180
LIKAMANO Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

  • Upload
    others

  • View
    2

  • Download
    0

Embed Size (px)

Citation preview

Page 1: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

Lik amanoMofuthu oa lerato le senang kotsi

Page 2: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

Liteboho,Buka ena ea motataisi e ngotsoe le ho hlophisoa ke Nicol Cave, Palesa Ndabe le Morongoe Masilo.

Mokhatlo oa C-Change o leboha batho ba latelang: Sepolo Mofelehetsi, Ntsopa Mokitimi, Ntefi Ntsike le Bolele Monyau ba sebetsang Phela Health and Development Communications ka mosebetsi oa bona o motle oa ho lekola le ho ntša liphoso bukeng ena. Re boetse re leboha ‘Me Nozisolo Mpopo le ‘Me ‘Matiisetso Monare ba fetoletseng buka ena Sesothong.

Buka ena ea motataisi e sebelitse litaba tse tsoang libukeng tse ling tse hlahisitsoeng ke mekhatlo e fapaneng e kentseng letsoho litabeng tsa toantšo ea HIV le AIDS. Mekhatlo ena e kenyeletsa African Transformation; ALAFA – Lesotho; Catholic Relief Services (CRS) – Lesotho; Family Health International (FHI); Frontiers Prevention Project; Journey’s of Hope; PACT -Botswana; Population Services International (PSI); Soul City Institute; Stepping Stones; le UNICEF.

Buka ena ea motataisi e tšehelitsoe ka lithuso ke ‘Muso oa Amerika ka letlole la USAID tlasa litumelano tsa No GOP-A-00-07-00004-00. Litaba tse ngotsoeng ka hara buka ena le liphoso tse ka ba teng ke boikarabello ba mokhatlo oa C-Change o tataisoang ke AED.

Page 3: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Lik amano

Page 4: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u
Page 5: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

i

Contents

THUTO EA 1: LIA THAKHOHA ............................................ 1KETSAHALO EA 1: Morero oa lipuisano tsa Sechaba .............................................................................. 2

KETSAHALO EA 2: Papali ea Lefito la Batho ........................................................................................... 4

KETSAHALO EA 3: Ho mamelana .......................................................................................................... 5

KETSAHALO EA 4: Ho tšehetsana ........................................................................................................... 6

KETSAHALO EA 5: Melaoana ................................................................................................................ 7

KETSAHALO EA 6: Liforomo tsa boitlhatlhobo (Boleng le Tlhahlobo ea Kotsi) .......................................... 9

THUTO EA 2: HA RE BUOENG KA THOBALANO .............. 10KETSAHALO EA 1: Puo ea thobalano .................................................................................................. 12

KETSAHALO EA 2: Litho tsa ‘mele ea rona tseo re natefeloang ha li tšoaroa .......................................... 14

KETSAHALO EA 3: Likamano tse molemo LE Likamano tse kotsi ........................................................... 17

KETSAHALO EA 5: Re ka fumana tšehetso hokae? ................................................................................. 20

THUTO EA 3: HIV LE AIDS LINNETE LE MAFOSISA ..... 24KETSAHALO EA 1: Tšoaetso ea HIV e fetisoa joang? ............................................................................. 27

KETSAHALO EA 2: Mekhoa eo o ka fumanang tšoaetso ea HIV ka eona LE mekhoa eo o ke keng oa fumana tšoaetso ea HIV ka eona. ............................................................ 29

KETSAHALO EA 3: Thobalano e kotsi e holimo le e kotsi e tlaase le boitšoaro ba thobalano .................... 32

KETSAHALO EA 4: Pale ea likhomo le liphokojoe ................................................................................. 36

KETSAHALO EA 5: Ho utloisisa AIDS le sesole sa rona sa ‘mele ............................................................. 39

KETSAHALO EA 6: HIV le AIDS ho felisa mafosisa ............................................................................... 41

Page 6: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

ii

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

THUTO EA 4: MENATE LE MATHATA A BONYATSI ........ 47KETSAHALO EA 1: Re bolelang ka bonyatsi kapa ho boka? ........................................................................ 50

KETSAHALO EA 2: Khokahano ea thobalano ke eng? ............................................................................. 53

KETSAHALO EA 3: Pale ea Limpho ....................................................................................................... 55

KETSAHALO EA 4: Mantsoe a sebelisoang ho hlalosa likamano tse fapaneng .......................................... 57

KETSAHALO EA 5: Hobaneng khokahano ea thobalano e le kotsi? Boleng ba HIV .................................. 59

KETSAHALO EA 6: Khokahano tsa thobalano tse teng metseng ea rona .................................................. 66

THUTO EA 5: PUISANO KA LITABA TSA LERATO LE THOBALANO ................................................ 70

KETSAHALO EA 1: Khokahano ea thobalano ea Lebohang .................................................................... 73

KETSAHALO EA 2: Hobaneng batho ba metseng ea rona ba eba le likamano tsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe? ..................................................................... 75

KETSAHALO EA 3: Melemo ea ho ba le moratuoa a le mong ea ratanang le uena feela. ........................... 80

KETSAHALO EA 4: Che Thabo, Mathabo! ............................................................................................. 81

KETSAHALO EA 5: Balekane ba bua ka ‘bonyatsi’ le ho boka .................................................................... 82

THUTO EA 6: RE KA FETOLA BOITšOARO BA RONA JOANG? ....................................................... 89

KETSAHALO EA 1: Lipotso ka HIV le AIDS Lesotho .............................................................................. 92

KETSAHALO EA 2: Ho khaotsa litloaelo tse mpe tsa rona ...................................................................... 95

KETSAHALO EA 3: Ho hlola lintho tse sitisang phetoho .......................................................................... 96

KETSAHALO EA 4: Methati e tšeletseng ea phetolo ea boitšoaro ............................................................ 99

KETSAHALO EA 5: Na ho bobebe hakaalo? ......................................................................................... 101

THUTO EA 7: NA MOETLO O KA BA KOTSI? .................. 105KETSAHALO EA 1: Bochaba le bolumeli bo ka susumetsa boitšoaro ba rona joang? ............................. 109

KETSAHALO EA 2: Tseo re ka li Emisang, tseo re ka li Bolokang, le tseo re ka li Fetolang ..................... 112

KETSAHALO EA 3: Ho fetola litumelo tse bakang kotsi (Tšoantšiso) ..................................................... 116

KETSAHALO EA 4: Ha re phureng leshoatla ka taba ena: Bonyatsi bo ka feela. .................................... 119

Page 7: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

iii

THUTO EA 8: BANNA BA SEBELE LE BASALI BA SEBELE ................................................... 122

KETSAHALO EA 1: Phapano ke efe lipakeng tsa botona, botšehali le teka-tekano? ................................ 124

KETSAHALO EA 2: “Monna oa Mosotho oa SEBELE” le “Mosali oa Mosotho oa SEBELE” ............... 126

KETSAHALO EA 3: Papali ea kea Lumela, ha ke lumele ....................................................................... 127

KETSAHALO EA 4: Ke mang ea nang le matla? ................................................................................... 130

THUTO EA 9: BARATUOA BA BUA KA THOBALANO ..... 135KETSAHALO EA 1: Ho etsahalang ha Baratuoa ba sena puisano? ......................................................... 137

KETSAHALO EA 2: Baratuoa ba bua ka thobalano ............................................................................... 139

KETSAHALO EA 3: BANNA LE BASALI BA BATLANG THOBALANONG ? ...................................... 141

KETSAHALO EA 4: Ho ka etsahala’ng ha re ka etsa qeto ea ho bua ka thobalano? ................................ 143

THUTO EA 10: NKA KHONA HO FETOLA BOITŠOARO BA KA ...................................................... 146

KETSAHALO EA 1: Ho tsamaea moleng o otlolohileng ........................................................................ 148

KETSAHALO EA 2: Ho tsamaea borokhong ba phetoho ........................................................................ 149

KETSAHALO EA 3: Ho khetha seketsoana sa hao ho qoba moroallo oa metsi ........................................ 152

KETSAHALO EA 4: Ho etsa Liqeto tsa ho fetoha ................................................................................. 155

THUTO EA 11: HO TŠELA MOLA OA HO QETELA .......... 162KETSAHALO EA 1: Ke na le bohlokoa hobane…… ............................................................................... 163

KETSAHALO EA 2: Ho ithuta ka liphoso le bofokoli ba rona ................................................................. 164

KETSAHALO EA 3: Ke na le tšehetso… ............................................................................................... 167

KETSAHALO EA 4: Tlhahlobo ea boithuto ka kakaretso ....................................................................... 168

KETSAHALO EA 5: Foromo e bontšang le ho hlahloba kotsi ea ka. ........................................................ 169

Page 8: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

iv

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Page 9: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

1

THUTo Ea 1LIA THAKHOHA

Ketsahalo ea 1 Kakaretso ea lenane le tse phuthetsoeng thutong ena................Metsotso e 30

Ketsahalo ea 2: Lefito la batho ........................................................................Metsotso e 10

Ketsahalo ea 3: Ho mamelana .........................................................................Metsotso e 15

Ketsahalo ea 4: Ho tšehetsana .........................................................................Metsotso e 15

Ketsahalo ea 5: Litebello tsa sehlopha le Melaoana ..........................................Metsotso e 20

Ketsahalo ea 6: Boleng le Tlhahlobo ea Kotsi ..................................................Metsotso e 20

Lesakana le Koalang: Motšehetsi oa ka ........................................................Metsotso e 10

Lihora tse 2p

Page 10: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

2

Selelekela

1. Amohela bohle ba nkang karolo lipuisanong tsena tsa “Likamano: mofuthu oa lerato le senang Kotsi”. Leboha bohle ba teng thutong ena ea pele.

2. Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u tekene ka tlase.

3. Ela hloko hore lenane le lekaneng la sehlopha e be batho ba 10 ho isa ho ba 12. Sehlopha se se etsoe ka batho ba fetang 15. Haeba ho na le batho ba fetang 15 sehlopheng sa hao, u ka nahana ka arola sehlopha ha beli hore re tsebe ho ba le lipuisano tse atlehileng.

4. Lipuisano tsena li lokela ho nka nako ea libeke tse ka bang leshome le motso o mong (11), hobane batho ba lokela ho ba le nako e lekaneng ho inahana ka tseo ba ithutang tsona holima thuto ka ngoe, e le hore motho ka mong a lekole boitšoaro ba ea hae le methati eo a ka e nkang ho fetola boitšoaro ba hae linthong tse ka bo behang kotsing.

KETSAHALO EA 1 Morero oa lipuisano tsa Sechaba

Ketsahalong ena u tla hlalosa sepheo le tse reretsoeng ho fihleloa ka ho tšoara lipuisano le lihlopha re buisana ka litaba tsa “Mofuthu oa lerato le senang kotsi” . Hamorao u ka sebelisa pampiri e kholo e ngotsoeng ea puisano ea “Mofuthu oa lerato le senang kotsi ” e tsoang kahar’a lebokose la lithusa-thuto ho fana ka kakaretso ea lithuto tse 11 tseo re tla bua ka tsona libekeng tse leshome le motso o mong ( 11) re le ‘moho.

Hlalosa sepheo sa morero oa C-Change;

Sepheo sa morero C-Change ke ho fokotsa tloaelo ea ho etsa thobalano le batho ba ba 1. fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe. Bongata ba rona re tseba taba ena e le bonyatsi.

Bonyatsi ke tloaelo ea mantlha e eketsang ho ata ha HIV Lesotho. Re lokela ho sebetsa 2. hammoho ho fokotsa tloaelo ena.

Page 11: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

THUTO EA 1: LIA THAKHOHA

3

Morero ona oa ho tšoara lipuisano le lihlopha re buisana ka litaba tsa “3. Mofuthu oa lerato le senang kotsi” o shebane le tsela eo re ka ntlafatsang likamano tsa rona le bophelo ba rona ba thobalano e le hore re pheme ho tsoela kantle ho ba le baratuoa ba bang kathoko. Re khothalletsoa ho fumana lerato le thobalano e khotsofatsang kahare ho likamano tsa rona.

Beke le beke re tla kena thutong e ncha moo re tla buisana le ho ithuta lintho tse ncha 4. ka likamano, mofuthu oa lerato, monate oa thobalano,puisano lipakeng tsa batho ba ratanang, thobalano, thobalano e sireletsehileng le ho fetola boitšoaro ba rona ho itšireletsa le ho sireletsa bao re ba ratang khahlanong le tšoaetso ea HIV.

Nakong eo re kopaneng ka litaba tsa “5. Mofuthu oa lerato le senang kotsi” ke nako ea hore re be le boithuto ka puisano (ha se ka sekolong). Re tla ithuta litaba tse ncha, empa re tla boela re arolelana maikutlo le ho fihlella litharollo ‘moho. Kaofela re ka ithuta ho ba bang.

Hlalosetsa litho tsa sehlopha hore qetellong ea libeke tse 11, re tla fumana melemo e 6. latelang:

Ba le ` kutloisiso ea kotsi ea ho etsa thobalano le batho ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe.

Elelloa ` kotsi eo u bang ho eona ka lebaka la boitšoaro ba hao ba thobalano kapa ba moratuoa oa hao.

Ho tebisa maikutlo ka litloaelo tsa rona le boleng ba rona ka ho etsa thobalano le `batho ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe.

Ba le ` litsebo tse ncha ka puisano e ntlafetseng le ho buisana ka tseo re li batlang likamanong tsa rona.

Qala ` tsela e ncha ea ho phela eo re tšireletsehileng kotsing ea ho ho etsa thobalano le batho ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe.

Bontša sehlopha7. PAMPIRI EA PUISANO e tsoang kahar’a lebokose la lithusa-thuto ‘me u bue ka lintlha tseo re tla bua ka tsona lithutong tse 11 tse tlang.

Hlalosa hore thuto ka ‘ngoe e tla ba lipakeng tsa lihora tse8. peli le lihora tse peli le metsotso e mashome a mararo. Thuto ka ‘ngoe, e tla ba le liketsahalo tse ‘ne kapa tse hlano tse fapaneng. Lumellanang ka nako eo sehlopha se tla kopana ka eona beke le beke.

Bolella sehlopha hore morero ona ke oa mofuta oa pele Lesotho mona. Tseo ba ithutang 9. tsona lipuisanong tsena, le litlhahiso tsa bona li tla thusa ho matlafatsa morero ona molemong oa lihlopha tse tla rupeloa nakong e tlang.

Araba lipotso tseo sehlopha se ka bang le tsona ka morero oa C-Change le ka moo lipuisano li tla tsamaea ka teng.

Page 12: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

4

KETSAHALO EA 2 Papali ea Lefito la Batho

Hore re ikutloe re phutholohile ho bua ka litaba tse kang thobalano, le bophelo bo botle ba thobalano, mofuthu oa lerato le likamano, re lokela ho ikutloa re le sebakeng se bolokehileng, se re tšehetsang, moo e mong le e mong a ka arolelanang litaba, a ithute ‘me a hole. Papali ea Lefito la Batho e bua ka ho tšepana le ho sebetsa hammoho.

Mekhoa ea ho tsamaisa papaliKopa litho tsa sehlopa ho ikarola lihlotšoana tsa batho ba bahlano (5) ‘me ba atamelane 1. ho etsa lesakana.

Hlalosa: “tšoara matsoho a motho e mong ea lesakeng empa e se be ea pel’a hao. Etsa 2. bonnete ba hore o tšoere matsoho a batho ba babeli ba fapaneng. Kamora mona, lekang ho itokolla le sa tlohele matsoho a ba bang, ho fihlela le boetse le entse lesakana le tloaelehileng. Kamor’a metsotso e meraro (3) botsa lipotso tse latelang:

U ile ua lokoloha joang? `

Ho na le ea ileng a lahleheloa ke tšepo? `

Ke eng e entseng hore sehlopha se atlehe? `

Hlalosa hore lipuisanong tsena re tla sebetsa hammoho ho ithuta ho ba bang le ho thusana ka ho tšehetsana le ho eletsana.

Page 13: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

THUTO EA 1: LIA THAKHOHA

5

KETSAHALO EA 3 Ho mamelana

Se seng se tla thusa hore sehlopha sa rona se be le katleho ke ha re fanana sebaka sa ho bua le ho mamelana. Ha re itloaetseng ho mamelana ka ho etsa tšoantšiso/papali e bontšang batho ba babeli ba mamelanang.

Mokhoa ea ho tsamaisa tšoantšisoArola litho tsa sehlopha ka bobeli. Sehlopheng ka seng, kopa motho a le mong ho qoqela e 1. mong ka nako e monate eo a bileng le eona le motsoalle kapa setho sa lelapa haufinyane.

Hlalosa hore motho ea mametseng a ke ke a bua kapa ho mo kena hanong, empa a 2. ka bontša thahasello kapa kutloisiso a sa bue. Lumella motho enoa ho bua metsotso e meraro. Etsa bonnete ba ho boloka nako.

Kamorao ho metsotso e meraro, kopa ea neng a mametse e be eena ea buang ka nako e 3. monate eo a bileng le eona le motsoalle kapa setho sa lelapa. Ea neng a bua e se e le eena ea mamelang.

Ea mametseng, o lokela ho mamela ka hloko4. , a se ke a kena e mong hanong . Emisa kamor’a metsotso e meraro.

Kopa litho tsa sehlopha kaofela ho etsa lesakana la nkope. Kopa litho tsa sehlopha ho 5. fana ka maikutlo a bona holima ketsahalo e qetang ho feta. Botsa sehlopha:

Ho ne ho le joang ha ho na le motho ea u mametseng ka hloko? `

Ho ne ho le joang ho lula u thotse u mametse? `

Re ka bontša batho joang hore re mametse ka hloko? `

Qetella ketsahalo ena ka hore: Motho o mamela ka ho ela hloko le ho nahana ka se buuoang ke motho e mong. `

Ho mamela ke tsebo eo u ka ithutang eona ‘me e ntlafala ha u e etsa khafetsa. `

Itloaetse ho mamela ka hloko molekane oa hao, motsoalle kapa motho e mong oa lelapa. `

Kaofela re ka ithuta ho ba bang, ha feela re mamelana. `

Page 14: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

6

KETSAHALO EA 4 Ho tšehetsana

Kaofela re na le mathata ‘me re tobane le ho etsa liqeto tse boima. Ho ba le metsoalle ea rona le litho tsa lihlopha ho re tšehetsa le ho re tataisa , ho ka re thusa ho feta ha bobebe liqholotso tseo re kopanang le tsona maphelong a rona.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTOBala pale ea ‘M’e Refiloe (ka tlase) ‘me u botse sehlopha lipotso tse latelang. Kapa u 1. kope motho e mong ho bala pale.

Pale ea ‘ M’e Refiloe

Ha ke tsebe hore na ke etse joang … ke rata monna oa ka empa matsatsing ana ha ke tsebe hore na ho etsahala’ng haholo ha e le Moqebelo bosiu. O tsamaea le metsoalle ea hae ho ea noa, ‘me ha a khutle ho fihlela bosiu bo boholo. Ka linako tse ling ha a tle hae ho hang. Ha ke tsebe hore na o na le mosali e mong, ha ke tsebe... ke kopa thuso, ke tšoenyehile, empa ke mo botsa joang? Ke tšohile hore a ka tšoana a ntlisesa mafu, haeba a ena le basali ba bang. Nka ikutloa ke sireletsehile ha re sebelisa khohlopo... empa nka kopa ntho e joalo joang..? O tla nahana hore ke ea mo belaella... kapa ha ke mo tšepahalle.

Botsa sehlopha, 2.

Na re tseba batho ba boemong bo tšoanang le ba Refiloe? `

Haeba u ne u le motsoalle oa Refiloe, ke tšehetso le keletso li fe tseo u neng u ka mo `fa tsona?

Qetella ketsahalo ena, e re

Nakong ea lipuiwsano re tlo buisana haholo ka batho ba kang Refiloe. Batho ba kang ‘na le uena. •

Re tla tšehetsana le ho fanana likeletso.•

Page 15: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

THUTO EA 1: LIA THAKHOHA

7

KETSAHALO EA 5 Melaoana

Ketsahalo ena e botsa litho tsa sehlopha hore na ba lebeletse ho fumana eng lipuisanong tsena tsa lihlopha, le hore na ba tla kenya letsoho joang morerong ona. Likarabo tsa litho tsa sehlopha li tla tlatselletsa ho etsa melaoana e tla tsamaisa sehlopha nakong ea lipuisano.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTOKopa sehlopha ho nahana motsotsoana ka seo ba lakatsang ho se FUMANA lipuisanong 1. tsena tsa “Mofuthu oa lerato le senang kotsi’. Kopa litho tsa sehlopha ho tla pela pampiri e kholo ‘me ba etse setšoantšo se hlalosang seo ba lakatsang ho se fumana ka ho ba teng lipuisanong tsena.

Hlalosetsa sehlopha hore, e le hore bohle re fumane seo re se batlang, re tla lokela ho 2. sebetsa hammoho re le sehlopha, e mong le e mong a kenye letsoho ka tsela ea hae ho bona hore re ba le sebaka seo re tla ithuta le ho hola ho sona. Hlalosetsa sehlopha hore mekhoa eo lithuto li etsoang ka eona le melaoana ea tsamaiso li tla re thusa hore re ithute ‘moho.

Kopa sehlopha ho nahana ka tseo ba ka 3. FANANG ka tsona morerong ona e le hore o tle o atlehe. U ntse o sebetsa ‘moho le sehlopha ngola maikutlo ana holim’a pampiri e kholo.

Etsa tlhahiso hore litho tsa sehlopha li nahane ka tsela eo ba tla itšoara ka eona kapa lintho tseo a tla li etsa, tse tla:

Etsa hore sebaka sa thuto se tsoele bohle molemo ‘me se etse hore bohle ba phutholohe. `

Bontša tlhomphano ka tsela eo re tla atamelana ka eona. `

Thusa sehlopha ho atleha. `

Mehlala ea lintho tseo setho ka seng se ka se etsang li ka kenyeletsa;

“Ke tla ….” Mamela bohle; `

“Ke tla….” kenya letsoho; `

“Ke tla….” Tsitsa tabeng; `

Boloka lekunutu. (Ho se be litšebo); `

Hlompha maikutlo a bohle; `

Ke tla nka karolo ka ho hlahisa maikutlo a ka lipuisanong; `

Ke tla fa batho ba bang monyetla oa ho bua, ke ba mamele ka hloko – ke se ke ka bua ka `linako tsohle

Fihla ka nako; `

Ke tla leka ho ba teng lithutong tsohle. `

Page 16: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

8

Ha sehlopha se khotsofetse ke ho fana ka litšoantšo tsa lintho tse tla atlehisa morero, tse 4. ngotsoeng holim’a pampiri e kholo, ba bolelle hore tsena e tla ba “Melaoana ” nakong ena eo re leng ‘moho.

Kopa sehlopha ho hlahloba litšoantšo ka ho FANA/MELAOANA ‘me u bone hore na ho 5. na le moo ba batlang ho etsa liphetoho kapa ba batlang litlhakisetso. Kamor’a motsotso kopa sehlopha ho phutha matsoho a bona ha ba lumellana le sena. Haeba ba bang ba sa lumele, khutlela lethathamong ‘me le buisane ka lintlha tse sa hlakelang sehlopha kapa tseo se sa lumellaneng le tsona.

Khothaletsa litho tsa lihlopha ho ikamahanya le melaoana ena ‘me u ba kope ho u 6. hopotsa le ho hopotsana, ha uena kapa e mong oa bona a tlola molao. HOPOLA: hangata batho ba tla hlahisa melaoana eo ba e lakatsang – etsa bonnete ba hore ke melaoana e ka fihlelehang. Leka ho nolofatsa melaoana kahohle –hohle.

TLHOKOMELISO EA BOHLOKOA

Ho bohlokoa ho etsa melaoana ka litšoantšo . Mohlala, sebelisa setšoantšo sa tsebe sebakeng sa ho mamela; setšoantšo sa tšupa-nako (oache) sebakeng sa ho fihla ka nako le ho boloka nako, setšoantšo sa sefahleho se bososelang sebakeng sa tlhomphano le ho hlompha litlatsetso tsa ba bang; joalo joalo.

Ketsahalo ena e e re thusa hore re qale ho sebelisa litšoantšo ho fetisa melaetsa ka tsela eo bohle ba ka e utloisisang. Ho bohlokoa ho fana ka khothatso le ho babatsa mothating ona o qalang oa ho sebelisa Iitšoantšo ho fana ka litlhahiso. Ho boetse ho bohlokoa ho toboketsa hore ha ho hlokahale hore litšoantšo e be tse tsoileng matsoho tse ntle: hoa bohlokoa ke hore ke letšoao le pampiring leo bohle ba tla le tseba ba le utloisise.

Lesakana le Koalang: Motšehetsi oa kaSepheo sa ‘Motsehetsi oa ka’ ke ho fa motho e mong le e mong tšehetso ka linako tsohle ha morero ona o ntse o tsoela pele. Motho e mong le e mong e ba motšehetsi oa motho e mong sehlopheng ‘me seabo sa bona ke ho ba “hlokomela” ka ho ba botsa qetellong ea thuto e ‘ngoe le e ‘ngoe kapa lipakeng tsa lithuto, hore na ba ikutloa joang le hore na tsohle li ntse li tsamaea hantle.

Kopa bohle ho ema ba entse lesakana ‘me ba tšoarane ka matsoho. Kopa bohle ho 1. tlohellana ‘me ba shebe ho motho ea ka letsohong le letona. Sena se bolela hore motho e mong le e mong o tla sheba e mong kamorao.

Page 17: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

THUTO EA 1: LIA THAKHOHA

9

Hlalosa hore lipuisanong tsa mofuta ona ke maikutlo a matle ho “hlokomelana”. Kahoo, 2. u khothalletsa hore e mong le e mong e be motsehetsi oa motho ea ka pele ho eena lesakaneng. Ka tsela ena, motho e mong le e mong o tla “hlokomela” motho e mong, ‘me motho e mong le e mong o tla ba le motho ea mo hlokomelang.

Hlalosa hore seabo sa e mong le e mong oa bona e le motšehetsi ke ho hlokomela motho 3. eo a mo “ts’ehelitseng” ka ho mo botsa qetellong ea thuto e ‘ngoe le e ‘ngoe kapa bohareng ba lithuto hore na o ikutloa joang le hore na tsohle li ntse li tsamaea hantle.

Hlalosa hore ketso ea mofuta ona e thusa batho ba ka ‘nang ba fumana tse ling tsa lithuto 4. li le thata. E boetse e thusa sehlopha ho elelloa hore e mong le e mong o na le seo a ka fanang ka sona le hore kaofela re ka thusana le ho tšehetsana.

KETSAHALO EA 6: Liforomo tsa boitlhatlhobo (Boleng le Tlhahlobo ea

Kotsi)Kopa motho ka mong ho tlatsa foromo ea Boleng le Tlhahlobo ea Kotsi. Foromo ena ke ea lekunutu. Ha ba lokela ho ngola mabitso a bona foromong ena. E reretsoe lipatlisiso feela.

Litho li tlameha ho tlatsa foromo ea ‘BOINGOLISO’ e tlatsoa ke motho e mong le e mong, hore re tsebe ho bona na ke batho ba feng ba nkang karolo lipuisanong tsena.

Bokella liforomo tsa Boleng le Tlhahlobo ea Kotsi

Leboha boteng ba bohle ‘me le lumellane ka letsatsi le nako ea thuto e hlahlamang.

Page 18: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

10

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

THUTo Ea 2HA RE BUOENG KA

THOBALANOKetsahalo ea 1: Puo ea thobalano ....................................................................metsotso e 20

Ketsahalo ea 2: Litho tsa ‘mele ea rona tseo re natefeloang ha li tšoaroa ..........metsotso e 40

Ketsahalo ea 3: Likamano tse nepahetseng LE Likamano tse sa nepahalang .....metsotso e 30

Ketsahalo ea 4: Re ka fumana tšehetso hokae?.................................................metsotso e 40

Lesakana le Koalang: Lintho tse molemo, tse teng ho ‘na kajeno .........................metsotso e 10

Lihora tse 2 le metsotso e 20 p

Page 19: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

11

THUTO EA 2: HA RE BUOENG KA THOBALANO

Tse tlang ho ithutoa

Qetellong ea thuto litho tsa sehlopha li lokela ho:

Ikutloa li phutholohile ho bua ka thobalano, liketso tsa 1. thobalano le boitšoaro ba thobalano.

Utloisisa litho tsa ‘mele tseo ba natefeloang ha li tšoaroa le tseo 2. batho ba mofuta o mong, e le banna kapa basali ba natefeloang ha li tšoaroa.

Elelloa hore thobalano e tšireletsehileng ke thobalano e monate.3.

Utloisisa tse ling tsa mantlha tse etsang hore re be le likamano 4. tse mofuthu tsa lerato le thobalano e khotsofatsang.

Kakaretso ea thuto

Ketsahalo ea 1: Puo ea thobalano. Ketsahalong ena sehlopha se hlahisa mantsoe a amohelehang sechabeng ho hlalosa litho tsa botona le botšehali le liketso tse fapaneng tsa thobalano.

Ketsahalo ea 2: Litho tsa ‘mele ea rona tseo re natefeloang ha li tšoaroa. Sehlopha se etsa setšoantšo sa monna le mosali ‘me ba bontše litho tsa ‘mele ea bona tseo ba natefeloang ha li tšoaroa. Sena se lateloa ke puisano ka thobalano e monate, ebile e se na kotsi e ngata.

Ketsahalo ea 3: Likamano tse nepahetseng le tse sa nepahalang. Ketsahalo ena e etsa hore sehlopha se lekole maemo a fapaneng hore na a na le tšusumetso e nepahetseng kapa e sa nepahalang likamanong tsa rona. E re hlokomelisa hore kaofela re na le boikarabello ho etsa likamano tsa rona li ntlafale le hore e be tse khotsofatsang thobalanong le maikutlong.

Ketsahalo ea 4: Re ka fumana tšehetso hokae? Ketsahalo ena e thusa litho tsa sehlopha ho buisana ka litšebeletso le litsi tse teng motseng oa rona, haholo litsi tsa bophelo bo botle le thobalano le ho khothaletsana ho fumana litšebeletso litsing tsena. Lesakana le Koalang: Papali ea ‘Lintho tse molemo, tse teng ho ‘na kajeno’ e thusa hore batho ba tšepane le hore ba bue ka bolokolohi e le litho tsa sehlopha.

Lisebelisoa tse Hlokahalang

Ketsahalo ea 4: LIKARETE TSA LIKAMANO TSE MOLEMO LE LIKAMANO TSE KOTSI

KHOPOTSO: Joalo ka motataisi, u hloka ho ikutloa u phuthulohile ho bua ka thobalano. Ha u sa phutholoha, litho tsa sehlopha ha li na ho phuthuloha. Sepheo sa mantlha sa ketsahalo ena ke ho kholisa sehlopha hore thobalano e sireletsehileng ke thobalano e monate. Ho tseba hore u bolokehile ho etsa hore u natefeloe haholo. Haeba o khona ho buisana le moratuoa oa hao hore na u natefeloa ke thobalano ha o tšoara kae, ‘me le eena a khona ho u joetsa hore na o natefeloa ha a tšoaroa kae, le ka natefeloa ke thobalano le ha le sebelisa khohlopo.

Page 20: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

12

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Selelekela

Amohela bohle thutong ena ea bobeli. Leboha bohle ba teng. Haeba ho na le litho tsa sehlopha tse eso fihle, botsa hore na ba ntse ba tla kapa ha ba tlo khona ho ba teng thuto ea kajeno.

Bontša sehlopha thuto eo re e etsang kajeno, seo re tla se kotula thutong ea kajeno le tseo re tla be re li etsa u sebelisa pampiri e ngotseng lethathamo la tšebetso e tsoang kahar’a lebokose la lithusa-thuto. Tseo re tla ithuta tsona li ngotsoe litabeng tse hlahang pele ho selelekela.

Fetisa foromo eo batho ba ngolang mabitso ho eona, haeba ho na le baeti hopola ba ngole mabitso a bona karolong ea baeti. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u tekene ka tlase.

KETSAHALO EA 1: Puo ea thobalano

Sepheo sa ketsahalo ena ke ho hlakisa mantsoe a amohelehang sechabeng ho hlalosa liketso tsa thobalano le litho tsa ‘mele tsa thobalano

MEKHOA EA HO TSAMAISA THUTOHlalosa hore re tlo bua ka lintho tseo batho ba bangata ba leng lihlong ho bua ka tsona 1. ka har’a batho. Empa tsela ea ho hlola lihlong ke ho amohela hore kaofela re na le ho ba lihlong.

Kaha e ‘ngoe ea litsela tsa mantlha tseo re fumanang tšoaetso2. ea HIV ka eona ke thobalano, re lokela ho tseba ho bua ka maikutlo a rona le liketso tsa rona malebana le thobalano, hammoho le mekhoa ea ho etsa thobalano.

Hlalosa hore thutong ena le lithutong tsohle tse hlahlamang, re tla hloka ho bua ka litho 3. tsa ‘mele le liketso tse fapaneng tsa thobalano. Kahoo re lokela ho lumellana hammoho ka mantsoe a amohelehang ao bohle re ka a sebelisang le ho a utloisisa hammoho.

Page 21: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

13

THUTO EA 2: HA RE BUOENG KA THOBALANO

Arola sehlopha lihlotšoana tse peli. Fa sehlopha ka seng pampiri ea likarete tsa HA RE 4. BUENG KA THOBALANO e tsoang kahar’a lebokose la lithusa-thuto. Kopa sehlopha se le seng ho nahana mantsoe a amohelehang sechabeng a bolelang likarolo tsa ‘mele (joale ka ha re bontšitse ka tlase mona, tse hlahang lehlakoreng le ka letsohong le letsehali). Kopa sehlopha sa bobeli ho nahana mantsoe a amohelehang sechabeng a bolelang liketso tsa thobalano (joale ka ha re bontšitse ka tlase mona, tse hlahang lehlakoreng le ka letsohong le letona).

Likarolo tsa ‘Mele Liketso tsa Thobalano

Botona

Marete

mohlamu

Botšehali

Naoa

Matsoele

Tlhoko

Lero la botona

Maboea

Maro a bosali

Ho kotana

Ho nyeka/ (ho momona botona)

Ho nyeka botho ba mosali

Ntloabe

Ho monna le mosali ba futhumatsana ho lokisetsa ‘mele ea bona thabalano

Ho tsoheloa

Ho kotana ka libonong

Ho etsa thobalano le mosali a e so be mongobo kapa metsi sethong sa hae sa botšehali.

Ho lahla ‘mane

Ho fihla sehlohlolong sa monate oa thobalano

Ho chopholela (ho ntša botona ba monna ka botšehaling ba mosali pele monna a lahla ‘mane)

Ho etsa thobalano monna a kenya botona ba hae lipakeng tsa lirope tsa mosali

Ho qetella thuto,Thoholetsa bohle ka ho qeta mosebetsi ona o thata. Hopotsa sehlopha hore ana ke mantsoe ao re tla a sebelisa nakong ea libeke tsena tse 11 ha re ntse re tsoela pele ka lipuisano tsa ho fokotsa bonyatsi .

Page 22: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

14

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

KETSAHALO EA 2: Litho tsa ‘mele ea rona tseo re

natefeloang ha li tšoaroa Ketsahalong ena re tla etsa setšoantšo sa ‘mele oa mosali le ‘mele oa monna, ebe re tšoaea litho tsa ‘mele ea rona tseo re natefeloang ha li tšoaroa -ho banna le basali, le ho khothalletsa puisano ka mefuta e fapaneng ea menate ea thobalano, e seng feela ho kena thobalanong. Sepheo sa ketsahalo ena ke ho eketsa kutluisiso ka “Litho tsa ‘mele ea rona tseo re natefeloang ha li tšoaroa tsa banna le basali ho eketsa monate oa thobalano le ho tseba ho laola litakatso tsa rona tsa thobalano.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTOArola sehlopha lihlotšoana tse peli: basali feela le banna feela. Haeba u na le banna feela 1. kapa basali feela, kopa sehlopha se seng ho ikuka e le banna kapa basali.

Kopa sehlopha ka seng ho etsa setšoantšo sa ‘mele oa motho oa mofuta oa bona (basali ba 2. etsa setšoantšo sa mosali) holim’a pampiri e kholo. Kopa sehlopha ho tšoaea likarolo li fe kapa li fe tse amanang le pelehi, bosali kapa bonna le tse eketsang monate oa thobalano.

Kopa sehlopha ka seng ho tšoaea “moo ba ratang ho tšoaroa” – litho tsa ‘mele tseo batho 3. ba mofuta oa bona ba ratang ho tšoaroa hore ba ikutloe ba khalleha. Buisanang hore na batho ba bang ba rata ho tšoaroa libakeng li fe tse fapaneng.

NTLHA EA BOHLOKOA

Hangata ketsahalo ena e qabola batho, empa ena le sepheo sa bohlokoa e leng ho thusa batho ho itloaetsa ho bua ka thobalano le ho ithuta ka ho thusa batho ho itloaetsa ho bua ka thobalano le ho elelloa lintho tse ba natefisetsang thobalano le tse etsang hore baratuoa ba bona ba natefeloe. Khothaletsa sehlopha ho nahana ka litsela tse ngata tsa ho natefeloa kapa ho fihlela sehlohlolo sa monate oa thobalano, mohlala:

Ho bua ka thobalano; `Ho tantša ka tsela e hohelang; `Ho pholla “Litho tsa ‘mele ea rona tseo re natefeloang ha li tšoaroa”; `Ho itšoara; `Ho tšoarana; `Ho phollana ; ho kenya botona lipakeng tsa lirope. `

Page 23: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

15

THUTO EA 2: HA RE BUOENG KA THOBALANO

Kopa lihlopha ho pheta sena, empa lekhetlong lena ba etse le setšoantšo se fapaneng. 4. Mohlala, sehlopha sa basali se tla etsa setšoantšo sa ‘mele oa monna.

Beha litšoantšo tsena tse ‘ne tse ngotsoeng holima pampiri e kholo leboteng. Fa sehlopha 5. nako ea ho sheba litšoantšo tsena tse ‘ne. Kamorao ho mona kopa litho tsa sehlopha kaofela ho etsa lesakana.

MOLOMO

LITLHOKO

POPELO

NAOA

BOTHO BA MOTHO E

MOTS’EHALI

LIROPE

‘Ha motho a o tšoara naoa, ho

ka u thusa hore o fihlele sehlohlong sa thobalano ka pele’.

Page 24: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

16

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Botsa litho tsa sehlopha ka tseo ba ithutileng tsona ketsahalong ena ka ho botsa lipotso 6. tse latelang:

Banna le basali ba utloisisa “Litho tsa ‘mele ea bona tseo ba natefeloang ha li `tšoaroa” hakae? Ke se fe se ka ba thusang ho matlafatsa kutloisiso ea Litho tsa ‘mele ea bona tseo ba natefeloang ha li tšoaroa?

Ke kotsi efe ea ho fetisa HIV e ka bang teng ka ho tšoarana “Litho tsa ‘mele ea `rona tseo re natefeloang ha li tšoaroa? Re ka fokotsa kotsi ee joang re ntse re utloa monate?

Kopa sehlopha ho khutlela lihlopheng tsa bona tse tšoanang ho qapa tšoantšiso e 7. khutšoanyane kapa pina ka monna le mosali ha ba khothaletsana ho leka mekhoa e mecha ea ho utloisana monate ba sa kene thobalanong. Botsa sehlopha sa banna le sa basali hore na li ka rata ho arolelana litšoantšiso tsa bona na.

Qetella ketsahalo ena, e re:Ho na le mekhoa e mengata ea ho fana le ho amohela monate oa thobalano, kantle le ho `kena thobalanong.

Thobalano e sireletsehileng ke thobalano e monate. Ho sebelisa khohlopo ha ho felise `monate oa thobalano. Qapang lintho tse ncha. Sebelisa litsebo tsa hore motho a ka tšoaroang litho tsa ‘mele tse fapaneng ‘me a natefeloa.

Ho bua ka litakatso tsa hao tsa thobalano ho tla thusa hore kamano ea lona e matlafale `‘me le be le thobalano e khotsofatsang.

Haeba u sa phutholoha, itloaetse ho bua ka thobalano le metsoalle ea hao pele. Aha `boitšepo ba hao.

Page 25: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

17

THUTO EA 2: HA RE BUOENG KA THOBALANO

KETSAHALO EA 3: Likamano tse molemo LE Likamano tse kotsi

Sepheo sa ketsahalo ena ke ho buisana ka boitšoaro le litloaelo tse molemo le tse kotsi likamanong tsa rona.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTOPele o qala ketsahalo ena, ngola lihlooho tse latelang ka litlhaku tse kholo lipampiring 1. tse arohaneng: “tse molemo haholo”, “tse kotsi haholo” le “ho ea ka mabaka”. Sebelisa matšoao a sefahleho se thabileng, sefahleho se sa thabang le letšoao la potso.

Manamisa matšoao ana holima lebota. Beha letšoao2. la “tse kotsi haholo” ka letsohong le letšehali, u behe letšoao la “tse molemo haholo” ka letsohong le letona. Hlalosa hore hona ke “sekala se bekhang likotsi le melemo ea likamano tsa rona” ‘me re tla sebelisa sekala sena ho buisana ka boitšoaro le litloaelo tse teng likamanong tsa rona. Hlalosa hore likamano tsa lerato li ka ba kae kapa kae sekaleng sena, ho tloha ho ‘tse molemo’ ho isa ho ‘tse kotsi’.

Arola litho tsa sehlopha ka lihlotšoana tsa batho ba babeli. Kopa motho ka mong ( ka 3. lihlotšoana tsa batho ba babeli) ho fana ka mohlala oa likamano tse molemo le likamano tse kotsi. Mehlala e ka ba litaba tse maphelong a bona, kapa ho batho ba bang bao ba ba tsebang. Fa lihlotšoana tsena metsotso e mehlano ho buisana ka mehlala ea bona. Khothaletsa sehlopha ho bua ka likarolo tse molemo le tse kotsi tsa likamano tsa bona.

Kopanya lihlopha4. , bohle ba lule ba entse lesakana. Botsa sehlopha ho nahana ka makhabane a kamano e molemo. Ngola tsena tlas’a letšoao la “tse molemo haholo” . Toboketsa makhabane ana a mantlha:

Hlompho `

Tekano `

Boikarabello `

Botšepehi `

Kenyeletsa makhabane a mang a kamano e molemo ao sehlopha se a boletseng. `

Hlakisa hore likamano tse kotsi li fapane haholo le likamano tse molemo. Mehlala, 5. tlhekefetso ea ‘meleng/ ho loana, tlhekefetso ea maikutlo, ho se fane ka thobalano, ho se fe molekane oa hao chelete ea ho reka litlhoko tsa lelapa haeba u sebetsa.

Beha letšoao le ngotsoeng “ ho ea ka mabaka” pela matšoao ao re itseng a bontša ‘6. sekala se bekhang likotsi le melemo ea likamano tsa rona’

Fa morupeluoa e mong le e mong karete ea7. LIKAMANO TSE MOLEMO le karete ea LIKAMANO TSE KOTSI tse tsoang kahar’a lebokose la lithusa-thuto. Ka kakaretso ke likarete tse 15.

Page 26: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

18

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Kopa motho e mong le e mong ho bala a hoelehelitse se ngotsoeng kareteng ea hae. Mo 8. kope ho hlalosa kamoo boemo bona bo leng molemo kapa bo leng kotsi likamanong le hore na hobaneng a nahana joalo. Kopa motho ka mong ho beha karete ea hae sebakeng se nepahetseng holima sekala se bekhang likotsi le melemo ea likamano tsa rona’.

Botsa sehlopha hore na se nahana joang ka sebaka seo karete e leng ho sona. Fana ka 9. nako ea ho buisana. Haeba ba sa lumellane, ba hopotse makhabane a likamano tse molemo (hlompho, tekano, boikarabelo, botšepehi). Ba botse hore na boemo bona bo bontša makhabane ana.

Pheta ka mokhoa o tšoanang ka karete e ‘ngoe le e ‘ngoe ea kamano E MOLEMO le E 10. KOTSI.

Taba ea bohlokoa ka ho fetisisa likamanong tsa rona ke thobalano. E molemo? ` E kotsi ? Ho ea ka mabaka?

Ha ho mohla ke hananang le moratuoa oaka ka maikutlo. E molemo? ` E kotsi? Ho ea ka mabaka?

Ka nako e ‘ngoe ke khetha ho ba mong ntle le ho ba ‘moho le moratuoa oaka. E `molemo? E kotsi? Ho ea ka mabaka?

Ke natefeloa ke ho noa joala le moratuoa oaka. E molemo? ` E kotsi? Ho ea ka mabaka?

Re etsa ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe ‘moho. ` E molemo? E kotsi? Ho ea ka mabaka?

‘Na le barutoa ba ka ba khale re ntse re le metsoalle. E molemo? ` E kotsi? Ho ea ka mabaka?

Moratuoa oaka o intša le metsoalle ea hae, ke le sieo. E molemo? ` Ho ea ka mabaka?

Ke phuthullohela moratuoa oaka haholo ha re se re na le nako e telele re tsebana. E `molemo? E kotsi? Ho ea ka mabaka?

Ke tšaba ho bua ka lintho tse nkhotsofatsang thobalanong. E molemo? ` E kotsi? Ho ea ka mabaka?

Re etsa thobalano ka Sontaha se seng le se seng. E molemo? ` E kotsi? Ho ea ka mabaka?

Ke se ke mpa ke le ka har’a likamano tsena tsa lerato hobane ho molemo ho feta ha `ke se na motho eo ke ratanang le eena. E molemo? E kotsi? Ho ea ka mabaka?

Ke etsa eka ke natefetsoe ke thobalano le ha ho se joalo, e le ho thabisa moratuoa `oaka. E molemo? E kotsi? Ho ea ka mabaka?

Re buisana ka mathata hang ha a hlaha likamanong tsa rona tsa lerato. E molemo? `E kotsi? Ho ea ka mabaka?

Re qabana khafetsa. E molemo? ` E kotsi? Ho ea ka mabaka?

Ho nolofatsa litaba ha e le moratuoa oaka ea etsang liqeto litabeng tse re amang. E `molemo? E kotsi? Ho ea ka mabaka?

Page 27: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

19

THUTO EA 2: HA RE BUOENG KA THOBALANO

Phethela ketsahalo ena ka ho botsa lipotso tse latelang:11.

U nahana hore ke hobaneng batho ba bang ba lula likamanong tse kotsi? `

Metsoalle le lelapa ba ka thusa batho ba lulang likamanong tse kotsi joang? `

Ke litsebo life le tšehetso tseo ` banna ba li hlokang ho bopa likamano tse molemo?

Qetella ketsahalo ka hore,Likamano tse molemo li thehiloe holim’a puisano e phuthulohileng le tlhomphano ea `baratuoa ba babeli. Liqeto li etsoa hammoho ke batho ba babeli ‘me ha ho motho ea hatellang e mong likamanong tsena.

Likamano tse kotsi, ke tseo ho tsona ho seng lipuisano tse ntle ‘me ha se mahlakore a `mabeli a etsang liqeto, liqeto li etsoa ke motho a le mong.

Lipuisano tse seng ntle le liqeto tse etsoang ke motho a le mong likamanong tsa lerato li `ka re beha kotsing e tšabehang ea ho fumana tšoaetso ea HIV le mafu a likobo

Batho ba ratanang ba lokela hore ba phutholohellane ‘me ba ikutloe ba lekana. `

Ha re beng mehlala e tla bontša bana ba rona hore na likamano tse molemo ke tse joang. `

NTLHA EA BOHLOKOA

Ho se lekane hoa banna le basali, ho susumetsa hore batho ba lule likamanong tse kotsi. Ha ngata, basali ba thatafalloa haholo ho tsoa likamanong tse kotsi ho feta banna. Mabaka e ka ba hore basali ba fumana meputso e menyane ho feta banna hape ba na le taolo e fokolang holim’a lihlahisoa tsa moruo (mobu, likalimo tsa lichelete). Sena se etsa hore basali ba itšetlehe ho banna ba bona ka lebaka la chelete. Sechaba se hobosa basali ba khutlileng lenyalong kapa ba arohaneng le banna ba bona. Basali ba tlasa khatello e kholo ea ho “boloka malapa maemong afe kapa afe”. Taba ena e tšehetsoa ke maele a Sesotho a reng ‘Mosali o ngalla motšeo”. Re tla bua haholo ka litaba tsena thutong ea moetlo.

Banna le bona ba hloka litsebo, tšehetso le ho itloaetsa ho bua le baratuoa ba bona ka ho bopa likamano tse molemo.

Ho ea ka litloaelo tsa rona, basali ba ka bua ka maikutlo a bona ‘me ba tšehetsana moo ho hlokahalang. Ho ea ka litloaelo tsa rona, ho thata ho banna ho kopa tšehetso litabeng tse ba amang kapa ho bontša maikutlo a bona. Mohato oa pele oa ho fihlela likamano tse molemo ke ho qholotsa litloaelo tsena tsa teka-tekano ea banna le basali. Banna ba hloka ho fuoa menyetla ea ho kopa tšehetso ha ba hloka ho tšehetsoa. Banna ba boetse ba hloka ho itloaetsa ho bua ka maikutlo a bona le likamano tsa bona.

Page 28: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

20

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

KETSAHALO EA 5: Re ka fumana tšehetso hokae?

Ketsahalong ena re tla sebetsa hammoho re le sehlopha ho bontša litšebeletso tse fapaneng tsa bophelo bo botle le litaba tsa thobalano le lisebelisuoa tse teng metseng ea rona sebakeng sa batho ba fapaneng.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTOArola sehlopha lihlotšoana tse 3 ho latela lilemo, botona kapa botšehali joale ka ha re 1. bontšitse mehlaleng e latelang. Sehlopha ka seng se tla bontša lisebelisuoa le litšebeletso tse fapaneng tse teng sebakeng sa batho ba lilemo tsena e le batho ba batona kapa ba batšehali.

Sehlopha sa 1: Banna le basali ba lilemo tse ka tlase ho 21 `

Sehlopha sa 2: Banna ba lilemo tse ka holimo ho 21 `

Sehlopha sa 3: Basali ba lilemo tse ka holimo ho 21 `

Kopa sehlopha ka seng ho etsa setšoantšo sa motho bohareng ba pampiri e kholo. Ka 2. lehlakoreng le letšehali la motho enoa, ba bontše lisebelisoa le litšebeletso tseo motho enoa a li sebelisang hona joale.

Ka lehlakoreng le letona la motho, bontša lisebelisoa le litšebeletso tse teng motseng, 3. empa tseo motho enoa a sa li sebeliseng hona joale.

Kaholim’a motho enoa hlalosa mabaka ao motho enoa a sa sebeliseng lisebelisoa le 4. litšebeletso tse teng.

Ka tlasa setšoantšo sa motho, ngola lintho tseo re ka li etsang ho khothaletsa motho ho 5. sebelisa litšebeletso tse teng.

Kopa litho tsa sehlopha ho etsa lesakana. Buisanang ka litaba tse hlahang litšoantšong 6. tsena. Etella lipuisano pele ka seo litho tsa lihlopha li ka se etsang ho khothaletsana le ho khothaletsa ba bang motseng ho sebelisa litšebeletso tsa bophelo bo botle le thobalano, tse teng motseng.

Kopa baithaopi ba babeli ba tla nka litšoantšo tsena ‘me ba etse lethathamo la litšebeletso 7. tsohle tsa bophelo bo botle, thobalano, thibelo ea HIV, tlhokomelo le tšehetso ea HIV ea batho ba phelang le ts’oaetso ea HIV tse teng motseng. Lethathamo lena e tla ba Bukana ea Litšebeletso eo sehlopha sa lona se ka ipolokelang eona. Ha le ntse le fumana leseli ka litšebeletso tse ling tse teng motseng, le ka li ngola mona bukaneng ea litšebeletso. Boloka bukana ena, ‘me litho tsa sehlopha sa hao li e sebelise.

Page 29: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

21

THUTO EA 2: HA RE BUOENG KA THOBALANO

Qetella ketsahalo, e reHo na le litsi tsa litšebeletso tsa bophelo le tsa bophelo bo botle ba thobalano. Re hloka ho `li sebelisa.

Ho hlahlobela HIV le ho tseba boemo ba hao ho ka sireletsa uena le moratua oa hao `khahlanong le HIV.

Lesakana le Koalang: Lintho tse teng ho ‘na kajeno tse molemo Ena ke ketsahalo e khutšoanyane, e thusang litho tsa sehlopha hore ba tšepahallane le ho tseba ho boloka lekunutu ka har’a sehlopha le ho ba thusa ho phuthulohellana. Haeba re tšehetsana ho etsa likamano tsa rona e be tse sireletsehileng, tse matlafetseng, li bile li na le thobalano e khotsofatsang, re lokela ho phuthulohellana le ho tšepahallana. Kopa motho ka mong ho khetha

Page 30: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

22

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

lintho tse ‘ne (4) tse fapaneng, e ka ba liaparo tseo a li tenneng kapa lintho tseo a li nkileng ho eena, ka mokotleng kapa ka pokothong, tse supang tse latelang:

ntho ea bohlokoa haholo: mohlala – senotlolo sa ntlo, se nthusa hore ke kene ka tlung. `

ntho e behang motho pooaneng: mohlala - koae, bohle ba ea bona hore kea tsuba. `

ntho e nang le pale e itseng: mohlala – kobo ena hobane ke e reketsoe ke ngoanaka ea `hlokahetseng.

Lumella litho tsa sehlopha tse ‘maloa ho bolella sehlopha mehlala ea bona.

Qetella thutoLeboha bohle ha ba kentse letsoho `lipuisanong tsa letsatsi.

Kopa baithaopi ba babeli ho salla `morao ho etsa tlaleho ho sehlopha ka tseo ho buuoeng ka tsona thutong ea kajeno. Baithaopi bana ba babeli ba tla qala thuto ea boraro ka ho fana ka kakaretso ea tse entsoeng thutong ea 2.

Hopotsa bohle hore e mong le e `mong a hlokomele ‘motsehetsi oa hae’.

HOPOLA:

Phethela thuto ea kajeno ka ho tlasa foromo ea boitlhatlhobo holima thuto ea letsatsi. Botsa sehlopha maikutlo a bona ka thuto ea kajeno, ka hore ba arabe lipotso tse hlahang foromong ena, ’me u ngole likarabo tsa bona holima foromo ena. Bolella sehlopha hore bonyane le tla nka metsotso e mehlano ho tlatsa foromo ena.

THUTO EA 2: MElAETSA EO SEHlOPHA SE TSAMAEAng KA EOnA

Ha ho bobebe ho bua ka thobalano. `Re hloka ho ba sebete le ho tloaela ho bua ka thobalano `Haeba u sa phuthulohe ha u bua ka thobalano, qala ka ho itloaetsa ho bua ka `eona le metsoalle ea hao.Thobalano e sireletsehileng ke thobalano e monate. Ha re nahaneng ka moo `re ka natefeloang ke thobalano ka teng le hore re tsebe moo re natefeloa ha re tšoaroa teng.

Koala mahlo a hao ‘me u nahane eka uena le moratuoa oa hao le buisana ka litho tsa ‘mele tseo tseo le ratang ho tšoaroa ho tsona ka bobeli.

Etsa setšoantšo ka kelellong ea hao se bontšang kamoo u natefeloang ke thobalano le ka moo ho renang khotso kateng lelapeng la hao.

Page 31: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

23

THUTO EA 2: HA RE BUOENG KA THOBALANO

THUTO EA 2: MEKHOA E MEng EA HO AnETSA THUTO

Arolelana tseo u ithutileng tsona le basali ba bang ba motse. Thehang sehlopha 1. sa basali ba baholo le sa basali ba banyenyane lilemong. Kopanang khafetsa ho buisana ka litsela tsa ho eketsa ho natefeloa ke thobalano le moratuoa oa hao!

Ka sehlopha kapa ka bonngoe, ngola (kapa etsa setšoantšo sa) pale ea lerato E 2. KHALISANG ka monna le mosali ba nang likamano tse mofuthu tsa thobalano! Romella pale ea hao ho C-Change ‘me u be monyetleng oa ho hapa mpho sebakeng sa sehlopha sa hao. Re ka nna ra sebelisa pale ea hao libukeng tse ling tsa C-Change.

Banna, arolelanang seo le ithutileng sona le banna ba bang ba motse. 3.

Pheta papali ea ‘likamano tse molemo’ le ‘likamano tse kotsi’ le sehlopha sa bacha 4. ba motseng.

Mamela lenaneo la seea-le-moea le hatisitsoeng le buoang ka thobalano , ‘me le 5. buisane ka litaba tsa lenaneo lena le le sehlopha kapa le ngangisana ka taba ena.

Fana ka “Bukana ea Litšebeletso” eo sehlopha sa hao se e entseng ho (a) lihlopha 6. tse ling tse teng motseng oa lona (b) setsi sa bophelo motseng; (c)lekhotleng la motse; (d) motebong oa sepolesa; (e) mephatong; (f) lingaka tsa moetlo; (g) likolong tse phahameng le libakeng tse ling tseo u nahanang hore e ka ba bohlokoa.

Page 32: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

24

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

THUTo Ea 3HIV LE AIDS LINNETE LE

MAFOSISA Karolo ea pele

Ketsahalo ea 1: O ka fumana tšoaetso ea HIV joang? .......................................metsotso e 30

Ketsahalo ea 2: Mekhoa eo o ka fumanang tšoaetso ea HIV ka eona LE mekhoa eo o ke keng oa fumana tšoaetso ea HIV ka eona .......metsotso e 30

Ketsahalo ea 3: Tšoantšiso ka mekhoa e fapaneng ea thobalano le kotsi ea mekhooa eno. ....................................................................metsotso e 60

Kakaretso ea nako ea karolo ea pele: Lihora tse 2

Karolo ea bobeli Ketsahalo ea 4: Pale ea likhomo le liphokojoe? ................................................metsotso e 20

Ketsahalo ea 5: Ho utloisisa sesole sa rona sa ‘mele .........................................metsotso e 50

Ketsahalo ea 6: Ho hlaola mafosisa (Nete kapa Mafosisa) ................................metsotso e 30

Lesakana le koalang: Ho etsa setšoantšo ..........................................................metsotso e 20

Lihora tse peli

Lihora tse 4p

Page 33: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

25

THUTO EA 3 : HIV LE AIDS LINNETE LE MAFOSISA

Tse tlang ho ithutoa

Qetellong ea thupelo sehlopha se tla:

Utloisisa mekhoa eo o ka fumanang tšoaetso ea HIV ka eona LE 1. mekhoa eo o ke keng oa fumana tšoaetso ea HIV ka eona.

Motho ka mong o tla itlhatlhoba le ho hlokomela hore na o 2. kotsing ha kae

Hlalosa mekhoa ea ho thibela HIV.3.

Tseba ‘nete ka HIV, ba tsebe ho lahla mafosisa a tloaelehileng 4. ka HIV le AIDS.

Utloisisa phapang lipakeng tsa HIV le AIDS le hore na motho 5. ea phelang le kokoana hloko ea HIV o fihla boemong ba AIDS joang.

Kakaretso ea Thuto

Ketsahalo ea 1: Tšoaetso ea HIV e fetisoa joang? ho sebelisoa papali ea pampiri e nang le sekere se sekhubelu (X).

Ketsahalo ea 2: HIV eka feta joang, eka se fetisoe joang? Re bala pale ea Mamello.

Ketsahalo ea 3: Tšoantšiso ka mekhooa e fapaneng ea thobalano le kotsi ea mekhoa eno. Bontša liketso tsa thobalano tse fapaneng, le hore na ketso eo e na le kotsi e holimo, kotsi e tlaase kapa ha e na kotsi ho hang ea hore motho a fumane tšoaetso ea HIV.

Ketsahalo ea 4: Papali ea likhomo le liphokojoe e hlalosang phapang lipakeng tsa HIV le AIDS.

Ketsahalo ea 5: Ho utloisisa sesole sa rona sa ‘mele ka litšoantšiso le libapali tse bitsoang HIV le Masole a ‘Mele.

Ketsahalo ea 6: Ho hlaola mafosisa. Arola likarete ho latela hore na ke ‘nete kapa ke mafosisa

Boitokisetso pele ho thupelo

Fumana likhohlopo setsing sa bophelo. Kamor’a thuto botsa sehlopha na ba ka thabela ho nka likhohlopo. Molaetsa oa bohlokoa oo sehlopha se lokelang ho o nka mofao thutong ena ke hore ho bohlokoa ho sebelisa khohlopo nako eohle ha u kena thobalanong.

Lisebelisuoa tse hlokahalang

Ketsahalo ea 3: Likarete tsa Kotsi e holimo, Kotsi e tlaase

Ketsahalo ea 5: Likarete tsa sesole sa ‘mele

Ketsahalo ea 6: Likarete tsa “nete kapa mafosisa ka HIV

Hopola: Kamehla etsa bonnete ba hore litaba tse hlahang ho litho tsa sehlopha tse ka tiisang litumelo tse sa nepahalang, mafosisa, litšebo le ho ba sechele, li tšohloa ke litho tsa sehlopha kaofela.

Page 34: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

26

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Selelekela

Ena ke thuto e telele ea liketsahalo tse 6. Le ka rera le le sehlopha hore na le batla ho etsa liketsahalo kaofela thutong e le ‘ngoe kapa le batla ho arola thuto ena ka matsatsi a mabeli. Ho etsa liketsahalo tsa thuto kopanong tse peli ho tla fana ka nako e ngata sebakeng sa lipusano.

Amoheloa bohle thutong ena hape. Leboha bohle ha ba tlile. Botsa ka ba morao nakong kapa ba sa tleng. Kopa baithaopi ba neng ba le teng thutong e fetileng ho fana ka boikhopotso holima liketsahalo tsa thuto e fetileng. Kopa sehlopha ho etsa lesakana la nkope, ‘me uena u le motataisi o akhele bolo ho e mong feela oa litho tsa sehlopha ‘me eena a bolele maikutlo a hae, kapa seo a ithutileng sona thutong e fetileng. Ena ke tsela e ntle ea ho hlahloba kutloisiso ea sehlopha ea melaetsa ea bohlokoa thutong e fetileng.

Bontša sehlopha thuto eo re e etsang kajeno, seo re tla se kotula thutong ea kajeno le liketsahalo tseo re tla be re li etsa u sebelisa pampiri e ngotseng lethathamo la tšebetso e tsoang kahar’a lebokose la Lithusa-thuto. Tseo re tla ithuta tsona li ngotsoe litabeng tse hlahang pele ho selelekela.

Fetisa foromo eo batho ba ngolang mabitso ho eona, haeba ho na le baeti hopola ba ngole mabitso a bona karolong ea baeti. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u tekene ka tlase.

Page 35: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

27

THUTO EA 3 : HIV LE AIDS LINNETE LE MAFOSISA

KETSAHALO EA 1: Tšoaetso ea HIV e fetisoa joang?

Ketsahalo ena e sebelisa pampiri ea sekere se sekhubelu (X) ho bontša hore na HIV e ka feta kapele joang sechabeng, haholo sechabeng seo banna le basali ba etsang thobalano le batho ba fetang bo ‘ngoe ka nako e le ‘ngoe. Papali e boela e bontša kamoo batho ba ka fokotsang kotsi ea tšoaetso ea HIV.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO Nka likarete ka har’a lebokose la lithusa-thuto. Tse tharo li tla be li na le sekere se 1. sekhubelu “x” ho tsona , tse ‘ne li tla be li na le tlhaku “C” le setšoantšo sa khohlopo ho tsona, tse hlano li tla be li sa ngoloa letho. Ha u na le batho ba 12 sehlopheng sa hao, sebelisa likarete tse 12 papaling ena. Haeba u na le batho ba fetang 12 sehlopheng sa hao, eketsa likarete tse ling tse se nang letho ho tsoa kahar’a lebokose la lithusa-thuto

Fa motho ka mong karete. Ba bolelle HO SE SHEBE KARETE TSA BONA KAPA HO SE 2. LUMELLE MOTHO E MONG HO LI BONA.

Kopa litho tsa sehlopha ho potoloha ba lumelise batho ba 3. bararo. Ba lokela ho hopola bao ba ba lumelisitseng, empa ba se shebe karete ea mang kapa mang.

Kamor’a hore bohle ba lumelise batho ba bararo, kopa bohle ho lula fatše ba shebe 4. likarete tsa bona.

Pampiring e kholo, ngola sekere se sekhubelu “X”. Kopa bohle ba nang le sekere se 5. sekhubelu “X” kareteng tsa bona ho ema pela pampiri e kholo e nang le sekere se sekhubelu. Tsebisa sehlopha hore batho bana ba phela le tšoaetso ea HIV.

Kopa bohle ba lumelisitseng e mong oa batho bana ba emeng kapele ho tla ho metsoalle 6. ea bona.

Hlalosa hore7. “papaling ena, ho lumelisa motho ho bontša ho etsa thobalano e sa sireletsehang le motho eo, le ho ba kotsing ea tšoaetso. Joale papaling ena, batho ba tšoaraneng ka matsoho le batho ba bararo ba phelang le tšoaetso, le bona ba tšoaelitsoe.

Kopa bohle ba lumelisitseng e mong oa batho ba bararo ba emeng kapele, ho ema. Bohle 8.

HOPOLA:

Ho bohlokoa ho ikenyeletsa papaling ho bontša hore ka mokhoa o tšoanang le uena u kotsing ea ho fumana tšoaetso joalo ka bona. Mang le mang ea etsang thobalano o kotsing ea ho fumana tšoaetso ea HIV.

Page 36: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

28

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

ba emeng ba na le tšoaetso ea HIV. Tsoelapele ka sena makhetlo a ‘maloa ho fihlela bohle ba eme kapele.

Botsa na ke mang ea nang le tlhaku ea “C” karateng ea hae. Joetsa batho bana hore ba 9. ka lula fatše. Joetsa sehlopha hore batho bana ba sebelisitse khohlopo. Ha ba na tšoaetso.

Ba ileng ba tšoaetsoa ke e mong oa batho ba sebelisitseng khohlopo, ba ka lula fatše ho 10. bontša hore le bona ha bana tšoaetso.

Botsa sehlopha hore se ithutile eng papaling ena. Likarabo li ka kenyeletsa tsena:11.

HIV e ka feta kapele , ha bonolo, haholo ha o etsa thobalano le batho ba fetang `bonngoe ka nako e le ‘ngoe.

Ho ba le kopano le motho a le mong ho tšoana le ho ba le kopano le bohle bao `motho eo a keneng thobalanong le bona.

O ke ke oa bona ha motho a na le tšoaetso. `

Ho sebelisa khohlopo ka nepo nako eohle ho ka fokotsa kotsi ea tšoaetso. `

Botsa sehlopha hore na se ka be se entse eng ho qoba 12. tšoaetso papaling ena, ntle le ho sebelisa likhohlopo. Likarabo e tla ba:

Ba ka be ba hanne ho bapala (ho ila). `

Ba ka be ba qophelletse ho bona karete tsa ba bang (tlhatlhobo) `

Ba ka be ba lumelisitse motho a le mong (phokotso ea baratuoa ba bangata). `

Qetella ketsahalo: opotsa sehlopha hore HIV ke tšoaetso e kotsi e jalehang kapele. Re ka fokotsa kotsi ea tšoaetso ea HIV ka ho itšireletsa ka mekhoa e latelang:

Ho sebelisa khohlopo nako eohle ha o etsa thobalano. `Ho tseba boemo ba hao ba HIV le ba molekane oa hao kapa moratuoa oa hao. `Ho etsa thobalano le moratuoa a le mong, ea nang le uena feela. (ho t ` šepahallana)Ho ila thobalano. `

Page 37: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

29

THUTO EA 3 : HIV LE AIDS LINNETE LE MAFOSISA

KETSAHALO EA 2: Mekhoa eo o ka fumanang tšoaetso ea

HIV ka eona LE mekhoa eo o ke keng oa fumana tšoaetso ea HIV ka eona.

Ketsahalo ena e tla thusa ho hlalosa hore na HIV e fetisoa joang le hore na ha e fetisoe joang. O tla bala pale ea Mamello ho bontša kamoo HIV e fetisoang ka teng, ka maro a ‘mele le liketso tsa thobalano.

TATAiSO HO MOTATAiSi: PHETiSO EA HiV.

HIV e fetisoa joang?

E ka fetisoa ka mekhoa e latelang:

Thobalano ke tsela e atileng haholo eo batho ba tšoaetsoang HIV ka eona. `Lebaka ke hobane maro a thobalano a na le kokoana-hloko e ngata ea HIV.Ho tloha ho ’m’a ho ea ho lesea nakong ea pelehi, kapa nakong ea kanyeso. `Mali a nang le tšoaetso a ka fetisa kokoana-hloko, mohlala haeba motho a ka `tšoara mali a joalo a ena le leqeba a sa kenya liatlana.Ha metsoalle le ba lelapa ba sebelisang mahare, maborashe a meno, li-ente `(joale ka batho ba entelang tsoekere) le linalete ‘moho. `

Mekhoa eo o ke keng oa fumana tšoaetso ea HIV ka eona?

U ke ke oa tšoaetsoa HIV ka ho kopanela ntlo, tafole, setulo, koloi, fono, kharafu, ntloana, mealo kapa liphahlo. Sena ke hobane kokoana-hloko ea HIV e ke ke ea phela kantle ho’mele. Eka phela feela marong a ‘mele. O ke ke ua fumana tšoaetso ha o suna motho. Sena ke hobane ha ho kokoana-hloko e lekaneng matheng. O ke ke ua tšoaetsoa ka ho longoa ke monoang, tšitšili, boseleisi, kapa letseetse le lommeng motho ea nang le tšoaetso. HIV e fetisoa ho tloha ho motho ho ea ho motho e mong.

Page 38: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

30

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO Hlalosa hore u tla balla sehlopha pale joale ba tle ba o emise ha ba utloa o bitsa kapa u 1. bua ka maro a ‘mele kapa ketso ea thobalano.

Balla sehlopha pale ea Mamello o hoelehelitse. Etsa bonnete ba hore o bala butle. 2.

Kopa sehlopha ho o emisa ha ba utloa lero la ‘mele kapa ketso ea thobalano e ka behang 3. Mamello tsietsing ea tšoaetso ea HIV .

Buisanang hore na lero lena la ‘mele kapa ketso ea thobalano e ka fetisa kapa e ke ke 4. ea fetisa HIV. Haeba sehlopha se sa hloae maro ana kaofela kapa liketso tse sehelletsoe mola, etsa bonnete ba ho khutlela ho tsona ‘me le buisane ka tsona ha o qetile ho bala pale.

Pale ea Mamello (e qotsitsoe bukeng ea AlAFA, 2006 & 2008)

Mamello o lilemo li 26 . O hlahetse le ho holela Leribe, empa kaha ho ne ho sena mosebetsi sebakeng seo o ile a ea Maseru ho batla mosebetsi lifemeng. Ha a fihla Maseru o ile a lula le ‘mangoana’e qalong. O ne a le motlotlo haholo ke ho fumana bolulo,’me kamehla a thusa ka tlung, ho pheha le ho hloekisa. Ka nako e ‘ngoe ha ntsa khabela moroho, a itšeha ka thipa menoaneng .

Empa ntlong ena ho ne ho lula batho ba bangata ‘me mohlankana oa ‘mangoana’e o ne a etsa a se ikutloe a phuthulohile. Mantsiboea a mang mohlankana enoa oa mangoana’e a hohela Mamello ka ho iketsa motsoalle oa hae, a mo qobella ho mo meta le ho mo pholla. Mamello a atleha ho mo sutumetsa pele a ka etsa thobalano le eena. A lemoha hore haufinyane o tlameha ho fumana ntlo moo a tla lula.

Mamello o ne a le sehlahlo bophelong a bile a khahleha haholo. O ne a rata ho tantša le ho inyakalatsa le metsoalle mafelong a beke. Ha ngata o ne a arolelana seno sa hae le ho noella likhalaseng tsa batho bao a tantšang le bona kaha e ne e le metsoalle kaofela, ebile ba ne ba arolelana lijo.

O ne a na le mohlankana Mangaung eo a neng a mo chakela hang ka khoeli, empa ho ne ho le thata ho ba mong, ‘me o ne ae a bonye le metsoalle ea hae ea bahlanka, ka nako e ‘ngoe ho bonya hona ho ne ho ka ‘na hoa lebisa thobalanong. Ka tsatsi le leng motsoalle oa motsoalle oa Mamello a utloa ka bothata ba hae ba bolulo, ‘me a ithaopela ho tla arolelana ntlo ea hae le eena, haeba a ikemiselitse “ho patala molemo”. Mamello o ile a inahana ka sena nako e telele, a qeta hore ho tla ba molemo ho tsoa ntlong ea ‘mangoana’e. Ka nako eo, o ne a nahana hore o tla

Page 39: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

31

THUTO EA 3 : HIV LE AIDS LINNETE LE MAFOSISA

tseba ho laola boemo bona (ba ho lula le motsoalle). Ha a se a lula le mohlankana enoa, o qetelletse a robetse le eena. Le ha ho le joalo, O ne a ntse a tsoelapele ho bona mohlankana oa hae oa Mangaung, hobane o ne a mo rata. O entse thobalano le mong’a ntlo hobane a ne a hloka chelete. Ntle ho moo, mohlankana enoa ea mo fileng bolulo o ne a na le kharebe e neng e lula Khauteng. Mamello o ne a lokela ho lula le metsoalle mafelong a beke ha kharebe e ne e chakile.

Mamello a hlokomela hore ke mokhachane. O ne a sa tsebe hantle na ntat’ a ngoana ke mang – e ne e ka ‘na ea ba mohlankana oa hae, kapa mong’a ntlo . E ne e ka ‘na ea ba e mong oa basebetsi ba femeng – ba ne ba ile ba etsa moketjana oa boithabiso beke tse fetileng. Mamello o ne a tseba hore o ne a sa lokela ho robala le monna eo, empa o ne a thabile, hobane monna enoa o ne a le motle a bile a bontša thahasello ho Mamello.

Ka tsatsi le leng la phomolo ha a ea hae Leribe, koloi ea baeti eo a neng a e palame e ile ea etsa kotsi. E ile ea mo lahlela kantle a ba le leqeba le lebe leotong le hloohong. E mong oa baeti a leka ho mo thusa ka ho mo tlamisa leoto, empa a sitoa ka ha le eena sephaka sa hae se ne se na le leqeba le lebe.

Libeke tse fokolang ka morao ho moo, Mamello a ba le mocheso o mongata, letšollo le hlooho. O ne a utloa e ka o na le sefuba sa mokhohlane, a qeta ka ho ea sepetlele. Mooki a mo botsa hore na o batla ho hlahlobela HIV, a hlalosa ka hore o hlahlobile selemong se fetileng sephetho se bontšitse a sena tšoaetso – ‘me a ke ke a ba le tšoaetso. Empa o ne a ngongorehile ka lesea la hae.

Botsa sehlopha ho etsa qeto ea hore na Mamello o na le tšoaetso ea HIV `

Joale ba botse hore na haeba a na le tšoaetso, o e fumane neng? `

Na ho ka etsahala hore e be ngoana o na le tšoaetso ea HIV? Hobaneng? `

Likarabo: Ha re tsebe haeba Mamello o na le tšoaetso ea HIV. Ha re tsebe hore na ngoana o na le tšoaetso ea HIV

Page 40: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

32

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

KETSAHALO EA 3: Thobalano e kotsi e holimo le e kotsi e

tlaase le boitšoaro ba thobalano Sepheo sa ketsahalo ena ke hore litho tsa sehlopha li utloisise hore liketso tse fapaneng tsa thobalano li na le kotsi e holimo ea ho fetisa HIV ha tse ling li na le kotsi e tlaase ea ho fetisa tšoaetso ea HIV. Ho fokotsa kotsi ea rona ea ho fumana tšoaetso, re lokela ho tseba na ke liketso li fe tse re behang kotsing e holimo ka ho fetisisa e le hore re tsebe ho qoba liketso tseo tsa thobalano.

BOiKHOPOTSO BA MOTATAiSi: linnETE KA PHETiSO EA TšOAETSO EA HiV

Ntho tse peli li lokela ho etsahala hore tšoaetso ea HIV e etsahale: Kokoana-hloko e lokela ho ba le moo e kenang le teng maling a motho, e lokela ho bangata haholo ho ba kotsi.

HIV e fetisoa ka maro a ‘mele a nang le tšoaetso. Ke maro a mararo feela a ‘mele a nang le tšoaetso ea HIV e phahameng haholo:

Mali. Mali a motho ea nang le tšoaetso a na le tšoaetso e phahameng haholo. 1. Tšoaetso e teng maling a tsoang ho motho oa mosali nakong eo a ileng matsatsing.

Maro a thobalano a banna le basali. Nakong ea thobalano, monna o ntša maro a 2. mabeli botoneng ba hae. La pele ke lero le hlakileng le hlahang ha a qala ho tsoheloa; La bobeli ke ‘mane e leng lero le lesoeu. Ho monna a nang le tšoaetso ea HIV, maro ana ka bobeli a na le kokoana hloko ea HIV e lekaneng ho ka tšoaetso motho e mong haeba botona ba hae bo le ka hara ‘mele oa motho e mong (sethong sa mosali sa botšehali, ka setonong kapa ka hanong). Nakong ea thobalano mosali o ba le maro ka botšehaling ba hae. Ho mosali ea nang le tšoaetso ea HIV, maro a hae a botšehali ana le kokoana-hloko e lekaneng ho tšoaetso motho e mong.

Lebese la letsoele. Lebese le tsoang letsoeleng la mosali ea nang le kokoana hloko ea 3. HIV le na le tšoaetso ea HIV e lekaneng ho tšoaetsa ngoana, nakong ea kanyeso.

Maro a mang a ‘mele a bonahetse a na le kokoana-hloko ea HIV, empa ha a na kokoana-hloko e lekaneng ho tšoaetsa motho. Maro ana a kenyeletsa mathe, likeleli le mofufutso.

Ha ho bonolo ho tseba hantle hore na menyetla ke efe ea ho fumana ea HIV ketsong e itseng, empa bo ramahlale ba ea tseba hore liketsahalo tse ling tsa thobalano li kotsi ho feta tse ling. Ka kakaretso, bongata (ka palo) ba maro a ‘mele a fapanyetsanoeng, bo phahamisa kotsi ea ho fumana HIV.

Page 41: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

33

THUTO EA 3 : HIV LE AIDS LINNETE LE MAFOSISA

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO Nka lipampiri tse kholo tse tse tharo, Ho e’ngoe ngola “HA HO KOTSI”, ho ea bobeli 1. ngola “KOTSI E TLAASE” ho ea boraro, “KOTSI E HOLIMO”.

Manamisa lipampiri tsena leboteng , li behiloe ka ho lekana. 2.

Ntša LIKARETE TSA PAPALI EA KOTSI ka hara lebokose la sethusa-thuto (Thuto ea 3. boraro (3).) Holima likarete ho tla ngoloa ketsahalo ea thobalano kapa litloaelo tsa thobalano. Ka lehlakoreng le leng ho tla ba le setšoantšo se bontšang thobalano.

Abela sehlopha likarete. 4.

Botsa motho ka mong a bolele na karete ea hae o nahana e ea holima pampiri efe: ‘kotsi 5. e holimo’, ‘kotsi e tlaase’ kapa ‘ha ho kotsi’.

Hang hoba sehlopha se lumellane, ‘me o hlahlobile ka bukeng hore karabo e nepahetse, 6. beha karete holima pampiri e nang le sehlooho se nepahetseng.

KOTSI E HOLIMO KOTSI E TLAASE HA HO KOTSI

Thobalano kantle ho 1. tšebeliso ea khohlopo

Ho etsa thobalano lekhetlo 2. la pele ntle ho tšebeliso ea khohlopo

Ho ba le baratuoa ba fetang 3. bonngoe ka nako e le ‘ngoe

Ho ba le baratuoa ba 4. bangata e mong, ka mor’a e mong

Ho kotana ka libonong kantle 5. ho tšebeliso ea khohlopo

Ho nyeka kapa ho momona 6. botho ba monna ntle le tšebeliso ea khohlopo

Ho etsa thobalano ho 7. sebelisoa khohlopo e le ‘ngoe makhetlo a mangata

Ho noa joala le ho etsa 8. thobalano le motho eo u sa rataneng le eena

Ho ratana le batho ba baholo9.

Ho nyeka mosali 10. bothong ba hae

Ho nyeka kapa ho 11. momona botho ba monna ho sebelisoa khohlopo

Thobalano ho 12. sebelisoa khohlopo

Ho kotana ka 13. libonong ho sebelisoa khohlopo

Ha monna a kenya 14. botona ba hae lipakeng tsa lirope tsa mosali

Ho phollana15.

Ho akana, ho pholla, 16. ho silila.

Ho buisana le 17. moratuoa oa hau ka litaba tse tla etsa hore u khotsofale joaloka ha eka u qeta ho etsa thobalano (mohlomong le buisana fonong lesa shebana mahlong)

Page 42: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

34

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Hlahloba likarabo tsa sehlopha monaThobalano ea ka sethong sa bosali ntle le khohlopo. 1. THOBALANO E KOTSI E HOLIMO

Thobalano khetlo la pele ntle ho khohlopo.2. THOBALANO E KOTSI E HOLIMO. Thobalano ea mofuta o fe kapa o fe ntle le khohlopo e o beha tsietsing ea ho fumana HIV. Ha e le thobalano khetlo la pele monyetla oa ho taboha le ho tsoa mali ka bosaling o moholo. Sena se eketsa kotsi ea ho fumana HIV.

Ho etsa thobalano le batho ba3. fetang bo’ngoe ka nako e le ‘ngoe. BOITšOARO BONA BO KOTSI E HOLIMO

Ho ba le baratuoa ba bangata, e mong kamora e mong.4. BOITŠOARO BONA BO KOTSI E HOLIMO. Ho ba le baratuoa ba bangata ho o beha kotsing e kholo ea tšoaetso ea HIV.

Thobalano ea ka setonong ntle ho khohlopo. 5. THOBALANO E KOTSI E HOLIMO. Ho qoba bokhachane bo sa reroang, batho ba bang ba etsa thobalano ka setonong. Ba bang ba etsa thobalano ea mofuta ona e le ho leka mekhoa e fapaneng ea ho etsa thobalano. Thobalano ea setonong ntle le khohlopo ke thobalano ea kotsi e holimo haholo. Letlalo le kahare le bonolo le ka taboha le ho tsoa mali ha bonolo.Hona ho eketsa kotsi ea ho fumana HIV.

Ho nyeka kapa ho momona setho sa botona sa monna ntle le tšebeliso ea khohlopo. 6. THOBALANO E KOTSI E HOLIMO. Ho nyeka kapa ho momona setho sa botona sa monna ntle le tšebeliso ea khohlopo ke thobalano e kotsi e holimo hobane maro a monna ka bobeli ba ona (le tsoang pele ho thobalano le ha a lahla ‘mane) a na le HIV e lekaneng ho tšoaetsa motho e mong.

Ho etsa thobalano ho sebelisoa khohlopo e le ‘ngoe makhetlo a mangata. THOBALANO E 7. KOTSI E HOLIMO. O ke ke oa ba le bonnete ba hore khohlopo e ntse e tšireletsehile. Ka mohlomong e ka ba le lesoba le sa bonahaleng kamora ho sebelisoa lekhetlo la pele.

Ho noa joala le ho etsa thobalano8. le motho eo o sa mo tsebeng hantle kapa eo e seng moratuoa oa hao oa mehla. THOBALANO E KOTSI E HOLIMO. Ha re noa joala re sitoa ho etsa liqeto tse nepahetseng. Ka lebaka la joala motho a ka etsa thobalano le motho ea sa mo tsebeng hantle kapa eo e seng moratuoa oa hae oa mehla ebile a sa sebelisa khohlopo.

Ho ratana le ho kena thobalanong le bo ntate le bo mme ba baholo haholo ho uena ka 9. lilemo. KOTSI EA TšOAETSO E HOLIMO. Ha hona le phapang ea lilemo ho batho ba babeli ba ratanang, hona le boemo boo motho e mong a nang le matla ho feta e mong. Ha o sena matla ho thata ho ipuella hore o sebelise li khohlopo. Sena se o beha kotsing ea tšoaetso ea HIV.

Ho nyeka kapa ho nyanya mosali sethong sa hae sa bosali. 10. THOBALANO E KOTSI E TLAASE. Ho nyeka kapa ho nyanya mosali sethong sa hae sa bosali ke thobalano e kotsi e tlaase hoba ho na le phetisetsano ea maro e fokolang.

Page 43: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

35

THUTO EA 3 : HIV LE AIDS LINNETE LE MAFOSISA

Ho nyeka monna sethong sa hae sa botona se tširelelitsoeng ka khohlopo. 11. KOTSI EA THOBALANO E TLAASE. Likhohlopo li thibela maro a ‘mele ho kopana.

Thobalano ea ka sethong sa bosali o sebelisa khohlopo.12. THOBALANO E KOTSI E TLAASE. Likhohlopo li thibela maro a ‘mele ho kopana.

Ho kenya setho sa botona (se tširelelitsoeng ka khohlopo) ka setonong ho motho e mong. 13. THOBALANO E KOTSI E TLAASE. Likhohlopo li thibela maro a ‘mele ho kopana.

Ho mathisa botona pakeng tsa lirope tsa mosali/ngoanana 14. THOBALANO E KOTSI E TLAASE. Thobalano eo setho sa monna se sa kenang kahare ho ‘mele oa motho e mong ke thobalano ea kotsi e tlaase.

Ho phollana THOBALANO E SE NANG KOTSI. Thobalano e sa keneng kahare ke 15. thobalano e kotsi e tlaase.

Ho suna, ho aka, le ho silila. 16. THOBALANO E SE NANG KOTSI. Ha ho kotsi ea letho ea HIV liketsong tsena (tsa thobalano) hoba ha ho na phapanyetsano ea maro a thobalano. Ha ho kokoana hloko ea HIV e lekaneng matheng ho fetisa tšoaetso.

Ho buisana le moratuoa oa hao ka litaba tse tla etsa hore o khotsofale joale ka ha eka o 17. qeta ho etsa thobalano (mohlomong le bua ka fono le sa shebana mahlong). THOBALANO E SENANG KOTSI. Ha ho kotsi, ha ho phapanyetsano ea maro a ‘mele.

Qetella ketsahalo ka,Ho botsa sehlopha ho sheba lipampiri tse kholo tse tharo (tse leboteng) ba nahane ka liketso tsa thobalano tseo ba li etsang ha joale kapa tseo e bang ba li e ntse nakong e fetileng.

Ba botse na ba nahana hore na liketso tsena li amme menyetla ea bona ea ho fumana tšoaetso ea HIV joang. Hopotsa bohle hore “ho tseba boemo ba hao ba HIV ka nako, ho o thusa hore ba le bophelo bo botle bo bolelele”.

Page 44: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

36

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

KETSAHALO EA 4: Pale ea likhomo le liphokojoe

Ketsahalong ena, o tla hlalosa phapang pakeng tsa HIV le AIDS. Sehlopha se tla etsa papali e qabolang e bitsoang ‘pale ea likhomo le liphokojoe’ ho hlalosa phapang pakeng tsa HIV le AIDS.

Qala ketsahalo ka tlhalosetso, e reng,

Batho ba bangata ba ferekang’oa ke 1. phapang pakeng tsa HIV le AIDS. Batho ba bang ba nahana HIV le AIDS ke ntho tse tšoanang. Sena ha se ‘nete. Batho ba qala ba ena le tšoaetso ea HIV ebe ha nako e ntse e ea ba qetella ba le boemong ba AIDS. Kokoana hloko e sebetsa ka tsela e tjena: Batho ba tšoaetsoa ke kokoana hloko ea HIV ka boitšoaro ba thobalano bo kotsi. HIV e hlasela ‘mele ea bona e e hlokise matla. Kaha ‘mele ea bona e hloka matla, ba qala ho kula ke mafu a mangata a bitsoang ‘mafu a nkang monyetla’. Boemong bona re re motho ea nang le tšoaetso o boemong ba AIDS.

Sebelisa mohlala oa masetla-oko (ke 2. kokonyana) ha a hlasela ntlo, ka ho bua litaba tse latelang (Kapa o ka ba balla)

HIV e hlasela ‘mele joaloka masetla-oko ha a hlasela ntlo. Qalong, o keke oa bona tšenyo eo masetla-oko a e etsang ntlong ea mobu. Ntlo e bonahala e se na letho. Empa butle butle masetla-oko a lulang kahara mabota a ntlo a ja lipalo le joang bo tšoereng ntlo ‘moho.Ka ho etsa hona, masetla-oko a etsa hore motheo oa ntlo o hloke matla. Ka le leng la matsatsi moea o matla oa fihla oa liha ntlo. Se lihileng ntlo ke eng: moea kapa masetla-oko ? (Karabo: HIV e tšoana le masetla-oko. E hlasela ‘mele ho hlaha kahare, e etsa hore ‘mele o hloke matla).

Bala lintlha tsa boikhopotso tsa motataise ka

Page 45: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

37

THUTO EA 3 : HIV LE AIDS LINNETE LE MAFOSISA

Pale ea likhomo le liphokojoe

Sepheo sa ketsahalo ena ke ho sebelisa tšoantšiso ka namane ea khomo e hlaseloang ke liphokojoe ho hlalosa na HIV e ata joang ‘meleng oa motho le hore na ‘mele o ba boemong ba AIDS joang.

hloko, ‘me o itokise hore na o tla beha ketsahalo ka mantsoe a hao.

MOKHOA OA HO TSAMAISA PAPALI: Kopa moithaopi ho ema kapele ho sehlopha. Bolella motho eno ke 1. namane . Ba kope ho etsisa namane ha e lla “moo”.

Kopa baithaopi ba bang ba 4 kapa 5. Batho bana ba etse e ka ke 2. likhomo tse kholo. Mosebetsi oa bona ke ho siireletsa namane.

Kopa likhomo tse kholo ho kopanya matsoho a bona ba etse lesakana la nkope, namane e 3. be ka hare ho lona.

Ho bontša bohlokoa ba likhomo tse kholo (mosebetsi oa bona), etsa e ka o otla namane. 4. Ka pele, likhomo tse kholo li tla kopela namane hare ho e qobisa tlhaselo.

Kopa baithaopi ba bang ba bane (4) . Batho bana ke liphokojoe. Mosebetsi oa bona ke ho 5. hlasela namane.

Page 46: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

38

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Hlalosa re tla nka phokojoe e hlasetse namane, haeba e ‘ngoe ea liphokojoe e ka khona ho 6. tšoara namane.

Ha motataise a re: “ Hlasela!” Liphokojoe li tla leka ho tšoara namane. Likhomo tse 7. kholo li tla sireletsa namane.

Tsoela pele hore liphokojoe li hlasele namane nako e etsang motsotso ho fihlela liphokojoe 8. li thetsitse namane bonyane ha ‘ngoe.

Botsa sehlopha: (likarabo li ka masakaneng)9.

Ba nahana hore namane e tšoantšisa eng? ( ` Namane ke ‘mele oa motho).

Likhomo tse kholo li tšoantšisa eng? ( ` Likhomong tse kholo ke masole a’mele kahare ho ‘mele ea rona. Mosebetsi oa masole a ‘mele ke ho re tšireletsa mafung)

Liphokojoe li tšoantšisa eng? ( ` Liphokojoe ke mafu a fapaneng a hlaselang ‘mele oa motho. Mohlala, Lefuba, letšollo kapa feberu ea mala. (Liphokojoe ha se HIV)

Ha sesole sa rona sa ‘mele (likhomo tse kholo) se ntse se le matla, liphokojoe (kapa mafu) li ke ke a fihla ho namane ea khomo. Empa hang ha likhomo tse kholo (sesole sa ‘mele) li hloka matla, li ke ke tsa sireletsa namane liphokojoeng (mafung).

HIV e hlasela sesole sa ‘mele. E leka ho timetsa sesole sa ‘mele. Hang ha sesole sa rona se sena matla, re ke ke ra hlola re tseba ho itšireletsa litšoaetsong le mafung a re bolaeang.

Page 47: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

39

THUTO EA 3 : HIV LE AIDS LINNETE LE MAFOSISA

KETSAHALO EA 5: Ho utloisisa AIDS le sesole sa rona sa ‘meleKetsahalo ena e bontša ka mokhoa o bobebe na ho etsahalang ka ‘mele oa motho le sesole sa ‘mele hang hoba a fumane tšoaetso ea HIV. Qetellong ea ketsahalo sehlopha se lokela ho:

Tseba hore na sesole sa ‘mele se sebetsa joang; `

Tseba hore na HIV e hlasela sesole sa rona sa ‘mele joang; `

Utloisisa hore na HIV e re beha maemong a tlokotsing joang, ho kula le ho bolaoa ke `mafu a mangata a nkang monyetla.

Bala litaelo hantle ka hloko, etsa hore o utloisise pale ena hantle, o itokise hore na o tla e pheta joang ka mantsoe a hao.

Ho tsamisa thuto ena o tla hloka LIKARETE TSA SESOLE SA ‘MELE ka hara lebokose la lithusa-thuto. Likarete li na le matšoao a latelang:

Karete e le ngoe (1 ) : ’mele `

Karete tse ‘ne (4): masole a ‘mele `

Karete e le ngoe (1) sefuba `

Karete e le ngoe (1) “lefuba”; (1) “Mokaola”; ( 1) “sereme sa matšoafo” `

Karete e le ngoe ( 1) “Tšoaetso” ea HIV. `

MOKHOA OA HO TSAMAISA PAPALIHloaea baithaopi ba leshome. Ha o batla ho sebelisa baithaopi ba fetang 10, etsa 1. baithaopi bano sesole sa ‘mele. Ba lokela ho fasa karete molaleng oa bona.

Hlalosetsa sehlopha hore baithaopi ba 10 ba tlo etsa tšoantšiso ka hore na HIV e ama 2. ‘mele joang.

Batla moithaopi ho ba “’Mele”. Kopa ’Mele ” ho re a lule setulong bohareng ba ntlo. O 3. tla bitsoa Botle.

Hlalosa hore Botle ke mosali ea motle. O phetse hantle ‘meleng le masole a hae a ‘mele a 4. mo sireletsa mafung a fapaneng. Basireletsi ba hae kahare ho ‘mele ba bitsoa “Sesole sa ‘mele.

Kopa baithaopi ba 4 ho ba “Sesole sa ‘mele”. Ba kope ho sireletsa Botle ka ho mo etsetsa 5. lesakana la nkope. Natifisa papali ena, o ka re“Ha re amoheleng Sesole sa ‘mele ka litlatse.” Se tlameha ho mo sireletsa, se ka khona ho mo sireletsa khahlanong le ntho efe kapa efe e ka lekang ho mo hlasela.

Page 48: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

40

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Botsa sehlopha hore na ke mofuta o fe oa bokulo o ka hlaselang Botle. Ba ka ‘na 6. ba arabela ka mafu a kang “Sefuba sa mokhohlane”. Ha re amoheleng ‘Sefuba sa mokhohlane’ me re se opele liatla. Kopa moithaopi oa “Sefuba sa mokhohlane” ho tla pele a etse sa mokana a hlasela Botle. Ha “Sefuba sa mokhohlane” se tla ho hlasela Botle, “Sesole sa ‘mele” se mo kopetseng hare se hlasela “Sefuba sa mokhohlane”. Kamor’a hore Sesole sa ‘mele se loantše le ho hlola “Sefuba sa mokhohlane”, kopa moithaopi oa“Sefuba sa mokhohlane” ho emella ka thoko.

Botsa hore na mafu a mang a ka tšoaetsang motho ke afe. Haeba motho e mong a re 7. “Lefuba”. Kopa moithaopi oa Lefuba ho tla kapel’a sehlopha ‘me a leke ho hlasela Botle. Sesole sa ‘mele se’a mo sireletsa. Pheta sena ka serame sa matšoafo . Sesole sa ‘mele se tebela mafu.

Ha joale hlalosa boemo bo latelang: 8. Botle o ile a etsa thobalano ‘me a fumana tšoaetso ea lefu la likobo. Re ka fumana tšoaetso ea mafu a likobo a feng? Batho batla araba ka likarabo tse kang mokaola kapa seso. Ha re amoheleng le ho opela Seso liatla… Botsa moithaopi oa Seso ho tla ka pele a etse ka tsela e tšoanang le eo mafu a mang a entseng ka teng. Sesole sa ‘mele se sireletsa batho khahlanong le Seso.

Tsoelapele ka pale, o re: 9. “nakong ea kamano ea thobalano, Botle o ile a tšoaetsoa ke HIV. Bolella sehlopha hore tšoaetso ea HIV e bolaea sesole sa ‘mele.

Kopa moithaopi oa “Tšoaetso ea HIV” ho hlasele Botle ‘me a lihe le leng la masole 10. a mele. Ha joale ho na le masole a ‘mele a mararo ho sireletsa Botle ho mafu a mo hlaselang.

Laela11. “sefuba sa mokhohlane” ho hlasela Botle.

Kopa “HIV” ho hlasele le ho tebela lesole le leng la ‘mele. Ho setse masole a ‘mele a 12. mabeli feela. Laela Seso ho hlasela Botle.

Kopa “HIV” ho hlasela le ho tebela lesole le leng la ‘mele. Laela “serame sa matšoafo” 13. ho hlasela Botle. Serame sa matšoafo se ka hlasela botle ha bobebe hobane HIV e bolaea sesole sa hae sa ‘mele.

Ha joale Botle o boemong ba AIDS. Sesole sa hae sa sesole sa ‘mele se felile a ke ke a 14. hlola a tseba ho itšireletsa mafung a nkang monyetla.

Botsa hore na hantle Botle o bolailoe keng?15.

(Karabo). Botle o bolaoa ke sefuba sa mokhohlane kapa lefuba kapa serame sa matšoafo kapa lefu la likobo.

Ha se HIV e mo bolaeang. HIV e senya sesole sa hae sa ‘mele, sena se lumella mafu a mang ho kena le ho ‘molaea.

Page 49: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

41

THUTO EA 3 : HIV LE AIDS LINNETE LE MAFOSISA

Qetella ketsahalo ka hore:HIV ke kokoana hloko e thefulang ‘mele, ‘me qetellong motho a be boemong ba AIDS, a `be a qetelle a hlokahetse.

HIV e senya sesole sa ‘mele e re etsa re be tlokotsing ea mafu a ka re bolaeang. `

Re ka itšireletsa tšoaetsong ea HIV ha re ila thobalano kapa re etsa ‘thobalano’ e kotsi e `tlaase feela joalo ka ho suna, ho itšoara kapa mathisa botona lipakeng tsa lirope.

Re ka itšireletsa tšoaetsong ea HIV ha re sebelisa likhohlopo nako eohle ha re etsa `thobalano, le ho balekane ba rona.

Re ka itšireletsa tšoaetsong ea HIV ha re ba le moratuoa a le mong ‘me ` le eena a na le uena feela.

KETSAHALO EA 6: HIV le AIDS ho felisa mafosisa

Batho ba bangata ba na le litaba tse fosahetseng ka thobalano le HIV le AIDS. Papali ena e thusa sehlopha ho khetha haeba lipolelo tseo e le ‘nete kapa mafosisa ka HIV le AIDS.

Hlalosa hore mafosisa ke pale e fosahetseng. Hona le lipale tse fosahetseng tse ngata kaHIV le AIDS. AIDS ke lefu le lecha leo batho ba tšabang ha le ka ba tšoara. Ka nako e ‘ngoe ha batho ba tšohile, ba lumela lipale tse fosahetseng. O lokela ho tseba ‘nete ka HIV le AIDS e le hore o tsebe ho itšireletsa ho tšoaetso le ho thusa ho fetisa ‘nete ka HIV le AIDS.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTONka likarete tsa ‘NETE kapa MAFOSISA ka hara lebokose la lithusa thuto, (Thutong ea 1. 3). Etsa hore likarete li kopane hantle.

Nka pampiri tse kholo tse peli. Ho e ‘ngoe ngola, “’NETE” ho e ‘ngoe ngola, 2. “MAFOSISA”. Manamisa lipampiri maboteng a shebaneng.

Kopa sehlopha ho etsa lesakana bohareng ba ntlo. Bala karete ea pele o hoelehelitse, o 3. kope sehlopha ho ea ema tlasa letšoao le bontšang karabo ea bona. Ba nahanang hore polelo e fosahetse ba tla ea ema tlas’a letšoao la ‘Mafosisa’ le bao ba nahanang hore ke ‘nete batla ema tlasa letšoao la ’Nete.

Kopa motho a le mong kapa ba babeli ho hlalosa karabo ea bona ‘me ba khothaletsa 4. batho ba bang ho ea hlakoreng la bona.

Page 50: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

42

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Buisanang ka karabo e nepahetseng (o ntse o tataisoa ke litaba tse ngotsoe kamorao ho 5. karete). E ea polelong e hlahlamang pheta methati ho fihlela lipolelo tsohle li baluoe.

Haeba sehlopha se na le lipotso ka HIV le AIDS tseo o sitoang ho li araba, kopa mosebeletsi oa bophelo ea sebetsang setsing sa bophelo motseng oa heno ho tla bua ka HIV, ho ata hoa mafu le kalafo.

LIPOLELO TSA MAFOSISA LE TSA ‘NETEBasali le banana ba kotsing ea ho fumana tšoaetso HIV ho feta banna le bashanayana.1. ‘NETE. Taba ena ke ‘nete hobane botho ba banana ha bo so tiee hantle (kapa ho hola ka botlalo) le ‘me ho ka ba le ho taboha kapa hona ho hlaha kotsi ha bobebe. Sena ha se bolele hore banana ba itšoere ka tsela e fapaneng le ba bang, empa e le hore feela ‘mele ea bona e kotsing e phahameng ea ho fumana tšoaetso.

Haeba motho a etsa thobalano le motho a le mong, motho eo a keke fumana tšoaetso 2. HIV. MAFOSISA. Taba ena ha se ‘nete hobane: Motho eno eo u etsang thobalano le eena, eka nna eaba hona le motho e mong eo a etsang thobalano le eena eo u sa mo tsebeng. Lesotho banna ba etsang palo ea mashome a mane lekholong (40%) le basali ba etsang palo ea mashome a mabeli lekholong (20%) ba na le moratuoa a le mong kapa ba fetang bo-‘ngoe ka nako e le ‘ngoe. Haeba u etsa thobalano le motho a le mong, etsa bo nnete ba hore o etsa thobalano le uena feela e seng le motho e mong.

Ho ka etsahala hore mosali ea phelang le tšoaetso ea HIV a be le ngoana ea se nang 3. tšoaetso ea HIV. ‘NETE. Taba ena ke ‘nete hobane: Haeba mosali a sebelisa litlhare tse thibelang tšoaetso ho tloha ho ‘Ma ho ea ho lesea ngoana eo a ka hlaha a se na tšoaetso. Haeba a sa sebelise litlhare tsena, ngoana a ka tšoaetso nakong ea bokhachane, nakong eo a hlahang kapa nakong ea kanyeso. Taba ea bohlokoa eo u ka e etsang ha u le mokhachane ke ho hlahlobela tšoaetso ea HIV ‘me u latele likeletso tsa basebeletsi ba bophelo.

Batho ba nyalaneng ha ba hloke ho hlahlobela tšoaetso ea HIV kapa ho sebelisa 4. likhohlopo. MAFOSISA. Taba ena ha se ‘nete hobane: Ntle le hore batho bao ba nyalaneng ba be le bo-nnete bo feletseng ba hore balekane ba bona ha ba etse thobalano le batho ba bang, ba tla lokela ho sebelisa likhohlopo. Ntho ea bohlokoa eo ba ka e etsang ke ho hlahlobela tšoaetso ea HIV, ba na le tšoaetso kapa ba se na eona,ba lokela ho etsa thobalano ba le bang feela.

AIDS e ama haholo batho ba banyane lilemong. MAFOSISA.5. Taba ena ha se ‘nete hobane batho ba bangata ba nyalaneng Lesotho ba phela le tšoaetso ea HIV/AIDS ho feta batho ba sa nyalanang. Sekhahla sa tšoaetso ea HIV se phahame haholo ho basali ba lilemo tse lipakeng tsa 25 le 40. Ho banna, teng sekhahla sa tšoaetso ea HIV se phahame haholo ho ba lilemo tse lipakeng tsa 30 le 49 (e qotsitsoe ho modes of transmission study (NAC 2008)

Page 51: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

43

THUTO EA 3 : HIV LE AIDS LINNETE LE MAFOSISA

O ka fumana AIDS ka lebaka la boloi. 6. MAFOSISA. Taba ena ha se ‘nete. Tšoaetso ea HIV ke eona e bakang AIDS. Joalokaha tšoaetso ea sefuba e baka sefuba kapa tšoaetso ea lefuba le eona e baka lefuba. U ka ba le AIDS ha feela u na le tšoaetso ea HIV ‘meleng oa hau. Ntle le moo, ha ho ntho e ‘ngoe e ka etsang hore u be le AIDS.

African potato, bitiruti, konofono ‘moho li ka phekola AIDS. 7. MAFOSISA. Taba ena ha se ‘nete hobane: Ha ho pheko bakeng sa AIDS. Mefuta e meng ea Lijo le litlama-tlama li ka etsa hore u ikutloe o hlaphohetsoe le ho thusa ho fokotsa matšoao a mang ao motho a nang le ona, empa li keke tsa phekola AIDS. Phepo e nepahetseng e bohlokoa molemong oa bophelo bo botle.

Batho ba phelang mose ho maoatle (joale ka Amerika le linaheng tsa Manyesemane) ba 8. na le meriana e fapaneng e ka ba phekolang HIV/AIDS. MAFOSISA. Taba ena ha se ‘nete hobane: Ha ho pheko bakeng sa AIDS. Litlhare tsa li-ARV li thusa motho ea nang le tšoaetso ea HIV ho phela nako e telele a phetsehantle empa ha li phekole AIDS

Ho amohela limpho kapa chelete ho monna kapa mosali ho ba fa matla a hore ba u laole. 9. MAFOSISA. Taba ena ha se ‘nete hobane: ke uena ea etsang qeto ea hore na u batla ho etsa thobalano le mang, neng, hokae.

Haeba batho ba babeli ba baratanang ba phela le tšoaetso ea HIV, ba lokela ho sebelisa 10. likhohlopo. ‘NETE. Taba ena ke’nete hobane: Ha batho ba babeli ba baratanang ba phela le tšoaetso ea HIV, ba lokela ho sebelisa likhohlopo ho qoba tšoaetso e iphetang ea HIV. Tšoaetso e iphetang ea HIV e ka potlakisa bokulo.

Ho sebelisa litlama tse ommeng ka bothong ba bosali ho fokotsa maro a ‘mele, ‘me ho ka 11. thibela HIV. MAFOSISA. Taba ena ha se ‘nete hobane: Ho omisa botho ba mosali ka mokhoa o fe kapa o fe ho etsa hore a tabohe le ho tsoa mali ha bobebe. Sena se etsa hore kotsi ea tšoaetso ea HIV e phahame ho feta ho fapana le ho e theola.

50

40

30

20

10

015-19 20-24 25-29 30-34 35-39 40-44 45-49

2

11

24

41

39 34

28

17

29

43

39

25

8

40

BASALI BANNA

Page 52: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

44

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Ha batho ba babeli ba ratanang ba phela le tšoaetso ea HIV, ‘me e ba mosali o kula 12. pele, o tlameha hore e be ke eena ea tšoaelitsoeng pele. MAFOSISA. Taba ena ha se ‘nete hobane: ho kula ka Sekhahla h’a e mong pele ha ho amane le hore na ke mang ea tšoaelitsoeng pele. Hangata e amana le hore na motho o sebetsa mosebetsi o boima hakae, mofuta oa lijo tseo a li jang le hore na o fumana phomolo e kae esita le bokhoni ba ‘mele ea bona ho itoanela khahlanong le mafu. Ere ka ha basali hangata ba etsa mesebetsi e boima ‘me ba bile ba hloka nako e ngata ea ho phomola, ‘mele ea bona e ka sitoa ho itoanela khahlanong le mafu.

Qetella tšebetso, e re,Hona le lipale tseo e seng ‘nete tse ngata ka HIV le AIDS. AIDS ke lefu le lecha leo batho ba tšabang ha le ba tšoara. Ka nako e ‘ngoe ha batho ba tšohile, ba lumela lipale tseo e seng ‘nete. O lokela ho tseba ‘nete ka HIV le AIDS e le hore o tsebe ho itšireletsa khahlanong le tšoaetso le ho thusa ho jala ‘nete ka lona.

Etsa bonnete ba hore le buoa ka melaetsa ea bohlokoa e latelang. Haeba litaba tsena li sa ka tsa hlaha lipuisanong, li hlahise ho na joale.

E mong le e mong ea etsang thobalano o kotsing ea tšoaetso ea HIV.1.

Ha o na le leseli ka litaba tsa HIV, hore na e t2. šoetsoana joang le hore na o ka e qoba joang, o ka tseba ho itšireletsa khahlanong le tšoaetso ea HIV.

Fumana linnete. O se ke oa jala mafosisa le mashano ka HIV le AIDS.3.

Bua le moratuoa oa hao ka linete 4. ka tšoaetso ea HIV le kamoo le ka sireletsanang ka teng tšoaetsong. Haeba o sitoa ho bua le moratuoa oa hao, etsa bonnete ba hore o oa itšireletsa.

Ke boikarabello ba rona bohle ho 5. itšireletsa le ho sireletsa bao re ba ratang ho qoba tšoaetso ea HIV. Kaofela re na le boikarabelo ba ho itšireletsa le bao re ba ratang, ho tšoaetso ea HIV.

HOPOLA:

Phethela thuto ea kajeno ka ho tlatsa foromo ea boitlhatlhobo holima thuto ea letsatsi. Botsa sehlopha maikutlo a bona ka thuto ea kajeno, ka hore ba arabe lipotso tse hlahang foromong ena, ’me u ngole likarabo tsa bona holima foromo ena. Bolella sehlopha hore bonyane le tla nka metsotso e mehlano ho tlatsa foromo ena.

Page 53: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

45

THUTO EA 3 : HIV LE AIDS LINNETE LE MAFOSISA

THUTO EA 3: MElAETSA EO SEHlOPHA SE TSAMAEAng KA EOnA

Hona le lipale tse ngata tseo e seng linnete ka HIV le AIDS. `Itšireletse le ba bang ka ho buisana ka linete tsa HIV. `Se ke oa jala mafosisa ka HIV le AIDS. `Ka mehla sebelisa khohlopo le motho e mong le e mong eo o etsang thobalano `le eena makhetlong ohle.Ha o fumana o sena tšoaetso ke monyetla oa ho lekola boitšoaro ba hao le `litloaelo tsa hao litabeng tsa thobalano ho etsa bonnete ba hore o lula o sena tšoaetso.

‘KELETSO KE LEBONE’

THUTO EA 3: MEKHOA E MEng EA HO AnETSA THUTO SECHABEng

Qholotsa mokhatlo oa bacha motseng oa heno ka lipotso tsa linnete tsa HIV 1. le AIDS. Romella C-Change litšoantšo tse bontšang tlholisano ena le tlaleho e ngotsoeng o tsebe ho ba le monyetla oa ho hapela sehlopha sa heno limpho.

Etsa setšoantšo o sebelisa pampiri e kholo se ka fetisang melaetsa. A ku nahane 2. hore na lona le le sehlopha le ne le ka etsang setšoantšo se joang ha e ne e ba le sebeletsa ‘muso ‘me le ruta batho ka thibelo ea HIV. Etsa pampiri eo o sebelisa litlhaku tse bupuoeng ka lebitso la sehlopha sa heno. Mohlala: Phela support group.

P – Puisano ke lelomolo,

H – Hlokomela kotsi ea ho etsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe.

E – Ellelloa bohloka ba ho tšepahalla moratuoa oa hao.

L – Lerato la ‘nete lea sireletsa.

A – Arolelana tsohle le moratuoa oa hao.

Page 54: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

46

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Hlokomela: haeba lebitso la sehlopha sa heno se na le litlhaku tse se nang mantsoe a Sesotho, le ka sheba lentsoe le leng le tla kenya tlhaku ena. Mohlala Ipopeng support group. Sebakeng sa (G) re tla ngola ‘Ngongoreha ha o sa tsebe boemo ba hao”.

Romella pampiri ena e kholo e nang le melaetsa ea ho thibela HIV, e bupuoeng ka lebitso la mokhatlo oa lona ho C-Change o tsebe ho ba monyetleng oa ho hapela sehlopha sa heno limpho.

Mema metsoalle ea hao ho lula ‘moho bosiu le shebella e ‘ngoe ea litšoantšo tsa 3. ONELOVE ‘Untold Stories’ le buisane ka litaba tse hlahang setšoantšong hore na li le ama joang.

Ngola tšoantšiso e ka hlahisoang thelefishining (TV) lipaleng tsa ONELOVE. 4. Haeba tšoantšiso ea hao e le mabapi le thibelo ea HIV ka ho fokotsa bonyatsi kapa palo ea batho bao motho a etsang thobalano le bona ka nako e le ‘ngoe, e romelle ho C-Change o be le monyetla oa ho oa ho hapela sehlopha sa heno limpho.

Romella C-Change litlaleho ka lethathamo la lintho tseo le li e entseng le le 5. sehlopha e le ho fetisetsa melaetsa sechabeng ka se ka etsoang ho fokotsa ho ata hoa HIV o be le monyetla oa ho hapela sehlopha sa hao limpho.

Page 55: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

47

THUTo Ea 4MENATE LE MATHATA A

BONYATSI Ketsahalo ea 1: Re bolelang ka bonyatsi kapa ho boka? .....................................Metsotso e 15

Ketsahalo ea 2: Khokahano ea thobalano ke eng? ..............................................Metsotso e 45

Ketsahalo ea 3: Khokahano ea thobalano ea Limpho ..........................................Metsotso e 20

Ketsahalo e sa tlameng: Mantsoe a sebelisoang ho hlalosa likamano tse fapaneng

Ketsahalo ea 4: Hobaneng khokahano tsa thobalano li le kotsi? Boleng ba HIV ......Metsotso e 40

Ketsahalo ea 5: Khokahano ea thobalano motseng oa habo rona ........................Metsotso e 30

Ketsahalo ea 6: Boleng le Tlhahlobo ea Kotsi ...................................................Metsotso e 20

Lesakana le Koalang: Papali: Tseo ke li ratang ka motse oa haeso .......................Metsotso e 10

Lihora tse 2, metsotso e 20p

Page 56: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

48

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Tse tlang ho ithutoa

Qetellong ea thuto litho tsa sehlopha li lokela ho:

Tseba hore nakong Libeke tse tharo tsa ha motho a qeta ho 1. tšoaetso, ‘me a etsa thobalano a sa sebelise likhohlopo o kotsing e kholo ea ho tšoaetsa ba bang.

Utloisisa ka moo khokahano ea thobalano e eketsang kotsi le ho 2. anetsa ho ata hoa HIV.

Elelloa kotsi eo ba leng ho eona ea ho ba le tšoaetso ea HIV ka 3. lebaka la boitšoaro ba bona le ba baratuoa ba bona.

Ho nahana ka mekhoa ea ho itšireletsa ha ba etsa thobalano 4. haeba ba le khokahanong ea thobalano.

Kakaretso ea thuto

Ketsahalo ea 1: Re bolelang ka bonyatsi kapa ho boka? Sebelisa lipale tsa Nono le Thabo hammoho le Boitelo le Phakisi ho hlalosa hore na bonyatsi keng.

Ketsahalo ea 2: Khokahano ea thobalano ke eng? Sehlopha se tla tsoela pele ka pale ea Nono le Thabo le Boitelo le Phakisi ho hlalosa khokahano ea thobalano.

Ketsahalo ea 3: Khokahano ea thobalano ea Limpho. Re tla buisana ka litaba tsa Limpho ha re qeta ho bala pale ea hae. Ketsahalo ea mantsoe a sebelisoang ho hlalosa likamano tse fapaneng, ha e sa tlameng, e ka etsoa ha nako e le teng): E batla litho tsa sehlopha li nahane ka mantsoe le maele ao batho ba motse oa bona ba a sebelisang ho hlalosa bonyatsi le ka moo mantsoe ana a amang boitšoaro ba rona ka teng.

Ketsahalo ea 4: Hobaneng khokahano ea thobalano e le kotsi? Boleng ba HIV. Hona ke thuto e fanoang ke motataise a sebelisa setšoantšo sa “Hobaneng HIV e rata Bonyatsi” ho hlalosa ka moo HIV e atang ka potlako khokahanong ea thobalano.

Ketsahalo ea 5: Likhokhano tsa thobalano tse metseng ea rona. Litho tsa sehlopha li qapa khokahano ea thobalano ba sebelisa likarete tse bontšang “batho ba tšoanang le ba phelang metseng ea rona”. Lesakana le Koalang: Tseo ke li ratang ka motse oa heso. Sena se koala thuto ka tsela e monate, u botsa litho tsa sehlopha tseo ba li ratang motseng oa bona.

Page 57: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

49

THUTO EA 4: MENATE LE MATHATA A BONYATSI

Lisebelisoa tse Hlokahalang

Ketsahalo ea 1: Likarete tsa litšoantšo tsa LIPALE TSA NONO LE THABO, BOITELO LE PHAKISI.

Ketsahalo ea 2: Likarete tsa litšoantšo tsa KHOKAHANO EA THOBALANO EA BOITELO LE PHAKISI, THABO LE NONO.

Ketsahalo ea 4: Litšoantšo tse bontšang na HIV e ata joang ka hara ‘mele ea rona LE setšoantšo sa “Hobaneng HIV e rata Bonyatsi”.

Ketsahalo ea 5: Likarete tsa batho ba tšoanang le ba phelang metseng ea rona.

Boitokiso ba pele ho thupelo

Itokisetse ho sebelisa likarete tsa batho ba tšoanang le ba phelang metseng ea rona, ho bopa khokahano ea thobalano.

Selelekela

Amohela bohle thutong ena. Leboha bohle ba teng. Haeba ho na le litho tsa sehlopha tse eso fihle, botsa hore na ba ntse ba tla kapa ha ba tlo khona ho ba teng thuto ea kajeno.

Kopa baithaopi ba neng ba le teng thutong e fetileng ho fana ka boikhopotso holima liketsahalo tsa thuto e fetileng. Kopa sehlopha ho etsa lesakana la nkope, ‘me uena u le motataisi o akhele bolo ho e mong feela oa litho tsa sehlopha ‘me eena a bolele maikutlo a hae, kapa seo a ithutileng sona thutong e fetileng. Ena ke tsela e ntle ea ho hlahloba kutloisiso ea sehlopha ea melaetsa ea bohlokoa thutong e fetileng.

Bontša sehlopha thuto eo re e etsang kajeno, seo re tla se kotula thutong ea kajeno le liketsahalo tseo re tla be re li etsa u sebelisa pampiri e ngotseng lethathamo la tšebetso e tsoang kahar’a lebokose la Lithusa-thuto. Tseo re tla ithuta tsona li ngotsoe litabeng tse hlahang pele ho selelekela.

Fetisa foromo eo batho ba ngolang mabitso ho eona, haeba ho na le baeti hopola hore ba ngole mabitso a bona karolong ea baeti. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u tekene ka tlase

Hlalosetsa litho tsa sehlopha hore thutong ea kajeno re tlo shebana le boitšoaro bo kotsi ba ho ba le baratuoa ba fetang bo nngoe ka nako e le ‘ngoe. Batho ba bang ba tloaetse ho hlalosa ketso ena ka hore ke bonyatsi kapa ho boka.

Hlalosetsa litho tsa sehlopha hore thutong ena re tla ithuta litaba tse ncha ka boleng ba HIV le kamoo koakoana-hloko ea HIV e amang ‘mele oa motho ka teng. Empa re tla qala pele ka ho hlalosa hore na ho etsa thobalano le batho ba fetang bongoe ka nako e le ‘ngoe ho bolelang.

Page 58: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

50

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

KETSAHALO EA 1: Re bolelang ka bonyatsi kapa ho boka?

Ketsahalong ena u tla sebelisa lipale tsa batho ba bane ho hlalosa hore na re bolelang ka bonyatsi kapa ho boka, le ho hlalosa khokahano ea thobalano. Sepheo sa ketsahalo ena ke ho thusa litho tsa sehlopha ho utloisisa ka moo ho ba le baratuoa ba bangata ka nako e le ‘ngoe (bonyatsi) ho fapaneng le ho ba le moratuoa e mong ka mora ho hlala e mong .

Bongata ba rona re ea tseba hore ha u na le baratuoa ba bangata, u kotsing e kholo ea tšoaetso ea HIV. Seo ba bangata re sa se tsebeng ke hore ha re etsa thobalano le batho ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe, re kotsing ea ho fumana ea tšoaetso ea HIV ho feta motho ea bang le moratuoa e mong ka mora ho hlala e mong.

MEKHOA EA HO TSAMAISA THUTOHlalosetsa litho tsa sehlopha hore na ho boka kapa bonyatsi ho bolelang.1. Ho boka kapa bonyatsi ho bolela tloaelo eo banna le basali ba nang le likamano tsa thobalano le batho ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe. Hangata motho o na le likamano tsa lerato le motho e mong hape, kantle ho molekane oa hae kapa moratuoa oa hae oa mantlha kapa oa bohlokoa. Ketso ena re tloaetse hore ke bonyatsi ha e le motho ea nyetseng ea etsang thobalano le batho ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe. Lesotho mona, bonyatsi bo etsoa ke banna le basali.

Tloaelo ena ea ho ba le baratuoa ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe e u beha 2. kotsing e kholo ea ho ba le tšoaetso ea HIV le ho fetisetsa HIV mothong eo u mo ratang.

“Re tlo bala lipale tsa batho ba fapaneng, ‘me re tla ithuta ka bona”. Balla litho tsa 3. sehlopha pale ea Boitelo le Phakisi u ntan’o bala pale ea Thabo le Nono.

Page 59: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

51

THUTO EA 4: MENATE LE MATHATA A BONYATSI

PALE EA PHAKISI LE BOITELO

PALE EA THABO LE NONO

Hae, Basali! Ba sokolisa kea u bolella. Ke na le lilemo tse 15 ke nyalane le Boitelo empa he ke khathetse joale tjena. Ha ho sa le monate. Joale boemong bo motho oa monna o etsa joang? Ke bolela hore ha feela ke e entse pinyane, ha feela ke ntse ke fana ka chelete, ha feela ke ntse ke na le eena, ke mo hlokomela ‘moho le bana ba rona, ke ntse ke mo tšepahalla. Ke se fe seo nka se etsang? Lerato la rona le se ne le fele khale… empa re na le bana... ‘me re ntse re lula ‘moho

Bona lesea la ka le letle joang! Ke ngoana oa rona oa boraro, ngoana oa ngoanana eo esaleng ke mo batla ka nako e telele, ke thabile hoo! Ha e le Phakisi eena ke monna ea lokileng, o sebetsa ka thata, o tlisa chelete lapeng o bile o rata le bana ba hae. Empa joale matsatsing ana ke khathatsehile, o lula a tsamaile a ile joaleng le metsoalle ea hae, ena e mo lihelang. Mafelong a beke teng ha a ke a tle hae ka nako, o fihla bosiu. Empa joale ke tla reng? Nkeke ka botsa monna taba tsena. Ke rapela empe ebe ha ho na motho eo a ratanang le eena.

Ho monate ho ba le chelete. Ke na le Khoeli joale ke sebetsa Mosebetsi o mocha ‘me ke se ke lula Maseru. Mona ho monate ho feta Mphaki! Ho menyaka ea bosiu, Ho bo DJ, he ho monate! Ke nahana hore ke hlolohetsoe Thabo, empa joale chehe! banna ba mona ba nepahetse kannete! Ha se hore ha ke sa rata Thabo, ke ntse ke mo rata, ke ntse ke kopana le eena, kea mo hloka, empa joale motho u phela hangoe feela,

Ke hore Nono o ntšietseng? Maseru ho hole, ho nkuka hora tse hlano ho fihla ka taxi! Ke mo hlolohetsoe.. o bohlokoa ho ‘na, ha ho na e mong. Ke lula ke mo nahanne esale a tsamaea. Re ntse re kopana ka mor’a beke tse tharo empa ha ho tšoane leha a ne a ntse a le mona. O lula a bua ka metsoalle ea hae e mecha le menyakoe eo a eang ho eona.

Page 60: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

52

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

4. Ka mor’a ho bala lipale tsena tse peli, botsa litho tsa sehlopha lipotso tse latelang.

Maikutlo a hau ke a fe malebana le batho baa, ha o sheba liketso tsa bona le maemo `ao ba leng ka hara ona?

Na re tseba batho ba maemong a tšoanang? `

Qetella ketsahalo, ka hore Ho na le mabaka a mangata a etsang hore batho ba be le likamano tsa thobalano `tse ling kathoko ho likamano tsa bona tsa mantlha. Thutong e hlahlamang re tla shebana le mabaka a mangata a fapaneng a etsang hore batho ba be le likamano tsa thobalano le batho ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe. Mabaka a mang ke hobane ba futsanehile kapa hobane ba batla ho fumana thobalano e ba khotsofatsang (ho feta eo ba e fumanang likamanong tsa bona tsa mantlha).

Kajeno re batla ho sheba kotsi le litla-morao tsa ho ba le ` baratuoa ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe nakong ena ea HIV le AIDS.

Ha re ba le baratuoa bangata ka nako e le ‘ngoe,ebile re etsa thobalano le bona `re ba karolo ea khokahano ea thobalano. Ha motho a le mong khokahanong ea thobalano a ba le tšoaetso ea HIV, batho bohle ba khokahanong ea thobalano ba ka tšoaetsoa ke HIV.

Ha re shebe mohlala oa khokahano ea thobalano ketsahalong e hlahlamang.

Page 61: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

53

THUTO EA 4: MENATE LE MATHATA A BONYATSI

Ketsahalo ea 2: Khokahano ea thobalano ke eng?

Ketsahalong ena u tla hlalosa hore na khokahano ea thobalano keng ka ho tsoelapele ka lipale tsa Boitelo le Phakisi le Thabo le Nono. Ka morao re tla buisana ka litaba tse amanang le khokahano ea bona ea thobalano, ka mokhoa oa ho araba lipotso tse leqepheng le hlahlamang.

Khokahano ea Thobalano ea Boitelo le Phakisi, Thabo le Nono

Mpho

Lenala Limpho

Phori Ntsopa

LIPOTSO TSA SEHLOPHAHaeba Phori a tšoaelitsoe HIV ka ho etsa thobalano e sa sireletsehang ke kharebe ea 1. hae Ntsopa bosiung bo fetileng – ke mang ea ka ba kotsing ea ho ba le tšoaetso ea HIV? Batho ba supileng ba ka ba kotsing. Na u ka ba bolela? (Ntsopa, Boitelo, Phakisi, Nono, Limpho, Lenala, Thabo)

Ntsopa a ka fokotsa kotsi ea ho ba le tšoaetso ea HIV joang? 2. (Ba sebelisa likhohlopo. Phori o na le tšoaetso ea HIV)

Bongata ba batho bana ba tšoantšisong ena ea khokahanong ea thobalano ha ba elelloe 3. hore ba kotsing. See se bakoa keng?

Page 62: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

54

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

(Ba bang ha ba tsebe hore baratuoa ba bona ba na le baratuoa ba bang. Ba nahana hore ba babeli feela, empa hantle-ntle ba hokahane le batho ba bang khokahanong).

Haeba Thabo a se a sa ratane le Nono ‘me a qala ho ratana le Mpho – na Mpho o kotsing 4. e tšoanang ea HIV? (Ha ho joalo. Mpho o ne a ke ke a ba kotsing e tšoanang hobane ha se karolo ea khokahano ea thobalano. Haeba Thabo a khaotsa le Nono, ke Mpho le Thabo feela ba seng khokahanong ea thobalano).

Papali: Ka nokeng, ka ntle Kopa litho tsa sehlopha ho etsa lesakana. Hlalosa: “Re eme lebopong la noka. Ha ke re ‘ ka nokeng’ ke batla hore le qhomele bohareng ba noka ( ka ho qhomela ka hara lesakana”). (Bona hore bohle ba qhomela bohareng). “Ha ke ka ntle, ke batla le boele le khutlele lebopong moo le bolokehileng”. (Bona hore ba qhomela morao lebopong). Qala ka ho hoelehetsa ‘ka nokeng!’ ka ntle! ‘ka nokeng! ‘‘ka ntle!’ ‘me litho tsa sehlopha li qhomele pele le morao ho latela seo u se buang. Leka ho ba qhekella ka ho hoelehetsa ‘ ka nokeng’! ba se ntse ba le ka nokeng kapa ‘ka ntle’ ba se ntse ba le ka ntle. Ha motho a etsa phoso, a tsoe lesakaneng, a eme ka thoko. Papali ena e tsoelapele ho fihlela ho setse motho a le mong, motho enoa ke eena ea hlolang.

KAPA

Papali: Sekepe se tebang Kopa bohle ho inahana ba le ka sekepeng se tebang ka pele hare ho letamo. Ho kena liketsoaneng tsa pholoho re lokela ho ba lihlopheng tse nang le lenane le itseng sehlopheng ka seng. Bolella bohle ho tsamaea, ho kopa-kopana le ba bang, ‘me uena u hoelehetse: “Sekepe se ea teba- etsang lihlopha tsa batho ba bararo”. Motho a le mong kapa ba babeli ba ka nna ba sala ka thoko – u ka ba bolella ho lula fatše. Pheta makhetlo a ‘maloa ka lipalo tse fapaneng, mohlala ‘lihlopha tsa batho ba 4’, ‘lihlopha tsa batho ba 7’.

Page 63: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

55

THUTO EA 4: MENATE LE MATHATA A BONYATSI

KETSAHALO EA 3: Pale ea Limpho

Ketsahalong ena u tla bala pale ea Limpho ho thathiseletsa ho ithuta ka khokahano ea thobalano ho tsoa thutong e fetileng.

Bolella litho tsa sehlopha hore u tlo ba phetela pale ea mosali e monyane lilemong ea bitsoang Limpho. Ba kope ho koala mahlo ‘me ba iketsetse setšoantšo sa ka moo Limpho a shebahalang kateng, a nahanang ka teng, le ka moo a ikutloang kateng. Bala pale ea Limpho kapa u kope e mong oa litho tsa sehlopha ho e bala.

Khokahano ea Limpho ea thobalanoLimpho ke mosali ea lilemo li 36 oa Mohale’s Hoek. O na le bana ba babeli, ngoanana ea lilemo li 12 le moshanyana ea lilemo li 6. O lula le mohlankana oa hae, Ntate Tšepo thokoana ho toropo. Tšepo ke monna ea thotseng ea sa kopaneng le batho. Limpho ke motho oa batho ea ratang menate.

Monna oa Limpho oa pele o hlokahetse ka 2008 kamor’a ho kula nako e telele a ena le Lefuba. Limpho o kopane le Tšepo thapelong ea bosiu ‘me ba qalella ho ratana. Tšepo o boleletse Limpho hore ha a na mosali. Kaha a ne a se na mosali Limpho o ile a etsa qeto ea ho lula le eena, ‘me joale ba lula ‘moho e le monna le mosali. Limpho o rata ho “chalaka” hobane a re “ke tsela eo batho re bopiloeng ka eona”.

Ha Limpho a ne a ntse a sebetsa lifemeng Maseru o ile a ba le mohlankana a le mong. Ha a sa sebetsa teng, empa ha a ea Maseru o oa mo chakela. O boetse o na le mohlankana eo a mo tsebileng nako e telele Ha Motsikoane; o lula motseng oa habo. Ka nako e ‘ngoe o kopana le eena ha a ea habo.

O boetse o na le mohlankana motseng oo a lulang ho ona le mohlankana oa hae, Tšepo . Lebitso la hae ke Tankiso. Limpho o re: “Ha ke nahane ho na le motho ea tsebang ka eena, empa le ha ba ka tseba, Tšepo ha a tsebe”. Limpho o re o tšepahalla monna oa hae hobane “ha a tsebe ka bahlankana ba ka ba bang, ba haufi le mona, ba Maseru le ba toropong”.

Limpho ha a sebelise likhohlopo le bahlankana ba hae kapa monna oa hae. “O nahana hore mafura a likhohlopong a ka etsa hore a kule... Limpho o re, “Haeba AIDS e teng, e teng. Empa haeba ha e eo, ha e eo”. Limpho o rata hore: “Ho bapala ke karolo ea botho, re bapala hobane ho hlotsoe joalo. Monna le mosali ba bopetsoe thobalano”.

Page 64: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

56

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Buisana ka lipotso tse latelang le sehlopha.

Ha re etseng setšoantšo sa khokahano ea thobalano eo Limpho a leng ho eona.1.

Ke likotsi life tseo Limpho a ipehileng ho tsona le bahlankana ba hae? 2.

Tšoaetsanoang ea HIV; Mafu a likobo, bokhachane bo sa reroang3.

Haeba Limpho e ne e le motsoalle oa hao u no u ka mo eletsa ho etsa joang? 4.

Ho fokotsa lenane la batho bao a robalang le bona. Ho sebelisa likhohlopo le baratuoa bohle ka linako tsohle ha a etsa thobalano

MOHLANKANA OA KHALE EA

HLOKAHATSE KA 2008

MOHLANKANA OA MASERU

MOHLANKANA OA MOHALE’S HOEK

MOHLANKANA OA HA MOTSIKOANE

TSHEPO

LIMPHO

KHOKAHAnO EA liMPHO EA THOBAlAnO

Page 65: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

57

THUTO EA 4: MENATE LE MATHATA A BONYATSI

Ketsahalo ea 4: Mantsoe a sebelisoang ho hlalosa

likamano tse fapanengKetsahalo ena e sebelisa mokhoa oa boinahano ‘moho. Botsa litho tsa sehlopha mantsoe a sebelisoang ho hlalosa mefuta ea likamano tse fapaneng. Ketsahalo ena e khutšoane , e monate. Se ke ua qeta nako e ngata ho eona.

Botsa litho tsa sehlopha, (metseng ea rona):

Ke mantsoe a fe a sebelisoang ha banna ba na le baratuoa ba fetang bonngoe ka nako e le `‘ngoe?

Ke mantsoe afe a sebelisoang ha basali ba na le baratuoa ba fetang bonngoe ka nako e le `‘ngoe?

Ngola mantsoe ao sehlopha se buileng ka ona pampiring e kholo, u etse lethathamo le lekhutšoane holim’a pampiri eona eo e kholo.

linTlHA TSA MOTATAiSi

Ana ke a mang a mantsoe a sebelisoang libakeng tse fapaneng Lesotho mona. Ho na le a mang ao sehlopha se tsebang?

Ho boka Kamano ea kathoko ho lenyalo eo Basotho ba e iphapanyetsang eona hobane e etsoa ka boitlhompho

Leshala Kamano e patuoengMokokotelo Kamano e patuoeng – hangata bathong ba banyane lilemong

ba nang le likamano tse ling.Mosali oa ka “Mosali oa ka”. Ekaba mosali oa molao kapa mosali ea

ratoang ‘me ea nkoang a le bohloka ke moratuoa oa hae.ATM kapa Letona la Lichelete kapa Sugar Daddy or Sugar Mommy

Moratuoa e moholo lilemong ea fanang ka chelete sebakeng sa thobalano. Hangata moratuoa e moholo o na le monna kapa mosali, le ea lilemong tse tlase o na le kharebe kapa mohlankana ka nako e le ‘ngoe.

Floor Engineer kapa Khetwiwe kapa Sista Betina

Ngoanana ea lilemong tse tlase ea sebetsang lapeng ‘me a sebelisoa ke mong’a ntlo oa monna sebakeng sa thobalano. Monna o etsa thobalano le mosali oa hae le ngoanana ea lilemong tse tlase ka nako e le ‘ngoe.

Page 66: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

58

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Balimo kapa Mabluza kapa Zebra (stretch marks) kapa Biltong kapa Bo-granny kapa Gaole

Mosali ea moholo lilemong, hangata ea nyetsoeng, ea ratanang le monna ea monyane ho eena.

Bibo kapa Bonjo kapa Nestum kapa Hlatsoane kapa Le brat kapa Kideo

Monna ea monyane lilemong ea ratanang le mosali e moholo ho eena eo hangata a nyetsoeng.

Spare Wheel kapa Plan B Ha monna kapa mosali a na la baratuoa ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe.

Matona Hangata ke monna oa morui ea fanang ka limpho tse kang fono, koloi, chelete joalo-joalo. Hangata o li fa mosali ea lilemong tse tlase.

Mofumahali Kharebe (kapa mosali) ea mantlha bophelong ba monna – a ka ba lilemong life kapa life.

Youth Academy Monna ea lilemong tse tlase ea ratanang le mosali ea moholo ho eena.

Qetella ketsahalo, e re: Taba ea hore ebe re na le mantsoe a mangata a hlalosang likamano tse fapaneng, e le bonyatsi kapa taba ea hoba le baratuoa ba bangata ka nako e le ngoe e supa ka moo boitšoaro bona bo tloaelehileng kateng sechabeng sa habo rona ho tloha mehleng ea khale le kajeno.

Page 67: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

59

THUTO EA 4: MENATE LE MATHATA A BONYATSI

KETSAHALO EA 5: Hobaneng khokahano ea thobalano e

le kotsi? Boleng ba HIVKetsahalong ena, uena joaloka motataisi o tla fana ka thuto ka:

ka moo HIV e hlaselang ‘mele u sebelisa litšoantšo tse tsoang ka har’a lebokose la 1. Lithusa-thuto

Hobaneng khokahano ea thobalano e le kotsi, u sebelisa setšoantšo sa “Hobaneng HIV e 2. rata bonyatsi” se tsoang ka har’a lebokose la Lithusa-thuto.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTOHlalosa ketsahalo: Ho utloisisa hore na hobaneng khokahano ea thobalano e le kotsi, re 1. hloka ho utloisisa boleng ba HIV. Re hloka ho utloisisa ka moo tšoaetso ea kokoana-hloko ea HIV e amang ‘mele ka teng.

Hopotsa litho tsa sehlopha ka papali ea ‘sesole sa ‘mele’ eo re e entseng thutong ea boraro 2. (3 )e neng e bontša ntoa lipakeng tsa “HIV” le “Sesole sa ‘mele”. Fa litho tsa sehlopha, litšoantšo tse ngotsoeng “TSELA EO HIV E ATANG KA EONA ” e tsoang ka har’a lebokose la lithusa thuto.

Sebelisa lipale tsa litšoantšo3. (ka tlase) ho thathiseletsa papali ea sesole sa ‘mele le ho hlalosa tsela eo HIV e atang ‘meleng ka teng.

Setšoantšo sa 1:

‘mele ea rona e na le masole a re sireletsang. CD4 ke mofuta oa sesole sa ‘mele e sireletsa ‘mele e bile e loantša mafu a re hlaselang. CD4 ke motsoalle oa ‘mele ea rona. Re na le masole a CD4 a mangata ‘meleng ea rona a lulang li re sireletsa.

MeleCD4

Page 68: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

60

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Setšoantšo sa 2:

Ha mafu a kang sefuba a hlasela ‘mele ea rona, CD4 tsa rona lia a loantša ho sireletsa ‘mele ea rona.

Setšoantšo sa 3:

Ha mafu a kang letšollo a hlasela ‘mele ea rona le ona CD4 tsa rona lia a loantša ho sireletsa ‘mele e leng metsoalle ea ona.

Setšoantšo sa 4:

Joale HIV e hlasela sesole sa CD4. Ha HIV e hlasela ‘mele ea rona, ho ba le HIV e ngata ‘meleng ea rona e hlaselang sesole sa CD4

Setšoantšo sa 5:

Sesole sa CD4 se hlokomela hore ha se na matla a ho hlola HIV joale ka mafu a mang. HIV eona e ka hlola sesole sa CD4. CD4 le eona ea itoanela ho fihlela HIV e hlola e bolaea sesole sena sa CD4 ka bongata.

Setšoantšo sa 6:

Joale HIV e hlola CD4 ‘me e ipha matla, tšoaetso ea HIV ea ata ‘meleng oa motho.

Setšoantšo sa 7:

Qetellong CD4 ea hloloa ‘mele o sala o se na sesole.

Mele

Sefuba

CD4

Mele

Letšollo

CD4

MeleTš’oaetso ea hiv

CD4

MeleTš’oaetso ea hiv

CD4

MeleTš’oaetso ea hiv

CD4

Mele

CD4

Page 69: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

61

THUTO EA 4: MENATE LE MATHATA A BONYATSI

Setšoantšo sa 8:

Joale ‘mele o sala o le mong o sena sesole. Mafu a mangata a kang TB le serame sa matšoafo a nka monyetla ebe a qala ho hlasela ‘mele.

Setšoantšo sa 9:

Qetellong ‘mele oa fokola ebe mafu a mangata a ka hlasela ‘mele ho se sesole se sitisang. A mang a mafu ana ke a bolaeang. Boemong bona motho o nkoa a ena le AIDS.

Bolella litho tsa sehlopha hore ho utloisisa ka moo HIV e sebetsang ho tla re thusa ho 4. utloisisa hore na hobaneng ha motho a ka fetisetsa HIV ha bobebe ho batho ba bang khokahanong ea thobalano.

Tsoelapele ho hlalosa “Setšoantšo sa hobaneng HIV e rata bonyatsi”. Fa morupeluoa 5. e mong le e mong setšoantšo sa ”HOBANENG HIV E RATA BONYATSI” se tsoang ka har’a lebokose la lithusa-thuto, setšoantšo sena se tla u tataisa ho u fetisa molaetsa.

HOBAnEng HiV E RATA BOnYATSi

KOTSI E HOLIMO-LIMO

KOTSI E HOLIMO

KOTSI E FOKOLANG

KOTSI EA HO FETISA TšOAETSO EA HIV

Tšoaetso ea hiv e ea fokola maling a hau

Libeke tse tharo Selemo ho isa ho tse leshome tharo

Hon

a le

kok

oana

-hlo

ko e

a H

IV e

nga

ta h

a ka

e m

alin

g a

hau?

Tšoaetso ea hiv e ngata

maling a hauTšoaetso ea hiv e eketsehang maling a hau

U tšoaelitsoe

Mele

Serame sa matšoafo

Lefuba

MeleSerame sa matšoafo

Lefuba

Page 70: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

62

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Re ka tšoantšisa ho ata hoa HIV le ho luba bohobe …Ha u luba bohobe, ‘me u tšela tomoso, bohobe bo kokomoha ka pele, ho supa hore ho na le tomoso e ngata bohobeng. Hona ho tšoana le ha u qala ho tšoaetsoa HIV lekhetlo la pele. HIV ekare tomoso. E ngatafala le ho eketseha ka bongata maling a rona. Ha u luba hlama hape, e tla bothela, empa ha ho bolele hore tomoso ha e sa le eona, (hoba hlama ha ea kokomoha). Tomoso eona e ntse e le teng. U ke ke ua e ntša hlameng. Hona ho tšoana le ha ‘mele oa hau o qala ho loantša HIV, qalong HIV e tla kokobela, empa e ntse e le teng. U ke ke ua e ntša ‘meleng.

linTlHA TSA MOTATAiSi: HO HlAlOSA SETšOAnTšO

Setšoantšo sa 1: Ha u qala ho fumana tšoaetsoa ea HIV ,kokoana-hloko ea HIV emaling a hao e ngata haholo. Ho na le kotsi e kholo ea hore u ka fetisetsa kokoana-hloko mothong eo u ka etsang thobalano le eena ha o sa sebelisa khohlopo.

Setšoantšo sa 2: Ka morao ho libeke tse tharo, HIV e ‘meleng oa hau ea theoha (kokobela). Sena ke hobane sesole sa hao sa ‘mele se ntse se na le matla. Sesole se loantša HIV. Kotsi ea ho fetisetsa HIV ho batho bao o etsang thobalano le bona e nyane (nakong ena, ha e bapisoa le pele), empa, E NTSE E LE KOTSI.

HIV e ngata, libekeng tse 3 tsa pele, ha u qeta

ho tšoaetso.

NAKONG ENA KOTSI E KHOLO HAHOLO ea hore u ka fetisetsa HIV ho motho eo u ka etsang

thobalano le eena.

Kamor’a libeke tse 3, HIV e ‘meleng oa hao

e’a theoha.

KOTSI ea ho fetisetsa HIV mothong eo u robalang le eena E

MAHARENG.

Menyetla = enngwe hotswa ho mashome a madebi le metswa eme hlana

KOTSI E HOLIMO

Libeke tse tharo Selemo ho isa ho tse leshome tharo

Hon

a le

kok

oana

-hlo

ko e

a H

IV e

nga

ta h

a ka

e m

alin

g a

hau?

Tšoaetso ea hiv e eketsehang maling a hau

U tšoaelitsoe

Libeke tse tharo Selemo ho isa ho tse leshome tharo

Hon

a le

kok

oana

-hlo

ko e

a H

IV e

nga

ta h

a ka

e m

alin

g a

hau?

U tšoaelitsoe

Page 71: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

63

THUTO EA 4: MENATE LE MATHATA A BONYATSI

Setšoantšo sa 3: Ha u phela hantle (o ja hantle, o ikoetlisa, o phekola mafu ka nako), sesole sa hao sa ‘mele se ba matla, ‘me se khona ho loantša kokoana-hloko ea HIV. Ntoa ena e ka tsoela pele ka nako e telele, ho tloha selemong se le seng ho isa ho tse leshome kapa ho feta.

Setšoantšo sa 4: Ha masole a ‘mele a se a sitoa ho loantša HIV, HIV e qala ho ba matla ‘me kokoana-hloko ea ngatafala maling a hao. Ena ke nako e kotsi haholo hore o ka fetisetsa HIV ho mang kapa mang eo u etsang thobalano le eena.

HIV e maling a hau ha e ngata haholo,

sesole sa ‘mele se ea ITOANELA.

KOTSI ea ho fetisetsa HIV ho mothong eo

u etsang thobalano le eena E MAHARENG.

Kokoana hloko ea HIV e maling a hau e ngata.

HO NA LE KOTSI E HOLIMO ea hore u ka fetisetsa HIV ho

motho eo u ka bang le thobalano le eena.

Ha u na le bonnete ba hore litho tsa sehlopha li utloisisa molaetsa ona oa litšoantšo, 6. li bolelle hore ha motho a le khokahanong ea thobalano kamehla u lula u le kotsing ea hore e ka na eaba o ‘nakong ea libeke tse tharo’ tsa ha u qala ho tšoaetšoa joale ka ha re bontša setšoantšong mona. Sena ke hobane ha re tsebe ha re qeta ho tšoaetsoa, kapa na molekane oa hau kapa moratuoa oa hau na o qeta ho tšoaetsoa kapa che. Bontša litho tsa sehlopha setšoantšo tsa KHOKAHANO EA THOBALANO, se tsoang kahar’a lebokose la lisebelisoa.

Libeke tse tharo Selemo ho isa ho tse leshome tharo

Hon

a le

kok

oana

-hlo

ko e

a H

IV e

nga

ta h

a ka

e m

alin

g a

hau?

U tšoaelitsoe

HOBAnEng HiV E RATA BOnYATSi

Libeke tse tharo Selemo ho isa ho tse leshome tharo

Hon

a le

kok

oana

-hlo

ko e

a H

IV e

nga

ta h

a ka

e m

alin

g a

hau?

U tšoaelitsoe

Page 72: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

64

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Motho e mong le e mong ea khokahanong ea thobalano, ea bang le tšoaetso, a ka tšoaetsa 7. batho bohle ba khokahano ea thobalano libekeng tse tharo tsa pele. Likhokahano tsena tsa thobalano hangata li bitsoa “litsela tse kholo tsa HIV” hobane HIV e feta ka potlako moo ho nang le khokahano.

Khokahano ea thobalano: Tsela e kgolo ya bonyatsi

KOTSI E HOLIMO-LIMO

KOTSI E HOLIMO

KOTSI E FOKOLANG

Tšoaetso ea hiv e ea fokola maling a hau

Libeke tse tharo Selemo ho isa ho tse leshome tharo

Hon

a le

kok

oana

-hlo

ko e

a H

IV e

nga

ta h

a ka

e m

alin

g a

hau?

Tšoaetso ea hiv e ngata

maling a hauTšoaetso ea hiv e eketsehang maling a hau

U tšoaelitsoe

Page 73: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

65

THUTO EA 4: MENATE LE MATHATA A BONYATSI

Motsotsoana oa ho inahana ….E le ho una molemo litabeng tseo re qetang ho bua ka tsona re lokela hore re nke motsotsoana re inahane ka litaba tse ncha tseo re ithutileng tsona kajeno. E re litho tsa sehlopha li behe lihlooho tsa bona tafoleng, ba paqame fatše, kapa ba lule ka tsela e phuthulohileng.

Bua mantsoe ana, “Ak’u nahana, u iketsetsa setšoantšo, moo u leng karolo ea khokahano ea thobalano; ekaba ka khetho ea hao kapa ka liketso tsa moratuoa oa hau kapa molekane oa hau”.

Ka mor’a metsotso e mehlano (5), bua lentsoe la bohlokoa kapa polelo e khutšoane ‘me u re ba nahane ka eona ka metsotso e ‘maloa. Pheta mantsoe kapa lipolelo tse khutšoane, u ntan’o kopa sehlopha ho etsa lesakana hape. Litho tsa sehlopha ha lia tlameha ho arolelana seo ba neng ba ntse ba nahana ka sona. A mang a mantsoe ao u ka a sebelisang ke: [boikarabelo; thuso; likhohlopo; bana; lelapa; melemo; litla-morao; kotsi].

Hlokomela:

Se ke ua potlaka, lumella batho ho inahana. Hona ho ka bonahala eka ke tšenyo ea nako, empa ho nahana ka tse fetileng ke e ‘ngoe ea mekhoa e matla e teng ea ho ithuta! E sebelise!

Tloaelo ea hore batho ba bangata ba kena khokahanong ea thobalano, ebile ba sa sebelise 8. likhohlopo ke eona eo e leng lebaka le leholo le etsang hore ebe tikoloho ena ea rona e ka Boroa ea Afrika e na le sekhahla se phahameng sa tšoaetso ea HIV lefatšeng.

Botsa litho tsa sehlopha hore, na ba nahana taba ea hore ‘9. motho a be le baratuoa ba bangata bao o etsang thobalano le bona ka nako e le ‘ngoe’ e tloaelehile ha kae Lesotho moo? ‘Na ho ba khokahanong ea thobalano ke taba e tloaelehileng Lesotho moo? Ebe le nahana hore taba ee e tloaelehile haholo banneng kapa basaling?

Bolella litho tsa sehlopha hore Lesotho mona, 10.

Basali ba 20 ho ba lekholo (20%) ba na le likamano tsa thobalano le batho ba `fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe. Hona ho bolela hore basaling ba 5 bao u ba bonang a le mong o etsa thobalano le batho ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe.

Banna ba 40 ho ba lekholo ( 40% ) ba na le likamano tsa thobalano le batho ba `fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe. Hona ho bolela hore banneng ba 5 bao u ba bonang ba babeli ba etsa thobalano le batho ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe.

Page 74: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

66

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

KETSAHALO EA 6: Khokahano tsa thobalano tse teng

metseng ea ronaKetsahalong ena, u tla sebelisa “Likarete tse bontšang batho ba tšoanang le bao re phelang le bona metseng ea rona” tse tsoang ka lebokoseng la lithusa-thuto ho etsa mehlala ea mefuta ea likhokahano tsa thobalano tse teng sechabeng sa rona.

Pele thuto e qala, sebelisa likarete tsa libapali ho tšoantšisa khokahano ea thobalano lipakeng tsa libapali tseo u li khethileng. Sebelisa mohlala ona e le pontšo ho litho tsa sehlopha ea seo ba tla se etsa ka lihlotšoana tse nyane.

Fa sehlotšoana ka seng, sehlopha sa “Likarete tse bontšang batho ba tšoanang le bao re 1. phelang le bona metseng ea rona” tse tsoang ka har’a lebokose la lithusa-thuto.

E MOTONA E MOTšEHALI

Moshanyana oa sekolo1.

Mookameli oa banka2.

Lesole3.

moruti 4.

Moqhobi oa taxi5.

Mahlalela6.

molebeli7.

Mohlokomeli/ motho ea hlokomelang 8. bana bao e seng ba hae ka tsoalo

Sebini sa ‘mino oa litsoanya9.

Molebeli oa chankana10.

Monna oa mahaeng 11.

Sehahi12.

Ngoanana oa sekolo13.

Letona la Khoebo le mesebetsi e 14. meholo le Limmaraka

Ngoanana ea sebetsang salooning15.

Mosebeletsi oa sechaba16.

Mosebeletsi oa bophelo bo botle17.

Mocha ea nang le ngoana18.

Mosali oa lifemeng19.

Mooki20.

Mosali oa mahaeng21.

Mosali ea hoebang ka ‘mele22.

Mosali ea rekisang seterateng23.

2. Kopa sehlopha ka seng ho sebelisa likarete tsena tse nang le litšoantšo tsa batho, ho bontša mefuta ea khokahano ea thobalano e teng metseng ea rona.

3. Kopa lihlopha ho manamisa likarete tsena tse nang le litšoantšo tsa batho pampiring e kholo kapa holima lebota. Ha lihlopha kaofela li qeta ho etsa khokahano ea thobalano, bapisa litšoantšo tsena se manamisitsoeng holima pampiri e kholo hammoho ho bontša kamoo likhokahano tsa thobalano li ka ‘kopanang hammoho’ ‘me tsa kopanya batho ba bang ba bangata.

Page 75: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

67

THUTO EA 4: MENATE LE MATHATA A BONYATSI

Qetella: Koala ketsahalo ena ka ho akaretsa kamoo likhokahano tsa thobalano li ka eketsang sekhahla sa tšoaetso ea HIV metseng ea rona.

Hopotsa litho tsa sehlopha hore ka ho ba khokahanong ea thobalano, ba kotsing e kholo ea ho `

fumana tšoaetsoa HIV HAPE ba kotsing e kholo ea ho tšoaetsa bao ba ba ratang.

Haeba u ena le baratuoa ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe, e ka nna eaba u `khokahanong ea thobalano.

Leha u nahana hore u na le baratuoa ba babeli feela, e ka nna eaba baratuoa bao ba `babeli ba boetse ba na le baratuoa ba bang ba babeli bao le bona e kannang eaba ba na le baratuoa ba bang ba babeli. Likhokahano tsa thobalano li thusa HIV ho feta ka potlako le ho tšoaetsa batho ba bangata.

Leha ho le joalo, hona ha ho bolele hore ho ba le phomolo kapa nako ea beke tse ‘ne lipakeng tsa nako ea ho etsa thobalano ho felisa kotsi. Ha feela u e na le likamano tsa thobalano tse fetang bonngoe, u kotsing e kholo ea ho ba le HIV.

Lesakana le Koalang: Tseo ke li ratang ka motse oa haeso Ketso ena ea ho ikhopotsa lintho tse ntle, e molemo haholo ka mor’a ho etsa mosebetsi o boima, kappa ho buisana ka litaba tse ‘boima’, tse nahanisang batho ka thata. Ho bohlokoa ho hopotsa batho ka lintho tse ntle tseo ba li ratang motseng oa bona. Kopa sehlopha ho lula se entse lesakana. Kopa motho e mong le e mong a re: “Ke rata motse oa heso hobane……”. Qala ka uena. Motho e mong a ka nna a re o rata batho, kapa lifate, noka kapa ho hong. Ba hloka ho bolela ntho e le ‘ngoe feela eo ba e ratang ka motse oa bona.

HOPOLA:

Phethela thuto ea kajeno ka ho tlasa foromo ea boitlhatlhobo holima thuto ea letsatsi. Botsa sehlopha maikutlo a bona ka thuto ea kajeno, ka hore ba arabe lipotso tse hlahang foromong ena, ’me u ngole likarabo tsa bona holima foromo ena. Bolella sehlopha hore bonyane le tla nka metsotso e mehlano ho tlatsa foromo ena

Page 76: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

68

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

THUTO EA 4: MElAETSA EO SEHlOPHA SE TSAMAEAng KA EOnA

Khaola khokahano ea thobalano. Fokotsa lenane la baratuoa ba hao, kapa `batho bao u etsang thobalano le bona ka nako e le ‘ngoe. U ka ba le likamano tse mofuthu tse u khotsofatsang, le molekane oa hao `feela (kapa moratuoa oa hao feela), ka ho mo rata, ho mo hlompha le ho mo tšehetsa. Ha ho hlokahale hore u be le likamano tse ling tsa lerato ka thoko.Sebelisa khohlopo haeba u etsa thobalano, ho fihlela u ikholisitse ka hohle-hole `hore le babeli feela (ha a na e mong ka thoko ho uena, LE uena ha o na e mong ka thoko ho eena) ‘me bobeli le tseba boemo ba lona ba HIV.

Hopola kamehla: Haeba motho a ka etsa thobalano e sa sireletsehang le uena, ho bonolo ho motho eno hore o kile a nna a etsa thobalano le motho e mong (ea robetse le eena pele ho uena, kapa ka nako e le ‘ngoe le uena!) Taba ena e tšoanela ho o hlokomelisa hore kotsi e teng, me o lokela hore o inahane haholo ka eona.

THUTO EA 4: MEKHOA E MEng EA HO AnETSA THUTO SECHABEng

Kopa sekolo se haufi hore na u ka etsa thupelo e khutšoane le litichere ho bua le 1. bona ka litaba tse ncha tseo u li fumaneng ka kotsi tse itseng tsa ho ba le baratuoa ba bangata LE ho etsa thobalano le batho ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe.

Mohlomong u ka arolelana thuto ena le bahlomphehi ba lekhotla la heno la puso ea 2. libaka.

Holima pampiri e kholo ngola melaetsa (ka lipolelo kapa litšoantšo) e bontšang 3. likotsi tsa khokahano tsa thobalano ‘me u kope setsi sa bophelo hore na u ka e beha leboteng la setsi. Nka setšoantšo (ka mokhoa oa senepe) ‘me u romele senepe sena C-Change u be monyetleng oa ho hapa mpho sebakeng sa sehlopha sa hao. C-Change e ka sebelisa setšoantšo sa hao nakong e tlang ha e hlahisa libuka tse ling.

Page 77: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

69

THUTO EA 4: MENATE LE MATHATA A BONYATSI

Etsa lipatlisiso kapa boithuto. Mohlala, khetha batho ba 5 ba nkoang e le 4. baetapela motseng oa heno. Hlophisa lipuisano le bona. Ba botse hore na ho hlokahala ho etsoe eng ho fetola tloaelo ea ho ba le baratuoa ba bangata ka nako e le ‘ngoe (u ka ba botsa lipotso tse ling feela tseo u batla ho ba le leseli ka tsona). Ngola likarabo tsohle tseo u li fumanang e le tlaleho ea lipatlisiso. E romelle C-Change ‘me u be monyetleng oa ho hapa mpho sebakeng sa sehlopha sa hao.

5. Buisana le moruti/ ‘moleli ka ho tšoara thupelo le lihlopha tsa kereke ea heno.

Page 78: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

70

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

THUTo Ea 5PUISANO KA LITABA TSA LERATO LE THOBALANO

Ketsahalo ea 1: Khokahano ea thobalano ea Lebohang ......................................metsotso e 15

Ketsahalo ea 2: Hobaneng ha batho ba motseng oa rona ba eba le linyatsi? .......metsotso e 45

Ketsahalo ea 3: Melemo ea ho ba le moratuoa a le mong ea ratanang le uena feela ke efe? .............................................................................metsotso e 20

Ketsahalo ea 4: Papali ea Che Thabo, Che Mathabo ..............................................metsotso e 15

Ketsahalo ea 5: Baratuoa (kapa balekane )ba buisana ka litšoantšiso tsa bonyatsi ...metsotso e 45

Ketsahalo ea 6: Boleng le Tlhahlobo ea Kotsi ...................................................Metsotso e 20

Lesakana le Koalang: Mekhoa e mehlano ea ho bontša Lerato .............................metsotso e 10

Lihora tse 2 metsotso e 30p

Page 79: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

71

THUTO EA 5: PUISANO KA LITABA TSA LERATO LE THOBALANO

Tse tla ithutoa Qetellong ea thuto litho tsa sehlopha li lokela ho:

Hlokomela hore melemo ea ho ba le moratuoa a le mong ea ratanang 1. le uena feela, e mengata ho feta menate eo u ka e fumanang bonyatsing.

Fetola maikutlo a bona kapa litumelo tse fosahetseng tsa hore ke 2. banna feela ba kenang litabeng tsa bonyatsi kapa maikutlo a hore basali ba kena litabeng tsa bonyatsi ka lebaka feela la ho fumana mekhoa ea ho iphelisa.

Utloisisa mabaka ao batho kenang litabeng tsa bonyatsi ka ona kapa 3. ho ba le baratuoa ba bangata ka nako e le ngoe LE HORE ho se buisane ka litaba tsa thobalano le baratuoa ba rona le ho se fumane thobalano e khotsofatsang ke mabaka a mantlha a susumetsang batho ho ba le likamano tsa thobalano le batho ba bangata.

Ba ithute ka ho etsa litšoantšiso hore na ba ka buisana le balekane ba 4. bona joang ka litaba tsa bonyatsi

Kakaretso ea thuto

Ketsahalo ea 1: Khokahano ea thobalano ea Lebohang: Re tla sebelisa litšoantšiso ho fumana a mang a mabaka ao batho ba qetellang ba eba le linyatsi ka ona.

Ketsahalo ea 2: Hobaneng batho motseng oa rona ba eba le likamano tsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe? Litho li tla sebetsa ka lihlotšoana ho etsa litšoantšo tse bontšang mabaka ao banna le basali ba motseng oa rona ba bang le linyatsi kapa ba bang le likamano tsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe. Re tla bapisa lethathamo le entsoeng ke sehlopha le litšoantšo tse hlahang liphuputsong tse entsoeng Lesotho mona ka selemo sa 2008, tse bontšang mabaka ao batho ba bang le linyatsi kapa ba bang le likamano tsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe ka ona.

Ketsahalo ea 3: Melemo ea ho ba le molekane a le mong ea ratanang le uena feela. Litho tsa sehlopha li etsa lethathamo la melemo ea ho se be le baratuoa ba fetang bo ngoe ka nako e le ngoe.

Ketsahalo ea 4: Re sebelisa papali ea ‘Che Thabo, Che Mathabo’ ho toboketsa bohlokoa ba ho bua ho phutholla ‘mele ha o bua le molumo oa lentsoe hore li bohlokoa lipuisanong tse lipakeng tsa batho ba babeli ba ratanang.

Ketsahalo ea 5: Sehlopha se tla etsa litšoantšiso, e le ho fumana malebela hore na ba ka buisana le baratuoa ba bona kapa balekane ba bona joang ka litaba tsa bonyatsi. Lesakana le Koalang: Mekhoa e mehlano ea ho bontša lerato

Lisebelisoa tse Hlokahalang

Ketsahalo ea 5: Litšoantšiso tsa puisano lipakeng tsa balekane kapa batho ba babeli ba ratanang.

Page 80: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

72

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Selelekela

Amohela bohle thutong ena. Leboha bohle ba teng. Haeba ho na le litho tsa sehlopha tse eso fihle, botsa hore na ba ntse ba tla kapa ha ba tlo khona ho ba teng thutong ea kajeno.

Kopa baithaopi ba neng ba le teng thutong e fetileng ho fana ka boikhopotso holima liketsahalo tsa thuto e fetileng. Kopa sehlopha ho etsa lesakana la nkope, ‘me uena u le motataisi u akhele bolo ho e mong feela oa litho tsa sehlopha ‘me eena a bolele maikutlo a hae, kapa seo a ithutileng sona thutong e fetileng. Ena ke tsela e ntle ea ho hlahloba kutloisiso ea sehlopha ea melaetsa ea bohlokoa ea thutong e fetileng.

Bontša sehlopha thuto eo re e etsang kajeno, seo re tla se kotula thutong ea kajeno le liketsahalo tseo re tla be re li etsa u sebelisa pampiri e ngotsoeng lethathamo la tšebetso e tsoang kahar’a lebokose la Lithusa-thuto. Tseo re tla ithuta tsona li ngotsoe litabeng tse hlahang pele ho selelekela.

Fetisa foromo eo batho ba ngolang mabitso ho eona, haeba ho na le baeti hopola hore ba ngole mabitso a bona karolong ea baeti. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u tekene ka tlase.

Page 81: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

73

THUTO EA 5: PUISANO KA LITABA TSA LERATO LE THOBALANO

KETSAHALO EA 1: Khokahano ea thobalano ea Lebohang

Ketsahalong ena u tla bala pale e bontšang hore na hobaneng batho ba eba le baratuoa ba bangata ka nako e le ‘ngoe. Sepheo sa ketsahalo ena ke hore litho tsa sehlopha li qale ho nahana ka sesosa le mabaka ao batho ba motse oa bona be kenang likamanong tsa thobalano le baratuoa ba bangata ka nako e le ‘ngoe le hore na ho ka etsoang motseng oa bona ho fokotsa tloaelo ea ho ba le likamano tsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTOBalla litho tsa sehlopha pale ena ea Lebohang. Lekhetlo la bobeli ha u bala, kopa litho tsa 1. sehlopha ho bontša ka setšoantšo khokahano ea thobalano eo Lebohang le Seipati ba leng kahare ho eona. Kamorao buisanang ka lipotso tse hlahang qetellong ea pale ena.

Khokahano ea thobalano ea LebohangLebohang o lilemo li 28. O lula le Seipati ea lilemo li 25. Lebohang le metsoalle ea hae ba nahana hore Seipati o motle ‘me Lebohang o thabela ho bonoa le eena. Empa joale Seipati o manganga hape o likhathatso. Lebohang o re Seipati o etsa a ikutloe eka ke ngoana ea laeloang hore na a etse eng. Ha a mo hlomphe, haholo ha a sa sebetse. O etsa a ikutloe a fokola. “Ha u se na chelete, ha u letho ‘me basali ha ba u hlomphe”, ho cho Lebohang. Lebohang hape oa tletleba hore ha ba sa etsa thobalano ka mokhoa o khotsofatsang. Kaha Lebohang o sebetsa bosiu, eena le Seipati ba kopana masiu a mane ka khoeli. “Monna a ke ke a khotsofatsoa ke masiu a mane ka Khoeli”. Se Lebohang a se tsebeng ke hore Seipati le eena o na le maikutlo a tšoanang ‘me o ntse a etsa thobalano le Thuli. Lelapa la habo Lebohang le phela Leribe ‘me eena o ea hae mafelong a Khoeli e ‘ngoe le e ‘ngoe. Lebohang ha a le Leribe, o tsoelapele ka lerato la bona le Palesa. Malapa a bona a le mabeli a tsebane ka nako e telele ‘me a ne a tšepa hore ba tla nyalana. Ba na le ngoana a le mong. Palesa joale o lula Petoria. Lebohang o re Palesa o hana ha a mo nyala hobane o na le baratuoa ba bangata Petoria bao a ka khethang ho bona. Palesa le Lebohang ba ntse ba kopana ha ba le hae Leribe “hobane ba se ba tloaetse le hobane Palesa o re ke eena ea mo khotsofatsang likobong”. Likhoeling tse tharo tse fetileng Lebohang o fumane mosebetsi oa ho kata Hoteleng e ngoe e ncha moo a kopaneng le Mpho. Mpho o lilemo li 26 ‘me o sebetsa bareng hona hoteleng moo. Ba etsa thobalano ha ba theohetse ka nako e tšoanang. Mpho o bona Lebohang a le motle. “O rata bonna ba ka” ho cho Lebohang. Lebohang le Mpho ha ba sebelise likhohlopo hobane Lebohang o batla ho ba le ngoana le Mpho. Lebohang o re “ke eena ea ntoketseng. Kea mo rata ‘me ha re ka ba le ngoana re tla tseba ho ba ‘moho.” Lebohang o re ho monate ho ba le Mpho e le kharebe ea hae hobane kaha o sebetsa bareng ba ka fumana joala teng habobebe.

Page 82: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

74

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Sehlopha se tla buisana ka lipotso tsena Etsa setšoantšo sa khokahano ea thobalano ea Lebohang `

U nahana hore Lebohang o na le likharebe tse ngata hobaneng? O khannoa ke eng? `

Kotsi ea boitšoaro boo ke efe? `

Lebohang a ka thibela joang ho beha batho bao a ba ratang kotsing? `

SEIPATI

LEBOHANG

PALESA

THULI

MPHO

Page 83: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

75

THUTO EA 5: PUISANO KA LITABA TSA LERATO LE THOBALANO

KETSAHALO EA 2: Hobaneng batho ba metseng ea rona

ba eba le likamano tsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe?

Sepheo sa ketsahalo ena ke hore litho tsa sehlopha li utloisise hore ho na le mabaka a mangata ao banna le basali ba bang le likamano tsa thobalano le batho ba bang bao e seng balekane ba bona. Likharebe le bahlankana le bona ba ratana le batho ba bang ka thoko ho baratuoa ba bona ba mantlha ka mabaka a fapaneng. Mabaka ana ekaba khetho ea motho ka mong kapa a tlisoa ke maemo ao motho a leng ka hara ona. Hangata, batho ba ikhethela ho ba le baratuoa ba bang. Ho fokotsa tloaelo ea ho ba le baratuoa ba bangata ka nako e le ‘ngoe, re hloka ho utloisisa hore na hobaneng batho ba khetha ho etsa sena. Ketsahalo ena e reretsoe ho hlaola a mang a mafosisa a amahanngoang le bonyatsi. Mohlala, hangata re nahana hore ke banna feela ba bang le linyatsi kapa hore basali ba kena litabeng tsa bonyatsi ka lebaka feela la ho fumana chelete ea ho iphelisa.

Qala ketsahalo ka ho bua mantsoe ana:Ho na le mabaka a mangata a fapaneng ao re tsoelang kantle ho manyalo a rona kapa likamano tsa rona tsa lerato tsa nako e telele ka ona. Hobaneng re khetha ho ba le baratuoa ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe? Joaloka ha re ithutile thutong e fetileng, ha re etsa thobalano le batho ba fetang bo ngoe ka nako e le ‘ngoe, re ba karolo ea khokahanong ea thobalano, ‘me re be kotsing e kholo ea ho tšoaetsoa HIV. Ha re shebeng a mang a mabaka ao batho ba metseng ea rona ba bang le likamano tsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe ka oona.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTOArola litho tsa sehlopha lihlotšoana tse peli, banna feela le basali feela. Fa sehlopha ka seng 1. pampiri e kholo le lipene tse mebala.

Kopa sehlopha ka seng ho etsa setšoantšo sa sefate. 2. Metso ea sefate ke mabaka ao batho ba bang le likamano tsa thobalano le batho ba bangata ka oona. Mohlala, ba batla thobalano e khotsofatsang, ba hloka chelete kapa baratuoa ba bona ba sebetsa hole le malapa a bona. Kutu ea sefate e tla bontša batho le lintho tsa bohlokoa tse amehang bophelong ba motho ea bang le baratuoa ba bangata. Mohlala: molekane, lelapa, chelete ea lelapa, bana ba ka ameha. Makhasi a sefate ke litholoana tse bosula tsa ho ratana le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe. Mohlala: tšoaetso ea HIV le mafu a likobo, litšebo sechabeng le masoabi ka har’a lelapa.

Page 84: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

76

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

HIV

HIV

BanaMohaats’a

Molekane

Litšebo

Litšebo

Chelete

Chelete ea lelapa

Moratuoa o sebetsa hole

le hae

Thobalanong e khotsofatsang

Mabaka a susumetsang ho

ratana le batho ba bangata ka nako e

le ngoe

Ke bo mang ba amehang hao ba le likamano tsa

thobalano le batho ba bangata ka nako

e le ngoe

Litlamorao tsa thobalano le batho

ba bangata ka nako e le ngoe

Tšoaetso

Tšoaetso

HIVAfu a likobo

“mathata a bakoang ke baratuoa ba bangata ba thobalano”

Ha u nahana hore sehlopha sa hao se tla sokola ho etsa sefate sena, ba kope ho ngola mabaka 3. ao ba nahanang hore a susumetsa batho ho ba le likamano tsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe. Hlalosa hore hang ha sehlopha se qeta setšoantšo sa sona, ba se manamise leboteng hore lihlopha tsohle li se bone. Sehlopha ka seng se tla fuoa monyetla oa ho buisana ka mabaka ao se buileng ka ona. Haeba sehlopha sa bobeli se ena le mabaka a tšoanang le a seng a buooe, sehlopha se khothaletsoa ho nahana mabaka a mang a macha e le hore re se phete litaba tse tšoanang le tse buuoeng ke sehlopha se seng.

Page 85: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

77

THUTO EA 5: PUISANO KA LITABA TSA LERATO LE THOBALANO

Ka mor’a hore lihlopha tsohle li behe litšoantšo kapa lifate tsa bona leboteng, kopa litho tsa 4. sehlopha ho potoloha ‘me ba shebe litšoantšo tsena tse leboteng ka bonngoe, ba be ba nahane hore na ke mabaka afe a tloaelehileng haholo motseng oa bona.

Bolella litho tsa sehlopha ho lula fatše ba ntse ba entse lesakana.5.

Kopa litho tsa sehlopha ho u thusa ho etsa lethathamo holim’a pampiri e kholo le hlalosang 6. mabaka a mantlha a etsang hore batho motseng oa rona ba be le baratuoa ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe.

linTlHA TSA MOTATAiSi: HOBAnEng BATHO BA lESOTHO BA RATA HO BA lE linYATSi

MAEMOTSELA EA HO NAHANA LE

BOLENGTSEBO LITSEBO

Bofuma kapa `tlhoko ea ho thusoa ka chelete.

Botahoa `

Basebetsi ba `sebetsang hole le malapa a bona.

Ho se knotsofale ke `likamano tsa lerato tse sa atlehang.

thobalano e sa `khotsofatseng ho se khotsofalle thobalano

Ho se khotsofalle `thobalano likamanong tsa mantlha tsa lerato.

Tlhekefetso ea ka `

lapeng.

Litloaelo tse kotsi `tsa moetlo.

Ho nahana ka tsela `e itseng ka tekano.

Basali ha ba na `matla a ho bua ka thobalano.

Khatello ea lelapa `le metsoalle.

Lerato la molekane `ea monyenyane kapa ea moholo.

Lerato la lintho tse `theko e phahameng.

Tumelo ea hore `balekane ba bangata ba u fa maemo.

Molemong oa `tšireletso, haeba molekane e mong a u hlala, u sala le e mong.

Tsebo e nyane ea `likotsi tsa MCP.

Ho hloka kutloisiso `ka HIV le AIDS

Ho hloka litsebo `tsa ho kholisa molekane ka bohlokoa ba tšebeliso ea khohlopo.

Tlhokahalo ea `litsebo tsa puisano.

Litsebo tse fokolan `tsa ho fetola boitšoaro

Page 86: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

78

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

HOBANENG BATHO BA NA LE BARATUOA BA BANG KA THOKO? Batho ba batla thobalano e monate, e ba khotsofatsang. 1.

Batho ba batla 2. khotsofalo ea maikutlo le lerato tseo ba sa li fumaneng likamanong tsa bona tsa mantlha.

Basali ba ikutloa 3. ba hloka matla a hore balekane ba bona ba tšepahale ba khaotse ho ratana le batho ba bang ka thoko, kahoo ba amohela boemo bona.

Basali ba tšaba ho khakhathoa (ke baratuoa ba bona) ha ba leka ho bua ka ho hloka 4. botšepehi , kahoo ha ba re letho.

Joala bo susumetsa batho hore ba qetelle ba entse thobalano le batho bao e seng baratuoa 5. ba bona.

Batho ba ratanang ha ba buisane ka lithloko tsa bona tsa mantlha, joale ka thobalano. 6. Sena se ka susumetsa motho hore a batle moratuoa e mong ka thoko.

Batho ba hloka kapa hona ho batla 7. “chelete le lintho tse ntle”. Ba kena likamanong tsa thobalano ka sepheo sa ho fumana lintho tsena.

Batho ba rata hoba le lintho tsa maemo joaloka lifono, liphahlo le chelete. Takatso ea ho 8. fumana lintho tsena, e khannela banna le basali ho ratana le batho ba ka ba fang lintho tsena. Banna le basali ba bacha ba bua ka “Matona” a ba fang lifono, chelete le likoloi .

Banna le basali ba bang ba susumetsoa ke metsoalle esita le batsoali ho ratana le banna 9. kapa basali ba baholo ho bona.

Litloaelo tsa moetlo 10. tse reng ho nepahetse hore banna ba be le baratuoa ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe.

Litloaelo tsa rona litabeng tsa thobalano li susumetsoa ke meetlo. Mohlala, mosali oa 11. mokhachane kapa ea anyesang ha a lokele ho etsa thobalano.

Litloaelo tse ling tse reng ho nepahetse ha mosali a na le likamano tsa thobalano le motho 12. e mong hobane molekane oa hae a sebetsa hole le hae.

Lipatlisiso tse entsoeng Lesotho mona ka selemo sa 2008, moo ho neng ho buisanoa le 13. banna ba sekete le makholo a tšeletseng (1600), ba ka bang makholo a supileng a metso e tšeletseng ba bona ba boletse lebaka la bona la hoba le likamano tsa thobalano le batho bao e seng balekane ba bona (kapa moratuoa oa hae mantlha) e le ho itlosa boluto kapa ho ithabisa.

Tlhekefetso14. likamanong e ka etsa hore motho a ba batle matšeliso ka ho ratana le motho e mong ka thoko. Motho e mong eena o iphapanyetsa taba ea hore molekane oa hae o ratana le bathong ba bang ka thoko, hobane a tšaba hore o tla mo hlekefetsa ha a ka buisana le eena ka boitšoaro bona.

Batho ba sa nyaloang hangata ba re ba hloka ho ba le likamano tsa thobalano le batho 15. ba fetang bonngoe ka nako e le ‘ngoe e le ho itšireletsa hore ha moratuoa e mong a sa mo nyale, mohlomong e mong o tla mo nyala.

Ho hloka bana lenyalong. 16.

Page 87: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

79

THUTO EA 5: PUISANO KA LITABA TSA LERATO LE THOBALANO

Qetella ketsahalo ka hore,Ho na le mabaka a mangata ao batho ba nang le baratuoa ba bangata ka nako e le ‘ngoe `ka ona.

Mabaka a mang ke khetho ea motho ka mong. `

Mabaka a mang ke ka lebaka la meetlo le maikutlo a rona ka banna le basali. `

Mabaka a mang ke hobane batho ha ba elelloe likotsi tsa ho ba le baratuoa ba bangata `ka nako e le ngoe hape ha ba tsebe ho ikemela hore ba iketsetse liqeto litabeng tsa thobalano.

LINTLHA TSA BOHLOKOA:

Ho bohlokoa hore litho tsa sehlopha li se ke tsa bua ka hore na hobaneng bonyatsi bo `atile Lesotho, empa ba bue ka hore na hobaneng bo etsahala motseng oa bona.

Etsa bonnete ba hore lihlopha li sheba mabaka ao banna ba ebang le likamano tsa `thobalano le batho ba fetang bo ‘ngoe ka nako e le ngoe ka oona, hammoho le mabaka ao basali ba ebang le likamano tsa thobalano le batho ba fetang bo ‘ngoe ka nako e le ngoe ka oona. Hopola hore ho basali ba bahlano, a le mong oa bona o na le nyatsi. Bonyatsi ha se ntho e etsoang ke banna feela.

Litho tsa sehlopha li kanna tsa re lebaka la mantlha ke hobane batho ba futsanehile. `Leka ho hlaola maikutlo ana. Ha se ‘nete hore ke batho ba futsanehileng feela ba bang le baratuoa ba bangata ka nako e le ngoe. Ho na le mabaka a mang a mangata.

Page 88: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

80

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

KETSAHALO EA 3: Melemo ea ho ba le moratuoa a le

mong ea ratanang le uena feela.Ketsahalong ena, u tla kopa litho tsa sehlopha ho etsa lethathamo la melemo ea ho ba le moratuoa a le mong ea ratanang le uena feela.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTOArola litho tsa sehlopha lihlotšoana tse peli tsa banna le basali. 1.

Bolella lihlopha hore li tla ba le tlholisano ea sehlopha se tla bolela melemo e mengata ea ho ba le 2. moratuoa a le mong ea nang le uena feela. Lihlopha li ka etsa lethathamo kapa setšoantšo. Fana ka mehlala e latelang ho thusa lihlopha ho qala:

Ho hloka linyatsi ho bolela hore motho a ke ke a hlola a tšoenyeha ka hore a ka `fumana tšoaetso ea HIV.

Ho ba le moratuoa a le mong ho etsa hore ke ikutloe ke le motlotlo. `

Ho ba le moratuoa a le mong ho mpolokela chelete. `

Kamor’a metsotso e 15, kopa lihlopha ho arolelana maikutlo ao ba a boletseng lihlopheng tsa 3. bona. Thoholetsa sehlopha se boletseng melemo e mengata.

Bapisa lethathamo le entsoeng ke litho tsa sehlopha le lena le latelang. 4.

Ho na le ` tšepano e fetang kamanong ea hao.

Lenyalo kapa kamano ea hao (haeba u so nyale kapa ho nyaloa) le ` tsitsa ho feta pele.

Ho na le khotso le thabo lapeng la hao. `

U ba le ` nako e ngata le le ‘moho le moratuoa oa hao kaha a shebile uena feela.

U ka fihlela toro ea hao ea ho ba le lelapa ` le phetseng hantle.

Ho ba le moratuoa a le mong feela ho etsa ` u be mohlala o motle baneng ba hao le metsoalleng ea hao.

U ka robala ka sebete lapeng u tseba hore lelapa la hao ` le sireletsehile khahlanong le HIV.Ha u tšoenyehe ka bokhachane bo sa reroang le ` mafu a likobo.

Ho ratana le motho a le mong feela, le eena a ratana le uena feela (OneLove)- ho `matlafatsa lerato lipakeng tsa monna le mosali.

U boloka chelete eo u ka beng u e sebelisitse ho thabisa barutuoa ba bang. `

Ha ho bana ba hlahang kantle ho lenyalo. `

Page 89: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

81

THUTO EA 5: PUISANO KA LITABA TSA LERATO LE THOBALANO

KETSAHALO EA 4: Che Thabo, Mathabo!

Ena ke papali e khathollang e bontšang litho tsa sehlopha hore tsela eo re fetisang melaetsa ka eona ha re buisana le batho ba bang, e ka ba ka molumo oa lentsoe, ho phutholoha ha ‘mele kapa ka sefahleho se elileng li bohlokoa hoba li susumetsa tsela eo ba re utloisisang ka eona.

Qala ketsahalo ka hore,Lebaka le leng le leholo le susumetsang hore batho ba be le likamano tsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe, ke hobane batho ba babeli ba ratanang ba sa buisane ka litlhoko tsa bona tsa thobalano. Karolong e hlahlamang re tla etsa litšoantšiso ka tsela e ntlafetseng eo baratuoa ba ka buisanang ka eona ‘me ka ho etsa joalo ba fokotsa kotsi ea tšoaetso ea HIV.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTOBolella litho tsa sehlopha hore re tšoanela ho ela hloko tsela eo re fetisang melaetsa 1. ka eona ha re buisana le batho ba bang. Mohlala, e ka ba ka molumo oa lentsoe, ho phutholoha ha ‘mele kapa ka sefahleho se elileng.

Kopa litho tsa sehlopha ho ema ba entse lesakana. Etsa pontšo ea kamoo u ka buang 2. poleloana “Che Thabo!” kapa “Che Mathabo” ka maikutlo a fapaneng- ka khalefo, ka thabo, ka tšabo, ho teneha joalo joalo.

O potoloha lesakana, kopa litho tsa sehlopha hore ,3. “Che Thabo!” kapa “Che Mathabo” ba sebelisa ‘mele ka tsela tse fapaneng, lentsoe, le sefahleho ho fetisa melaetsa e fapaneng. Ke ketsahalo e hlokang sehlahlo. Inatefisetseng eona!

Kamorao ho sena, buisanang ka maikutlo a fapaneng a bontšitsoeng ke litho tsa sehlopha 4. ebe le a ngola holim’a pampiri e kholo.

A mang a maikutlo a bontšitsoeng ekaba a latelang: ho hlora, khalefo, ho utloa bohloko, tšabo, ho sithabela maikutlo, letsoalo, lerato, cheseho, pherekano, mona, thabo, mahlomola, tšoabo le ho ikutloa u le molato .

Qetella ketsahalo, e reRe tšoanela ho ela hloko tsela eo re fetisang melaetsa ka eona ha re buisana le batho ba bang. Mohlala, e ka ba ka molumo oa lentsoe, ho phutholoha ha ‘mele kapa ka sefahleho se elileng. Re tla etsa sena ketsahalong e hlahlamang.

Page 90: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

82

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

KETSAHALO EA 5: Balekane ba bua ka ‘bonyatsi’ le ho boka

Sepheo sa ketsahalo ena ke ho bontša mefuta ea mathata ao re a tlisetsang balekane le malapa a rona ka lebaka la ho ba le baratuoa ba bangata le kamoo balekane ba ka buang ka boemo bona le ho nahana litsela tsa ho hlola bothata bona.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTOArola litho tsa sehlopha lihlotšoana sebakeng sa tšoantšiso. Kopa sehlotšoana ka seng ho 1. khetha e ‘ngoe ea (lipale) litšoantšiso tsa BALEKANE BA BUA KA litaba tsa bonyatsi tse tsoang kahar’a lebokose la Lithusa-Thuto. Sehlotšoana se lokela ho bala tšoantšiso ‘me se buisane ka tsela eo balekane ba ka buisanang ka teng ho rarolla bothata. Kamor’a ho mona, sehlotšoana se lokela ho etsa tšoantšiso e khutšoanyane [metsotso e 5 ] e holim’a tsela eo balekane ba buisaneng ka eona ho rarolla bothata.

Bolella sehlopha ka seng ho etsa tšoantšiso ea bona ‘me ha se qeta ho phethela tšoantšiso 2. ea sona, kopa litho tsa sehlopha kaofela ho hlahisa maikutlo ka tharollo kapa tsela eo balekane ba rarolotseng boemo ka eona. Botsa litho tsa sehlopha hore na ba ka hlahisa maikutlo a mang. Tataisa puisano kamor’a tšoantšiso e ‘ngoe le e ‘ngoe ka lipotso tse latelang:

Na “balekane” ba tsebile ho bua ba phuthulohile ka litaba tsa bona? `

Na “balekane ” ba rarolotse bothata kapa ngongoreho ea mantlha? `

Ke keletso efe eo u neng u ka e fa batho bao u ba tsebang ba boemong bo tšoanang `le boo?

Tšoantšiso ea 1: Ho sireletsa malapa

Monna ea monyane lilemong ea sebetsang sepoleseng o fihla hae a etsoa motebong oa sepolesa, o lumelisa kharebe ea hae le bana. O bolella kharebe ea hae hore o ithutile lintho tse ngata ka HIV le AIDS mantsiboeeng ana kopanong eo ba neng ba e tšoaretsoe ke mooki ea sebetsang setsing sa bophelo. “O re bolelletse hore banna ba lokela ho sireletsa malapa a bona khahlanong le HIV ka ho sebelisa likhohlopo le likharebe tsa bona.” Kharebe ea hae e sekile leseanyana la eona ‘me o re: “Ke

Page 91: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

83

THUTO EA 5: PUISANO KA LITABA TSA LERATO LE THOBALANO

mepoto ea eng eona eo? Ke likharebe tsa eng? Ke ‘na kharebe ea hau ke le mong, ke phetho ke tu!.” Batho ba babeli ba ratanang ba ka buisana joang ka hore “Ho SE BE LE NYATSI” e kenang lipakeng likamanong tsa bona tsa lerato?

Tšoantšiso ea 2: o moholo hape o nyetsoe!

Mosali ea seng a le moholo haholo lilemong ea rekisang meroho ‘marakeng o etetse tliliniking ho ea kopa likhohlopo. Metsoalle ea hae e ea mo tšeha ba re, “u isa likhohlopo kae u tsofetse tje hape ebile u nyetsoe!?” O bolella metsoalle ea hae hore monna oa hae o tšoana le ntja, o chalaka hohle mona, ka hona eena o hloka ho itšireletsa khahlanong le tšoaetso ea HIV. O bolella metsoalle ea hae hore o tšaba ho joetsa monna oa hae hore ba sebelise likhohlopo. O utloa a ts’aba hore o tla reng. Ho etsahalang ha a hlahisa taba ea hore ba sebelise likhohlopo le monna oa hae?

Tšoantšiso ea 3: Ho khaoletsoa

Mosali oa seroki ea sebetsang femeng e ka har’a motseng oa bona, o theoha bese e tsoang hole, o leba monyako oa ntlo ea hae. O notlolla lemati o re, “Monna oa ka eo ke mo ratang, ke fihlile hae ka nako. Ke fumane ‘m’e oa ka o hlaphohetsoe haholo.” Ha ho karabo, o itjoetsa hore mohlomong monna o robetse ka kamoreng, ‘me o eo sheba. O kena ka kamoreng ‘me o bona monna oa hae betheng , liphahlo tsa hae li lobokane, a meta a bile a hakile morali oa moahisane. Mahlo a bona a kopana ka ho tšoha. Ba bua joang ka see?

Page 92: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

84

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Tšoantšiso ea 4: Ho hloka chelete/ Ho chona

Ka lebaka la mathata a mosebetsi, monna oa tichere ea sebetsang sebakeng se seng se hole le ha hae o sitoa ho romela chelete hae. Mosali oa hae o kalima chelete empa ha e ea lekana. O sitoa ho fepa bana. O etsa qeto ea ho bona hore na o itšokola joang ‘me o ea bareng le monna e mong eo a tseba hore esale a ntse a batla ho robala le eena hore a tle a mo fe chelete. Likamano tsena tsa hae le monna enoa li tsoela-pele likhoelinyana tse seng kae, ho fihlela qetello monna oa hae a tseba. O leka ho hlalosetsa monna oa hae mabaka a mo susumelitseng ho etsa joalo.

Tšoantšiso ea 5: Mathata a tlisoang ke liKharebe

Mosali eo monna oa hae a sebetsang bankeng, o feta bankeng ka koloi ea baeti ha a bona monna oa hae a lumelisa ka mofuthu mosali e monyane ea khahlehang, ea sebetsang bankeng moo, a bile a mo fa chelete. Monna o fihla hae ‘me, o fumana ho sa phehoa lijo tsa mantsiboea, ho le bohlasoa ka tlung ‘me mosali a halefile. “U mpolelletse ka libeke hore ha u so fumane moputso oa hao, empa ke u bona u fa ngoanana e monyenyane chelete,” mosali oa hoelehetsa, “U se ke be ua tlisa mafu kahar’a ntlo ena.” Monna oa hae o leka ho itšireletsa.

Tšoantšiso ea 6: Ngoanana o Mathateng

Ngoanana e monyenyane, ea lulang le batsoali ba hae, o qala ho bontša matšoao a bokhachane. O khumame fatše oa lla. Batsoali ba hae ba mo kharumela ha a ba bolella hore ha a tsebe hantle hore na ntat’a ngoana ke mang. Ntata’e o mo emisa ka maoto, o mo bolella hore a se ke be a khutlela hae ho fihlela a fumane ntat’a ngoana. ‘Mae o leka ho mo khothatsa, empa ntata’e o phehella hore a tsoe lapeng hang. Batsoali baa ba etse joang boemong boo?

Page 93: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

85

THUTO EA 5: PUISANO KA LITABA TSA LERATO LE THOBALANO

Tšoantšiso ea 7: Mathata ka mafu a likobo. Ke mo joetsa joang?

Monna ea nyetseng o utloa ha a ntša metsi ho chesa. O belaela hore o na le mafu a likobo ao a nkileng linyatsing tsa hae, joale ha a tsebe hore na o lokela ho etsa joang. O tšoenyehile hore o tloha a tšoaetsa mosali oa hae. Motsoalle oa hae o mo eletsa hore a etele tliliniking ‘moho le mosali oa hae hobane ho ka nna hoa etsahala hore ebe o se a ntse a mo tšoaelitse. Monna eo o bolella mosali oa hae joang?

Qetella ketsahalo, e re,Likamanong ho na le linako tse monate le tse bohloko. `

Ka linako tse ling mathata a teng likamanong a etsa hore batho ba ratane le batho ba `bang ka thoko ho likamano tseo ba leng ho tsona.

Ha motho a ratana le batho ba fetang bonngoe ‘me a sa etse thobalano e sireletsehileng, `o eketsa menyetla ea ho ba le tšoaetso ea HIV. E seng ho bona feela, empa le ho balekane ba bona.

Ka litšoantšiso tsa rona kajeno re lekile ho nahana ka litsela tseo batho ba ka buisanang `le balekane ba bona. Puisanong tse ling “balekane” ba tsebile ho lokisa litaba tsa bona. Ba bang ba sitiloe ho rarolla bothata ba bona. Ba tla hloka thuso ho tsoa ho ba lelapa, litsebi le ho ipha nako e lekaneng ho buisana ka bothata ba bona.

Page 94: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

86

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

MEKHOA E MEHLANO EA HO BONTŠA LERATO HO TIISA:1. Hopola bohlokoa ba moratuoa oa hao bophelong ba hao. Mo netefalletse hore u’a mo rata ebile o bohlokoa ho uena. U mo bolelle lintho tseo u li ratang ka eena.

NAKO EA HO BA ‘MOHO: 2. Etsa hore o be le nako ea ho ba ‘moho le moratuoa hao le le babeli feela, bana ba le sieo!

HO TšOARANA: 3. Banna le basali ba rata ho tšoaroa. Tšoaranang ka matsoho le ho akana. Hona ho bontša hore u ntse u bona moratuoa oa hao a khahleha ebile o ntse u mo rata.

LIMPHO:4. Bonts’a moratuoa oa hau hore oa mo rata ka ho mo fa Limpho tse nyane. E kaba lintho tse nyane, tse sa rekoeng ka chelete. Mohlala, u ka mo lemela palesa e ntle, u ka mo ngolla lengolo le mo bolellang kamoo u mo ratang; u ka mo romella senepe sa hao ka poso.

Ho thusana:5. U ka thabisa moratuoa oa hau ka ho mo etsetsa ntho e ‘ngoe eo a neng a sa e lebella. Mohlala, u ka mo rola lieta, u ka hlokomela bana, u ka pheha lijo tsa mantsiboea. U itloaetse ho thusa moratuoa oa hao.

Kopa litho tsa sehlopha ho khetha mokhoa o mong oa ho bontša lerato, o bolelang ho hong ho bona, le ho qala ho etsa lintho tsena e le mokhooa oa ho bontša lerato likamanong tsa bona.

HOPOLA:

Phethela thuto ea kajeno ka ho tlasa foromo ea boitlhatlhobo holima thuto ea letsatsi. Botsa sehlopha maikutlo a sona ka thuto ea kajeno, ka hore ba arabe lipotso tse hlahang foromong ena, ’me u ngole likarabo tsa bona holima foromo ena. Bolella sehlopha hore bonyane le tla nka metsotso e mehlano ho tlatsa foromo ena.

LESAKANA LE KOALANG: MEKHOA E MEHLANO EA HO BONTŠA LERATO Kopa sehlopha ho etsa lesakana la nkope, ‘me uena u le motataisi o akhele bolo ho e mong feela oa litho tsa sehlopha ‘me eena a bolele tsela eo a ka bontšang lerato ka eona ho moratuoa oa hae. Kamor’a hore e mong le e mong a arolelane maikutlo a hae, arolelana le sehlopha ‘mekhoa e mehlano ea ho bontša lerato’ e latelang:

Page 95: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

87

THUTO EA 5: PUISANO KA LITABA TSA LERATO LE THOBALANO

THUTO EA 5: MElAETSA EO SEHlOPHA SE TSAMAEAng KA EOnA

Bontša moratuoa oa hao hore o bohlokoa.

Fana ka khothatso ka tlatsetso eo ba e etsang ka har’a lelapa.

Thoholetsa. Thoholetso moratuoa oa hao ha a o etselitse ntho ea bohlokoa.

Mo khothatse. Fana ka tšehetso ha a etsa ntho tse ncha.Phutholoha. Phutholohella moratuoa oa hao, le be le lipuisano

tse ahanang (tse tletseng litaba tsa ‘nete). Thusanang Thusa moratuoa oa hao ka emeng ea mesebetsi

ea lapeng.Eba le hlompho. Ahela lesaka maikutlo a moratuoa le ha le sa

utloane ka maikutlo.Etsang thobalano khafetsa. Iphe nako ea ho etsa thobalano, ‘me le buisane

ka seo le ka se etsang ho ba le thobalano e khotsofatsang

Mo tšehetse Tšehetsa moratuoa oa hao mathateng a hae, ‘me o mo khothatse

Mamela. Mo mamele ka hloko, u botse lipotso.

“ MOFUTHU OA LERATO KE HO RATA LE HO RATOA.”

KETSAHAlO EA 5: MAiKUTlO A MAng SEBAKEng SA HO AnETSA THUTO SECHABEng

U ka boela ua etsa pampiri e kholo ‘e nang le melaetsa’ e bontšang mekhoa e 1. mehlano ea ho bontša lerato ‘me ua e manamisa leboteng.

Ngola pina kapa thothokiso ka lerato nakong ena ea HIV le AIDS. E romelle ho 2. C-Change ‘me u be le monyetla oa ho hapela sehlopha sa hao.

Etsa lethathamo la litšoantšiso tse bontšang mabaka a etsang hore motho a 3. ratane le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe LE KOTSI ea ho ba le baratuoa ba bangata ka nako e le ngoe. Bapalang sehlopha se seng se teng motseng oa lona litšoantšiso tsena. Romella lifoto le tlaleho ho C-Change ‘me u be monyetleng oa ho hapela mokhatlo oa hao mpho. Kopa lihlopha tsa likereke tsa motseng, baboleli kapa marena a motse oa hao ho etsa litšoantšiso libakeng tsa bona.

Page 96: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

88

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Kopa motho ea ikarabellang Litabeng tsa HIV le AIDS lekhotleng la heno la puso 4. ea libaka, hore u arolelana thuto ena le bahlomphehi ba lekhotla la heno la puso ea libaka.

Le ka sebelisa litšoantšo tseo sehlopha se li entseng thutong ena, ho fetisetsa 5. melaetsa ho batho ba bang ba seng karolong ea sehlopha e le mokhoa oa ho anetsa thuto sechabeng. Litšoantšo li ka manamisoa ka tlung eo le tšoarelang likopano ho eona.

Romella litšoantšo tsa lona ho C-Change. C-Change e ka li sebelisa ha e hlahisa 6. libuka tse ling hape.

Page 97: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

89

THUTo Ea 6RE KA FETOLA BOITŠOARO

BA RONA JOANG?Ketsahalo ea 1: Lipotso ka HIV le AIDS Lesotho ............................................metsotso e 20

Ketsahalo ea 2: Ho khaotsa litloaelo tsa rona tse mpe .....................................metsotso e 30

Ketsahalo ea 3: Ho hlola lintho tse sitisang phetoho ........................................metsotso e 30

Ketsahalo ea 4: Methati e tšeletseng ea phetolo ea boitšoaro ..........................metsotso e 30

Ketsahalo ea 5: Na ho bobebe hakaalo? ..........................................................metsotso e 30

Lesakana Le koalang: Motsotso oa ho nahana ....................................................metsotso e 10

Lihora tse 2½ p

Page 98: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

90

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Tse tlang ho ithutoa

Qetellong ea ketsahalo litho tsa sehlopha li lokela ho:

Utloisisa hore ho fetola boitšoaro ho nka nako le ho itloaetsa 1. boitšoaro bo bocha.

Hlokomela kotsi ea HIV e ba tobileng.2.

Utloa ba le motlotlo hore ba ka sebelisa methati e tšeletseng ea 3. ho fetola boitšoaro ho etsa morero oa bona oa phetoho.

Kakaretso ea thuto

Ketsahalo ea 1: Lipotso ka HIV le AIDS Lesotho: ho sebelisoa lipotso tse 7 ho khethoa likarabo ho tsoa kahar’a lebokose la lithusa thuto.

Ketsahalo ea 2: Ho khaotsa litloaelo tse mpe tsa rona. Ho sebelisoa likarete tse khubelu (boitšoaro boo re lokelang ho bo fetola) le tse tala (boitšoaro boo re bo fetotseng hantle) ho hloaea lintho tse re khothaletsang ho fetoha le ho tsitlallela phetolo ea boitšoaro.

Ketsahalo ea 3: ho hlola lintho tse sitisang phetoho. Re bala lipale tse peli ho buisana ka lintho tse sitisang batho ho fetola boitšoaro.

Ketsahalo ea 4: Methati e tšeletseng ea phetolo ea boitšoaro. Ho elelloisa litho tsa sehlopha ka methati e tšeletseng ea ho fetola boitšoaro, re bala lipale tse fanoeng a.

Ketsahalo ea 5: na ho bobebe hakaalo? Motataisi o hlalosa methati ea phetolo ea boitšoaro ka bokhutšoane. Lesakana le koalang: Motsotso oa ho nahana

Lintho tse hlokahalang

Ketsahalo ea 1: LIKARETE TSA LIPOTSO KA HIV le AIDS LESOTHO.

Ketsahalo ea 2 Likarete tse khubelu le tse tala.

Ketsahalo ea 3: TSE SITISANG PHETOHO LIKARETE TSE NGOTSENG LIPALE.

Ketsahalo ea 4: Methati e tšeletseng ea phetoho ea boitšoaro.

Page 99: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

91

THUTO EA 6: RE KA FETOLA BOITšOARO BA RONA JOANG?

Selelekela

Amohela bohle thutong ena. Leboha bohle ba teng. Haeba ho na le litho tsa sehlopha tse eso fihle, botsa hore na ba ntse ba tla kapa ha ba tlo khona ho ba teng thutong ea kajeno.

Kopa baithaopi ba neng ba le teng thutong e fetileng ho fana ka boikhopotso holima liketsahalo tsa thuto e fetileng. Kopa sehlopha ho etsa lesakana la nkope, ‘me uena u le motataisi o akhele bolo ho e mong feela oa litho tsa sehlopha ‘me eena a bolele maikutlo a hae, kapa seo a ithutileng sona thutong e fetileng. Ena ke tsela e ntle ea ho hlahloba kutloisiso ea sehlopha ea melaetsa ea bohlokoa thutong e fetileng.

Bontša sehlopha thuto eo re e etsang kajeno, seo re tla se kotula thutong ea kajeno le liketsahalo tseo re tla be re li etsa u sebelisa pampiri e ngotseng lethathamo la tšebetso e tsoang kahar’a lebokose la Lithusa-thuto. Tseo re tla ithuta tsona li ngotsoe litabeng tse hlahang pele ho selelekela.

Fetisa foromo eo batho ba ngolang mabitso ho eona, haeba ho na le baeti hopola hore ba ngole mabitso a bona karolong ea baeti. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u tekene ka tlase

Page 100: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

92

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

KETSAHALO EA 1: Lipotso ka HIV le AIDS Lesotho

Sepheo sa ketsahalo ena ke hore litho tsa sehlopha li utloisise haholo ka ho ata ha seoa sa HIV Lesotho. E atile ha kae? Ke mang ea nang le tšoaetso? Keng e bakang seoa see? Ka kakaretso batho ba Lesotho ba tseba eng ka HIV le AIDS? Ketsahalo ena e etsoa e le tlholisano ea lipotso lipakeng tsa lihlopha tse peli kapa tse tharo. Hlokomela hore ho se be le sehlopha se ikutloang e ka se bothoto kapa sea hloloa , kapa se utloang se le bohlale ho feta se seng. Hopotsa lihlopha hore molemo oa papali ena ke ho ruoa tsebo ho feta ho hlolisana

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTOArola batho ka lihlotšoana tse peli kapa tse tharo. Kopa sehlopha ka seng ho ithea lebitso. 1. Hlalosa hore le tlo etsa “tlholisano ea lipotso” kapa tlholisano ka HIV le AIDS Lesotho.

Bala potso e hlahang LIKARETENG TSA LIPOTSO TSA HIV tse tsoang kahar’a 2. lebokose la lithusa-thuto. Sehlopha se tla phahamisa letsoho pele se tla fumana monyetla oa ho araba. Ha sehlopha se nepa karabo, se fe lintlha tse peli. BALA LIKARABO HO O TATAISA, LI NGOTSOE KAMORAO HO KARETE, ‘me u fetele potsong e hlahlamang. Ha sehlopha se fosa karabo, fa se seng monyetla. Sehlopha se fumanang lintlha tse ngata se hlotse!

POTSO EA 1: Afrika Boroa batho ba 18 ho ba lekholo, ba na le tšoaetso ea HIV. Swatsing ke batho ba 26 ho ba lekholo ba nang le tšoaetso, ‘me ke eona naha e nang le palo ea batho ba holimo lefatšeng ba phelang le tšoaetso. U nahana ke batho ba ba kae ho ba lekholo Lesotho ba nang le tšoaetso ea HIV ?

A: 11 ho ba lekholo

B: 50 ho ba lekholo

C: 23 ho ba lekholo

KARABO KE C – 23 ho ba lekholo.

Lesotho le boemong ba boraro lefatšeng ka tšoaetso e holimo ea HIV `

Bongata ba 23 ho ba lekholo, bo bolela hore bonyane Mosotho a le mong, ho ba bane `o na le HIV. Ha u bona batho ba bane ba eme ‘moho, e kanna eba a le mong oa bona o na le HIV.

Page 101: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

93

THUTO EA 6: RE KA FETOLA BOITšOARO BA RONA JOANG?

POTSO EA 2: o nahana hore ke Batho ba ba kae ba fumanang tšoaetso lekhetlo la pele letsatsi ka leng Lesotho?

A: Ba 23

B: Ba 200

C: Ba 62

KARABO KE C – Ba 62

‘Muso oa Lesotho o tlaleha e le batho ba 62 ba fumanang tšoaetso ea HIV ` letsatsi le letsatsi (Batho ba baholo le bana).

Letsatsi le letsatsi, batho ba 50 Lesotho ba bolaoa ke mafu a nkang monyetla a `bakoang ke AIDS.

Mohlala, Ha re bapisa, nako eo libapali tsa bolo ea maoto li e nkang ka lebaleng, ka `nako e tšoanang, batho ba 4 ba fumana tšoaetso ea HIV, ha ba 3 ba bolaoa ke AIDS.

POTSO EA 3: Ke sehlopha sefe sa batho seo o nahanang hore se kotsing ea tšoaetso ea HIV?

A: Banna ba lilemo li 18.

B: Banna le basali ba nyetseng ba lilemo li kaholimo ho 30.

C: Basali ba banyane ba lilemo tse lipakeng tsa 15 le 18.

KARABO KE B – Banna le basali ba nyetseng ba lilemong tse ka holimo ho 30.

Batho ba bangata ba nyetseng Lesotho ba na le tšoaetso ea HIV ho feta ba sa nyalang. `

Har’a banna le basali ba lilemo li lipakeng tsa 30 le 39, ba mashome a mane ho ba `lekholo ba na le tšoaetso.

Sena se bakoa ke hobane batho ba lilemong tsena hangata ba tloaetse ho ratana le `batho ba fetang bongoe ka nako e le ngoe (kapa ba na le linyatsi).

POTSO EA 4: Ke banna ba bakae ba Basotho ba sebelisang khohlopo thobalanong le batho bao e seng balekane ba bona kapa baratuoa ba bona ba mantlha?

A: Ho ba lekholo e ka ba banna ba mashome a mabeli (20)

B: Ho isa ho halofo ea banna

C: Ha ba eo.

KARABO KE B – Ho isa ho halofo ea banna

Ke banna ba 50 ho ba lekholo (50%) ba sebelisang khohlopo thobalanong le batho bao `e seng baratuoa ba bona ba mantlha. Banna ba emisa ho sebelisa khohlopo kamora lekhetlo la borarao kapa la bone ha ba qala ho “tšepana”.

Ho se sebelise le ho emisa ho sebelisa likhohlopo ke lintho tse peli tsa tse ling tse `bakang ho ata ha tšoaetso ea HIV Lesotho.

Page 102: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

94

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Litsebi tsa bophelo li re ho emisa ho ata ha HIV, ho tšoanela hore ho batho ba lekholo `ba etsang thobalano, bonyane ba ka holima mashome a robeli (80) ba lokela ho sebelisa likhohlopo nako eohle, makhetlo ohleha ba etsa thobalano .

POTA EA 5: Ke Basotho ba bakae ho ba lekholo bao o nahanang hore ba hlahlobetse tšoaetso ea HIV?

A: Ke ba 12 ho ba lekholo ba etsang thobalano

B: Ho isa halofong ea batho ba etsang thobalano

C: ha hona lipalo –palo tse teng.

KARABO KE A -Ke ba 12 ho ba lekholo ba etsang thobalano.

POTSO EA 6: Na o nahana hore seoa sa tšoaetso ea HIV se ntse se theoha Lesotho?

A: E, se theoha butle.

B: Che, sea eketseha.

C: Se eme nq’a e le ‘ngoe.

KARABO KE C - Se eme nq’a e le ‘ngoe.

Litsibi le re seoa sena se emisitse ho hola. Sekhahla sa tšoaetso se eme se tšoana `lilemong tse peli tse fetileng. Ho batho ba lekholo ba mashome a mabeli a metso e meraro (23) ba na le tšoaetso.

Sena se bolela hore boemo ba tšoaetso e ` ncha ha bo ee holimo kapa tlaase, bo eme bo tšoana.

Bonyane ha bo ee holimo. Feela bo ntse bo phahame `

POTSO EA 7: Na o nahana hore batho ba bangata ba na le leseli ka litaba tsa HIV le AIDS Lesotho?

A: Che, ke batho ba fokolang feela ba tsebang ka HIV le AIDS

B: E, ho ba lekholo, ba fetang mashome a robong (90) ba tseba ka HIV le AIDS.

C: Che, ho ba lekholo, ke ba ka tlase ho mashome a mahlano (50) ba tsebang ka HIV le AIDS.

KARABO KE B - E, ho ba lekholo, ba fetang mashome a robong (90) ba tseba ka HIV le AIDS.

Batho ba bangata ba na le leseli ka litaba HIV le AIDS Lesotho. Bonyane lekholong, `banna le basali ba fetang 94 ba tseba na ba ka thibela HIV joang, empa tsebo ena ha e ea etsa hore ho be le phetoho ea boitšoaro.

Re hloka tšehetso ho fetola boitšoaro, ebile re tlameha ho itloaetsa boitšoaro bo bocha. `

Page 103: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

95

THUTO EA 6: RE KA FETOLA BOITšOARO BA RONA JOANG?

Qetella ketsahalo, e re,Lipalo tsena li supa hore HIV le AIDS e teng Lesotho. `

Li bontša hore Basotho ba ela ` hloko kotsi ea HIV le hore na ba ka fokotsa kotsi ena joang.

Bothata ke hore le hoja re le hlokolosi ka HIV le ho thibela tšoaetso, ha re sebelise tsebo `ena hore re fetole boitšoaro le litloaelo tsa rona.

Ketsahalong e latelang re tla leka ho utloisisa hore na ke hobaneng ha re sa fetole `boitšoaro le ha re tseba hore bo kotsi ho rona le ho ba bang?

KETSAHALO EA 2: Ho khaotsa litloaelo tse mpe tsa rona

KetsahaIong ena u tla sebelisa likarete tse tala le tse khubelu moo litho tsa sehlopha li tla ngola kapa ho tšoaea tloaelo kapa boitšoaro boo ba e fetotseng ka katleho le eo ba hlotsoeng ho e fetola. Sena se etella lipuisano tsa hore na ke eng e re khothaletsang ho fetoha le hore na re ka thusa ba bang joang ho fetola lintho tseo ba batlang ho li fetola maphelong a bona.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTOFana ka karete e tala le e khubelu ho motho e mong le e mong. Kareteng e tala ba ngole 1. kapa ba etse setšoantšo sa boitšoaro kapa tloaelo eo ba e fetotseng ka katleho nakong ea ho feta. Mohlala oa litloaelo kapa boitšoaro boo batho ba bo fetotseng ka katleho nakong ea ho feta: Ho ea lipitsong ha ngata; ho hlahlobela HIV; ho tlohela ho noa joala; ho sebelisa likhohlopo le batho bohle bao ba etsang thobalano le bona; ho theola boima ba ‘mele; ho qeta nako le bana ba bona; ho tlohela ho tsuba.

Holim’a karete e khubelu, litho tsa sehlopha li lokela ho ngola kapa ho etsa setšoantšo sa 2. boitšoaro kapa tloaelo eo li neng rata ho e fetola, empa tsa sitoa. Mohlala: ho sebelisa likhohlopo nako eohle; ho qeta nako e ngata le bana ba bona; ho emisa ho noa.

Kopa litho tsa sehlopha ho manametsa likarete tse tala pampiring e kholo e beuoeng 3. lehlakoreng le leng la lebota. Likarete tse khubelu tsona li manametsoe pampiring e kholo e beuoeng lehlakoreng le leng.

Kopa Litho tsa sehlopha ho atamela pela likarete tse tala. Beha pampiri e kholo e ncha 4. e nang le sehlooho sena, LINTHO TSE KHOTHATSANG. Khetha e ‘ngoe ea likarete tse tala. Kopa motho ea ngotseng karete ena e khethuoeng hore a re bolelle hore na o khothalitsoe le ho thusoa keng ho fetola boitšoaro bona? Ngola likarabo pampiring e kholo e ngotsoeng LINTHO TSE KHOTHATSANG. Pheta methati ena ka likarete tse ling tse tala tse tharo.

Page 104: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

96

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Mehlala ea lintho tse khothatsang e ka ba: Ho ba sehlahlo motseng kapa sehlopheng sa kereke; ho fumana tsebo e ncha ka HIV le AIDS; kotsi e mpe kapa lefu ka lapeng; ketsahalo e itseng (ho itima lijo, le ho ila, ho sieama) nako ea selemo e khethehileng e kang Keresemese kapa selemo se secha; tlhaho ea ngoana.

Kopa Litho tsa sehlopha ho atamela pela likarete tse khubelu. Ngola sehlooho sena holima 5. pampiri e kholo, LIKELETSO TSA PHETOHO. Khetha e ng’oe ea likarete tse khubelu. Kopa e mong feela (E SENG MOTHO EA BEILENG KARETE MOO) ; ha ene e le metsoalle , ba ne ba tla eletsa motho ea nang le bothata boo ho etsang? Ngola likarabo holima pampiri e kholo ea sehlooho sena LIKELETSO TSA PHETOHO. Khetha likarete tse ling tse 2 kapa 3 tse khubelu, ‘me batho ba fane ka likeletso hore na motho ea nang le bothata bo joalo a ka fetola boitšoaro joang.

Qetella ketsahalo,Bohle re sokola ho fetola boitšoaro kapa litloaelo tsa rona tse hlahisang kotsi maphelong `a rona.

Ho fetola boitšoaro ha se ntho e bobebe, e etsahalang hang hang. Motho o tlameha ho `feta methati e ‘maloa pele a ka fetola boitšoaro.

Ka nako e ng’oe re ka thella ra ea morao. Ha rea lokela ho inehela. Re lokela ho leka `hape.

KETSAHALO EA 3: Ho hlola lintho tse sitisang phetoho

Ena ke puisano ea sehlopha e bohlokoa haholo, ho leka ho utloisisa hore na hobaneng ha hole thata ho fetola boitšoaro ba rona ka bo mong le hore motho o be sebete sa ho fetola boitšoaro le ho tsitsa phetohong eo.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO Arola Litho tsa sehlopha ka lihlotšoana tse peli. Fa sehlopha sa pele, pale ea Abuti 1. Suping. Fa sehlopha sa bobeli ea Ausi Lenka.

Fa sehlopha ka seng metsotso e 20 ho buisana ka pale ena le ho araba lipotso. 2.

Kopa lihlopha ho tlaleha likarabo tsa tsona.3.

Page 105: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

97

THUTO EA 6: RE KA FETOLA BOITšOARO BA RONA JOANG?

Pale ea pele: Bophelo bo maphathe-phathe ba Abuti Suping

Abuti Suping ke mosuoe sekolong se mahareng se hlomphehang haholo sa Maseru. Boikarabelo ba hae ke ho hlophisa mokhatlo oa sekolo oa thuto ea methaka ka HIV.Abuti Suping ke “motho ea ratang basali”, le mesuoetsana emeng e mo nka a rateha haholo. Le bana ba sekolo ba mo nka a rateha haholo. Abuti Suping o na le bophelo bo maphatha-phathe haholo litabeng tsa thobalano! O rata bana ba sekolo haholo hobane ha ba tsitlallele ho sebelisa likhohlopo.

Ke hobaneng ha Abuti Suping a tsoelapele ho etsa thobalano e sa tšireletsehang le 1. batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe, le ha a ena le tsebo e batsi ka litaba tsa HIV le hore na e tšoaetsoana joang?

Hobaneng a sa emise boitšoaro bo? U nahana ke eng e mo sitisang?2.

Ha a ne a ka u fa monyetla, ke keletso e fe eo u neng u ka mo fa eona ho mo thusa 3. ho emisa boitšoaro boo bo kotsi? O lokela ho etsa eng?

Page 106: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

98

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Pale ae bobeli: Banna ba bangata ba rata Ausi lenka

Ausi Lenka o lilemo li 22, ke mosali a sa nyaloang ea nang le ‘mele o ratehang haholo. Metsoalle ea hae e mo joetsa hore o na le “’mele o ahetsoeng thobalano”. Ausi Lenka o motlotlo haholo ke likhau tse ngata tseo a li hapileng litlholisanong tsa bo ‘mabotle ho tloha bonyenyaneng ba hae. O koetlisong ea ho ba lepolesa. Karolo ea koetliso ea hae e kenyeletsa ho ithuta ka thibelo le phetiso ea HIV le AIDS. Boholo ba basebetsi ‘moho le Ausi Lenka ke banna. Oa thaba ha ba na le thahasello holima hae. O na le likamano tsa thobalano le basebetsi ‘moho le eena ba bararo. Ka nako e ‘ngoe o lebala ho sebelisa khohlopo kapa o batla ho e etsa “nama nameng”.

Ke hobaneng ha Ausi Lenka a tsoelapele ho etsa thobalano e sa tšireletsehang le 1. batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe ntle le tšebeliso ea likhohlopo?

Hobaneng a sa emise boitšoaro bo? U nahana ke eng e mo sitisang2.

Ha a ne a ka u fa monyetla , ke keletso e fe eo u neng u ka mo fa eona ho mo thusa 3. ho emisa boitšoaro boo bo kotsi? O lokela ho etsa joang?

Qetella ketsahaloBatho ba na le mabaka a fapaneng a ho tsoela pele ka boitšoaro bo ka bang kotsi `maphelong a bona.

Re lokela ho nahana ka litholoana tse bosula tse tlisoang ke boitšoaro bona, re se shebe `melemo eo re e fumanang feela.

Page 107: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

99

THUTO EA 6: RE KA FETOLA BOITšOARO BA RONA JOANG?

BOiKHATHOllO: THETSA nTHO E PUTSOA

Papali ena e tla hlasimolla batho, e tla etsa hore batho ba tšehe ba thapolle ‘mele. Kopa bohle ho ema. Hlalosa hore u tla hoelehetsa o re “tšoara ntho e putsoa”, ‘me e mong le e mong o tlameha tšoara “ntho e putsoa” e pela hae. Tsena ekaba tuku e putsoa kapa mose kapa seeta – ntho efe kapa efe. Hoelehetsa o re, “tšoara ntho e tala”, bohle ba mathe ho tšoara ntho e tala. hape, “tšoara maqaqailana a hao” kapa “tšoara tsebe ea e mong” kapa “tšoara sefate sane” kapa ntho e ‘ngoe feela. Kopa batho ba bang ho etsa ka litlhahiso.

KETSAHALO EA 4: Methati e tšeletseng ea

phetolo ea boitšoaro Ketsahalong ena, o tla buisana le sehlopha ka methati e tšeletseng e ka u thusang ho atleha ha u fetola boitšoaro. U tla sebelisa mehlala ea boitšoaro bo litho tsa sehlopha li batlang ho e fetola, ho bontša methati ena e tšeletseng.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO Kopa setho sa sehlopha se seng ho hloaea boitšoaro bo kotsi boo ba ka batlang ho bo 1. laola, [mohlala, ho sebelisa likhohlopo ka mehla]. Sebelisa mohlala ona e le ho tataisa le ho bontša sehlopha hore se ka latela methati ena joang. Sebelisa karete e ngotsoeng METHATI E TŠELETSENG EA HO FETOLA BOITŠOARO etsoang kahar’a lebokoseng la lithusa thuto.

Methati e 6 ea ho fetola boitšoaro: Mohlala ‘ke tla sebelisa khohlopo nako eohle ha ke etsa thobalano’

Mothati oa 1. Ipehele sepheo

U batla ho etsang ho tloha joale?

Ke batla ho sebelisa khohlopo ka linako tsohle ha ke kena thobalanong.

Mothati oa 2. Tseba lintho tse u sitisang ho fetoha

Ke eng e u sitisang ho etsa seo u batlang ho se etsa?

Ha ke lule ke na le likhohlopo kamehla. Ka nako tse ling ha ke sebelise likhohlopo ha ke noele.

Page 108: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

100

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Mothati oa 3. Katleho e nyane ho isa ho katleho e kholo

Qala ka mehato e menyane e u thusang ho fihlela sepheo sa hao se seholo.

Ke tla batla maselinyana ka litaba tsa HIV le likhohlopo, ‘me ke a bale. Maselinyana ana a tla mpha malebela a hore na nka bua le moratuoa oaka joang ka likhohlopo.

Mothati oa 4: Meputso e menyane: kamehla ha u nka mohato oa ho fihlela sepheo sa hao, Iputse. Amohela ‘me u ikutloe o le motlotlo ka katleho ea hao e fokolang.

Kamor’a hore ke ngolise setsing sa bophelo, ‘me ke fumane likhohlopo, ke ile moketeng oa ‘mino le metsoalle ea ka ho ea keteka ha ke nkile boikarabelo ka bophelo baka haholo litabeng tsa thobalano.

Mothati oa 5: Itlhahlobe

Batla buka e nyane moo u tla ngola tsoelopele ea hao; e le ntle (ho se noe nako ea beke) e le mpe (ho noa ho feta tekano ha o ne o ile moketeng (lenyalong la motsoalle)). Haeba u sa tsebe ho bala, kopa motsoalle ho u thusa.

Tse ntle: Khoeling e fetileng, ke sebelisitse khohlopo boholo ba nako ha ke etsa thobalano. Ke ile ka lebala habeli feela.

Tse mpe: Khoeling e fetileng ha kea sebelisa khohlopo makhetlo a mahlano.

Mothati oa 6: Iphuthe

Baleha maemo kapa libaka tse u susumetsang ho tsoelapele ka boitšoaro ba hao ba khale. Etsa moralo oa ho qoba maemo ana kapa khatello ea lithaka.

Ho ba le Thabo bareng ho eketsa menyetla ea ho fereha banana ba bang.

Ke tla memela Thabo ha ka re noelle teng.

Fa litho tsa sehlopha pampiri ea methati e 6 ea phetolo ea boitšoaro e tsoang ka 2. lebokoseng la lithusa-thuto. Ho ngotsoe mehlala e ‘meli, (1) tšebeliso ea khohlopo ka lehlakoreng le leng, (2) ho fokotsa baratuoa ka ho le leng.

Etsa mohlala o mong, khetlong lena u sebelisa mohlala oa motho ea batlang ho fokotsa 3. lenane la batho bao a etsang thobalano le bona ka nako e le ‘ngoe.

Bolella sehlopha hore Mathabo ke moithuti sekolong se seholo sa sechaba (NUL), eo 4. morero oa hae e leng ho tlohela ho ba le baratuoa ba bararo ka nako e le ‘ngoe ho ba le ba babeli ka nako a le ‘ngoe. O hloka ho boloka ba babeli e le hore ha e mong a tsamaea e mong a be a le teng. Buisana le sehlopha ka methati e 6 ea phetolo ea boitšoaro u sebelisa mohlala oa ‘Mathabo. Ba lokela ho bolela hore na ba nahana hore tšitiso tseo a nang le tsona ke life, mehato e menyane eo a lokelang ho e nka ho fihlela sepheo sa hae, a ka iputsa joang, a ka itlhahloba joang le hore na ba nahana hore ke maemo afe ao Mathabo a lokelang ho a baleha le hore na a ka qoba lintho tse mo behang molekong oo joang.

Page 109: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

101

THUTO EA 6: RE KA FETOLA BOITšOARO BA RONA JOANG?

Methati e 6 ea ho fetola boitšoaro: Ke tla fokotsa lenane la baratuoa

Mothati oa 1. Ipehele sepheo Ke batla ho fokotsa lenane la batho bao ke etsang thobalano le bona ka nako e le ‘ngoe.

Mothati oa 2. Tseba lintho tse u sitisang ho fetoha

Ke tšohile hore ke tla lieha ho nyaloa, ke tloha ke tsofala haholo pele ke etsa bana, kahoo ke lokela ho lula ke butse menyetla eaka.

Mothati oa 3. Ho tloha katlehong e nyane ho ea katlehong e kholo

Ke tlo ba setho sa sehlopha se buisanang ka ho ‘fokotsa bonyatsi’ se teng sekolong mona.

Mothati oa 4: Meputso e menyane Ke tla itokisa ke shebehale hantle, ke tsebe ho ikutloa ke le motle

Mothati oa 5: Itlhahlobe Ha ke so ba letsetse libekeng tse tharo tse fetileng.

Mothati oa 6: Iphuthe Ha ke sa tla ea meketjaneng ea bana ba sekolo. Nka mpa ka ea meketjaneng ea hae moo ke nang le metsoalle le ba lelapa.

Qetella ketsahalo, e reHo sebelisa methati ena e 6 ho ka re thusa ho fetola boitšoaro le ho fokotsa kotsi ea ho ba `le tšoaetso ea HIV.

Re ka sebelisa methati ena e 6 ho re thusa ho etsa liphetoho likarolong tse ling tsa `bophelo ba rona tseo re batlang ho li fetola.

KETSAHALO EA 5: Na ho bobebe hakaalo?

Ketsahalong ena, uena joaloka motataisi, u tla fana ka puo ka methati ea phetolo ea boitšoaro.

MOKHOA OA HO TSAMAISA KETSAHALOHlalosa hore ho fetola boitšoaro ba rona kapa ho fetola maemo a rona ho ke ke ha 1. etsahala ka nako e khutšoane. Batho ba bang ba khona ho emisa hang, empa ba bang, ba lokela ho lula ba leka hape. Ka linako tse ling re tla khutlela morao empa ha rea lokela ho nyahama, re lokela ho ipha matla re leke hape.

Bontša litho tsa sehlopha setšoantšo sa phetolo ea boitšoaro se katlase. Setšoantšo sena 2. se bontša methati e fapaneng ea phetolo ea boitšoaro. Litaba tse pel’a mothati ka mong li hlalosa kamoo re ikutloang ka teng mothating o mong le o mong.

Page 110: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

102

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Bothata bang? Ha ken a bothata ‘na.

Be! kea hlokomela hore ken a le bothata.

“Ke hloka ho etsa ho hong ho qoba kotsi eo

ke leng ho eona.

Nka khona. Ke tlo leka ke bone na nka etsang.

Ke bone hore ha ho boima hakaalo.

E se e le karolo ea bophelo ba ka!

Ho phela ho latela boitšoaro bo bocha

Ho khothala

Ho elelloa

Ho se elelloe

Ho ngongoreha

Ho phela ho latela boitšoaro bo bocha ka mehla

Page 111: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

103

THUTO EA 6: RE KA FETOLA BOITšOARO BA RONA JOANG?

Mehato ea phetolo ea boitšoaro

Ho se elelloe “ Ke ne ke sa tsebe ka kotsi ea ho etsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ngoe.

Ho elelloa “ Joale ke tseba kotsi ea ho etsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ngoe..Kea elelloa hore ke kotsing ea tšoaetso ea HIV”

Ho ngongoreha “ Ke hloka ho etsa ho hong ho itšireletsa khahlanonong le tšoaetso ea HIV”.

Ho khothala Ho tloha joale, ke tla sebelisa khohlopo ka linako tsohle ha ke kena thobalanong. Ha kena ho etsa phoso

Ho itloaetsa boitšoaro bo bocha

Esale ke sebetsa hantle. Empa ka Moqebelo ke entse liphoso …

Leha ho le joalo, ho lokile. Kea tseba nka fihlela sena. Ha ke sa tla pheta hape.

Ho tsitlallela boitšoarong bo bocha

Ke thabetse hore ebe ke entse qeto ea ho sebelisa likhohlopo ka nako tsohle. Ke ithutile matsapa a macha ‘me ke natefeloa ke thobalano ho feta pele hobane kea tseba hore ke lutse ke tšireletsehile. Bophelo ba ka bo ntlafetse haholo ka tsela ena!

Qetella ketsahalo, e re,Leha ho na le se re khothalitseng ho fetola boitšoaro, re ka nna ra khutlela mekhoeng ea `rona ea pele. Ho etsa liphetoho ho ka ba boima.

Empa ntho ea bohlokoa ke ho se lahle tšepo. Ho lula u itloaetsa ho etsa lintho tse ncha `tsena tseo o batlang ho li etsa le ho fetola boitšoaro ho tsona. Ho ithuta ka liphoso tsa rona, ho matlafatsa boitlamo ba rona le ho leka hape.

Batla tšehetso. Kopa ,metsoalle, lelapa, kereke le litho tsa sehlopha sa tšehetso motseng `oa heno ho u thusa. Chakela setsing sa bophelo – ho na le batho ba ka u fang tšehetso. Hoa amoheleha ho khutlela mekhoeng ea pele, batla thuso u qale hape.

Lesakana le koalang: Motsotso oa ho nahana ….Ho fumana molemo litabeng tsena tse ncha tseo re ithutileng tsona, re hloka nako ea boinahano. E re litho tsa sehlopha li behe lihlooho tsa bona tafoleng, ba paqame fatše kapa ba lule ka tsela e phuthulohileng. Ba kope ho nahana ka seo ba qetang ho ithuta sona. Kamor’a metsotso e mehlano, bitsa lentsoe kapa poleloana ea mantlha ‘me u ba lumelle ho nahana ka eona metsotso e ‘maloa. Pheta lentsoe kapa a mabeli kapa lipoleloana, ‘me u bokelle sehlopha ho etsa lesakana’me u re ba arolelane lintlha tseo ba lumelang e le tsa bohlokoa thutong, le kamoo ba ka li sebelisang bophelong ba bona.

Phethela thuto ea kajeno ka ho tlasa foromo ea boitlhatlhobo holima thuto ea letsatsi. Botsa sehlopha maikutlo a bona ka thuto ea kajeno, ka hore ba arabe lipotso tse hlahang foromong ena, ’me u ngole likarabo tsa bona holima foromo ena. Bolella sehlopha hore bonyane le tla nka metsotso e mehlano ho tlatsa foromo ena.

Page 112: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

104

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

THUTO EA 6: MElAETSA EO SEHlOPHA SE TSAMAEAng KA EOnA

Ke boitšoaro bofe boo u batlang ho bo fetola?1.

Ke boitšoaro bo fe bo bocha boo u ratang ho bo qala?2.

U sitisoa keng?3.

U tla nka mehato e feng ho fihlela sepheo sa hau?4.

Ke mang ea ka o tšehetsang?5.

“mamello e tsoala katleho”

U ke ke oa tšoara ‘mutla e ‘meli ka nako e le ‘ngoe.

Etsa ntho e le ‘ngoe ka nako

THUTO EA 6: MEKHOA E MEng EA HO AnETSA THUTO SECHABEng

Ha hona le batho ba bangata ba batlang ho fetola boitšoaro bo tšoanang, qalang 1. sehlopha sa tšehetso.

E tsang mohoo oa phetolo ea boitšoaro oa nako e itseng, ‘me o ipehele nako ea ho 2. fihlela morero ona. Mohlala, khoeling ena ke tla qoba litaba tsa bonyatsi, ke tla etsa thobalano le motho a le mong feela.

Ngola mabitso a libaka tse fapaneng tseo batho ba ka fumanang likhohlopo ho 3. tsona ka hare ho motse oa rona. Beha pampiri e ngotseng libaka tsena ntlong ea thitelo.

Tšepisa sehlopha hore o tla nka khohlopo ka nako tsohle.4.

Page 113: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

105

THUTo Ea 7NA MOETLO O KA BA KOTSI? Ketsahalo ea 1: Moetlo le bolumeli bo ka susumetsa boitšoaro ba rona

ka tsela efe? ...........................................................................metsotso e 30

Ketsahalo ea 2: Emisa, Boloka, Fetola ............................................................metsotso e 60

Ketsahalo ea 3: Ho fetola litumelo tse kotsi (Tšoantšiso) ..................................metsotso e 60

Ketsahalo ea 4: Ha re phureng leshoetla! Na re ka emisa bonyatsi? ..................metsotso e 30

Lesakana le Koalang: Lintho tse molemo, tse teng ho ‘na kajeno .........................metsotso e 10

Lihora tse 3 p

Page 114: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

106

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Thuto ena e telele hobane e etsa hore batho ba buisane ka litaba tse ngata, haholo ketsahalo ea bobeli e shebana le litaba tsa meetlo le litloaelo tseo re lokelang ho li emisa kapa ho li fetola. Ketsahalo ea boraro eona e na le litšoantšiso tse ka nkang nako e telele ha litho tsa sehlopha li utloa monate oa ho etsa litšoantšiso tse bontšang litloaelo le meetlo.

Le ka lumellana le le sehlopha hore na le etsa liketsahalo tsena ka nako e le ‘ngoe kapa la etsa qeto ea ho li etsa ka matsatsi a fapaneng. Ho arola liketsahalo tsena hore li etsoe ka linako tse arohaneng ho tla fana ka nako e ngata ea hore litho tsa sehlopha li qoqe ka litaba tsena tse li amang.

Tse tlang ho ithutoa

Qetellong ea thuto barupeluoa ba lokela ho:

Utloisisa hore na moetlo le litumelo tsa rona li ka re susumetsa 1. boitšoaro ba rona joang le ho re beha kotsing ea HIV.

Utloisisa hore na litloaelo le meetlo e meng li etsa hore basali 2. ba be kotsing ea tšoaetso ea HIV joang.

Ikutloa ba le sebete sa ho qholotsa litloaelo tsa moetlo tse re 3. behang kotsing ea tšoaetso ea HIV.

Kakaretso ea thuto

Ketsahalo ea 1: Moetlo le tumelo li ka susumetsa boitšoaro ba rona joang? Re sheba potso ena ka ho mamela pale ea Ntate Thotanyane.

Ketsahalo ea 2: Emisa, Boloka, Fetola. Ketsahalong ena re ngola lethathamo la litloaelo tsa moetlo, bolumeli, mekhoa le maele ka thobalano le bophelo ba thobalano. Re tla etsa qeto ea hore na ke litloaelo li feng tseo re ka li emisang, ra li boloka kapa ra li fetola.

Ketsahalo ea 3: Ho fetola litumelo tse kotsi. Re tla etsa tšoantšiso ea ‘Emisa-Qala’ ‘me litho tsa sehlopha li tla itloaetsa ho toba litloaelo, litumelo le meetlo tse li behang kotsing e kholo ea tšoaetso ea HIV.

Ketsahalo ea 4: Ha re phureng leshoetla! Re ka emisa bonyatsi le tloaelo ea ho ba le baratuoa ba bangata ka nako e le ‘ngoe. Litho tsa sehlopha li etsa tšoantšiso, joale ka ha eka re ka paramenteng moo mahlakore a qhothisanng lehlokoa ka hore na tloaelo ea bonyatsi le hoba le baratuoa ba bangata ka nako e le ‘ngoe e ka fokotsoa joang Lesotho.

Lesakana le koalang: Lipina le maele. Litho tsa sehlopha li nahane ka lipina le maele ka hore na banna ba sebele le basali ba sebele ba Basotho ba tsoanela ho nahana joang le ho itšoara joang. Litaba tsena re tla bua ka tsona thutong e hlahlamang ena.

Page 115: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

107

THUTO EA 7: NA MOETLO O KA BA KOTSI?

Lisebelisoa tse hlokoang

Etsa bonnete ba hore ua itokisa ka ho etsa tšoantšiso ea ‘Emisa-Qala’ pele u qala thuto ea kajeno.

Lisebelisuoa tse hlokahalang

Ketsahalo ea 1: Pale ea NTATE THOTANYANE le LIPOTSO TSA SEHLOPHA

Ketsahalo ea 2: Lipampiri tse kholo tse tharo tse ngotsoeng EMISA, BOLOKA, FETOLA.

Ketsahalo ea 3: Likarete tse ngotsoeng ‘HO FETOLA LITLOAELO TSE KOTSI’ re etsa tšoantšiso ea ‘Emisa – Qala’

Boikhopotso

Ha ho buisanoa ka litaba tsa teka-tekano le bochaba, ho bohlokoa ho etsa bonnete ba hore litaba li buuoa ka mokhoa o senang ho supa ba bang ka menoana kapa ho ba nyenyefatsa. Litaba tsena li ka qholotsa maikutlo a batho ba bang. Etsa bonnete ba hore litaba tse hlahisitsoeng ke litho tsa sehlopha tse ka tiisang litumelo kapa litloaelo tse kotsi, mafosisa le litšebo li tšohloa ke sehlopha se seholo. Kamehla fana ka monyetla oa hore lipuisano li nke nakoana e le hore litho tsa sehlopha li nahane ka maikutlo, le litumelo le boleng ba tsona tseo re li nkang e le meetlo. Khothalletsa litho tsa sehlopha hore li qholotse litaba tsena le hore na ba ka fetola joang tse ba behang kotsing.

Page 116: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

108

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Selelekela

Amohela bohle thutong ena. Leboha bohle ba teng. Haeba ho na le litho tsa sehlopha tse eso fihle, botsa hore na ba ntse ba tla kapa ha ba tlo khona ho ba teng thutong ea kajeno.

Kopa baithaopi ba neng ba le teng thutong e fetileng ho fana ka boikhopotso holima liketsahalo tsa thuto e fetileng. Kopa sehlopha ho etsa lesakana la nkope, ‘me uena u le motataisi o akhele bolo ho e mong feela oa litho tsa sehlopha ‘me eena a bolele maikutlo a hae, kapa seo a ithutileng sona thutong e fetileng. Ena ke tsela e ntle ea ho hlahloba kutloisiso ea sehlopha ea melaetsa ea bohlokoa thutong e fetileng.

Bontša sehlopha thuto eo re e etsang kajeno, seo re tla se kotula thutong ea kajeno le liketsahalo tseo re tla be re li etsa u sebelisa pampiri e ngotseng lethathamo la tšebetso e tsoang kahar’a lebokose la Lithusa-thuto. Tseo re tla ithuta tsona li ngotsoe litabeng tse hlahang pele ho selelekela.

Fetisa foromo eo batho ba ngolang mabitso ho eona, haeba ho na le baeti hopola hore ba ngole mabitso a bona karolong ea baeti. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u tekene ka tlase

Joetsa litho tsa sehlopha ka bokhutšoanyane hore na re tlo buoa ka eng thutong ena:

Thutong ena re tla bua ka litumelo, litloaelo le mekhoa ea Basotho e susumetsang 1. boitšoaro le liqeto tsa rona.

Moetlo le litloaelo tsa rona, bochaba le bolumeli ba rona bo susumetsa tsela eo 2. re phelang ka eona. Hangata litloaelo tsa moetlo, bolumeli le bochaba li ka ba le tšusumetso e ntle, empa ka linako tse ling li ka ba le tšusumetso e kotsi maphelong a rona.

Re tla manolla hammoho hore na litloaelo tse ling tsa moetlo le tumelo li ka re beha 3. kotsing ea tšoaetso ea HIV joang, le hore na tse ling tsona li ka re tšireletsa joang.

Re tla shebisana hore na re ka tiisa meetlo, bolumeli le litloaelo tse re tšireletsang ho 4. tšoaetso ea HIV le ho fokotsa tse eketsang kotsi ea rona ea tšoaetso ea HIV.

Page 117: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

109

THUTO EA 7: NA MOETLO O KA BA KOTSI?

Ketsahalo ea 1: Bochaba le bolumeli bo ka susumetsa

boitšoaro ba rona joang? Bolella litho tsa sehlopha hore ketsahalong ena re tla mamela pale ea Ntate Thotanyane. Paleng ena re tla utloa hore na bochaba le bolumeli bo susumelitse boitšoaro ba Ntate Thotanyane joang, le hore na bochaba le bolumeli bo bile le tšusumetso ea mofuta ofe ho basali ba teng bophelong ba hae.

Hopotsa sehlopha hore mabitso a sebelisitsoeng paleng ena ha se a ‘nete, empa pale eona ke ea ‘nete. Litaba tsena ke tsa monna oa Mosotho ea lilemo li mashome a mahlano a metso e ‘meli (52) tseo a li buileng nakong eo ho neng ho etsoa liphuputso ka selemo sa 2007.

MOKHOA OA HO TSAMAISA KETSAHALOBolella sehlopha hore u tla se balla pale ea Ntate Thotanyane ‘me ba tle ba koale mahlo 1. a bona ho inahanela hore na Ntate Thotanyane o shebahala joang le hore na o etsa liketso tsa mofuta ofe. U ka kopa e mong oa litho tsa sehlopha ho bala pale ena. Litho tsa sehlopha li lokela ho inahanela hore na basali ba paleng ena ea Ntate Thotanyane ke ba mofuta ofe.

Pale ea Ntate ThotanyaneNtate Thotanyane o ikotla sefuba ka hore ke “monna oa Mosotho oa sebele”. O lilemo li mashome a mahlano a metso e ‘meli (52), ‘me o lula Quthing, o tsebahala haholo e le motho oa lipale tse monate motseng oa habo. Ntate Thotanyane o lumela hore motho a ka ba kotsing ha feela a khetha ho phela ka thoko ho meetlo le litloaelo tsa bochaba ba heno.

Ntate Thotanyane o nyetse Mme Maria, ea hlokomelang lehae la bana ba likhutsana. Ntate Thotanyane o re ba na le “likamano tse ntle haholo…” empa “tali ea hae ha e jooe”. Thotanyane o na le nyatsi. Lebitso la hae ke Ramaketse ‘me o lilemo li mashome a mabeli a metso e meraro (23). Esale ele nyatsi ea hae ho tloha ha moroetsana enoa a le lilemo li leshome le metso e robeli (18). Remaketse o lula motseng o haufi le oa ha Thotanyane. Ntate Thotanyane oa tšeha ebe o re, ‘mokoko o fatela sethole’..

Mme Maria oa tseba hore na Thotanyane ke motho oa mofuta ofe, empa ho ea ka tumelo ea hae a ka se hlale monna oa hae, ebile a ke ke a mo botsa ka litaba tsena. O re ke tsoanelo ea hae ho tšehetsa monna oa hae. Esita le sechaba sa motseng oa hae se lebelletse hore a tšehetse monna oa hae.

Page 118: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

110

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Ntate Thotanyane o ile a re bollella hore Ramaketse ha se nyatsi ea pele. O qetella ka hore ‘re na le puo ereng: ‘monna o tšoanela ho itšoarella ka makala a mangata, ha le le leng le senyeha a tle a salloe ke a mang a phelang hantle’.

Ho tloha lilemong tse mashome a mabeli (20) a fetileng, Ntate Thotanyane esale a ratana le Mme Felleng . Ba na le bana ba banana ba bararo. Ntate Thotanyane o na le bana bana feela, ha a na bana le mosali oa hae. Ka khoeli ea ho feta Ntate Thotanyane o ile a khaohana le Mme Felleng hobane a re o ile a kenya monna e mong ka ha hae. Ntate Thotanyane o ne a ntse a ratana le Ramaketse nakong eo a neng a ntse a ratana le Mme Felleng. O bitsa Ramaketse “setšosa” sa hae. O re o rerile ho monyala ha a ka mo etsetsa ngoana oa moshanyana.

Ntate Thotanyane ha a lumele ho sebelisa likhohlopo hobane o lumela hore mosebetsi oa monna ke ho etsa bana. O re khale a etsa thobalano le banana bohle ba neng ba robala thakaneng, empa ha a ka a fumana tšoaetso ea HIV. O re HIV ke lefu le fumanoang ke bacha ka lebaka la lijo tseo ba li jang mehleng ona. O tsoela pele hore oa tseba hore basali ba o etseng thobalano le bona, esita le bao a ba patetseng ho kena thobalanong le eena – ha ba na tšoaetso ea HIV hobane o re o ‘khona ho bona haeba mosali a kula’. Ke eena ea rutang banna ba lilemong tse tlase ba motseng moo hore na mosali ea “phetseng hantle” o fapana le ‘ea fosahetseng ea sa pheleng hantle” joang.

NTATHE THOTANYANE

SEx WORKERS

MME MARIA

MME FELLENG

MME RAMAKETSE

Page 119: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

111

THUTO EA 7: NA MOETLO O KA BA KOTSI?

Kamor’a ho bala pale ena,2. botsa batho ba babeli hore na maikutlo a bona ke afe ka pale ena. Ba botse, “Na pale ee e tšoana le bophelo boo ba bo tloaetseng? Na hona le batho ba kang Ntate Thotanyane metseng ea habo rona?

Arola litho tsa sehlopha ka lihlotšoana tse tharo. Ba kope ka lihlotšoana tsa bona ho 3. araba lipotso tse hlahang paleng ena, ‘m’e ba ngole lipuisano tsa bona holima pampiri e kholo.

lipotso ka pale ena

Sheba setšoantšo se bontšang khokahano ea thobalano ea Ntate Thotanyane, ebe le araba lipotso tse latelang.

Tšusumetso ea “bochaba” holima Ntate Thotanyane 1. le basali bao a ratanang le bona ke efe?

U nahana hore ke hobaneng basali baa ba ile ‘ba mamella boitšoaro boo ba hae’? U 2. nahana Bochaba, bolumeli le litloaelo tsa moetlo li na le tšutšumetso efe?

Kotsi ea boitšoaro ba Ntate Thotanyane ke efe? Boitšoaro boo ba hae bo ka ama 3. mosali oa hae le linyatsi tsa hae joang, moho le banna bao a ba rutang?

Fana ka monyetla ho sehlopha ho tlaleha lipuisano tsa bona. Kopa sehlotšoana sa pele 4. ho bolela karabo ea sona ea potso ea pele. Kopa lihlopha tse ling ho tlatselletsa. Kopa sehlopha sa bobeli ho bolela karabo ea sona ea potso ea bobeli, le sehlopha sa boraro ho bolela karabo ea sona ea potso ea boraro. Ho fana ka likarabo ka tsela ena ho tla boloka nako le ho etsa hore litho tsa sehlopha li kenye letsoho li sa khathale.

Qetella ketsahalo:Kotsi ea rona ea ho tšoaetsoa HIV e susumetsoa ke boitšoaro ba rona le liqeto tseo re li `etsang. Boitšoaro ba rona bo susumetsoa ke liqeto tseo re li etsang, bolumeli, bochaba, le litloaelo tsa rona.

Mohlala, kholiso le bochaba ba rona li etsa ho be thata hore basali ba itšireletse ka `likhohlopo. Haele bolumeli bo bong bona ha bo lumelle basali ho sebelisa likhohlopo, sena se ba beha kotsing e kholo ea ho fumana tšoaetso ea HIV.

Mohlala o mong: Bochaba ba rona bo iphapanyetsa taba ea banna ba nang le likamano `tsa thobalano le basali ba bangata. Sena se ba beha kotsing e kholo ea tšoaetso ea HIV.

Ketsahalong e hlahlamang, re tla sheba litloaelo tsa bochaba le bolumeli tse re `tšireletsang ho tšoaetso ea HIV, le meetlo le tumelo e eketsang menyetla ea rona ea ho fumana tšoaetso ea HIV.

Re tla boela re buisane ka litloaelo tse re sireletsang, le hore na re ka li akofisa joang LE `ho sheba hore na re ka fetola joang litloaelo le litumelo tse re behang kotsing.

Page 120: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

112

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Ketsahalo ea 2: Tseo re ka li Emisang, tseo re ka li Bolokang, le tseo re ka li Fetolang

Sepheo sa ketsahalo ena ke ho hloaea likarolo tsa bochaba le meetlo tse amanang le thobalano le bophelo ba thobalano tse bohlokoa hore sechaba se li boloke, le tsa ka fetoloang kapa ho emisa ho li etsa ele molemong oa ho khothalletsa bophelo bo botle le thobalano e khotsofatsang. Re tla qala ka lipuisano re le sehlopha se seholo ho etsa lethathamo la mekhoa, litloaelo tsa bochaba le litumelo tsa Basotho mabapi le bophelo ba thobalano. Re tla tsoelapele ho sheba e ‘ngoe le e ‘ngoe lethathamong re hlahloba melemo ea ona le litla-morao tsa eona. Qetellong, re le sehlopha re tla lumellana hore na nakong ena eo ho nang le lefu la HIV, na ke li feng litloaelo, litumelo le mekhoa ea rona eo re lokelang ho emisa, ho e boloka kapa ho e fetola.

Page 121: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

113

THUTO EA 7: NA MOETLO O KA BA KOTSI?

litloaelo tsa moetlo le litumelo tse behang batho kotsing

Basali ha ba lumelloe ho bua kapa ho qala thobalano. Basali ha ba lokela ho natefeloa `ke thobalano.

Ha ngata banna ha ba rate ho etsa thobalano le mosali eo setho sa hae sa botšehali se `leng mongobo kapa se le metsi haholo. Hona ho susumetsa basali ho kenya lintho tse omisang setho sa bona sa botšehali. Ka lebaka la hore setho sa botšehali se omeletse, mabota a sona a taboha le ho utloa bohloko nakong ea thobalano. Sena se eketsa menyetla ea ho fumana tšoaetso ea HIV.

Litumellano tsa lenyalo le ho ntša bohali ho etsa basali eke ‘ke thepa’ e rekoang. `Mosali o fetoha thepa ea monna oa hae kapa ea lelapa la bo monna. Maemong a tjena, mosali o sitoa ho buisana le monna oa hae hore ba etse thobalano e sireletsehileng. Mosali a ka sitoa ho botsa monna oa hae ha a belaela hore o ratana le basali ba bang.

Batsoali kapa sechaba se iphapanyetsa taba ea hore banana ba banyane lilemong ba `kena thobalanong ele ho fumana chelete, lijo kapa ho patalloa sekolo ka lebaka la bohloki ba malapa a bona.

Tumelo ea hore monna o tla itematsa kapa ho tsoa kotsi le ho ntša balimo ba hae kotsi `ha a sa lahle ‘mane ka hare ho setho sa mosali e le hore a tsebe ho etsa lesea.

Litumelo tse hlahang ka maele le mekhabo-puo joale ka mehlala e latelang: `

‘Monna ke mokopu oa nama. Mosali ke K’habeche oa ipopa’. `

mokoko o fatela sethole’ `

Mokhoa oa ho tsamaisa ketsahalo Kopa litho tsa sehlopha ho bolela tse ling tsa litloaelo, litumelo le mekhoa ea bophelo ba 1. thobalano ba Basotho. Ngola litaba tsena holima pampiri e kholo. Mohlala: ho se kene thobalanong pele ho lenyalo; ketekelo ea lebollo; Tumelo ea hore mosali ke mosali ka bana; Ho khetha ho etsa thobalano le mosali empa setho sa hae sa botšehali se se mongobo (kappa metsi ho lekana); mosali ha a lokela ho natefeloa ke thobalano; le hore ke banna feela ba ka qalang thobalano; mekhabo puo e kang ‘monna ke mokopu oa nama, mosali ke k’habeche oa ipopa’; ‘Molimo o bopile mosali hoba le le bana’;

Hopotsa litho tsa sehlopha ho tsepamisa maikutlo holim’a mekhoa le meetlo kapa litumelo 2. tseo Basotho ba ntseng ba li bolokile (e seng tseo ba seng ba sa lietse).

Page 122: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

114

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

‘lehae la monna le hohle’ `

‘Monna oa theteha’‘ `

‘Lebitla la monna le ka thoko ho tsela’ `

‘monna o tšoanela ho itšoarella ka makala a mangata, ha le le leng le senyeha a tle a `salloe ke a mang a phelang hantle’. ‘monna ke apole oa lomisanoa ‘ `

Arola3. litho tsa sehlopha lihlotšoana tsa batho ba babeli. Kopa sehlopha ka seng ho buisana ka litumelo kapa litloaelo tse peli tse ngotsoeng pampiring e kholo.

Lipotso tsa lihlopha

Melemo ea litumelo tsee efe ho motho ka mong, ho malapa le ho sechaba? `

Litloaelo kapa litumelo tsee li na le litla-morao li fe ho motho ka mong, ho malapa `le ho sechaba?

‘Na litla-morao tsee li ama banna le basali ka litsela tse fapaneng? `

Kopa litho tsa sehlopha ho etsa lesakana la nkope. Kopa sehlopha ka seng ho arolelana 4. lintlha tseo ba buisaneng ka tsona.

Ngola matšoao a mararo pampiring e kholo e be u e manametsa leboteng pela moo litho 5. tsa sehlopha li tla ema. Ngola pampiri e le ‘ngoe e kholo BOLOKA’, ngola ‘FETOLA’ ho e ‘ngoe e be u ngola ‘EMISA’ ho ea boraro. Ka ‘ho fetola’ re bolela hore mekhoa le litloaelo le litumelo li ntle empa li hloka ho fetoloa mona le mane. Ka ‘ho EMISA’re bolela hore litloaelo tsena li baka li kotsi, ka hona li lokela ho emisoa hang hang.

Sheba meetlo, litumelo le litloaelo tsohle tseo lihlopha li buisaneng ka tsona. Bala 6. ntlha ea pele lethathamong, ebe u kopa hore setho ka seng se eme pela pampiri eo se lumellanang le eona e ngotsoeng “BOLOKA’, “FETOLA” kapa “EMISA”

Kopa batho ba emeng pela pampiri tse fapaneng ho fana ka mabaka a etsang hore ba 7. eme pela pampiri eo ba e khethileng. Ha batho ba se ba hlalositse mabaka, botsa hore na hona le motho ea ratang ho tloha moo a emeng teng. Etsa sena ho fihlela le buisane ka litumelo, mekhoa le meetlo eohle e neng e ngotsoe lethathamong le pampiring e kholo.

Phethela ketsahalo ena ka ho etsa lethathamo la litloaelo le meetlo tse re sireletsang 8. khahlanong le tšoaetso ea HIV le tse re behang kotsing ea tšoaetso ea HIV.

Page 123: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

115

THUTO EA 7: NA MOETLO O KA BA KOTSI?

Phethela ketsahalo, ka hore Sepheo sa ketsahalo ena ha se hore bochaba ke ntho e mpe. Empa ke ho bontša hore litumelo tse ling li hloka ho fetoloa, haholo nakong ena ea lefu la HIV. Re hloka ho boloka tse ntlafatsang le ho sireletsa sechaba le ho fetola tse behang sechaba kotsing ea tšoaetso ea HIV.

Bochaba, litumelo le ‘boleng ba motho’ bo fetoha nako le nako. Mehleng ena ha re etse lintho joale ka ha baholo ba rona ba ne ba etsa. Bophelo bo fetoha le nako. Re lokela ho fetola bophelo ba rona le nako.

Ketsahalo e tlatsetsang: Maelana ka thobalano le bophelo ba thobalano

Etsa ketsahalo ena ele haeba ona le nako.

Kopa litho tsa sehlopha ho phura leshoetla ka maelana a tšeletseng a buang ka thobalano le boitšoaro ba thobalano. Mohlala, “Monna ke mokopu oa nama” ha “ Mosali ke kh’abeche oa ipopa” kapa “Lehae la monna le hohle”.

2. Ngola maelana a tšeletseng holima pampiri e kholo kapa ho kopa litho tsa sehlopha ho etsa setšoantšo se bontšang maelana ana.

3. Etella pele lipuisano tsena ‘me u ba botse hore “Na hoo ke ‘nete kapa ha se ‘nete”, “ke litlamorao li fe tse ka tlisoang ke lipuo tsee? Re ka fetola lipuo tsee joang?

Phethela ketsahalo ena ka hore ‘Re buile ka litumelo tse ngata tse teng metseng ea rona – tse ling li matla ho feta tse ling. Tse ling li ipapisitse le moetlo ha tse ling ele tse se nang motheo. Litumelo tseo re buileng ka tsona li ka ba kotsi ho rona hobane li eketsa menyetla ea ho fumana tšoaetso ea HIV. Leha ho le thata joalo, ho bohlokoa ho rona ho qholotsa litloaelo le meetlo ena e re behang kotsing ea HIV.

Page 124: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

116

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Ketsahalo ea 3: Ho fetola litumelo tse bakang kotsi

(Tšoantšiso)Ketsahalong ena u tla sebelisa mokhoa oa Tšoantšiso ea ‘Qala-emisa’ ho itloaetsa ho qala lipuisano ka litumelo le litloaelo tsa rona tse re behang kotsing ea HIV. Batho ba bangata ba na le bothata ba ho qala lipuisano ka litumelo le litloaelo tsa rona le ho liphethela hantle. Ketsahalo ena e tla re thusa hore re itloaetse ho ba le lipuisano tse ntle.

Tšoantšiso ena e tšoana le tšoantšiso e tloaelehileng, empa e tlama litho tsa lihlopha tse ling ho nka karolo tšoantšisong ele hore li fetole tsela eo tšoantšiso e qetellang ka eona. Sepheo ke hore ba shebelletseng ba thuse ba etsang tšoantšiso ho fihlela sephetho se amohelehang ho litho tsa sehlopha kaofela.

Mokhoa oa ho etsa tšoantšiso: Batho ba babeli ba etsa tšoantšiso e le ‘ngoe ho tsena tse hlahang thutong ena. Ba tla etsa tšoantšiso ena ho fihlela qetellong. Batho bana ba babeli ba etsa tšoantšiso ena hape, empa lekhetlong lena ba shebelletseng ba ka emisa tšoantšiso hara nako ‘me ba nka sebaka sa ba neng ba ntse ba etsa tšoantšiso. Motho ea mocha ea qetang ho nka karolo tšoantšisong ena a ka fetola mokhoa oo tšoantšiso e qetellang ka ona. Mokhoa ona o lumella litho tsa sehlopha ho fetola likarolo tse ling tsa tšoantšiso e le ho fihlela tharollo le hore e felelle hantle, ka mokhoa o kholisang bohle hore tharollo e teng.

Mokhoa oa ho tsamaisa thutoPele thuto e qala, khetha e ‘ngoe ea litšoantšiso tse hlahang sehloohong sa “Ho fetola litumelo le litloaelo tse behang maphelo a rona kotsing”. Khetha baithaopi ba babeli. Ba kope ho itlhophela ho tla etsa tšoantšiso eo u e khethileng.

Mohlala – tšoantšiso ea 2. Mosali (eo e leng eena sebapali sa mantlha) o belaela hore monna oa hae ha a tšepahale, ‘me o batla ho buisana le eena ka taba ea ho sebelisa likhohlopo le ho ea tlhatlhobong ea HIV. Empa mokhoa o a qalang lipuisano tsena ka oona ha o motle, ba qabana ‘me qetellong eba ntoa e mahlo mafubelu.

Hlokomelisa baithaopi bana ba babeli hore e le ho itlhophela tšoantšiso ena, ba lokela ho bua ka lintho tse utloisang bohloko le ho mpefatsa boemo. Tsoantsiso e se ke ea qetella ka mokhoa o monate.

Hang ha o khotsofetse ke ka moo tšoantšiso e tsamaileng ka teng, bolella baithaopi bana hore ba tla etsa tšoantšiso ena ka pele ho sehlopha kaofela.

Page 125: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

117

THUTO EA 7: NA MOETLO O KA BA KOTSI?

Pele tšoantšiso e qala.1. Hlalosetsa sehlopha hore baithaopi ba babeli ba tla etsa tšoantšiso e bontšang ka moo puisano e nepahetseng e tšoanelang ho ba ka teng.

Tšoantšiso e etsoa lekhetlo la pele:2. Kopa baithaopi ba babeli ho etsa tšoantšiso eo ba itokiselitseng eona pele thuto e qala. Khothaletsa litho tse ling ho opela baithaopi bana mahofi ha tšoantšiso e feela. Botsa sehlopha hore na se bone mosali a le joang le hore na maikutlo a bona ke afe ka moo tšoantšiso e qetelletseng ka teng.

Tšoantšiso e etsoa lekhetlo la bobeli.3. Bolella litho tsa sehlopha hore baithaopi ba tla pheta tšoantšiso hape, feela khetlong lena litho tse ling li tla emisa tšoantšiso ha li nahana hore mosali o bua kapa o etsa ntho e mpefatsang boemo. Motho a ka emisa tšoantšiso ka ho phahamisa letsoho.

Tšoantšiso e tla emisa nakoana.4. Motho ea ileng a emisa tšoantšiso a nke sebaka sa mosali ‘me a leke ho matlafatsa mokhoa oo tšoantšiso e fellang ka ona.

Tšoantšiso e tsoele pele.5. Haeba sehlopha se nahana hore sebapali se secha se etsa hore boemo bo mpefale, kapa ho bua lintho tse sa natefiseng tšoantšiso, se ka emisa tšoantšiso eaba setho se seng se nka sebaka sa sebapali sena tšoantšisong ena.

Tšoantšiso e ka emisoa ebe e fetoloe ho fihlela sehlopha se utloa eka e felella ka tsela e 6. nepahetseng, e kholisehang.

Arola litho tsa sehlopha ka lihlotšoana tsa batho ba bane sehlopha ka seng. Kopa 7. sehlopha ka seng ho khetha likarete tsa tšoantšiso tsa bochaba le bonyatsi e be ba itokisetsa ho etsa tšoantšiso e buang ka litaba tse kareteng eo li e khethileng.

Kamor’a metsotso e 15, sehlopha sa pele se tla etsa tšoantšiso ea sona ba sebelisa 8. mokhoa oa ‘Emisa-Qala’

Kamor’a hore lihlopha tsohle li etse litšoantšiso tsa tsona, sebetsa ‘moho le litho tsa 9. sehlopha ho etsa lethathamo la lintho “TSE MOLEMO” le “TSE SENG MOLEMO” tseo motho a ka li etsang ho bua ka litaba tse hlokolosi.

Bochaba bo ama bonyatsi kapa ho etsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe joang?

Tšoantšiso ea 1. Mosali ea sa nyaloang (ke eena sebapali sa mantlha) o batla ho buisana ka litaba tsa thobalano le khokahano ea thobalano le mora oa hae ea lilemo li 22 ea kenang sekolong se seholo sa sechaba (NUL). Empa o sitoa ho buisana le eena hobane o sebelisa mokhoa o sa lokang oa ho qala puisano ena.

Tšoantšiso ea 2: Limakatso (ke eena sebapali sa mantlha) o nyetsoe ke monna ea mo fetang ka lilemo tse leshome. O mo rata haholo empa o lla ka hore monna oa hae ha mo khotsofatse ka thobalano. O ratana le monna e monyane ho eena ka lilemo ea mo khotsofatsang ka

Page 126: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

118

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

thobalano. Limakatso ha rate hore ebe ha a tšepahalle monna oa hae ka hona o etsa qeto ea ho bua le eena ka litlhoko tsa hae tsa thobalano. Ka bosiu bo bong o ile a leka ho buisana le monna oa hae, ‘me monna o tlaloa ke khalefo a ba ‘mitsa letekatse, a ‘mo botsa le hore na o tsoa ithuta lintho tsena tseo a li batllang hokae.

Tšoantšiso ea 3: Mosali e monyane lilemong (ke eena sebapali sa mantlha) o bua le ‘m’ae matsale ka matšoenyeho a hae ka hore monna oa hae ona le linyatsi ‘me boitšoaro bona ba hae bo sa lokang bo na le tšusumetso ho mafahla a bona a bashanyana a lilemo li 15. Mosali enoa o ea ho ‘mae matsale ho kopa boeletsi hore na a ka etsang hore a khotsafatse monna oa hae ka thobalano.Ma’e matsale a halefa ke puisano ena aba a supa ngoetsi ka monoana le ho mo bona molato hore ebe monna o itšoere joalo. Ba qetella ka ho supana ka menoana ka taba ena.

Tšoantšiso ea 4: Khabane (ke eena sebapali sa mantlha) o nyetse Lerato, mosali ea nang le khoebo e atlehileng. Khabane o re mosali oa hae ha a mo hlomphe hobane a fumana chelete e fetang ea hae. Ka letsatsi le leng bo-malom’a Lerato ba bolella Khabane hore Lerato o ratana le bahlankana ba banyane lilemong, o noa joala le bona ‘me o kena thobalanong le bona bahlankana bana. Ba re Khabane o hloka ho khalemela Lerato. Ha lelapa le ka tseba, ntho ena e tla tlisa mahlabisa lihlong a tšabehang malapeng a bona ka bobeli. Litaba tsena tsa bo-malom’a Lerato ha se linnete, joale nakong eo Khabane a li botsang Lerato, e qetella e le ntoa e mahlo mafubelu.

Tšoantšiso ea 5: Monna-moholo e mong oa lelapa, o tsebisa mosali oa mohlolohali (ke eena sebapali sa mantlha) le ‘m’ae hore kaha monna oa hae ese e le mofu, lelapa le tla lokela ho hlokomela mosali enoa. Ka hona o tla lokeloa ke ho nyaloa ke moena oa mofu. ‘M’ae o tšelisa morali oa hae ‘me o mo tšepisa hore lintho li tla loka. Le ha ho le joalo, mohlolohali enoa o ngongoreile haholo ka moena oa mohats’ae hobane o utloile ho thoe o na le likharebe tse ‘maloa. Ha a ba tle ho nyaloa ke eena. O tsebisa lelapa ‘me ba tlaloa ke khalefo e kholo.

Tšoantšiso ea 6: Ntate Mofokeng o tlasa khatello ea maikutlo, ‘me o lula a shebile bosiu. Kharebe ea hae ‘Masentle e hana ho sebelisa likhohlopo, o batla ho ba le ngoana e le hore e be mosali ea phethahetseng. O re ha Ntate Mofokeng a mo rata o tla mo tšepa, ‘me ha a mo tšepa a ke ke a mo qobella ho sebelisa khohlopo. Mosali oa Ntate Mofokeng oa tseba ka ‘Masentle ‘me o elellisitse ntate Mofokeng hore a se ke be a senya ngoanana enoa. Ntate Mofokeng a ka etsa joang hore ‘Masentle a lumele ho sebelisa likhohlopo?

Qetella thuto, e re,Ho qala puisano ka litaba tsa bophelo bo botle ba thobalano LE ho itšireletsa khahlanong `le HIV ho ka ba thata. Re lokela ho itokisa hore na re ka beha litaba tsa rona joang pele rea lipuisanong.

U ka botsa metsoalle ea hau kapa batho ba sebetsang litsing tse sebeletsang sechaba hore `na u ka qala lipuisano tsena joang ka tsela e tla tlisa litholoana tse molemo.

Page 127: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

119

THUTO EA 7: NA MOETLO O KA BA KOTSI?

Ketsahalo ea 4: Ha re phureng leshoatla ka taba ena:

Bonyatsi bo ka feela.Khetlong lena re tla buisana joalo ka ha bahlomphehi ba buisana ka paramenteng. Ka lehlakoreng le leng ke ‘muso o batla ho fetisa molao o reng ‘bonyatsi kapa ho etsa thobalano le batho ba fetang bo-ngoe ka nako e le ngoe’ ke tlolo ea molao. Lehlakore la bohanyetsi lona le lumela hore seo se ke ke sa etsahala. ‘Muso o hlophisa lipuisano lipakeng tsa mahlakore a mabeli.

Mekhoa ea ho tsamaisa THUTOArola litho tsa sehlopha lihlotšoana tse tharo. Sehlopha sa pele se emetse ‘muso, sehlopha 1. sa bobeli sona ke sa bohanyetsi, sehlopha sa boraro sona ke sa sechaba.

‘MUSO o tsitlallela hore: Re ka fetola tloaelo ea ho bonyatsi le ho etsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe. Bonyatsi bo ka feela!

BOHANYETSI bo tsitlallela hore: Re ke ke ra fetola tloaelo ea bonyatsi, ke moetlo oa rona

Sehlopha sa boraro se tla ikhakanya ka hore ke litho tsa sechaba tse mametseng ka hloko ha ho qothisanoa lehlokoa. Ba tsoa sehlopheng sa tšehetso ‘me ba lumela hore Basotho ba ka fetola boitšoaro ba bona mabapi le ho bohlola kapa ho etsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe. Ba bone batho ba fetoha, ‘me ba qala ho sebelisa likhohlopo, joale ba tseba hore batho ba ka fetola mekhoa le litloaelo tsa bona.

Fa lihlopha metsotso e 15 ho itlhophela lipuisano tsena. Hopotsa lihlopha ho etsa 2. lethathamo la lintlha tsa tsona, ba boele ba nahane ka hore na “lehlakore le leng” le ka hlahisa lintlha li feng, ‘me ba itukisetsa ho qothisana lehlokoa ka lintlha tsena.

Bolella litho tsa sechaba hore ba tla fumana monyetla oa ho botsa mahlakore ka bobeli 3. lipotso qetellong ea lipuisano. Ba lokela ho nahana lipotso tseo ba tla li botsa. Ha ba lumelloa ho etsa puo, ba lumeletsoe feela ho botsa potso. Haeba ba etsa puo ba tla tebeloa ka paramenteng.

Hlopha sebaka hantle moo ho tla tšoareloa lipuisanong tsena. Khetha moithaopi ea 4. tla boloka nako. Mosebetsi oa hae lipuisanong tsena ke ho etsa bonnete ba hore ho bua motho a le mong ka nako le hore re be le lipuisano re se ke ra etsa khang. Lumella BOHANYETSI ho bua pele. Bana le metsotso e meraro. Kamor’a mona fa lehlakore la ‘muso sebaka sa ho bua. Le bona ba fuoa metsotso e meraro. Tsoelapele ho fana ka metsotso e meraro ho sehlopha ka seng.

Page 128: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

120

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Kamor’a hore mahlakore ka bobeli a hlahise maikutlo lekhetlo la bobeli, litho tsa sechaba 5. li ka botsa bohanyetsi lipotso tse peli le ‘Muso lipotso tse peli. Sehlopha sa bohanyetsi le sa ‘muso se tla fuoa metsotso e ’meli ho arabela potso ka ‘ngoe.

Hang ha mahlakore ka bobeli a arabile lipotso tse tsoang ho sechaba, emisa lipuisano. 6. Bolella lihlopha tsohle hore ‘muso o tla tšoara lipitso ho bua ka litaba tsena metseng ho utloa maikutlo a sechaba sa Lesotho. Kopa litho tsa sehlopha ho etsa lesakana la nkope. Bohle re tla ba ntho e le ‘ngoe, re be sechaba (ha ho sa na ba emetseng ‘muso kapa bohanyetsi).

Botsa sechaba, hore na se ithutile eng lipuisanong tsena tsa paramente le hore na Lesotho 7. mona ba ka fetola tloaelo ea ho bonyatsi kapa ho etsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ngoe joang?

Botsa lipotso tse latelang ‘me o ngole likarabo holim’a pampiri e kholo:8.

Ke se feng seo motho ka mong a ka se etsang ho fokotsa sekhahla sa bonyatsi kapa `bohlola?

Ke se feng seo re ka se etsang metseng ea rona, re le sechaba ho fokotsa sekhahla sa `bonyatsi kapa bohlola?

Ke se feng seo ‘Muso le baeta-pele ba bang ba ka se etsang ho fokotsa sekhahla sa `bonyatsi kapa bohlola?

Lesakana le Koalang: Kopa bohle ho etsa lesakana la nkope. Kopa litho tsa sehlopha ho nka metsotso e ‘maloa ba nahana ka lipina tse khutšoane tseo ba li tsebang kapa lipale kapa maelana a hlalosang mokhoa oo monna kapa mosali oa sebele oa Mosotho a lokelang ho itšoara ka ona litabeng tsa thobalano. Kopa litho tsa sehlopha ho ithaopela ho etsa tšoantšiso, ho bina pina kapa ho arolelana maelana ka monna oa sebele le mosali oa sebele, qalong ea thuto e hlahlamang.

Qetela thuto ena ka litaba tse monate. Hopotsa sehlopha hore Lesotho mona batho ba fetotse boitšoaro ka kakaretso. Mehlala:

Bonyane ke batho ba mashome a mahlano hoba lekholo (50%) ba sebelisang `likhohlopo. Sena se ne se sa etsahale lilemo tse leshome tse fetileng.

Re na le Molao oa Litlolo tsa Molao oa Thobalano. Molao ona o hlalosa hore `ke tlolo ea molao ho etsa thobalano le mosali oa hao kantle ho tumello ea hae. Sena se ne se sa etsahale lilemo tse 15 tse fetileng.

Lefatšeng ka bophara, lintho li’a fetoha. `

Bonyatsi bo ka feela ha bohle re kenya letsoho ho fetola litloaelo tsa rona. `

Page 129: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

121

THUTO EA 7: NA MOETLO O KA BA KOTSI?

Phethela thuto ea kajeno ka ho tlasa foromo ea boitlhatlhobo holima thuto ea letsatsi. Botsa sehlopha maikutlo a bona ka thuto ea kajeno, ka hore ba arabe lipotso tse hlahang foromong ena, ’me u ngole likarabo tsa bona holima foromo ena. Bolella sehlopha hore bonyane le tla nka metsotso e mehlano ho tlatsa foromo ena.

THUTO EA 7: MElAETSA EO SEHlOPHA SE TSAMAEAng KA EOnA

Litloaelo tse ling tsa bochaba, bolumeli le boleng li re beha kotsing e kholo ea tšoaetso `ea HIV.

Litloaelo tsena tsa bochaba li ka fetoha. Phetoho e qala ka rona. `

Re ka qholotsa litloaelo tsa bochaba tse re behang kotsing ea tšoaetso ea HIV. `

Tseba boleng ba hao. Tsitlallela boleng ba hao.’

‘ha u se na boikemelo, u tla sebelisoa hampe’

THUTO EA 7: MEKHOA E MEng EA HO AnETSA THUTO SECHABEng

Mema metsoalle ea hao hore le be ‘moho bosiu le tlo etsa litšoantšiso le sebelisa 1. mokhoa oa papali ea ‘Qala-emisa-tsoela pele’ ‘me hona ho tla etsa hore le natefelloe haholo.

Hlophisa lipuisano tse ngangisanang lipakeng tsa lihlopha tse fapaneng tse teng 2. motseng oa heno (mohlala, lihlopha tsa kereke, le lihlopha tsa bacha).

Kopa motho e mong eo e leng ngaka ea moetlo ho bua le sehlopha sa hao ka kamoo 3. bochaba le litloaelo li fetohileng ka teng mehleng ena ha re bapisa le nakong ea ho feta.

Hlophisa “Mokete oa Bochaba” moo le tla buisana kapa le etse litšoantšiso le 4. shebisana hore na ke litumelo le litloaelo life tse kotsi le tse seng kotsi.

Page 130: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

122

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

THUTo Ea 8BANNA BA SEBELE

LE BASALI BA SEBELE

Ketsahalo ea 1: Phapano ke e fe lipakeng tsa botona le botšehali LE teka-teka-tekano? ...................................................................metsotso e 20

Ketsahalo ea 2: “Banna ba sebele ba Basotho” le “Basali ba sebele ba Basotho” ...............................................................................metsotso e 30

Ketsahalo ea 3: Papali ea Kea lumela/ Ha ke lumele ........................................metsotso e 60

Ketsahalo ea 4: Ke mang ea nang le matla? .....................................................Metsotso e 30

Lesakana le Koalang: U ka rata ho ba mang? .....................................................Metsotso e 10

Lihora tse 2 ½ p

Page 131: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

123

THUTO EA 8: BANNA BA SEBELE LE BASALI BA SEBELE

Tse tla ithutoa Qetellong ea ketsahalo litho tsa sehlopha li lokela ho:

Utloisisa hore phapang e teng lipakeng tsa banna le basali e ke 1. keng ea fetoloa ke feela ea popo ea bona

Ho ba le tšepo e tiile ea hore litumelo tse kotsi tsa boitšoaro ba 2. banna le basali li ka fetoha.

Tseba hore ho itšireletsa khahlanong le tšoaetso ea HIV re 3. lokela ho fetola mekhoa eo re lebeletseng hore basali le banna ba be ka eona.

Ithuta malebela le mekhoa ea ho bua le moratuoa oa hae ka 4. hore na ba ka thibela HIV joang.

Kakaretso ea Thuto

Ketsahalo ea 1: Phapang ke e fe lipakeng tsa botona le botšehali LE tekano? Sehlopha se tla buisana ka phapang e teng lipakeng tsa mantsoe ana, ‘me motataisi a phethele ka ho bontša sehlopha lethathamo le ngotsoeng.

Ketsahalo ea 2: “banna ba sebele le basali ba sebele”. U etsa lethathamo la makhabane ao monna oa sebele le mosali oa sebele ba lokelang ho ba le oona ‘me le buisana ka moo litumelo tsena li behang banna le basali kotsing e kholo ea ho ba le tšoaetso ea HIV.

Ketsahalo ea 3: Papali ea Kea lumela/ Ha ke lumele. Litho tsa sehlopha li bue hore na ba lumellana kapa ha ba lumellane le polelo e buang ka teka-tekano.

Ketsahalo ea 4: Ke mang ea nang le matla? U sebelisa likarete tse bontšang ‘batho ba tšoanang le ba phelang metseng ea rona’, ho buisana ka hore na ho se lekane ka matla likamanong tsa rona ho ka re beha kotsing ea tšoaetso ea HIV joang. Kamorao leka ho fumana litsebo tseo ba senang matlang ba hlokang ho ba le tsona le mekhoa eo ba ka e sebelisang ho ipuella le ho etsa liqeto holima litaba tse ba amang tsa thobalano.

Lisebelisuoa tse hlokahalang

Ketsahalo ea 3: LIPOLELO TSA KEA LUMELA, HA KE LUMELE

Ketsahalo ea 4: Likarete tsa batho ba tšoanang le ba phelang metseng ea rona’

Page 132: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

124

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Selelekela

Amohela bohle thutong ena. Leboha bohle ba teng. Haeba ho na le litho tsa sehlopha tse eso fihle, botsa hore na ba ntse ba tla kapa ha ba tlo khona ho ba teng thutong ea kajeno.

Kopa baithaopi ba neng ba le teng thutong e fetileng ho fana ka boikhopotso holima liketsahalo tsa thuto e fetileng. Kopa sehlopha ho etsa lesakana la nkope, ‘me uena u le motataisi o akhele bolo ho e mong feela oa litho tsa sehlopha ‘me eena a bolele maikutlo a hae, kapa seo a ithutileng sona thutong e fetileng. Ena ke tsela e ntle ea ho hlahloba kutloisiso ea sehlopha ea melaetsa ea bohlokoa thutong e fetileng.

Bontša sehlopha thuto eo re e etsang kajeno, seo re tla se kotula thutong ea kajeno le liketsahalo tseo re tla be re li etsa u sebelisa pampiri e ngotseng lethathamo la tšebetso e tsoang kahar’a lebokose la Lithusa-thuto. Tseo re tla ithuta tsona li ngotsoe litabeng tse hlahang pele ho selelekela.

Fetisa foromo eo batho ba ngolang mabitso ho eona, haeba ho na le baeti hopola hore ba ngole mabitso a bona karolong ea baeti. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u tekene ka tlase

KETSAHALO EA 1: Phapano ke efe lipakeng tsa botona, botšehali le teka-

tekano?Ketsahalo ena e reretsoe ho thusa litho tsa sehlopha ho utloisisa phapano lipakeng tsa botona, botšehali le teka-tekano.

Botsa litho tsa sehlopha seo ba se nahanang ha u re1. “Lintho tse supang hore motho o motona”.

Ba lokela ho bolela litho tsa hae tsa ‘mele joale ka botona le marete.

Botsa litho tsa sehlopha seo ba se nahanang ha u re 2. “Mesebetsi ea monna ke bo feng”.

Hlalosa hore “mesebetsi ea monna” e bolela boikarabello boo a lokelang ho bo phetha le tsela ea boitšoaro, tsela eo a nahanang ka eona le lintho tseo a lebeletsoeng ho tseba ho li etsa hobane feela e le monna.

Page 133: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

125

THUTO EA 8: BANNA BA SEBELE LE BASALI BA SEBELE

Fana ka mehlala ea boikarabello, le boitšoaro boo sechaba se lebeletseng hore motho 3. oa Monna a be le tsona le lintho tseo a lebeletsoeng ho tseba ho li etsa le ho li phetha. Mehlala e kenyeletsa:

Ke boikarabello ba banna ho tlisa chelete ka lapeng. `

Sechaba se halala (bonna ba) monna ha a nyala a so ka ba a eba le thobalano. `Monna o lumelloa le ho lebelloa ho ba le baratuoa ba bangata pele (le kamor’a) hore a nyale.

Monna o lebeletsoe hore e be monna ea shahlileng ‘meleng. O lebeletsoe ho tseba ho `aha le ho lokisa lintho.

Kopa litho tsa sehlopha ho buisana ka mesebetsi 4. eo basali ba lebeletsoeng ho e etsa, tsela ea ho nahana le boitšoaro boo ba lebeletsoeng ho ba le bona hobane e le basali. Mehlala e ka kenyeletsa: Basali ba holisa bana; basali ba ke ke ba kopa thobalano; basali ba hlokomela batho ba kulang.

Bontša litho tsa sehlopha litaba tse latelang e le hore bohle re hlakeloe ke phapano 5. lipakeng tsa boleng le teka-tekano.

Botona le botšehali Teka-tekano

Popeho ea tlhaho (likarolo tsa ‘mele tse amanang le pelehi)

Lelapa le sechaba se lebeletse hore motho a etse mesebetsi ena, (e ka susumetsoa ke moetlo).

Ke lintho tseo a hlahileng ka tsona Motho o ithuta tsona ka ho liqopitsa ho ba bang, tse ling oa li rutoa

Ha e fetohe

Ho tloha khale khale, lilemo tse likete-kete tse fetileng batho ba batona le ba batšehali ba bopiloe ka tsela ena

E feto- fetoha le nako

Lintho tseo ka nako e itseng li neng li lebeletsoe ho banna kapa basali lia fetoha ha litlhoko tsa sechaba li ntse li fetoha.

Qetella ketsahalo, hlalosa hore: Litloaelo le litebello ka litaba tsa teka-tekano ` tse teng sechabeng sa rona hangata ke tsona sesosa sa mathata. Mohlala, basali ba tsaba ho bua k bohlokoa ba likhohlopo thobalanong hobane ba tšaba hore ho tla thoe “ha ba tšepahale” kapa hona ho otloa. Maemo a kotsi ao banna ba ipehang ho ona hobane ba utloa ba hloka ho ba le baratuoa ba bangata ho bontša matla a bona a bonna thobalano.

Litloaelo tsena tsa teka-tekano li etsa hore ho be thata ho banna le basali ho itšireletsa `khahlanong le mafu a likobo le HIV le AIDS.

Page 134: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

126

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

KETSAHALO EA 2: “Monna oa Mosotho oa SEBELE” le

“Mosali oa Mosotho oa SEBELE”Re tla sheba tse ling tsa litebello tseo sechaba se nang le tsona ka hore na u lokela ho itšoara joang ha u le “monna oa Mosotho oa sebele” kapa “Mosali oa Mosotho oa sebele”.

Mokhoa oa ho tsamaisa thutoHlalosetsa litho tsa sehlopha hore ho na le maikutlo a atileng sechabeng mona, hore na 1. banna le basali ba lokela ho nahana, ho ikutloa, ho shebahala joang le ho itšoara joang.

Manamisa maqephe a mabeli a maholo hammoho leboteng. Leqepheng le leng, ngola 2. sehlooho “MONNA OA SEBELE” ho le leng, “MOSALI OA SEBELE”.

Kopa litho tsa sehlopha ho nahana ka makhabane kapa lintho tse leshome tse etsang hore 3. motho e be “Monna oa Mosotho oa Sebele” ho ea ka litebello sa sechaba sa motse oa habo rona EBE ba nahana ka makhabane a leshome a etsang hore motho e be “Mosali oa Mosotho oa Sebele” ho ea ka litebello sa sechaba sa motse oa habo rona.

Hopotsa litho tsa sehlopha ka litaba tseo ba ithutileng tsona ha ba koala thuto e fetileng, 4. ‘me u ba botse hore na ba se ba nahanne lipina kapa maele a sebelisoang motseng oa bona a buang ka “monna oa Mosotho oa sebele” kapa “mosali oa Mosotho oa sebele”.

Kopa litho tsa sehlopha ho bina lipina tsena le ho arolelana maele kapa lipuo tse 5. tloaelehileng.

Ha sehlopha se ntse se bina le ho buisana ka maele le lipuo, ngola lipolelo tse hlalosang 6. “Monna oa Mosotho oa sebele” kapa “Mosali oa Mosotho oa sebele” holim’a pampiri e kholo.

Buisanang ka lipotso tse latelang le sehlopha. 7.

Na lipolelo tsee tse buang ka banna ba sebele le basali ba sebele ke ‘nete? Na ke `tsela eo banna le basali ba leng eona?

Lipolelo tsee tsa “banna ba sebele” le “basali ba sebele” li beha ` basali kotsing e kholo ea tšoaetso ea HIV joang?

Lipolelo tsee tsa “banna ba sebele” le “basali ba sebele” li beha ` banna kotsing e kholo ea tšoaetso ea HIV joang?

Re ka fetola maikutlo ae joang? `

Page 135: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

127

THUTO EA 8: BANNA BA SEBELE LE BASALI BA SEBELE

KETSAHALO EA 3: Papali ea kea Lumela, ha ke lumele

Ketsahalong ena litho tsa sehlopha li tla ema pel’a lipampiri tse fapaneng,t se ngotsoeng ebile li na le matšoao a latelang: Ea pele e be le sehlooho sa “KEA LUMELA” (e be le sefahleho se thabileng); ea bobeli e be le sehlooho sa “HA KE LUMELE” (e be le sefahleho se sa thabang) ea boraro e be le sehlooho sa “HA KE TSEBE HANTLE” e be le letšoao la potso. Litho tsa sehlopha li tla bontša maikutlo a tsona le litumelo tsa bona holima litaba tsa teka-tekano, botona le botšehali ka ho ema pela pampiri ea ‘kea lumela’, ‘ha ke lumele’ kapa ‘ha ke tsebe hantle’. Sepheo sa papali ena ke ho khothaletsa puisano le ho sheba tsela eo re utloisisang le ho nahana ka eona, le litumelo tsa rona holima litaba tsa teka-tekano, botona le botšehali le litholoana tsa tsona nakong ena ea HIV le AIDS.

Hopotsa litho tsa sehlopha hore e mong le e mong o na le tokelo ea ho ba le maikutlo a fapaneng le a batho ba bang, le hore maikutlo a bohle a lokela ho hlomphuoa.

Page 136: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

128

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

MOKHOA EA HO TSAMAISA PAPALIHopola hore ho fetola boitšoaro hangata ho kenyeletsa ho fetola 1. tsela eo re nahanang ka eona le litumelo tsa rona. Ka nako e ngoe re ka ba lesisitheho ho fetoha kaha re lumela linthong tsena.

Amohela hore batho ba tla ba le maikutlo a fapaneng, ‘me u se fetele polelong e 2. hlahlamang kapele. Fa batho monyetla oa ho bua maikutlo a bona a fapaneng.

Hlokomela tsela eo u nahanang ka eona, ‘me maikutlo a hau a se ke a susumetsa 3. lipuisano.

Lokisa lipampiri tse kholo tse tharo. Ea pele e be le sehlooho, “KEA LUMELA” (e 4. be le sefahleho se thabileng); e ‘ngoe e be le sehlooho, “HA KE LUMELE” (e be le sefahleho se sa thabang) ea boraro, “HA KE TSEBE HANTLE” e be le letšoao la potso.

Bala polelo ea pele u hoelehelitse5. . Sebelisa likarete tsa kea lumela, ha ke lumele, tse tsoang ka lebokoseng la lithusa-thuto kapa u bale lipolelo tsena tse ngotsoeng bukeng mona (tlasa sehlooho sa lipolelo tsa ‘kea lumela’ le ‘ha ke lumele’. Kopa litho tsa sehlopha ho ema pel’a pampiri e nang le letšoao (‘Kea lumela’, ‘ha ke lumele’ kapa ‘ha ke tsebe hantle’) le lumellana le maikutlo a bona ka polelo ena.

Kamor’a hore litho tsa sehlopha li eme pel’a letšoao, kopa a le mong kapa ba babeli 6. ba emeng pel’a letšoao ka leng ho hlalosa hore na ba khethile letšoao lena hobaneng. Ba kope ho bolela hore na hobaneng ba ikutloa ka tsela ena ka polelo ena.

Kamor’a hore litho tsa sehlopha tse ‘maloa li bolele maikutlo a tsona malebana le polelo, 7. botsa hore na ho na le e mong ea batlang ho fetola maikutlo a ee letšoaong le leng. Kamor’a mona bokella bohle hammoho har’a ntlo ‘me u bale polelo e hlahlamang.

Haeba litho tsa sehlopha kaofela li lumellana ka maikutlo holima polelo e le e ‘ngoe, a ku 8. fapane le bona ka maikutlo u ee lehlakoreng le leng la ntlo ‘me u botse, “Hobaneng motho e mong a ka ema ka lehlakoreng lee la ntlo?” (Mohlala, ke boleng bofe boo motho a ka bang le bona bo ka ba behang moo?)

Page 137: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

129

THUTO EA 8: BANNA BA SEBELE LE BASALI BA SEBELE

liPOlElO TSA KEA lUMElA, HA KE lUMElE

Ho bobebe ho ba monna ho feta ho ba mosali.1.

Ha mosali e le mokhachane, ho thibela tšoaetso ea HIV ho fetela ho leseea 2. ke boikarabelo ba hae a le mong hobane ke eena ea jereng ngoana.

Ke ntho e mpe haholo ha mosali a ena le baratuoa ba bangata. Ha monna a etsa 3. sena ha se ntho e mpe haholo.

Monna o tlameha ho khalemela mosali oa hae.4.

Thobalano e bohlokoa haholo ho banna ho feta basali.5.

Monna o tšepahalla mosali oa hae ha a mo patella likamano tsa lerato tseo a nang 6. le tsona le batho ba bang.

Monna o tšepahalla mosali ha a ntse a mo tšehetsa ebile a hlokomela lelapa la 7. hae.

Mosali ea bolokang khohlopo ka mokotleng oa hae o itlhahisa a fokola ebile banna 8. ba ka mo ‘tella ha bobebe’.

Basali ba bohlale ho feta banna.9.

Basali ba aparang liphahlo tse hlahisang ‘mele ea bona ha ba itlhomphe.10.

Ho thata ho banna ho laola litakatso tsa bona tsa thobalano.11.

9. Kamor’a ho bala lipolelo, etella lipuisano pele ka ho botsa lipotso tse latelang:

Ho hloka kutloisiso e lekaneng ka litaba tsa teka-tekano ho ka beha banna le basali `kotsing ea tšoaetso ea HIV joang?

Teka-tekano e tlisa melemo e fe bophelong ba banna? `

Qetella ketsahalo, e re,Tsela eo re nahanang ka eona ka banna le basali e re beha kotsing ea tšoaetso ea HIV. `

Re tlameha ho sebetsa hammoho ho qholotsa tsela eo re nahanang ka eona ka banna le `basali, haholo litaba tse behang banna le basali kotsing ea tšoaetso ea HIV.

Ha batho ba na le matla a sa lekaneng likamanong tsa bona, motho ea se nang matla o ba `kotsing e kholo ea tšoaetso ea HIV. Ketsahalong e latelang, re tla sheba mehlala e ‘maloa e hlalosang litaba tsena.

Page 138: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

130

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

KETSAHALO EA 4: Ke mang ea nang le matla?

Ketsahalo ena re tla sebelisa likarete tsa ‘batho ba tšoanang le ba phelang metseng ea rona’ tse tsoang ka lebokoseng la Lithusa-thuto ho bontša likamano tsa lerato; re tla sheba hore na ke mang ea nang le matla ka har’a kamano; le tsela eo motho enoa ea nang le matla a ka fokotsang kotsi ea hae ea ho ba le tšoaetso ea HIV.

Ketsahalong ena, re tla sheba malebela le meralo e hlokahalang likamanong tsa lerato tse fapakaneng le hore na re ka fumana malebela ana joang.

Mosali oa mahaengMonna oa toropong

ea sebetsang

MEKHOA EA HO TSAMAISA KETSAHALOBokella litho tsa sehlopha hammoho pel’a tafole e nyane. Ntša lihlopha tse peli tsa 1. likarete tsa batho ba tšoanang le ba phelang metseng ea rona tse tsoang ka lebokoseng la lithusa-thuto. Sehlopha ka seng se na le likarete tse 20.

Page 139: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

131

THUTO EA 8: BANNA BA SEBELE LE BASALI BA SEBELE

E MOTONA E MOTšEHALI

Moshanyana oa sekolo1.

Mookameli oa banka2.

Lesole3.

‘Moleli 4.

Moqhobi oa koloi ea baeti5.

Monna ea sa sebetseng6.

Mohlokomeli7.

Setho sa sehlopha sa ‘mino8.

Molebeli oa chankana9.

Monna oa Motseng10.

Sehahi 11.

Ngoanana oa sekolo12.

Letona la Khoebo le Limmaraka13.

Mong’a khoebo ea moriri14.

Mosebeletsi oa motseng15.

Mosebeletsi oa bophelo16.

Mocha ea nang le ngoana17.

Mosebetsi oa lifeme18.

Mooki19.

Mosali oa motseng20.

Motho ea hoebang ka ‘mele21.

Morekisi oa tseleng22.

2. Nka sehlopha ka seng sa likarete ‘me u se hlophe/hlokole. Beha lihlopha tse peli u li shebisitse fatše li bapile. Kupulla likarete tse peli tse ka holimo ‘me u bontše litho tsa sehlopha litšoantšo tse peli tse hlahang holima likarete.

3. Kopa litho tsa sehlopha ho nahana ka boemo ba thobalano ba batho bana ba babeli. Ba botse hore na ho batho ba babeli baa, ba hlahang litšoantšong tsee, ke motho ofe ea ka bang le matla a mangata kamanong ena? Hobaneng?

4. Kopa litho tsa sehlopha ho bolela malebela le meralo eo motho ea se nang matla ka li hlokang ho ipuella, ho sireletsa bophelo ba hae le ho etsa liqeto tse nepahetseng holima litaba tsa thobalano.

5. Kopa litho tsa sehlopha ho bolela malebela le meralo eo motho ea nang le matla a ka li hlokang ho ipuella, ho sireletsa bophelo ba hae le ho etsa liqeto tse nepahetseng holima litaba tsa thobalano.

6. Beha likarete tse sebelitseng ka tlaase- tlase. Bula likarete tse ncha tse peli, ‘me u phete ketsahalo ena (e bontšang likamano lipakeng tsa batho ba babeli ba litšoantšong). Etsa sena ka likarete tse ngata ho latela nako eo u nang le eona.

Page 140: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

132

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

7. Buisana le litho tsa sehlopha lipotso tse latelang ‘me u ngole likarabo tsa bona holim’a pampiri e kholo.

Ketsahalo ee e amana joang le tloaelo ea bonyatsi? `

Ke malebela le meralo e feng eo e leng ea bohlokoa sebakeng sa batho ba se nang `matla?

Re ka etsa joang ho ntlafatsa malebela le meralo ee? `

Ho qetella ketsahalo, Phapang ea matla e ama mokhoa oo motho a kenang lipuisanong tsa thobalano likamanong tsa hae tsa lerato. Motho ea se nang matla o hloka tšehetso ea lelapa, metsoalle le sechaba ka kakaretso e le ho mo thusa ho ba le malebela le ho tseba mekhoa eo a ka e sebelisang ho tšireletsa bophelo ha hae. Ho lula ka hara likamano tseo o hlokang matla ho ka ama bophelo ba hao ka tsela e seng monate.

Hopotsa litho tsa sehlopha hore hangata batho ba ba le likamano tsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe hobane ba hloka matla a ho ipuella kapa matla a ho buisana le baratuoa ba bona. Motho ea senang matla o ba kotsing e kholo ea tšoaetso ea HIV. Mohlala, monna

NTLHA EA BOHLOKOA:

Haeba ho le thata ho nahana hore batho bana ba babeli ba bontšoang likareteng ba ka ba le likamano tsa thobalano beha e ‘ngoe ea likarete ka tlase ho tse ling, kupolla e ncha sebakeng sa eona. Etsa bonnete ba hore le buisana ka hore na hobaneng batho bana ba ke ke ba ratana ho hang.

Ketsahalo ena ke monyetla o motle oa ho buisana ka likamano tsa lerato tseo batho ba ba iphapanyetsang tsona kapa ba sa lumeleng hore lia etsahala joaloka thobalano lipakeng tsa batho ba baholo le bana, kapa lipakeng tsa batho ba boleng bo le bong. Haeba litho tsa sehlopha li sa lumele hore likamano tse joalo li ka ba teng, khothaletsa litho tsa sehlopha ho sheba maemo a teng bophelong ba ha joale le ho amohela hore likamano tse kang tsena lia etsahala, ho fapana le ho ahlola batho ba maemong ana.

NA U NE U TSEBA?

Liphuputsong tse entsoeng Lesotho mona, li supa hore ka nako ea selemo, batho ba qalang ho fumana tšoaetso ea HIV, ho batho ba lekholo ba mashome a mabeli a metso e meraro (23) e tla ba banna le basali ba nang le likamano tsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe ‘me ba tšoaetse balekane ba bona (ho ba ka har’a lenyalo) kapa baratuoa ba bona ba mantlha (ho ba sa nyalang). (Litaba tsena li qotsitsoeng liphuputsong tse entsoeng ke NAC/UNAIDS Modes of Transmission Study, 2008).

Page 141: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

133

THUTO EA 8: BANNA BA SEBELE LE BASALI BA SEBELE

e moholo lilemong ea nang le likamano tsa thobalano le mosali e monyane lilemong. Mosali ea futsanehileng ea ratanang le monna ea nyetseng ebile a na le chelete. Mosali eo monna oa hae a sebetsang hole le hae.

Lesakana le Koalang: U ka rata ho ba mang?Kopa litho tsa sehlopha ho lula fatse ba etse lesakana. Botsa: “Ha u no u ka ba motho eo u mo ratang selemong se tlang, u no u tla khetha ho ba mang? Hobaneng? U ne u tla khetha ho ba uena, haeba ho le joalo, hobaneng?” Fa motho e mong le e mong monyetla oa ho hlahisa maikutlo a hae.

Phethela thuto ea kajeno ka ho tlasa foromo ea boitlhatlhobo holima thuto ea letsatsi. Botsa sehlopha maikutlo a bona ka thuto ea kajeno, ka hore ba arabe lipotso tse hlahang foromong ena, ’me u ngole likarabo tsa bona holima foromo ena. Bolella sehlopha hore bonyane le tla nka metsotso e mehlano ho tlatsa foromo ena.

THUTO EA 8: MElAETSA EO SEHlOPHA SE TSAMAEAng KA EOnA

Ho se lekane ka matla likamanong tsa rona ho re beha kotsing ea tšoaetso ea `HIV.

Kaofela re na le boikarabelo ba ho kenya letsoho litabeng tsa teka-teka-tekano. `Ho aha sechaba seo ho sona banna le basali ba hlomphanang ho ka thusa ho felisa ho ata ha HIV.

Ho ba le likamano tsa thobalano le motho ea u sieang ka lilemo tse leshome `kapa ho feta leshome ho ka ba kotsi ho uena. Lebaka ke hobane motho ea moholo o na le matla holim’a ea monyenyane.

Ho ba likamanong tsa thobalano moo u fuoang “limpho” kapa lintho tse itseng `ho kotsi hobane hangata ea fanang ka limpho o ba le matla a mangata. Bophelo ba hao bo bohlokoa ho feta lintho tse rekoang.

Nka mehato e menyane ho fetola boemo boo u senang matla a ho ipuelella `litabeng tsa thobalano.

“E ba mohlala, etsa lintho tse ntle tseo u ratang ha ba bang ba li etsa”.

“ho khata tema e nyane ha ho tšoane le ho se etse letho”.

Page 142: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

134

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

KETSAHAlO EA 8: MEKHOA E MEng EA HO AnETSA THUTO SECHABEng

Kopa sehlopha sa kereke kapa sa sekolo ho hlophisa pina ka teka-teka-tekano ea 1. banna le basali, ‘me ba bine pina ena moo ba tla bina teng haufinyane.

Etsa tšoantšiso e khutšoanyane ho bontša ka moo litebello le maikutlo a sechaba ka 2. banna le tsela eo ba lokelang ho ikutloa ka eona, ho nahana le ho itšoara ka eona, e ba behang kotsing ea tšoaetsong ea HIV. Kopa mooki oa setsi sa bophelo hore na u ka etsetsa bakuli tšoantšiso ena.

Leka ho ba le phutheho le baeta-pele litabeng tsa meetlo le lebollo. Ba kope hore na 3. u ka bua le bona ka litaba tse ncha tseo u li fumaneng ka likotsi tse itseng tsa hoba le baratuoa ba bangata kapa bonyatsi.

Ngola pale ka mosali e mocha lilemong, ea sebete ea qholotsang maikutlo a teng 4. sechabeng sa rona ka litaba tsa teka-teka-tekano lipakeng tsa banna le basali. Boemo ba hae ke bofe? O etsa eng? Ho etsahala eng ka eena? O fihlela tlholo joang? Romella pale ena ho C-Change. Re ka nna ra phatlalatsa pale ena libukeng tse hlahlamang tse tla hlahisoa ke C-Change.

Re ngolle maikutlo a hao. Re ngolle u re bolelle ka morero o bileng le katleho o e 5. ntsoeng ke sehlopha sa hau e le ho anaetsa thuto sechabeng. U ka hapela sehlopha sa hao mpho.

Mema motho ea sebetsang Lefapheng la sepolesa la Tšireletso ea Basali le Bana ho tla 6. bua le sehlopha sa lona ka Molao oa Litlolo tsa Molao tsa Thobalano.

Page 143: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

135

THUTo Ea 9BARATUOA BA BUA KA

THOBALANO Ketsahalo ea 1: Ho etsahalang ha baratuoa ba sena puisano? ...........................metsotso e 30

Ketsahalo ea 2: Tšoantšiso: baratuoa ba buisana ka thobalano .........................metsotso e 40

Ketsahalo ea 3: Ke eng seo banna le basali ba se batlang thobalanong? ............metsotso e 40

Ketsahalo ea 4: Ho ka etsahalang ha re ka etsa qeto ea ho buisana ka thobalano? . metsotso e 30

Lesakana le Koalang: Papali: Haeba ke ne ke le phoofolo ....................................metsotso e 10

Lihora tse 2 ½ p

Page 144: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

136

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Tse tlang ho ithutoa

Qetellong ea thuto litho tsa sehlopha li lokela ho:

Ikutloa ba na le boitšepo ha ba bua ka thobalano le baratuoa ba 1. bona.

Ba le maqheka kapa malebela ao li ka a sebelisang ha ba bua le 2. baratuoa ba bona ka thobalano.

Kutloisiso ea kamano lipakeng tsa lipuisano, thobalano e sa 3. tširelletsehang le batho ba fetang bongoe, le ho itširelletsa khahlanong le HIV.

Kakaretso ea Liketsahalo

Ketsahalo ea 1: Ho etsahalang ha Baratuoa ba sena puisano? Ketsahalong ena litho tsa sehlopha li tla etsa setšoantšo kapa tšoantšiso ho bontša boemo bo ka hlahang ha baratuoa ba sa bue ka thobalano e tšireletsehileng le litlhoko tsa bona tsa thobalano.

Ketsahalo ea 2: Baratuoa ba bua ka thobalano. Litho tsa sehlopha li etsa litšoantšiso tse bontšang puisano e ntle moo baratuoa ba buisanang ka thobalano.

Ketsahalo ea 3: Ke eng seo banna le basali ba se batlang thobalanong? Puisanong ena litho tsa sehlopha li buoa li phutholohile ka hore na ke eng eo banna le basali ba batlang thobalanong. Banna ba tla etsa lesakana ka hare, ebe basali ba etsa lesakana le potileng la banna, empa ba furalletse.

Ketsahalo ea 4: Ho ka etsahalang ha re etsa qeto ea ho bua ka thobalano? Ketsahalong ena rea ananela hore ho ka ba thata ho bua ka thobalano e sireletsehileng le moratuoa oa hao. Taba ena e ka ba le litholoana tse seng monate. Re tla phethela ka ho etsa setšoantšo (ka melaetsa le ka litšoantšo) se bontšang melemo ea ho buisana ka thobalano re phutholohile.

Lesakana le Koalang: “Haeba ke ne ke le phoofolo”, papali e koalang e thusang ho aha boitšepo.

Lisebelisoa tse Hlokahalang

Ketsahalo ea 3: BARATUOA BA BUA KA THOBALANO: Likarete tse ngotseng lipale.

HOPOLA

Etsa bonnete kamehla hore lintlha tse hlahisitsoeng ke litho tsa sehlopha tse ka thathiseletsang litumelo tse sa nepahalang, mafosisa, menyenyetsi kapa kutloisiso e fokolang li buisanoa ke litho tsa sehlopha kaofela.

Page 145: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

137

THUTO EA 9: BARATUOA BA BUA KA THOBALANO

Selelekela

Amohela bohle thutong ena. Leboha bohle ba teng. Haeba ho na le litho tsa sehlopha tse eso fihle, botsa hore na ba ntse ba tla kapa ha ba tlo khona ho ba teng thutong ea kajeno.

Kopa baithaopi ba neng ba le teng thutong e fetileng ho fana ka boikhopotso holima liketsahalo tsa thuto e fetileng. Kopa sehlopha ho etsa lesakana la nkope, ‘me uena u le motataisi o akhele bolo ho e mong feela oa litho tsa sehlopha ‘me eena a bolele maikutlo a hae, kapa seo a ithutileng sona thutong e fetileng. Ena ke tsela e ntle ea ho hlahloba kutloisiso ea sehlopha ea melaetsa ea bohlokoa thutong e fetileng.

Bontša sehlopha thuto eo re e etsang kajeno, seo re tla se kotula thutong ea kajeno le liketsahalo tseo re tla be re li etsa u sebelisa pampiri e ngotseng lethathamo la tšebetso e tsoang kahar’a lebokose la Lithusa-thuto. Tseo re tla ithuta tsona li ngotsoe litabeng tse hlahang pele ho selelekela.

Fetisa foromo eo batho ba ngolang mabitso ho eona, haeba ho na le baeti hopola hore ba ngole mabitso a bona karolong ea baeti. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u tekene ka tlase

Ketsahalo ea 1: Ho etsahalang ha Baratuoa

ba sena puisano?Sepheo sa ketsahalo ena ke ho hopotsa litho tsa sehlopha ka kamano lipakeng tsa ho etsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe le ho se buisane ka litaba tsa thobalano. Thutong ea bohlano (5), re ithutile hore le leng la mabaka a mantlha le etsang hore batho ba be le likamano le batho ba bang empa ba ena le balekane ba bona kapa ba barutoa ba bona ba mantlha, ke ho se buisane ka thobalano le ho se buisane ka litaba ka kakaretso.

Baratuoa ba lokela ho ithuta mekhoa ea ho bua ka thobalano. Ho bua ka litlhoko tsa rona tsa thobalano le monate oa thobalano ho ka boloka likamano tsa rona tsa lerato ‘me ra qoba ho ratana le batho ba bang ka thoko ho balekane ba rona kapa baratuoa ba rona ba mantlha.

Page 146: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

138

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTO Arola sehlopha lihlotšoana tse tharo. Fa sehlopha ka seng pampiri ea e kholo. Kopa 1. sehlopha ka seng ho etsa setšoantšo, kapa ho etsa tšoantšiso e khutšoane ka se ka etsahalang ha baratuoa ba sa buisane ka thobalano, thobalano e tšireletsehileng le litlhoko tsa bona tsa thobalano. Fa sehlopha lipene tse mebala tse tsoang ka lebokoseng la lithusa-thuto.

Kamor’a metsotso e 15, bolella sehlotšoana ka seng ho etsa tšoantšiso kapa ho bontša 2. lihlopha tse ling litšoantšo tsa sona ka se ka etsahalang ha baratuoa ba sa buisane ka thobalano.

Hopotsa litho tsa sehlopha ka tseo re ithutileng tsona thutong ea bohlano (5): 3. le leng la mabaka a mantlha ao banna le basali ba e bang le likamano tsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe, ke hobane ba sa fumane thobalano e khotsofatsang likamanong tsa bona tsa mantlha. Baratuoa ba ke ke ba khotsofatsana thobalanong ha ba sa bue ba phuthullohile ka thobalano.

Qetella ketsahalo, e re Kaofela re thatafalloa ke ho bua ka litebello, litlhoko tsa rona le tseo re li tšabang ka `thobalano le baratuoa ba rona. Esita le metsoalleng ea rona eo re ntšanang se inong le bona, ho thata ho bua ka thobalano le bona!

Ho tloha bonyaneng ba rona re rutoa hore ha ho’a nepahala ho bua ka thobalano. Ha `re ntse re hola, re fumana hore ho litlhong ho bua ka thobalano. Basali ke bona ba thatafalloang haholo ho bua ka litlhoko tsa bona tsa thobalano.

Litloaelo le boleng ba moetlo oa rona oa Basotho li re ruta hore ho fosahetse ho bua ka `thobalano ka bolokolohi. Litloaelo tsena li atile le lichabeng tse phelang linaheng tse ling.

Le ha ho le thata hakaalo, ke ntho eo re lokelang ho ithuta ho e etsa. Ho ka ba bobebe ho `bua ka thobalano ha re itloaetsa ho bua ka eona. ‘Me re ka una melemo e mengata ha re buisana ka thobalano.

Page 147: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

139

THUTO EA 9: BARATUOA BA BUA KA THOBALANO

KETSAHALO EA 2: Baratuoa ba bua ka thobalano

Re ka ba le lipuisano tse ntle, tse ntlafetseng ha re itloaetsa ho buisana; ho ka ba bobebe ho bua ka thobalano ha re itloaetsa ho buisana ka eona. Ha re shebisaneng e meng ea mekhoa eo re ka itloaetsang ho buisana ka monate oa thobalano, thobalano e tšireletsehileng le ho etsa liqeto holima litaba tsa thobalano. Re tla etsa litšoantšiso. Hlokomela hore lipuisano tsena li hloka hore re phuthullohe re bue maikutlo a rona re sa a soabele thobalano. Ba bang ba litho tsa sehlopha ba ka nna ba utloa ba hlajoa ke litlhong kapa hona ele ho ba hobosa. Ba hopotse hore thutong ena re tla shebisana mekhoa eo re ka thusanang ka eona hore re lule re itširelelitseng khahlanong le tšoaetso ea HIV likamanong tsa rona tsa lerato.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTOBolella litho tsa sehlopha ho ikarola ka bobeli, re etse litšoantšiso moo baratuoa ba ka 1. buang ka taba ea ho etsa liqeto ka thobalano le litholoana tse ntle tseo ba li kotutseng ka ho buisana ka sena. Litšoantšiso li bua ka puisano e atlehileng. Litšoantšiso li lokela ho bontša kamoo baratuoa ba atlehileng ho buisana ka bothata ba bona le ho bo rarolla.

Fa litho tsa sehlopha lipampiri tsa litšoantšiso tse tsoang ka lebokoseng la lithusa-thuto.2.

liTšOAnTšiSO: BARATUOA BA BUiSAnA KA THOBAlAnO lE HO ETSA liQETO KA THOBAlAnO

Tšoantšiso ea 1. Limakatso o nyetsoe ke monna ea moholo ho eena. O mo siea ka lilemo tse 10. O mo rata haholo empa monna’hae ha a mo khotsofatse thobalanong. Ka ntle ho molekane oa hae, o etsa thobalano le mohlankana a monyane eo a ratanang le eena. Ha a batle ho hloka botšepehi ho monna oa hae, kahoo o rera ho bua le eena ka litlhoko tsa hae tsa thobalano..

Page 148: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

140

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Tšoantšiso ea 2. Ntsoaki ke ngoanana ea lilemo li 18 oa Sekolo se Phahameng sa Matsepe. Mokhatlo oa sekolo oa thuto ea methaka ka HIV o fetisitse thuto e ngata ‘me o entse hore Ntsoaki a nahane haholo ka AIDS. Ntsoaki oa tseba hore boitšoaro ba hae ba khale bo mo beha kotsing ea ho ba le HIV. O etsa qeto ea ho hlahlobela HIV. O kopa mohlankana oa hae hore ba hlahlobe ‘moho

Tšoantšiso ea 3: Ausi Puleng ke mosali ea lilemo li 24 ea qetang ho nyalana le mohlankana oa hae oa lilemo tse peli, Abuti Tumelo. Ba ne ba so etse thobalano bophelong ba bona bohle ha ba nyalana. ‘Me ba labalabela hore ausi Puleng a ime ka pele. Metsoalle ea Abuti Tumelo e mo soasisa ka hore bophelo ba lenyalo bo tlameha bo le monate, haholo nakong ea thobalano. “E kare ho ka be ho le joalo” ho bua Tumelo ka pelo. O nahana tjena hobane Puleng o nanaha hore batho

ha ba tšoanela ho natefeloa ke thobalano. Puleng o nahana hore batho ba lokela ho etsa thobalano ha ba batla ho etsa bana feela. Tumelo a ka buoa le Puleng joang?

Tšoantšiso ea 4: Ntate Teboho o batla ho sebelisa likhohlopo le mosali oa hae. O na le nyatsi ea nako e telele. Hape o na le ho etsa thobalano le basali bao a kopanang le bona bareng. O sebelisa likhohlopo le basali bana ba bang, feela hae sebelise ha etsa thobalano le mosali oa hae. O batla ho mo tšireletsa khahlanong le HIV kahoo o bua ka taba ea ho sebelisa likhohlopo.

Page 149: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

141

THUTO EA 9: BARATUOA BA BUA KA THOBALANO

Fa lihlopha monyetla oa ho bapala litšoantšiso tsa bona. Se ke ua lumella hore 3. litšoantšiso li fete metsotso e mehlano. Kopa e mong oa litho tsa sehlopha ho boloka nako.

Qetella ketsahalo ka ho etsa lethathamo la malebela a ho qala puisano ea thobalano le ho etsa liqeto malebana le thobalano.

KETSAHALO EA 3: BANNA LE BASALI BA BATLANG

THOBALANONG ? Ketsahalong ena, banna le basali ba tla bua ka litlhoko tsa bona tsa thobalano le mathata a bona a thobalano. Ketsahalo ena e tla bontša hore litlhoko tsa thobalano tsa banna le basali li’a tšoana ‘me haeba baratuoa ba ne ba bua ka thobalano ba ne ba ka natefisa bophelo ba bona ba thobalano le likamano tsa bona.

Ketsahalong ena u tla sebelisa mokhoa oa ho lula ” o bontšitsoeng setšoantšong mona . Basali ba etsa lesakana le kahare moo u tla etella-pele puisano ea “tseo basali ba li batlang thobalanong”. Banna ba lutse lesakaneng le kantle ba mametse moqoqo ona. Kamor’a nakoana banna ba kena lesakaneng le kahare, basali ba ba ho le kantle. Basali ba mamela puisano ea banna ka tseo ba li batlang thobalanong.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTOArola litho tsa sehlopha lihlopha tse peli – sa banna le sa basali. Haeba le le sehlopha 1. sa basali kapa sa banna feela, kopa karolo e ‘ngoe ho ikuka e le mofuta o sieo ka hara sehlopha.

Mema sehlopha sa basali ho etsa lesakana bohareng ba ntlo . Hlalosa hore u tla tataisa 2. lipuisano tsa bona holim’a tseo basali ba li batlang likamanong tsa bona tsa lerato.

Bolella banna ho etsa lesakana le pota-potang lesakana la basali, ‘me ba mamele puisano 3. e lipakeng tsa basali. Ha b’a lumelloa ho araba kapa ho botsa lipotso tlasa boemo bo feng kapa bo feng. Seabo sa bona ke ho mamela le hore mohlomong ba nke malebela a ‘maloa!

HLOKOMELA:

Ho ena le hore banna ba etse lesaka le kantle ba shebile ka basaling, kopa banna ho furalla lesaka la basali ba [ba fe sekotlo]. Batho ba lesakaneng le hare ba ikutloa ba phuthulohile ha ba sa shejoa, empa ba lesakaneng le kantle ba ntse ba khona ho utloa puisano.

Page 150: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

142

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Eba karolo ea lesakana la basali. Etella pele puisano ea seo basali ba se batlang 4. likamanong tsa bona; seo ba se batlang bophelong ba bona ba thobalano. Se etsang hore ba natefeloe, le se ba tenang? Khothaletsa basali ho lebala ka hore banna ba mametse, ba phuthollohe. Mosebetsi oa hao, u le motataisi ke ho bona hore ba bua. Tsoelapele metsotso e leshome.

Kamor’a ho etella pele lipuisano le sehlopha sa basali, bolella banna ho kenella 5. lesakaneng le ka hare, basali ba ee ho le kantle ho mamela.

Ha basali ba le lesakaneng le kahare puisano e tšoanela ho tsamaisoa ke mosali. Ha banna ba le lesakaneng le kahare puisano e tšoanela ho tsamaisoa ke monna.

Kopanya sehlopha hammoho. Botsa hore na ho na le lintho tse tšoanang tseo banna le 6. basali ba li batlang thobalanong?

Qetella ketsahalo, e re,Kaofela re na le litlhoko tsa thobalano.

Ho fapana le ho khotsofatsa litlhoko tsa rona tsa thobalano kantle, ha re khotsofaleng `likamanong tsa rona tsa mantlha

Ho bua ka thobalano ho tla tlisa monate o fetisisang thobalanong le khotso ka lapeng la `hao.

Ho bua ka thobalano ho ka u tšireletsa khahlanong le HIV. `

Page 151: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

143

THUTO EA 9: BARATUOA BA BUA KA THOBALANO

KETSAHALO EA 4: Ho ka etsahala’ng ha re ka etsa qeto

ea ho bua ka thobalano?Sepheo sa ketsahalo ena ke ho amohela hore ho ka ba le litholoana tse molemo le tse bosula tsa ho bua ka thobalano le baratuoa ba rona. Ba bang ba litho tsa sehlopha ba tla ba le letsoalo la ho bua ka thobalano le baratuoa ba bona. Haholo-holo basali, ba ka nnang ba tšaba hore ba ka otloa kapa ba botsoa ka thata ha ba ka leka ho bua ka litlhoko tsa bona tsa thobalano le baratuoa ba bona. Re lokeloa ho buisana ka litaba tsena ele ho tlosa tšabo e teng ho ba bang ba rona. Tsena ke tseo batho ba kopanang le tsona bophelong.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTOArola sehlopha ka ho lekana. Bolella karolo e ‘ngoe ea litho tsa sehlopha ho ngola kapa 1. ho etsa setšoantšo se bontšang litholoana tse bosula tsa ho qala ho bua ka thobalano le moratuoa oa hao.

Kopa karolo e ‘ngoe ho ngola kapa ho etsa setšoantšo se bontšang litholoana 2. tse molemo.

Kopa ba buileng ka litholoana tse bosula ho kopana le e mong oa ba buileng ka litholoana 3. tse molemo. Ba kope ho buisana ka tsela ea ho phema litholoana tse bosula.

Qetella ketsahalo ka ho manamisa hammoho maikutlo kapa setšoantšo sa litholoana tse 4. molemo tsa ho bua ka thobalano ka bolokolohi le moratuoa oa hao leboteng. Li lokela ho kenyeletsa:

Monate o eketsehileng oa thobalano le litsela tse ngata tsa ho e etsa. `

Ho tšepana le ho hlomphana le ho feta pele. `

Likamano tse mofutho litabeng tsohle esita le tsa thobalano ` .

Ha re sa hloka ho tsoela kantle ho ea fumana thobalano e khotsofatsang `

Bophelo ‘moho bo ba le thabo ‘me likhohlano li’a fokotseha. `

Qetella ketsahalo, e re, Ha re na le palo e fokolang ea baratuoa bao re kenang thobalanong le bona, re fokotsa kotsi ea HIV. Ha re batla ho fokotsa sekhahla sa tšoaetso ea HIV, ‘me re batla le ho ntlafatsa puisano likamanong tsa rona, re hloka ho itloaetsa ho bua ka thobalano, monate oa eona, bophelo bo botle ba thobalano le ho etsa liqeto ka litaba tsa thobalano.

Page 152: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

144

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

LESAKANA LE KOALANG: Haeba ke ne ke le phoofoloKopa motho e mong le e mong ea lesakaneng hore a bolele, “ntho e le’ngoe eo ke ithutileng eona thutong ea kajeno ke ….”

“haeba ke ne ke le phoofolo, ke ne ke tla ba ……….. hobane ………”.

Qala ka uena. E lokela ho ba papali e potlakileng. Khothaletsa litho tsa sehlopha ho se nke nako e ngata ba nahana ka phoofolo. E le ho fana ka molaetsa oo re o nkang mofao kajeno, kopa litho tsa sehlopha ho nahana hape ka phoofolo eo ba e khethileng, ‘me ba nahane hore na ba batla ho fetola phoofolo ea bona kapa ba khethe e ‘ngoe hape le hore na hobaneng ba batla ho etsa sena. Ketsahalo ena e aha boitšepo le makhabane a mang a matle ao u ka ratang ho ba le ona.

THUTO EA 9: MElAETSA EO liTHO TSA SEHlOPHA BA TSAMAEAng KA EOnA

Re hloka ho itloaetsa ho buisana, e le hore re be le puisano e ntle (lipakeng tsa `rona le baratuoa ba rona).

Baratuoa ba ka ithuta malebela a ba thusang ho bua ka tsela e ntlafetseng. `

U ka itloaetsa ho buisana le moratuoa oa hao ka hore o iphe nako ea ho `buisana le eena.

Sebelisa e ngoe ea melaetsa, lipale, tseo u li utloileng se-ea-le-moeeng, kapa `u li balileng maselinyaneng, hore e u tataise hau qala puisano ka litaba tse thlokolosi.

Leka hape. U tla atleha leha u kile oa hloloa hanngoe.

“Leboella ha le ngalloe”.

Page 153: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

145

THUTO EA 9: BARATUOA BA BUA KA THOBALANO

THUTO EA 9: MEKHOA E MEng EA HO AnETSA THUTO SECHABEng

Bopa sehlopha sa basali ba baholo le sa ba banyane lilemong . Ka lihlopha, kopanang 1. khafetsa ho bua ka ho ntlafatsa thobalano hore e le natefele uena le moratuoa oa hao.

Ka tšebelisano le sehlopha sa metsoalle, etsa bukana ka mekhoa e fapaneng ea 2. thobalano le lintho tse etsang hore basali ba natefeloe ke thobalano. Bukana ena e tla bitsoa‘Tataiso ea banna ka tsa thobalano’. Romella buka ena ho C-Change ho kenela tlholisano ea kanetso ea thuto sechabeng ‘me u hapele sehlopha sa hao mpho.

Ka tšebelisano le sehlopha sa metsoalle, etsa bukana ka mekhoa e fapaneng ea 3. thobalano le lintho tse etsang hore banna ba natefeloa ke thobalano. Bukana ena e tla bitsoa ‘Tataiso ea basali ka tsa thobalano’. Romella buka ea hao ho C-Change ho kenela tlholisano ea kanetso ea thuto sechabeng ‘me u hapele sehlopha sa heno mpho

Page 154: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

146

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

THUTo Ea 10NKA KHONA HO FETOLA

BOITŠOARO BA KAKetsahalo ea 1: Ho tsamaea moleng o otlolohileng ...........................................metsotso e 15

Ketsahalo ea 2: Ho tsamaea borokhong ba phetoho ..........................................metsotso e 25

Ketsahalo ea 3: Ho khetha seketsoana sa hao moroallong oa metsi ...................metsotso e 40

Ketsahalo ea 4: Ho etsa Liqeto tsa ho fetoha ...................................................metsotso e 30

Lesakana le Koalang: U na le matla a ho etsa phetoho ........................................metsotso e 10

Lihora tse 2 p

Page 155: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

147

THUTO EA 10: NKA KHONA HO FETOLA BOITšOARO BA KA

Tse tla ithutoa Qetellong ea thuto litho sa sehlopha li lokela ho:

Utloisisa hore ho na le litsela tse fapaneng tsa ho fokotsa kotsi ea 1. ho fumana tšoaetso ea HIV.

Tseba hore ho fetola boitšoaro ba hau ho hloka tšehetso le boitelo, 2. ‘me ho nka nako ho fetoha.

Ho itloaetsa ho etsa liqeto tse boima re latela methati ea ho etsa 3. liqeto.

ikutloa ba na le boitšepo ba hore ba ka etsa phetoho maphelong a 4. bona.

Kakaretso ea thuto

Ketsahalo ea 1: Ho tsamaea moleng o otlolohileng. Papali e monate e bontšang bohlokoa ba ho tšepahallana le ho tšehetsana.

Ketsahalo ea 2: Ho tsamaea borokhong ba phetoho. Papali eo litho tsa sehlopha li tsamaeang holim’a lithupa tse tšoantšisang borokho holim’a noka e kotsi ea HIV le AIDS. E ruta litho tsa sehlopha hore batho ba ka etsa liqeto tse fapaneng ho ba thusa ho itšerelletsa ho HIV.

Ketsahalo ea 3: Ho khetha seketsoana sa hao ho baleha moroallo oa metsing. Hona ke ntšetsopele ea ketsahalo ea bobeli ‘me kaofela re tlameha ho khetha seketsoana sa ho itširelletsa khahlanong le moroallo kapa u lule moo u leng tlokotsing ea HIV le AIDS.

Ketsahalo ea 4: Ho nka qeto ea ho fetoha. Ketsahalo ena e bontša litho tsa sehlopha mehato e mehlano ea ho etsa liqeto ho sebelisoa mehlala e tsoang maphelong a rona ka boitšoaro boo litho tsa sehlopha li lakatsang ho bo fetola.

Lesakana le Koalang: U na le matla a ho etsa phetoho

Lisebelisoa tse Hlokahalang

Ketsahalo ea 1: Ho koahela sefahleho (sebelisa tuku, lebanta kapa lesela)

Ketsahalo ea 2: Lithupa tse peli tse tšoantšisang borokho ba phetoho.

Ketsahalo ea 3: LIKETSOANA TSA THIBELO le likarete tsa batho ba tšoanang le ba phelang metseng ea rona

Ketsahalo ea 4: LITŠOANTŠISO TSA HO NKA LIQETO

Boitokisetso pele ho thupelo

Itokisetse ho etsa Ketsahalo ea 2 le Ketsahalo ea 3 pele u qala thuto. Ha u itokisitse u tla khona ho tsamaisa thuto hantle, ‘me litho tsa sehlopha li utloisisa thuto ha bobebe.

Page 156: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

148

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Selelekela

Amohela bohle thutong ena. Leboha bohle ba teng. Haeba ho na le litho tsa sehlopha tse eso fihle, botsa hore na ba ntse ba tla kapa ha ba tlo khona ho ba teng thutong ea kajeno.

Kopa baithaopi ba neng ba le teng thutong e fetileng ho fana ka boikhopotso holima liketsahalo tsa thuto e fetileng. Kopa sehlopha ho etsa lesakana la nkope, ‘me uena u le motataisi o akhele bolo ho e mong feela oa litho tsa sehlopha ‘me eena a bolele maikutlo a hae, kapa seo a ithutileng sona thutong e fetileng. Ena ke tsela e ntle ea ho hlahloba kutloisiso ea sehlopha ea melaetsa ea bohlokoa thutong e fetileng.

Bontša sehlopha thuto eo re e etsang kajeno, seo re tla se kotula thutong ea kajeno le liketsahalo tseo re tla be re li etsa u sebelisa pampiri e ngotseng lethathamo la tšebetso e tsoang kahar’a lebokose la Lithusa-thuto. Tseo re tla ithuta tsona li ngotsoe litabeng tse hlahang pele ho selelekela.

Fetisa foromo eo batho ba ngolang mabitso ho eona, haeba ho na le baeti hopola hore ba ngole mabitso a bona karolong ea baeti. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u tekene ka tlase

KETSAHALO EA 1: Ho tsamaea moleng o otlolohileng

Sepheo sa ketsahalo ena ke ho thusa litho tsa sehlopha ho utloa bohlokoa ba ho fumana tšehetso ho tsoa bathong ba bang. Litho tsa sehlopha li leke ho tsamaea ka tsela e otlolohileng ba ikoahetse lifahleho, ba tloha lehlakoreng le leng ba ea ho le leng. Lekhetlo la pele ho thola tuu ‘me ha ba fumane tataiso. Lekhetlong la bobeli, ba fumana khothatso le tataiso ho tsoa ho litho tse ling tsa sehlopha.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTOFana ka se tla sebelisoa ho ikoahela mahlo ( u ka sebelisa tuku, lebanta kapa lesela). 1. Kopa baithaopi ho tla tsamaea ka tsela e otlolohileng.

Lumellanang ka sebaka se itseng seo moithaopi a lokelang ho fihla ho sona. Mo koahele 2. sefahleho, mo reteletse makhetlo a ‘maloa pele a itokisetsa ho ea sebakeng seo ho lumellanoeng ka sona.

Page 157: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

149

THUTO EA 10: NKA KHONA HO FETOLA BOITšOARO BA KA

Bolella litho tse ling tsa sehlopha ho thola tuu, ba se fane ka boeletsi kapa khothatso. Ha 3. ba lokela le ho mo thetsa.

Ha moithaopi ea koahetsoeng sefahleho a fihla ka lehlakoreng la moo a lokelang ho fihla 4. teng, mo kope ho ikupulla sefahleho. Sheba hore na o haufi hakae le moo a neng a batla ho fihla teng. Mo botse hore na o ikutloile joang ha sehlopha se sa mo khothatse kapa ho mo tataisa.

Mo kope ho ikoahela sefahleho hape ‘me a qala leoto hape, lekhetlong lena sehlopha se ka 5. mo tataisa na a tsamaee joang. Hang ha a fihla sebakeng se lumellanoeng, mo botse hore na u ikutloile joang ha sehlopha se mo tataisa.

Kopa litho tsa sehlopha tse peli kapa tse tharo ho pheta ketsahalo ena. 6.

Qetella: Hlalosetsa sehlopha hore baithaopi ba ikutloile ba bolokehile nakong eo ba ne ba fumana tšehetso ea sehlopha se ba pota-potileng. Ketsahalo ena e thathiseletsa bohlokoa ba ho tšepana le ho tšehetsana bophelong.

KETSAHALO EA 2: Ho tsamaea borokhong ba phetoho

Ena ke papali e reretsoeng ho bontša hore re ka etsa liqeto tse fapaneng ho itšerelletsa khahlanong le HIV le mafu a likobo. Haeba u sa be le moratuoa a le mong ea nang le uena feela, mohlomong hobane u ke ke ua laola boitšoaro ba moratuoa oa hao, ho na le mekhoa e meng ea ho thibela HIV eo u ka e sebelisang.

Papaling ena, litho tsa sehlopha li leka ho tsamaea holim’a borokho bo bosesane ba lithupa (bo tšoantšisang ho fokotsa baratuoa) holim’a noka e nang le likutu tsa lifate le majoe, (tsena li tšoantšisa mafu a likobo, HIV, le litla-morao tse ling tsa ho ba le baratuoa ba bangata ka nako e le ngoe) ho fihla sehlekehlekeng (bokamoso boo ba bo batlang, e leng moo motho a nang le moratuoa a le mong feela).

Ha motho a oela borokhong bo entsoeng ka thupa e le ngoe (ho fokotsa baratuoa), re tla eketsa borokho, re sebelise lithupa tse peli (borokho ba bobeli bo bontša tšebeliso ea khohlopo) ho mo thusa ho tšela a bolokehile.

Sehlekehleke se qetellong ea thupa se bontša sepheo seo u batlang ho se fihlela. (e leng `moo motho a nang le moratuoa a le mong feela)

Page 158: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

150

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Borokho kapa thupa e bontša ` mokhoa oa ho fokotsa kotsi ea ho ba le baratuoa ba bangata ka nako e le ngoe, oo u ka o sebelisang ho tšela noka.(ho fokotsa baratuoa; tšebeliso ea khohlopo, ho ila thobalano)

Majoe, masalla le lifate tse ka nokeng li bontša likotsi kapa litholoana tse bosula tsa ho `ba le baratuoa ba bangata ka nako e le ngoe. (HIV, mafu a likobo, liqabang tsa lelapa, tlhalo, le tse ling).

MEKHOA EA HO TSAMAISA THUTOBatla lithupa kapa mapolanka a mabeli 1. a tla bontša borokho. Sebelisa leqhephe kapa pampiri e kholo ho bontša sehleke-hleke e leng bokamoso.Ngola molaetsa ona holima pampiri ena “ke na le moratuoa a le mong feela”

Kopa litho tsa sehlopha ho etsa 2. lesakana. Beha sehlekehleke sa bokamoso fatše. Hlalosa hore se bontša sepheo seo o batlang ho se fihlela.Mohlala “motho e mong le e mong o na le moratuoa a le mong feela”. Beha thupa fatše. Hlalosa hore u beha thupa kahar’a noka ea ‘bonyatsi’.

Botsa litho tsa sehlopha, “Ke life likotsi 3. le litholoana tsa ho etsa thobalano le batho ba bangata ka nako e le ‘ngoe?” Ngola likarabo tsena, e ‘ngoe le e ‘ngoe holima pampiri e fapaneng, ‘me u li tšele “ka nokeng” pel’a borokho ba lithupa.

Bolella litho tsa sehlopha hore thupa 4. kapa borokho bo ka holima noka bo bontša ho fokotsa baratuoa ba hao.

Leka ho tsamaea holim’a thupa ho ea 5. sehlekehlekeng ‘me u itihele ka boomo. Fa litho tse ling tsa sehlopha monyetla oa ho leka ho tšela borokho.

Page 159: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

151

THUTO EA 10: NKA KHONA HO FETOLA BOITšOARO BA KA

Thoholetsa ba tšetseng ba bolokehile. 6. Khothatsa ba oeleng, o ba hlalosetse hore ho na le borokho bo bong bo tla ba thusa ho tšela ba bolokehile.

Beha thupa ea bobeli fatše e bape le ea 7. pele, li arohane sebaka sa mohato o le mong oa leoto. Bolella litho tsa sehlopha hore thupa ena e emetse tšebeliso ea khohlopo. Leka ho tsamaea holim’a borokho hape, ‘me u sebelise thupa ea bobeli ho fihlela u fihla sehlekehlekeng.

Lumella litho sa sehlopha tse oeleng 8. lekhetlo la pele ka thupa e le ‘ngoe ho leka hape ka lithupa tse peli. Lekhetlong lena ho lokela ho ba bobebe.

Qetella ketsahalo. E re: Ho’a thusa ho tsepamisa ohle a hau sehlekehlekeng moo u batlang ho fihla teng. Ha u 1. beha maikutlo a hau mathateng a bophelo, (likotsi tse ka metsing), u ka oela ha bobebe.

Ha u tšela marokho, u hloka thuso, khothatso le tšehetso ea ba bang.2.

Ho rola lieta le ho siea mekotla morao ho etsa ho be bobebe ho tšela o bolokehile. 3. Bophelong, ho ka nna ha ba le lintho tseo re hlokang ho li tlosa le ho li felisa e le hore re tle re lule re bolokehile. Mohlala, litloaelo tse ling tsa moetlo le litebello tsa rona ka teka-tekano ea banna le basali, lia re hatellang, li re susumelletsa thobalanong e re behang kotsing.

Ho ila tai 4. – ha motho a tahoa kapa a sebelisa lithethefatsi, a ka nna a oela ka metsing.

Thupa ea bobeli e bontša tšebeliso e nepahetseng ea khohlopo, lekhetlo le leng le le leng 5. ha motho a etsa thobalano. Ho nka qeto ena ho thusa hore batho ba bangata ba tšele ba bolokehile. Ha re nka qeto ea ho itširelletsa re lokela ho nka qeto e lumellanang le maemo a rona a bophelo. Re tla shebana le sepheo sena ketsahalong e hlahlamang.

Page 160: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

152

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

KETSAHALO EA 3: Ho khetha seketsoana sa hao ho qoba

moroallo oa metsiPapaling ena re etsa eka hona le moroallo oa metsi______________________ (Kenya lebitso la motse oa haeno mona). Moroallo o bontša ho ata ha HIV le AIDS. Ho itšireletsa khahlanong le moroallo oa metsi, sechaba se lokela ho kena ka liketsoaneng. Papaling ena, hona le liketsoana tse ‘ne tse bontšang mekhoa e mene ea ho thibela HIV.

Seketsoana sa 1: 1. Ho ila thobalano.

Seketsoana sa 2:2. U na le moratuoa a le mong ea nang le uena feela (Ho tšepahallana).

Seketsoana sa 3:3. Tšebeliso ea khohlopo

Seketsoana sa 4:4. Ho fokotsa baratuoa (ho fokotsa lenane la baratuoa bao u nang le bona ka nako e le ‘ngoe).

E le hore re bolokehe moroallong, sechaba se lokela ho khetha “seketsoana sa pholoho” se lumellanang le litumelo le maemo a bona a bophelo. Ho ena le ho kopa litho tsa sehlopha ho hlalosa hore na ba ne ba tla kena seketsoaneng sefe sa pholoho, re sebelisa, “likarete tsa batho ba tšoanang le ba phelang metseng ea rona”. Hangata ho bobebe ho batho ho bua ka batho ba bang, ho fapana le ho bua ka maphelo ba bona. “Likarete tsa batho ba tšoanang le ba phelang metseng ea rona” li kahar’a lebokose la lithusa-thuto. Likarete tsena li bontša batho ba kang: monna oa mohoebi, mosali ea sebetsang, monna “oa moetlo” ea holileng, mosebeletsi oa tsa bophelo motseng, ngaka ea moetlo joalo joalo.

Motho e mong le e mong o tla fumana karete e nang le setšoantšo sa motho. Motho ka mong o lokela ho bolela pale ea bophelo ba sebapali sa hae le hore na se ratana le libapali life le likamano tsa thobalano tseo a nang le tsona le libapali tse hlahang likareteng tse ling , ‘me ba behe likarete ka ho se seng sa liketsoana, kapa ka metsing haeba ba sa itšireletse ka mokhoa o feng kapa o feng. Fa litho tsa lihlopha monyetla oa ho bua ka motho ea kareteng tsa bona. Khothaletsa litho tsa sehlopha ho hokahanya libapali tsa bona le libapali tse seng li le teng papaling. Khothaletsa litho tsa sehlopha ho qapa likamano lipakeng tsa libapali tse fapaneng likareteng. Mohlala, haeba sebapali se seng se hlalositsoe e le mosali ea nyetsoeng, botsa hore na ho na le ea nang le sebapali seo e tla ba monna oa hae.

Sepheo sa papali ke ho amohela hore maemo a bophelo ao batho ba leng ho oona ka linako tse ling a a fokotsa mekhoa ea bona ea ho itšireletsa khahlanong le HIV. Ha ho bobebe hakaalo hore ho motho, sebelisa khohlopo. Papali ena e boetse e bontša hore boemong bo bong le bo bong, motho o na le mekhoa e fapaneng eo a ka e sebelisang ho fokotsa kotsi ea hae ea ho fumana HIV. Ha seketsoana se seng sa pholoho se sa u thuse, u ka ea ho se seng. Ntho ea bohlokoa ke hore u se ke ua lula ka metsing.

Page 161: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

153

THUTO EA 10: NKA KHONA HO FETOLA BOITšOARO BA KA

MOKHOA EA HO TSAMAISA PAPALI

Beha likotoana tse peli tsa pampiri 1. e kholo fatše hammoho. Nka liketsoana tse nne tsa thibelo ho tsoa kahara lebokose le lithusa-thuto, u li behe holi’ma lipampiri. Kopa bohle ho lula ba entse lesakana kathoko ba pota-potile le liketsoana tsena.

Qala2. tšoantšiso. Bala o hoelehelitse:

‘Ena ke pale ea moroallo oa metsi o kotsi e bontšang kamoo batho ba motse oa rona ba ileng ba ipaballa kateng. Metsi a moroallo ona a ile a phahama lilemo tse ‘malo, a koahela matlo, metse le litoropo.’

“Batho ba bangata ha ba elelloe ha moroallo o tla hape, ha ba tsebe hore na o bakiloe keng. Batho ba bang ba hloella ka holim’a matlo a bona le libakeng tse ling tse phahameng e le ho itšireletsa. Moroallo o ntse o phahama.

Ho na le liketsoana tse nne tse fapaneng tseo batho ba ka li sebelisang ho baleha moroallo tse bitsoang – Ho ila thobalano, Ho tšepahallana (ho ba le moratuoa a le mong ea nang le uena feela), ho sebelisa likhohlopo le ho fokotsa baratuoa. “Motho e mong le e mong motseng a ka khetha seketsoana seo a kenang ho sona ho latela maemo a hae, tumelo, sebopeho le lilemo tsa hae, le tsela eo a phelang ka eona. Motho ea sa kenang kahar’a sekepe o sesa hara moroallo oa metsi, ‘me o ipeha kotsing ea ho ba le mafu a likobo kapa HIV.

Page 162: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

154

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

“Batho ba bang ha ba bone moroallo ho fihlela ho se ho se seo ba ka se etsang. Ba bang ba bona moroallo ha o tla empa ba sitoa ho tlohela tsela ea bona ea ho phela ‘me ba ee le likhohola. Ba bang ba leka ka thata ho hloella ka liketsoaneng hape”.

Bontša3. litho tsa sehlopha likarete tsa batho ba tšoanang le ba phelang metseng ea rona, ‘me u hlalose hore ketsahalong ena litho tsa sehlopha li qoqe lipale ka libapali tsa bona le likamano tseo li nang le tsona. Fana ka likarete tsa libapali ho litho sa sehlopha.

Kopa motho e mong le e mong ho qoqa ka sebapali sa hae:4.

A se rehe lebitso. A qape pale ka hore na ke mang, ke motho ea joang, likamano tseo a nang le tsona, le seo ba se etsang kajeno. Kenya sebapali sa hau ka seketsoaneng ho latela hore na ha joale o ila thobalano, oa tšepahala, o sebelisa likhohlopo kapa o fokotsa lenane la batho bao o kenang thobalanong le bona ka nako e le ‘ngoe. Ha a se ka ho se seng sa liketsoana, a se behe ka metsing. Beha sebapali sa hau moo u nahanang hore o hona teng ha joale, e seng moo se lokelang ho ba teng.

Hlakisa hore hangata batho ba ka fetoha ‘me ba sebelisa liketsoana tse fapaneng. Bontša 5. sena ka karete ea sebapali se shebahalang joaloka monna oa mohoebi; monna enoa oa mohoebi o tšepahalla mosali oa hae boholo ba nako. O tloha lapeng ka mosebetsi. O kena seketsoaneng sa ho ila, empa kamorao ho beke a tlohile hae, o kopana le mosali e motle. O etsa qeto ea ho etsa thobalano le eena, ‘me o lokela ho kena seketsoaneng sa ho sebelisa khohlopo; ho seng joalo o tla oela ka metsing. Hamorao ha a khutlela ho mosali oa hae, a ka nna a mo hulela ka metsing le eena, leha eena a ile a tšepahala. Hangata batho ba fetoha ‘me ba sebelise liketsoana tse fapaneng ha ba ntse ba tsamaea bophelong.

Lumella litho tsa sehlopha ho ithaopa ho etsa pale ea sebapali se kareteng‘me ba se behe 6. seketsoaneng sa pholoho. Sehlopha se ka sebelisa likarete tsa libapali tse ngata ha nako e le teng.

Page 163: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

155

THUTO EA 10: NKA KHONA HO FETOLA BOITšOARO BA KA

KETSAHALO EA 4: Ho etsa Liqeto tsa ho fetoha

Sepheo sa ketsahalo ena ke ho bontša litho tsa sehlopha methati e mehlano eo ba e latelang ha ba etsa liqeto tse boima ho fetola boitšoaro ba bona. Re ka sebelisa methati ena e mehlano ho rarolla mathata a mang joale ka ho fokotsa lenane la batho bao o kenang thobalanong le bona ka nako e le ‘ngoe. Re tla sebelisa methati ena e mehlano thusa batho ba latelang:

Seipati, Ntate Mofokeng, Teboho le Ntate Karabo ho rarolla mathata a bona le ho nka liqeto tse tla fetola maphelo a bona.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTOHlalosetsa litho tsa sehlopha hore o tla shebisana le bona methati e mehlano ea ho nka 1. liqeto. Methati e na e mehlano e qapiloe ke basebeletsi ba sechaba. Ha re latela methati ena e mehlano re ka khona ho nka qeto ea hore re se ke ra ba karolo ea khokahanong ea thobalano le ho fokotsa lenane la baratuoa bao re bang le bona ka nako e le ‘ngoe.

Botsa litho tsa sehlopha hore na ke lintho li feng tseo batho ba li shebang ha ba nka liqeto tsa bohlokoa ka bophelo ba bona. Litlhahiso li ka kenyeletsa,

Nahana na u ka khetha ho etsang. `Nahana ka litholoana tse molemo le tse bosula tsa qeto e ‘ngoe le e ‘ngoe eo u e `nkang.Batla boeletsi ho ba bang. `Pele u ka tsoela pele, iphe nako ea ho inahana `Nahana ka boleng ba bona `Rapela `

HLALOSA METHATI E MEHLANO2. EA HO FIHLELA QETO u sebelisa likarete tse tsoang ka har’a lebokose la lithusa-thuto. Ho na le likarete tse hlano: 1. BOTHATA; 2: TSEO U LI KHETHANG; 3: LITHOLOANA; 4: BOELETSI; 5: BOITLAMO. Tsena ke methati e mehlano eo u ka e latelang ha u leka ho etsa qeto e boima, ‘me u tsitlalle ho eona.

Page 164: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

156

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

BOTHATA:1. Hlalosa bothata boo u tjametseng kapa qeto eo u tlamehang ho e etsa.

TSEO U LI KHETHANG:2. Ke nka qeto ea ho etsa eng? Etsa lethathamo la lintho tse tharo tseo u ka li etsang ho rarolla bothata.

LITHOLOANA:3. Ebe qeto ee e ka ntlisetsa litholoana li feng? Sheba mahlakore a mabeli, litholoana tse molemo le tse bosula.

BOELETSI: 4. Ke mang ea ka nkeletsang? Batla boeletsi ho batho ba u ba tšepang. Nahana ka qeto eo u nahang hore ke ea mantlha kamor’a litlhahiso tsa bona.

BOITLAMO:5. Ke eng e ka nthusang ho tsitlallela qeto ea ka? Tsoela pele ho ka qeto ena ho rarolla bothata ba hao.

E qotsitsoe bukeng ea CRS,2008

3. Kamor’a ho hlalosa methati ena e mehlano, manamisa likarete tsena leboteng moo litho tsa sehlopha li ka li bonang.

4. Arola litho tsa sehlopha lihlotšoana tse ‘ne. Fa sehlopha ka seng pale e tsoang kahar’a lebokose la lithusa-thuto.

5. Kopa sehlopha ka seng ho araba lipotso tse hlahang tšoantšisong ea sona. Etsa bonnete ba hore sehlotšoaneng ka seng ho na le motho a le mong ea tsebang ho bala. Fa lihlopha metsotso e 20 ho rarolla bothata bo tšoantšisong ea sona. Hopotsa lihlopha ho latela methati e mehlano ea ho nka liqeto e ngotsoeng likareteng tse manamisitsoeng leboteng.

6. Lihlotšoana ha li tlamehe ho arolelana likarabo tsa bona le litho tsa sehlopha kaofela. Empa ha nako e le teng, ho ka ba hantle ha lihlopha li arolelana lipuisano tsa bona hammoho.

7. Qetella ketsahalo ena ka ho kopa litho tsa sehlopha ho u thusa ho etsa lethathamo la libaka tseo re ka eang ho tsona ho fumana litšebeletso, thuso le tšehetso ‘moho le batho ba ka re thusang. Hopola ho kenyeletsa ‘muso, sechaba, le tšehetso ea motho ka mong.

Page 165: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

157

THUTO EA 10: NKA KHONA HO FETOLA BOITšOARO BA KA

Pale ea 1:

Seipati ke moroetsana ea lilemo li 20, ea lulang ntlong e nyane ka mor’a bara. O thusa mong’a bara ho e hloekisa ‘me mong’a bara eena o mo lumella ho lula moo. Hangata o sheba basali ba tlileng bareng le mokhoa oo ba fumanang chelete le lino ho banna ba tlileng bareng moo. Seipati o hlokomela bana babo ba babeli ‘me ha a na chelete ea ho reka eng kapa eng. ‘M’e oa hae o ile a hlokahala likhoeling tse 4 tse fetileng athe ntate oa hae eena o kulela lefu. Ngoan’abo oa ngoanana ea mo hlahlamang o lula hae ho hlokomela ntate oa bona. Leloko le re le ke ke la ba thusa hobane le re, “’m’a lona ke eena ea tlisitseng tšoaetso ena ea HIV ka har’a lelapa”. Seipati o ikutloa a le litlhong ho kopa thuso ho motho o fe kapa o fe. Mong’a bara o ntse a mo fa lijo le liaparo ‘me o mo kopile hore ba intšetse hoteleng ea TY. Ha u ne u le Seipati u ne u tla etsa joang?

Bothata ba Seipati ke bofe mabapi le bonyatsi?1.

Ke lintho life tse tharo tseo Seipati a ka li etsang boemong boo?( A ka khetha ho etsang?)2.

Melemo le mathata tsa lintho tsee tse tharo ke afe?3.

A ka batla thuso hokae? ( ‘Muso le litšebeletso tsa tšehetso ea sechaba)4.

Seipati o lokela ho batla boeletsi ho mang?(moeletsi ea tšepahalang)5.

Bophelong, Seipati a ka etsa qeto efe ? 6.

Ke eng e ka mo thusang ho tsitlallela qetong ea hae?7.

Page 166: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

158

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Tšoantšiso ea 2

Ntate Mofokeng o lilemo li 39. O lula Maputsoe. Ke monna e “moholo” toropong ea habo. O na le koloi e majaba jaba, o apara hantle, o lula a na le chelete. Kamehla ke eena ea tlohang qetellong bareng a e na le ngoanana e motle. Ha ele mafelong a beke, Ntate Mofokeng o ba le likharebe tsa hae tse peli tse nyane lilemong (bao e leng metsoalle). O rata ho ba bitsa mafahla. Bobeli ba selemong sa ho qetela sekolong. Ntate Mofokeng o lula toropong e nyane ‘me litaba tsa hae lia tsebahala kahoo le mofuhali oa hae o se a tseba metsamao ea hae.

Mosali oa hae o tšaba hore o tla ba le tšoaetso ea HIV ka lebaka la boitšoaro ba monna oa hae. Metsoalle ea Ntate Mofokeng’ le banna ba leloko bao a neng a e na le bona lebollong ba re ba lakatsa ho tšoana le eena. Ntate Mofokeng o thabela ha banna ba bang ba mo rorisa. Metsoalle ea hae e re ke motho ea fana. Empa joale mosali oa hae o itse o tlo mo siea, a eo lula le bana ba hae. Ba na le barali ba babeli, bobeli ba bona ba se ba le lilemong tse ka holimo ho 20. Mosali oa hae o re o eo hlahlobela HIV. Ha u ne u le Ntate Mofokeng, u ne u ka etsang?

Bothata ba Ntate Mofokeng ke bofe mabapi le bonyatsi?1.

Ke lintho life tse tharo tseo Ntate Mofokeng a ka li etsang?2.

Melemo le mathata a lintho tsee tse tharo ke afe?3.

Ntate Mofokeng o lokela ho batla boeletsi kae? (moeletsi ea tšepahalang). A ka batla 4. thuso hokae?

Bophelong, Ntate Mofokeng a ka etsa qeto efe? 5.

Ke eng e ka mo thusang ho lula qetong ea hae?6.

Page 167: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

159

THUTO EA 10: NKA KHONA HO FETOLA BOITšOARO BA KA

Pale ea 3

Teboho o sebetsa hole le hae. O lilemo 25. Lelapa la hae le Mohale’s Hoek, empa o sebetsa femeng ea liphahlo Ha Thetsane. O ea hae hang ka khoeli ho ea bona kharebe ea hae. Ka nako tse ling o sitoa ho ea hae hobane o lula toropong o’a noa, o ea meketjaneng le metsoalle ea hae le kharebe ea hae e ‘ikhethang’ Maleshoane. Kharebe ea Teboho e hae o se a na le mohlankana e mong. O lula pel’a ha hae ‘me o mo fa chelete ea mabaka a lelapa. Ke moqhobi oa teraka. Teboho o tseba ka eena, empa ha a tsotelle hobane joale o na le chelete ea hae. Ka letsatsi le leng, Teboho o utloa ka metsoalle ea hae hore mohlankana oa pele oa Maleshoane o bolailoe ke AIDS. Ha u no u le Teboho, u no u tla etsang?

Bothata ba Teboho ke bofe mabapi le bonyatsi?1.

Ke lintho life tse tharo tseo Teboho a ka li etsang?2.

Melemo le mathata a lintho tsee tse tharo ke afe?3.

Teboho o lokela ho batla boeletsi kae? (moeletsi ea tšepahalang). A ka batla thuso hokae?4.

Bophelong, Teboho a ka etsa qeto efe? 5.

Ke eng e ka mo thusang ho lula qetong ea hae?6.

Page 168: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

160

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Pale ea 4:

Ntate Karabo ke tichere ea lithuto tsa mahlale ea lulang ntlong ea sekolo sa kereke motseng o monyane kathoko ho Quthing. Likhoeling tse tšeleseng tse fetileng o ile a falla ntlong ea hae Maputsoe ha a ea sekolong se secha. Mosali oa hae, Mme Nthabi o setse lapeng Maputsoe le ngoana oa bona e monyane. Ntate Karabo o chakela hae kamor’a likhoeli tse peli. Ka lebaka la mabaka a tsamaiso, ho fetile likhoeli tse ‘maloa tseo Ntate Karabo a sitiloeng ho romella chelete lapeng la hae. Mme Nthabi o kalima chelete, empa ha e lekane litlhoko tsa lelapa. O ema ka maoto o ea bareng ea motseng le Ntate Mohapi, morui ea nang le lebenkele eo e leng lilemo a bonya le eena . ba qala ho ratana. Kamano ena e tsoelapele likhoeli tse ‘maloa. Ntate Mohapi o tlatseletsa chelete eo Mme Nthabi a e fuoang ke monna oa hae. Mme Nthabi o qeta ho elelloa hore ke mokhachane. O oa tseba hore ke ngoana oa Mohapi. Bekeng e fetileng abuti oa Ntate Karabo o bone Mme Nthabi le Ntate Mohapi, a ba tšosa hore o tlo bolella monna oa hae.

Bothata ba Ntate Karabo ke bofe mabapi le bonyatsi?1.

Ke lintho life tse tharo tseo Ntate Karabo ka li etsang?2.

Melemo le mathata a lintho tsee tse tharo ke afe?3.

Ntate Karabo o lokela ho batla boeletsi kae? (moeletsi ea tšepahalang). A ka batla thuso 4. hokae?

Bophelong, Ntate Karabo a ka etsa qeto efe? 5.

Ke eng e ka mo thusang ho lula qetong ea hae?6.

Page 169: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

161

THUTO EA 10: NKA KHONA HO FETOLA BOITšOARO BA KA

Qetella ketsahalo, e re Bophelo ba rona bo boima ‘me ha ho bobebe kamehla ho etsa liqeto tse ka re tšireletsang 1. khahlanong le HIV.

Ha re latela methati mehato e mehlano ea ho etsa liqeto ho ka re thusa hore ho be 2. bobebe ho etsa liqeto tse boima.

Tšehetso ea lelapa, metsoalle, sechaba, le litšebeletso tse fumanehang mekhatlo e 3. ikemetseng le mafapheng a ‘muso li ka u thusa ho phethisa liqeto tseo linkileng.

Kamehla re na le le khetho tse fapaneng , leha ho ka ba thata joang kapa joang.4.

Re teng kaofela ho fana ka tšehetso, ho tataisana le ho thusana.5.

Lesakana le Koalang: U na le matla a ho etsa phetoho Sepheo sa ketsahalo ena ke ho bontša batho hore tsela eo re shebang litaba ka eona, malebela ao re nang le ona le litsebo tsa rona li ka re thusa ho fetola maphelo a rona. Re na le matla le bokhoni ba ho fetola lintho tse behang maphelo a rona tsietsing.

Mokhoa oa ho tsamaisa thuto:

Kopa litho tsa sehlopha ho lula fatše li entse lesakana. Kopa litho tsa sehlopha ka bonngoe ho potoloha ba re “ke bohlokoa hobane ….”. Motho ka mong o lokela hore a bolele lintho tse tharo tse etsang hore a ikhethe. Kamora’o kopa litho tsa sehlopha hore li re, “ Nka fetoha hobane ….”. Motho ka mong o lokela ho bua ntho e le ‘ngoe eo a lumelang hore a ka e fetola. Qala ka uena ‘me u potolohe lesakana.Phethela thuto ea kajeno ka ho tlasa foromo ea boitlhatlhobo holima thuto ea letsatsi. Botsa sehlopha maikutlo a bona ka thuto ea kajeno, ka hore ba arabe lipotso tse hlahang foromong ena, ’me u ngole likarabo tsa bona holima foromo ena. Bolella sehlopha hore bonyane le tla nka metsotso e mehlano ho tlatsa foromo ena.

MElAETSA EO SEHlOPHA SE TSAMAEAng KA EOnA

Lefu la HIV le AIDS le re susumetsa ho etsa liphetoho tse ngata maphelong a rona; re hloka ho etsa liphetoho boitšarong ba rona ‘me re thuse bana ba rona ho re etsisa. Ho etsa liphetoho bophelong ba rona le ho tsepama ho tsona ha ho bobebe kamehla, empa re lokela ho lula re leka.

“Mamello e tsoala katleho”.

Bophelo bo tla ‘ne bo tsoele-pele le ha mathata a ka ba teng.

Page 170: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

162

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

THUTo Ea 11HO TŠELA MOLA

OA HO QETELAKetsahalo ea 1: Ke bohlokoa hobane ................................................................metsotso e 15

Ketsahalo ea 2: Ho ithuta ka liphoso le bofokoli ba rona ..................................metsotso e 45

Ketsahalo ea 3: Ke na le tšehetso ho tsoa ho ....................................................metsotso e 20

Ketsahalo ea 4: Tlhahlobo ea lenane ................................................................metsotso e 20

Ketsahalo ea 5: Foromo ea Boleng le tlhahlobo ea kotsi ...................................metsotso e 20

Lihora tse 2 p

Page 171: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

163

THUTO EA 11: HO TšELA MOLA OA HO QETELA

Selelekela

Amohela bohle thutong ena. Leboha bohle ba teng. Haeba ho na le litho tsa sehlopha tse eso fihle, botsa hore na ba ntse ba tla kapa ha ba tlo khona ho ba teng thutong ea kajeno.

Kopa baithaopi ba neng ba le teng thutong e fetileng ho fana ka boikhopotso holima liketsahalo tsa thuto e fetileng. Kopa sehlopha ho etsa lesakana la nkope, ‘me uena u le motataisi o akhele bolo ho e mong feela oa litho tsa sehlopha ‘me eena a bolele maikutlo a hae, kapa seo a ithutileng sona thutong e fetileng. Ena ke tsela e ntle ea ho hlahloba kutloisiso ea sehlopha ea melaetsa ea bohlokoa thutong e fetileng.

Bontša sehlopha thuto eo re e etsang kajeno, seo re tla se kotula thutong ea kajeno le liketsahalo tseo re tla be re li etsa u sebelisa pampiri e ngotseng lethathamo la tšebetso e tsoang kahar’a lebokose la Lithusa-thuto. Tseo re tla ithuta tsona li ngotsoe litabeng tse hlahang pele ho selelekela.

Fetisa foromo eo batho ba ngolang mabitso ho eona, haeba ho na le baeti hopola hore ba ngole mabitso a bona karolong ea baeti. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u tekene ka tlase

KETSAHALO EA 1: Ke na le bohlokoa hobane……

Kopa litho tsa sehlopha ho nahana ‘me ba qetele polelo ena: Ke bohlokoa hobane ______________________. Kopa e mong le e mong ho bolela polelo ea hae. U kope ba bang ho opa liatla ha e mong a buile polelo ea hae.

Hopotsa litho tsa sehlopha hore re lokela ho hopola lintho tsohle tse ntle tseo batho ba li buileng ka rona, hobane li etsa hore re ithabele le hore re ikhotsofalle le ho phahamisa boitšepo ba rona le ho tseba ho fihlela litaba-tabelo tsa rona.

Page 172: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

164

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

KETSAHALO EA 2: Ho ithuta ka liphoso le bofokoli ba

ronaKetsahalong ena re tla ithuta ka litšoantšiso tsa ho ‘rarolla mathata a batho ba tlang ho rona ka mathata a bona’. Re ka ikuka re le batho ba bohlokoa sechabeng, ba tšepeloang ho fana ka boeletsi ho ba bang, joale ka baruti, batsoali, metsoalle. Re tla sheba mangolo a batho ba bararo, ba batlang boeletsi ho rona, ba batlang ho fetola boitšoaro ba bona le ho tsitlallela boitšoarong bo bocha. Sepheo sa ketsahalo ena ke hore batho ba ithute mehato e mehlano ea ho ithuta ka liphoso le bofokoli ba rona.

MOKHOA OA HO TSAMAISA THUTOQala ketsahalo, e re,

Kaofela re etsa liphoso. Re iketsetsa merero, re sitoe ho e fihlela. Le ka maikemisetso a 1. matle, ho tla ba le linako tseo re tla imeloa ke khatello ea lithaka kapa ke boemo boo re leng ho bona. Ka linako tse ling re tla etsa qeto e fosahetseng .

Empa, re lokela ho ithuta ka liphoso tsa rona le ho se atlehe, re boele re leke hape. Re ee 2. re be le maikutlo a fapaneng kamor’a ho etsa qeto e mpe; mohlala, ho se lumele, ho beha molato mothong e mong, ho ikhalefela, ho ikutloa u le molato le ho lahleheloa ke tšepo; Le ha ho le joalo tsena ha li re thuse ka letho.

Hangata ha re le boemong bona, re ikutloa re sa phutholoha, empa re sa tsebe hore na re 3. ka etsa joang ka boemo bona. Hangata ho bobebe ho beha molato mothong e mong, kapa hore lintho li ne li se taolong ea rona, ho feta ho nka boikarabelo ka seo re se entseng.

Ho nka boikarabelo ka liphoso tsa rona le ho hloloa ho fihlela lintho tse itseng, ke 4. mohato oa pele ho kena tseleng ea phetoho. Ketsahalong e hlahlamang, re tla sheba “methati e mehlano ea ho ithuta ka liphoso tsa rona”. Methati ena e tla re thusa ho ba le thahasello ea ho tiisetsa le ho ikitlaetsa ho fihela litaba-tabelo tsa rona hape.

Arola litho tsa sehlopha lihlotšoana tse tharo. Fa sehlopha ka seng karete ea “methati 5. e mehlano ea HO ITHUTA KA LIPHOSO TSA Rona” le mangolo a batho ba bararo a tsoang kahar’a lebokose la lithusa-thuto.

E re sehlopha se arabe lengolo lena ba ipapisitse le “methati e mehlano ea ho ithuta ka 6. liphoso tsa rona”, ele ho tataisa mokopi ho rarolla bothata ba hae. Re hopole ho araba litaba tsena, le ho fana ka boeletsi joale ka ha re le batho ba bohlokoa, ba tšepeloang ho fana ka boeletsi ho ba bang (mohlala: baruti, batsoali, metsoalle).

Page 173: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

165

THUTO EA 11: HO TšELA MOLA OA HO QETELA

HO iTHUTA KA liPHOSO TSA ROnA

LUMELA1. hore u hlotsoe.

NKA 2. boikarabelo holima liphosa tsa hao.

HLAHLOBA 3. hore na ho ile ha fosahala kae.

FETOLA 4. liketso le maikutlo a hao.

IKITLAETSE ho FIHLELA 5. sepheo ea hao.

Methati ena e mehlano ke tsela ea ho ithuta ha re e ntse phoso kapa re hlotsoe. Re eme,

re leke hape ho fihlela re fihlela sepheo sa rona.

MAngOlO A KOPAng BOElETSi : HO iTHUTA KA HO ETSA liPHOSO

Lengolo la pele: Ke lekhoba la thobalano, ke kopa thuso! Ke kopa thuso. Ke nahana hore ke lekhoba la thobalano. Ke moithuti ea lilemo li 22. Ke ile ka iketsetsa tšepiso ea ho se etse thobalano le mohlankana oa ka oa khale ha re le meketjaneng ‘moho. Ke arohane le mohlankana oa ka likhoeling tse fetileng. Joale ke na le mohlankana ea sebetsang Afrika Boroa. Empa Moqebelo o fetileng ke ile moketjaneng. Mohlankana oa ka oa khale o ne a le teng. Re ile ra qala ka ho bua ka linako tse monate tse fetileng, ‘me qetellong ra etsa thobalano. Sena se etsahala kamehla ha re kopane. Ke lula ke etsa tšepiso moo ke leng mong hore ha ke na ho etsa sena empa ke lula ke se etsa. Bothata ba ka ke bofe? Ke kopa thuso.

Eletsa Lineo u sebelisa “methati e mehlano ea ho ithuta ka liphoso tsa rona” ho mo thusa ho amohela boikarabelo ba liketso tsa hae le ho ithuta ka ho hloloa.

Page 174: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

166

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Lengolo la bobeli: A ke ke a u lumella hore CHE!Ke lilemo tse 11 re nyalane le mosali oa ka. Selemong se fetileng, ke ile ka ratana le mosali e mong mosebetsing oa ka. Mosali oa ka o ile a tseba ka taba ena, ‘me a re o tla ntšiea ha ke sa hlale mosali eo oa mosebetsing. Ke ile ka mo tšepisa ho etsa joalo. Empa ke sitoa ho ithiba. Mosali oa mosebetsing o matha kamor’a ka , o re ke ee ha hae. Ha a lumele ha ke mo hlala. Ke rata mosali oa ka haholo, ‘me ke batla ho emisa ntho ena. Ke kopa u nthuse ho boloka tšepiso ea ka ho mosali oa ka.

Eletsa Tau u latela “methati e mehlano ea ho ithuta ka liphoso tsa rona” hore a amohela boikarabelo ba liketso tsa hae le ho ithuta ka liphoso.

Lengolo la boraro: Ke tlohela nama, nameng joang?Ke ne ke tšoenyehile; ke ne ke nahana hore ke na le tšoaetso ea HIV. Ke hlokile boikarabelo nakong ea ho feta, ke ne ke na le baratuoa ba bangata ka nako e le ‘ngoe. Ke ile ka hlahloba ‘me ka fumana ke sena tšoaetso ea HIV, ke ile ka etsa tšepiso ea hore ho tloha joale ke tla sebelisa likhohlopo. Empa ka nako tsohle, ha ke lokela ho sebelisa khohlopo, ke etsa qeto ea ho se e sebelise. Nka tlohela ho etsa see joang ‘me ke lule tšepisong ea ka? Khotso, Basetsana

Eletsa Basetsana u latela “methati e mehlano ea ho ithuta ka liphoso tsa rona” hore a amohela boikarabelo ba liketso tsa hae le ho ithuta ka liphoso.

Qetella ketsahalo, bua u reHo na le phapang lipakeng tsa ho se atlehe morerong oa hao le ho ho ikutloa e ka ha o letho (ho hloloa u le motho).

Re ithuta ka liphoso tsa rona le ho hloloa. Ntho ea bohlokoa ke ho ithuta ho se nyahame. `

U ka reng ho motsoalle ea batlang ho nyahama hobane a sitiloe ho fihlela sepheo sa hae? `

U tšoanela ho ikhothatsa ka tsela e ntle, ka mokhoa o tšoanang le eo o neng o tla eletsa `motsoalle oa hao.

Page 175: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

167

THUTO EA 11: HO TšELA MOLA OA HO QETELA

KETSAHALO EA 3: Ke na le tšehetso…

Fa motho e mong le e mong pampiri e kholo. Kopa litho tsa sehlopha ho etsa lesaka bohareng ba pampiri, ebe ba etsa masakana a mang a mararo a maholoanyane kathoko ho lona. Hlalosetsa litho tsa sehlopha:

Lesakana le bohareng ke uena. ` Ba kope ho etsa setšoantšo sa bona.

Lesakana le pela leo ke metsoalle ea hao eo o nt ` šanang se inong le bona. Ba kopa ho etsa litšoantšo tsa metsoalle ea bona eo ba ntšanang se inong le bona. Lesakana la bobeli ke metsoalle ea hao e meng le batho ba bang ba u ka kopang thuso ho `bona. Batho bana e ka ba litho tsa sehlopha, ‘m’e matsale oa hao, ausi oa hao, mooki eo u mo tsebang; tichere ea hao ea khale. Mang kapa mang ea ka tsebang ho u thusa, ho u eletsa le ho u tšehetsa. Lesakana la boraro le bontša libaka tseo u ka eang ho tsona ho fumana tšehetso. `Mohlala, setsi sa bophelo, sepoleseng, moreneng, sehlopheng sa tšehetso sa HIV, kerekeng.

Page 176: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

168

Likamano: Mofuthu oa lerato le senang kotsi

Qetella ketsahalo, e reIpolokele setšoantšo sena. Tseba hore ho na le batho ba teng ho u thusa le ho u fa `tšehetso.

Nahana ka seo u se utloang ha motho a u tšepa ‘me a u bolella makunutu a hae a bile a `kopa thuso. Taba ena e etsa hore u ikutloe u thabile ho tšehetsa motho e mong.

Fa motho e mong monyetla oa ho ikutloa joalo ka ho mo lumella ho u tšehetsa le ho u `thusa!

KETSAHALO EA 4: Tlhahlobo ea boithuto ka kakaretso

Ena ke ketsahalo e thusang litho tsa sehlopha ho fana ka maikutlo a bona, ho hlahloba katleho ea libeke tse 11 tseo re bileng ‘moho.

Bolella litho tsa sehlopha hore re fihlile qetellong ea lipuisano tsa rona moo re buisanang 1. ka litaba tsa mofuthu oa lerato le senang kotsi, tsa libeke tse 11. C-Change e na le thahasello ea ho utloa maikutlo a bona ka morero ona. Hopotsa litho tsa sehlopha hore morero ona ke oa pele oa mofuta ona mona Lesotho, ‘me re batla ho utloa maikutlo a bona e le hore re tsebe ho fetola tse hlokoang ho fetoloa le ho boloka lintho tse sebetsang hantle.

Kopa litho tsa sehlopha ho lula fatše hammoho ba entse lesakana. Beha thupa bohareng 2. ba lesakana. Bolella litho tsa sehlopha hore ba bue ha ba utloa ba batla ho etsa joalo, empa ho se be le ea buang lekhetlo la bobeli ka tatellano ha batho ba bang ba eso bue. Ha u batla ho bua nka thupa, e behe fatše ha u qetile. Joaloka motataisi, u lokela ho etsa bonnete ba hore e mong le e mong o fumana sebaka sa ho bua.

Botsa lipotso tse latelang:

Potso ea 1: ` Ke thuto efe e u natefetseng haholo, kapa e u thusitseng haholo, kapa e u butseng mahlo haholo? Ke thuto efe e lutseng kelellong ea hao? Etsa bonnete ba hore bohle ba fumana monyetla oa ho bua. Haeba ba bang ba batla ho bua hape, ba fe monyetla. Kamorao fetela potsong e hlahlamang.

Potso ea 2: ` Na ho na le liphetoho tse teng maphelong a rona tse bontšang katleho ea morero oo? Na morero oo, o fetotse tsela ea hao ea ho nahana, tsela eo u shebang lintho ka eona, le boitšoaro ba hao? Ke molaetsa ofe oo le ka ratang ha re ka o fang mofani ea tšehelitseng morero oo ka lichelete?

Potso ea 3: ` Ha u no u ka ba le monyetla oa ho fetola lenane lee, u no u ka fetola eng?

Page 177: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

169

THUTO EA 11: HO TšELA MOLA OA HO QETELA

Ketsahalo ea 5: Foromo e bontšang le

ho hlahloba kotsi ea ka.Kopa litho tsa sehlopha ho tlatsa foromo ea Boleng le tlhatlhobo ea kotsi.

THUTO EA 11: MElAETSA EO SEHlOPHA SE TSAMAEAng KA EOnA

HO ITHUTA ka Liphoso tsa Rona

LUMELA hore u hlotsoe.

NKA boikarabelo holima liphoso tsa ha hao.

HLAHLOBA hore na ho ile oa fosa kae.

FETOLA liketso le maikutlo a hao.

IKITLAETSE ho FIHLELA merero ea hao.

Ho latela Methati ena e mehlano ke tsela eo re ka ithutang ha re e entse phoso, ka ho hloloa. Re lokela re eme, re leke hape ho fihlela re atlehile.

Page 178: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u
Page 179: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u
Page 180: Likamano - The Compass...Kopa bohle ho tlatsa foromo e ngolang mabitso a batho ba teng. E fetise hore bohle ba e tlatse. Etsa bonnete ba hore u boloka foromo e tlatsitsoeng ‘me u

C - ChangeCARE LesothoP O Box 682Maseru 100

+ 266 22 318 625