12
“’Moho Re Le Ngatana-’Ngoe” Ntsoe-Leng 5th Edition Esale puo e sebelisoa ka tsela e sa hlokomeleheng ho rotetsa sekhobo le khethollo khahlanong le batho ba nang le bokooa. ‘Nete ke hore puo e nepahetseng e nepahetse ho ea ka sehlopha se itseng sa batho ho latela meetlo ea bona, litumelo tsa bona le kutloisiso ea bona. Ho rona Basotho, moetlo o bapetse karolo e kholo ho betla tsela eo re buang ka eona. Moetlo o reha le ho maneha batho ba nkuoang ba sa tšoane le ba bang mabitso a ba hlalosang, e leng sesupo sa hore na re hlompha le ho amohela batho ba nang le bokooa ho le hokae. Phetoho e kholo e tlisoang ke Seboka sa Machaba sa Litokelo tsa Batho ba nang le Bokooa (CRPD) ea ho tloha mokhoeng oa bongaka ho ea ho oa sechaba e supa hape tlhoko ea ho fetola le tsela eo re buang ka eona ho bona le ka bona. Esale puo e le karolo ea bohlokoa ea bobuelli selikalikoeng sa bokooa, ‗me e se e phahamiselitsoe boemong ba ho ba taba ea litokelo tsa botho ho fapana le ho ba tabanyana feela ea lipolotiki kaha batho ba nang le bokooa ba na le tokelo ea ho khetha hore na ba buisoe joang, ba hlalosoe joang. Ke sa tsoa kena khabong ho tsa bokooa mona Lesotho, ‗me ke se ke chabetsoe ke hore na puo e bohlokoa hakae ha re bua ka batho ba nang le bokooa le ka litaba tsa bona. Ke ne ke bua lebitsong la sehlopha sa bobuelli thupelong e neng e tšoeroe ke LNFOD ka la 17-18 Motšeanong 2014. Leha ke ne ke balile tataiso ea phelisano le batho ba nang le bokooa, ―A re Amohelaneng‖, ke ile ka tšoasoa lerabeng leo batho ba bangata ba se nang bokooa ba eeng ba tšoasoe ho lona—ka sebelisa puo eo kelellong ea ka e neng e le eona e nepahetseng ha ke bua ka batho ba nang le bokooa. Ka ‗na ka re, ―Batho ba phelang le bokooa.‖ Ke a kholoa ke ile ka cho joalo habeli, khetlong la boraro, bohle ba ntšolohela ka puo e nepahetseng, ba re, ―Batho ba nang le bokooa.‖ Leha ke ne ke khotsoe hore polelo ea ka e ne e nepahetse, ke ile ka phakisa ka elelloa hore e ne e fana ka moelelo oa ho re motho o phela le bokooa, kahona, ha a na matla, ha a tsebe ho iketsetsa ebile ha a na bokhoni. Ho fihlile tlhokomelong ea ka joale hore ho bohlokoa ho ikamahanya le tsela eo motho a khethang ho buisoa ka eona ho natsehe ho kholoa ha ka ka lebaka la moetlo, kutloisiso kapa tumelo, hore na ho nepahetseng kapa ho fosahetseng ke hofe. TSE KAHARE: Lihlooho: Beke ea EU Beke ea Lefatše ea Tšebetso Phutheho e Kopanetsoeng ea Bobuelli Lethathamo: Liphutheho Maqephe 2-6 Mekete Maqephe 6-8 Lingoli tse ling Maqephe 8-12 U a amoheloa tlhophisong ena ea botšelela ea Ntsoe-Leng, e leng leselinyana le hlahisoang habeli ka selemo ke ‘Mamekhatlo oa Mekhatlo ea Batho ba nang le Bokooa mona Lesotho (LNFOD). Leselinyana lena le khoaetse litaba tse tsoang ho ba nang le kob’a boahali litabeng tsa bokooa mona Lesotho, le maikutlo a bona ka nako ea likhoeli tse 6 tse fetileng. Haeba u batla ho ithuta haholo ka LNFOD, ka bomphato ba rona, kappa ka bokooa Lesotho, etela www.lnfod.org.ls kapa u ingolisetse leselinyana la Disability Lesotho ka ho romela e-mail ho [email protected]. Ikutloe u lokolohile ho romela maikutlo a hao le litlatsetso tafoleng ea Likhokahano ea LNFOD ho [email protected]. Kapa u ka re letsetsa ho +266 22320345 kapa oa re etela liofising tsa rona tse Mabile Rd, Old Europa, Maseru. Likhomo, Rabasotho Moeletsi U A AMOHELOA HO NTSOE-LENG Mekhoa le Boitšoaro Selikalikoeng sa Bokooa: tšebeliso ea puo e nepahetseng Mamello Phekani-Makau (Moeletsi ho tsa Bokooa le Litokelo tsa Botho, LNFOD) “… khetlong la boraro, bohle ba ntšolohela ka puo e nepahetseng, ba re, “Batho ba nang le bokooa.”Leselinyana Tlhophiso ea bo 6 Phupu 2014 ‘MAMEKHATLO OA MEKHATLO EA BATHO BA NANG LE BOKOOA LESOTHO (LNFOD) Letsatsi le monate la tsoalo la bo 51 ho Motlotlehi

Mekhoa le Boitšoaro Selikalikoeng sa Bokooa: tšebeliso ea ... · Ho rona Basotho, moetlo o bapetse karolo e kholo ho betla tsela eo re buang ka eona. Moetlo o reha le ho maneha

  • Upload
    others

  • View
    6

  • Download
    0

Embed Size (px)

Citation preview

Page 1: Mekhoa le Boitšoaro Selikalikoeng sa Bokooa: tšebeliso ea ... · Ho rona Basotho, moetlo o bapetse karolo e kholo ho betla tsela eo re buang ka eona. Moetlo o reha le ho maneha

“’Moho Re Le Ngatana-’Ngoe”

Ntsoe-Leng 5th Edition

Esale puo e sebelisoa ka tsela e sa hlokomeleheng ho rotetsa sekhobo le khethollo khahlanong le batho ba nang le bokooa. ‘Nete ke hore puo e nepahetseng e nepahetse ho ea ka sehlopha se itseng sa batho ho latela meetlo ea bona, litumelo tsa bona le kutloisiso ea bona.

Ho rona Basotho, moetlo o

bapetse karolo e kholo ho

betla tsela eo re buang ka

eona. Moetlo o reha le ho

maneha batho ba nkuoang ba

sa tšoane le ba bang mabitso

a ba hlalosang, e leng sesupo

sa hore na re hlompha le ho

amohela batho ba nang le

bokooa ho le hokae.

Phetoho e kholo e tlisoang ke

Seboka sa Machaba sa

Litokelo tsa Batho ba nang le

Bokooa (CRPD) ea ho tloha

mokhoeng oa bongaka ho ea

ho oa sechaba e supa hape

tlhoko ea ho fetola le tsela eo

re buang ka eona ho bona le

ka bona. Esale puo e le karolo

ea bohlokoa ea bobuelli

selikalikoeng sa bokooa, ‗me

e se e phahamiselitsoe

boemong ba ho ba taba ea

litokelo tsa botho ho fapana

le ho ba tabanyana feela ea

lipolotiki kaha batho ba nang

le bokooa ba na le tokelo ea

ho khetha hore na ba buisoe

joang, ba hlalosoe joang.

Ke sa tsoa kena khabong ho

tsa bokooa mona Lesotho,

‗me ke se ke chabetsoe ke

hore na puo e bohlokoa hakae

ha re bua ka batho ba nang le

bokooa le ka litaba tsa bona.

Ke ne ke bua lebitsong la

sehlopha sa bobuelli

thupelong e neng e tšoeroe ke

LNFOD ka la 17-18

Motšeanong 2014. Leha ke

ne ke balile tataiso ea

phelisano le batho ba nang le

bokooa, ―A re Amohelaneng‖,

ke ile ka tšoasoa lerabeng leo

batho ba bangata ba se nang

bokooa ba eeng ba tšoasoe ho

lona—ka sebelisa puo eo

kelellong ea ka e neng e le

eona e nepahetseng ha ke bua

ka batho ba nang le bokooa.

Ka ‗na ka re, ―Batho ba

phelang le bokooa.‖ Ke a

kholoa ke ile ka cho joalo

habeli, khetlong la boraro,

bohle ba ntšolohela ka puo e

nepahetseng, ba re, ―Batho ba

nang le bokooa.‖

Leha ke ne ke khotsoe hore

polelo ea ka e ne e nepahetse,

ke ile ka phakisa ka elelloa

hore e ne e fana ka moelelo

oa ho re motho o phela le

bokooa, kahona, ha a na

matla, ha a tsebe ho iketsetsa

ebile ha a na bokhoni.

Ho fihlile tlhokomelong ea ka

joale hore ho bohlokoa ho

ikamahanya le tsela eo motho

a khethang ho buisoa ka eona

ho natsehe ho kholoa ha ka

ka lebaka la moetlo,

kutloisiso kapa tumelo, hore

na ho nepahetseng kapa ho

fosahetseng ke hofe.

TSE KAHARE:

Lihlooho:

Beke ea EU

Beke ea Lefatše

ea Tšebetso

Phutheho e

Kopanetsoeng

ea Bobuelli

Lethathamo:

Liphutheho

Maqephe 2-6

Mekete

Maqephe 6-8

Lingoli tse ling

Maqephe 8-12

U a amoheloa tlhophisong ena ea botšelela ea Ntsoe-Leng, e leng leselinyana le hlahisoang habeli ka selemo ke ‘Mamekhatlo oa Mekhatlo ea Batho ba nang le Bokooa mona Lesotho (LNFOD).

Leselinyana lena le khoaetse litaba

tse tsoang ho ba nang le kob’a boahali litabeng tsa bokooa mona Lesotho, le maikutlo a bona ka nako ea likhoeli

tse 6 tse fetileng.

Haeba u batla ho ithuta haholo ka LNFOD, ka bomphato ba rona, kappa k a b o k o o a L e s o t h o , e t e l a www.lnfod.org.ls kapa u ingolisetse leselinyana la Disability Lesotho ka h o r o m e l a e - m a i l h o

[email protected].

Ikutloe u lokolohile ho romela

maikutlo a hao le litlatsetso tafoleng ea Likhokahano ea LNFOD ho [email protected].

Kapa u ka re letsetsa ho +266 22320345 kapa oa re etela liofising tsa rona tse Mabile Rd, Old Europa, Maseru.

Likhomo, Rabasotho Moeletsi

U A AMOHELOA HO NTSOE-LENG

Mekhoa le Boitšoaro Selikalikoeng sa Bokooa: tšebeliso ea puo e nepahetseng Mamello Phekani-Makau (Moeletsi ho tsa Bokooa le Litokelo

tsa Botho, LNFOD)

“… khetlong la boraro, bohle ba ntšolohela ka

puo e nepahetseng, ba re, “Batho ba nang le

bokooa.””

Leselinyana Tlhophiso ea bo 6 Phupu 2014

‘MAMEKHATLO OA MEKHATLO EA BATHO BA NANG LE BOKOOA LESOTHO (LNFOD)

Letsatsi le monate la

tsoalo la bo

51

ho Motlotlehi

Page 2: Mekhoa le Boitšoaro Selikalikoeng sa Bokooa: tšebeliso ea ... · Ho rona Basotho, moetlo o bapetse karolo e kholo ho betla tsela eo re buang ka eona. Moetlo o reha le ho maneha

“’Moho Re Le Ngatana-’Ngoe” 2

Ntsoe-Leng 5th Edition

PUISANO KA PHAHAMISO EA LITOKELO TSA BATHO BA NANG LE BOKOOA: KHIRO EA BATHO BA NANG LE BOKOOA LESOTHO

Boemeli ba Amerika bo

Maseru bo ile ba hlophisa

puisano le „Mamekhatlo oa

Mekhatlo ea Batho ba nang le

Bokooa Lesotho (LNFOD) ka

batho ba nang le bokooa ka la

25 Phuptjane 2014 Ntlong ea

Boemeli ba Amerika Maseru.

Bahiri ba ikemetseng le makala

a amehang a ‗Muso ba ne ba

menngoe ho tla hlalosa kamoo

ba amohelang batho ba nang le

bokooa mosebetsing le kamoo ba

hirang batho ba nang le bokooa

likhoebong tsa bona. Bamemuoa e ne

e le ECONET Telkom Lesotho,

Vodacom Lesotho, le Lesotho

Standard Bank, Mokhatlo oa Bahiri,

Bangoli ba baholo ba Lekala la

Bosebetsi le Khiro, le ba bang.

Carl B. Fox, ea ileng a bua lebitsong

la Moemeli, a bontša hore ‗Muso oa

Amerika o ikitlaelelitse ho phahamisa

litokelo tsa batho ba nang le bokooa

mona Afrika, ‗me Lesotho hase

mokhelo. A re le leng la mabaka ao ka

‗ona puisano e ileng ea hlophisoa, ke

ho tebisa kutloisiso ea ‗muso oa

Amerika ea liphephetso tseo batho ba

nang le bokooa ba tobaneng le tsona

haholo-holo khirong. Ha ba se ba

utloisisa, ke moo ba tla tseba ho

tšehetsa Lesotho ho netefatsa hore

batho ba nang le bokooa ba ba le

menyetla ea mosebetsi e lekanang le

ea batho ba se nang bokooa.

Motsamaisi ea ka sehloohong oa

LNFOD, Mong. Nkhasi Sefuthi o ile a

lahla malepe ka tsa maemo a renang

khirong ea batho ba nang le bokooa

mona Lesotho. A bontša hore batho

ba nang le bokooa mona Lesotho ba

tobane le lithibella tse fapakaneng tse

kang ho qheleloa kathoko, ho se

kenyeletsoe mererong ea sechaba le le

ho tšepela haholo ho batho ba bang

bakeng sa litlhoko tsa letsatsi ka leng.

Lithibella tsena li ntlha-peli: ke tsa

mokhoa oo batho ba shebang ba bang

ka oona le tsa litsi tsa litšebeletso. Tsa

mokhoa oo batho ba shebang ba bang

ka oona li beoa ke ba se nang bokooa,

‗me hangata li bonahatsoa ke litumelo

le mekhoa ea bona. Ba bitsa batho ba

nang le bokooa ka mabitso a somang,

hape ba ba bona e le lisono tse

tsietsing ea liphallelo le litšebeletso

tlhabollo tseo ba sa lebelloang ho ba

le lentsoe ho tsona. Lithibella tsa litsi

tsona li akha tse kantle tse bakoang ke

meaho le litsela, maano, litsela le

mekhoa ea tšebetso eo litsi tse teng

sechabeng li e sebelisang. Ka lebaka

la lithibella tsena tsa mokhoa oa

chebo le tsa tikoloho, batho ba nang le

bokooa batho ba nang le bokooa ha ba

fumane tekano menyetleng ea khiro

hobane, mohlala, hase menyetla

kaofela eo batho ba tsamaeang ka

likolooana le ba nang le bokooa ba

pono ba khonang ho fihla ho eona

libakeng tse fapaneng.

Bothata bo bong bo boholo boo

tobileng litsi tsa sechaba malebana le

khiro ea batho ba nang le

bokooa ke hore pokello ea

joale ea lintla tsa bohlokoa ka

batho ha e ea hlopchoa ho ea

ka bokooa, ‗me sena se etsa

hore ho be thata ho tseba hore

na ke batho ba bakae ba nang

le bokooa ba hiruoeng ‗musong

le mafapheng a ikemetseng.

Ho ea ka tlaleho ea Palo ea

Sechaba ea 2006 karolo ea

sechaba e kaalo ka 3.7 lekholong ke

batho ba nang le bokooa. Boholo ba

batho ba nang le bokooa ba lula ba

futsanehile ka lebaka la khaello ea

thuto le khaello e phahameng ea

mesebetsi har‘a batho ba nang le

bokooa

Lesotho le ile la ananela Seboka sa

Litokelo tsa Batho ba Nang le Bokooa

ka la 2 Tšitoe 2008. Khaolo ea 4 ea

sona e qosa linaha tsohle tse nang le

kabelo ho sona ho bea maano a

sireletsang litokelo tsa batho ba nang

tšebetsong, le melao le mekhoa ea

tsamaiso e joalo, le ho felisa melao

eohle e khethollang batho ba nang le

bokooa, le melaoana, le litloaelo tse

joalo. Le kajeno Lesotho ha le e-s‘o

be le molao oa bokooa ka kotloloho.

Leha ho le joalo, ho na le melao e

thibelang khethollo ea batho ba nang

le bokooa e kang Molao oa Thuto oa

2010 le Molao oa Boiketlo le

Tšireletso ea Bana.

Ho boetse ho na le Leano la Tlhabollo

ea Bokooa le entsoeng ke ‗muso oa

Lesotho ka 2011.

Phutheho e Kopanetsoeng ea Bobuelli ba Litokelo tsa Batho ba nang le Bokooa: Ka Ofisi ea Bobuelli, LNFOD

„MAMEKHATLO OA

MEKHATLO EA BATHO BA

NANG LE BOKOOA LESOTHO o

ile oa ikamahanya le lefatše ka ho

tšoara phutheho e bang habeli ka

selemo e kopanetsoeng ea bobuelli ba

litokelo tsa batho ba nang le bokooa

ka Tlhakubele tlas‟a sehlooho se

reng, Moralo oa Tšebetso o

Kenyeletsang Kamorao ho 2015, eo ho

eona LNFOD e ileng ea ipiletsa hore

Lesotho le etse bonnete ba hore

mekolokotoane ea moralo oa tšebetso

kamorao ho 2015 o kenyeletsa batho ba

nang le bokooa ka ho khetholoha.

Kenyeletso ena e khethehileng ea

bokooa moralong oa tšebetso oa

ntlafatso e tla etsa hore Lesotho le

khone ho lekanya khatelo-pele e seng e

entsoe kenyeletsong ea batho ba nang

le bokooa, e be e khothaletse hore

pokello ea lintlha tsa bohlokoa e

hlopchoe ho latela bokooa.

Letona la Ntšetso-pele ea Sechaba,

Mohl. ‗Matebatso Doti, o ile a tsamaisa

phutheho a e-na le maikutlo a tšoanang

le a LNFOD a hore lipheeo tsa

mongoaha-kholo ha li phahamise

kenyeletso ea bokooa.

Sheba leqephe la 12

Puisano ka Litokelo tsa ba nang le bokooa: Ntlong ea Boemeli ba

Amerika, Maseru

Sheba leqephe la 3

Page 3: Mekhoa le Boitšoaro Selikalikoeng sa Bokooa: tšebeliso ea ... · Ho rona Basotho, moetlo o bapetse karolo e kholo ho betla tsela eo re buang ka eona. Moetlo o reha le ho maneha

“’Moho Re Le Ngatana-’Ngoe” 3

Ntsoe-Leng 5th Edition

Khubu ea puo ea Letona la

Ntšetso-pele ea Sechaba, ka

mantsoe a hae, e ne e le hore,

“Lekala la Ntšetso-pele ea

Sechaba le thehiloe ka morero

oa mantlha oa ho arabela

litlhoko tsa batho ba nang le

bokooa le hore ho

ikamahanngoa le lipheeo tsa

mongoaha-kholo ka botlalo

malebana le matlafatso ea

bokooa.”

Letona ‗Matebatso Doti o ile a

bontša hore lefatšeng kaofela palo

ea batho ba nang le bokooa e ntse

e eketseha, ‗me le litlhoko tsa bona

li totobetse, li hloka ho arabeloa. A

bontša hore ‗muso oa Lesotho le

oona, joaloka mebuso e meng, o

ananetse maano a bohlokoa a kang

seboka sa litokelo tsa batho ba

nang le bokooa.

A boela a tsebisa ba phuthehileng

hore Lekala la hae le se le nkile

mehato e matla ho amohela batho

ba nang le bokooa ka litsela tse

fapaneng. Sena se bontšoa ke ho

theoa hoa ofisi e sebetsang ka

kotloloho le batho ba nang le

bokooa tlas‘a sekhurumetso sa

tlhabollo ea sechaba. A re

liphutheho tse kang ena li reretsoe

ho bokella litlhoko le litabatabelo

tsa batho ba nang le bokooa hore

mohla li tekoang kapele ho

Machaba a Kopaneng ka Loetse

tsa be li akarelitse litlhoko tsohle

tsa mantlha tsa batho ba nang le

bokooa.

Letona la thetha puo ea lona ka ho

supa hore ke takatso ea lekala la

hae ho arabela litlhoko tse

fapaneng tsa batho ba tlokotsing

ho kenyeletsoa le tsa batho ba

nang le bokooa. A thoholetsa

phutheho ea bobuelli ka hore ke

sebae se nepahetseng hantle

bakeng sa ho hlopholla litlhoko tsa

batho ba nang le bokooa, a ba a

tšepisa ho ikamahanya le tsona ka

hohle kamoo ho ka khonehang.

Mohokahanyi oa tsa Bobuelli

LNFOD, Monghali Sefuthi, ha a

tšetleha puo ka bobuelli

phuthehong, o ile a toboketsa

hore lipheeo tsa mongoaha-

kholo li felloa ke nako ka 2015,

‟me Machaba a Kopaneng a

lebelletse ka tšepo ho utloa hore

na linaha tse nang le kob‟a

bohali li khathile tema ho le

hokae malebana le ho

kenyeletsoa hoa batho ba nang

le bokooa.

A bontša hore o mong oa

mekolokotoane ea lipheeo tsa

mongoaha-kholo ke ho ntlafatsa

ponahalo ea batho ba nang le

bokooa meralong ea tšebetso.

Taba ena e chaelloa monoana ke

hore ho tloha lilemong tse peli tse

fetileng batho bang le bokooa

esale ba ntse ba sebetsa ‗moho le

bomphato ba bona boemong ba

machaba ka mekhatlo ea bona ea

bobuelli, ‗me sena se entse hore ho

be bonolo ho bona hore ba bonoe

ba be ba utloisisoe.

A boela a etsa temoso ea hore

Machaba a Kopaneng le ‗ona a na

le boikarabelo ba ho tataisa linaha

tse amehang tabeng ea hore na

moralo o mocha oa tšebetso e ka

khona o shebahale joang, le hore

linaha li tlameha ho netefatsa ho

bea moralo oo tšebetsong. A bua

hape ka Phatlalatso ea Kenya e

pakang hore na linaha tsa Afrika li

ikemiselitse ho etsa eng ho

khahlametsa litlhoko le

litabatabelo tsa batho ba nang le

bokooa.

“...phutheho ea bobuelli... Sebae se nepahetseng hantle bakeng sa ho

hlopholla litlhoko tsa batho ba nang le bokooa...”

Phutheho e Kopanetsoeng ea Bobuelli ba Litokelo tsa Batho ba nang le Bokooa: Ka Ofisi ea Bobuelli, LNFOD

Ho tsoa leqepheng la 2

Puo ka Letona la

Ntšetso-pele ea Sechaba

Karabelong ea litlhoko tsa batho ba nang le

bokooa: Letona la Ntšetso-pele ea sechaba, Mohl.

’Matebtso Doti

Polelo ea LNFOD holima

moralo oa tšebetso oa

ntlafatso o kenyeletsang

litaba tsa bokooa

kamorao ho 2015

“...Lipheeo tsa mongoaha-kholo li felloa ke nako ka

2015, „me Machaba a Kopaneng a batla ho tseba

hore na linaha li se li khathile tema ho le hokae kenyeletsong ea batho ba

nang le bokooa.”

Sheba leqephe la 4

Puellong ea litokelo tsa batho ba nang le

bokooa: Mohokahanyi ho tsa Bobuelli LNFOD,

Mong. Nkhasi Sefuthi

Page 4: Mekhoa le Boitšoaro Selikalikoeng sa Bokooa: tšebeliso ea ... · Ho rona Basotho, moetlo o bapetse karolo e kholo ho betla tsela eo re buang ka eona. Moetlo o reha le ho maneha

“’Moho Re Le Ngatana-’Ngoe” 4

Ntsoe-Leng 5th Edition

Phutheho e Kopanetsoeng ea Bobuelli ba Litokelo tsa Batho ba nang le Bokooa: Ka Ofisi ea Bobuelli, LNFOD

Ba bileng teng phuthehong ba ile ba

ba le monyetla oa ho tšohla lintho

tseo ba li etsang ho kenyeletsa batho

ba nang le bokooa mesebetsing ea

bona. Sena se ile sa etsoa ka morero o

le mong oa ho netefatsa hore ba

phuthehileng ba utloisisa boikarabelo

ba bona malebana le “tšehetso

kamorao ho 2015” e leng oona

molaetsa oa sehlooho o lebisang

phuthehong e akaretsang ea Machaba

a Kopaneng ka Loetse 2015.

Ha a bua, Moemeli oa Development

for Peace Education (DPE) o ile a

bontša hore DPE e kenyeletsa batho

ba nang le bokooa ho tloha likanteng

tsohle tsa bophelo. A re leha DPE e

sa sebetse ka kotloloho le batho ba

nang le bokooa, empa e sebetsa le

bona e le karolo ea sechaba. A boela

a supa hore DPE e buella hore

sechaba se kenye letsoho, ‗me mona

ho balelloa le batho ba nang le

bokooa, empa mamati a bona a

buletsoe batho ba nang le bokooa

hore ba ba eletse litabeng tsa bokooa.

Moemeli oa Sentebale eena a bolella

phutheho hore Sentebale ke mokhatlo

oa lithuso o theiloeng ka 2004, ka

boikitlaetso ba Khosana Seeiso le

Khosana Harry. A re Sentebale e

thusa likolo tse ‗maloa tse

sebetsanang le bana ba nang le

bokooa kahare ho naha. A re ba

tataisoa ke lipehelo tse beiloeng ke

MSD hape ba itšetlehile ka Child

Charter le ka liboka tse ling tse ngata

tse reretsoeng ntšetso-pele ea

sechaba. A bontša hore pheeo e kholo

ea Sentebale ke ho thusa metse e

tlokotsing mona Lesotho hape ba

labalabela ho sebetsa ‘moho le ba

nang le thahasello, haholo-holo

mekhatlo ea batho ba nang le bokooa.

E le ho totobatsa maikemisetso a

takatso ea bona, Sentebale e ile ea

fana ka lithusa-kutlo ho baithuti ba

nang le bokooa ba puo le kutlo, ‗me

ba etsa khooeletso ho bohle ba

amehang ho tšoarana ka matsoho le

Sentebale thusong ea sechaba ho

batho ba tlokotsing.

Moemeli oa Setsi sa Taolo ea

Likoluoa (DMA) eena a bontša hore

ba na le lichelete tse lekaneng hore ba

ka kenyeletsa batho ba nang le

bokooa mesebetsing ea bona, ‗me

ofisi ea hae e ikemiselitse ho

kenyeletsa batho ba nang le bokooa

khahong ea maphelo, e le hore ha ho

e-ba le likoluoa, le bona ba tsebe ho

setlela khahlanong le maemo a mabe

ka ho fetisisa. A supa hore DMA e

na le moralo oa tšohanyetso e

reretsoeng karolo e kholo ea sechaba,

‗me hangata batho ba nang le bokooa

ha e ke e e-ba karolo meralong e

joalo, e leng ka hona ho nang le

tlhoko ea hore batho ba nang le

bokooa ba kenyeletsoe methating

eohle ea meralo ea naha. Mookameli

oa DMA a boela a tsebisa phutheho

hore ofisi ea hae e ikemiselitse ho

koetlisa mekhatlo e ikemetseng le

batho ba nang le bokooa kaha

lihlopha tsena li ameha mosebetsing o

etsoang ke DMA. A phethela ka ho

re, e le tsela ea ho lemoha boteng ba

batho ba nang le bokooa, batho ba

nang le bokooa ba emetsoe botong ea

botsamaisi ea DMA.

Sebui se tsoang campaign Education

Forum sona sa bontša hore mokhatlo

oa habo sona o sebetsana le batho ba

nang le bokooa litabeng tsa thuto e

kenyeletsang likolong. A re mokhatlo

oa habo o buella leano la thuto e

kenyeletsang, e leng lona sehlohlolo

sa ntlafatso kenyeletsong ea batho ba

nang le bokooa. Ntlafatso e ‗ngoe eo

a e supileng ke hore ba ikemiselitse

ho kenyeletsa batho ba nang le

bokooa ha ba etsa mananeo a bona a

seea-le-moea kaha sena se tla thusa

ho tsenkolla litaba tsa thuto e

kenyeletsang likolong. A qetella ka

ho supa hore kahare ho tsela ea bona

ea tšebetso ba na le lihlopha tse

khethehileng bakeng sa bokooa ho

tloha likonyaneng ho isa likolong tsa

thuto e phahameng.

A boela a bontša hore ofisi ea habo e

reretsoe ho eketsa menyetla ea thuto

ho baithuti ba nang le bokooa

methating eohle ea thuto. Puong ea

hae ho bilehoa hlaka hore Setsi sa

thuto e khethehileng se fana ka

tšehetso malebana le ho sebetsa le

baithuti ba nang le litlhoko tse

ikhethang. A ba a bontša hore lekala

la hae le isa tlhokomeliso sechabeng

hore batho ba patang bana ba bona ba

ba lese ba ee sekolong.

Sebui sena sa tsoela pele ho bolella

phutheho hore ofisi ea sona e

hlahloba litaba le ho fetisetsa bana

moo ba ka fumanang litšebeletso,

joaloka MOSD. A re ofisi ea hae e

boetse e sebetsa ‗moho le mekhatlo e

ikemetseng le LNFOD. Qetellong a

re ba tšehetsa matichere a nang le

bokooa ka ho ba fa matichere a ba

tšehetsang likolong. Sena sa bontšoa

ka matichere a nang le bokooa ba

pono a abetsoeng bathusi likolong tse

fapaneng moo ba sebetsang teng, leha

e le hore bothata bo boholo boo

matichere ana a tobaneng le bona ke

khaello ea lichelete.

Ho tsoa leqepheng la 3

Therisano ka tlhoko ea ho

netefatsa hore tšehetso e

khethehileng ea moralo oa

ntlafatso kamorao ho 2015,

e nang le mekolokotoane e

hlakileng le matšoao a

khatelo-pele, e a ntlafatsoa

PHUTHEHONG E

AKARETSANG EA

MACHABA A KOPANENG.

Lipuo ka baemeli ba

Development for Peace

Education (DPE), Sentebale,

Setsi sa Taolo ea Likoluoa

(DMA), Campaign for

Education Forum (CEF), le

Lekala la Thuto le Koetliso

(MoET)

Sheba leqephe la 5

Page 5: Mekhoa le Boitšoaro Selikalikoeng sa Bokooa: tšebeliso ea ... · Ho rona Basotho, moetlo o bapetse karolo e kholo ho betla tsela eo re buang ka eona. Moetlo o reha le ho maneha

“’Moho Re Le Ngatana-’Ngoe” 5

Ntsoe-Leng 5th Edition

‗Moka o ile oa koptjoa ho fana ka

maikutlo litabeng tsa LNFOD kaha e

ne e le tsona taba-kholo ea letsatsi.

Ho ile hoa ba le maikutlo a le mang

feela a reng ‗muso o tle o etse

bonnete ba hore LNFOD e ba karolo

ea borumuoa bo tla ea ho emela

Lesotho.

Motsamaisi ea tšoereng molepo o ile

a leboha barumuoa ka ho nka karolo

phuthehong. A hlahisa ngongoreho

ea hore litaba tsa bokooa ha li a

lebisoa Lekaleng la Ntšetso-pele ea

Sechaba feela, empa li ama bohle

hohle, ‗me li lokela ho sebetsoa ka

tsela eo makala ‗ohle a bontšang

tsebo le kutloisiso ea tsona.

Mohokahanyi oa tsa bobuelli a

toboketsa ka tieo ngongoreho ea hore

makala a mang a neng a menngoe a

ne a sa emeloa. A qolla Lekala la

Litaba tsa Kantle ka ho re ke lona

lekala le nang le boikarabelo ba ho

teka litaba tsa kenyeletso ea bokooa

mona Lesotho le ho tlaleha katleho

lipheeong tsa mongoaha-kholo.

Hantle-ntle ba ne ba lebelletsoe ho

bua ka tse latelang:

Polelo ea tšehetso malebana le

moralo oa ntlafatso o kenyeletsang

kamorao ho 2015 o nang le

mekolokotoane le lipehelo tse

hlakileng

Polelo holim‘a netefatso ea hore

borumuoa ba Lesotho bo tla

tšehetsa moralo ntlafatso kamorao

ho 2015

SELELEKELA—MOO HO

TSUOANG TENG

Lipheeo tsa Mongoaha-kholo

(MDGs) li felloa ke nako ka 2015,

‘me Machaba a Kopaneng a ntse a

sekaseka taba ea hore na ho tlo kena

moralo ofe oa tšebetso o nang le

lipheeo tsa ntlafatso o tla tataisa

mosebetsi oa ntlafatso oa linaha tsa

machaba ho fihlela ka 2030 (ho na le

khonahalo e kholo ea hore moralo

ona o ka ‗na oa bitsoa ‗Lipheeo tse

tšoarellang tsa ntlafatso‘ ho

bonahatsa temoho e ntseng e hola ea

hore phetoho ea maemo a nako e

telele a leholimo le taba ea tšoarello

li lokela ho eloa hloko meralong ea

ntlafatso).

Ho ne ho se moo ho buuoang ka

batho ba nang le bokooa kahar‘a li-

MDG, ‗me ho isa boemong bo itseng,

batho ba nang le bokooa ha esale ba

koalloa kantle khatelo-peleng e

fihletsoeng ho tloha ka 2000 ha li ne

li kenngoa tšebetsong. Haeba moralo

ona o mocha e le o kenyeletsang, o

tla hle o fetole maoa a batho ba nang

le bokooa. Li-MDG li hahlametse

meralo ea naha ea ntlafatso le maano

a bafani ka tsela e makatsang, ‗me re

tšepa hore le moralo ona o mocha oa

tšebetso o tla etsa joalo. Haeba batho

ba nang le bokooa ba bonahala

haholo kahar’a moralo o mocha oa

tšebetso, ho tla ba bonolo ho bona

ho kena lipuisanong bakeng sa ho

kenyeletsoa linaheng tsa bona le ho

fumana lithuso ho bafani.

MOSEBETSI O SENG O

ENTSOE HO FIHLELA JOALE

Ho tloha lilemong tse peli tse fetileng

mekhatlo ea bokooa le ea ntlafatso e

sebelitse ‗moho le bomphato ba

International Disability Alliance le

IDDC ho nka karolo ka matla

mosebetsing oo. Batho ba nang e

bokooa ba lakalitse ho fihla ho bo-

matoetoe ba Machaba a kopaneng ba

sebetsanang le Moralo oa Tšebetso

oa kamorao ho 2015 (HLP). Mona

katleho e ile ea e-ba e kholo: ‗me

tlaleho eo bo-matoetoe bao ba ileng

ba fana ka eona e ile ea etsa

likhothaletso tse tharo: 1) hore

tšekehelo ea tsebe ho batho ba nang

le bokooa e ke e be karolo ea mantlha

Moralong o mocha oa tšebetso, 2)

hore pokello ea lintlha tsa bohlokoa

bakeng sa tekanyo ea khatelo-pele e

hlopchoe ho latela bokooa e le hore

re tsebe ho lekanya hore na batho ba

nang le bokooa ba una molemo ka ho

lekana, hape 3) ho se ke hoa e-ba le

mokolokotoane o nkoang o fihletsoe

ntle le ha o fihletsoe likarolong tsohle

tsa sechaba, ho kenyeletsoa le batho

ba nang le bokooa.

Mosebetsi ona le oa moralo oa

tšebetso oa kamoso e ile ea tlosoa

matsohong a HLP ea neoa sehlopha

se secha se bitsoang Open Working

Group on Sustainable Development

Goals (OWG). Sehlopha sena se

bopiloe ka baemeli ba linaha tseo e

leng litho tsa Machaba a Kopaneng,

leha e se naha e ‗ngoe le e ‗ngoe e

emetsoeng. OWG esale e ntse e

tšoara liphutheho tse amanang le

mosebetsi oa eona hore e fumane

litlatsetso lithong tsa eona.

Liphutheho li ne li e-na le likarolo tse

kang eo sehlooho sa eona e neng e le

‗Phahamiso ea tekano, tekano

sechabeng, tekano ea botona le

botšehali, le matlafatso ea basali‘.

OWG, joaloka HLP, e tla fana ka

litlatsetso tsa bohlokoa ho Mongoli-

kakaretso oa Machaba a Kopaneng.

Mongoli-kakaretso eena o tla etsa

likhothaletso tlalehong e eang

linaheng tseo e leng litho e hlalosang

hore na ekakhona moralo oa tšebetso

o shebahale joang, ‗me linaha tsona li

tla kena lipuisanong tse telele holima

tokomane ea mapomela e tla

phetheloa ka 2015.

Linaha tseo e leng litho tsa UN, li

ipapisitse le litherisano tsena le

litlatsetso ho OWG, li se li qalelletse

ho sekaseka lipheeo e tla ba life,

mekolokotoane le litekanyo e be tsa

mofuta ofe hape ebile e ka ba life tse

ka khonehang le tse ka bang

bohlokoa tekanyong ea khatelo-pele .

Phutheho e Kopanetsoeng ea Bobuelli ba Litokelo tsa Batho ba nang le Bokooa: Ka Ofisi ea Bobuelli, LNFOD

Ho tsoa leqepheng la 4

Maikutlo Molaetseng oa

LNFOD oa bobuelli

Puo e koalang ka

Motsamaisi e Moholo,

Mong. Moholi Raseabi

Phano ea Litaelo Kamorao

ho Lipheeo tsa Mongoaha

-kholo – Kenyeletso ea

Batho ba Nang le Bokooa

Kamorao ho 2015 Sheba leqephe la 6

Page 6: Mekhoa le Boitšoaro Selikalikoeng sa Bokooa: tšebeliso ea ... · Ho rona Basotho, moetlo o bapetse karolo e kholo ho betla tsela eo re buang ka eona. Moetlo o reha le ho maneha

“’Moho Re Le Ngatana-’Ngoe” 6

Ntsoe-Leng 5th Edition

MATHETHO

Ka la 6-8 Tlhakubele 2014, barumuoa

ho tsoa linaheng tse 13 tsa Afrika ba

ile ba kopana Nairobi, Kenya, ‗me ba

lumellana ka lethathamo la lintlha-

kholo bakeng sa ho bopa lipheeo tsa

kamorao ho 2015. Tokomane e ileng

ea khakoloa ka la 8 Tlhakubele 2014

e reiloe ―Phatlalatso ea Nairobi.‖ Ho

itšetleuoe ka tse seng li boletsoe, ka

boikokobetso LNFOD e kopa hore

sehlopha sa lipuisano se emetseng

Lesotho Machabeng a Kopaneng le

lekala le amehang, e leng la Meralo

ea Ntlafatso, ho tšehetsa ka botlalo

moralo oa ntlafatso o kenyeletsang

kamorao ho 2015 hore Lesotho le tle

le tsebe ho lekanya khatelo-pele e

entsoeng ho Basotho ba nang le

bokooa.

TSELA EA HO EA PELE

Mekolokotoane e hlakileng le

litekanyo tse lebaneng le batho ba

nang le bokooa li lokela ho beoa

mafapheng ‗ohle a bophelo a ba

amang, ho kenyeletsoa phokotso ea

menyetla likotsi tsa likoluoa, ho

ikamahanya le phetoho ea maemo a

nako e telele a leholimo, mafapha a

sechaba le khiro;

Moralo o mocha oa tšebetso o

tlameha hore o batle hore pokello ea

lintlha tsa bohlokoa e hlopchoe ho ea

ka bokooa hore re tle re tsebe ho bona

hore na batho ba nang le bokooa ba

una molemo ka ho lekana le batho ba

se nang bona;

Batho ba nang le bokooa mekhatlong

ea rona ba kenyeletsoe ntlafatsong,

tšebetsong le tekolong ea lipheeo tse

ncha.

Phutheho e Kopanetsoeng ea Bobuelli ba Litokelo tsa Batho ba nang le Bokooa: Ka Ofisi ea Bobuelli, LNFOD

Ho tsoa leqepheng la 5

Phano ea Litaelo

Kamorao ho Lipheeo tsa

Mongoaha-kholo –

Kenyeletso ea Batho ba

Nang le Bokooa

Kamorao ho 2015

Keteko ea Beke ea Kopano ea Europa

LNFOD le EU li ile tsa

tšoarana ka matsoho ho

keteka beke ea EU Semonkong ka la 28

‘Mesa 2014. Kopano ea

Europa ke e ‗ngoe ea bo-

mphato ntlafatsong. Eona

e tšehetsa letšolo la Tebiso

ea Metso kanetsong ea

litaba tsa batho ba nang le

bokooa metseng ea mahae.

Se ileng sa atlehisa

mokete ke hore LNFOD e ile ea

iketela Thuto e Kenyeletsang ho

baithuti ba nang le bokooa.

Boiketo bona e ne e le ba ho

maneha metako ea bona ea ‗mala e

entsoeng ka letsoho holim‘a ‗mapa

oa Lesotho e le ho tšehetsa thuto e

kenyeletsang kahare ho naha.

Boiketo bona bo ile ba qala

Semonkong moo beke e ileng ea

thakholoa teng. Moifo oa LNFOD

o ile oa qala e sa le hoseng ho isa

folakha likolong tse Lekhotleng la

Mathomo la `Makhoalipana A10

Semonkong. Baithuti ba maneha

metako ea bona ea letsoho e

bontšang tšehetso ea thuto ho bana

ba nang le bokooa. Likolo tse

latelang ke tsona tse ileng tsa nka

karolo: Polateng ECCD, Samuel

Primary, St. Leonard Primary,

Semonkong High School.

Kamorao ho moo hoa latela

tlhaloso e khutšoanyane ea EU ka

Hlooho ea Moifo oa EU Lesotho, a

ba a botsa baithuti ba Sekolo se

Phahameng sa Semonkong lipotso

holim‘a tlhaloso ea hae. Sena se ile

sa tsosa thahasello e kholo ho

baithuti hoo ba ileng ba nka karolo

ka mafolofolo.

Letsatsi le ile la phetheloa ka lipuo

mapatlelong a Lekhotla la

Mathomo la Makhoalipana A10

moo Morena oa Sehlooho oa

Matsieng, eo hape e leng Monghali

Masemene o ne a ntse a eletsa ntlo

linthong tse ngata ho etsa hore

Lesotho e be naha e betere.‖

Morena Seeiso a rialo.

A tsoela pele a re, ‗Ke tšehetsa

Sentebale, ka lebaka leo, ke lakatsa

ho le bolella hore kamoo ke

thusang balisana ka

teng, ha ke na ho qea-

qea ho thusa batho ba

nang le bokooa kaha ba

lokeloa ke hona. Ke

teng bakeng sa mang le

mang ea hlokang

thuso.‘ A tsoela pele ho

bontša hore o

itokiselitse ho tsamaea

mehlaleng ‗mé oa hae e

leng mofu Mamohato

Bereng Seeiso, eo bophelo bohle

ba hae a neng a thusa batho ba

sitoang ho ithusa. A ntoo leboha

Hlooho ea Moifo oa EU ka

tšehetso ea bona mekhatlong ea

batho ba nang le bokooa mona

Lesotho.

Lekala la Ntšetso-pele ea Sechaba

le lona le ne le menngoe. Ea

tšoereng molepo e le Mongoli e

Moholo oa lekala, Monghali

Masasa, ea neng a le lebitsong la

letona Mohlomphehi ‗Matebatso

Doti, o ile a re; ‗Letona le kantle

ho naha, ‗me re ne re tšepile hore

letona la Temo le tla ba teng

lebitsong la ‗mé ‗Matebatso, empa

ka bomalimabe a ba le bothata bo

boholo bo mo sitisitseng ho ba

teng koano.

Sheba leqephe la 7

Moketeng oa Beke ea Europa

Page 7: Mekhoa le Boitšoaro Selikalikoeng sa Bokooa: tšebeliso ea ... · Ho rona Basotho, moetlo o bapetse karolo e kholo ho betla tsela eo re buang ka eona. Moetlo o reha le ho maneha

“’Moho Re Le Ngatana-’Ngoe” 7

Ntsoe-Leng 5th Edition

Monghali Masasa, ha a bua

lebitsong la letona, o ile a re,

―Lekala le ntse le sebetsa le li-

DPO. Lekala le mosebetsing oa ho

bea tšebetsong molao sebetsanang

le bokooa ka kotloloho o tla bea

moralo o hlakileng oa tšebetso

bakeng sa phahamiso le tšireletso

ea litokelo tsa batho ba nang le

bokooa.‘ A tsoela pele ho bontša

hore seo e tla be e le phethahatso

ea lipehelo tsa Seboka sa machaba

a Kopane ka Litokelo tsa Batho ba

nang le Bokooa, eo Lesotho le

ileng la e tekenela ka Tšitoe 2008.

―Lekala le na le tšepo ea hore pele

selemo sena sa lichelete se fela,

Setšoantšo sa Molao oa Tekano

Bakeng sa Batho ba nang le

Bokooa se tla be se se se tekiloe

kapele ho paramente, ‗me ho

phahamisetsoa hoa sona boemong

ba Molao ho se ho ntse ho tsoela

batho ba nang le bokooa molemo.‖

A rialo ha a phethela.

Batho ba Semonkong ba ne ba

thabile haholo ka letsatsi leo ba

itseng morero o tlile ho bona. Ba

ba ba etsa tšepiso ea hore ba tla

tšehetsa morero hore o atlehe o be

o fihlele lipheeo tsa tsa ho

ntlafatsa maphelo a batho ba nang

le bokooa ba bile ba ntse ba

ipiletsa ho ba tlisitseng morero

hore ba be teng ho fihlela morero

o felile. ―Lena e bile letsatsi le

bohlokoa haholo leo ka lona re

ithutileng haholo re le batho ba

lithabeng. Ho tsoa ho libui kaofela

re fumane tšepo ea hore bana ba

nang le bokooa ba mona

Semonkong ba tla ruteha, ‘me

karolo ea rona re le bahai ba mona

ke hore re tšehetse khato ena,‖ ha

rialo ‘mé Florina Thatho, e leng e

mong oa bahai ba hlomphehang.

Seo re se rapellang ke hore lona

LNFOD le bafani (Kopano ea

Europa) le tšepahalle sebaka sena,

‗me le se ke la se lahla kherehloa

joaloka merero e meng e ileng ea

tsamaea ka le reng mona ho turu

ho feta libakeng tse ling koana

mabalane. Re bontšitse ka ho bea

monoana oa rona folakheng hore

re tšehetsa thuto ea bana ba nang

le bokooa, ‗me se setseng ke hore

le re etelle pele, ‗me rona re le

batho ba Semonkong re tla le

tšehetsa,‖ Florina a phethela joalo.

Ka ho le leng, Mof. Mafusi Qhoai

ea tsoang Mokhatlong oa Batho ba

nang le Bokooa ba Kelello ha a

bua lebitsong la batho ba nang le

bokooa o ile a bontša hore o na le

tšepo ea hore morero o tlo atleha.

―Re motlotlo hore ebe re bile le

mokete o tletseng ka liketsahalo

joaloka ona oa kajeno. Se re

thabisitseng haholo ke puo ea

Mokhethoa oa rona oa Puso ea

Libaka mona `Makhoalipana ea

ileng a bontša hore ba tšehetsa

morero ‘me ba qalelletse ho etsa

maputulo a ho netefatsa hore

batho ba nang le bokooa ba una

molemo litšebeletsong tse fanoang

ke lekhotla. Boteng ba Morena oa

rona oa sehlooho, Morena Seeiso

Seeiso ka seqo, ke taba e ‗ngoe e

tiisang hore letsatsi lena le bile

bohlokoa,‖ hoa rialo Mafusi ka

sefahleho se tletseng pososelo.

Ho tsoa leqepheng la 6

Keteko ea Beke ea Kopano ea Europa

Keteko ea Beke ea Lefatše ea Tšebetso

Selelekela

Campaign for Education (CEF) e

ile ea tšoara lipuisano tse hlano le

sechaba sa Mokhotlong e le

karolo ea tokisetso ea Beke ea

Lefatše ea Tšebetso (la 4-10

Motšeanong 2014) e hloaetsoeng

ketekelo ea tema e seng e

khathiloe ke naha lipheeong tsa

‗Thuto Bakeng sa Bohle‘ tlas‘a

sehlooho se reng, ―Tokelo e

lekanang, Monyetla o lekanang,

Thuto le Bokooa.‖ Lipuisano

tsena li ne li reretsoe ho lemosa

sechaba le ho se nonya maikutlo

ka Tokelo ea Thuto ea batho ba

nang le bokooa, le ho bea

kutloisiso ea sechaba le tsela eo ba

shebang Litokelo tsa Botho, Thuto

le Bokooa ka eona boemong bo

tšoanang, ‗me sena se ile sa

fihleloa ka Mohoanto oa Khotso

ho tloha Thabang ho ea Lebaleng

la Lipitso la Mokhotlong ka la 5

Motšeanong 2014. Ho feta moo,

lipuisano li ne li reretsoe ho

fumana hore na sechaba se na le

liphephetso life malebana le ho

fihlela thuto bakeng sa batho ba

nang le bokooa, le hore na se bona

eka se ka thusoa joang ho fenya

liphephetso tseo.

Se etsahalang ke hore bana ba

nang le bokooa ba batla ba

qheleloa kathoko ho bana ba bang

ka kakaretso, ‗me ba lula ba sa

bonahale sechabeng le liofisiring

tsa thuto. Ka lebaka leo ha ho le

lintlha tsa bohloko tse

bokeletsoeng ka bona, le hore na

ba bakae ka palo, e leng ntho e

beng e ka thusana ha ho etsoa

meralo ea hore na ba fumantšoa

thuto ea boleng bo botle joang. Ho

bohlokoa haholo hore sechaba se

lemohe likarolo tsa sona kaofela

ho etsa bonnete ba hore bana

kaofela, ho sa natsehe lilemo tsa

bona, botona kapa botšehali, kapa

bokooa, ba natefeloe ke litokelo

tsa bona tsa botho ntle le

khethollo ea letho. Kahoo,

lipuisano li ne li hlile li tobisitsoe

ho sechaba se metseng kapa

phetoho efe kapa efe e etsahalang

sechabeng e qala hona metseng.

Sheba leqephe la 8

Page 8: Mekhoa le Boitšoaro Selikalikoeng sa Bokooa: tšebeliso ea ... · Ho rona Basotho, moetlo o bapetse karolo e kholo ho betla tsela eo re buang ka eona. Moetlo o reha le ho maneha

“’Moho Re Le Ngatana-’Ngoe” 8

Ntsoe-Leng 5th Edition

Nakong ea lipuisano, sechaba se

ile sa bontša hore leha ‗muso o

tsoile ka tsohle hore thuto e

fumanehe ha bonolo ke ho kenya

tšebetsong leano la thuto e sa

lefelloeng, ho ntse ho e-na le

liphephetso tse latelang likolong

tse fapaneng: baetapele le babusi

metseng ha ba na lentsoe

tsamaisong ea likolo; likolo ha li

rerisi batsoali ha ho etsoa liqeto;

tlhokeho ea lisebelisoa tse

khethehileng le barupeli ba

khethehileng; likolo li hole; hape

‗muso o petlenya liqeto tsa ‗ona

holim‘a sechaba.

Mabaka ao lipuisano li neng li a

tšoaretsoe a ile a fihleloa kaha

batho ba ile ba ikutloa e le karolo

ea litherisano, ‗me ba ananela ka

nyakallo boikarabelo ba bona ba

ho fumantša bana ba nang le

bokooa thuto. Eaba ho etsoa

khothaletso ea hore mekhoa ea

thuto e lokela ho fetoloa hore e

arabele litlhoko tsa bana ba nang

le bokooa.

Ho tsoa leqepheng la 7

Keteko ea Beke ea Lefatše ea Tšebetso

BOKOOA BA KA le LIPOLOTIKI TSA MOSEBETSI Thabiso Masenyetse

„Mali ea khabane, mona ke leka

ho u fa kakaretso e khutšoanyane

ea tse ntlhahetseng lebaleng la

bokooa le tšokolo ea mosebetsi.

Sepheeo ke ho u takela setšoantšo

sa hore na bokooa bo sekisetsoa

ho le hokae mona Lesotho; hape

ke hooeletsa tšehetso ea hao e

bonahalang malebana le

kenyeletso ea bokooa makaleng

„ohle a „muso.

Ke monna oa Mosotho ea lilemo

tse lipakeng tsa 25 le 30, ea nang le

bokooa ba pono.

Ke sa tsoa phethela lithuto tsa ka ka

katleho National University of

Lesotho ka 2013 lenaneong la

lithuto le bitsoang Public

Administration and Political

Science (PAPS).

Ntle ho moo, nkile ka itahlela ka

setotsoana mabaleng a lipolotiki

lebatooeng la heso tlas‘a mekha e

fapaneng ho tloha ka 2006. Ke ne

ke ntse ke fokola lilemong kaha ke

ne ke sa le sekolong se phahameng.

Leha ho le joalo, batho ba bangata

ba ntsebile ka lipolelo tse ahisang

boeletsing le tharollong ea litaba

tsa lipolotiki tse lokelang ho

shejoa. Hamorao rakhali oa ka a

ntsosa molota ka ho ntlhahisa ho ba

bang ba baemeli ba sechaba sa heso

paramenteng le makaleng a itseng a

‗muso. A ba hlalosetsa makhabane

a ka le boithukhubetso ba ka

lipolotiking. E ile eaka ba khahluoe

ke ‘na kaha ba ile ba qalella ho

buisana le ‘na ka kotloloho ka

litaba tsa lipolotiki tsa moo

lebatooeng. Ba ne ba bile ba mpitsa

―comrade.‖

Ho sa le joalo, ho ile ha hla ha

hlaka hore ho oela mokheng o

itseng ke ntho ea bohlokoa hore

motho a lemuhuoe ke baetapele. Ka

lebaka leo, ka 2012, rakhali oa ka o

ile a boela a ntlhahisa ho matona

‗ona ale; lekhetlong lena a bua ka

tsela e fapaneng. A ba bolella hore

ke sa tsoa phethela ka katleho thuto

ea ka e phahameng, ‗me ke hloka

mosebetsi hore ke tsebe ho

iphelisa. E re ke u lemose hore

hang-hang ke ile ka utloa letsuka la

khoao ho bona, haholo-holo ka

bokhoni ba ka. Kamorao ho moo ha

hlaha lipotso tse ling feela tse kang:

na PAPS ea ka e tšoana le e rutoang

baithuti ba se nang bokooa; hore na

barupeli le litlhahlobo li a tšoana

na.

Taba ke hore, kamor‘a ho shebi-

shebisana ho itseng ba ile ba

tšepisa hore ba tla sheba (monyetla)

oa ho mpha mosebetsi makaleng a

bona. Lentsoe lena monyetla le ka

masakaneng hobane ka nako eo le

ile la hlaha ka tsela e se nang tieo

kahare. Hoba likhoeli tse tharo li

fete, ke ile ka botsa hore na ho ntse

ho e-ea joang, eaba hang-hang ke

bitsetsoa puthehong. Eaba ke a

hlalosetsoa hore ho hlile ha e-ba

thata ho hlahisa sekheo sa

mosebetsi o bobebe ho lekana hore

nka o etsa. Thepa e sebelisoang ka

liofising ha e-na ho nthusa

kahobane ke sa bone; hape ho ne

ho se chelete bakeng sa ho hlahisa

sekheo se secha sa mosebetsi. Eaba

tharollo ea matona tabeng ena e ba

hore ba tla bua le lekala la Ntšetso-

pele ea sechaba hore le tle le

mphallele ka litsiane le bona ba

tlatsetse ka lethonyana ho tsoa

lipokothong tsa bona.

Ke ile ka hlakeloa ke hore

litlhakiso tsa ka li ne li sa ee ‗moho

le mehopolo ea bona. Ka lebaka leo

karabelo ea bona ea ho qetela e ile

ea e-ba e sa ntlhakelang hobane ba

itse ba sa il‘o inahana. Ho tloha

moo haesale ba phathahane hoo le

khokahano lipakeng tsa rona e seng

e khaohile. Re se re kopana

liphuthehong tsa lipolotiki feela

moo re sitoang ho buisana. Ba se

ba lumelisa feela, ‗me joale ke se

ke bitsoa (motsoalle oa rona), ‗me

lebitso leo le tsoa mantsoeng a

hauhileng.

Ha ke fera, ke lakatsa ho lemosa

batho bohle hore batho ba nang le

bokooa le bona ke karolo ebile ke

tholoana ea sechaba, ho bolelang

hore le bona ba tšoaneloa ke

menyetla eohle mona Lesotho. A re

emeng kaofela re ba tšehetse re be

re thahaselle ho tseba ka bona.

‗Mali ea khabane, ke kopa hore

hang hape u se ke oa lebala hore

(BOKOOA HASE HO HLOKA

BOKHONI).

‗Na oa tsena:

Thabiso Masenyetse.

Contacts:

Telephone: +266 63384201

Email: [email protected]

Page 9: Mekhoa le Boitšoaro Selikalikoeng sa Bokooa: tšebeliso ea ... · Ho rona Basotho, moetlo o bapetse karolo e kholo ho betla tsela eo re buang ka eona. Moetlo o reha le ho maneha

“’Moho Re Le Ngatana-’Ngoe” 9

Ntsoe-Leng 5th Edition

Ha LNFOD le Lekala la Bophelo

le Boiketlo ba Sechaba, „moho le

bo-mphato ba bang ba hlophisa

letsatsi la machaba la batho ba

nang le bokooa ka la 3 Tšitoe 2007,

ha ho motho ea neng a tseba hore

ketsahalo eo e ne e tla ba le

tšusumetso e kang eo e bileng le

eona. Ketsahalo ena e bile e „ngoe

ea tse atlehileng ka ho fetisisa

nalaneng ea IDPD mona Lesotho,

moo ho bileng teng Motlotlehi

Mofumahali, Tona-Kholo le

Lekhotla la Matona.

―Leo e ile ea e-ba letsatsi la phetoho

ho ‗na, mokete o ile oa ntsosa

molota ka litsela tse ngata,‖

Morienyane, ea bileng le bokooa ho

tloha ka 2004, a rialo.

―Tona-kholo ea mehlong eo (Dr.

Mosisili) a supa puong ea hae hore

re lokela ho itlhopha hantle, re thehe

lihlopha haeba re hloka ho fumana

tšehetso ea mofuta ofe kapa ofe

‗musong. Ho tloha tsatsing leo, ka

qalella ho bitsa batho ba bang ba

nang le bokooa tikolohong ea TY

hore re thehe sehlopha, ‗me hamorao

ra etsa qeto ea ho theha mokhatlo oa

batho ba nang le bokooa Berea.‖

E le mothehi oa Mokhatlo oa Batho

ba nang le Bokooa Berea, Mong.

Morienyane o ne a e-na le ntho e le

‗ngoe kelellong ea hae—ho bona

maphelo a batho ba Berea ba nang le

bokooa a ntlafala. O ne a tseba hore,

hore ba tle ba lemohuoe ho tla

hlokahala hore ho ferehoe batho ba

bangata hore ba kene ‗me ba bue ba

le ntsoe-leng. Ka mantsoe a hae, o

re, ―Re ile ra ea ofising ea ‘Musi oa

Setereke sa Berea bakeng sa mokhoa

oa ho fihla libakeng tse ling tsa

Berea tse kang, Bela-Bela, Sebitia,

Maqhaka. Eaba re atleha ho fumana

litho tseo e leng batho ba nang le

bokooa libakeng tseno kaofela.‖

Hoba re kopane le batho ba nang le

bokooa libakeng tsena, ho ne ho se

ho ntse ho bonahala maputulo, ‗me

batho ba ba le tšepo ea hore

mokhatlo efela e le koloi e isang

maphelo a batho ba nang le bokooa

ntlafalong.

―Re se re ntse re e-na le batho ba

seng bakae bao joaloka ‗na ba seng

ba ntse ba fumana lithuso tsa litsiane

ho tsoa ‘musong libakeng tsena

kaofela, ‘me ho rona ena ke khato e

ntle,‖ a rialo ka phatla e phahameng.

Ha isa-isa ba lemoha hore ho na le

mekhatlo e metle ea batho ba nang le

bokooa boemong ba naha, ‘me e le

mokhatlo oa Berea, ba etsa qeto ea

ho hloella sebaeng sa naha. Ba

atamela LNFOD e ileng ea potlaka

ho sebetsa le bona morerong oa

selemo oa boithuto—e ne e le

Morero oa Kaho ea Letšolo la

Tlhokomeliso. Ke morerong ona ba

ileng ba tsebisoa metheo ea bobuelli

ke ofisi ea bobuelli ea LNFOD ka

2011. ―Kamor‘a thupelo ra ngola

mangolo ra ba ra ba le liphutheho re

shebane mahlong le ‗Musi oa

Setereke sa Berea (eo e neng e le

Mong. Mofihli Phaqane) re mo

tekela ho se khotsofale ha rona ka

liofisi tsa hae tse sa fihlelleheng ha

bobebe.

Mohlomphehi eno ha a ka a qeta

khoeli pele a pshatla litepisi, ‗me a

aha tselana e boreleli eo ka eona re

khonang joale ho kena liofising tsa

hae re ntse re le likolooaneng tsa

rona. Ha re a ka ra fella moo, empa

ra tsoela pele ho ea susumetsa

bookomeli ba sepolesa sa Berea hore

se etse hore motebo oa sona o

fihlellehe, ‗me ba etsa joalo,‖

Morienyane a tsoa ka tsona.

Litselana tse boreleli li ka ‗na tsa ba

katlaase ho maemo a nepahetseng

empa li bohlokoa haholo hape ke

mokhoa o molemo ka ho fetisisa oa

tšebetso ho tsoa ho baokameli naha

ka bophara, ba ka ratang ho etsa

liphetoho meahong ea bona e sa

keneheng ha bobebe.

Tsena e bile tse ling tsa lipale tsa

katleho tse entseng hore Mong.

Morienyane a fumane hlompho eo a

e fumanang morao tjena.

Liketsahalong tse ngata tsa bohlokoa

seterekeng sa Berea, o hlophuoa e le

sebui sa bohlokoa hangata.

Mafelong a selemo se fetileng ha

LNFOD e ne e batla batho ba ka

sebetsang e le bahokahanyi ba

litereke bakeng sa Morero oa Tebiso

ea Kanetso, Mong. Morienyane o ile

a beoa e le mohokahanyi oa setereke

sa Berea mathoasong a selemo sena.

―Ho ‗na, mosebetsi ona ke oo esale

ke o labalabela ka lilemo-lemo. Ke

sebetsa le batho ba nang le bokoa

(ba banyane le ba baholo) ho ba

matlafaletsa ho sebelisa tokelo ea

bona ea ho nka karolo ka botlalo

lintlafatsong tsa puso ea libaka. Ke

be nkeke ka kopa letho le fetang

mona,‖ a rialo ka sefahleho se

thabileng.

Ho nyolosa hoa hae le ho theosa ka

kolooana ho hlahiselitse Mong.

Morienyane mahlohonolo a mangata

tseleng. Setereke sa Berea se sa tsoa

‗miletsa botong ea kabo ea

mesebetsi e meholo. Ha a botsoa ka

mosebetsi ona, o ile a re,

―Ke ikutloa ke hlomphehile haholo

hore ebe ke etsetsa setereke sena seo

ke se ratang mosebetsi o moholo

hakaalo. Ke ne ke sa lebella hore o

tla tla kapele hakana, empa ke o

amohetse, ‗me ke tla etsa tsohle tse

matleng a ka hore ke sebeletse

setereke sena sa heso le batho ba

heso,‖ a phethela joalo Morienyane.

Ha a botsoa ka ho kenya motho ea

nang le bokooa botong, Mof. Tlali

oa komiti ea setereke ea tsamaiso o

ne a ikotla sefuba ka qeto ea bona eo

tšepo e leng hore e tla tlatsetsa hore

setereke sa bona e be se akaretsang

batho bohle ka hohle.

‘Puo ea Tona-Kholo e Fetotse Bophelo ba ka’ Nqosa Morienyane

Sheba leqephe la 10

Nako ea ka ea phetoho: Mong. Nqosa

Morienyane

Page 10: Mekhoa le Boitšoaro Selikalikoeng sa Bokooa: tšebeliso ea ... · Ho rona Basotho, moetlo o bapetse karolo e kholo ho betla tsela eo re buang ka eona. Moetlo o reha le ho maneha

“’Moho Re Le Ngatana-’Ngoe” 10

Ntsoe-Leng 5th Edition

―Ha re na pelaelo ea hore ntate

Nqosa o tla eketsa boleng botong.

O sebelelitse setereke sena hantle.

Re le setereke, re mosebetsing oa

ho etsa Berea sebaka sa motho e

mong le e mong ho kenyeletsoa le

batho ba nang le bokooa. Ho tla

bonoa lintlafatso li simolla

selemong sena sa lichelete,‖ Mof.

Tlali oa Lekhotla la Setereke sa

Berea a rialo.

Basebetsi ‗moho le eena ba

LNFOD ba ile ba leboha lekhotla

la setereke la Berea ‗me ba tšepa

hore ena hase qetello.

―Re mo thabetse re le LNFOD,

‗me re bona e le phephetso e

monate ho rona joale hore re mo

ntlafatse le ho feta tsebong hore a

tle a tsebe ho tiea litabeng tsa

kenyeletso kaha a le maemong a

hlokolosi haholo. Re tšepa hore

litereke tse ling li tla qopitsa sena

se etsoang ke Berea—ho nka

likhato malebana le kenyeletso ea

batho bohle hohle kabong ea

litšebeletso,‖ ha rialo Rabasotho

Moeletsi, ea ntseng a hokahanya

Morero oa Tebiso ea Kanetso

boemong ba naha bakeng sa

LNFOD.

‘Puo ea Tona-Kholo e Fetotse Bophelo ba ka’ Nqosa Morienyane

Ho tsoa leqepheng la 9

‘Ke Seo Ke Leng Sona Kajeno’ Relebalitsoe Mohlokaqala

Ke bile ngoanana eo ke

itsebileng ke ena le bokooa ke le

mong ka har‟a motse, ka hona

ke hotse joalo ke sa khone ho

bapala le ho chakela le batho ba

bang. Ka sena ke bolela hore ke

qetelletse ke sa khona le ho kena

sekolo ka moo motho o ne o ka

nahana ka teng. Ke qalile ho

kena mekhatlo ea batho ba nang

le bokooa ka selemo sa 2000

eaba nakong eo makala a

mekhatlo a thehoang literekeng

ke ile ka elelloa haholo bohlokoa

ba ho kopana le mesebetsi eo re

ka ra e etsang ho hlokomelisa

batho ka bo teng ba rona.

Seo mekhatlo ea rona e se entseng

eleng sa bohlokoa ke ho fana ka

lithupelo le litsebo, ke taba ea

bohlokoa haholo hobane joale re

khonne ho ikamohela. Ke ka

boikamohelo feela re ka ra

tsebang ho tsoela –pele

bophelong. Kamorao ho hore re

rupeloe ke ile joale ka tlos‘a tšepo

ea ka eo ke neng ke e behile

holim‘a batho ba bang, joale ka

itšepa ‗me ka ipolella hore ke

tsoelapele ka bophelo ba ka. Ke

ne ke itumelletse hore ke etsetsoe

lintho tsohle ke batho ba lelapa,

ke bile ke elelletsoe hore ke ile ka

itsenyetsa nako.

Hajoale ke mosali ea nang le

bokhoni bohle kaha joale ke tseba

hore na ke tlameha ho etsa joang

ele ho iphelisa. Ke sebetsa ka

thata ho beha bohobe ba letsatsi

tafoleng ka ho roka mese ea

lishoeshoe, mekotla le tse ling ha

feela li rokoa. Seo eleng qolotso

haholo tsebetsong ena eaka ke ho

sebeletsa lapeng. Ha ke na sebaka

sa tšebetso empa mosebetsi ona

kea o etsa, bothata ba taba ena ke

ho se be le ‗maraka o motle

sebakeng sa thekiso. Ke lakatsa

ho bona mesebetsi eo re e etsang e

tsoelapele ebile e hola joaloka

tšebetso tsa batho ba bang ba se

nang bokooa. Ka mohlomong re

ka thusoa ho fumana mekhoa ea

phumant‘so ea lichelete ka

mekhoa ea kalimo. Sena se ka re

thusa hobane re ka khona ho reka

lithepa tseo re li hlokang joaloka

masela le mechini ea morao – rao

ele hore likhoebo tsa rona li

tsamaee ka thello le tsa batho ba

bang.

Relebalitsoe Mohlokaqala

Page 11: Mekhoa le Boitšoaro Selikalikoeng sa Bokooa: tšebeliso ea ... · Ho rona Basotho, moetlo o bapetse karolo e kholo ho betla tsela eo re buang ka eona. Moetlo o reha le ho maneha

“’Moho Re Le Ngatana-’Ngoe” 11

Ntsoe-Leng 5th Edition

Ke mosali ea nang le bokooa ba

masapo ho tloha tlhahong ea ka, ke

leka ho bolela hore ke hlahile leoto

la ka le sa sheba pele hantle

joaloka ka batho ba bang ba

bangata joaloka ha ho tloaelehile.

Hajoale lilemo tsa ka li ka ba 30.

Haeso ke Ha „Mathata Maputsoe.

Ke motsoali a le mong (single

parent) oa ngoana a le mong a

moshanyana ea ka bang lilemo li

tharo (3).

Ke hotse ke le ngoanana eon ka

inkang ke bile Lehlohonolo haholo

ka har‘a motse oa heso. Ke bolela

sena hobane motsoali oa ka o ile a

amohela pele hore o na le ngoana oa

sebopeho sa ka, ka hona ho bile

bonolo haholo hore baahisane ba hae

le bana ba bona ka mokhoa o

tsoanang ba nkamohele. Ke bapetse

le bana ba bang, ka kena sekolo le

bona le ho etsa tsohle le bona. Ke ile

ka khona ho kena sekolo ho fihlela

boemong ba sekolo se phahameng.

Hantle ke qalile ho bona liqholotso

tse ‗maloa tseo ke neng ke sa li

elelloe ho tloha bonyaneng ba ka. Ke

bone ka morao ho hore ke qete

sekolong kaha ke ithutetse lengolo la

Diploma in Primary Education hore

joale ke fihlile lefatseng le leng. Ho

bile boima haholo ho ‗na ho bona

hore joale ke fapane le batho ba

bang. Ke lekile haholo ho etsa

Likopo tsa mosebetsi likolong,

makaleng a mangata haholo ele

makala a ‗muso le likhoebo tse

ikemetseng empa ke ile ka tea kalala

le hajoale ke ntse ke sa sebetse. Taba

e kholo boemong bona ebile ho se

fumantsoe monyetla oa ho bonahatsa

seo ke ithutetseng sona. ―Ke hopola

ka tsatsi le leng moo ken eng ke isa

application motho e mong a mpolella

hore ho bonahala lengolo leo ke

nang le lona le le holimo ho feta

batho ba entseng Likopo, „me ka

hona ke lebelle hore ho ka nna hoa

etsahala hore application ea ka hang

ha ke tsoa mona e ka lahleloa

moqomong.‖ Ke ile ka fumana ele

taba e bohloko haholo hook e ileng

ka tloha moo ke lahlile tsepo e kholo

ea hore le ho bitsetsoa lipuisanong

(interviews) ke taba e kannang ea ba

thata haholo, hoa feela hoaba joalo,

ha kea ka ka bitsoa hohang.

Ke ile ka atameloa ka selemo sa 2012

ke litho tsa mokhatlo oa batho ba

nang le bokooa ba masapo (LNAPD)

ka ho khetholoha ntate Tšereane

Matsumunyane ho nkhothaletsa ho

kena mokhatlo. Ke ne ke batla ho

hana hore ken a le bokooa leha ho le

joalo empa ka ipha nako ea ho

mamela haholo seo ke nahanang hore

se ka ntsoela molemo ke le motho. O

ile a hlalosa lintho tse ngata ho

kenyeletsa le litokelo. Ke ile ka

thahasella ha ke utloa a bua ka

litokelo leha ke ne ke so tsebe na ka

botebo litokelo ke eng? Ke ile ka

iketsisa ho kena mokhatlo ona. Ha ke

se ke le ka har‘a batho bana ke ile ka

tlala morolo kaha joale ke hlokomela

hore re batla re qoqa litaba tse

batlang li tsoana. Ka hlokomela hore

taba ena ea khethollo ha e etsetsoe

‗na ke le mong ka hona ke tlameha

ho sebetsa ‗moho le batho bao re ka

loants‘ang ‗moho taba ena.

Ke ile ka etsa boiteko ba ho bona

hore na ke etsa joang ka taba ena ea

tlhokahalo ea mosebetsi kaha ke

elelletsoe hore taba e kholo ke

khethollo. Ke ile ka

ikopanya le ausi eo re

keneng sekolo le eena ele

hona ho bula joalo sekolo

sa likonyana (ECCD) ele

ho nts‘etsa pele taba ea

boithuto ba ka. Sena se

ile sa tlisoa ke ha ke utloa

hangata batho ba nang le

bokooa ba bua ka mekhoa

ea boipheliso ele ho fenya

bofuma. Ke ile ka

hlokomela hore mekhoa

ea ho bula sekolo sa

mofuta ona ha ho thata

haholo. Leha ke thabetse

mosebetsi ona oa ho hlokomela bana,

ho san a le liqolotso mona le mane

eleng litlhoko tse thusang hore bana

ikutloe ba amohelehile. Hona le

tlhokahalo ea thepa eleng lintho tse

bapalang. Leha ho le joalo

boikopanyong bona ba rona re

motlotlo kaha re se re na le sebaka sa

ho aha sekolo sa rona se maemong

haeba re khona ho bokella chelete ea

ho aha hantle.

Ke ile ka rupeloa ke eona mekhatlo

ea batho ba nang le bokooa tla‘sa

sekhurumetso sa LNFOD ka litaba

tsa HIV and AIDS le litaba tsa

tlhabollo le ho hlahlobela lona lefu

lena. Re ile ra rupeloa ke bosebeletsi

ba sepetlele sa ‗muso hona Leribe

eleng sepetlele sa Motebang. Ka

lebaka lona la tšebetso ena ke ‗na

enoa kajeno ka har‘a clinic ea

Maputsoe Filter ka hona ho sebetsa

seo ke ithutetseng sona nakong eo ea

beke tse peli. Re ile ra romelloa re le

babeli le ‗m‘e ‗Mapootsela Lekeba

ea nang le bokooa ba puo le kutlo ho

tla Maputsoe Filter Clinic. Ke elelloa

le ho hlokomela bohlokoa ba

mekhatlo ea rona ka ho fetisisa joale.

Ke ka tsebetso ea ka nakong ena eo

ke leng mona hore ke tsebe na nka

fumana mosebetsi kapa joang. Ke

rata hobane bo teng ba ka mona, bo

tliseitse batho ba bangata ba nang le

bokooa ho tla hlahlobela lefu lena la

HIV le AIDS. Hajoale re se re

hlahlobetse batho ba nang le bokooa

ba ka bang leshome le metso e

mehlano (15). Bo teng ba rona

cliniking ena ke hlokometse hore

batho ba nang le bokooa ba tla

litsebeletsong ka bongata kaha joale

ba elelloa batho bao ba ba t‘sepelang

ho bua le bona hantle kapa hona ho

bua puo ele ‗ngoe.

Ke iphumana ke le motho ea

fetohileng haholo bophelong

lintlheng tse ngata kaha ke ile ka

kena, ho lumela hore ke na le bokooa

le hona ho ipha nako ea ho tseba. Seo

nka se supang feela ke hore mekhatlo

ea rona ka tšehetso ea LNFOD e

bapala karolo e kholo haholo ho leka

ho fetola maphelo a rona, ke rata ho

leboha linthong tsohle tse etsaong ke

mekhatlo ena.

‘Bokooa ba ka, … Boikhantšo ba ka’ ‘Mamolemohi Ramokotjo

‘Mamolemohi Ramokotjo ka ofising ea Maputsoe Filter

Clinic

Page 12: Mekhoa le Boitšoaro Selikalikoeng sa Bokooa: tšebeliso ea ... · Ho rona Basotho, moetlo o bapetse karolo e kholo ho betla tsela eo re buang ka eona. Moetlo o reha le ho maneha

“’Moho Re Le Ngatana-’Ngoe” 12

Ntsoe-Leng 5th Edition

Tseba Ka LNFOD—Pale e Khutšoanyane

‘Mamekhatlo oa Mekhatlo ea Batho ba nang le Bokooa Lesotho

(LNFOD) o thehiloe ka 1991, ‘me ke oona sekhurumetso sa

mekhatlo e sebetsanang le bokooa mona Lesotho. Sepheeo sa

oona ke ho sireletsa litokelo tsa batho ba nang le bokooa mona

Lesotho, ka ho tšehetsa mekhatlo ea bona, le ka ho matlafatsa

litho tsa eona ka litsebo tsa ho iphelisa, ka chelete le litlhoko tse

ling, le ka ho emela litlhoko tsa bona ka pele ho ‘muso, ho

bafani, le ho sechaba ka kakaretso. Litho tsa oona ke Mokhatlo

oa Batho ba nang le Bokooa ba Masapo Lesotho (LNAPD),

Mokhatlo oa Batho ba nang le Bokooa ba Kelello Lesotho

(IDAL), Mokhatlo oa Batho ba nang le Bokooa ba Pono Lesotho

(LNLVIP), le Mokhatlo oa Batho ba nang le Bokooa ba Puo le

Kutlo Lesotho (NADL).

Bakeng sa tlhaiso-leseling e fetang ena, etela www.lnfod.org.ls

PUISANO KA PHAHAMISO EA LITOKELO TSA BATHO BA NANG LE BOKOOA: KHIRO EA BATHO BA NANG LE BOKOOA LESOTHO

Khirong:

Melao ea basebetsi le bosebeletsi ba

sechaba ha e na moo e buang ka

kotloloho ka tšehetso e hlokahalang

bakeng sa batho ba nang le bokooa

mosebetsing, e ka ba mafapheng a

ikemetseng kapa ‗musong hore ba

fumane khiro.

Maano a khiro ha a tataise bahiri ba

ikemetseng le ‗muso hore na ba

tšoare batho ba nang le bokooa

hantle joang mosebetsing hore ba

tsebe ho ntša bokhoni ba bona

kaofela.

Ha ho maoala a otlolohileng a

sebelisoang molemong oa khiro ea

batho ba nang le bokooa,

Ha ho letho le teng, leha e ka ba

lipalo tse sebelisoang molemong oa

khiro ea batho ba nang le bokooa.

Batho ba nang le bokooa ba

sebetsang libakeng tse ikemetseng le

‗musong ba sebetsa maemong a sa

ba lokelang ka lebaka la khaello ea

thepa e ba thusang likhaellong tsa

bona tsa botho.

Bahiri ha ba a lemosoa tlhoko ea ho

ba le sebaka se lekaneng bakeng sa

batho ba nang le bokooa.

Ha ho melemo e etsetsoang bahiri ba

ikemetseng ba hirang batho ba nang

le bokooa ka lipalo tse holimo, tse

kang nyehlisetso ea lekhetho, e leng

lintho tse hlokahalang ruri.

Qetellong, batho ba nang le bokooa

ba tsoela pele ho khesoa, ho

sekisetsoa le ho khetholloa khirong.

Ke ka lebaka lena ho leng bohlokoa

hore ho be le molao o sebetsanang le

bokooa ka kotloloho, e le mokhoa oa

ho sireletsa litokelo tsa batho ba

nang le bokooa le ho netefatsa ho

kenella ha bona kahar‘a sechaba ka

kakaretso.

Maano a khiro ‗musong le

mafapheng a ikemetseng a bontše

litokelo tsa batho ba nang le bokooa

‗Muso o etse maoala a ho hira batho

ba nang le bokooa bosebeletsing ba

sechaba ka ho nka likhato tse

hlakileng tse kang tšebeliso ea

manane

‗Muso o etsa pokello ea lintlha tsa

bohlokoa ea batho ba nang le

bokooa ba sebetsang ‗musong hore o

tle o tsebe ho ba thusa ka lisebelisoa

tseo ba li hlokang

‗Muso o etsa melaoana ea tšebetso e

molemo bakeng sa batho ba nang le

bokooa.

Mafapha a ikemetseng a lemoha

bohlokoa ba ho koetlisa le ho hira

batho ba nang le bokooa molemong

oa ho phahamisa maphelo a batho ba

nang le bokooa. Ka tsela eno ho ile

hoa lumellanoa hore phutheho ea

tšalo-morao e tle e tšoaroe, eo ho

eona likhoebo li tla rala mocha o tla

phahamisa khiro ea batho ba nang le

bokooa mafapheng a ikemetseng.

Ka ho le leng, baemeli ba ‗muso ha

ba a ka ba itlama hore ho na le seo

ba tla se etsa hobane Mongoli e

Moholo oa Lekala la Bosebeletsi ba

Sechaba ha a ka a ba teng.

Ho tsoa leqepheng la 2

Re Lakaletsa Motlotlehi Letsie III Letsatsi le Monate-nate la bo 51 la Tsoalo!!!

Ikopanye le Rona:

22 Mabille Road, Old Europa Maseru Lesotho

P. O. Box 9988 Maseru 100 Lesotho

Phone: +266 22 32 0345 Fax: +266 22 32 6196 E-mail: [email protected]