le le teng mono, lautlwela kaha yona.322 Mme Morena o na mpoleletse, masiu a mararo pele, “Batlil’o o tjhehela leraba.” Ha thwe, “Ema fensetereng mona mmeKe tla o bontsha.” Ha thwe, “Mong. Carlson le_le TommyHicks tlil’o kopana le wena hosane hoseng, ba batla ho yadijong tsa hoseng. Mme o bolelle Tommy a sale. Empa,” ha

Page 46: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

46 LENTSWE LE BUILWENG

thwe, “e tla shebahala ka sebopeho sena. Ba bolelle ba ke ke batshwarela kopano sebakeng seo ba se nahanneng. Ba tla basebakeng se seng.” Ha thwe, “O se tshohe. Ke tla ba le wena.”Hoo ho lokile haholo bakeng sa ka.323 Tsatsi le hlahlamang Mong. Carlson, tonakgolo yaBorakgwebo ba Evangedi e Tletseng, a tla, ho re,^hontetsetsa, ha thwe, “Moena Branham, ke batla ho ya dijong tsahoseng le wena.”324 Ka re, “Ho lokile.” (Mme ka re, “Hlokomela hore TommyHicks a be teng, le yena.”)325 Ra theosetsa “Town and Country”, mme a re, “Be, MoenaBranham,” a re, “Kgele, ntho e le nngwe^”

Ka re, “Tommy na o ka nketsetsa ka mohau?”“Ehlile, Moena Branham.”Ka re, “Ke a ipotsa na o ka bua sebakeng sa ka?”A re, “Oh, nke_nke ke ka etsa hono.”

326 Ka re, “Hobaneng? Ke moithuti wa garata ya maemo abosupa, mme ke_ke tla re^Ke tla re mmuso bakeng samolaolapapadi. O a bona? Ha ke tsebe mokgwa wa ho bua kapele ka mono. Mme ho tla ba le Mokgatlo wa Bareri waChicago e Kgolo. Ke tla bua jwang pela bona, ka thuto ya kaya garata ya maemo a bosupa, Tommy? Wena o Ngaka yaThutaModimo.” Ka re, “O ka tseba mokgwa wa ho bua. Nna hake tsebe.”

A re, “Moena Branham, nke ke ka etsa hono.”327 Ka re, “Hobaneng? Ke o etseditse ka mohau ha ngata.”Mme ka hla ka e toba hantle.328 Mme Moena Carlson a re, “Oho, Moena Branham, a ke ke aetsa hono.”

Ka re, “Hobaneng?”A re, “Be, re, bo_bo_bo_bo^”

329 Ka re, “Le a tseba ke’ng? Le a tseba ke hobane’ng, empa hale batle ho mpolella. Ba ntjhehetse leraba.”330 Ka re, “Moena Carlson, le fumane phaposi eo ya hotele, hake re, moo re neng re tshwaretse mokete o mong wa dijo?”

“E.”Ka re, “Le ke ke la e fumana.”

331 A re, “Be, Moena Branham, ke se ke e ntsheditsediphosite.”332 Ka re, “Ha ke kgathalle seo le se fumaneng. E ke ke ya ebamono. Ke phaposi e mmala o mo tala. Re tla ba ka phaposing emmala o mosootho. Ke tla be ke le morao khoneng. NgakaMead o tla be a dutse ho ella ho le letona. Monna eo wa motho-motsho le mosadi wa hae ba tla be ba dutse mona, le jwalo-le-

Page 47: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 47

jwalo. Ho tla ba le moprista wa Buddah ya tla beng a dutseletsohong la ka le letona le hojana,” le ka moo ba tla beng baapere.333 Mme ka re, “O a tseba ke eng, Tommy. Le a^Mokgatlowa Bareri wa Chicago e Kgolo o tlile ho mphephetsa ka“kolobetso ya Lebitso la Jesu Kreste.’ Mokgatlo wa Bareri waChicago e Kgolo o tla mphephetsa ka ‘pontsho ya Moya oHalalelang,’ ho bua ka dipuo. Ba tla mphephetsa ka ‘peo yanoha,’ le ka thero hodima ‘mohau.’”334 Tommy a thalatsa, “Ehe, mohau, mmalo!” A re, “Ha kehopole le hore ke tla ya.”

Ka re, “E, o tle.”335 Mme tsatsi le hlahlamang, monna ya neilweng diphosite, ammuseletsa diphosite, mme a re, “Re na le orekese. Re ne re ebeetse ka thoko, mme re ile ra e lebala, mme ra lahlehelwa kentho eo. Homme ra lokela ho e fumantsha orekese, mme le keke la e fumana.” Yaba re tswela “Town And Country”.336 Ho keneng, hoseng hoo, mme ke bao moo ba neng ba dutse.Eitse ha ke dula ka morao ho deseke motsheo mane, le hoshebella, hoba ba je dijo tsa hoseng, ka ba ya ka mahlo jwalo.Ra jella dijo tsa hoseng ka phaposing. Ho tswa, le ho dulamono, mme Mokgatlo wa Bareri wa Chicago e Kgolo o ne o leteng. Ka sheba sheba ka ho bona. E mong le e mong a itsebisa ele Ngaka Ph.D., L.L., Q.U.S.T., le dintho tsa mofuta o jwalo.Ka dula feela le ho mamela, ho fihlela ba qeta. MmeMoena_Moena Carlson a ema. A re, “Benghadi^”337 Mme lona bohle le tseba Hank Carlson. Mme, moo,mmotseng. Tjhe, le na le yona lebanteng hantle mono. Haeba lebatla ho reka lebanta, le teng mona. Bashemane ba na le lona.338 A re, “Benghadi,” a re, “Ke le tsebisa, ya latelang, MoenaBranham.” A re, “Le ka hanana le yena Thutong ya hae, empaa nke ke le bolelle ho hong. Matsatsi a mararo a fetileng, re nere dutse tulong e itseng, mme ha monna eo a sa mpolella ntho enngwe le e nngwe e etsahetseng hoseng hona, ha se nna yaemeng mona. O mpoleletse ha le ikemiseditse ho mmotsa kaThuto ya hae. Mme a mpolella hore ke loketse ho phumula tuloeo e nngwe, le ho tla mona. Mme o mpoleletse hantle mooNgaka Mead le batho bana ba tla be ba dutse, hantle feela,mme ke bana moo ba leng teng.” A re, “Mohlomong le nnile lahanetsana le yena, empa, ntho e le nngwe nka e bua, ha a natshabo ka seo a se nahanang.”

A re, “Jwale, Moena Branham, tema ke ya hao.”339 Ka re, “Pele re qala^” Ka bala seo ke se badileng hosenghona, “‘Ha ke a ka ka hanela pono ya Lehodimo.’” Ka re, “A rebatalatseng taba ena. Jwale, le ipolela bohle le le Dingaka tsaThutaModimo; mme nna ke eme mona ka bonna.” Ka re, “Ha

Page 48: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

48 LENTSWE LE BUILWENG

ho le jwalo, le batla ho mpotsa ka kolobetso ya Lebitsong laJesu, re tla qala ka yona pele. Ke batla e mong wa lona bannating a tle ka Bibele ya hae mme a eme pela ka mona, hodimantho efe kapa efe eo ke e rutileng.” Ka re, “Ema pela ka mona,mme, ka Lentswe la Modimo, o E hanyetse.” Ka lebella. Ha homotho ya ileng a bua letho. Ka re, “Ke kopa ba bang ba lonabanna ting ho tla ema lehlakoreng la ka.” Ho-re, “Molato ke’ngka lona? Ha ho le jwalo, hlohlolohang mokokotlong wa ka,haeba le tshaba ho ema pela ka mona.”

340 Ha ba tshabe nna; ke Lengeloi leo la Modimo o Matlaohle.Moo, ba tsebang hore, ha A ka mpolella esale pele ho tla^Bane ba hlalefile ho feta ka moo ke neng ke nahanne hore ba kateng. Ba tseba haholwanyane ho ka ema moo. Uh-huh. Le atseba, le bile dinakong, nakong tseo, le lona. Empa ha ba ka baho etsa. Molato ke eng, haeba e le kgolo hakaalo, mme ba tsebahore e tiile hakaalo?

341 Ke e kentse theiping, le hohle feela; ke ikemiseditse ho eqoqa, ka mokgwa wa Sekreste, le moena ofe kapa ofe. Nke keka pheha kgang le motho; empa ke batla hore o tle, hohanyetsa e nngwe le e nngwe ya Tsona, ka Lentswe. E seng kabukana ya hao, jwale; e seng seo Ngaka Sekete-kete, kapaMohalaledi Sekete-kete a se boletseng. Ke batla ho tseba seoModimo a se boletseng. Ke motheo oo. Ke batla ho tseba horeHoo ke eng. Ha ba e etse.

342 Jwale bonang. Ha nako ya mantswe a supileng e fihla^Eba ke nako ya mantswe a supileng, ha Buka e phethilwe, aTshenolo wa 10 ho senolwa. Jwale hlokomelang. Mamelang.

343 Jwale, nke ke ka le tshwarella halelele ho feta. Ke a tsebake a le kgathatsa; ke metsotso e mashome a mabedi pele holeshome. [Phutheho e re, “Tjhe. Tswella!”_Mong.] Mamelangka hlokomelo jwale. Ke a tseba, ho engwe, mme le ntse le fetolamadulo le dintho. Ke tla thaba mohla kereke e lokiswang re tlere se futahane. Re ka nka letsheare lohle ho E rera.

344 Jwale hlokomelang. Jwale elang hloko. Mantswe a supilenge ne e le diaduma, diphatlolo.

Modimo, re thuse. Ha ke le phoso, Morena, ntshwarele.

345 Ke le botsa potso. Ho phatlohile ka seaduma, ha lentswelena le ne le utlwahala. Na le hlokometse, hono, hore ha Ditiisotse Supileng tse latelang mengwaha ya diphutheho tsesupileng, nakong eo Tiiso ya Pele e neng e manollwa, hore hobile le seaduma? Tiiso ya Pele ka Bukeng ha e ne e manollwa,ha eba le seaduma; ana Tiiso ena ya Pele ya bokantle ba Buka ene e ke ke ya manollwa ka tsela e tshwanang? [Phutheho ere,”Amen.”_Mong.] Modimo ha o fetole leano la Wona. A rephetleng kwana Bukeng ya Tshenolo 6.

Page 49: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 49

Mme ka bona Konyana ha e manolla tiiso e nngwe yatse supileng, mme ka utlwa, mme se seng sa dibopuwatse phelang tse nne se reng, ka lentswe le ne kangseaduma, Tloo.

346 Jwale, ha ho a ka ha hlola ho eba le seaduma se seng.“Mme Tiiso ya ho qetela ya manollwa, ha kgutsa Lehodimongka motsotso o ka fihlang bohareng ba hora.” Empa, ha Tiiso yaPele e ne e manollwa ho bile le ho phatloha ha seaduma.347 Oho, kereke, na ekaba ke yona? Na re se re le bohole bobokaalo? Metswalle, nahanang. Mohlomong. Ke a tshepa ha seyona. Empa, ho ka thweng haeba e le yona? Ho phatloha hoo e nee le eng? Mme ka pela Modimo, le ka Bibele ena e phetlilweng, hake bue leshano. Ho phatloha ho sisintseng lefatshe!348 Mme ha Tiiso ya Pele, ho tse supileng tse butsweng kaBibeleng, e tlile, e le Nngwe feela, empa ho qhoma hosisintseng ntho yohle; seaduma. Mme haeba Ditiiso tse kamorao di tla manollwa, na e ke se be seaduma, le teng? Ha ketsebe. Nke ke ke ka bolela.349 Ho bile le seaduma, Tiisong ya Pele, mme Tiiso e ne e leseaduma. Terompeta e ile ya manollwa nakong eo. MmeTerompeta e letsitswe Pentekosta, ehlile. Nke ke ke ka kenamono.350 Jwale, haeba pono e ne e dumellana le Lengolo; pono eo kebuang ka yona, eo ke e boneng Moqebelo wa ho feta hoseng. Kenako ya veke e fetile jwale. Haeba, jwale hopolang mono,haeba pono e ne e dumellana le Lengolo, e tshwanetse hohlaloswa ka Lengolo, kapa ho tswella ha Lengolo lona leo.[Moena Branham o a thola_Mong.] Ke ne ke emela feela, e lehore seo se tle se monyele. Haeba^351 Sena seo ke se boneng, seo e neng e le sona, ha ke tsebe,empa ke tshohile ho shwa. Na re se re fedile? Na re pheletsong?Hopolang, Lengeloi lena le boletse, hore ha sena se etsahala, Ohlapantse, “Nako ha e sa tla ba teng.” Ke a ipotsa hore naehlile re a e tshwara ena.352 O ka re, “Be, ho bonahala se tla qhoma kwa-^” Moena, Otla motsotsong oo o sa o hopolang. O tla E utlwa kgetlo la haola ho qetela.353 Jwale na E hlakile? Ha Tiiso ya Pele e ne e manollwa,Ditiiso tse neng di le ka hara Buka, diphiri tsena tse ileng tsautlwahatswa; tokafatso, kgalaletso, kereke ya Roma eKatolike, Maprotestanta! Mme nakong eo dintwanyana tsabona di neng di siya dintlhana tsena tse lokotsehangLentsweng la Modimo, Lengeloi la bosupa le a tla le ho dibokella hammoho le ho di hlalosa. Le a bona? Mme ha aqetella. Diaduma tse supileng di a utlwahala.354 Johanne a re o a ngola; ha thwe, “O se ke wa E ngola.Empa, Se kwahele.”

Page 50: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

50 LENTSWE LE BUILWENG

355 “Mme Tiiso ya Pele ya manollwa,” ya Ditiiso tse ka haraBuka, E manolotswe ka seaduma. Uh!

356 Haeba sena e le Lengolo, ke feela ka^Ha ho ena leLengolo lefe kapa lefe^Ntho efe kapa efe e tlamehileng ho baya Bibele^

357 Ke moka, le ke ke le mpolella ha ho ena le ntho e kang“pelekatori” le ditho tse kang tseo. Ha ho Lengolo ka Bibelengho ka e tshehetsa. Le ke ke la mpolella ka dintho tsena,jwaloka Buka ya Makabise, e ka nna yaba ba itoketse. Le,“Buka eo ya bone ya Daniele, moo Lengeloi le ileng la moqotsa ka moriri wa hlooho, la re^le ho mo dudisa fatshe.” Haho ntho tse kang tseo tse kileng tsa etsahala ka Bibeleng. “MooJesu wa Nazaretha a entseng nonyana ya letsopa, le ho ekenyetsa maotwana, ha thwe, ‘Whew! Fofa, nonyane,’” kemepoto. Ha ho letho ka Bibeleng ho e tshehetsa. Ka hona ha eswaswe^Bo_bo bafetoledi, Modimo o hlokometse horebafetoledi ba se ekeletse melawana eo le mepoto. Ho kaetsahala e ne e le batho ba lokileng, baena ba Makabise. Ba neba le jwalo. Ha ke re e ne e le batho ba sa lokang. Empa, e ne esa dumellane le Lengolo.

358 Ena ke tshenolo e phethahetseng ya Jesu Kreste. “Ha holetho le ka ekeletswang ho Yona kapa le ka fokotswang hoYona.” Mme ha re kenya hono ka Mono, ha ho tsamaelane leLengolo le leng lohle. Ho na le Dibuka tse mashome atsheletseng a metso e tsheletseng tsa Bibele ena, mme ha hoLentswe le le leng le ka thulanang le le Leng.

359 Mme ka hona he, ha hona e le tswelliso, ya ho letswa haditerompeta tsena tsa ho qetela, kapa Diaduma tsena tsa hoqetela tse Supileng tse tla tla, diphiri, Ditiiso tsa ho qetela, setla tlameha ho hlodisana kapa ho bapa le Lengolo lohle. Mmehaeba tseo tsa Pele ka hare ka mono di manolotswe ka hophatloha ha seaduma, tsa Bobedi, le tsona, tse ka morao di tlaetsa jwalo. Hlokomelang se etsahalang. Haeba pono e ne e leLengolo, e tla lokela ho kwahollwa ka Lengolo, kapa tswellisoya Lengolo lona leo.

360 Hlokomelang, Tshenolo, 3 le 4, “Diaduma tse Supileng.”Diaduma tse Supileng, mme hape le ntano hlokomela, 3 le 4, entano ba (eng?) kano e tswang ho Lengeloi leo le matla, ho re,“Nako e ne e fedile.” Nakong eo Diaduma tsena, le a bona, diutlwahatsang mantswe a tsona, yaba Lengeloi^

361 Nahanang ka yona feela! “Lengeloi, le apereng leru, leselekane sa mookodi hloohong ya Lona.” Kgele, le a tseba Eoke mang. “La bea leoto le leng hodima lefatshe, le hodimalewatle, mme la phahamisa letsoho la Lona la hlapanya, ho re,‘Ha Diaduma tse Supileng tseo di utlwahatsa mantswe atsona,’ ho re, ‘nako ha e sa tla ba teng.’”

Page 51: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 51

362 Hape haekaba thuto ya diphiri tsa Modimo e phethilwe, hoka thweng ha hoo e le diphiri tseo tse supileng tse tlang?Homme kerekeng e tlase, e nyenyane jwaloka ya rona, ha e lemoo Ya Matlaohle a etile le ho hlompha seemo se senyenyanesa batho ba Hae! O ka re, “Kgele, hono, ha ke hopole jwalo.”Mohlomong ha ho jwalo. Empa ha ho le jwalo ho ka thweng?Etlaba nako e fedile. Na le kile la e nahana? Hlokofalang.Ekaba morao ho feta kamoo re lekanyang.363 Dinaledi tsena tse horomelang senkgomeng morao kwana!Lengeloi leo le tlang, mme le re, “Jwaloka ha Johanne arometswe ho tlamahanya Testamente ya Kgale le ho tumisa hotsebahatswa ha Kreste, Molaetsa o tla tlamahanya dintlha tselokotsehang mme o tla tumisa Messia pejana feela ho ho Tla haHae,” Molaetsa wa matsatsi a qetelo.364 Hlokomelang, Lengeloi le matla le hlapantse, ka kano, hore, “Nako ha e sa tla ba teng.”365 Jwale, ha ke batle ho le tshwarella nako e telele. Nahanangka hona feela, motsotso jwale.366 Jwale mamelang. Lengeloi lena le theoha Lehodimong. Lea bona? A mang, mangeloi a mang a supileng a diphutheho tsesupileng, e ne e le baromuwa ba lefatshe. Empa, Lengeloilena^Molaetsa ohle o phethilwe; lengeloi la bosupa lelohanya ntho eo yohle. Mme Lengeloi lena le a tla, e senglefatsheng; Eo ha se monna ya tswang lefatsheng, jwalokabaromuwa bao ba mengwaha ya diphutheho; hoo ho fedile.Empa, Lengeloi lena le tumisa tsebiso e latelang. Mme lengeloike ho bolela “moromuwa.” Mme Le theoha Lehodimong, leapere Topallo eo ya Lesedi, Leru, ka mookodi hodima hloohoya Lona. Mme mookodi ke selekane. E ne e le Kreste, “Ka leotole leng hodima lefatshe, le le leng hodima lewatle, mme lahlapanya, ka ho re, ‘Nako ha e sa tla teng.’”

Re hokae moo re leng teng, benghadi? Tsena tsohle dibolela’ng? Ke botsa lona.367 Mangeloi a mang e ne e le baromuwa, batho ba lefatshe.Empa Lengeloi lena^Ana, ho itswe, “Ho lengeloi la phuthehoya Laodisea,” “Ho lengeloi la phutheho ya Efese,” baromuwaba lefatshe; le a bona, banna, baromuwa, baporofeta, le jwalo-jwalo, kerekeng.368 Empa, Enwa ha a tswe lefatsheng. O theoha Lehodimong,hobane sephiri sohle se phethilwe. Mme hoba sephiri sephethwe, Lengeloi la re, “Nako ha e sa tla ba teng,” mmeDiaduma tse Supileng tsa lahlela mantswe a tsona.369 Ho ka thweng haekaba e le ntho e itseng ho re tsebisamokgwa wa ho kena Tumelong e Hlwibilang? Na ke yona? Nare tla matha, mme re tlole marako? Na ho na le ntho emakgatheng a ho etsahala, mme moo mebele ena ya kgale, e

Page 52: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

52 LENTSWE LE BUILWENG

senyehileng, e soto e seng e tla fetolwa? Na nka phela ho ebona, O Morena? Na e atametse hoo nka e bonang? Na ona kewona moloko oo? Benghadi, banabeso, ke nako efe? Re ho kae?370 A re shebeng tshupanako, alamanaka, ho bona tsatsi leo rephelang ho lona. Iseraele e Palestina, lehaeng la bona. Pontsho,naledi ya Davida e kgutlo-tshelela, (dilemong tse dikete tsepedi tse fetileng, eya, dilemo tse ka bang makgolo a mashome amabedi a metso e mehlano tse fetileng), folaga ya kgale ka hofetisisa, e a fokaela. Iseraele e kgutletse lehaeng la bona. “Hasefate sa feiga se hlahisa menoko ya sona, moloko ona o ke kewa shwa, o ke ke wa feta, ho timela, ho eso phethehe tsohle.”

Ditjhaba di a thothomela, Iseraele e aphaphama,

Dipontsho tseo baporofeta ba di boletseng;Matsatsi a Baditjhaba a badilwe, ka tsietsi tse

phophothang;“Kgutlelang, Oho ba hasaneng, ha’bo lona”Tsatsi la topollo le haufi,Pelo tsa batho di hloleha ke tshabo;Tlalang Moya, lokisang mabone a lona a hlake,Lelalang, topollo ya lona e haufi!Baporofeta ba bohata ba thetsa, Nnete ya

Modimo ba e latola,Jesu e leng Kreste ke Modimo’a rona.

Le a tseba ke nnete!^?^Empa re tla tsamaya moo baapostola ba

hatileng.Hoba Tsatsi la topollo le haufi,Pelo tsa batho di hloleha ke tshabo;Tlalang Moya, lokisang mabone a lona a hlake,Lelalang topollo ya lona e haufi!

371 Ho ka ba haufi ho feta ka moo mang kapa mang wa lona anahanang kateng. E ntshositse. Oho, ha ke a sebetsa ka holekana. Re hokae?372 “Nako ha e sa tla ba teng.” O tumisa hore nako e fedile. Hoetsahala eng? Ho etsahala eng? Na ho ka ba jwalo jwale, baena?Nahanang ka ho tiya. Haeba e le yona, etlaba piramite ekwahetswe ke Diaduma tse Supileng.373 Le sa hopola Molaetsa wa piramite? Ke lejwe laSekwahelo. Le ile la etsa’ng? Moya o Halalelang o ile wakwahela motho le ho mo tiiseletsa, ha re ne re ekeletsatumelong ya rona; ho loka, le borapedi, le tumelo, le jwalo-jwalo. Ra nna ra ekeletsa ho fihlela re fumana dintho tsena tsesupileng. Mme ya bosupa e le lerato, e leng Modimo. Ke ka mooA sebetsang motho, le ho mo kwahela le ho mo tiiseletsa kaMoya o Halalelang.

Page 53: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 53

374 Jwale, haeba ho le jwalo, O na le mengwaha e supileng yadikereke, moo A bileng le diphiri tse supileng tseutlwahaditsweng, homme tseo ba di lwanetseng, ho di kgutlisa.Mme jwale Lejwe la Hloro le a tla, ho kwahela Kereke tu. NaDiaduma di bolela hoo, banabeso? Benghadi, na ke hona moore leng teng?375 Junie, ke batla ho nka toro ya hao. Shebang. Junior, le pelepiramite e rerwa, dikgwedi pele ho yona, a bona toro ena.

O ka re, “Toro e bolela’ng?”376 Nebukadnesare o na lore toro eo Daniele a e kwaholotseng,ho bolela tshimoloho ya mongwaha wa Baditjhaba le mohla osuthang. Mme ha eba ka tsela eo ka ona hantle feela. Ha holethonyana le hlolehileng.377 Le a hlokomela? Mongolo o leng^o le hodima mafika, kene ke ba hlalosetsa Wona. Ba ne ba hloletswe. Hoo ke “sephirisa Modimo” se sa kang sa utlwisiseha, ka dilemo. Na hoo e kaba hono?378 Mme hape hlokomelang. Ka mokgwa o itseng o mohlolo, rananabela, moyeng, sebetsa se bohale se ileng sa bulabokahodimo. Mme ka hare ka mono e le kranate e tshweu,empa ha E a ka ya hlaloswa. Ho ne ho se diletere. Ha ke a kaka hlalosa Hono, Junior. Ka mpa ka Ho sheba feela, le hobolella baena, “Shebang Hona.” Mme hoo ho phethahetse,bosiung bona.379 Mme yare ba sa hlahloba Hono, ka thobela nnqabophirima, (bakeng sa eng?) mohlomong ho utlwisisa tlhalosoya se ngotsweng hodima ntho ena. Na ekaba ke yona?380 Mme diphatloho Tseo, hoseng hong, tse ntsukutlileng hofihlela ke phahamela sebakeng, bophahamong bo lekanang leba mohaho ona, senkgomeng seo sa Mangeloi, Mangeloi aSupileng sebopehong sa piramite. Na tseo ke Diaduma tseo tseSupileng tse tlang? Na ekaba yona?381 Hona ho hlalositswe. Ho latela toro ya hae, e ne ephethahetse ka hohle. Ho latela Lentswe la Modimo, lengeloi labosupa le tla phethela, Molaetsa wa bosupa o tla be ophethilwe, mme e ntano ba Diaduma tse Supileng. Mme yaba obona lejwe la sekwahelo le thetheha.382 Moo e leng hore, batho ba bangata ha ba tsebe ho ena leDitiiso tse Supileng tse tla senolwa. Ke badile dibuka tsabanna ba bangata hodima Tshenolo, le ka mohla ha ke eso kake utlwa ho buuwa ka tsona. Ba tlola Hono. Empa leboleletswe hore Hono ho teng mono.383 Ha ke tsebe hore ke eng. Na ekaba hono? Modimo o rehauhele! Haeba ho le jwalo, re horeng e mahlonoko. Jwale,motsotso feela, bonang; ha ho le jwalo, mme sephiri sephethilwe, se neng se ngotswe mafikeng ana!

Page 54: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

54 LENTSWE LE BUILWENG

384 Ke thabetse ha ke dutse ka kerekeng e nang le batho baoModimo a ka ba fang ditoro. Ke thabetse ho tsebisa ho bannabana le basadi ba tsamayang kereke ya Junior, le kerekengena, ho Moena Neville, le bao, hore ho na le batho ba dutsengka phuthehong ena, mme Bibele e boletse, “Ba tla lora ditoromatsatsing a qetelo.” Mme ke ena moo e leng teng. Mme, eshebeng, e tsamaelana le Lentswe.385 Ntle le ho tseba letho ka yona, ha hlaha ho qhoma, mmeMangeloi a supileng ke ana a etswa Bosafeleng. Ka re,“Morena, O rata ha ke etsa’ng?” Ha ho a ka ha bolelwa.Mohlomong ke tla lokela ho ya, pele, ho fumana. Ha ke tsebe.Mohlomong ha se le ntho eo. Ha ke tsebe. Ke mpa ke re feela,“Ho ka thweng haeba e le yona?” Haeba E dumellana leLengolo, hoo ho utlwahala ho le haufi le yona. Na ha le hopolejwalo? [Phutheho e re, “Amen.”_Mong.]386 Shebang. Hape, shebang, lejwe la hloro ha le a hlaloswa.Le a bona? “E ya bophirima, mme o ntano kgutla.” Kapa, na kentho ena na, ke Mangeloi ana a supileng ka senkgome sena atlileng ho nna?387 Mme ha ke kopana le lona Tsatsing la tsoho, le tla bonahore ha ke bue leshano; Modimo, Moahlodi wa ka.388 Kapa, na sena ke sehlohlolo seo sa bobedi seo ke buileng kasona tsatsi le leng? Na ke mabapi le ntho e itseng e tlelangKereke? Ha ke tsebe. Ne nka dula nakwana tabeng eo, empa ketla tswela pele.389 Na ekaba hono, seaduma se matla, kapa Lengeloi la bosupaho a supileng, senkgomeng, senkgomeng sa lekgathe-supa,piramite ya wona e hahilwe sebopehong (a mararo lehlakorengka leng, le le leng ka hodimo), mme a rothela fatshe ho tswaBosafeleng? Na ekaba yona?390 Na hona ke sephiri, sa Diaduma, tse tla kgutlisetsa Lejwela Hloro? Le a tseba, le a tseba hore le ka mohla piramite e ne esa kwahela. Lejwe la Hloro le sa ntse le tla tla. Haesale lenyediswa. Na ekaba hono, baena, dikgaitsedi?391 Kapa, na ke Kgulo eo ya Boraro eo A mpoleletseng kayona, dilemong tse tharo kapa tse nne tse fetileng?392 Kgulo ya Pele, le hopola se etsahetseng? Ke ile ka leka ho Ehlalosa. A re, “O se etse hono.”393 Kgulo ya Bobedi, A re, “O se leke.” Mme ka hoballa lehaho le jwalo. Le a e hopola? Lona bohle le a hopola. E theipingle dinthong tsohle.394 Mme yaba O re, “Jwale ho na le Kgulo ya Boraro e tlang,empa o se leke ho E hlalosa.” Le bona ka moo ke atametsengtabeng Ena ka teng, bosiung bona? Ha ke tsebe. Empa, keikutlwa ke tlameha, kerekeng yaka, ho bua ntho e itseng. Lonale etse qeto ya lona ka sebele.

Page 55: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 55

395 Jwale, na etlaba sephiri se tla manollwa, se tla tlisa Kreste,ho tlisa matla Kerekeng? Le a bona, re se re^396 Re dumela pakong, ho kolobetswa ka Lebitso Jesu Kreste.Re dumela ho amoheleng Moya o Halalelang. Re na ledipontsho, mehlolo, meeka, ho bua ka dipuo, le dintho tseokereke ya pele e neng e ena le tsona. Mme, hantle-ntle, ho bilele tse ngata tse entsweng, hantle mona, ho fetisa tse ngotswengBukeng ya Diketso, sehlotshwaneng sena se le seng sa batho,molaetseng ona o monyenyane wa rona mona. Ho ka thweng kalefatshe bophara? Le a bona? Ho feta kamoo ho ngotswengBukeng ya Diketso, mofuta o tshwanang! Ho tsoswa ha bafu!Hopolang, ho bile le ba ka bang bararo feela ba batho batsositsweng, ba bafu, ke Jesu Kreste. Mme ditlalehong re na le,rekotong ya dingaka, ba bahlano. Le a bona?397 “Mesebetsi eo Ke e etsang, le tla etsa le e mengata ho ena.”Ke a tseba King James e re, “e meholo,” empa le ke ke la etsantho efe kapa efe e kgolwanyane. E mengata ya yona! O ne a leMothong a le mong lekgatheng leo; O ka hara Kereke yohlejwale. Le a bona? “Le e fetisang ena le tla e etsa, hoba Ke ya hoNtate wa Ka.”398 Haeba e le Kgulo ya Boraro, etlaba ho na le thuto e kgolo edutseng ka pele. Ha ke tsebe. Ha ke kgone ho bolela. Ke_ke hake tsebe.399 Hlokomelang. Kgulo ya Boraro, a re emeng mono,motsotso. Ponong, ho fofeng ha pele e ne e le baromuwa babanyenyane dinonyana; hoo e ne e le ha re ne re qala pele. Yahola, ho tloha feela ho tshwareng motho ka letsoho.400 Mme na le hopola seo A mpoleletseng sona? “Ha o katshepahala, ho tla etsahala hore o tsebe merero ya dipelo tsabona.” Ke ba ba kae ba hopolang ha ntho eo e ne e tsebiswa hotswa mona, ho phatlalla le matjhaba. [Phutheho e re,“Amen.”_Mong.] Mme na e etsahetse? [“Amen.”] Hantle. Hantano thwe, “O se tshohe. Ke tla ba le wena.” Le a bona? Mmee tla tswela pele.401 Jwale, Kgulo ya Pele e ne e le dinonyana, tse nyenyane;masihla ao a fofafang. Tsa tswella ho teana le nako, ho teana leho Tla ha Morena; Molaetsa wa pele.402 Kgetlong la bobedi, merero ya pelo. Ho tloha ho tshwarengmotho ka letsoho, le ho ema mono feela le ho bolela seo baneng ba ena le sona; kgetlong le latelang, ya senola dibe tsabona le ho ba bolella seo ba loketseng ho se etsa. Mme bo-^Na ho nepahetse? [Phutheho e re, “Amen._Mong.] Yaba,hoo ho a etsahala, ka ho phethahala, jwalo feela kaha Modimoo boletse. Mme le dipaki, mme ho jwalo le ka lefatshe, ho jwalole ka kereke.403 Ha ke ne ke re, “Ke bone Lengeloi, mme E ne e le Mollo omosehla [“emerald”_Moft.], o tukang”; batho ba tsheha mme

Page 56: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

56 LENTSWE LE BUILWENG

ba re, “Billy, o imamele.” Leihlo la mahlale le makatsang lakhamera le Le nkile setshwantsho. Ke ne ke sa bue leshano. Kene ke bolela Nnete. Modimo wa netefatsa.404 Ka re, “Lefifi le a sira; ke lefu, botsho. Mme Hona ho hosweu. Ho hong ke Bophelo; ho hong ke lefu.” Mme ke eo moo Eleng teng, setshwantshong morao mane. Mono hodima^405 Jwaloka ha George J. Lacy_Lacy a boletse, “Leihlo lamotjhini la khamera ena le ke ke la nka malepa saekholoji. Nale ntse le ntatela. [Phutheho e re, “Amen.”_Mong.]406 Hlokomelang, lesihla la pele le le nyenyane; letsoho. Labobedi le le holwanyane, bosweu bo feta-fetang, maeba; Moyao Halalelang o senola merero ya pelo. Mme lesihla la boraro ele Mangeloi (e seng dinonyana), Mangeloi; mme hoo ke nako yaqetelo, ke phetho ka yona. Na ena etlabe e le nako, moena. Naena ke nako?407 Jwale mamelang ka hlokomelo haholo, mme le se tolokehona ka phoso. Ke batla ho le botsa ho hong.408 A re kgutleleng morao motsotso feela. Kereke e a tsebahore ke nnete. Lefatshe la mahlale le a tseba ke nnete. Mmebatho ba dutse ka hare ka mona, bosiung bona, mme babangata ba sa ntse ba phela, ba neng ba eme mona nokengmohla Lentswe leo le buang seo, le ho re, “Jwaloka Johanne arometswe ka molaetsa wa ho tla ha pele, ka mokgwa otshwanang ona ke Molaetsa wa bobedi, wa ho Tla kgetlo labobedi.” Le a hopola? [Phutheho e re, “Amen.”_Mong.]409 Mme, haeba O phethilwe, Johanne o entseng? Johanne keyena ya itseng, “Bonang, ke eo Konyana ya Modimo e tlosangsebe sa lefatshe. Ke Yena!” Na hora, na e se e fihle, banabeso?Ha ke re e se e entse jwalo. Ha ke tsebe. Empa, ke botsa lona.Ke batla le nahane. Kapa, na ena etlaba nako eo mohla hapeetlabang, “Bonang Konyana ya Modimo”?410 Kapa, nako ya Malakia 4, “Ho busetsa dipelo tsa banamorao Tumelong ya Bontate ba rona”? Na e tlaba ho phatlohaho hokaalo ho tla_ho tla etsa dintho tse matla hakana, hofihlela ho theilwe Kereke, e nnileng ya thetheha mme e sakgone ho utlwisisa, le ntho tse jwalo? Ha ba bona ho phatlohahoo ho hoholo ho haola, na ho tla busetsa dipelo tsa bona hoNtate, jwaloka ha Bibele e boletse hore e tla ho etsa? Kapa, nawona e ne e le Molaetsa, o seng o fetile, o neng o loketse ho etsahono? Ha ke tsebe.411 Ena ke pontsho ya nako ya bofelo, benghadi. Kapa, na enake pontsho ya hore ho fedile? E shebahala e dumellana leLengolo, ho nna. Ha ke tsebe. Mangeloi ke ao moo a neng a leteng. Ho hlahile ho phatloha, ho kang seaduma, ho sisintsenglefatshe lohle. Modimo o a tseba ke bolela Nnete.412 Hopolang feela, ntho e nngwe e mothating wa ho etsahala.Ha ke tsebe ke eng. Empa, na ekaba ntho ena na? Lebaka leo

Page 57: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 57

ke bolelang hona, itokiseng! A re rapeleng, (ho rapela jwang?)ho nka dibaka tsa rona lebothong la badumedi ba Hae, mme reitokiseng, hoba ekaba morao ho feta ka moo re nahanangkateng.413 Le a ntseba, mme ha ke eso ho le bolelle leshano, le jwale,ho ya kamoo ke tsebang. Mme jwaloka Samuele a ba boleletse,“Na nkile ka le bolella taba ka Lebitso la Morena, e saetsahalang?” Jwale, ke a le bolella jwale. Ha ke tsebe hore nahona ke eng. Ha ke kgone ho bolela seo e leng sona. Ha ketsebe. Empa, ke tla le bolella Nnete. Ke tshohile. Jwalokamoena lona, esale ke tshohile ho tloha Moqebelong wa ho feta.414 Ekaba nako ya qetelo. Ekaba nako eo meokodi e ferallangsebakeng, le mohweletso o tswang mahodimong, o re, “Nakoha e sa le teng.” Haekaba e le yona, a re itokisetseng,motswalle, ho kopana le Modimo wa rona. Ho bile le Dijo tsengata tse bokeletswang jwale. A re Di sebediseng. A re Disebediseng jwale. Mme mmoho le nna, ho tswa kalaneng ena,ke bitsa ho Modimo, “Morena Jesu, nkgauhele!” Ke lekile hophela ka mokgwa o kgabane oo ke neng nka o kgona. Ke lekileho tlisa Melaetsa ka bokgabane, ho tswa Lentsweng laModimo. Modimo o tseba pelo ya ka.415 Empa, ha senkgome sena sa Mangeloi se ne se haolamobung oo, ke ne ke shwele bohatsu. Ke sa kgone le ho utlwa,nako e telele. Esitile ke utlwile eka, nako e telele ka morao homoo, ha ke leka ho tsamaya ka phaposing, ekasita le ho tlohalesapong la mokotlo wa ka, ho nyolosa-le-ho-theosa molala waka, o ne o shwele bohatsu ka ho phethahala, yaka, mme ho se lemaikutlo. Ke sa kgone le ho utlwa, matsohong a ka. Ke lemaidi-iding, letsatsi lohle. Ka_ka kena feela ka phaposing leho dula fatshe.416 Sontaha, ka theohela mona ho bua, mme ka_ka leka hoitlosa ho yona, ka ho bua. Mantaha, keha e le teng hape. Mme eteng le jwale.417 Mme ha ke tsebe. Ha ke tsebe, benghadi. Ke mpa ketshepahala ho lona, jwaloka baena ba ka. Ha ke tsebe. Na ke_na ke nako? Na thu-^sephiri se phethilwe sohle? Na ho letswaho se ho qetilwe ka hohle? Na hoo ruri ke Diaduma tseo tseSupileng, tse itokisetsang ho bua ho hong, moo sehlotshwana sebokaneng hammoho se tlang ho amohela Tumelo e Hlwibilang,ho kena Tlhwibilong ha A etla? “Hoba re tla fetolwa,” kapotlako e kaa ka eo Mangeloi ao tlang ka yona, “ka motsotso, kaho panya ha leihlo; mme re tla nkelwa hodimo hammoho le baoba robetseng, ho kopana le Morena sebakeng.”

Thapelo ya ka ke ena:418 Modimo, haekaba ho le jwalo, ha ke tsebe, Morena. Ke neke mpa ke bolella kereke feela. Ha ho le jwalo, Morena, lokisadipelo tsa rona. Re hlophe, Morena, bakeng sa hora eo e kgolo;

Page 58: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

58 LENTSWE LE BUILWENG

eo nalana yohle ya nako, baporofeta bohle be le bahale, bannileng ba shebella nako eo. Morena, ha ke tse be hore ke reng.Nka tshaba ho re, “O se ke wa tla, Morena.” Ke utlwa keitshwabela ha ke tadima mme ke bona lefatshe maemong; hake a etsa ho feta kamoo ke entseng ka hona. Ke a itshwabela.Haeba ho ena le moso, Morena, tlotsa pelo ya ka. Ntlotsehaholwanyane, Ntate, hore ke tle ke etse ntho e nngwe le enngwe nka e kgonang, ho tlisa ba bang ho Wena. Nna ke waHao.419 Ke ikutlwa jwaloka Esaia, ka tempeleng tsatsing leo, ha ane a bona Mangeloi a fofela morao-le-pele, ka mapheyodifahlehong tsa Wona, le hodima maoto a Wona, mme a fofa kamapheyo, “O a halalela, o a halalela, o a halalela!” Oh, kamoomohlankanyana eo wa moporofeta a ileng a sisisnyeha. O ne asa tswa hola-hola dilemong ho se hokae. Mme yare ha a bonahona, leha a ne a bone dipono, a hweletsa, “Ho madimabenna!”420 Ntate, mohlomong ke ikutlwile ka mokgwa o kang oo, hake ne ke bona Mangeloi ao bosiung bo bong, kapa hoseng hohong, ke batla ho rialo. Ho madimabe nna, hoba ke motho yamelomo e ditshila, mme ke ahile hara batho ba sa hlwekang.Mme, Ntate, ntlhwekise.421 Mme ke nna enwa. Roma nna, Morena, seo e ka bang sonafeela. Mme ke ema sefaleng sena moo ke qetileng dilemo tsemashome a mararo. Haeba ho ena le ho hong, Morena, Obatlang ke se etse, ke nna emwa. Ke itokisitse, Morena. Empa,a nke ke fumane mohau mahlong a Hao. Ke a rapela, kaboikokobetso.422 Ke rapella mohlatswana oo Moya o Halalelang o mpeingmolebedi wa wona, hoba fepa. Mme ke entse hohle kamoo ketsebang ho etsa, Morena, ho ba fepa ka Bohobe ba Bophelo.Jwaloka ponong eo, dilemo-lemong tse fetileng, moo lesirahadileo leneng le le ka Bophirimela, le thaba ya Bohobe baBophelo; buka e nyenyane, “Ha Ke A Ka Ka Hanela Pono YaLehodimo.” Mme ke ena e phethahala yohle, ho senolwa hantlesefahlehong sa rona.423 O Modimo, ha ho e mong ha e se Wena. Re amohele,Morena. Re tshwarele dibe tsa rona. Ke a baka ho se dumelenghohle ha ka, bakeng sa bokgopo bohle ba ka. Ke rapedisisaaletareng ya Modimo.424 Jwaloka ha ke etla bosiung, le kereke ena e nyenyane kapela ka, ka tumelo re tloha mohahong wona, re kenatlhwibilong, “re sa dutse mmoho dibakeng tse Mahodimong,”ho pota-pota Terone ya Modimo. Dipelo tsa rona difuthumaditswe hangata, dinthong tseo re di boneng O di etsa,le ho re phuthollela diphiri tsa Hao. Empa, Morena, bosiungbona, ke kgathetse ka hohle. Ho madimabe nna!

Page 59: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 59

425 Le_le Jakobo, ha a ne a bona Mangeloi ao a theohasehlwelellong le ho kgutlela morao, a re, “Ena ke nnqalo etshabehang, ha se letho empa ke ntlo ya Modimo.” Mme tengBethele ya thewa.426 Modimo, batho ha ba utlwisise hono. Ba nahana horeekaba thaba e kgolo hakakang. Empa, Morena, kamoo hokgathatsang, ke ntho e tshabehang hakakang ho motho hokena Boteng ba Sebopuwa se seholo, se matla sa Lehodimo.427 Ke rapella tshwarelo kerekeng ya ka e nyenyane mona, eoO nthometse ho_ho_ho_ho e tataisa le ho e supisa tsela.Bahlohonolofatse, Morena. Ke entse ho latela seo dipono leditoro le dintho di se boletseng, ka baka leo, bokgabaneng batsebo ya ka. Ke bokeletse Dijo tsohle kamoo ke tsebang kateng,bakeng sa bona, Morena. Seo e ka bang sona, Morena, re baHao. Re ipea matsohong a Hao, Morena. Re hauhele; retshwarele. Mme re be dipaki tsa Hao ha feela re sa lelefatsheng. Hape, ha bophelo bo fetile, re amohele Mmusongwa Hao. Hoba re kopa Lebitsong la Jesu. Amen.428 E mong le e mong wa lona, hlwekisa pelo ya hao yohle.Beella ka thoko ntho e nngwe le e nngwe, boima bo bong le bobong; bo suthise tseleng ya hao. O se dumelle letho ho o sitisa.O se tshohe. Ha ho letho le ka tshabjwang. Haeba Jesu a etla,ke yona^Ke motsotso oo lefatshe esale le o fehellwa le ho otsetselela. Ha e le ntho e itseng e hlahellang jwale, bakengsa_sa ho tla ha ntho e ntjha, ho tla ho ho tjha ha neo e ntjhakapa ho hong, etlaba ntho babatsehang. Haeba ho etla nako eotshenolo ya Diaduma tse Supileng e tla senolelwa Kereke, horeho tsamauwe jwang, ha ke tsebe. Ke mpa ke tlalehile feela seoke se boneng. Oho, kgidi, ke nako e kakang! Ke mohopolo omahlonoko le o hlabehisang.429 Ha e tla be e le nako ya ka ya ho tsamaya, ke wa^Morena, ke wa Hao. Ha O se o qetile, tloo, Morena Jesu.430 Hohle moo e ka bang teng, kapa nako eo e ka bang yona, kewa Hae. Ha ke re ke lakatsa ho tsamaya; ha ke etse jwalo. Kena le lelapa leo ke loketseng ho le baballa. Ke na le Evangedieo ke loketseng ho e rera. Empa, hoo ke ho latela thato ya Hae,e seng ya ka. Ke thato ya Hae eo. Ha ke tsebe.431 Ke mpa ke le tlalehela seo e leng sona. Seo e ka bang sona,Modimo o tla se phetha. Empa, ke le bolella seo ke se boneng lese etsahetseng. Se bolelwang ke sona, ha ke se tsebe. Empa,benghadi, na ena ekabe e le pheletso? Uh!432 Batho ba teng jwale, batho ba tsheletseng ba bileng leditoro tseo. Na ha se ntho e makatsang ha ho sa ba le tsesupileng? Na ha se ntho e makatsang ha tse tsheletseng dilatetse hantle, mme hang-hang ya ntano ba pono eo? Batho baoba teng mona. Moena Jackson, mona, e ne e le e mong; MoenaParnell e le e mong; Kgaitsedi Collins e le e mong; Kgaitsedi

Page 60: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

60 LENTSWE LE BUILWENG

Steffy e le e mong; Moena Roberson e ne e le e mong; le MoenaBeleer e ne e le e mong. Mme, Ntate ya Mahodimong o a tseba,ha ho a ka ha hlola ho eba le e nngwe e amanang le hono. Mmeqetellong ya ntho eo, ya bosupa^eo e neng e le KgaitsediSteffy, hang-hang pono ya hlahela. Le a bona? Le a bonahobaneng ke tsamaya? Le a bona hobaneng ke lokela hotsamaya? Ke tshwanetse ho e etsa.

433 Mme, metswalle, le se shebe ho nna. Ke moena lona. Le setsepamise maikutlo ho nna, hoba ke motho wa nama feela. Keloketse ho shwa jwaloka motho e mong le e mong feela. Le seutlwe nna; empa mamelang seo ke se boletseng. Seo ke seboletseng ke Molaetsa. Le se tsepamise maikutlo a letho homoromuwa; hlokomelang Molaetsa. Beang mahlo a lona, e sengho moromuwa, empa hodima Molaetsa. Seo O se boletseng, keyona ntho e loketseng ho shebjwa.

434 Mme, Modimo o re thuse, ke thapelo ya ka. Ha ke batle^Ke ne ke sa batle ho tla, ho le bolella sena, empa nke ke ka lepatela letho.

435 Jwale, ho latela kamoo ke tsebang, a nke ke le bolelle. Holatela kamoo ke tsebang, ke tlile ho tsamaya matsatsing ammalwa a latelang a mabedi kapa a mararo, Laboraro hoseng,ho ya^Tucson. Nke ke ka ya Tucson ho rera. Ha ke ye monoho rera. Ke ya Tucson, ho thea lelapa sekolong, mme ke ntanofetoha mophaphathehi.

436 Ke nyolohela Phoenix, ho tshwara letotonyana leo ladikopano, moo mohlomong e tla ba Melaetsa e menyenyanefeela ho potoloha. Mme_mme hape, mohlomong, ha ke^

437 Ke nahana hore ba batla ke rere sebokeng bosiu bo le bong.Ha ba bua letho ka hona, ba boletse feela hore ke tla ba tengmono. Le a bona, hoo ha ho utlwahale hantle haholo, ho nna.

438 Mme ke na le polelo, HO RIALO MORENA ho MoenaShakarian, le yena. Uh-huh. Ha ke tsebe o tla etsang ka hona,empa ke na le puo eo ke loketseng ho mmolella yona. Ha ketsebe seo a tla se etsa. Ho ho yena. Na le eleletswe Lentswe laho qetela? Ha e a lokela ho ba mokgatlo, empa ba tumisitsetumelo tsa bona. Haele mokgatlo, ke tla tswa he. Ke ka thokole tse jwalo.

439 Jwale, mohlomong, Moena Argabright le Moena Role,modiplomate wa Washington tlasa Dipresidente tse supileng,ba loketse ho ya Afrika. Mme Moena Role, le nna, le MoenaArgabright re tla ya Afrika hang-hang, bakeng sa dikopano tsemmalwa tlase Afrika Borwa le Tanganyika, mmoho le MoenaBoze. Le ho feta le tlase mono, mme mohlomong ho haola lehodimo Australia, le tseleng eo ho feta jwalo, ho kgutleng, haMorena a sa etse ntho e nngwe e fapaneng. Empa, pele ketsamaya, ke tla kgutlela mona.

Page 61: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 61

440 E ntano re he, ha ke kgutla mono, ha Modimo o eso bue lenna, ka mokgwa o itseng, ke tla nka lelapa mohlomong kenyolohele hodimo Anchorage, Alaska. Mona ke borwa-bophirima; mono etlabe e le leboya-bophirima. Mme ke re badule mono lehlabula lohle, nakong eo ho tjhesang hakanaTucson hoo le ka o tlabolang letlalo. Ha ke kgolwe ba ka omamella. Ba ne ba tla hlolohela lapeng hona le ho nyahama!Ha re rekise sebaka. Se dula hona mona hantle, ka thepa katlung. Ha ke tsebe seo nka se etsang.

441 E ntano re, nakong hoba lehlabula le fete, ha Morena arata, ke batla ho tloha Alaska, mme ke theohele mohlomongDenver, bophirima bo hare; borwa-bophirimela, leboya-bophirimela, bophirimela bo hare, ke ntse ke bitsa, “O Morena,O rata ha ke etsang?”

442 Nakong ya jwale, Molaetsa o mong le o mong, ho ya kamooke tsebang, o tla rerwa, e tla ba mona hantle, tabernakelengena. Mona ke hona moo ditheipi di tla ba teng. Mona ke honamoo ntlokgolo e leng teng.

443 Ha ke a ikemisetsa ho dula le lelapa la ka, ka Bophirimela.Ke tla fuputsa ho fihlela ke fumana seo Modimo a batlang ke seetse.

444 Selemo sena ha se sa ho lokise, ha ho le jwalo, isao, ka ntleho metsi kapa dijo, ke tla tswela ntle ho kena lehwatateng,mme ke tla lebella ho fihlela A mpitsa. Nke ke ka tswella kamokgwa wona. O loketse ho tlala tjheseho. O loketse ho fihlasebakeng seo o batlang ho tseba hore thato ya Modimo ke efe.Mme o ka etsa thato jwang ha o sa tsebe thato?

445 Ke a farasa, ka baka la motheo wa pono eo, “Seo o seentseng.” Le a bona? Ho potoloha jwalo boromuweng leboevangeding ho fihlela pitso eo e fihla. Le hopola ya pele,mohla re hlomang lejwe leo la sekgutlo? “Phethisisa tshebeletsoya boboledi ba evangedi,” A rialo. Ha ho a thwe, “Omoefangedi.” Empa, “Phethisisa tshebeletso ya e mong,”mohlomong ho fihlela nako e fihla bakeng sa hong ho sele,phethoho e nngwe ya mosebetsi. E ka ba ntho e itseng efapaneng; ha ke tsebe.

446 Le a Mo rata? [Phutheho e re, “Amen.”_Mong.] Fumanangbonnete ba taba eo ruri. Ebang le bonnete ba ruri ka yona, baoba ratang Morena.

Ba emelang Morena, ba tla bona matla amatjha,

Ba tla fofa ka mapheo jwaloka ntsu,Ba tla matha mme ba sa kgathale, ba tloha

mme ha ba we;Oho, nthute, Morena, nthute Morena, ho ema.

Page 62: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

62 LENTSWE LE BUILWENG

Ke a Mo rata. Ke a tseba le etsa jwalo, le lona. Jwale,hosasa bosiu^447 Ke kgolwa hore ke e hlakisitse haholo. Na ke ho entse?[Phutheho e re, “Amen.”_Mong.] Ka ho hlaka kamoo ketsebang ho e etsa kateng, ke phetho seo ke se tsebang. Kephetho ntho eo ke tsebang ho e bua. Mme haeba ke esenoletswe, bakeng sa ho hong, ke tla le bolella kapele. Ke atseba le thahasella ho tseba. Ke thahasella ho tseba le nna. Hake tsebe seo e neng e se bolela. Ha ke tsebe ke hokae_hokaemoo ke yang. Ke_ke ha ke tsebe se tla etsahala. Ke_kempa^Ntho feela eo ke e tsebang, ke ya feela, ka mohauwa Modimo. Mme he, O tla mpolella ha ke fihla mono,mohlomong. Empa, kabelo ya ka jwale ke hore, tsamaya. Mmemohlomong nke ke ka dula mono diveke tse pedi, ke be ke seke le sebakeng se seng, mme nka nna ka kgutlela mona hape.Ho jwalo. Ha ke tsebe. Empa ke a^448 Pono eo e ne e kentse mofumahadi wa ka le bana ba ka kahara ntho eo. Mme hantle ntho eo e neng e le yona, ke ne ke leka hara koloi e kgurumeditsweng, mme motsotsong oo ke nengke kena ka mono, ho ne ho ena le^Ke ne ke le kaharaseteishewekone [koloi e kwahetsweng_Moft.] sa ka. Mme kekamoo kere tsamayang, matsatsing a mmalwa, ntle le ho tsebamoo re yang, ntle le ho tseba seo re tla se etsa ha re fihla mono;ho tsamaya feela.449 Modimo o a hlolla, ho rona, hoba ditsela tsa Hae di hole leho fihlelwa. O batla kutlo.

“O ya kae?”“Ha e batle wena. Nn’o tsamaye.”“O batla ke etse’ng, Morena?”

450 “Hoo ha se letho ho wena. Wena, Ntatele.” Uh-huh.Uh-huh. “Nn’o tsamaye.”

“Ke tla emisa kae?”“Ekaba eng ho wena? Nn’o tsamaye feela.”Ka baka leo, ke nna enwa ke tloha, ka Lebitso la Jesu

Kreste. Uh-huh. Amen.Ke a Morata, ke a Mo rataHoba A nthatile peleO lefeletse pholoho ya kaFateng sa Golgotha

Ke^ (Yena ke bophelo baka), Ke^(le sohle ke se pheletseng!)

Hoba A nthatile peleO lefeletse pholoho ya kaFateng sa Golgotha.

Page 63: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 63

451 Benghadi, na ee ke nako? [Moena Branham le phutheho babinela lehlaso lohle ka marameng, mmoho, Ke A MoRata_Mong.] Mme re sa e bina hape, tshwaranang ka matsohole motho ya pela hao. E reng, “Moena, kgaitsedi, nthapelle. Ketla o rapella.” “Ke^”

452 [Moena Branham o a reteleha_Mong.] Nthapelle, MoenaNeville. [Moena Neville o re, “Ke tla etsa jwalo, moena. Onthapelle, moena. Ke a leboha.”] Ka botshepehi ruri! Modimoa o hlohonolofatse, Moena^?^Nthapelle,^?^Nthapelle,^?^Nthapelle.

[Moena Branham o binela ka marameng_Mong] O lefe-^

453 Nthapelle,^?^Nthapelle,^?^Nthapelle^?^Nthapelle. Nthapelle^?^Nthapelle.

^sa Golgotha.Hoba ke^

A re phahamisetseng matsoho a rona ho Yena jwale.

^Mo rata^(Lerato la nnete!)Hoba A nthatile peleO lefeletse pholoho ya kaFateng sa Gologotha.

E, ke a Mo rata,^(Ka pelo ya ka yohle!)

454 O ka latela, Moena Neville. Ke a kgutla. Tsebisa nako yatshebeletso. [Moena Neville o tswelapele ho bina le phutheho,Ke A Mo Rata, mme a ntano kwala tshebeletso_Mong.] `

Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, Monghadi?, Vol. 4 No. 5(Is This The Sign Of The End, Sir?, Vol. 2 No. 11)

Molaetsa wona o tlileng ka Moena William Marrion Branham, o rerilwengtshimolohong ka Senyesemane ka Sontaha mantsiboya, Tshitwe 30, 1962,mane Tabernakeleng ya Branham, Jeffersonville, Indiana, U.S.A., ontshitswe mabanteng a kgatiso a makenete mme o ngotswe o sakgutsufatswa ka Senyesemane. Phetolelo ena ya Sesotho sa Borwa ephatlaladitswe ka 1996 ke ba ha:

VOICE OF GOD RECORDINGSP.O. Box 950, Jeffersonville, Indiana 47131 U.S.A.

Page 64: SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, …download.branham.org/pdf/SST/SST62-1230E Is This The Sign...tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson

Temoso Ea Tokelo Ea Qopitso

Litokelo tsohle li babaletsoe. Buka ena e ka porintoa ka porintara ea lelapa molemong oa motho eo kapa ea abjoa, ntle ho tefiso, e le thepa e jalang Evangeli ea Jesu Kreste. Buka ena e ke ke ea rekisoa, ea boela ea hlahisoa ka bongata, ea manehoa leboteng la website, ea bolokoa ka tsela eo e ka boelang ea ntšoa, ea fetoleloa ka lipuo lisele, kapa ea sebelisoa ho qela matlole ntle le tumello e ngotsoeng ea Voice Of God Recordings®.

Ho fuoa boitsebiso bo bong kapa bakeng sa thepa e nngoe e ka fumanoang, ka kopo ikopanye le:

VOICE OF GOD RECORDINGSP.O. BOX 950, JEFFERSONVILLE, INDIANA 47131 U.S.A.

www.branham.org